Surah Hud
Surah Hud is chapter 11 of the Quran, with 123 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.
الٓرۚ كِتَٰبٌ أُحۡكِمَتۡ ءَايَٰتُهُۥ ثُمَّ فُصِّلَتۡ مِن لَّدُنۡ حَكِيمٍ خَبِيرٍ
Alif. Lam. Ra. Lena ke Lengolo, la litemana tse phethahetseng tse bileng li hlalositsoeng. Le tsoa ho Ea Mong Ea Seli, Ea Tsebang Lintho Tsohle
Ayah 1أَلَّا تَعۡبُدُوٓاْ إِلَّا ٱللَّهَۚ إِنَّنِي لَكُم مِّنۡهُ نَذِيرࣱ وَبَشِيرࣱ
Hore le se khumamele mong ntle ho Allah.” Ruri ke rometsoe ho tsoa ho Eena, ho hlokomelisa le ho tlisa litaba tse molemo
Ayah 2وَأَنِ ٱسۡتَغۡفِرُواْ رَبَّكُمۡ ثُمَّ تُوبُوٓاْ إِلَيۡهِ يُمَتِّعۡكُم مَّتَٰعًا حَسَنًا إِلَىٰٓ أَجَلࣲ مُّسَمࣰّ ى وَيُؤۡتِ كُلَّ ذِي فَضۡلࣲ فَضۡلَهُۥۖ وَإِن تَوَلَّوۡاْ فَإِنِّيٓ أَخَافُ عَلَيۡكُمۡ عَذَابَ يَوۡمࣲ كَبِيرٍ
Le shomaele joana: “Kopang ts’oarelo ho Mong`a lona, le retelehele ho Eena ka boinyatso. Hore A tle A le nehe nyakallo ea ‘nete ho fihlela nako ea pallo. A le putse ka nala ea Hae ho bohle ba khabane. Empa ha le kheloha, Ke ts’aba Kotlo ea Letsatsi le Mahlonoko e tlang ho lona
Ayah 3إِلَى ٱللَّهِ مَرۡجِعُكُمۡۖ وَهُوَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءࣲ قَدِيرٌ
Ho Allah ke poelo ea lona, etsoe o na le Matla holima lintho tsohle.”
Ayah 4أَلَآ إِنَّهُمۡ يَثۡنُونَ صُدُورَهُمۡ لِيَسۡتَخۡفُواْ مِنۡهُۚ أَلَا حِينَ يَسۡتَغۡشُونَ ثِيَابَهُمۡ يَعۡلَمُ مَا يُسِرُّونَ وَمَا يُعۡلِنُونَۚ إِنَّهُۥ عَلِيمُۢ بِذَاتِ ٱلصُّدُورِ
Bonang! ba ititile lifuba moo ba patelang Allah menahano ea bona. Ka ona motsotso oo ba ipopileng ka liaparo tsa bona, Allah U tseba tseo ba li patileng le tseo ba li phatlalatsang. U hlokolosi ka tse kahar’a lifuba tsa batho
Ayah 5۞وَمَا مِن دَآبَّةࣲ فِي ٱلۡأَرۡضِ إِلَّا عَلَى ٱللَّهِ رِزۡقُهَا وَيَعۡلَمُ مُسۡتَقَرَّهَا وَمُسۡتَوۡدَعَهَاۚ كُلࣱّ فِي كِتَٰبࣲ مُّبِينࣲ
Ha ho phoofolo efe kapa efe lefats’eng e sa fumaneng boipheliso ho Allah. U tseba nako le sebaka sa eona sa tulo sa nakoana le sa bofelo. Kaofela li ngolisitsoe kahar’a buka e hlakileng
Ayah 6وَهُوَ ٱلَّذِي خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ فِي سِتَّةِ أَيَّامࣲ وَكَانَ عَرۡشُهُۥ عَلَى ٱلۡمَآءِ لِيَبۡلُوَكُمۡ أَيُّكُمۡ أَحۡسَنُ عَمَلࣰ اۗ وَلَئِن قُلۡتَ إِنَّكُم مَّبۡعُوثُونَ مِنۢ بَعۡدِ ٱلۡمَوۡتِ لَيَقُولَنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ إِنۡ هَٰذَآ إِلَّا سِحۡرࣱ مُّبِينࣱ
Ke Eena ea hlotseng maholimo le lefats’e ka matsatsi a ts’eletseng – Terone ea Hae e ne e le holim’a metsi – hore A tle A le behe tekong ea hore na ke mang har’a lona ea boits’oaro bo hloekileng. Empa ha u re ho bona: “Le tla tsosoa hape kamor’a lefu!” Ruri mahana-tumelo a tla re: “Sena ha se letho haese boloi bo pepenene.”
Ayah 7وَلَئِنۡ أَخَّرۡنَا عَنۡهُمُ ٱلۡعَذَابَ إِلَىٰٓ أُمَّةࣲ مَّعۡدُودَةࣲ لَّيَقُولُنَّ مَا يَحۡبِسُهُۥٓۗ أَلَا يَوۡمَ يَأۡتِيهِمۡ لَيۡسَ مَصۡرُوفًا عَنۡهُمۡ وَحَاقَ بِهِم مَّا كَانُواْ بِهِۦ يَسۡتَهۡزِءُونَ
Haeba re ka liehisa timelo ea bona ho fihlela nako ea pallo, Ruri ba tla re: “E ts’oareletsoe ke eng?” Ruri mohla letsatsi leo e tla ba fihlela, e ke ke ea ba phonyoha, seo ba neng ba se soma se tla ba etsetsa lesakana-la-nkope
Ayah 8وَلَئِنۡ أَذَقۡنَا ٱلۡإِنسَٰنَ مِنَّا رَحۡمَةࣰ ثُمَّ نَزَعۡنَٰهَا مِنۡهُ إِنَّهُۥ لَيَـُٔوسࣱ كَفُورࣱ
Ha Re kile Ra latsoisa motho mohau oa Rona, hamorao Ra mo amoha ona, bonang! O ba mesarelong hoo a beng a nyefole
Ayah 9وَلَئِنۡ أَذَقۡنَٰهُ نَعۡمَآءَ بَعۡدَ ضَرَّآءَ مَسَّتۡهُ لَيَقُولَنَّ ذَهَبَ ٱلسَّيِّـَٔاتُ عَنِّيٓۚ إِنَّهُۥ لَفَرِحࣱ فَخُورٌ
Ha Re ka mo latsoisa lereko la Rona kamor’a hoba a oeloe ke bomalibe bo eitseng, o re: “Ke folile maloetse.” Bonang! O’a ithorisa, e bile o’a ikhohomosa
Ayah 10إِلَّا ٱلَّذِينَ صَبَرُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ أُوْلَٰٓئِكَ لَهُم مَّغۡفِرَةࣱ وَأَجۡرࣱ كَبِيرࣱ
Haese feela ba nang le mamello ba bile ba etsa liketso tse lokileng. Ruri moputso o moholohali ke oa bona le eona ts’oarelo
Ayah 11فَلَعَلَّكَ تَارِكُۢ بَعۡضَ مَا يُوحَىٰٓ إِلَيۡكَ وَضَآئِقُۢ بِهِۦ صَدۡرُكَ أَن يَقُولُواْ لَوۡلَآ أُنزِلَ عَلَيۡهِ كَنزٌ أَوۡ جَآءَ مَعَهُۥ مَلَكٌۚ إِنَّمَآ أَنتَ نَذِيرࣱۚ وَٱللَّهُ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءࣲ وَكِيلٌ
Ka mohlomong u ikutloa hore u ka ‘na oa nyahlatsa karoloana ea seo u ileng oa se senoleloa, pelo ea hau e ikutloa e le bothateng ka eona hobane ba re: “Hobaneng ho sa kang ha romelloa letlotlo ho eena, kapa lona lenyoloi la tla le eena?” Ruri uena u mpa u le mohlokomelisi, Allah U ikarabella holim’a lintho tsohle
Ayah 12أَمۡ يَقُولُونَ ٱفۡتَرَىٰهُۖ قُلۡ فَأۡتُواْ بِعَشۡرِ سُوَرࣲ مِّثۡلِهِۦ مُفۡتَرَيَٰتࣲ وَٱدۡعُواْ مَنِ ٱسۡتَطَعۡتُم مِّن دُونِ ٱللَّهِ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ
Kapa bare: “O iqapetse eona.” E re: “Tlisang ke hona litemana tse leshome tse ts’oanang le tsena tsa boiqapelo ba lona le bitse ope oa boikhethelo ntle ho Allah haeba le hlile le bua ‘nete ho tla le thusa.”
Ayah 13فَإِلَّمۡ يَسۡتَجِيبُواْ لَكُمۡ فَٱعۡلَمُوٓاْ أَنَّمَآ أُنزِلَ بِعِلۡمِ ٱللَّهِ وَأَن لَّآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَۖ فَهَلۡ أَنتُم مُّسۡلِمُونَ
Haeba melimo ea lona esa arabele thapelo ea lona tsebang hore ts`enolo ena e senotsoe feela ka tsebo ea Allah; etsoe ha ho na `Mopi e mong ntle le Eeena. Na joale le tla ba har’a ba inehetseng
Ayah 14مَن كَانَ يُرِيدُ ٱلۡحَيَوٰةَ ٱلدُّنۡيَا وَزِينَتَهَا نُوَفِّ إِلَيۡهِمۡ أَعۡمَٰلَهُمۡ فِيهَا وَهُمۡ فِيهَا لَا يُبۡخَسُونَ
Ba labalabelang bophelo ba lefats’e lena le bokhabane ba lona, re tla ba putsa ho latela liketso tsa bona lefats’eng, moo teng ba ke ke ba qhekelloa
Ayah 15أُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ لَيۡسَ لَهُمۡ فِي ٱلۡأٓخِرَةِ إِلَّا ٱلنَّارُۖ وَحَبِطَ مَا صَنَعُواْ فِيهَا وَبَٰطِلࣱ مَّا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ
Ba har’a bao ho seng letho bophelong Bo-tlang haese Mollo. Merero eohle eo ba e etsang lefats’eng ke lefeela, le liketso tsohle tseo ba li etsang ke mafeela
Ayah 16أَفَمَن كَانَ عَلَىٰ بَيِّنَةࣲ مِّن رَّبِّهِۦ وَيَتۡلُوهُ شَاهِدࣱ مِّنۡهُ وَمِن قَبۡلِهِۦ كِتَٰبُ مُوسَىٰٓ إِمَامࣰ ا وَرَحۡمَةًۚ أُوْلَٰٓئِكَ يُؤۡمِنُونَ بِهِۦۚ وَمَن يَكۡفُرۡ بِهِۦ مِنَ ٱلۡأَحۡزَابِ فَٱلنَّارُ مَوۡعِدُهُۥۚ فَلَا تَكُ فِي مِرۡيَةࣲ مِّنۡهُۚ إِنَّهُ ٱلۡحَقُّ مِن رَّبِّكَ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَ ٱلنَّاسِ لَا يُؤۡمِنُونَ
Na ea amohelang Lengolo le hlakileng le tsoang ho Mong`a hae, a ka ts’oana le bona; a bile a le pheteloa ke paki e tsoang ho Allah; pele ho lona ho tlile molao oa Moshe, Torah e le mohlala ekasitana le ona mohau? Ba kholoang ho lona; empa ba lequloana le latolang; – Mollo ke sebaka seo ba ts’episitsoeng kopano. u se be le khoao hobane Ke ‘nete e tsoang ho Mong`a lona; empa bongata hara batho ha ba kholoe
Ayah 17وَمَنۡ أَظۡلَمُ مِمَّنِ ٱفۡتَرَىٰ عَلَى ٱللَّهِ كَذِبًاۚ أُوْلَٰٓئِكَ يُعۡرَضُونَ عَلَىٰ رَبِّهِمۡ وَيَقُولُ ٱلۡأَشۡهَٰدُ هَٰٓؤُلَآءِ ٱلَّذِينَ كَذَبُواْ عَلَىٰ رَبِّهِمۡۚ أَلَا لَعۡنَةُ ٱللَّهِ عَلَى ٱلظَّٰلِمِينَ
Ke bo mang ba etsang phoso e mpehali ho feta ba qapang leshano khahlanong le Allah? Ruri! Ba tla tlisoa kapel’a Mong`a bona, lipaki li tla re: “Bana ke ba ileng ba buoa leshano ka Mong`a bona”. Bonang! thohako ea Allah e holim’a baetsa phoso! –
Ayah 18ٱلَّذِينَ يَصُدُّونَ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِ وَيَبۡغُونَهَا عِوَجࣰ ا وَهُم بِٱلۡأٓخِرَةِ هُمۡ كَٰفِرُونَ
Ba sitisang batho tseleng ea Allah, ba tsoma ho eona se khopameng, bana ke ba latotseng Bo-tlang
Ayah 19أُوْلَٰٓئِكَ لَمۡ يَكُونُواْ مُعۡجِزِينَ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَمَا كَانَ لَهُم مِّن دُونِ ٱللَّهِ مِنۡ أَوۡلِيَآءَۘ يُضَٰعَفُ لَهُمُ ٱلۡعَذَابُۚ مَا كَانُواْ يَسۡتَطِيعُونَ ٱلسَّمۡعَ وَمَا كَانُواْ يُبۡصِرُونَ
Ba ke ke ba phonyoha lefats’eng lena, kapa hona hoba le metsoalle e ka ba ts’ireletsang kathoko ho Allah. Kotlo ea bona e tla menahangoa. Ba lahlehtsoe ke kutlo, ha ba ea ka ba bona
Ayah 20أُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ خَسِرُوٓاْ أَنفُسَهُمۡ وَضَلَّ عَنۡهُم مَّا كَانُواْ يَفۡتَرُونَ
Ke ba lahlehetsoeng ke meea ea bona, le mepoto eo ba e qapileng eba siile shalabeng
Ayah 21لَا جَرَمَ أَنَّهُمۡ فِي ٱلۡأٓخِرَةِ هُمُ ٱلۡأَخۡسَرُونَ
Kantle ho khoao, bana ke batla lahleheloa ho feta ho Bo-tlang
Ayah 22إِنَّ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ وَأَخۡبَتُوٓاْ إِلَىٰ رَبِّهِمۡ أُوْلَٰٓئِكَ أَصۡحَٰبُ ٱلۡجَنَّةِۖ هُمۡ فِيهَا خَٰلِدُونَ
Haele ba kholoang ba bile ba etsa liketso tse nepahetseng le ho ithoba kapel’a Mong`a bona: e tla ba Balekane ba Serapa; ba tla phela ka sera teng kahosafeleng
Ayah 23۞مَثَلُ ٱلۡفَرِيقَيۡنِ كَٱلۡأَعۡمَىٰ وَٱلۡأَصَمِّ وَٱلۡبَصِيرِ وَٱلسَّمِيعِۚ هَلۡ يَسۡتَوِيَانِ مَثَلًاۚ أَفَلَا تَذَكَّرُونَ
Papiso ea mekha ena e ‘meli e ka ts’oants’oa le lifofu le litholo, le ba boning ba bile ba utloa. Na ba a lekana ha ba bapisoa? Na le sa tla ke le amohele tlhokomeliso
Ayah 24وَلَقَدۡ أَرۡسَلۡنَا نُوحًا إِلَىٰ قَوۡمِهِۦٓ إِنِّي لَكُمۡ نَذِيرࣱ مُّبِينٌ
Re ile ra romella Nooe ho batho ba habo: “Ke tlile ho lona ka tlhokomeliso e hlakileng
Ayah 25أَن لَّا تَعۡبُدُوٓاْ إِلَّا ٱللَّهَۖ إِنِّيٓ أَخَافُ عَلَيۡكُمۡ عَذَابَ يَوۡمٍ أَلِيمࣲ
Hore le se sebeletse mong ntle ho Allah. Ruri! Ke ts’aba kotlo ea Letsatsi le Mahlonoko e tobaneng le lona”
Ayah 26فَقَالَ ٱلۡمَلَأُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ مِن قَوۡمِهِۦ مَا نَرَىٰكَ إِلَّا بَشَرࣰ ا مِّثۡلَنَا وَمَا نَرَىٰكَ ٱتَّبَعَكَ إِلَّا ٱلَّذِينَ هُمۡ أَرَاذِلُنَا بَادِيَ ٱلرَّأۡيِ وَمَا نَرَىٰ لَكُمۡ عَلَيۡنَا مِن فَضۡلِۭ بَلۡ نَظُنُّكُمۡ كَٰذِبِينَ
Empa Marena a mahana-tumelo har’a batho ba habo a re: “Ha ho seo re se bonang ho uena haese motho ea ts’oanang le rona, e bile ha re bone ope ea u setseng morao haese bafutsana har’a rona, ba shebelang litaba bophoqong. Etsoe ha ho bohlokoa boo re bo bonang ho lona bo ka holim’a rona – che, re nahana hore le mashano
Ayah 27قَالَ يَٰقَوۡمِ أَرَءَيۡتُمۡ إِن كُنتُ عَلَىٰ بَيِّنَةࣲ مِّن رَّبِّي وَءَاتَىٰنِي رَحۡمَةࣰ مِّنۡ عِندِهِۦ فَعُمِّيَتۡ عَلَيۡكُمۡ أَنُلۡزِمُكُمُوهَا وَأَنتُمۡ لَهَا كَٰرِهُونَ
A re: “Oho batho ba heso! Lemohang haeba ke its’etlehile holim’a sesupo se hlakileng se tsoang ho Mong`a ka, le hoba Mohau o tlile ho ‘na o tsoang ho bo teng ba Hae, le hore Mohau oo o mpa o entsoe hore o sirehe ponong ea lona; re ka le qobella ho o amohela le hoja le le khahlanong le ona
Ayah 28وَيَٰقَوۡمِ لَآ أَسۡـَٔلُكُمۡ عَلَيۡهِ مَالًاۖ إِنۡ أَجۡرِيَ إِلَّا عَلَى ٱللَّهِۚ وَمَآ أَنَا۠ بِطَارِدِ ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْۚ إِنَّهُم مُّلَٰقُواْ رَبِّهِمۡ وَلَٰكِنِّيٓ أَرَىٰكُمۡ قَوۡمࣰ ا تَجۡهَلُونَ
Oho hle batho ba heso! Ha ke le kope matlotlo. Moputso oa ka o ho Allah feela, e bile nke ke ka leleka ba kholoang: Ruriba lokela ho kopana le Mong`a bona empa ke bona hore le bothoto
Ayah 29وَيَٰقَوۡمِ مَن يَنصُرُنِي مِنَ ٱللَّهِ إِن طَرَدتُّهُمۡۚ أَفَلَا تَذَكَّرُونَ
Oho batho ba heso! Ke ofe ea neng a ka mpholosa ho Allah haeba ke ne ke balelekile? Na le sa tla ke le lemohe
Ayah 30وَلَآ أَقُولُ لَكُمۡ عِندِي خَزَآئِنُ ٱللَّهِ وَلَآ أَعۡلَمُ ٱلۡغَيۡبَ وَلَآ أَقُولُ إِنِّي مَلَكࣱ وَلَآ أَقُولُ لِلَّذِينَ تَزۡدَرِيٓ أَعۡيُنُكُمۡ لَن يُؤۡتِيَهُمُ ٱللَّهُ خَيۡرًاۖ ٱللَّهُ أَعۡلَمُ بِمَا فِيٓ أَنفُسِهِمۡ إِنِّيٓ إِذࣰ ا لَّمِنَ ٱلظَّٰلِمِينَ
Ha ke ea es’o re ho lona: “Matlotlo A Allah a ho ‘na, kapa hona ho tseba Masabonoeng, kapa ke re ho lona Ke Lenyeloi! Kapa hona hore batho ba eisehang mahlong a lona, Allah A ke ke A ba neha tse molemo; Allah U tseba hantle tsohle tse kahar’e ho lipelo tsa bona – Ke ne ke tla be ke le har’a baetsa phoso.”
Ayah 31قَالُواْ يَٰنُوحُ قَدۡ جَٰدَلۡتَنَا فَأَكۡثَرۡتَ جِدَٰلَنَا فَأۡتِنَا بِمَا تَعِدُنَآ إِن كُنتَ مِنَ ٱلصَّٰدِقِينَ
Ba re: “Nooe! U re phehisa khang, u ea lolololo ho re phehisa khang; joale a k’u re tlisetse seo u ‘nileng oa re ts’osa ka sona, haeba u hlile u bolela ‘nete.”
Ayah 32قَالَ إِنَّمَا يَأۡتِيكُم بِهِ ٱللَّهُ إِن شَآءَ وَمَآ أَنتُم بِمُعۡجِزِينَ
Nooe a re: “Ruri Allah U tla se tlisa holima lona ha A rata joalo, ha ho kamoo le ka se phonyohang kateng
Ayah 33وَلَا يَنفَعُكُمۡ نُصۡحِيٓ إِنۡ أَرَدتُّ أَنۡ أَنصَحَ لَكُمۡ إِن كَانَ ٱللَّهُ يُرِيدُ أَن يُغۡوِيَكُمۡۚ هُوَ رَبُّكُمۡ وَإِلَيۡهِ تُرۡجَعُونَ
Keletso ea ka e ke ke ea le atlehisa le hoja ke ne ke ratile ho le eletsa, ha feela eba thato ea Allah e le ho le lesa tahlehong. Ke Mong`a lona eo kaofela ha lona le tlang ho khutlela ho Eena
Ayah 34أَمۡ يَقُولُونَ ٱفۡتَرَىٰهُۖ قُلۡ إِنِ ٱفۡتَرَيۡتُهُۥ فَعَلَيَّ إِجۡرَامِي وَأَنَا۠ بَرِيٓءࣱ مِّمَّا تُجۡرِمُونَ
Kapa ba re: “O iqapetse eona?” E re: “Haeba ke iqapetse eona, lits’ito tsa ka li be holim’a ka; empa ke pholohile libeng tsohle tseo le leng molato oa tsona.”
Ayah 35وَأُوحِيَ إِلَىٰ نُوحٍ أَنَّهُۥ لَن يُؤۡمِنَ مِن قَوۡمِكَ إِلَّا مَن قَدۡ ءَامَنَ فَلَا تَبۡتَئِسۡ بِمَا كَانُواْ يَفۡعَلُونَ
Ho ile ha senoloa ho Nooe, hore: “Ha ho le’a mong oa batho ba heno ea tla kholoa, kantle le eo ebang o se a ntse a kholoa ka botlalo. Kahoo u se its’oenye ka liketso tsa bona
Ayah 36وَٱصۡنَعِ ٱلۡفُلۡكَ بِأَعۡيُنِنَا وَوَحۡيِنَا وَلَا تُخَٰطِبۡنِي فِي ٱلَّذِينَ ظَلَمُوٓاْ إِنَّهُم مُّغۡرَقُونَ
Uena aha Areka kapel’a mahlo a Rona, ka ts’usumetso ea Rona; u se hlole u buoa le ‘na ka ba oetseng sebeng. Ruri batla metsoa ke morallo oa metsi.”
Ayah 37وَيَصۡنَعُ ٱلۡفُلۡكَ وَكُلَّمَا مَرَّ عَلَيۡهِ مَلَأࣱ مِّن قَوۡمِهِۦ سَخِرُواْ مِنۡهُۚ قَالَ إِن تَسۡخَرُواْ مِنَّا فَإِنَّا نَسۡخَرُ مِنكُمۡ كَمَا تَسۡخَرُونَ
Eaba u qalella ho aha Areka: ka linako tsohle Marena a Batho ba habo ha a ne a feta pela hae; bane ba mo tlepa lits’eo. A re: “Le hoja le re ts`eha, rona re tla le tlepa lits’eo le hoja le keketehile hakaalo
Ayah 38فَسَوۡفَ تَعۡلَمُونَ مَن يَأۡتِيهِ عَذَابࣱ يُخۡزِيهِ وَيَحِلُّ عَلَيۡهِ عَذَابࣱ مُّقِيمٌ
Empa haufinyane le tla tseba hore na ke mang eo Kotlo e tlang ho mo koahela ka masoabi, ke mang eo kotlo e sa feleng e tlang ho mo oela.”
Ayah 39حَتَّىٰٓ إِذَا جَآءَ أَمۡرُنَا وَفَارَ ٱلتَّنُّورُ قُلۡنَا ٱحۡمِلۡ فِيهَا مِن كُلࣲّ زَوۡجَيۡنِ ٱثۡنَيۡنِ وَأَهۡلَكَ إِلَّا مَن سَبَقَ عَلَيۡهِ ٱلۡقَوۡلُ وَمَنۡ ءَامَنَۚ وَمَآ ءَامَنَ مَعَهُۥٓ إِلَّا قَلِيلࣱ
Khabareng, bonang! Taelo ea Rona ea phethahatsoa, mehloli ea ts’akhunya metsi, – Ra Re: “Palamisa ka bobeli mohlobo o mong le o mong, bobeli e tona le e ts’ehali, u be u kene le lelapa la hau kantle le bao lentsoe le seng le ile khahlanong le bona ka botlalo, le bohle ba kholoang.” Empa bane bafokola ba neng kholoa le eena
Ayah 40۞وَقَالَ ٱرۡكَبُواْ فِيهَا بِسۡمِ ٱللَّهِ مَجۡرٜىٰهَا وَمُرۡسَىٰهَآۚ إِنَّ رَبِّي لَغَفُورࣱ رَّحِيمࣱ
Eaba u re: “Palamang Arekeng! Lebitsong la Allah; e emeng kapa e tsamaea. Mong`a ka U Ts’oarela joalo-joalo, U Khaphatseha Mohau.”
Ayah 41وَهِيَ تَجۡرِي بِهِمۡ فِي مَوۡجࣲ كَٱلۡجِبَالِ وَنَادَىٰ نُوحٌ ٱبۡنَهُۥ وَكَانَ فِي مَعۡزِلࣲ يَٰبُنَيَّ ٱرۡكَب مَّعَنَا وَلَا تَكُن مَّعَ ٱلۡكَٰفِرِينَ
Areka e ile ea sesa ka bona holim’a maqhubu a phahameng joaloka lithaba, Nooe a hoeletsa mor’a oa hae, – ea neng a ikarotse ho bona: “Oho mora’ka! Palama le rona, u se be har’a mahana-tumelo.”
Ayah 42قَالَ سَـَٔاوِيٓ إِلَىٰ جَبَلࣲ يَعۡصِمُنِي مِنَ ٱلۡمَآءِۚ قَالَ لَا عَاصِمَ ٱلۡيَوۡمَ مِنۡ أَمۡرِ ٱللَّهِ إِلَّا مَن رَّحِمَۚ وَحَالَ بَيۡنَهُمَا ٱلۡمَوۡجُ فَكَانَ مِنَ ٱلۡمُغۡرَقِينَ
Eaba mora’hae o re: “Ke tla nyolohela ho e ‘ngoe ea lithaba e tla mpholosa metsing. Nooe a re: “Letsatsing lena ha ho letho le tla pholoha taelong ea Allah haese feela bao Mohau oa Hae o leng ho bona. Eaba maqhubu a fihla lipakeng tsa hae le mora, mora oa hae a khangoa ke morallo oa metsi
Ayah 43وَقِيلَ يَٰٓأَرۡضُ ٱبۡلَعِي مَآءَكِ وَيَٰسَمَآءُ أَقۡلِعِي وَغِيضَ ٱلۡمَآءُ وَقُضِيَ ٱلۡأَمۡرُ وَٱسۡتَوَتۡ عَلَى ٱلۡجُودِيِّۖ وَقِيلَ بُعۡدࣰ ا لِّلۡقَوۡمِ ٱلظَّٰلِمِينَ
Eaba lentsoe le re: “Lefats’e! Koenya metsi a hau, leholimo! Khaotsa ho nesa pula! Eaba metsi a theoha ho fihlela boemong. Joale eaba taelo e phethahalitsoe. Areka ea lula holim’a thaba ea Judi, lentsoe la re: “Larita ho baetsa-phoso!”
Ayah 44وَنَادَىٰ نُوحࣱ رَّبَّهُۥ فَقَالَ رَبِّ إِنَّ ٱبۡنِي مِنۡ أَهۡلِي وَإِنَّ وَعۡدَكَ ٱلۡحَقُّ وَأَنتَ أَحۡكَمُ ٱلۡحَٰكِمِينَ
Eaba Nooe o bitsa ho Mong`a hae, a re: “Mong`a ka! Ruri Mora’ka ke oa lelapa la ka! Ts’episo ea Hau ke’a ‘nete, Ke Uena Moahloli Ea Toka ka ho fetisisa.”
Ayah 45قَالَ يَٰنُوحُ إِنَّهُۥ لَيۡسَ مِنۡ أَهۡلِكَۖ إِنَّهُۥ عَمَلٌ غَيۡرُ صَٰلِحࣲۖ فَلَا تَسۡـَٔلۡنِ مَا لَيۡسَ لَكَ بِهِۦ عِلۡمٌۖ إِنِّيٓ أَعِظُكَ أَن تَكُونَ مِنَ ٱلۡجَٰهِلِينَ
Allah A re: “Nooe! Ha se e mong oa lelapa la hau; hobane liketso tsa hae li fosahetse, kahoo u se ke oa nkopa seo u senang tsebo ka sona. Ke’A u eletsa esere mohlomong oa ba har’a maoatla.”
Ayah 46قَالَ رَبِّ إِنِّيٓ أَعُوذُ بِكَ أَنۡ أَسۡـَٔلَكَ مَا لَيۡسَ لِي بِهِۦ عِلۡمࣱۖ وَإِلَّا تَغۡفِرۡ لِي وَتَرۡحَمۡنِيٓ أَكُن مِّنَ ٱلۡخَٰسِرِينَ
Nooe a re: “Mong`a ka! Ruri ke kopa ts’ireletso ho Uena ka sebe seo nka tlohang ka U kopa sona seo ke senang tsebo holim’a sona. Ntle le hore U nts’oarele le hona hoba mohau ho ‘na, Ruri ke tlaba har’a ba lahlehileng.”
Ayah 47قِيلَ يَٰنُوحُ ٱهۡبِطۡ بِسَلَٰمࣲ مِّنَّا وَبَرَكَٰتٍ عَلَيۡكَ وَعَلَىٰٓ أُمَمࣲ مِّمَّن مَّعَكَۚ وَأُمَمࣱ سَنُمَتِّعُهُمۡ ثُمَّ يَمَسُّهُم مِّنَّا عَذَابٌ أَلِيمࣱ
Lentsoe la re: “Nooe! Theoha ka Khotso le tlhohonolofatso e tsoang ho Rona e holim’a hau le lichabeng tse tla tsoaloa ke batho bao u nang le bona. Ho tla ba teng lichaba tse ling tseo Re tla li neha nyakallo, hamorao ebe ba oeloa ke kotlo e mahlonoko e tsoang ho Rona.”
Ayah 48تِلۡكَ مِنۡ أَنۢبَآءِ ٱلۡغَيۡبِ نُوحِيهَآ إِلَيۡكَۖ مَا كُنتَ تَعۡلَمُهَآ أَنتَ وَلَا قَوۡمُكَ مِن قَبۡلِ هَٰذَاۖ فَٱصۡبِرۡۖ إِنَّ ٱلۡعَٰقِبَةَ لِلۡمُتَّقِينَ
Tsena ke litaba tsa Masabonoeng tseo re u senolelang tsona. Le hoja uena le batho ba heno le ne le sa li tsebe pele ho lena. Kahoo tiisetsang ka mamello. Hobane Qetello ke ea ba etsang botle
Ayah 49وَإِلَىٰ عَادٍ أَخَاهُمۡ هُودࣰ اۚ قَالَ يَٰقَوۡمِ ٱعۡبُدُواْ ٱللَّهَ مَا لَكُم مِّنۡ إِلَٰهٍ غَيۡرُهُۥٓۖ إِنۡ أَنتُمۡ إِلَّا مُفۡتَرُونَ
Sechabeng sa Ade Re ile Ra romella Hud ngoana’bo bona. A re: “Oho batho ba heso! Khumamelang Allah! Hobane ha le na `Mopi e mong ntle ho Eena. Lona ha ho seo le se etsang haese boqapi
Ayah 50يَٰقَوۡمِ لَآ أَسۡـَٔلُكُمۡ عَلَيۡهِ أَجۡرًاۖ إِنۡ أَجۡرِيَ إِلَّا عَلَى ٱلَّذِي فَطَرَنِيٓۚ أَفَلَا تَعۡقِلُونَ
Oho batho ba heso! Ha ho moputso oo ke le kopang ona. Moputso oa ka o ho Ea Mpopileng. Na le sa tla ke le utloisise
Ayah 51وَيَٰقَوۡمِ ٱسۡتَغۡفِرُواْ رَبَّكُمۡ ثُمَّ تُوبُوٓاْ إِلَيۡهِ يُرۡسِلِ ٱلسَّمَآءَ عَلَيۡكُم مِّدۡرَارࣰ ا وَيَزِدۡكُمۡ قُوَّةً إِلَىٰ قُوَّتِكُمۡ وَلَا تَتَوَلَّوۡاْ مُجۡرِمِينَ
Oho batho ba heso! Kopang ts’oarelo ho Mong`a lona, le retelehele ho eena ka boinyatso; U tla nesa lipula tsa litloebelele tse tsoang marung, U tla le ekeletsa matla holim’a matla ao le nang le oona. Kahoo se khutleleng sebeng!”
Ayah 52قَالُواْ يَٰهُودُ مَا جِئۡتَنَا بِبَيِّنَةࣲ وَمَا نَحۡنُ بِتَارِكِيٓ ءَالِهَتِنَا عَن قَوۡلِكَ وَمَا نَحۡنُ لَكَ بِمُؤۡمِنِينَ
Ba re: “Hud! Ha u es’o tlise sesupo se hlakileng ho rona, re ke ke ra furalla melimo ea rona ho latela lentsoe la hau feela; ‘Ebile re ke ke ra u kholoa!”
Ayah 53إِن نَّقُولُ إِلَّا ٱعۡتَرَىٰكَ بَعۡضُ ءَالِهَتِنَا بِسُوٓءࣲۗ قَالَ إِنِّيٓ أُشۡهِدُ ٱللَّهَ وَٱشۡهَدُوٓاْ أَنِّي بَرِيٓءࣱ مِّمَّا تُشۡرِكُونَ
Ha ho seo re ka se bolelang haese hore mohlomong e mong oa melimo ea rona o o fapantse kelello.” Hud a re: “Ruri ke bitsa Allah hoba paki, le lona hape le be lipaki tsa hore ke itlhotlholla ho tsohle tseo le li bapisang le Allah.”
Ayah 54مِن دُونِهِۦۖ فَكِيدُونِي جَمِيعࣰ ا ثُمَّ لَا تُنظِرُونِ
‘Melingoana e le batletsetsi! Kahoo lohang leano khahlanong le ‘na, ka ho fela ha lona, le se ‘nehe phomolo
Ayah 55إِنِّي تَوَكَّلۡتُ عَلَى ٱللَّهِ رَبِّي وَرَبِّكُمۚ مَّا مِن دَآبَّةٍ إِلَّا هُوَ ءَاخِذُۢ بِنَاصِيَتِهَآۚ إِنَّ رَبِّي عَلَىٰ صِرَٰطࣲ مُّسۡتَقِيمࣲ
Ke behile ts’epo ea ka ho Allah, Mong`a ka ebile e le Mong`a lona. Ha ho phoofolo eo a sa e kakatlelang ka moetse! Bonang! Ruri Ke Mong`a ka ea Tseleng e otlolohileng
Ayah 56فَإِن تَوَلَّوۡاْ فَقَدۡ أَبۡلَغۡتُكُم مَّآ أُرۡسِلۡتُ بِهِۦٓ إِلَيۡكُمۡۚ وَيَسۡتَخۡلِفُ رَبِّي قَوۡمًا غَيۡرَكُمۡ وَلَا تَضُرُّونَهُۥ شَيۡـًٔاۚ إِنَّ رَبِّي عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ حَفِيظࣱ
Haeba le ka koeneha, Ruri `na ke tla be ke phatlalalitse molaetsa oo ke romiloeng ka ona ho lona, sebakeng sa lona Mong`a ka U tla hlahisa batho ba bang. Le ke ke la Mo utloisa bohloko le hanyenyane. Hobane Mong`a ka ke mohlokomeli le molekoli holim’a lintho tsohle.”
Ayah 57وَلَمَّا جَآءَ أَمۡرُنَا نَجَّيۡنَا هُودࣰ ا وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ مَعَهُۥ بِرَحۡمَةࣲ مِّنَّا وَنَجَّيۡنَٰهُم مِّنۡ عَذَابٍ غَلِيظࣲ
Eitse hoba taelo ea Rona e fihle, Re ile ra pholosa Hud le bohle ba neng ba kholoa le eena ka Mohau oa Rona; Re ile Ra ba pholosa kotlong e ts’abehang
Ayah 58وَتِلۡكَ عَادࣱۖ جَحَدُواْ بِـَٔايَٰتِ رَبِّهِمۡ وَعَصَوۡاْ رُسُلَهُۥ وَٱتَّبَعُوٓاْ أَمۡرَ كُلِّ جَبَّارٍ عَنِيدࣲ
Bao ebile batho Ba-Ade. Ba ile ba latola lits’enolo tsa Mong`a bona le ho nyelisa Moromuoa oa Hae, eaba ba latela taelo ea e mong le e mong ea tsoileng tseleng ea matla a bokhopo
Ayah 59وَأُتۡبِعُواْ فِي هَٰذِهِ ٱلدُّنۡيَا لَعۡنَةࣰ وَيَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِۗ أَلَآ إِنَّ عَادࣰ ا كَفَرُواْ رَبَّهُمۡۗ أَلَا بُعۡدࣰ ا لِّعَادࣲ قَوۡمِ هُودࣲ
Ba ile ba oeloa ke thohako lefats’eng lena; – ekasitana le mohla Letsatsi la Kahlolo. Bonang! Ba-Ade ba ile ba latola Mong`a le ‘Maballi oa bona. Bonang! Ba ile ba phumuloa Ba – Ade, batho ba habo Hud
Ayah 60۞وَإِلَىٰ ثَمُودَ أَخَاهُمۡ صَٰلِحࣰ اۚ قَالَ يَٰقَوۡمِ ٱعۡبُدُواْ ٱللَّهَ مَا لَكُم مِّنۡ إِلَٰهٍ غَيۡرُهُۥۖ هُوَ أَنشَأَكُم مِّنَ ٱلۡأَرۡضِ وَٱسۡتَعۡمَرَكُمۡ فِيهَا فَٱسۡتَغۡفِرُوهُ ثُمَّ تُوبُوٓاْ إِلَيۡهِۚ إِنَّ رَبِّي قَرِيبࣱ مُّجِيبࣱ
Le ho sechaba sa Ba-Thamud, Re ile Ra romella ngoana’bo bona Salih. A re: “Oho batho ba heso! Khumamelang Allah, hobane ha le na `Mopi e mong ntle hoEeena. Ke Eena Ea le hlolileng lefats’eng le ho le jakisa ho lona. Kahoo kopang ts’oarelo ho Eena le be le khutlele ho Eena ka boinyatso. Bonang! Mong`a ka U haufinyane ka linako tsohle, ebile U ikemiselitse ho Araba.”
Ayah 61قَالُواْ يَٰصَٰلِحُ قَدۡ كُنتَ فِينَا مَرۡجُوࣰّ ا قَبۡلَ هَٰذَآۖ أَتَنۡهَىٰنَآ أَن نَّعۡبُدَ مَا يَعۡبُدُ ءَابَآؤُنَا وَإِنَّنَا لَفِي شَكࣲّ مِّمَّا تَدۡعُونَآ إِلَيۡهِ مُرِيبࣲ
Ba re: “Salih! U bile e mong oa rona, u le eo re behileng ts’epo ea rona ho eena. Na joale u se u re hanela ho khumamela melimo eo bo-ntat’a rona ba neng ba e khumamela? Bona! Ruri rona re na le pelaelo e kholo mabapi le seo u re bitsetsang ho sona
Ayah 62قَالَ يَٰقَوۡمِ أَرَءَيۡتُمۡ إِن كُنتُ عَلَىٰ بَيِّنَةࣲ مِّن رَّبِّي وَءَاتَىٰنِي مِنۡهُ رَحۡمَةࣰ فَمَن يَنصُرُنِي مِنَ ٱللَّهِ إِنۡ عَصَيۡتُهُۥۖ فَمَا تَزِيدُونَنِي غَيۡرَ تَخۡسِيرࣲ
A re: “Oho batho ba heso! Na le’a bona? – Haeba ke na le sesupo se hlakileng se tsoang ho Mong`a ka? A bile A romeletse Mohau ho ‘na o tsoang ho Eena; hana ke mang ea tla ntopolla ho Allah haeba ke sa mo mamele? Lona ha ho seo le ka nkekeletsang sona haese tahleho
Ayah 63وَيَٰقَوۡمِ هَٰذِهِۦ نَاقَةُ ٱللَّهِ لَكُمۡ ءَايَةࣰۖ فَذَرُوهَا تَأۡكُلۡ فِيٓ أَرۡضِ ٱللَّهِۖ وَلَا تَمَسُّوهَا بِسُوٓءࣲ فَيَأۡخُذَكُمۡ عَذَابࣱ قَرِيبࣱ
Oho batho ba heso! Kamele ena e ts’ehali ke sesupo ho lona se tsoang ho Allah, kahoo e lokolleng ho fula lefats’eng la Allah, le se ke be la e hlahisa kotsi esere ka mohlomong kotlo e hauts’oane ea tloha ea le oela
Ayah 64فَعَقَرُوهَا فَقَالَ تَمَتَّعُواْ فِي دَارِكُمۡ ثَلَٰثَةَ أَيَّامࣲۖ ذَٰلِكَ وَعۡدٌ غَيۡرُ مَكۡذُوبࣲ
Empa ba ile ba e hlokofatsa, eaba o re: “Natefeloang ke bophelo ka matlung a lona matsatsi a mararo! Sena ke ts’episo eo e ke keng ea fetoha leshano.”
Ayah 65فَلَمَّا جَآءَ أَمۡرُنَا نَجَّيۡنَا صَٰلِحࣰ ا وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ مَعَهُۥ بِرَحۡمَةࣲ مِّنَّا وَمِنۡ خِزۡيِ يَوۡمِئِذٍۚ إِنَّ رَبَّكَ هُوَ ٱلۡقَوِيُّ ٱلۡعَزِيزُ
Eitse hoba pallo ea Rona e fihle, Re ile Ra pholosa Salih le bohle ba neng ba kholoa le eena ka Mohau o tsoang ho Rona tlotlollong ea mohla letsatsi leo. Bonang! Ruri Mong`a lona U na le matla, etsoe U matla Oohle
Ayah 66وَأَخَذَ ٱلَّذِينَ ظَلَمُواْ ٱلصَّيۡحَةُ فَأَصۡبَحُواْ فِي دِيَٰرِهِمۡ جَٰثِمِينَ
Eaba ho thoathoaretsa ho ts’abehang ho timetsa bohle ba neng ba etsa libe, hoo eitseng ka meso ba fumanoa baletse mofela malapeng a bona
Ayah 67كَأَن لَّمۡ يَغۡنَوۡاْ فِيهَآۗ أَلَآ إِنَّ ثَمُودَاْ كَفَرُواْ رَبَّهُمۡۗ أَلَا بُعۡدࣰ ا لِّثَمُودَ
Joaloka ha eka haesale ba ne ba es’o phele moo. Bonang! Ruri Ba-Thamud ba ile latola Mong`a bona. Bonang ba phumuloa Ba-Thamud
Ayah 68وَلَقَدۡ جَآءَتۡ رُسُلُنَآ إِبۡرَٰهِيمَ بِٱلۡبُشۡرَىٰ قَالُواْ سَلَٰمࣰ اۖ قَالَ سَلَٰمࣱۖ فَمَا لَبِثَ أَن جَآءَ بِعِجۡلٍ حَنِيذࣲ
Baromuoa ba Rona ba ile ba etela Abrahama ka litaba tse molemo. Eaba ba re: “Khotso!” A araba: “Khotso!” Eaba o potlakela hoba phomosetsa a ba tlisetsa namane e besitsoeng
Ayah 69فَلَمَّا رَءَآ أَيۡدِيَهُمۡ لَا تَصِلُ إِلَيۡهِ نَكِرَهُمۡ وَأَوۡجَسَ مِنۡهُمۡ خِيفَةࣰۚ قَالُواْ لَا تَخَفۡ إِنَّآ أُرۡسِلۡنَآ إِلَىٰ قَوۡمِ لُوطࣲ
Empa ha a bona matsoho a bona a sa ngoathe lijo tseo, a fihleloa ke ho se ba ts’epe. Eleng moo ba ileng ba re: “Se ts’ohe letho! Hobane re romeletsoe ho batho ba habo Lota.”
Ayah 70وَٱمۡرَأَتُهُۥ قَآئِمَةࣱ فَضَحِكَتۡ فَبَشَّرۡنَٰهَا بِإِسۡحَٰقَ وَمِن وَرَآءِ إِسۡحَٰقَ يَعۡقُوبَ
Mosali oa Abrahama, Sara o ne a eme pel’a hae, eaba o’a keketeha nakong eo Re neng Re mo neha litaba tse molemo tsa tsoalo ea Isaaka, kamorao ho eena ka Jakobo
Ayah 71قَالَتۡ يَٰوَيۡلَتَىٰٓ ءَأَلِدُ وَأَنَا۠ عَجُوزࣱ وَهَٰذَا بَعۡلِي شَيۡخًاۖ إِنَّ هَٰذَا لَشَيۡءٌ عَجِيبࣱ
Sara a re: “Oho ke mohlolo ka ‘na! Nka beleha ngoana joang empa ke se ke le setsoatsana, le monna oa ka e se e le leqheku? Ruri! Hona ke taba e mohlolo!”
Ayah 72قَالُوٓاْ أَتَعۡجَبِينَ مِنۡ أَمۡرِ ٱللَّهِۖ رَحۡمَتُ ٱللَّهِ وَبَرَكَٰتُهُۥ عَلَيۡكُمۡ أَهۡلَ ٱلۡبَيۡتِۚ إِنَّهُۥ حَمِيدࣱ مَّجِيدࣱ
Ba ile ba re: “Na u ka makalla taelo ea Allah? Ruri Mohau le mahlohonolo a Allah li ke li le aparele oho lona batho ba ntlo ena! Bonang! Ruri ke Allah ea lokeloang ke lithoriso, Mong`a tlotla eohle!”
Ayah 73فَلَمَّا ذَهَبَ عَنۡ إِبۡرَٰهِيمَ ٱلرَّوۡعُ وَجَآءَتۡهُ ٱلۡبُشۡرَىٰ يُجَٰدِلُنَا فِي قَوۡمِ لُوطٍ
Eitse hoba letsoalo le siruhele Abrahama, litaba tse molemo li mo fihlele; eaba o etsa thapeli ho Rona malebana le batho ba habo Lota
Ayah 74إِنَّ إِبۡرَٰهِيمَ لَحَلِيمٌ أَوَّٰهࣱ مُّنِيبࣱ
Abrahama kantle ho khoao o ne a le pelo-tlhomohi, a bile a kopa ka mosa oohle le ka boinyatso
Ayah 75يَٰٓإِبۡرَٰهِيمُ أَعۡرِضۡ عَنۡ هَٰذَآۖ إِنَّهُۥ قَدۡ جَآءَ أَمۡرُ رَبِّكَۖ وَإِنَّهُمۡ ءَاتِيهِمۡ عَذَابٌ غَيۡرُ مَرۡدُودࣲ
Oho Abrahama! Se batle sena! Taelo ea Mong`a hau e se e tsoile, malebana le bona ho tla kotlo e ke keng ea hlola e khutlisoa
Ayah 76وَلَمَّا جَآءَتۡ رُسُلُنَا لُوطࣰ ا سِيٓءَ بِهِمۡ وَضَاقَ بِهِمۡ ذَرۡعࣰ ا وَقَالَ هَٰذَا يَوۡمٌ عَصِيبࣱ
Hoba Baromuoa ba Rona ba fihle ho Lota, o ile a sareloa hoo a ileng a hloka tsebo ea hore na o tla ba hlokomela joang. A re: “Lena ke letsatsi la mahlomola.”
Ayah 77وَجَآءَهُۥ قَوۡمُهُۥ يُهۡرَعُونَ إِلَيۡهِ وَمِن قَبۡلُ كَانُواْ يَعۡمَلُونَ ٱلسَّيِّـَٔاتِۚ قَالَ يَٰقَوۡمِ هَٰٓؤُلَآءِ بَنَاتِي هُنَّ أَطۡهَرُ لَكُمۡۖ فَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ وَلَا تُخۡزُونِ فِي ضَيۡفِيٓۖ أَلَيۡسَ مِنكُمۡ رَجُلࣱ رَّشِيدࣱ
Eaba batho ba habo ba tla baphaletse ho eena, – ka ha ba ne ba tloaetse ho etsa linyonts’a – – A re: “Oho batho ba heso! Barali ba ka ke bana! Ba hloekile sebakeng sa lona. Ts’abang Allah, le se nkapese ka masoabi kapel’a baeti ba ka. Na ha ho monna le’a mong har’a lona ea boits’oaro bo nepahetseng
Ayah 78قَالُواْ لَقَدۡ عَلِمۡتَ مَا لَنَا فِي بَنَاتِكَ مِنۡ حَقࣲّ وَإِنَّكَ لَتَعۡلَمُ مَا نُرِيدُ
Batho ba habo ba re: “Ruri u tseba hantle hore ha re batle barali ba hau, ebile u tseba hantle seo re se batlang.”
Ayah 79قَالَ لَوۡ أَنَّ لِي بِكُمۡ قُوَّةً أَوۡ ءَاوِيٓ إِلَىٰ رُكۡنࣲ شَدِيدࣲ
A re: “Hoja ke na le matla a ho le sitisa, kapa ebe nka ba le bots’ehetsi bo matla!”
Ayah 80قَالُواْ يَٰلُوطُ إِنَّا رُسُلُ رَبِّكَ لَن يَصِلُوٓاْ إِلَيۡكَۖ فَأَسۡرِ بِأَهۡلِكَ بِقِطۡعࣲ مِّنَ ٱلَّيۡلِ وَلَا يَلۡتَفِتۡ مِنكُمۡ أَحَدٌ إِلَّا ٱمۡرَأَتَكَۖ إِنَّهُۥ مُصِيبُهَا مَآ أَصَابَهُمۡۚ إِنَّ مَوۡعِدَهُمُ ٱلصُّبۡحُۚ أَلَيۡسَ ٱلصُّبۡحُ بِقَرِيبࣲ
Baromuoa ba re: “Oho Lota! Re Baromuoa ba Mong`a hau; ba ke ke ba u ama. Kahoo, tsamaea le lelapa la hau karolong ea bosiu, u se ke be oa lumella le’a mong oa lona ho hetla, – empa har’a bona bohle mohatsa’o o tla salla morao. ho eena ho tla etsahala se tla etsahalla batho bohle. Meso ke nako eo ba e hloaetsoeng. Na meso ha e haufinyane?”
Ayah 81فَلَمَّا جَآءَ أَمۡرُنَا جَعَلۡنَا عَٰلِيَهَا سَافِلَهَا وَأَمۡطَرۡنَا عَلَيۡهَا حِجَارَةࣰ مِّن سِجِّيلࣲ مَّنضُودࣲ
Hoba taelo ea Rona e fihle, ebile Re nyebekolla metse eo le hona hoba nesetsa sebabole sa lenyeta, mokhahlelo kamor’a mokhahlelo
Ayah 82مُّسَوَّمَةً عِندَ رَبِّكَۖ وَمَا هِيَ مِنَ ٱلظَّٰلِمِينَ بِبَعِيدࣲ
Mong`a lona o ts’oaile joalo ka mollo: Etsoe ha ba thoko hakaalo le baetsa-phoso
Ayah 83۞وَإِلَىٰ مَدۡيَنَ أَخَاهُمۡ شُعَيۡبࣰ اۚ قَالَ يَٰقَوۡمِ ٱعۡبُدُواْ ٱللَّهَ مَا لَكُم مِّنۡ إِلَٰهٍ غَيۡرُهُۥۖ وَلَا تَنقُصُواْ ٱلۡمِكۡيَالَ وَٱلۡمِيزَانَۖ إِنِّيٓ أَرَىٰكُم بِخَيۡرࣲ وَإِنِّيٓ أَخَافُ عَلَيۡكُمۡ عَذَابَ يَوۡمࣲ مُّحِيطࣲ
Ho batho ba Mediane Re ile Ra romella ngoana’bo bona Shuaib. A re: “Oho batho ba heso! Khumamelang Allah. Etsoe ha le na `Mopi e mong ntle ho Eena! Ananyetsanong, le se ke la fana ka tekanyo e fokolang le haele ka boima bo fokolang. Ke bona hantle hore le har’a katleho, empa Ruri ke ts’aba Kotlo e lebaneng le lona ea Letsatsi le tlang ho le etsetsa lesakana-la-nkope
Ayah 84وَيَٰقَوۡمِ أَوۡفُواْ ٱلۡمِكۡيَالَ وَٱلۡمِيزَانَ بِٱلۡقِسۡطِۖ وَلَا تَبۡخَسُواْ ٱلنَّاسَ أَشۡيَآءَهُمۡ وَلَا تَعۡثَوۡاْ فِي ٱلۡأَرۡضِ مُفۡسِدِينَ
Oho hle batho ba heso! Fanang ka tekanyo e feletseng le ka boima bo feletseng ka toka, le se qhekelle batho bao le ananyetsanang le bona thepa ea bona. Le se bake pherekano lefats’eng; ka ho fehla merusu
Ayah 85بَقِيَّتُ ٱللَّهِ خَيۡرࣱ لَّكُمۡ إِن كُنتُم مُّؤۡمِنِينَۚ وَمَآ أَنَا۠ عَلَيۡكُم بِحَفِيظࣲ
‘Seo Allah a le sitsitseng ka sona, se molemo ho lona hoja ebe le na le tumelo; ‘na ha ke’a tla le alosa.”
Ayah 86قَالُواْ يَٰشُعَيۡبُ أَصَلَوٰتُكَ تَأۡمُرُكَ أَن نَّتۡرُكَ مَا يَعۡبُدُ ءَابَآؤُنَآ أَوۡ أَن نَّفۡعَلَ فِيٓ أَمۡوَٰلِنَا مَا نَشَٰٓؤُاْۖ إِنَّكَ لَأَنتَ ٱلۡحَلِيمُ ٱلرَّشِيدُ
Ba re: “Shuaib! Na tsela ea thapelo ea hau e u laela hore re nyahlatse seo bo-ntat’a rona ba neng ba tloaetse ho se etsa, kapa re nyahlatse ho etsa seo re se ratang ka maruo a rona? Ruri! Uena u na le pelo-tlhomohi, ebile u tataisetsa boits’oarong bo nepahetseng
Ayah 87قَالَ يَٰقَوۡمِ أَرَءَيۡتُمۡ إِن كُنتُ عَلَىٰ بَيِّنَةࣲ مِّن رَّبِّي وَرَزَقَنِي مِنۡهُ رِزۡقًا حَسَنࣰ اۚ وَمَآ أُرِيدُ أَنۡ أُخَالِفَكُمۡ إِلَىٰ مَآ أَنۡهَىٰكُمۡ عَنۡهُۚ إِنۡ أُرِيدُ إِلَّا ٱلۡإِصۡلَٰحَ مَا ٱسۡتَطَعۡتُۚ وَمَا تَوۡفِيقِيٓ إِلَّا بِٱللَّهِۚ عَلَيۡهِ تَوَكَّلۡتُ وَإِلَيۡهِ أُنِيبُ
A re: “Oho batho ba heso! Na le’a bona: haeba ke na le sesupo se hlakileng se tsoang ho Mong`a ka? Eba u mphile boipheliso bo hloekileng bo tsoang ho Eena? Ha ke lakatse hore ke be khahlanong le lona ka ho etsa seo ke le hanelang ho se etsa. Ke mpa ke le lakaletsa hoba chatsi ka hohle kamoo nka khonang. `na katleho ea ka e ho Allah feela. Ho Eena ke behile ts’epo ea ka, ke retellehela ka ho Eena
Ayah 88وَيَٰقَوۡمِ لَا يَجۡرِمَنَّكُمۡ شِقَاقِيٓ أَن يُصِيبَكُم مِّثۡلُ مَآ أَصَابَ قَوۡمَ نُوحٍ أَوۡ قَوۡمَ هُودٍ أَوۡ قَوۡمَ صَٰلِحࣲۚ وَمَا قَوۡمُ لُوطࣲ مِّنكُم بِبَعِيدࣲ
Oho lona batho ba heso! Se lumelleng lehloeo la lona ho ‘na ho le khannela sebeng, esere mohlomong la tloha la oeloa ke koluoa e ileng ea oela batho ba habo Nooe, Hud, Salih le batho ba habo Lota ba seng hole hakaalo le lona
Ayah 89وَٱسۡتَغۡفِرُواْ رَبَّكُمۡ ثُمَّ تُوبُوٓاْ إِلَيۡهِۚ إِنَّ رَبِّي رَحِيمࣱ وَدُودࣱ
Kopang ts’oarelo ho Mong`a lona le be le retellehele ho eena ka boinyatso. Hobane Ruri Mong`a ka o khaphatseha mohau, o tletse lerato.”
Ayah 90قَالُواْ يَٰشُعَيۡبُ مَا نَفۡقَهُ كَثِيرࣰ ا مِّمَّا تَقُولُ وَإِنَّا لَنَرَىٰكَ فِينَا ضَعِيفࣰ اۖ وَلَوۡلَا رَهۡطُكَ لَرَجَمۡنَٰكَۖ وَمَآ أَنتَ عَلَيۡنَا بِعَزِيزࣲ
Ba re: “Shuaib! Boholo ba seo u se buoang ha re se utloisise, ebile har’a rona ha u na matla a letho. Empa hoja e se be ka lelapa leno, re ka be re u tlepelitse ka majoe; hobane uena ha u na matla har’a rona.”
Ayah 91قَالَ يَٰقَوۡمِ أَرَهۡطِيٓ أَعَزُّ عَلَيۡكُم مِّنَ ٱللَّهِ وَٱتَّخَذۡتُمُوهُ وَرَآءَكُمۡ ظِهۡرِيًّاۖ إِنَّ رَبِّي بِمَا تَعۡمَلُونَ مُحِيطࣱ
A re: “Oho batho ba heso! Na lelapa leso ho lona le hlompheha ho feta Allah? Ke kahoo le Mo lahlelang thoko morao-rao ho lona ka tello! Ruri Mong`a ka o etselitse tsohle tseo le li etsang lesakana-la-nkope
Ayah 92وَيَٰقَوۡمِ ٱعۡمَلُواْ عَلَىٰ مَكَانَتِكُمۡ إِنِّي عَٰمِلࣱۖ سَوۡفَ تَعۡلَمُونَ مَن يَأۡتِيهِ عَذَابࣱ يُخۡزِيهِ وَمَنۡ هُوَ كَٰذِبࣱۖ وَٱرۡتَقِبُوٓاْ إِنِّي مَعَكُمۡ رَقِيبࣱ
Oho batho ba heso! Sebetsang ho latela matla a lona, hobane le ‘na ke kene khabong. Haufi le tla tseba eo Kahlolo ea tlotlollo e tla theohela ho eena, le hore na ke mang ea leshano. Le lebelle! Le ‘na ke lebeletse le lona.”
Ayah 93وَلَمَّا جَآءَ أَمۡرُنَا نَجَّيۡنَا شُعَيۡبࣰ ا وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ مَعَهُۥ بِرَحۡمَةࣲ مِّنَّا وَأَخَذَتِ ٱلَّذِينَ ظَلَمُواْ ٱلصَّيۡحَةُ فَأَصۡبَحُواْ فِي دِيَٰرِهِمۡ جَٰثِمِينَ
‘Hoba taelo ea Rona e fihle, Ra pholosa Shuaib le bao a neng a kholoa le bona ka Mohau o tsoang ho Rona; ho thoathoaretsa ho ts’abehang ho ile ha nanola bohle ba entseng bokhopo, hoo eitseng ka meso ba fumanoeng ba rapaletse mofela malapeng a bona
Ayah 94كَأَن لَّمۡ يَغۡنَوۡاْ فِيهَآۗ أَلَا بُعۡدࣰ ا لِّمَدۡيَنَ كَمَا بَعِدَتۡ ثَمُودُ
Joaloka ha eka ba ne ba es’o phele moo. Bonang! na Ba- Mediane ba phumutsoe, joaloka ha ho ile ha phumoloa Ba- Thamud
Ayah 95وَلَقَدۡ أَرۡسَلۡنَا مُوسَىٰ بِـَٔايَٰتِنَا وَسُلۡطَٰنࣲ مُّبِينٍ
Re ile Ra romella Moshe ka lits’enolo tsa Rona le matla a tsepameng
Ayah 96إِلَىٰ فِرۡعَوۡنَ وَمَلَإِيْهِۦ فَٱتَّبَعُوٓاْ أَمۡرَ فِرۡعَوۡنَۖ وَمَآ أَمۡرُ فِرۡعَوۡنَ بِرَشِيدࣲ
Ho batho ba Faro le Matona a hae, empa ba ile ba latela taelo ea Faro; taelo ea Faro e ne e se tataiso e nepahetseng
Ayah 97يَقۡدُمُ قَوۡمَهُۥ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ فَأَوۡرَدَهُمُ ٱلنَّارَۖ وَبِئۡسَ ٱلۡوِرۡدُ ٱلۡمَوۡرُودُ
Ruri Faro o tla etella batho ba hae pele mohla Letsatsi la Kahlolo ho ba isa mollong. Empa Ruri ba tla ea khanneloa sebakeng se rohakehileng
Ayah 98وَأُتۡبِعُواْ فِي هَٰذِهِۦ لَعۡنَةࣰ وَيَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِۚ بِئۡسَ ٱلرِّفۡدُ ٱلۡمَرۡفُودُ
Ba setsoe morao ke thohako lefats’eng lena, esita le mohla Letsatsi la Kahlolo. Ruri o nyonyehang moputso oo ba tlang ho o fuoa
Ayah 99ذَٰلِكَ مِنۡ أَنۢبَآءِ ٱلۡقُرَىٰ نَقُصُّهُۥ عَلَيۡكَۖ مِنۡهَا قَآئِمࣱ وَحَصِيدࣱ
Tsena ke tse ling tsa litaba tsa lichaba tseo Re u phetelang tsona. Tse ling tsa tsona li sa eme ha tse ling li kotutsoe
Ayah 100وَمَا ظَلَمۡنَٰهُمۡ وَلَٰكِن ظَلَمُوٓاْ أَنفُسَهُمۡۖ فَمَآ أَغۡنَتۡ عَنۡهُمۡ ءَالِهَتُهُمُ ٱلَّتِي يَدۡعُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ مِن شَيۡءࣲ لَّمَّا جَآءَ أَمۡرُ رَبِّكَۖ وَمَا زَادُوهُمۡ غَيۡرَ تَتۡبِيبࣲ
Ha se rona ba ba foselitseng empa ke bona baiphoselitseng ka bo-bona; le melimo ea bona eo ba neng ba bitsa ho eona ba sa natse Allah, ha e ea ka ea ba thusa ka letho nakong eo taelo ea Allah e neng e fihlile; ha ho letho leo melimo ea bona e ileng ea ba phaella ka lona haese mats’oenyeho qha
Ayah 101وَكَذَٰلِكَ أَخۡذُ رَبِّكَ إِذَآ أَخَذَ ٱلۡقُرَىٰ وَهِيَ ظَٰلِمَةٌۚ إِنَّ أَخۡذَهُۥٓ أَلِيمࣱ شَدِيدٌ
E joalo khalemo ea Mong`a lona nakong eo a khalemang lichaba tse bobeng ba tsona. Khalemo ea hae e mahlonoko, ebile e matla a hlollang
Ayah 102إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةࣰ لِّمَنۡ خَافَ عَذَابَ ٱلۡأٓخِرَةِۚ ذَٰلِكَ يَوۡمࣱ مَّجۡمُوعࣱ لَّهُ ٱلنَّاسُ وَذَٰلِكَ يَوۡمࣱ مَّشۡهُودࣱ
Ho seo ho teng sesupo ho bohle ba ts’abang Kotlo ea Bo- tlang. Leo etlaba letsatsi leo ka lona batho bohle ba tlang ho bokelloa ‘moho, e tla ba letsatsi la bopaki
Ayah 103وَمَا نُؤَخِّرُهُۥٓ إِلَّا لِأَجَلࣲ مَّعۡدُودࣲ
Re ke ke Ra le liehisa haese feela ka nako ea pallo
Ayah 104يَوۡمَ يَأۡتِ لَا تَكَلَّمُ نَفۡسٌ إِلَّا بِإِذۡنِهِۦۚ فَمِنۡهُمۡ شَقِيࣱّ وَسَعِيدࣱ
Mohla letsatsi leo, ha ho moea o tla buoa haese feela ka tumello ea Allah; ba bang ba bona ba tla be ba le mahlomoleng, ha ba bang bona ba tla be ba thabile
Ayah 105فَأَمَّا ٱلَّذِينَ شَقُواْ فَفِي ٱلنَّارِ لَهُمۡ فِيهَا زَفِيرࣱ وَشَهِيقٌ
Ba tla beng ba le mahlomoleng mohla letsatsi leo, ba tla ba har’a mollo; karolo ea bona e tla ba ho etimola le eona mefehelo kamoo
Ayah 106خَٰلِدِينَ فِيهَا مَا دَامَتِ ٱلسَّمَٰوَٰتُ وَٱلۡأَرۡضُ إِلَّا مَا شَآءَ رَبُّكَۚ إِنَّ رَبَّكَ فَعَّالࣱ لِّمَا يُرِيدُ
Ba tla phela kamoo ka linako tsohle tseo maholimo le lefats’e a tlang ho ba teng ntle le haeba Thato ea Mong`a lona ekaba ka mokhoa o mong. Ruri Mong`a lona ke Moetsi oa lintho tsohle tseo A li ratang
Ayah 107۞وَأَمَّا ٱلَّذِينَ سُعِدُواْ فَفِي ٱلۡجَنَّةِ خَٰلِدِينَ فِيهَا مَا دَامَتِ ٱلسَّمَٰوَٰتُ وَٱلۡأَرۡضُ إِلَّا مَا شَآءَ رَبُّكَۖ عَطَآءً غَيۡرَ مَجۡذُوذࣲ
Ba tla beng ba thabile ka letsatsi leo, ba tla kena kahar’a Serapa. Ba tla phela kamoo ka linako tsohle tseo maholimo le lefats’e a tlang hobateng ntle le haeba Thato ea Mong`a lona ekaba ka mokhoa o mong: e le mpho e se nang pheletso
Ayah 108فَلَا تَكُ فِي مِرۡيَةࣲ مِّمَّا يَعۡبُدُ هَٰٓؤُلَآءِۚ مَا يَعۡبُدُونَ إِلَّا كَمَا يَعۡبُدُ ءَابَآؤُهُم مِّن قَبۡلُۚ وَإِنَّا لَمُوَفُّوهُمۡ نَصِيبَهُمۡ غَيۡرَ مَنقُوصࣲ
Kahoo uena u se its’oenye ka tseo batho bana ba se khumamelang. Ba mpa khumamela seo bo-ntat’a bona ban eng ba se khumamela. Ruri re tla ba lefa moputso oa bona kaofela kantle ho phokotso
Ayah 109وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَا مُوسَى ٱلۡكِتَٰبَ فَٱخۡتُلِفَ فِيهِۚ وَلَوۡلَا كَلِمَةࣱ سَبَقَتۡ مِن رَّبِّكَ لَقُضِيَ بَيۡنَهُمۡۚ وَإِنَّهُمۡ لَفِي شَكࣲّ مِّنۡهُ مُرِيبࣲ
Re ile ra nehelana ka Lengolo ho Moshe, le hoja ho bile le likhang holim’a lona; hoja e ne e se ka Lentsoe le ne le sa tsoa ho Mong`a hau, taba e ka be e ahlotsoe lipakeng tsa bona; empa bana le khoao e tebileng malebana le lona
Ayah 110وَإِنَّ كُلࣰّ ا لَّمَّا لَيُوَفِّيَنَّهُمۡ رَبُّكَ أَعۡمَٰلَهُمۡۚ إِنَّهُۥ بِمَا يَعۡمَلُونَ خَبِيرࣱ
Ruri Mong`a lona U tla lefa e mong le e mong ho latela mesebetsi ea hae ka botlalo. U tsebisisa hantle tsohle tseo ba li etsang
Ayah 111فَٱسۡتَقِمۡ كَمَآ أُمِرۡتَ وَمَن تَابَ مَعَكَ وَلَا تَطۡغَوۡاْۚ إِنَّهُۥ بِمَا تَعۡمَلُونَ بَصِيرࣱ
Emang le tiile tseleng e otlolohileng joaloka ha le laetsoe,- Uena le bohle baretellehelang ho Allah; ba sa tlole molao. U bona tsohle tseo le li etsang
Ayah 112وَلَا تَرۡكَنُوٓاْ إِلَى ٱلَّذِينَ ظَلَمُواْ فَتَمَسَّكُمُ ٱلنَّارُ وَمَا لَكُم مِّن دُونِ ٱللَّهِ مِنۡ أَوۡلِيَآءَ ثُمَّ لَا تُنصَرُونَ
Le se sekamele ka ho ba etsang liphoso esere la nanoloa ke mollo; kapa la hloka mots’oalle ea ka le ts’ireletsang kamtle ho Allah, kapa la sitoa ho thusoa
Ayah 113وَأَقِمِ ٱلصَّلَوٰةَ طَرَفَيِ ٱلنَّهَارِ وَزُلَفࣰ ا مِّنَ ٱلَّيۡلِۚ إِنَّ ٱلۡحَسَنَٰتِ يُذۡهِبۡنَ ٱلسَّيِّـَٔاتِۚ ذَٰلِكَ ذِكۡرَىٰ لِلذَّٰكِرِينَ
Phethahatsang thapelo ka liqoleng tse peli tsa mathetho a letsatsi le phalimehong ea bosiu. Hobane Ruri liketso tse hloekileng li hlakola tse fosahetseng. Sena ke khopotso ho ba hopolang Mong`a bona
Ayah 114وَٱصۡبِرۡ فَإِنَّ ٱللَّهَ لَا يُضِيعُ أَجۡرَ ٱلۡمُحۡسِنِينَ
U tiiee mamellong, hobane Ruri Allah ha a lahle moputso oa ba etsang ho loka
Ayah 115فَلَوۡلَا كَانَ مِنَ ٱلۡقُرُونِ مِن قَبۡلِكُمۡ أُوْلُواْ بَقِيَّةࣲ يَنۡهَوۡنَ عَنِ ٱلۡفَسَادِ فِي ٱلۡأَرۡضِ إِلَّا قَلِيلࣰ ا مِّمَّنۡ أَنجَيۡنَا مِنۡهُمۡۗ وَٱتَّبَعَ ٱلَّذِينَ ظَلَمُواْ مَآ أُتۡرِفُواْ فِيهِ وَكَانُواْ مُجۡرِمِينَ
Hobaneng ho sa ka haeba; har’a meloko pele ho lona Batho ba likelello li tsitseng, ho thibela pherekano lefats’eng – haese ba ‘maloa feela har’a bona bao Re ileng Ra ba pholosa? Baetsalibe bona ba lelekisana monate oa bophelo oa tseo ba li filoeng. Ba tsitlellele sebeng
Ayah 116وَمَا كَانَ رَبُّكَ لِيُهۡلِكَ ٱلۡقُرَىٰ بِظُلۡمࣲ وَأَهۡلُهَا مُصۡلِحُونَ
Mong`a hau U ne a ke ke a ripitla metse ka lebaka la tsi’to e le ng’oe, ha baahi ba eona bane ba ka loka
Ayah 117وَلَوۡ شَآءَ رَبُّكَ لَجَعَلَ ٱلنَّاسَ أُمَّةࣰ وَٰحِدَةࣰۖ وَلَا يَزَالُونَ مُخۡتَلِفِينَ
Hoja ebile thato ea Mong`a hau, A ka be A entse batho ho ba Sechaba se le Seng: empa ha ba khaotse ho baka likhohlano
Ayah 118إِلَّا مَن رَّحِمَ رَبُّكَۚ وَلِذَٰلِكَ خَلَقَهُمۡۗ وَتَمَّتۡ كَلِمَةُ رَبِّكَ لَأَمۡلَأَنَّ جَهَنَّمَ مِنَ ٱلۡجِنَّةِ وَٱلنَّاسِ أَجۡمَعِينَ
Kantle ho bao Mong`a hau a ba sitsitseng ka Mohau oa Hae; e leng seo A ba hloletseng sona. Lentsoe la Mong`a hau le se le phethahalitsoe: “Ruri ke tla tlatsa lihele ka li-jinn le batho hammoho.”
Ayah 119وَكُلࣰّ ا نَّقُصُّ عَلَيۡكَ مِنۡ أَنۢبَآءِ ٱلرُّسُلِ مَا نُثَبِّتُ بِهِۦ فُؤَادَكَۚ وَجَآءَكَ فِي هَٰذِهِ ٱلۡحَقُّ وَمَوۡعِظَةࣱ وَذِكۡرَىٰ لِلۡمُؤۡمِنِينَ
Lintho tsohle tseo Re u phetetseng tsona litabeng tsa Baromuoa, ke tseo Re u matlafatsang pelo ka tsona. Mona teng ‘nete e tla ho uena, le eona khothatso `moho le sona sehopotso ho ba kholoang
Ayah 120وَقُل لِّلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ ٱعۡمَلُواْ عَلَىٰ مَكَانَتِكُمۡ إِنَّا عَٰمِلُونَ
Ho Mahana-tumelo e re: “Etsang kamoo le ka khonang: Re tla etsa karolo ea rona
Ayah 121وَٱنتَظِرُوٓاْ إِنَّا مُنتَظِرُونَ
Le be le lete! Le rona re tla leta.”
Ayah 122وَلِلَّهِ غَيۡبُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَإِلَيۡهِ يُرۡجَعُ ٱلۡأَمۡرُ كُلُّهُۥ فَٱعۡبُدۡهُ وَتَوَكَّلۡ عَلَيۡهِۚ وَمَا رَبُّكَ بِغَٰفِلٍ عَمَّا تَعۡمَلُونَ
Masabonoeng; tsohle tsa maholimo le tsa lefats’e ke tsa Allah, litaba tsohle li tla khutlela ho Eena. Kahoo, Mo khumameleng le hona ho beha ts’epo ea lona ho Eena. Mong`a lona Ha A iphapanyetsa tsohle tseo le li etsang
Ayah 123