Surah Aal-i-Imraan — The Family of Imraan

Surah Aal-i-Imraan (The Family of Imraan) is chapter 3 of the Quran, with 200 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.

الٓمٓ

Alif. Lam. Mim

Ayah 1

ٱللَّهُ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ ٱلۡحَيُّ ٱلۡقَيُّومُ

Allah ha ho `Mopi kantle ho eena, ea phelang, Rabosafeleng

Ayah 2

نَزَّلَ عَلَيۡكَ ٱلۡكِتَٰبَ بِٱلۡحَقِّ مُصَدِّقࣰ ا لِّمَا بَيۡنَ يَدَيۡهِ وَأَنزَلَ ٱلتَّوۡرَىٰةَ وَٱلۡإِنجِيلَ

Ke eena ea u senoletseng Lengolo le halalelang ka ‘nete, le tiisa tse senotsoeng pele ho lona, joaloka ha a ile a senola torah (molao oa Moshe) le injeel (molaetsa oa Jesu)

Ayah 3

مِن قَبۡلُ هُدࣰ ى لِّلنَّاسِ وَأَنزَلَ ٱلۡفُرۡقَانَۗ إِنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِ لَهُمۡ عَذَابࣱ شَدِيدࣱۗ وَٱللَّهُ عَزِيزࣱ ذُو ٱنتِقَامٍ

Sethathong, e le tataiso ho batho; a senola ts’iea ea botle le bobe(qur`aan). Bonang! Haele bas a kholoeng lits’enolo tsa Allah, kotlo ea bona ke e boima. Ruri Allah U matla oohle, O na le Matla a ho phetetsa bobe

Ayah 4

إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَخۡفَىٰ عَلَيۡهِ شَيۡءࣱ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَلَا فِي ٱلسَّمَآءِ

Ruri! Ho Allah ha ho letho le patehileng lefats’eng kapa leholimong

Ayah 5

هُوَ ٱلَّذِي يُصَوِّرُكُمۡ فِي ٱلۡأَرۡحَامِ كَيۡفَ يَشَآءُۚ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ

Ke Eena ea le nehileng libopeho le sa le ka lipopelong kamoo a khahloang ka teng. Ruri ha ho `Mopi e mong kantle ho eena, ea matla oohle, ea Seli

Ayah 6

هُوَ ٱلَّذِيٓ أَنزَلَ عَلَيۡكَ ٱلۡكِتَٰبَ مِنۡهُ ءَايَٰتࣱ مُّحۡكَمَٰتٌ هُنَّ أُمُّ ٱلۡكِتَٰبِ وَأُخَرُ مُتَشَٰبِهَٰتࣱۖ فَأَمَّا ٱلَّذِينَ فِي قُلُوبِهِمۡ زَيۡغࣱ فَيَتَّبِعُونَ مَا تَشَٰبَهَ مِنۡهُ ٱبۡتِغَآءَ ٱلۡفِتۡنَةِ وَٱبۡتِغَآءَ تَأۡوِيلِهِۦۖ وَمَا يَعۡلَمُ تَأۡوِيلَهُۥٓ إِلَّا ٱللَّهُۗ وَٱلرَّٰسِخُونَ فِي ٱلۡعِلۡمِ يَقُولُونَ ءَامَنَّا بِهِۦ كُلࣱّ مِّنۡ عِندِ رَبِّنَاۗ وَمَا يَذَّكَّرُ إِلَّآ أُوْلُواْ ٱلۡأَلۡبَٰبِ

Ke Eena ea U senoletseng Lengolo le halalelang (muhammad), ka har’a lona ho nang le lits’enolo tse hlakileng,, – ke metheo ea Buka, – le melao le ka moo lintho li tsamaisoang ka teng le melaoana ea kahlolo. Bao lipelong tsa bona ho leng tahleho, ba latela hoo e leng likhakanyo hore ba tle ba simolle lipherekano ka ho rata ho li hlalosa. Ha ho ea tsebang litlhaloso tsa tsona haese Allah. Ba nang le tsebo ba re: “Re kholoa Lengolong, hobane kaofela ha e lona le tsoa ho Mong`a rona;” empa ke ba nang le kutloisiso feela ba ka le utloang

Ayah 7

رَبَّنَا لَا تُزِغۡ قُلُوبَنَا بَعۡدَ إِذۡ هَدَيۡتَنَا وَهَبۡ لَنَا مِن لَّدُنكَ رَحۡمَةًۚ إِنَّكَ أَنتَ ٱلۡوَهَّابُ

Mong`a rona! “Se lumelle lipelo tsa rona ho kheloha, ka mor’a hoba U re tataise, U be U re sitse ka mohau o tsoang ho bo teng ba Hau. Hobane ke Uena, Uena A inots`i ea fanang.”

Ayah 8

رَبَّنَآ إِنَّكَ جَامِعُ ٱلنَّاسِ لِيَوۡمࣲ لَّا رَيۡبَ فِيهِۚ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يُخۡلِفُ ٱلۡمِيعَادَ

Mong`a rona! Ruri, ke Uena ea tla bokella batho ‘moho mohla letsatsi leo ho seng khoao ka lona. Ruri Allah ha A robe ts’episo ea hae.”

Ayah 9

إِنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لَن تُغۡنِيَ عَنۡهُمۡ أَمۡوَٰلُهُمۡ وَلَآ أَوۡلَٰدُهُم مِّنَ ٱللَّهِ شَيۡـࣰٔ اۖ وَأُوْلَٰٓئِكَ هُمۡ وَقُودُ ٱلنَّارِ

Ruri bahloka-tumelo bona, – maruo kapa tsoala ea bona li ke ke tsa ba thusetsa khahlanong le Allah, bona e tla ba libeso tsa mollo

Ayah 10

كَدَأۡبِ ءَالِ فِرۡعَوۡنَ وَٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡۚ كَذَّبُواْ بِـَٔايَٰتِنَا فَأَخَذَهُمُ ٱللَّهُ بِذُنُوبِهِمۡۗ وَٱللَّهُ شَدِيدُ ٱلۡعِقَابِ

Joalo ka batho ba Faro le baholo-holo ba bona, ba latotseng lits’enolo tsa rona; ka hona Allah U ile a ba ahlolela libe tsa bona. Kotlo ea Allah e boima

Ayah 11

قُل لِّلَّذِينَ كَفَرُواْ سَتُغۡلَبُونَ وَتُحۡشَرُونَ إِلَىٰ جَهَنَّمَۖ وَبِئۡسَ ٱلۡمِهَادُ

Bolella batlhoka-tumelo hore: “Ruri le tla fengoa le be le khanneloe liheleng, sebaka se sebe ho ka phomola ho sona

Ayah 12

قَدۡ كَانَ لَكُمۡ ءَايَةࣱ فِي فِئَتَيۡنِ ٱلۡتَقَتَاۖ فِئَةࣱ تُقَٰتِلُ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِ وَأُخۡرَىٰ كَافِرَةࣱ يَرَوۡنَهُم مِّثۡلَيۡهِمۡ رَأۡيَ ٱلۡعَيۡنِۚ وَٱللَّهُ يُؤَيِّدُ بِنَصۡرِهِۦ مَن يَشَآءُۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَعِبۡرَةࣰ لِّأُوْلِي ٱلۡأَبۡصَٰرِ

Ho se ho kile haeba le sesupo ho lona, nakong eo mabotho a mabeli a neng a thulane ntoeng (badr): lebotho le leng le ne le loanela tsela ea Allah, ha le leng le ne le nyefola tumelo, bana ke ba boneng ka a bona mahlo palo e menang ea bona ha beli. Ke kamoo Allah a fanang ka matla le thuso ea hae ho eo a ikhethetseng eena. Ruri ho sena ke thuto ho ba nang le mahlo

Ayah 13

زُيِّنَ لِلنَّاسِ حُبُّ ٱلشَّهَوَٰتِ مِنَ ٱلنِّسَآءِ وَٱلۡبَنِينَ وَٱلۡقَنَٰطِيرِ ٱلۡمُقَنطَرَةِ مِنَ ٱلذَّهَبِ وَٱلۡفِضَّةِ وَٱلۡخَيۡلِ ٱلۡمُسَوَّمَةِ وَٱلۡأَنۡعَٰمِ وَٱلۡحَرۡثِۗ ذَٰلِكَ مَتَٰعُ ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَاۖ وَٱللَّهُ عِندَهُۥ حُسۡنُ ٱلۡمَـَٔابِ

Se ntlafalitsoeng sebakeng sa botho ke lerato la menyaka e tsoang basaling le ho bana, le liqubu tsa Khauta le Selifera, lipere tse ts’oaileong, le makhomo, le naha. Hoo ke monakalali oa bophelo ba lefats’e. Ho Allah ke lehae le chatsi ka ho fetisisa

Ayah 14

۞قُلۡ أَؤُنَبِّئُكُم بِخَيۡرࣲ مِّن ذَٰلِكُمۡۖ لِلَّذِينَ ٱتَّقَوۡاْ عِندَ رَبِّهِمۡ جَنَّٰتࣱ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُ خَٰلِدِينَ فِيهَا وَأَزۡوَٰجࣱ مُّطَهَّرَةࣱ وَرِضۡوَٰنࣱ مِّنَ ٱللَّهِۗ وَٱللَّهُ بَصِيرُۢ بِٱلۡعِبَادِ

E re: “Ana nka le tsebisa tse ling tse molemo ho feta tseo? Haele ba sesefang bobe, ho Mong`a bona ho teng lirapa tseo linoka li phallang katlas’a tsona, ho bile ho teng ba lekane ba hloekileng, le monyaka o tsoang ho Allah. ‘Allah U bona makhabunyane a hae hantle

Ayah 15

ٱلَّذِينَ يَقُولُونَ رَبَّنَآ إِنَّنَآ ءَامَنَّا فَٱغۡفِرۡ لَنَا ذُنُوبَنَا وَقِنَا عَذَابَ ٱلنَّارِ

Haele ba reng: Mong`a rona! Ruri re’a lumela. Ka hona re ts’oarele libe tsa rona, u be u re pholose kahlolong ea mollo

Ayah 16

ٱلصَّٰبِرِينَ وَٱلصَّٰدِقِينَ وَٱلۡقَٰنِتِينَ وَٱلۡمُنفِقِينَ وَٱلۡمُسۡتَغۡفِرِينَ بِٱلۡأَسۡحَارِ

Ke ba tsitlallelang, le ba ts’epahalang, le baikokobetsi, ba bile ba senyeheloa ntle ho bokhonatha, le hona ho rapella ts’oarelo lihoreng tsa bosiu.”

Ayah 17

شَهِدَ ٱللَّهُ أَنَّهُۥ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ وَٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ وَأُوْلُواْ ٱلۡعِلۡمِ قَآئِمَۢا بِٱلۡقِسۡطِۚ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ

Allah ka bo-eena ke paki hore ha ho `Mopi e mong kantle ho eena. Manyeloi le banna ba thuto le bona ke lipaki. O babaletse tlholeho ea hae ka toka, ha ho `Mopi e mong ntle le eena, ea matla Oohle, Ea Seli

Ayah 18

إِنَّ ٱلدِّينَ عِندَ ٱللَّهِ ٱلۡإِسۡلَٰمُۗ وَمَا ٱخۡتَلَفَ ٱلَّذِينَ أُوتُواْ ٱلۡكِتَٰبَ إِلَّا مِنۢ بَعۡدِ مَا جَآءَهُمُ ٱلۡعِلۡمُ بَغۡيَۢا بَيۡنَهُمۡۗ وَمَن يَكۡفُرۡ بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِ فَإِنَّ ٱللَّهَ سَرِيعُ ٱلۡحِسَابِ

Kannete! Tumelo e ho Allah ke boinehelo thatong le tataisong ea Hae (Islam). Le batho ba ileng ba amohela Lengolo la mathomo ba ile ba fapana feela ka mor’a hoba tsebo e honyelle ho bona, ka ho honohelana bo-bona. Haele ba sa kholoeng lits’enolo tsa Allah ba tla fumana hore, Ruri Allah U akofela boikarabellong

Ayah 19

فَإِنۡ حَآجُّوكَ فَقُلۡ أَسۡلَمۡتُ وَجۡهِيَ لِلَّهِ وَمَنِ ٱتَّبَعَنِۗ وَقُل لِّلَّذِينَ أُوتُواْ ٱلۡكِتَٰبَ وَٱلۡأُمِّيِّـۧنَ ءَأَسۡلَمۡتُمۡۚ فَإِنۡ أَسۡلَمُواْ فَقَدِ ٱهۡتَدَواْۖ وَّإِن تَوَلَّوۡاْ فَإِنَّمَا عَلَيۡكَ ٱلۡبَلَٰغُۗ وَٱللَّهُ بَصِيرُۢ بِٱلۡعِبَادِ

Ha ba u phehisa khang, u re: “ke inehehetse ka botho bohle ba ka ho Allah, le bohle ba ntatelang.” u be u re ho ba amohetseng Lengolo le ho ba sa rutehang: “ana le lona le ea inehela?” ha ba inehela, Ruri ba tataisong e nepahetseng; empa ha ba koeneha, uena mosebetsi oa hau ke ho hasa molaetsa feela ho bona. Allah U bona makhabunyane a hae hantle

Ayah 20

إِنَّ ٱلَّذِينَ يَكۡفُرُونَ بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِ وَيَقۡتُلُونَ ٱلنَّبِيِّـۧنَ بِغَيۡرِ حَقࣲّ وَيَقۡتُلُونَ ٱلَّذِينَ يَأۡمُرُونَ بِٱلۡقِسۡطِ مِنَ ٱلنَّاسِ فَبَشِّرۡهُم بِعَذَابٍ أَلِيمٍ

Haele ba sa kholoeng lits’enolo tsa Allah, ba bile ba bolaea Baporofeta ka soto, le hona ho bolaea ba rutang toka har’a batho: ba tsebise ka kotlo e mahlonoko

Ayah 21

أُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ حَبِطَتۡ أَعۡمَٰلُهُمۡ فِي ٱلدُّنۡيَا وَٱلۡأٓخِرَةِ وَمَا لَهُم مِّن نَّٰصِرِينَ

Ke bao mesebetsi ea bona e nyopileng lefats’eng lena le ho le- tlang; e bile ba ke ke ba eba le bathusi

Ayah 22

أَلَمۡ تَرَ إِلَى ٱلَّذِينَ أُوتُواْ نَصِيبࣰ ا مِّنَ ٱلۡكِتَٰبِ يُدۡعَوۡنَ إِلَىٰ كِتَٰبِ ٱللَّهِ لِيَحۡكُمَ بَيۡنَهُمۡ ثُمَّ يَتَوَلَّىٰ فَرِيقࣱ مِّنۡهُمۡ وَهُم مُّعۡرِضُونَ

Na ha u e s’o bone kamoo ba amohetseng Lengolo ha ba memeloa Lengolong la Allah khaolong ea likhang tsa bona, e le hore le tle le ahlole lipakeng tsa bona; e be lequloana le leng la bona le ea e furalla ka khanyetso

Ayah 23

ذَٰلِكَ بِأَنَّهُمۡ قَالُواْ لَن تَمَسَّنَا ٱلنَّارُ إِلَّآ أَيَّامࣰ ا مَّعۡدُودَٰتࣲۖ وَغَرَّهُمۡ فِي دِينِهِم مَّا كَانُواْ يَفۡتَرُونَ

Sena ke hoba ba re: “ke ka matsatsi a seng makae feela mollo o tlang hore ama. Seo ba ‘nileng ba se qapa se bathetsitse ho latela tumelo ea bona

Ayah 24

فَكَيۡفَ إِذَا جَمَعۡنَٰهُمۡ لِيَوۡمࣲ لَّا رَيۡبَ فِيهِ وَوُفِّيَتۡ كُلُّ نَفۡسࣲ مَّا كَسَبَتۡ وَهُمۡ لَا يُظۡلَمُونَ

Ho tla ba joang ho bona ha re se re ba bokella ‘moho mohla letsatsi leo ho seng khoao ea ho fihla, moea ka mong o tla lefshoa ka botlalo seo o se kotutseng, etsoe e ke ke ea qhekelloa

Ayah 25

قُلِ ٱللَّهُمَّ مَٰلِكَ ٱلۡمُلۡكِ تُؤۡتِي ٱلۡمُلۡكَ مَن تَشَآءُ وَتَنزِعُ ٱلۡمُلۡكَ مِمَّن تَشَآءُ وَتُعِزُّ مَن تَشَآءُ وَتُذِلُّ مَن تَشَآءُۖ بِيَدِكَ ٱلۡخَيۡرُۖ إِنَّكَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءࣲ قَدِيرࣱ‏

E re: “Oho Allah! Mong`a puso! Ke Uena ea fanang ka puso ho eo U ikhethetseng eena, ke Uena ea amohang puso eo U ikhethetseng eena. Etsoe ke uena ea phahamisang eo U ikhethetseng eena, e bile ke Uena ea theolang eo U ikhethetseng eena. Ka har’a liatla tsa Hau ke botle. Ruri, U Moetsi oa tsohle

Ayah 26

تُولِجُ ٱلَّيۡلَ فِي ٱلنَّهَارِ وَتُولِجُ ٱلنَّهَارَ فِي ٱلَّيۡلِۖ وَتُخۡرِجُ ٱلۡحَيَّ مِنَ ٱلۡمَيِّتِ وَتُخۡرِجُ ٱلۡمَيِّتَ مِنَ ٱلۡحَيِّۖ وَتَرۡزُقُ مَن تَشَآءُ بِغَيۡرِ حِسَابࣲ‏

Ke Uena ea etsang hore bosiu bo sehe mots’eare tsebe, U boele U etse hore mots’eare o sehe bosiu tsebe. Ke Uena ea nts’ang tse phelang ho tse shoeleng, U be U nts’e tse shoeleng ho tse phelang. Ke Uena ea fanang ka phepo ho eo U ikhethetseng eena kantle ho tekanyo

Ayah 27

لَّا يَتَّخِذِ ٱلۡمُؤۡمِنُونَ ٱلۡكَٰفِرِينَ أَوۡلِيَآءَ مِن دُونِ ٱلۡمُؤۡمِنِينَۖ وَمَن يَفۡعَلۡ ذَٰلِكَ فَلَيۡسَ مِنَ ٱللَّهِ فِي شَيۡءٍ إِلَّآ أَن تَتَّقُواْ مِنۡهُمۡ تُقَىٰةࣰۗ وَيُحَذِّرُكُمُ ٱللَّهُ نَفۡسَهُۥۗ وَإِلَى ٱللَّهِ ٱلۡمَصِيرُ

Se lumelle ba kholoang ho khetha bahloka-tumelo hoba metsoalle ea bona ho e na le ba kholoang. Ho ba ka etsang joalo, Ruri ha bana kamano le Allah haeba le its’ireletsa khahlanong le bona, kapa le ba kuka joalo ka bats’ireletsi. Ruri, Allah u le hlokomelisitse hore le hopole Eena feela. Etsoe ho Allah ke pheletsong ea maeto

Ayah 28

قُلۡ إِن تُخۡفُواْ مَا فِي صُدُورِكُمۡ أَوۡ تُبۡدُوهُ يَعۡلَمۡهُ ٱللَّهُۗ وَيَعۡلَمُ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۗ وَٱللَّهُ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءࣲ قَدِيرࣱ‏

E re: “Ebang le pata tse ka lifubeng tsa lona kapa le li bolela, Ruri Allah u ea li tseba. Etsoe u tseba tse maholimong le tse lefats’eng, Allah U na le matla A ho etsa tsohle

Ayah 29

يَوۡمَ تَجِدُ كُلُّ نَفۡسࣲ مَّا عَمِلَتۡ مِنۡ خَيۡرࣲ مُّحۡضَرࣰ ا وَمَا عَمِلَتۡ مِن سُوٓءࣲ تَوَدُّ لَوۡ أَنَّ بَيۡنَهَا وَبَيۡنَهُۥٓ أَمَدَۢا بَعِيدࣰ اۗ وَيُحَذِّرُكُمُ ٱللَّهُ نَفۡسَهُۥۗ وَٱللَّهُ رَءُوفُۢ بِٱلۡعِبَادِ

Mohla letsatsi leo moea ka mong o tla tjamelana le tsohle tse ntle tseo o li entseng le tsohle tse mpe tsa oona, moea ka mong o tla lakatsa e ka ho ka be ho e na le sebaka se seholo lipakeng tsa oona le bobe ba oona. Ruri, Allah u le hlokomelisitse hore le mo hopole. Allah U mosa o khaphatsehang ho makhabunyane a Hae.”

Ayah 30

قُلۡ إِن كُنتُمۡ تُحِبُّونَ ٱللَّهَ فَٱتَّبِعُونِي يُحۡبِبۡكُمُ ٱللَّهُ وَيَغۡفِرۡ لَكُمۡ ذُنُوبَكُمۡۚ وَٱللَّهُ غَفُورࣱ رَّحِيمࣱ‏

E re ho batho: “Haeba le rata Allah, ntateleng; Allah U tla le rata A be A le ts’oarele libe tsa lona. Allah U ts’oarela-khafetsa, Mohau oa Hae o ea khaphatseha

Ayah 31

قُلۡ أَطِيعُواْ ٱللَّهَ وَٱلرَّسُولَۖ فَإِن تَوَلَّوۡاْ فَإِنَّ ٱللَّهَ لَا يُحِبُّ ٱلۡكَٰفِرِينَ

E re: “Lumelang Allah le Moromuoa oa Hae.” empa ha ba koeneha, Allah ha A rate botlhoka-tumelo.”

Ayah 32

۞إِنَّ ٱللَّهَ ٱصۡطَفَىٰٓ ءَادَمَ وَنُوحࣰ ا وَءَالَ إِبۡرَٰهِيمَ وَءَالَ عِمۡرَٰنَ عَلَى ٱلۡعَٰلَمِينَ

Allah U khethile Adama le Nooe, le lelapa la Abrahama, le lelapa la Imran holim’a libopuoa tsohle

Ayah 33

ذُرِّيَّةَۢ بَعۡضُهَا مِنۢ بَعۡضࣲۗ وَٱللَّهُ سَمِيعٌ عَلِيمٌ

Le litloholo ka tlhatlhamano ea tsona. Allah U bona tsohle, U utloa tsohle

Ayah 34

إِذۡ قَالَتِ ٱمۡرَأَتُ عِمۡرَٰنَ رَبِّ إِنِّي نَذَرۡتُ لَكَ مَا فِي بَطۡنِي مُحَرَّرࣰ ا فَتَقَبَّلۡ مِنِّيٓۖ إِنَّكَ أَنتَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡعَلِيمُ

Nakong eo mosali oa Imran a neng a re: “Mong`a ka! Ke ikanne ho uena ka se ka popelong ea ka hoba nyehelo. Ka hona e amohele ho tsoa ho ‘na. Ruri ke uena ea inots`i, ea utloang tsohle, le ho tseba tsohle!”

Ayah 35

فَلَمَّا وَضَعَتۡهَا قَالَتۡ رَبِّ إِنِّي وَضَعۡتُهَآ أُنثَىٰ وَٱللَّهُ أَعۡلَمُ بِمَا وَضَعَتۡ وَلَيۡسَ ٱلذَّكَرُ كَٱلۡأُنثَىٰۖ وَإِنِّي سَمَّيۡتُهَا مَرۡيَمَ وَإِنِّيٓ أُعِيذُهَا بِكَ وَذُرِّيَّتَهَا مِنَ ٱلشَّيۡطَٰنِ ٱلرَّجِيمِ

Hoba a belehe a re: “Mong`a ka! Bona! Ke belehile ngoana ea mots’eali – Allah U ne a tseba hantle seo a se belehileng – e motona ha e ke e mots’eali; bona! Ke mo rehile Maria, ke mo kopela ts’ireletso ea Hau le tsoala ea hae khahlanong le Satane ea khesehang

Ayah 36

فَتَقَبَّلَهَا رَبُّهَا بِقَبُولٍ حَسَنࣲ وَأَنۢبَتَهَا نَبَاتًا حَسَنࣰ ا وَكَفَّلَهَا زَكَرِيَّاۖ كُلَّمَا دَخَلَ عَلَيۡهَا زَكَرِيَّا ٱلۡمِحۡرَابَ وَجَدَ عِندَهَا رِزۡقࣰ اۖ قَالَ يَٰمَرۡيَمُ أَنَّىٰ لَكِ هَٰذَاۖ قَالَتۡ هُوَ مِنۡ عِندِ ٱللَّهِۖ إِنَّ ٱللَّهَ يَرۡزُقُ مَن يَشَآءُ بِغَيۡرِ حِسَابٍ

Mong`a hae A mo amohela ka kamohelo e mofuthu, A mo tiisetsa kholo e ntle; a etsa Zakaria mohlokomeli oa hae. Ka linako tsohle Zakaria ha a kena ka phaposing ea hae (ea maria), o ne a fumana a e na le lijo. E be o re: “oho Maria! Lijo tsena li tsoa kae?” Maria a arabela ka hore: “Li tsoa ho Allah. Ruri Allah U fana kantle le tekanyo ho eo A mo ratang.”

Ayah 37

هُنَالِكَ دَعَا زَكَرِيَّا رَبَّهُۥۖ قَالَ رَبِّ هَبۡ لِي مِن لَّدُنكَ ذُرِّيَّةࣰ طَيِّبَةًۖ إِنَّكَ سَمِيعُ ٱلدُّعَآءِ

Nakong eo Zakaria a rapela Mong`a hae, a re: “Mong`a ka! A k’u mphe tsoala tsoala hotsoa ho Uena e hloekileng. Ke Uena ea utloang lithapelo tsohle.”

Ayah 38

فَنَادَتۡهُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ وَهُوَ قَآئِمࣱ يُصَلِّي فِي ٱلۡمِحۡرَابِ أَنَّ ٱللَّهَ يُبَشِّرُكَ بِيَحۡيَىٰ مُصَدِّقَۢا بِكَلِمَةࣲ مِّنَ ٱللَّهِ وَسَيِّدࣰ ا وَحَصُورࣰ ا وَنَبِيࣰّ ا مِّنَ ٱلصَّٰلِحِينَ

A sa eme joalo a ntse a rapela phaposing ea hae, manyeloi a re ho eena: “Allah u fana ka litaba tse molemo ho uena ka mora eo lebitso la Hae e tla ba Johanne (yahya), ea tlile tla tihisa lentsoe le tsoang ho Allah, o tla hlompheha, a be a hloeke, le hona hoba moporofeta oa ba lokileng.”

Ayah 39

قَالَ رَبِّ أَنَّىٰ يَكُونُ لِي غُلَٰمࣱ وَقَدۡ بَلَغَنِيَ ٱلۡكِبَرُ وَٱمۡرَأَتِي عَاقِرࣱۖ قَالَ كَذَٰلِكَ ٱللَّهُ يَفۡعَلُ مَا يَشَآءُ

Zakaria a re: “Mong`a ka! Ke tla bale mora joang haele moo nako e se e mphetile tje le mosali oa ka e le nyopa?” lenyeloi la araba jooana: “ho tla ba joalo. Ruri Allah U etsa seo A se ratang.”

Ayah 40

قَالَ رَبِّ ٱجۡعَل لِّيٓ ءَايَةࣰۖ قَالَ ءَايَتُكَ أَلَّا تُكَلِّمَ ٱلنَّاسَ ثَلَٰثَةَ أَيَّامٍ إِلَّا رَمۡزࣰ اۗ وَٱذۡكُر رَّبَّكَ كَثِيرࣰ ا وَسَبِّحۡ بِٱلۡعَشِيِّ وَٱلۡإِبۡكَٰرِ

Zakaria a re: “Mong`a ka! A k’u mphe sesupo.” Eaba lenyeloi le re: “sesupo sa hau e tla ba hore u se ke oa bua le batho ka matsatsi a mararo haese feela ka mats’oao. U be u hopole Mong`a hau haholo, u mo rorise thapama le hoseng.”

Ayah 41

وَإِذۡ قَالَتِ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ يَٰمَرۡيَمُ إِنَّ ٱللَّهَ ٱصۡطَفَىٰكِ وَطَهَّرَكِ وَٱصۡطَفَىٰكِ عَلَىٰ نِسَآءِ ٱلۡعَٰلَمِينَ

Manyeloi a re: “Oho Maria! Ruri, Allah U u khethile, a ba a u hloekisa; U u khethile holim’a basali bohlebahlotsoeng

Ayah 42

يَٰمَرۡيَمُ ٱقۡنُتِي لِرَبِّكِ وَٱسۡجُدِي وَٱرۡكَعِي مَعَ ٱلرَّٰكِعِينَ

Oho maria! Mamela Mong`a hau, u be u ithapalatse kapel’a hae, le hona ho inama le bohle ba inamang thapelong.”

Ayah 43

ذَٰلِكَ مِنۡ أَنۢبَآءِ ٱلۡغَيۡبِ نُوحِيهِ إِلَيۡكَۚ وَمَا كُنتَ لَدَيۡهِمۡ إِذۡ يُلۡقُونَ أَقۡلَٰمَهُمۡ أَيُّهُمۡ يَكۡفُلُ مَرۡيَمَ وَمَا كُنتَ لَدَيۡهِمۡ إِذۡ يَخۡتَصِمُونَ

Tsena ke karolo ea litaba tse patehileng. Re u senolela tsona. Ha u ea ka oa eba teng ha ba akha lotho ea ho ka tseba hore na ke ofe eo e tla ba mohlokomeli oa maria, kapa hona hoba teng har’a bona nakong eo ba neng ba qaketsana

Ayah 44

إِذۡ قَالَتِ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ يَٰمَرۡيَمُ إِنَّ ٱللَّهَ يُبَشِّرُكِ بِكَلِمَةࣲ مِّنۡهُ ٱسۡمُهُ ٱلۡمَسِيحُ عِيسَى ٱبۡنُ مَرۡيَمَ وَجِيهࣰ ا فِي ٱلدُّنۡيَا وَٱلۡأٓخِرَةِ وَمِنَ ٱلۡمُقَرَّبِينَ

Manyeloi ha a ne a re: “Oho Maria! Ruri! Allah U u neha litaba tse molemo tsa lentsoe la Hae, lebitso la hae e tla ba Jesu Keresete, mora oa Maria; e tla ba mohlala oa botle lefats’eng le ho bo-tlang, o tla ba har’a ba haufi le Allah

Ayah 45

وَيُكَلِّمُ ٱلنَّاسَ فِي ٱلۡمَهۡدِ وَكَهۡلࣰ ا وَمِنَ ٱلصَّٰلِحِينَ

“U tla buoa le batho ho tloha boseeng le bonneng ba hae, e bile u har’a ba lokileng.”

Ayah 46

قَالَتۡ رَبِّ أَنَّىٰ يَكُونُ لِي وَلَدࣱ وَلَمۡ يَمۡسَسۡنِي بَشَرࣱۖ قَالَ كَذَٰلِكِ ٱللَّهُ يَخۡلُقُ مَا يَشَآءُۚ إِذَا قَضَىٰٓ أَمۡرࣰ ا فَإِنَّمَا يَقُولُ لَهُۥ كُن فَيَكُونُ

Maria a re: “Mong`a ka! Ke tla ba le mora joang ho e s’o be le monna ea nkamang?” lenyeloi la re: “ho tlabajoalo. Ruri Allah U hlola seo a se ratang. Ha a hlola letho, o re feela ho lona “eba!” le be teng.”

Ayah 47

وَيُعَلِّمُهُ ٱلۡكِتَٰبَ وَٱلۡحِكۡمَةَ وَٱلتَّوۡرَىٰةَ وَٱلۡإِنجِيلَ

Etsoe u tla mo ruta Lengolo le bohlale, le eona Torah (molao oa Moshe) ‘moho le Injeel(Gospel)

Ayah 48

وَرَسُولًا إِلَىٰ بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ أَنِّي قَدۡ جِئۡتُكُم بِـَٔايَةࣲ مِّن رَّبِّكُمۡ أَنِّيٓ أَخۡلُقُ لَكُم مِّنَ ٱلطِّينِ كَهَيۡـَٔةِ ٱلطَّيۡرِ فَأَنفُخُ فِيهِ فَيَكُونُ طَيۡرَۢا بِإِذۡنِ ٱللَّهِۖ وَأُبۡرِئُ ٱلۡأَكۡمَهَ وَٱلۡأَبۡرَصَ وَأُحۡيِ ٱلۡمَوۡتَىٰ بِإِذۡنِ ٱللَّهِۖ وَأُنَبِّئُكُم بِمَا تَأۡكُلُونَ وَمَا تَدَّخِرُونَ فِي بُيُوتِكُمۡۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةࣰ لَّكُمۡ إِن كُنتُم مُّؤۡمِنِينَ

A mo etse moromuoa ho bana ba Israele, ka molaetsa oona: “Ruri ke tlile ho lona ka sesupo se tsoang ho Mong`a lona. Ke tla le bopela sets’oants’o sa nonyana, e be ke se bolulela moea, e fele e be nonyana ka thato ea Allah. Ke folisa ba hlahileng ba foufetse, le balepera, le hona ho tsosa ba shoeleng ka thato ea Allah. Etsoe ke tla le bolella tseo le li jeleng le tseo le li bolokileng malapeng a lona.” Ruri ho sena ke sesupo ho lona haeba le lumela

Ayah 49

وَمُصَدِّقࣰ ا لِّمَا بَيۡنَ يَدَيَّ مِنَ ٱلتَّوۡرَىٰةِ وَلِأُحِلَّ لَكُم بَعۡضَ ٱلَّذِي حُرِّمَ عَلَيۡكُمۡۚ وَجِئۡتُكُم بِـَٔايَةࣲ مِّن رَّبِّكُمۡ فَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ وَأَطِيعُونِ

E bile ke tlile tla tihisa tse bileng teng pele ho ‘na tsa torah, le hona ho lumella ka molao tseo le neng le li haneloa pele. Ke tlile ho lona ka sesupo se tsoang ho Mong`a lona. Ka hoo ts`abang Allah le be le ‘mamele

Ayah 50

إِنَّ ٱللَّهَ رَبِّي وَرَبُّكُمۡ فَٱعۡبُدُوهُۚ هَٰذَا صِرَٰطࣱ مُّسۡتَقِيمࣱ‏

Ruri Allah ke Mong`a ka, e bile ke Mong`a lona; kahoo mo khumameleng. Ena ke eona tsela e otlolohileng.”

Ayah 51

۞فَلَمَّآ أَحَسَّ عِيسَىٰ مِنۡهُمُ ٱلۡكُفۡرَ قَالَ مَنۡ أَنصَارِيٓ إِلَى ٱللَّهِۖ قَالَ ٱلۡحَوَارِيُّونَ نَحۡنُ أَنصَارُ ٱللَّهِ ءَامَنَّا بِٱللَّهِ وَٱشۡهَدۡ بِأَنَّا مُسۡلِمُونَ

Jesu ha a hlokomela ho se kholoe ha bona, a re: “ke bo- mang bao e tla ba bathusi ba ka ts’ebeletsong ea Allah?” eaba barutuoa ba re: “re tla ba bathusi ba Allah. Re lumela ho Allah, u be u be le bopaki ba hore re inehetse ho eena

Ayah 52

رَبَّنَآ ءَامَنَّا بِمَآ أَنزَلۡتَ وَٱتَّبَعۡنَا ٱلرَّسُولَ فَٱكۡتُبۡنَا مَعَ ٱلشَّٰهِدِينَ

Mong`a rona! Re lumela ho seo u se senotseng, e bile re latela Moromuoa eo U mo romeletseng. Ka hona re ngole har’a ba jereng bopaki ba ‘nete.”

Ayah 53

وَمَكَرُواْ وَمَكَرَ ٱللَّهُۖ وَٱللَّهُ خَيۡرُ ٱلۡمَٰكِرِينَ

Ba ithera, ‘Allah le Eena U ile A ithera khahlanong le bona: Moreri ea phahametseng bohle ke Allah

Ayah 54

إِذۡ قَالَ ٱللَّهُ يَٰعِيسَىٰٓ إِنِّي مُتَوَفِّيكَ وَرَافِعُكَ إِلَيَّ وَمُطَهِّرُكَ مِنَ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَجَاعِلُ ٱلَّذِينَ ٱتَّبَعُوكَ فَوۡقَ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ إِلَىٰ يَوۡمِ ٱلۡقِيَٰمَةِۖ ثُمَّ إِلَيَّ مَرۡجِعُكُمۡ فَأَحۡكُمُ بَيۡنَكُمۡ فِيمَا كُنتُمۡ فِيهِ تَخۡتَلِفُونَ

Hopola nakong eo Allah a neng a re: “Oho jesu! Ke tla U nka ke u nyollele ho ‘Na, Ke hlakole ho uena liketseletso tsa bahana-tumelo; Ke tla matlafatsa ba o latelang ka ho phahamela bahana-tumelo ho fihlela mohla letsatsi la tsoho. Ruri poelo ea lona bohle e ho ‘na, ke tla ahlola lipakeng tsa lona ho seo se bakileng likhang

Ayah 55

فَأَمَّا ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ فَأُعَذِّبُهُمۡ عَذَابࣰ ا شَدِيدࣰ ا فِي ٱلدُّنۡيَا وَٱلۡأٓخِرَةِ وَمَا لَهُم مِّن نَّٰصِرِينَ

Haele botlhoka-tumelo bona ke tla ba otla ka kotlo e boima lefats’eng lena le ho bo-tlang; ebile ba ke ke ba eba le bathusi.”

Ayah 56

وَأَمَّا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ فَيُوَفِّيهِمۡ أُجُورَهُمۡۗ وَٱللَّهُ لَا يُحِبُّ ٱلظَّٰلِمِينَ

Haele ba kholoang bona ba bile ba etsa mesebetsi e hloekileng, Ruri Allah U tla lefa meputso ea bona ka botlalo. Allah ha a rate baetsa-liphoso

Ayah 57

ذَٰلِكَ نَتۡلُوهُ عَلَيۡكَ مِنَ ٱلۡأٓيَٰتِ وَٱلذِّكۡرِ ٱلۡحَكِيمِ

Ruri sena seo re le phetelang sona ke ts’enolo le temoso e chorileng

Ayah 58

إِنَّ مَثَلَ عِيسَىٰ عِندَ ٱللَّهِ كَمَثَلِ ءَادَمَۖ خَلَقَهُۥ مِن تُرَابࣲ ثُمَّ قَالَ لَهُۥ كُن فَيَكُونُ

Ruri! Papiso ea Jesu kapel’a Allah e ts’oana le’a Adama. O ‘mopile ka lerole, eaba O re ho eena “eba!” eaba o ba teng

Ayah 59

ٱلۡحَقُّ مِن رَّبِّكَ فَلَا تَكُن مِّنَ ٱلۡمُمۡتَرِينَ

Ena ke ‘nete e tsoang ho Mong`a hau, ka hona u se ke oa ba e mong oa ba belaelang

Ayah 60

فَمَنۡ حَآجَّكَ فِيهِ مِنۢ بَعۡدِ مَا جَآءَكَ مِنَ ٱلۡعِلۡمِ فَقُلۡ تَعَالَوۡاْ نَدۡعُ أَبۡنَآءَنَا وَأَبۡنَآءَكُمۡ وَنِسَآءَنَا وَنِسَآءَكُمۡ وَأَنفُسَنَا وَأَنفُسَكُمۡ ثُمَّ نَبۡتَهِلۡ فَنَجۡعَل لَّعۡنَتَ ٱللَّهِ عَلَى ٱلۡكَٰذِبِينَ

Haeba ho ka ba le ba u phehisang khang ka eena, ka mor’a hoba tsebo e honyelle ho uena, u re ho bona: “tlohong! Re tla bokella bara ba rona le ba lona, le basali ba rona le basali ba lona ‘moho, e be rona le lona; e be re rapela Mong`a rona ‘moho ka boikokobetso le ka tieo re kope thohako ea Allah holim’a ba leshano.”

Ayah 61

إِنَّ هَٰذَا لَهُوَ ٱلۡقَصَصُ ٱلۡحَقُّۚ وَمَا مِنۡ إِلَٰهٍ إِلَّا ٱللَّهُۚ وَإِنَّ ٱللَّهَ لَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ

Ruri! Sena ke liketsahalo tsa lipale tsa ‘nete. Ha ho `Mopi e mong kantle ho Allah, Ruri Allah U matla Oohle, O Seli

Ayah 62

فَإِن تَوَلَّوۡاْ فَإِنَّ ٱللَّهَ عَلِيمُۢ بِٱلۡمُفۡسِدِينَ

Empa ha ba koeneha, Allah U hlokolosi ka ba bakang lipherekano

Ayah 63

قُلۡ يَٰٓأَهۡلَ ٱلۡكِتَٰبِ تَعَالَوۡاْ إِلَىٰ كَلِمَةࣲ سَوَآءِۭ بَيۡنَنَا وَبَيۡنَكُمۡ أَلَّا نَعۡبُدَ إِلَّا ٱللَّهَ وَلَا نُشۡرِكَ بِهِۦ شَيۡـࣰٔ ا وَلَا يَتَّخِذَ بَعۡضُنَا بَعۡضًا أَرۡبَابࣰ ا مِّن دُونِ ٱللَّهِۚ فَإِن تَوَلَّوۡاْ فَقُولُواْ ٱشۡهَدُواْ بِأَنَّا مُسۡلِمُونَ

E re: “Oho batho ba Lengolo! Ha re fihleleng litumellano lipakeng tsa rona le lona: tsa hore ha ho ea lokeloang ho khumameloa haese Allah, le hore re ke ke ra mo kopanya le batlatsetsi, ha ho ba tla inkela melingoana ea bohata khahlanong le Allah. Ha ba koeneha, e re: “ebang le bopaki ba hore re ba inehetseng ho eena (Mamuslim).”

Ayah 64

يَٰٓأَهۡلَ ٱلۡكِتَٰبِ لِمَ تُحَآجُّونَ فِيٓ إِبۡرَٰهِيمَ وَمَآ أُنزِلَتِ ٱلتَّوۡرَىٰةُ وَٱلۡإِنجِيلُ إِلَّا مِنۢ بَعۡدِهِۦٓۚ أَفَلَا تَعۡقِلُونَ

Oho batho ba Lengolo! Hobaneng ha le pheha khang ka Abrahama, empa Torah le Evangeli li sa ka tsa senoloa ho fihlela ka mor’a hae? A le na le kelello na

Ayah 65

هَٰٓأَنتُمۡ هَٰٓؤُلَآءِ حَٰجَجۡتُمۡ فِيمَا لَكُم بِهِۦ عِلۡمࣱ فَلِمَ تُحَآجُّونَ فِيمَا لَيۡسَ لَكُم بِهِۦ عِلۡمࣱۚ وَٱللَّهُ يَعۡلَمُ وَأَنتُمۡ لَا تَعۡلَمُونَ

Ruri! Le ba phehang likhang le ka litaba tseo le nang le tsebonyana e fokolang ka tsona: le ka pheha khang joang ka litaba tseo le se nang tsebo ka tsona? Ke Allah ea tsebang. Haele lona ha le na tsebo

Ayah 66

مَا كَانَ إِبۡرَٰهِيمُ يَهُودِيࣰّ ا وَلَا نَصۡرَانِيࣰّ ا وَلَٰكِن كَانَ حَنِيفࣰ ا مُّسۡلِمࣰ ا وَمَا كَانَ مِنَ ٱلۡمُشۡرِكِينَ

Abrahama e ne e se Mo-Juda, kapa Mo-Keresete; o ne a tihile tumelong a bile a inehetse ho Allah, o ne a sa bapise melingoana le Allah

Ayah 67

إِنَّ أَوۡلَى ٱلنَّاسِ بِإِبۡرَٰهِيمَ لَلَّذِينَ ٱتَّبَعُوهُ وَهَٰذَا ٱلنَّبِيُّ وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْۗ وَٱللَّهُ وَلِيُّ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ

Ruri! Har’a batho, banang le tokelo e tletseng ea ho ka ipitsa ka Abrahama ke ba ileng ba mo latela, joaloka Moporofeta enoa le ba kholoang ‘moho le eena; Allah ke mots’oalle mosireletsi ho ba kholoang

Ayah 68

وَدَّت طَّآئِفَةࣱ مِّنۡ أَهۡلِ ٱلۡكِتَٰبِ لَوۡ يُضِلُّونَكُمۡ وَمَا يُضِلُّونَ إِلَّآ أَنفُسَهُمۡ وَمَا يَشۡعُرُونَ

Lequloana la batho ba Lengolo le lakatsa ho le khelosa; empa ha ho eo ba mo khelosang haese ho ikhelosa bo-bona le hoja ba sa elelloe

Ayah 69

يَٰٓأَهۡلَ ٱلۡكِتَٰبِ لِمَ تَكۡفُرُونَ بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِ وَأَنتُمۡ تَشۡهَدُونَ

Oho batho ba Lengolo! Hobaneng ha le sa kholoe ho lits’enolo tsa Allah, empa e le lona ka bo-lona lipaki ‘neteng ea tsona

Ayah 70

يَٰٓأَهۡلَ ٱلۡكِتَٰبِ لِمَ تَلۡبِسُونَ ٱلۡحَقَّ بِٱلۡبَٰطِلِ وَتَكۡتُمُونَ ٱلۡحَقَّ وَأَنتُمۡ تَعۡلَمُونَ

Oho batho ba Lengolo! Hobaneng ha le tsoaka ‘nete ka bohata, ka tsebo e tletseng le pata ‘nete

Ayah 71

وَقَالَت طَّآئِفَةࣱ مِّنۡ أَهۡلِ ٱلۡكِتَٰبِ ءَامِنُواْ بِٱلَّذِيٓ أُنزِلَ عَلَى ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَجۡهَ ٱلنَّهَارِ وَٱكۡفُرُوٓاْ ءَاخِرَهُۥ لَعَلَّهُمۡ يَرۡجِعُونَ

Karolo ea batho ba Lengolo e re: “kholoang ho se senoletsoeng ba kholoang ka meso, empa ha letsatsi le ea malikelong le se koenehele, le bona ba ka ts’oha ba se koenehela

Ayah 72

وَلَا تُؤۡمِنُوٓاْ إِلَّا لِمَن تَبِعَ دِينَكُمۡ قُلۡ إِنَّ ٱلۡهُدَىٰ هُدَى ٱللَّهِ أَن يُؤۡتَىٰٓ أَحَدࣱ مِّثۡلَ مَآ أُوتِيتُمۡ أَوۡ يُحَآجُّوكُمۡ عِندَ رَبِّكُمۡۗ قُلۡ إِنَّ ٱلۡفَضۡلَ بِيَدِ ٱللَّهِ يُؤۡتِيهِ مَن يَشَآءُۗ وَٱللَّهُ وَٰسِعٌ عَلِيمࣱ‏

Le se kholoe ope oa bona haese feela ea khemang ‘moho le lona tumelong. E re: “Ruri! Tataiso ea ‘nete ke tataiso ea Allah.” u se be le letsoalo la hore mohlomong e mong o kile a nehoa ts’enolo e ts’oanang le ea hau, kapa ba ka ts’oha ba u phehisa khang ponts’eng ea Mong`a bona. Muhammad e re: “matlotlo oohle a matsohong A Allah. U sitsa eo A ikhethetseng eena ka oona. Ruri Allah u hlokomela bohle, U tseba lintho tsohle

Ayah 73

يَخۡتَصُّ بِرَحۡمَتِهِۦ مَن يَشَآءُۗ وَٱللَّهُ ذُو ٱلۡفَضۡلِ ٱلۡعَظِيمِ

E bile u khethela mohau oa Hae eo A ikhethetseng Eena. Ruri Allah ke Rabosafeleng.”

Ayah 74

۞وَمِنۡ أَهۡلِ ٱلۡكِتَٰبِ مَنۡ إِن تَأۡمَنۡهُ بِقِنطَارࣲ يُؤَدِّهِۦٓ إِلَيۡكَ وَمِنۡهُم مَّنۡ إِن تَأۡمَنۡهُ بِدِينَارࣲ لَّا يُؤَدِّهِۦٓ إِلَيۡكَ إِلَّا مَا دُمۡتَ عَلَيۡهِ قَآئِمࣰ اۗ ذَٰلِكَ بِأَنَّهُمۡ قَالُواْ لَيۡسَ عَلَيۡنَا فِي ٱلۡأُمِّيِّـۧنَ سَبِيلࣱ وَيَقُولُونَ عَلَى ٱللَّهِ ٱلۡكَذِبَ وَهُمۡ يَعۡلَمُونَ

Har’a batho ba Lengolo ho teng eo e ka reng haeba o mo ts’epa oa mo kalima moqeqekohali oa letlotlo, a boele a le khutlisetse ho uena. Ho teng hape har’a bona eo e ka reng ha u mo kalimme sekoto sa khauta, e be ha a se khutlise kantle le hore o mo salame ho se khutlisa. Sena ke hobane ba re: “ha re na mosebetsi le bahedene.” ba ipuela leshano khahlanong le Allah ka tsebo e tletseng

Ayah 75

بَلَىٰۚ مَنۡ أَوۡفَىٰ بِعَهۡدِهِۦ وَٱتَّقَىٰ فَإِنَّ ٱللَّهَ يُحِبُّ ٱلۡمُتَّقِينَ

Mokhethoa oa Allah ke eo ea phethahatsang boitlamo ba hae le hona ho sesefa bobe; hobane Ruri Allah U rata ba sesefang bobe

Ayah 76

إِنَّ ٱلَّذِينَ يَشۡتَرُونَ بِعَهۡدِ ٱللَّهِ وَأَيۡمَٰنِهِمۡ ثَمَنࣰ ا قَلِيلًا أُوْلَٰٓئِكَ لَا خَلَٰقَ لَهُمۡ فِي ٱلۡأٓخِرَةِ وَلَا يُكَلِّمُهُمُ ٱللَّهُ وَلَا يَنظُرُ إِلَيۡهِمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ وَلَا يُزَكِّيهِمۡ وَلَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمࣱ‏

Ruri! Haele ba ithekelang kuno ka theko ea selekane sa Allah le ka boikano ba bona, ha ba na kabelo ho bo-tlang. Allah a ke ke a buoa le bona le hona ho ba sheba mohla letsatsi la tsoho, kapa hona ho ba hloekisa. Timelo e mahlonoko ke ea bona

Ayah 77

وَإِنَّ مِنۡهُمۡ لَفَرِيقࣰ ا يَلۡوُۥنَ أَلۡسِنَتَهُم بِٱلۡكِتَٰبِ لِتَحۡسَبُوهُ مِنَ ٱلۡكِتَٰبِ وَمَا هُوَ مِنَ ٱلۡكِتَٰبِ وَيَقُولُونَ هُوَ مِنۡ عِندِ ٱللَّهِ وَمَا هُوَ مِنۡ عِندِ ٱللَّهِۖ وَيَقُولُونَ عَلَى ٱللَّهِ ٱلۡكَذِبَ وَهُمۡ يَعۡلَمُونَ

Ho teng har’a bona lequloana le sothang Lengolo ka maleme a bona (ha ba bala), le ka nahana hore seo ba se bolelang se tsoa Lengolong, athe ha se tsoe Lengolong. E bile ba re: “se tsoa ho Allah, empa se sa tsoe ho Allah; ba buoa leshano ka Allah, ba tsebisisa hantle.”

Ayah 78

مَا كَانَ لِبَشَرٍ أَن يُؤۡتِيَهُ ٱللَّهُ ٱلۡكِتَٰبَ وَٱلۡحُكۡمَ وَٱلنُّبُوَّةَ ثُمَّ يَقُولَ لِلنَّاسِ كُونُواْ عِبَادࣰ ا لِّي مِن دُونِ ٱللَّهِ وَلَٰكِن كُونُواْ رَبَّٰنِيِّـۧنَ بِمَا كُنتُمۡ تُعَلِّمُونَ ٱلۡكِتَٰبَ وَبِمَا كُنتُمۡ تَدۡرُسُونَ

Ha ho bonolo ho motho eo Allah a mo nehileng Lengolo le kutloisiso, le Boporofeta hore e be ka mor’a mona a ka re ho batho: “ebang basebeletsi ba ka ho e na le Allah;” empa o ile a re: “ebang bahlanka ba ts’epahalang ba Allah ka lithuto tse tsepameng tsa Lengolo, lona le tsepame ka ho ithuta lona

Ayah 79

وَلَا يَأۡمُرَكُمۡ أَن تَتَّخِذُواْ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةَ وَٱلنَّبِيِّـۧنَ أَرۡبَابًاۚ أَيَأۡمُرُكُم بِٱلۡكُفۡرِ بَعۡدَ إِذۡ أَنتُم مُّسۡلِمُونَ

Ha a ka ke a le laela hore le nke manyeloi le baporofeta e le melingoana. Na a ka le laela hore le nyefole tumelo ka mor’a hoba le inehele ho Allah

Ayah 80

وَإِذۡ أَخَذَ ٱللَّهُ مِيثَٰقَ ٱلنَّبِيِّـۧنَ لَمَآ ءَاتَيۡتُكُم مِّن كِتَٰبࣲ وَحِكۡمَةࣲ ثُمَّ جَآءَكُمۡ رَسُولࣱ مُّصَدِّقࣱ لِّمَا مَعَكُمۡ لَتُؤۡمِنُنَّ بِهِۦ وَلَتَنصُرُنَّهُۥۚ قَالَ ءَأَقۡرَرۡتُمۡ وَأَخَذۡتُمۡ عَلَىٰ ذَٰلِكُمۡ إِصۡرِيۖ قَالُوٓاْ أَقۡرَرۡنَاۚ قَالَ فَٱشۡهَدُواْ وَأَنَا۠ مَعَكُم مِّنَ ٱلشَّٰهِدِينَ

Nakong eo Allah A neng A thea selekane sa Hae le Baporofeta, O ile A re: “kakatlelang ka tieo ho seo ke le nehileng sona sa Lengolo le halalelang le tsebo. Kamorao ho mona ho lona ho tla tla Moromuoa, ea tlile tla tiisa se teng ho lona. Le tla lumela ho eena le be le mo thuse.” eaba o re: “na le’a lumela, le hona ho jara moroalo oa Ka oo Ke le belesang oona tabeng ee?” Ba ile ba arabela ka hore: “Re ea lumela.” A re: “Jarang bopaki ke hona, ‘Na ke tla ba paki le lona

Ayah 81

فَمَن تَوَلَّىٰ بَعۡدَ ذَٰلِكَ فَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡفَٰسِقُونَ

Haeba ka morao ho sena ho ka ba le ba koenehang: e tla be e le bakoenehi.”

Ayah 82

أَفَغَيۡرَ دِينِ ٱللَّهِ يَبۡغُونَ وَلَهُۥٓ أَسۡلَمَ مَن فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ طَوۡعࣰ ا وَكَرۡهࣰ ا وَإِلَيۡهِ يُرۡجَعُونَ

Ba batla ho hong hosele ho kathoko le tumelo ea Allah, empa lihloliloeng tsohle tse maholimong le lefats’eng li mo inamela li rata kapa li sa rate. Etsoe poelo ea tsona e le ho Allah

Ayah 83

قُلۡ ءَامَنَّا بِٱللَّهِ وَمَآ أُنزِلَ عَلَيۡنَا وَمَآ أُنزِلَ عَلَىٰٓ إِبۡرَٰهِيمَ وَإِسۡمَٰعِيلَ وَإِسۡحَٰقَ وَيَعۡقُوبَ وَٱلۡأَسۡبَاطِ وَمَآ أُوتِيَ مُوسَىٰ وَعِيسَىٰ وَٱلنَّبِيُّونَ مِن رَّبِّهِمۡ لَا نُفَرِّقُ بَيۡنَ أَحَدࣲ مِّنۡهُمۡ وَنَحۡنُ لَهُۥ مُسۡلِمُونَ

E re: “Re kholoa ho Allah le ho tseo re ileng ra li senoleloa, le ho tseo tse ileng tsa senoleloa Abrahama, Ishmaele, Isaaka, Jakobo le Meloko, le mangolong a filoeng Moshe, Jesu le Baporofeta ho tsoa ho Mong`a bona. Ha re khetholle e mong hoba bang, re inehetse ho eena.”

Ayah 84

وَمَن يَبۡتَغِ غَيۡرَ ٱلۡإِسۡلَٰمِ دِينࣰ ا فَلَن يُقۡبَلَ مِنۡهُ وَهُوَ فِي ٱلۡأٓخِرَةِ مِنَ ٱلۡخَٰسِرِينَ

Haeba ho le teng ea batlang tumelo e ‘ngoe kathoko ho boithapalatso thatong ea Allah Ruri e ke ke ea amoheloa, ho bo-tlang o tla ba har’a ba tahlehong

Ayah 85

كَيۡفَ يَهۡدِي ٱللَّهُ قَوۡمࣰ ا كَفَرُواْ بَعۡدَ إِيمَٰنِهِمۡ وَشَهِدُوٓاْ أَنَّ ٱلرَّسُولَ حَقࣱّ وَجَآءَهُمُ ٱلۡبَيِّنَٰتُۚ وَٱللَّهُ لَا يَهۡدِي ٱلۡقَوۡمَ ٱلظَّٰلِمِينَ

Allah a ka tataisa batho ba koenehetseng tumelo joang ka mor’a hoba ba e amohele, e bile ba jere bopaki ba hore Moromuoa o ne a le ‘neteng, le ka morao hoba lits’upiso tse hlakileng tsa matla a puso ea Allah li finyelle ho bona? Ruri Allah ha a tataise batho ba hlokang toka

Ayah 86

أُوْلَٰٓئِكَ جَزَآؤُهُمۡ أَنَّ عَلَيۡهِمۡ لَعۡنَةَ ٱللَّهِ وَٱلۡمَلَٰٓئِكَةِ وَٱلنَّاسِ أَجۡمَعِينَ

Ba joalo moputso oa bona ke hore thohako ea Allah e theohele holim’a bona, le ea manyeloi le’a batho bohle

Ayah 87

خَٰلِدِينَ فِيهَا لَا يُخَفَّفُ عَنۡهُمُ ٱلۡعَذَابُ وَلَا هُمۡ يُنظَرُونَ

Ruri ba tla phela thohakong. Kotlo ea bona e ke ke ea bebofatso, kapa hona ho chechisetsoa morao

Ayah 88

إِلَّا ٱلَّذِينَ تَابُواْ مِنۢ بَعۡدِ ذَٰلِكَ وَأَصۡلَحُواْ فَإِنَّ ٱللَّهَ غَفُورࣱ رَّحِيمٌ

Kantle le haeba ka mor’a mona ba ka sokoloha, le hona ho etsa tse lokileng. Ruri Allah U tletse ts’oarelo, e bile mohau oa hae o ea khaphatseha

Ayah 89

إِنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بَعۡدَ إِيمَٰنِهِمۡ ثُمَّ ٱزۡدَادُواْ كُفۡرࣰ ا لَّن تُقۡبَلَ تَوۡبَتُهُمۡ وَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلضَّآلُّونَ

Haele ba koenehelang tumelo ka mora hore ba lumele, ba be ba tsoele pele ho khesa tumelo: pako ea bona e ke ke ea amoheloa. Ke ba khelohileng

Ayah 90

إِنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَمَاتُواْ وَهُمۡ كُفَّارࣱ فَلَن يُقۡبَلَ مِنۡ أَحَدِهِم مِّلۡءُ ٱلۡأَرۡضِ ذَهَبࣰ ا وَلَوِ ٱفۡتَدَىٰ بِهِۦٓۗ أُوْلَٰٓئِكَ لَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمࣱ وَمَا لَهُم مِّن نَّٰصِرِينَ

Ruri ba koenehetseng tumelo, ba shoa e ntse e le bakoenehi, ho bona ho ke ke hoa amoheloa le ha e le khauta e tletseng lefats’eng loohle, le haeba ba ka e lefa e le tjotjo sebakeng sa meea ea bona. Kotlo ea bona e tla ba e mahlonoko, ba ke ke ba e ba le bathusi

Ayah 91

لَن تَنَالُواْ ٱلۡبِرَّ حَتَّىٰ تُنفِقُواْ مِمَّا تُحِبُّونَۚ وَمَا تُنفِقُواْ مِن شَيۡءࣲ فَإِنَّ ٱللَّهَ بِهِۦ عَلِيمࣱ‏

Ha ho kamoo le ka fumanang mohau ho fihlela le nyehela ka seo le se ratang. Lintho tsohle tseo le li nyehelang, Ruri Allah U hlokoloi ho tsona

Ayah 92

۞كُلُّ ٱلطَّعَامِ كَانَ حِلࣰّ ا لِّبَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ إِلَّا مَا حَرَّمَ إِسۡرَٰٓءِيلُ عَلَىٰ نَفۡسِهِۦ مِن قَبۡلِ أَن تُنَزَّلَ ٱلتَّوۡرَىٰةُۚ قُلۡ فَأۡتُواْ بِٱلتَّوۡرَىٰةِ فَٱتۡلُوهَآ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ

Lijo tsohle li ne li le molaong ho bana ba Israele, haese tseo Israele ka bo-eona e ileng ea se nts’a molaong, matsatsi pele Torah e senoloa. E re: “hlahisang Torah, le re balle eona haeba le hlile le le ‘neteng.”

Ayah 93

فَمَنِ ٱفۡتَرَىٰ عَلَى ٱللَّهِ ٱلۡكَذِبَ مِنۢ بَعۡدِ ذَٰلِكَ فَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلظَّٰلِمُونَ

Ha hona le ba ka qapang leshano ka mor’a sena malebana le Allah, e tla be e le baetsa-phoso

Ayah 94

قُلۡ صَدَقَ ٱللَّهُۗ فَٱتَّبِعُواْ مِلَّةَ إِبۡرَٰهِيمَ حَنِيفࣰ اۖ وَمَا كَانَ مِنَ ٱلۡمُشۡرِكِينَ

E re: “Allah U buoa ‘nete. Ka hona latelang tumelo ea Abrahama, tumelo e nepahetseng. Abrahama o ne a se har’a barapeli ba lits’oants’o.”

Ayah 95

إِنَّ أَوَّلَ بَيۡتࣲ وُضِعَ لِلنَّاسِ لَلَّذِي بِبَكَّةَ مُبَارَكࣰ ا وَهُدࣰ ى لِّلۡعَٰلَمِينَ

Ruri! Ntlo ea mathomo ea thapelo e khethetsoeng batho e bile motseng oa Bakka: sebaka se hlohonolofetseng, e bile e le tataiso ea batho bohle

Ayah 96

فِيهِ ءَايَٰتُۢ بَيِّنَٰتࣱ مَّقَامُ إِبۡرَٰهِيمَۖ وَمَن دَخَلَهُۥ كَانَ ءَامِنࣰ اۗ وَلِلَّهِ عَلَى ٱلنَّاسِ حِجُّ ٱلۡبَيۡتِ مَنِ ٱسۡتَطَاعَ إِلَيۡهِ سَبِيلࣰ اۚ وَمَن كَفَرَ فَإِنَّ ٱللَّهَ غَنِيٌّ عَنِ ٱلۡعَٰلَمِينَ

Ka har’a eona ho teng lits’upiso tse hlakileng tsa tataiso ea Allah; sebaka seo Abrahama a neng a ema ho sona ha a etsa thapelo; mong le mong ea kenang ka har’a eona o sireletsehile. Bosepeleli ho ea ntlong eo ke ts’ebeletso ea batho ho Allah, ho ba ka fumanang mokhoa oa ho lefella leeto le joalo. Empa bang ba nyefolang tumelo, ba tsebe hore Allah ha a hloke letho ho libopuoa tsohle

Ayah 97

قُلۡ يَٰٓأَهۡلَ ٱلۡكِتَٰبِ لِمَ تَكۡفُرُونَ بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِ وَٱللَّهُ شَهِيدٌ عَلَىٰ مَا تَعۡمَلُونَ

E re: “oho batho ba Lengolo! Hobaneng ha le nyefola lits’enolo tsa Allah, empa Allah a paka tseo le li etsang.”

Ayah 98

قُلۡ يَٰٓأَهۡلَ ٱلۡكِتَٰبِ لِمَ تَصُدُّونَ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِ مَنۡ ءَامَنَ تَبۡغُونَهَا عِوَجࣰ ا وَأَنتُمۡ شُهَدَآءُۗ وَمَا ٱللَّهُ بِغَٰفِلٍ عَمَّا تَعۡمَلُونَ

E re: “oho batho ba Lengolo! Hobaneng ha le suthuletsa ba kholoang morao tseleng ea Allah moo le lekang ho e tsoelipanya, empa le le lipaki tataisong ea Allah? Ha se hore Allah ha a elehloko tseo le li etsang.”

Ayah 99

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ إِن تُطِيعُواْ فَرِيقࣰ ا مِّنَ ٱلَّذِينَ أُوتُواْ ٱلۡكِتَٰبَ يَرُدُّوكُم بَعۡدَ إِيمَٰنِكُمۡ كَٰفِرِينَ

Oho lona ba kholoang! Hoja le ne le ka latela lequloana la ba amohetseng Lengolo, ba ne ba tla le sokolla tumelong ea lona ka mor’a hoba le lumele

Ayah 100

وَكَيۡفَ تَكۡفُرُونَ وَأَنتُمۡ تُتۡلَىٰ عَلَيۡكُمۡ ءَايَٰتُ ٱللَّهِ وَفِيكُمۡ رَسُولُهُۥۗ وَمَن يَعۡتَصِم بِٱللَّهِ فَقَدۡ هُدِيَ إِلَىٰ صِرَٰطࣲ مُّسۡتَقِيمࣲ‏

Le ne le ka latola tumelo joang, empa le phetetsoe lits’enolo tsa Allah; le moromuoa a le har’a lona? Haele ea kakatletseng ka tieo ho Allah ka ‘nete o tataiselitsoe tseleng e otlolohileng

Ayah 101

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ ٱتَّقُواْ ٱللَّهَ حَقَّ تُقَاتِهِۦ وَلَا تَمُوتُنَّ إِلَّا وَأَنتُم مُّسۡلِمُونَ

Oho lona ba kholoang! Ts’abang Allah ka mokhoa oo a lokeloang ho ts’ajoa ka teng, le se shoele kathoko ho boinehelo thatong ea hae

Ayah 102

وَٱعۡتَصِمُواْ بِحَبۡلِ ٱللَّهِ جَمِيعࣰ ا وَلَا تَفَرَّقُواْۚ وَٱذۡكُرُواْ نِعۡمَتَ ٱللَّهِ عَلَيۡكُمۡ إِذۡ كُنتُمۡ أَعۡدَآءࣰ فَأَلَّفَ بَيۡنَ قُلُوبِكُمۡ فَأَصۡبَحۡتُم بِنِعۡمَتِهِۦٓ إِخۡوَٰنࣰ ا وَكُنتُمۡ عَلَىٰ شَفَا حُفۡرَةࣲ مِّنَ ٱلنَّارِ فَأَنقَذَكُم مِّنۡهَاۗ كَذَٰلِكَ يُبَيِّنُ ٱللَّهُ لَكُمۡ ءَايَٰتِهِۦ لَعَلَّكُمۡ تَهۡتَدُونَ

Le kakatlele ka tieo kaofela hoa lona, selekaneng sa Allah; le se arahone. Le hopole melemo ea Allah holim’a lona: kamoo le neng le tsohelane bora ka teng, a bopa setsoalle lipakeng tsa lipelo tsa lona, e le hore le be baena ka lereko la hae; le kamoo le neng le se le le lints’ing tsa sekoti sa mollo ka teng, a le phemisa sona. Ke kamoo Allah a hlakisang lits’enolo tsa hae ho lona ka teng, e le hore le be le tataiso

Ayah 103

وَلۡتَكُن مِّنكُمۡ أُمَّةࣱ يَدۡعُونَ إِلَى ٱلۡخَيۡرِ وَيَأۡمُرُونَ بِٱلۡمَعۡرُوفِ وَيَنۡهَوۡنَ عَنِ ٱلۡمُنكَرِۚ وَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡمُفۡلِحُونَ

Har’a lona ha ho ke ho hlahele sechaba se memelang bohle botleng, se bile se tiisa tse lokileng le hona ho hanela tse sa lokang. Ruri ke ba tla fumana katleho

Ayah 104

وَلَا تَكُونُواْ كَٱلَّذِينَ تَفَرَّقُواْ وَٱخۡتَلَفُواْ مِنۢ بَعۡدِ مَا جَآءَهُمُ ٱلۡبَيِّنَٰتُۚ وَأُوْلَٰٓئِكَ لَهُمۡ عَذَابٌ عَظِيمࣱ‏

Empa le se ke la ba joaloka ba arohaneng, e bile ba le har’a likhang ka mor’a hoba lits’upiso tse hlakileng li honyelle ho bona. Ho ba joalo ho teng kahlolo e ts’abehang

Ayah 105

يَوۡمَ تَبۡيَضُّ وُجُوهࣱ وَتَسۡوَدُّ وُجُوهࣱۚ فَأَمَّا ٱلَّذِينَ ٱسۡوَدَّتۡ وُجُوهُهُمۡ أَكَفَرۡتُم بَعۡدَ إِيمَٰنِكُمۡ فَذُوقُواْ ٱلۡعَذَابَ بِمَا كُنتُمۡ تَكۡفُرُونَ

Mohla letsatsi leo ka lona lifahleho tse ling li tla soeufala, ha lifahleho tse ling tsona li tla fifala; ho ba lifahleho li fifetseng ho tla thoe: “le ile la koenehela tumelo ka morao hoba le be sehlohlolong sa tumelo? Joale latsoang ke hona kahlolo ea ho koenehela tumelo

Ayah 106

وَأَمَّا ٱلَّذِينَ ٱبۡيَضَّتۡ وُجُوهُهُمۡ فَفِي رَحۡمَةِ ٱللَّهِۖ هُمۡ فِيهَا خَٰلِدُونَ

Haele ba lifahleho tsa bona li tla beng li soeufetseng, Ruri mohaung oa Allah ba tla phela kahosafeleng

Ayah 107

تِلۡكَ ءَايَٰتُ ٱللَّهِ نَتۡلُوهَا عَلَيۡكَ بِٱلۡحَقِّۗ وَمَا ٱللَّهُ يُرِيدُ ظُلۡمࣰ ا لِّلۡعَٰلَمِينَ

Tsena ke lits’enolo tsa Allah. Re le phetela tsona ka ‘nete. Etsoe Allah ha a lakatse ho hlokela libopuoa tsa hae toka

Ayah 108

وَلِلَّهِ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۚ وَإِلَى ٱللَّهِ تُرۡجَعُ ٱلۡأُمُورُ

Lintho tsohle tse maholimong le tse lefats’eng ke tsa Allah; poelo ea lintho tsohle e ho eena

Ayah 109

كُنتُمۡ خَيۡرَ أُمَّةٍ أُخۡرِجَتۡ لِلنَّاسِ تَأۡمُرُونَ بِٱلۡمَعۡرُوفِ وَتَنۡهَوۡنَ عَنِ ٱلۡمُنكَرِ وَتُؤۡمِنُونَ بِٱللَّهِۗ وَلَوۡ ءَامَنَ أَهۡلُ ٱلۡكِتَٰبِ لَكَانَ خَيۡرࣰ ا لَّهُمۚ مِّنۡهُمُ ٱلۡمُؤۡمِنُونَ وَأَكۡثَرُهُمُ ٱلۡفَٰسِقُونَ

Le sechaba sa bohlokoa se phahametseng batho bohle ba kileng ba phela. Ka ho tihisa tse lokileng le hona ho nyefola tse sa lokang; le bile le lumela ho Allah. Haeba batho ba Lengolo ba ne ba e na le tumelo, hoo ho ka be ho bile molemo ho bona. Hobane ba bang ba bona ke ba kholoang; empa boholo ba bona ke baetsa-libe

Ayah 110

لَن يَضُرُّوكُمۡ إِلَّآ أَذࣰ ىۖ وَإِن يُقَٰتِلُوكُمۡ يُوَلُّوكُمُ ٱلۡأَدۡبَارَ ثُمَّ لَا يُنصَرُونَ

Ha ho kotsi eobaka le hlahisetsang eona, haese hona ho le tsunya-tsunya feela; haeba ba ka le futuhela, Ruri ba tla le supa ka lirethe, ba ke ke ba thusoa

Ayah 111

ضُرِبَتۡ عَلَيۡهِمُ ٱلذِّلَّةُ أَيۡنَ مَا ثُقِفُوٓاْ إِلَّا بِحَبۡلࣲ مِّنَ ٱللَّهِ وَحَبۡلࣲ مِّنَ ٱلنَّاسِ وَبَآءُو بِغَضَبࣲ مِّنَ ٱللَّهِ وَضُرِبَتۡ عَلَيۡهِمُ ٱلۡمَسۡكَنَةُۚ ذَٰلِكَ بِأَنَّهُمۡ كَانُواْ يَكۡفُرُونَ بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِ وَيَقۡتُلُونَ ٱلۡأَنۢبِيَآءَ بِغَيۡرِ حَقࣲّۚ ذَٰلِكَ بِمَا عَصَواْ وَّكَانُواْ يَعۡتَدُونَ

Masoabi e tla ba kabelo ea bona hohle moo ba fumanehang, haese ha feela eba moo ba kakatletse thapong e tsoang ho Allah le ho batho (selekaneng). Ba ipitsetsa khalefo e tsoang ho Mong`a bona, etsoe ba aparetsoe ke bofuma. Sena ke ka hobane ba tloaetse ho nyefola lits’enolo tsa Allah, le hona ho bolaea Baporofeta ka sehloho. Ke hobane ba ile ba koeneha ba ba ba tlola meeli

Ayah 112

۞لَيۡسُواْ سَوَآءࣰۗ مِّنۡ أَهۡلِ ٱلۡكِتَٰبِ أُمَّةࣱ قَآئِمَةࣱ يَتۡلُونَ ءَايَٰتِ ٱللَّهِ ءَانَآءَ ٱلَّيۡلِ وَهُمۡ يَسۡجُدُونَ

Ha ba joalo kaofela har’a batho ba Lengolo ho teng karolo e emelang toka, e bile e pheta lits’enolo tsa Allah bosiu bohle, le hona ho inamisa lifahleho thapelong kapel’a hae

Ayah 113

يُؤۡمِنُونَ بِٱللَّهِ وَٱلۡيَوۡمِ ٱلۡأٓخِرِ وَيَأۡمُرُونَ بِٱلۡمَعۡرُوفِ وَيَنۡهَوۡنَ عَنِ ٱلۡمُنكَرِ وَيُسَٰرِعُونَ فِي ٱلۡخَيۡرَٰتِۖ وَأُوْلَٰٓئِكَ مِنَ ٱلصَّٰلِحِينَ

Ba kholoang ho Allah le ho letsatsi la bofelo, ba khothaletsa tse lokileng le hona ho nena tse sa lokang, ba hlolisana ka bo- bona ho etsa mesebetsi e lokileng. ba har’a ba lokileng

Ayah 114

وَمَا يَفۡعَلُواْ مِنۡ خَيۡرࣲ فَلَن يُكۡفَرُوهُۗ وَٱللَّهُ عَلِيمُۢ بِٱلۡمُتَّقِينَ

Botle bohle boo ba bo etsang, bo ke ke ba khesoa kapa hona ho phengoa mahofi ho bona. Allah U hlokolosi ho ba sesefang bobe

Ayah 115

إِنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لَن تُغۡنِيَ عَنۡهُمۡ أَمۡوَٰلُهُمۡ وَلَآ أَوۡلَٰدُهُم مِّنَ ٱللَّهِ شَيۡـࣰٔ اۖ وَأُوْلَٰٓئِكَ أَصۡحَٰبُ ٱلنَّارِۖ هُمۡ فِيهَا خَٰلِدُونَ

Ruri! Haele mahana-tumelo bona, ha se maruo a bona kapa tsoala ea bona tse tla ba pholosa malebana le Allah; ke balekane ba mollo. Ba tla phela ka har’a oona

Ayah 116

مَثَلُ مَا يُنفِقُونَ فِي هَٰذِهِ ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا كَمَثَلِ رِيحࣲ فِيهَا صِرٌّ أَصَابَتۡ حَرۡثَ قَوۡمࣲ ظَلَمُوٓاْ أَنفُسَهُمۡ فَأَهۡلَكَتۡهُۚ وَمَا ظَلَمَهُمُ ٱللَّهُ وَلَٰكِنۡ أَنفُسَهُمۡ يَظۡلِمُونَ

Papisa ea tseo ba linyehetseng bophelong ba lefats’e lena, e ts’oana le phefo e batang e fihle e habole kotulo ea bathobafoSelitseng meea ea bona, e e senye. Ruri ha se Allah ea ba foselitseng, empa ba iphoselitse bo-bona

Ayah 117

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ لَا تَتَّخِذُواْ بِطَانَةࣰ مِّن دُونِكُمۡ لَا يَأۡلُونَكُمۡ خَبَالࣰ ا وَدُّواْ مَا عَنِتُّمۡ قَدۡ بَدَتِ ٱلۡبَغۡضَآءُ مِنۡ أَفۡوَٰهِهِمۡ وَمَا تُخۡفِي صُدُورُهُمۡ أَكۡبَرُۚ قَدۡ بَيَّنَّا لَكُمُ ٱلۡأٓيَٰتِۖ إِن كُنتُمۡ تَعۡقِلُونَ

Oho hle lona ba kholoang! Le se ke la theha setsoalle lebasa khemeng ‘moho le lona tumelong, etsoe ba ke ke ba sitoa ho le silafatsa; ba rata ho le sitisa. Lehloeo le senotsoe ke seo ba se buileng ka melomo ea bona, empa tseo lipelo tsa bona li li patileng li feta tseo haholo. Re le hlakiselitse lits’enolo haeba le utloisisa

Ayah 118

هَٰٓأَنتُمۡ أُوْلَآءِ تُحِبُّونَهُمۡ وَلَا يُحِبُّونَكُمۡ وَتُؤۡمِنُونَ بِٱلۡكِتَٰبِ كُلِّهِۦ وَإِذَا لَقُوكُمۡ قَالُوٓاْ ءَامَنَّا وَإِذَا خَلَوۡاْ عَضُّواْ عَلَيۡكُمُ ٱلۡأَنَامِلَ مِنَ ٱلۡغَيۡظِۚ قُلۡ مُوتُواْ بِغَيۡظِكُمۡۗ إِنَّ ٱللَّهَ عَلِيمُۢ بِذَاتِ ٱلصُّدُورِ

Bonang! Ke lona ba ba ratang le hoja bona ba sa le rate, le bile le lumela ho mangolo ohle. Ha ba kopana le lona ba re: “re ea lumela;” empa ha ba le thoko ba itja linala tsa menoana ke khalefo ho lona. E re: “bolaoang ke khalefo ea lona, Ruri Allah U hlokolosi ka tseo lifuba tsa lona li li patileng.”

Ayah 119

إِن تَمۡسَسۡكُمۡ حَسَنَةࣱ تَسُؤۡهُمۡ وَإِن تُصِبۡكُمۡ سَيِّئَةࣱ يَفۡرَحُواْ بِهَاۖ وَإِن تَصۡبِرُواْ وَتَتَّقُواْ لَا يَضُرُّكُمۡ كَيۡدُهُمۡ شَيۡـًٔاۗ إِنَّ ٱللَّهَ بِمَا يَعۡمَلُونَ مُحِيطࣱ‏

Ha le ka oeloa ke lehlohonolo, ho bona ke ntho e bohloko; empa ha le ka oeloa ke bomalimabe ba ea nyakalla ke sona. Empa ha le ka tsitlalla la ipoloka khahlanong le bobe, pososelo ea bona ea bomenemene e ke ke ea le hlahisetsa kotsi ho hang. Ruri! Allah U etselitse liketso tsa bona lesakana-la-nkope

Ayah 120

وَإِذۡ غَدَوۡتَ مِنۡ أَهۡلِكَ تُبَوِّئُ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ مَقَٰعِدَ لِلۡقِتَالِۗ وَٱللَّهُ سَمِيعٌ عَلِيمٌ

U hopole mohlang u tsohang esale ka matjeke u siea lelapa la hau ho ea laola ba kholoang u ba laolela libakeng tsa bona tsa ntoa, Ruri Allah U utloa tsohle, U tseba tsohle

Ayah 121

إِذۡ هَمَّت طَّآئِفَتَانِ مِنكُمۡ أَن تَفۡشَلَا وَٱللَّهُ وَلِيُّهُمَاۗ وَعَلَى ٱللَّهِ فَلۡيَتَوَكَّلِ ٱلۡمُؤۡمِنُونَ

Nakong eo mabotho a mabeli a lona a batlileng a supa ntoa ka lirethe, Allah E bile mots’oalle mosireletsi oa bona. Ka hona ba kholoang ba behe ts’epo ea bona ho Allah

Ayah 122

وَلَقَدۡ نَصَرَكُمُ ٱللَّهُ بِبَدۡرࣲ وَأَنتُمۡ أَذِلَّةࣱۖ فَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ لَعَلَّكُمۡ تَشۡكُرُونَ

Allah U ile a le neha tlholo ntoeng ea Badr, hobane le ne le eiseha. Kahoo ts’abang Allah e le hore le tle le fane ka liteboho

Ayah 123

إِذۡ تَقُولُ لِلۡمُؤۡمِنِينَ أَلَن يَكۡفِيَكُمۡ أَن يُمِدَّكُمۡ رَبُّكُم بِثَلَٰثَةِ ءَالَٰفࣲ مِّنَ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةِ مُنزَلِينَ

U hopole hore u ile oa re ho ba kholoang: “na ha ho ea lekana ho lona hore e be Mong`a lona o ile a le romella manyeloi a likete tse tharo ho tla le thusetsa

Ayah 124

بَلَىٰٓۚ إِن تَصۡبِرُواْ وَتَتَّقُواْ وَيَأۡتُوكُم مِّن فَوۡرِهِمۡ هَٰذَا يُمۡدِدۡكُمۡ رَبُّكُم بِخَمۡسَةِ ءَالَٰفࣲ مِّنَ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةِ مُسَوِّمِينَ

Hleka, le kabale mamello, labala ipoloka khahlanong le bobe, ha sera se ka le tsometsa ka sekhahla, Ruri Mong`a lona o tla le thusetsa ka manyeloi a likete tse hlano ho tla etsa laritha.”

Ayah 125

وَمَا جَعَلَهُ ٱللَّهُ إِلَّا بُشۡرَىٰ لَكُمۡ وَلِتَطۡمَئِنَّ قُلُوبُكُم بِهِۦۗ وَمَا ٱلنَّصۡرُ إِلَّا مِنۡ عِندِ ٱللَّهِ ٱلۡعَزِيزِ ٱلۡحَكِيمِ

Ruri Allah U entse sena tlholo e le molaetsa oa thabo ho lona, ka eona ke tihisetso lipelong tsa lona – tlholo e tsoa ho Allah feela, ea matla oohle, ea Seli –

Ayah 126

لِيَقۡطَعَ طَرَفࣰ ا مِّنَ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ أَوۡ يَكۡبِتَهُمۡ فَيَنقَلِبُواْ خَآئِبِينَ

E le ho fokotsa karolo ea ba nenang tumelo, kapa hona hoba hobosa ka tlotlollo, e le hore ba tle ba khutlele morao ba khathetse matla ketsong ea bona

Ayah 127

لَيۡسَ لَكَ مِنَ ٱلۡأَمۡرِ شَيۡءٌ أَوۡ يَتُوبَ عَلَيۡهِمۡ أَوۡ يُعَذِّبَهُمۡ فَإِنَّهُمۡ ظَٰلِمُونَ

Ha se qeto ea hau hore o reteletsa mohau oa hae ka ho bona, kapa hona hoba ahlola; hobane Ruri bona ke baetsa-libe

Ayah 128

وَلِلَّهِ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۚ يَغۡفِرُ لِمَن يَشَآءُ وَيُعَذِّبُ مَن يَشَآءُۚ وَٱللَّهُ غَفُورࣱ رَّحِيمࣱ‏

Tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa Allah o ts’oarela bao A ba ratang, le hona ho ahlola bao A ba ratang. Ruri Allah U ts’oarela-khafetsa, mohau oa Hae o ea khaphatseha

Ayah 129

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ لَا تَأۡكُلُواْ ٱلرِّبَوٰٓاْ أَضۡعَٰفࣰ ا مُّضَٰعَفَةࣰۖ وَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ لَعَلَّكُمۡ تُفۡلِحُونَ

Oho lona ba kholoang! Le se ke la ja tsoala, e menahane e bile e ekelitsoe ka makhetlo. Empa le hlokomele ts’ebeletso ea lona malebana le Allah, e le hore le tle le atlehe

Ayah 130

وَٱتَّقُواْ ٱلنَّارَ ٱلَّتِيٓ أُعِدَّتۡ لِلۡكَٰفِرِينَ

Le ts`abe mollo o lokiselitsoeng botlhoka-tumelo

Ayah 131

وَأَطِيعُواْ ٱللَّهَ وَٱلرَّسُولَ لَعَلَّكُمۡ تُرۡحَمُونَ

Le mamele Allah le moromuoa, e le hore le tle le fumane mohau

Ayah 132

۞وَسَارِعُوٓاْ إِلَىٰ مَغۡفِرَةࣲ مِّن رَّبِّكُمۡ وَجَنَّةٍ عَرۡضُهَا ٱلسَّمَٰوَٰتُ وَٱلۡأَرۡضُ أُعِدَّتۡ لِلۡمُتَّقِينَ

Le potlakele ho kopa ts’oarelo e tsoang ho Mong`a lona, le sebakeng sa Paradeisi eo bophara ba eona bo lekanang le maholimo le lefats’e, e lokiselitsoeng ba sesefang bobe

Ayah 133

ٱلَّذِينَ يُنفِقُونَ فِي ٱلسَّرَّآءِ وَٱلضَّرَّآءِ وَٱلۡكَٰظِمِينَ ٱلۡغَيۡظَ وَٱلۡعَافِينَ عَنِ ٱلنَّاسِۗ وَٱللَّهُ يُحِبُّ ٱلۡمُحۡسِنِينَ

Ba sebelisang tseo Allah a ba nehileng tsona botleng le mathateng, etsoe ba tseba ho hatella khalefo ea bona, le hona ho ts’oarela batho bohle; Ruri Allah U rata ba etsang botle

Ayah 134

وَٱلَّذِينَ إِذَا فَعَلُواْ فَٰحِشَةً أَوۡ ظَلَمُوٓاْ أَنفُسَهُمۡ ذَكَرُواْ ٱللَّهَ فَٱسۡتَغۡفَرُواْ لِذُنُوبِهِمۡ وَمَن يَغۡفِرُ ٱلذُّنُوبَ إِلَّا ٱللَّهُ وَلَمۡ يُصِرُّواْ عَلَىٰ مَا فَعَلُواْ وَهُمۡ يَعۡلَمُونَ

Bao e reng ha ba entse ntho e mpe, kapa bafoselitse meea ea bona, ba hopola Allah le ho kopa ts’oarelo lits’itong tsa bona – ha ho mang ea ka ts’oarelang libe haese Allah feela; – ba sa phehelle bobe boo ba bo entseng ka tsebo e tletseng

Ayah 135

أُوْلَٰٓئِكَ جَزَآؤُهُم مَّغۡفِرَةࣱ مِّن رَّبِّهِمۡ وَجَنَّٰتࣱ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُ خَٰلِدِينَ فِيهَاۚ وَنِعۡمَ أَجۡرُ ٱلۡعَٰمِلِينَ

Ruri moputso oa ba joalo ke ts’oarelo e tsoang ho Mong`a bona, le lirapa tseo ka tlas’a tsona ho phallang linoka, moo teng batla phela kahosafeleng – moputso o ba batsehang hakakang sebakeng sa ba sebelitseng ka boitelo

Ayah 136

قَدۡ خَلَتۡ مِن قَبۡلِكُمۡ سُنَنࣱ فَسِيرُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَٱنظُرُواْ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلۡمُكَذِّبِينَ

Mekhoa e bile mengata ea bophelo e fetileng khale pele le eba teng. A k’u hahlaule le lefats’e, u tle u bone pheletso ea ba ileng ba latola Baromuoa

Ayah 137

هَٰذَا بَيَانࣱ لِّلنَّاسِ وَهُدࣰ ى وَمَوۡعِظَةࣱ لِّلۡمُتَّقِينَ

Sena (qur`an) ke tlhakisetso ho batho, e le tataiso le keletso ho ba sesefang bobe

Ayah 138

وَلَا تَهِنُواْ وَلَا تَحۡزَنُواْ وَأَنتُمُ ٱلۡأَعۡلَوۡنَ إِن كُنتُم مُّؤۡمِنِينَ

Se khathaleng matla le hona ho sareloa, hobane le tla ba bahloli haeba le hlile le ba kholoang

Ayah 139

إِن يَمۡسَسۡكُمۡ قَرۡحࣱ فَقَدۡ مَسَّ ٱلۡقَوۡمَ قَرۡحࣱ مِّثۡلُهُۥۚ وَتِلۡكَ ٱلۡأَيَّامُ نُدَاوِلُهَا بَيۡنَ ٱلنَّاسِ وَلِيَعۡلَمَ ٱللَّهُ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَيَتَّخِذَ مِنكُمۡ شُهَدَآءَۗ وَٱللَّهُ لَا يُحِبُّ ٱلظَّٰلِمِينَ

Haeba le oetsoe ke kotsi, le tsebe hore le ba bang ba oetsoe ke kotsi e joalo. Le matsatsi ho joalo re a neha batho ka ho fapana, hore pheletsong Allah a behe ba kholoang tekong a tle a inkele batsoa-sehlabelo ho lona; Allah ha a rate baetsa- phoso

Ayah 140

وَلِيُمَحِّصَ ٱللَّهُ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَيَمۡحَقَ ٱلۡكَٰفِرِينَ

Allah a tle a behe bakholoang tekong, le ho repitla maila- tumelo

Ayah 141

أَمۡ حَسِبۡتُمۡ أَن تَدۡخُلُواْ ٱلۡجَنَّةَ وَلَمَّا يَعۡلَمِ ٱللَّهُ ٱلَّذِينَ جَٰهَدُواْ مِنكُمۡ وَيَعۡلَمَ ٱلصَّٰبِرِينَ

Le nahana hore le tla kena Paradeising le sa ka la phenngoa mahofi hore na ke bafe ba lona ba ileng ba loanela tsela ea hae ka thata, kapa hona ho tseba ba bang ba lona ba ileng ba tsitlalla

Ayah 142

وَلَقَدۡ كُنتُمۡ تَمَنَّوۡنَ ٱلۡمَوۡتَ مِن قَبۡلِ أَن تَلۡقَوۡهُ فَقَدۡ رَأَيۡتُمُوهُ وَأَنتُمۡ تَنظُرُونَ

Ruri le ‘nile la lakatsa lefu pele le kopana le lona. Joale le le bone ka mahlo a lona

Ayah 143

وَمَا مُحَمَّدٌ إِلَّا رَسُولࣱ قَدۡ خَلَتۡ مِن قَبۡلِهِ ٱلرُّسُلُۚ أَفَإِيْن مَّاتَ أَوۡ قُتِلَ ٱنقَلَبۡتُمۡ عَلَىٰٓ أَعۡقَٰبِكُمۡۚ وَمَن يَنقَلِبۡ عَلَىٰ عَقِبَيۡهِ فَلَن يَضُرَّ ٱللَّهَ شَيۡـࣰٔ اۚ وَسَيَجۡزِي ٱللَّهُ ٱلشَّٰكِرِينَ

Muhammad empa e le moromuoa, baromuoa ba ts’oanang le eena ba ile ba feta pele ho eena. Na ha a ka shoa, kapa a bolaoa, na le tla ba bakoenehi? Haele mokoenehi, ha ho kotsi ea ka e hlahisetsang Allah, Allah U tla putsa ba nang le teboho

Ayah 144

وَمَا كَانَ لِنَفۡسٍ أَن تَمُوتَ إِلَّا بِإِذۡنِ ٱللَّهِ كِتَٰبࣰ ا مُّؤَجَّلࣰ اۗ وَمَن يُرِدۡ ثَوَابَ ٱلدُّنۡيَا نُؤۡتِهِۦ مِنۡهَا وَمَن يُرِدۡ ثَوَابَ ٱلۡأٓخِرَةِ نُؤۡتِهِۦ مِنۡهَاۚ وَسَنَجۡزِي ٱلشَّٰكِرِينَ

Ha ho motho ea tla shoa kantle ho thato ea Allah le ka nako e o behetsoeng. Ba labalabelang moputso oa lefats’e, re tla ba sitsa ka oona; etsoe le ba labalabelang moputso oa bophelo bo-tlang re tlaba sitsa ka oona. Re tla putsa ba nang le teboho

Ayah 145

وَكَأَيِّن مِّن نَّبِيࣲّ قَٰتَلَ مَعَهُۥ رِبِّيُّونَ كَثِيرࣱ فَمَا وَهَنُواْ لِمَآ أَصَابَهُمۡ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِ وَمَا ضَعُفُواْ وَمَا ٱسۡتَكَانُواْۗ وَٱللَّهُ يُحِبُّ ٱلصَّٰبِرِينَ

Baporofeta ba bangata ba loanne bats`ehelitsoe ke likoankoetla tsa banna ba tumelo. Empa ha ba ka ba nyahama ka tse ‘nileng tsa ba hlahela tseleng ea Allah, kapa ho fokola, le ho inehela. Allah U rata ba tsitlallelang ka tieo

Ayah 146

وَمَا كَانَ قَوۡلَهُمۡ إِلَّآ أَن قَالُواْ رَبَّنَا ٱغۡفِرۡ لَنَا ذُنُوبَنَا وَإِسۡرَافَنَا فِيٓ أَمۡرِنَا وَثَبِّتۡ أَقۡدَامَنَا وَٱنصُرۡنَا عَلَى ٱلۡقَوۡمِ ٱلۡكَٰفِرِينَ

Sello sa bona e bile feela hore: “Mong`a rona! Re ts’oarele libe tsa rona le liketso tse sa lokang, u tihise maoto a rona, le ho re neha tlholo holim’a maila-tumelo.”

Ayah 147

فَـَٔاتَىٰهُمُ ٱللَّهُ ثَوَابَ ٱلدُّنۡيَا وَحُسۡنَ ثَوَابِ ٱلۡأٓخِرَةِۗ وَٱللَّهُ يُحِبُّ ٱلۡمُحۡسِنِينَ

Allah a ba neha moputso oa lefats’e le moputso o ba ba tsehang oa bophelo bo-tlang. Allah U rata ba etsang liketso tse lokileng

Ayah 148

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ إِن تُطِيعُواْ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ يَرُدُّوكُمۡ عَلَىٰٓ أَعۡقَٰبِكُمۡ فَتَنقَلِبُواْ خَٰسِرِينَ

Oho lona ba kholoang! Haeba le ka mamela maila-tumelo, batla le sokolla tumelong ea lona, le tla furalla joaloka ba lahlehileng

Ayah 149

بَلِ ٱللَّهُ مَوۡلَىٰكُمۡۖ وَهُوَ خَيۡرُ ٱلنَّٰصِرِينَ

Che, Allah ke Mots’ireletsi (maulana) oa lona, ke Eena mothusi oa lona ho feta bohle

Ayah 150

سَنُلۡقِي فِي قُلُوبِ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ ٱلرُّعۡبَ بِمَآ أَشۡرَكُواْ بِٱللَّهِ مَا لَمۡ يُنَزِّلۡ بِهِۦ سُلۡطَٰنࣰ اۖ وَمَأۡوَىٰهُمُ ٱلنَّارُۖ وَبِئۡسَ مَثۡوَى ٱلظَّٰلِمِينَ

Ruri re tla ts’ollela letsoalo ka hare ho lipelo tsa bahanyetsi ba tumelo ho ba ne ba kopanya Allah le batlatsetsi, e leng seo a sa kang a fana ka ts’enolo ho sona. Lehae la bona ke mollo, ho malimabe ke lehae la ba etsang-phoso

Ayah 151

وَلَقَدۡ صَدَقَكُمُ ٱللَّهُ وَعۡدَهُۥٓ إِذۡ تَحُسُّونَهُم بِإِذۡنِهِۦۖ حَتَّىٰٓ إِذَا فَشِلۡتُمۡ وَتَنَٰزَعۡتُمۡ فِي ٱلۡأَمۡرِ وَعَصَيۡتُم مِّنۢ بَعۡدِ مَآ أَرَىٰكُم مَّا تُحِبُّونَۚ مِنكُم مَّن يُرِيدُ ٱلدُّنۡيَا وَمِنكُم مَّن يُرِيدُ ٱلۡأٓخِرَةَۚ ثُمَّ صَرَفَكُمۡ عَنۡهُمۡ لِيَبۡتَلِيَكُمۡۖ وَلَقَدۡ عَفَا عَنكُمۡۗ وَٱللَّهُ ذُو فَضۡلٍ عَلَى ٱلۡمُؤۡمِنِينَ

Ruri Allah U phethahalitse ts’episo ea hae ho lona nakong eo le neng lebabolaea ka tumello ea hae, ho fihlela motsotso oa hore le felloe ke sebete, la kena har’a likhang ka taelo; eaba le ea e nyelisa ka mora hoba a le bonts’e seo le neng le se lakatsa. Hara lona ke ba lakatsang tsa lefats’e lena, ha ba bang ba e na le taba-tabelo ea bo-tlang. Ka lebaka leo eaba o le lebatsa lira tsa lona, a le beha tekong feela. Empa o ile a le ts’oarela. Ruri Allah ke Mong`a mosa o khaphatsehang ho ba kholoang

Ayah 152

۞إِذۡ تُصۡعِدُونَ وَلَا تَلۡوُۥنَ عَلَىٰٓ أَحَدࣲ وَٱلرَّسُولُ يَدۡعُوكُمۡ فِيٓ أُخۡرَىٰكُمۡ فَأَثَٰبَكُمۡ غَمَّۢا بِغَمࣲّ لِّكَيۡلَا تَحۡزَنُواْ عَلَىٰ مَا فَاتَكُمۡ وَلَا مَآ أَصَٰبَكُمۡۗ وَٱللَّهُ خَبِيرُۢ بِمَا تَعۡمَلُونَ

Le be le hopole nakong eo le neng le baleha le bile le sa natse mong le mong, Moromuoa o ne a le setse morao a le bitsetsa ntoeng. Eaba Allah U le putsa ka bothata hobane le ile la mo koatisa, e le ho le ruta hore le se llele tse le phonyohileng kapa koluoa e le oetseng. Ruri Allah U tsebile hantle tseo le li etsang

Ayah 153

ثُمَّ أَنزَلَ عَلَيۡكُم مِّنۢ بَعۡدِ ٱلۡغَمِّ أَمَنَةࣰ نُّعَاسࣰ ا يَغۡشَىٰ طَآئِفَةࣰ مِّنكُمۡۖ وَطَآئِفَةࣱ قَدۡ أَهَمَّتۡهُمۡ أَنفُسُهُمۡ يَظُنُّونَ بِٱللَّهِ غَيۡرَ ٱلۡحَقِّ ظَنَّ ٱلۡجَٰهِلِيَّةِۖ يَقُولُونَ هَل لَّنَا مِنَ ٱلۡأَمۡرِ مِن شَيۡءࣲۗ قُلۡ إِنَّ ٱلۡأَمۡرَ كُلَّهُۥ لِلَّهِۗ يُخۡفُونَ فِيٓ أَنفُسِهِم مَّا لَا يُبۡدُونَ لَكَۖ يَقُولُونَ لَوۡ كَانَ لَنَا مِنَ ٱلۡأَمۡرِ شَيۡءࣱ مَّا قُتِلۡنَا هَٰهُنَاۗ قُل لَّوۡ كُنتُمۡ فِي بُيُوتِكُمۡ لَبَرَزَ ٱلَّذِينَ كُتِبَ عَلَيۡهِمُ ٱلۡقَتۡلُ إِلَىٰ مَضَاجِعِهِمۡۖ وَلِيَبۡتَلِيَ ٱللَّهُ مَا فِي صُدُورِكُمۡ وَلِيُمَحِّصَ مَا فِي قُلُوبِكُمۡۚ وَٱللَّهُ عَلِيمُۢ بِذَاتِ ٱلصُّدُورِ

Ka morao ho ts’iamo eo, eaba o romella tlhoeli ho le lebela. Lequloana le leng la lona le ile la imeloa ke boroko, ha le leng le ne le koatisitsoe ke litaba tsa lona, le bile le nahana merero e mebe ka Allah, menahano ea boatla. ba re: “na re na le karolo tabeng ee?” oho Muhammad o re: “taba ena eohle Ruri ke ea Allah.” Ba pata sephiri sa bona seo ba ke keng ba le senolela sona, ka hore: “haeba re ne re e na le karolo litabeng tsena re ne re sa ts’oanela ho tla bolaeloa mona.” oho Muhammad u re: “le hoja e be le ne le le malapeng a lona, haele ba neng ba abe tsoe lefu ba ke be ba tsoetse pele ho ea linqalong tseo ba neng ba tlameha ho ea shoela ho tsona. Tsena tsohle li bile ka hobane Allah a ne a leka tse ka har’e ho lifuba tsa lona, le hona ho pakahatsa tse ka lipelong tsa lona. Allah U hlokolosi ka tse patiloeng ke lifuba tsa batho.”

Ayah 154

إِنَّ ٱلَّذِينَ تَوَلَّوۡاْ مِنكُمۡ يَوۡمَ ٱلۡتَقَى ٱلۡجَمۡعَانِ إِنَّمَا ٱسۡتَزَلَّهُمُ ٱلشَّيۡطَٰنُ بِبَعۡضِ مَا كَسَبُواْۖ وَلَقَدۡ عَفَا ٱللَّهُ عَنۡهُمۡۗ إِنَّ ٱللَّهَ غَفُورٌ حَلِيمࣱ‏

Haele ba lona ba ileng ba supa ntoa ka lirethe mohla letsatsi leo mabotho a mabeli a neng a kopane, ke satane ea entseng hore ba koenehe ho latela tseo ba li entseng (tsa bobe). Allah U ile a ba ts’oarela. Ruri Allah U ts’oarela-joalo-joalo. O mamello e fetisisang

Ayah 155

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ لَا تَكُونُواْ كَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَقَالُواْ لِإِخۡوَٰنِهِمۡ إِذَا ضَرَبُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ أَوۡ كَانُواْ غُزࣰّ ى لَّوۡ كَانُواْ عِندَنَا مَا مَاتُواْ وَمَا قُتِلُواْ لِيَجۡعَلَ ٱللَّهُ ذَٰلِكَ حَسۡرَةࣰ فِي قُلُوبِهِمۡۗ وَٱللَّهُ يُحۡيِۦ وَيُمِيتُۗ وَٱللَّهُ بِمَا تَعۡمَلُونَ بَصِيرࣱ‏

Oho lona ba kholoang! Le se ke la ba joaloka maila-tumelo, ba buoang joana ka bana babo bona ba ileng ba hahlaula le lefats’e kapa ba kileng ba loana har’a naha: “Hoja ebe ba ile ba itulela le rona ba ke be ba sa shoa, kapa hona ho bolaoa;” Sena Allah a ka se totisa ka har’a lipelo tsa bona. Ke Allah ea fanang ka bophelo le lefu; Allah U bona tsohle tseo le li etsang

Ayah 156

وَلَئِن قُتِلۡتُمۡ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِ أَوۡ مُتُّمۡ لَمَغۡفِرَةࣱ مِّنَ ٱللَّهِ وَرَحۡمَةٌ خَيۡرࣱ مِّمَّا يَجۡمَعُونَ

Haeba le ka bolaeloa tseleng ea Allah kapa la shoela ho eona. Ruri ts’oarelo le mohau tse tsoang ho Allah li molemo ho feta tsohle tseo ba ipokelletseng tsona

Ayah 157

وَلَئِن مُّتُّمۡ أَوۡ قُتِلۡتُمۡ لَإِلَى ٱللَّهِ تُحۡشَرُونَ

O bolaoang kapa o ka shoa, Ruri le tla bokelleloa ho Allah

Ayah 158

فَبِمَا رَحۡمَةࣲ مِّنَ ٱللَّهِ لِنتَ لَهُمۡۖ وَلَوۡ كُنتَ فَظًّا غَلِيظَ ٱلۡقَلۡبِ لَٱنفَضُّواْ مِنۡ حَوۡلِكَۖ فَٱعۡفُ عَنۡهُمۡ وَٱسۡتَغۡفِرۡ لَهُمۡ وَشَاوِرۡهُمۡ فِي ٱلۡأَمۡرِۖ فَإِذَا عَزَمۡتَ فَتَوَكَّلۡ عَلَى ٱللَّهِۚ إِنَّ ٱللَّهَ يُحِبُّ ٱلۡمُتَوَكِّلِينَ

E bile ka mohau oa Allah hore u be pelo-nolo ho bona Muhammad, haeba u ne u ka ba khopo le pelo e mpe, ba ke be ba qhalane ba bile ba suthile ho uena. Ka hona ba utloele u be u ba kopele ts’oarelo, le hona ho etsa litherisano le bona tsa tataiso litabeng. Ha le se le fihletse qeto, u behe ts’epo ea hau ho Allah. Allah U rata ba behang ts’epo ea bona ho Eena

Ayah 159

إِن يَنصُرۡكُمُ ٱللَّهُ فَلَا غَالِبَ لَكُمۡۖ وَإِن يَخۡذُلۡكُمۡ فَمَن ذَا ٱلَّذِي يَنصُرُكُم مِّنۢ بَعۡدِهِۦۗ وَعَلَى ٱللَّهِ فَلۡيَتَوَكَّلِ ٱلۡمُؤۡمِنُونَ

Ha Allah a u thusa ha ho ea ka u fekisang; haeba a ka u nyahlatsa, ke mang ea ka u thusang? Kahoo ba kholoang behang ts’epo ea lona ho Allah

Ayah 160

وَمَا كَانَ لِنَبِيٍّ أَن يَغُلَّۚ وَمَن يَغۡلُلۡ يَأۡتِ بِمَا غَلَّ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِۚ ثُمَّ تُوَفَّىٰ كُلُّ نَفۡسࣲ مَّا كَسَبَتۡ وَهُمۡ لَا يُظۡلَمُونَ

Ha ho Moporofeta le ea mong ea neng a tla ikhapela lefohlo ka qhekello, ea etsang joalo ho bahlanka ba hae mohla letsatsi la tsoho o tla beha ka pela `Mopi moroalo oo. Mong ka mong o tla lefshoa ka botlalo seo a se kotutseng; ha ho ea tla qhekelloa

Ayah 161

أَفَمَنِ ٱتَّبَعَ رِضۡوَٰنَ ٱللَّهِ كَمَنۢ بَآءَ بِسَخَطࣲ مِّنَ ٱللَّهِ وَمَأۡوَىٰهُ جَهَنَّمُۖ وَبِئۡسَ ٱلۡمَصِيرُ

Na motho ea latelang monyaka oa Allah a ka ts’oana le motho ea ipilelitseng khalefo e tsoang ho Allah, eo lehae la hae e leng mollo, pheletso ea leeto le malimabe Ruri

Ayah 162

هُمۡ دَرَجَٰتٌ عِندَ ٱللَّهِۗ وَٱللَّهُ بَصِيرُۢ بِمَا يَعۡمَلُونَ

Ho Allah Ruri ho teng maemo a lereko le a boits’oaro, Allah U bona tsohle tseo le li etsang

Ayah 163

لَقَدۡ مَنَّ ٱللَّهُ عَلَى ٱلۡمُؤۡمِنِينَ إِذۡ بَعَثَ فِيهِمۡ رَسُولࣰ ا مِّنۡ أَنفُسِهِمۡ يَتۡلُواْ عَلَيۡهِمۡ ءَايَٰتِهِۦ وَيُزَكِّيهِمۡ وَيُعَلِّمُهُمُ ٱلۡكِتَٰبَ وَٱلۡحِكۡمَةَ وَإِن كَانُواْ مِن قَبۡلُ لَفِي ضَلَٰلࣲ مُّبِينٍ

Ruri Allah U bonts’itse lereko ho ba kholoang ka hoba romella moromuoa ea hlahetseng har’a bona, ea ba phetetseng lits’enolo tsa hae, le hoba hloekisa, le ho ba ruta Lengolo le bohlale; le hoja pele a etla ho bona ba ne ba le har’a phoso e pepenene

Ayah 164

أَوَلَمَّآ أَصَٰبَتۡكُم مُّصِيبَةࣱ قَدۡ أَصَبۡتُم مِّثۡلَيۡهَا قُلۡتُمۡ أَنَّىٰ هَٰذَاۖ قُلۡ هُوَ مِنۡ عِندِ أَنفُسِكُمۡۗ إِنَّ ٱللَّهَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءࣲ قَدِيرࣱ‏

Nakong eo le oeloang ke koluoa, le hoja lona le ile la etsa laritha lira tsa lona ka koluoa e kukang eo ha beli ka boholo (Badr), le re: “sena se tsoa kae?” oho Muhammad ba bolelle u re: “sena se tsoa ho lona.” Bonang! Allah U matla holima tsohle

Ayah 165

وَمَآ أَصَٰبَكُمۡ يَوۡمَ ٱلۡتَقَى ٱلۡجَمۡعَانِ فَبِإِذۡنِ ٱللَّهِ وَلِيَعۡلَمَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ

Koluoa e ileng ea le oela mohla letsatsi leo ka lona mabotho a mabeli a neng a kopane, e bile ka thato ea Allah; e le teko ho ba kholoang

Ayah 166

وَلِيَعۡلَمَ ٱلَّذِينَ نَافَقُواْۚ وَقِيلَ لَهُمۡ تَعَالَوۡاْ قَٰتِلُواْ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِ أَوِ ٱدۡفَعُواْۖ قَالُواْ لَوۡ نَعۡلَمُ قِتَالࣰ ا لَّٱتَّبَعۡنَٰكُمۡۗ هُمۡ لِلۡكُفۡرِ يَوۡمَئِذٍ أَقۡرَبُ مِنۡهُمۡ لِلۡإِيمَٰنِۚ يَقُولُونَ بِأَفۡوَٰهِهِم مَّا لَيۡسَ فِي قُلُوبِهِمۡۚ وَٱللَّهُ أَعۡلَمُ بِمَا يَكۡتُمُونَ

Le ho leka ba ikaketsi ba ileng ba bolelloa hore: “Tlohong, le loanele tsela ea Allah, kapa hona ho its’ireletsa.” ba ile ba araba joana: “hoja e be re ne re tsebile hore ho o ua ntoeng re ka be re le setse morao.” Mohla letsatsi leo ba ne ba le haufi le ho se lumele ho e na le tumelo. Ka melomo ea bona ba bua se sieo ka lipelong tsa bona. Ke Allah ea hlokolosi ka ho fetisisa ka tseo ba li patang

Ayah 167

ٱلَّذِينَ قَالُواْ لِإِخۡوَٰنِهِمۡ وَقَعَدُواْ لَوۡ أَطَاعُونَا مَا قُتِلُواْۗ قُلۡ فَٱدۡرَءُواْ عَنۡ أَنفُسِكُمُ ٱلۡمَوۡتَ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ

Haele ba neng ba setse malapeng a bona, ba bile ba re ka bana ba bo-bona ba ba shoetseng ntoeng: “Hoja ebe ba ne ba tataisitsoe ke Rona ba ke be ba sa bolaoa.” Oho Muhammad ba bolelle u re: “Ka hona qhelelang lefu thoko le lona haeba le hlile le buoa ‘nete.”

Ayah 168

وَلَا تَحۡسَبَنَّ ٱلَّذِينَ قُتِلُواْ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِ أَمۡوَٰتَۢاۚ بَلۡ أَحۡيَآءٌ عِندَ رَبِّهِمۡ يُرۡزَقُونَ

Le se nahane hore ba bolaetsoeng tseleng ea Allah ba shoele. Che, ba ea phela. Phepo ea bona e ho Mong`a bona

Ayah 169

فَرِحِينَ بِمَآ ءَاتَىٰهُمُ ٱللَّهُ مِن فَضۡلِهِۦ وَيَسۡتَبۡشِرُونَ بِٱلَّذِينَ لَمۡ يَلۡحَقُواْ بِهِم مِّنۡ خَلۡفِهِمۡ أَلَّا خَوۡفٌ عَلَيۡهِمۡ وَلَا هُمۡ يَحۡزَنُونَ

Ba nyakaletse ka seo Allah a ba sitsitseng ka sona sa motlopotlo oa hae, khotsofalong eabae s’o be har’a bona empa ba saletse morao: ba tsebe hore moo teng ha ho letsoalo le tla ba fihlela kapa eona mesarelo

Ayah 170

۞يَسۡتَبۡشِرُونَ بِنِعۡمَةࣲ مِّنَ ٱللَّهِ وَفَضۡلࣲ وَأَنَّ ٱللَّهَ لَا يُضِيعُ أَجۡرَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ

Ba nyakaletse ho latela molemo o tsoang ho Allah le mosa o khaphatsehang, bana le bo-’nete ba hore Allah a ke ke a lahla moputso oa ba kholoang

Ayah 171

ٱلَّذِينَ ٱسۡتَجَابُواْ لِلَّهِ وَٱلرَّسُولِ مِنۢ بَعۡدِ مَآ أَصَابَهُمُ ٱلۡقَرۡحُۚ لِلَّذِينَ أَحۡسَنُواْ مِنۡهُمۡ وَٱتَّقَوۡاْ أَجۡرٌ عَظِيمٌ

Ba utloileng pitso ea Allah le moromuoa oa hae ka mora ho ba ba oeloe ke koluoa ea likotsi ntoeng (Badr); ba bile ba etsa tse lokileng, le hona ho sesefa bobe, sebakeng sa bona ho teng moputso o moholohali

Ayah 172

ٱلَّذِينَ قَالَ لَهُمُ ٱلنَّاسُ إِنَّ ٱلنَّاسَ قَدۡ جَمَعُواْ لَكُمۡ فَٱخۡشَوۡهُمۡ فَزَادَهُمۡ إِيمَٰنࣰ ا وَقَالُواْ حَسۡبُنَا ٱللَّهُ وَنِعۡمَ ٱلۡوَكِيلُ

Haele batho ba ileng ba re ho bona: “Ruri! ba ntse ba bokelloa khahlanong le lona, ka hona ba ts’abeng.” empa tlhokomeliso ea kotsi e ile ea eketsa tumelo ea bona, bare: “Ruri Allah U lekane ho rona! Ea hloahloeng ke eena eo re behileng ts’epo ea rona ho eena!”

Ayah 173

فَٱنقَلَبُواْ بِنِعۡمَةࣲ مِّنَ ٱللَّهِ وَفَضۡلࣲ لَّمۡ يَمۡسَسۡهُمۡ سُوٓءࣱ وَٱتَّبَعُواْ رِضۡوَٰنَ ٱللَّهِۗ وَٱللَّهُ ذُو فَضۡلٍ عَظِيمٍ

Ba ile ba khutla ka lereko le molemo o tsoang ho Allah, ho se kotsi eba a’meng. Ba ile ba latela monyaka o molemo oa Allah, Allah ke Mong`a motlopotlo o se nang tekanyo

Ayah 174

إِنَّمَا ذَٰلِكُمُ ٱلشَّيۡطَٰنُ يُخَوِّفُ أَوۡلِيَآءَهُۥ فَلَا تَخَافُوهُمۡ وَخَافُونِ إِن كُنتُم مُّؤۡمِنِينَ

Ke Liabolosi ea ka etsang hore batho ba ts’abe balateli ba hae. Ho hang le se ba ts’abe; empa le ts’abe ‘na (Allah), haeba le hlile le ba kholoang ba ‘nete

Ayah 175

وَلَا يَحۡزُنكَ ٱلَّذِينَ يُسَٰرِعُونَ فِي ٱلۡكُفۡرِۚ إِنَّهُمۡ لَن يَضُرُّواْ ٱللَّهَ شَيۡـࣰٔ اۚ يُرِيدُ ٱللَّهُ أَلَّا يَجۡعَلَ لَهُمۡ حَظࣰّ ا فِي ٱلۡأٓخِرَةِۖ وَلَهُمۡ عَذَابٌ عَظِيمٌ

Boits’oaro ba bona bo se ke ba u utloisa bohloko, ba khothometsehellang ho nyefola tumelo, Ruri! Ha ho kotsi eo ba ka e hlahisetsang Allah. Ke thato ea Allah ea ho se ba nehe karolo ho bo-tlang, timelo e ts’abehang ke ea bona

Ayah 176

إِنَّ ٱلَّذِينَ ٱشۡتَرَوُاْ ٱلۡكُفۡرَ بِٱلۡإِيمَٰنِ لَن يَضُرُّواْ ٱللَّهَ شَيۡـࣰٔ اۖ وَلَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمࣱ‏

Haele ba rekang ho nyefola tumelo ka theko ea tumelo ha ho kotsi eo ba ka e hlahisetsang Allah le ha nyenyane, se ba loketseng ke timelo e mahlonoko

Ayah 177

وَلَا يَحۡسَبَنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ أَنَّمَا نُمۡلِي لَهُمۡ خَيۡرࣱ لِّأَنفُسِهِمۡۚ إِنَّمَا نُمۡلِي لَهُمۡ لِيَزۡدَادُوٓاْ إِثۡمࣰ اۖ وَلَهُمۡ عَذَابࣱ مُّهِينࣱ‏

Maila-tumelo a se ke a nahana hore khefutso eo Re ba nehang eona e na le molemo meeng ea bona. Re mpa feela Re ba neha khefutso hore ba holele har’a sebe. Etsoe timelo ea bona ke e soabisang

Ayah 178

مَّا كَانَ ٱللَّهُ لِيَذَرَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ عَلَىٰ مَآ أَنتُمۡ عَلَيۡهِ حَتَّىٰ يَمِيزَ ٱلۡخَبِيثَ مِنَ ٱلطَّيِّبِۗ وَمَا كَانَ ٱللَّهُ لِيُطۡلِعَكُمۡ عَلَى ٱلۡغَيۡبِ وَلَٰكِنَّ ٱللَّهَ يَجۡتَبِي مِن رُّسُلِهِۦ مَن يَشَآءُۖ فَـَٔامِنُواْ بِٱللَّهِ وَرُسُلِهِۦۚ وَإِن تُؤۡمِنُواْ وَتَتَّقُواْ فَلَكُمۡ أَجۡرٌ عَظِيمࣱ‏

Allah a ke ke A le tlohella boemong bo na boo le leng ho bona hajoale ho fihlela a ka arohanya bokhopo ho se lokileng. Allah A ke ke A le tsebisa makunutu a Masabonoeng. Allah U khethile har’a baromuoa ba hae eo A ikhethetseng Eena ho amohela tsebo. Ka hona kholoang ho Allah le ho Baromuoa ba Hae. Haeba le kholoa le bile le sesefa bobe, Ruri le tla fumana moputso o se nang tekanyo

Ayah 179

وَلَا يَحۡسَبَنَّ ٱلَّذِينَ يَبۡخَلُونَ بِمَآ ءَاتَىٰهُمُ ٱللَّهُ مِن فَضۡلِهِۦ هُوَ خَيۡرࣰ ا لَّهُمۖ بَلۡ هُوَ شَرࣱّ لَّهُمۡۖ سَيُطَوَّقُونَ مَا بَخِلُواْ بِهِۦ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِۗ وَلِلَّهِ مِيرَٰثُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۗ وَٱللَّهُ بِمَا تَعۡمَلُونَ خَبِيرࣱ‏

Le se lumelle ba lekhonatha ka seo Allah a ba sitsitseng ka sona sa motlopotlo oa hae ba nahane hore se molemo ho bona. Che, ke hona ho tla ba ho be ho bona. Seo se ba leng lekhonatha ka sona mohla letsatsi la tsoho se tla tlamelloa melaleng ea bona. Ruri mafa ohle a maholimong le lefats’eng ke’a Allah, Allah U tseba hantle ka tseo le li etsang

Ayah 180

لَّقَدۡ سَمِعَ ٱللَّهُ قَوۡلَ ٱلَّذِينَ قَالُوٓاْ إِنَّ ٱللَّهَ فَقِيرࣱ وَنَحۡنُ أَغۡنِيَآءُۘ سَنَكۡتُبُ مَا قَالُواْ وَقَتۡلَهُمُ ٱلۡأَنۢبِيَآءَ بِغَيۡرِ حَقࣲّ وَنَقُولُ ذُوقُواْ عَذَابَ ٱلۡحَرِيقِ

Ruri Allah U utloile puo ea ba neng ba kopuoa ho fana ka tlatsetso ea nyehelo ntoeng, ha ba ne ba re: “Allah U futsanehile, rona re barui!” re tla ngola puo ea bona le polao e sehloho ea bona ea baporofeta, re tla re: “latsoang ke hona kahlolo ea lelakabe la mollo!”

Ayah 181

ذَٰلِكَ بِمَا قَدَّمَتۡ أَيۡدِيكُمۡ وَأَنَّ ٱللَّهَ لَيۡسَ بِظَلَّامࣲ لِّلۡعَبِيدِ

Sena ke ka lebaka la liketso tsa lona tseo matsoho a lona a li rometseng nale. Allah ha a hatelle (hlokofatse) makhabunyane a hae

Ayah 182

ٱلَّذِينَ قَالُوٓاْ إِنَّ ٱللَّهَ عَهِدَ إِلَيۡنَآ أَلَّا نُؤۡمِنَ لِرَسُولٍ حَتَّىٰ يَأۡتِيَنَا بِقُرۡبَانࣲ تَأۡكُلُهُ ٱلنَّارُۗ قُلۡ قَدۡ جَآءَكُمۡ رُسُلࣱ مِّن قَبۡلِي بِٱلۡبَيِّنَٰتِ وَبِٱلَّذِي قُلۡتُمۡ فَلِمَ قَتَلۡتُمُوهُمۡ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ

Ba ts’oanang le bona ke ba reng: “Ruri! Allah U re ts’episitse hore re se lumele ho Moromuoa le a mong ho fihlela a ka re tlisetsa sehlabelo se tla jeoa ke mollo o tsoang leholimong. E re: “Ruri! Baromuoa ba tlile ho lona pele ho ‘na ka mehlolo-hlolo, le ka mohlolo o ts’oanang le ona oo le o batlang. Hobaneng ha le ile la ba bolaea? Ka hona arabelang sena haeba le buoa ‘nete

Ayah 183

فَإِن كَذَّبُوكَ فَقَدۡ كُذِّبَ رُسُلࣱ مِّن قَبۡلِكَ جَآءُو بِٱلۡبَيِّنَٰتِ وَٱلزُّبُرِ وَٱلۡكِتَٰبِ ٱلۡمُنِيرِ

“184. Haeba ba u latola, ba ‘nile ba latola Baromuoa ba bileng teng pele ho uena, ba neng ba tlile ka mehlolo-hlolo, le Lipesalema, le Lengolo le halalelang le fanang ka leseli

Ayah 184

كُلُّ نَفۡسࣲ ذَآئِقَةُ ٱلۡمَوۡتِۗ وَإِنَّمَا تُوَفَّوۡنَ أُجُورَكُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِۖ فَمَن زُحۡزِحَ عَنِ ٱلنَّارِ وَأُدۡخِلَ ٱلۡجَنَّةَ فَقَدۡ فَازَۗ وَمَا ٱلۡحَيَوٰةُ ٱلدُّنۡيَآ إِلَّا مَتَٰعُ ٱلۡغُرُورِ

Mong ka mong o tla latsoa lefu. Mohla Letsatsi la Tsoho le tla lefshoa tseo le li kotutseng ka botlalo. Haele ea pholositsoeng mollong, a hloekisitsoe ho ka kena Paradeising, Ruri o tla fumana khotsofalo. Haele bophelo bal efats’e lena bona empa e le mofuthu oa nakoana ea bohata

Ayah 185

۞لَتُبۡلَوُنَّ فِيٓ أَمۡوَٰلِكُمۡ وَأَنفُسِكُمۡ وَلَتَسۡمَعُنَّ مِنَ ٱلَّذِينَ أُوتُواْ ٱلۡكِتَٰبَ مِن قَبۡلِكُمۡ وَمِنَ ٱلَّذِينَ أَشۡرَكُوٓاْ أَذࣰ ى كَثِيرࣰ اۚ وَإِن تَصۡبِرُواْ وَتَتَّقُواْ فَإِنَّ ذَٰلِكَ مِنۡ عَزۡمِ ٱلۡأُمُورِ

Ruri le tla lekoa thepeng ea lona le bothong ba lona, le tla utloa liphoso tse ngata tse tsoang ho batho ba filoeng Lengolo pele ho lona, le tse tsoang ho barapeli ba melingoana. Haeba le ka tsitlalla ka mamello, la ba la sesefa bobe, tseo ke mohloli oa lintho tsa ba nang le mamello

Ayah 186

وَإِذۡ أَخَذَ ٱللَّهُ مِيثَٰقَ ٱلَّذِينَ أُوتُواْ ٱلۡكِتَٰبَ لَتُبَيِّنُنَّهُۥ لِلنَّاسِ وَلَا تَكۡتُمُونَهُۥ فَنَبَذُوهُ وَرَآءَ ظُهُورِهِمۡ وَٱشۡتَرَوۡاْ بِهِۦ ثَمَنࣰ ا قَلِيلࣰ اۖ فَبِئۡسَ مَا يَشۡتَرُونَ

Nakong eo Allah a neng a etsa selekane le ba filoeng Lengolo ho le hlalosetsa batho bohle, le se le pate (la etsa pinyane). ba ile ba le lahla kherehloa le hona ho le furalla, ba ithekela lona ka thekonyana e nyelisehang. Ruri se nyonyehang ke kuno eo ba ileng ba iphumanela eona ka lona

Ayah 187

لَا تَحۡسَبَنَّ ٱلَّذِينَ يَفۡرَحُونَ بِمَآ أَتَواْ وَّيُحِبُّونَ أَن يُحۡمَدُواْ بِمَا لَمۡ يَفۡعَلُواْ فَلَا تَحۡسَبَنَّهُم بِمَفَازَةࣲ مِّنَ ٱلۡعَذَابِۖ وَلَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمࣱ‏

Se nahaneng hore baikhants’ang ka tseo ba li filoeng, ba rata ho rorisoa ka tseo ba sa li etsang, – le se ke la nahana hore ba pholohile timelong. Ruri timelo ea bona ke e mahlonoko

Ayah 188

وَلِلَّهِ مُلۡكُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۗ وَٱللَّهُ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءࣲ قَدِيرٌ

Ruri puso ea maholimo le’a lefats’e ke ea Allah. Allah U matla holima lintho tsohle

Ayah 189

إِنَّ فِي خَلۡقِ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَٱخۡتِلَٰفِ ٱلَّيۡلِ وَٱلنَّهَارِ لَأٓيَٰتࣲ لِّأُوْلِي ٱلۡأَلۡبَٰبِ

Ruri! Tlholehong ea maholimo le mafats’e, le phapanyetsanong ea bosiu le mots’eare; ke lits’upiso tsa puso ea Allah ho batho ba nang le kutloisiso

Ayah 190

ٱلَّذِينَ يَذۡكُرُونَ ٱللَّهَ قِيَٰمࣰ ا وَقُعُودࣰ ا وَعَلَىٰ جُنُوبِهِمۡ وَيَتَفَكَّرُونَ فِي خَلۡقِ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ رَبَّنَا مَا خَلَقۡتَ هَٰذَا بَٰطِلࣰ ا سُبۡحَٰنَكَ فَقِنَا عَذَابَ ٱلنَّارِ

Ba hopolang Allah ba eme, balutse kapa ba paqame ka mahlakore, ba tebisitse menahano ka tlholeho ea maholimo le lefats’e, ba re: “Mong`a rona! Ruri tsena ha u ea li hlolla lefeela. Tlotla e ke e be ho uena! A k’u re pholose timelong ea mollo

Ayah 191

رَبَّنَآ إِنَّكَ مَن تُدۡخِلِ ٱلنَّارَ فَقَدۡ أَخۡزَيۡتَهُۥۖ وَمَا لِلظَّٰلِمِينَ مِنۡ أَنصَارࣲ‏

Mong`a rona! Eo u mo amohelang mollong: Ruri ebake eena eo u mo apesitseng ka tlotloloho. Haele baetsa-libe ba ke ke ba eba le bathusi

Ayah 192

رَّبَّنَآ إِنَّنَا سَمِعۡنَا مُنَادِيࣰ ا يُنَادِي لِلۡإِيمَٰنِ أَنۡ ءَامِنُواْ بِرَبِّكُمۡ فَـَٔامَنَّاۚ رَبَّنَا فَٱغۡفِرۡ لَنَا ذُنُوبَنَا وَكَفِّرۡ عَنَّا سَيِّـَٔاتِنَا وَتَوَفَّنَا مَعَ ٱلۡأَبۡرَارِ

Mong`a rona! Ruri! re utloile khoeletso ea ea bitsetsang tumelong: “kholoang ho Mong`a lona;” re khotsoe. Mong`a rona! Re ts’oarele libe tsa rona, u hlakole ho rona liketso tse mpe, u etse hore re shoe lefu la ba lokileng

Ayah 193

رَبَّنَا وَءَاتِنَا مَا وَعَدتَّنَا عَلَىٰ رُسُلِكَ وَلَا تُخۡزِنَا يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِۖ إِنَّكَ لَا تُخۡلِفُ ٱلۡمِيعَادَ

Mong`a rona! A k’u re fe seo u ileng oa re ts’episa sona ka ba romuoa ba Hau. U se re tlotlolle mohla letsatsi la tsoho. Hobane uena ha u robe ts’episo ea hau.”

Ayah 194

فَٱسۡتَجَابَ لَهُمۡ رَبُّهُمۡ أَنِّي لَآ أُضِيعُ عَمَلَ عَٰمِلࣲ مِّنكُم مِّن ذَكَرٍ أَوۡ أُنثَىٰۖ بَعۡضُكُم مِّنۢ بَعۡضࣲۖ فَٱلَّذِينَ هَاجَرُواْ وَأُخۡرِجُواْ مِن دِيَٰرِهِمۡ وَأُوذُواْ فِي سَبِيلِي وَقَٰتَلُواْ وَقُتِلُواْ لَأُكَفِّرَنَّ عَنۡهُمۡ سَيِّـَٔاتِهِمۡ وَلَأُدۡخِلَنَّهُمۡ جَنَّٰتࣲ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُ ثَوَابࣰ ا مِّنۡ عِندِ ٱللَّهِۚ وَٱللَّهُ عِندَهُۥ حُسۡنُ ٱلثَّوَابِ

Mong`a bona o ile a ba utloa, eaba o re: “Ruri! Nke ke ka lumella tahleho ea ts’ebetso ea mong le mong, ea motona kapa ea mots’eali. Le mohlobo o le mong. Ka hona ba ileng ba phaphatheha, le ho phalalisoa malapeng a bona, ba hlokofalitsoe ka lits’enyehelo ts’ebeletsong ea Ka, ba loanne ba bile ba bolailoe, Ruri Ke tla hlakola liketso tse mpe tsa bona, Ke tla ba tlisa ka hara lirapa tseo linoka li phallang ka tlas’a tsona – oo ke moputso o tsoang ho Allah. Ho Allah ho na le meputso e babatsehang

Ayah 195

لَا يَغُرَّنَّكَ تَقَلُّبُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ فِي ٱلۡبِلَٰدِ

Se lumelle phatlallo ea mahana-tumelo lefats’eng ho u thetsa

Ayah 196

مَتَٰعࣱ قَلِيلࣱ ثُمَّ مَأۡوَىٰهُمۡ جَهَنَّمُۖ وَبِئۡسَ ٱلۡمِهَادُ

Ha se letho haese menate ea nakoana. Ka mora mona lehae la bona e tla ba lihele, Ruri lehae le nyonyehang

Ayah 197

لَٰكِنِ ٱلَّذِينَ ٱتَّقَوۡاْ رَبَّهُمۡ لَهُمۡ جَنَّٰتࣱ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُ خَٰلِدِينَ فِيهَا نُزُلࣰ ا مِّنۡ عِندِ ٱللَّهِۗ وَمَا عِندَ ٱللَّهِ خَيۡرࣱ لِّلۡأَبۡرَارِ

Empa ba ts`abang Mong`a bona, sebakeng sa bona ho teng lirapa tseo linoka li phallang tlas’a tsona, kamoo teng ba tla ba ts’ireletsong kahosafeleng. Hoo ke mpho ea kamohelo e tsoang ho Mong`a bona. Seo Allah a nang le sona ho bo-teng ba Hae se molemo ho ba lokileng

Ayah 198

وَإِنَّ مِنۡ أَهۡلِ ٱلۡكِتَٰبِ لَمَن يُؤۡمِنُ بِٱللَّهِ وَمَآ أُنزِلَ إِلَيۡكُمۡ وَمَآ أُنزِلَ إِلَيۡهِمۡ خَٰشِعِينَ لِلَّهِ لَا يَشۡتَرُونَ بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِ ثَمَنࣰ ا قَلِيلًاۚ أُوْلَٰٓئِكَ لَهُمۡ أَجۡرُهُمۡ عِندَ رَبِّهِمۡۗ إِنَّ ٱللَّهَ سَرِيعُ ٱلۡحِسَابِ

Ho teng batho ba Lengolo karolo e kholoang ho Allah le ho se senotsoeng ho bona,, ba ikokobetsa kapel’a Allah. Ha ba reke lits’enolo tsa Allah ka thekonyana e nyelisehang. Ruri moputso oa bona o ho Mong`a bona, Ruri Allah U potlakela boikarabellong

Ayah 199

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ ٱصۡبِرُواْ وَصَابِرُواْ وَرَابِطُواْ وَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ لَعَلَّكُمۡ تُفۡلِحُونَ

Oho lona ba kholoang! Tsitlallang ka tieo, le be le mamello, le sireletse tikoloho ea lona ka ho emisa mabotho nako tsohle moo lir`a li tlang ho le hlasela teng, le ts’abe Allah e le hore le tle le atlehe. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Ayah 200