Surah Abasa — He frowned

Surah Abasa (He frowned) is chapter 80 of the Quran, with 42 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.

عَبَسَ وَتَوَلَّىٰٓ

A busa lifahleho, a furalla

Ayah 1

أَن جَآءَهُ ٱلۡأَعۡمَىٰ

Hobane ho ile ha tla monna oa sefofu ho eena

Ayah 2

وَمَا يُدۡرِيكَ لَعَلَّهُۥ يَزَّكَّىٰٓ

Empa ke`ng se neng se ka u bolella hore mohlaope a ka hola

Ayah 3

أَوۡ يَذَّكَّرُ فَتَنفَعَهُ ٱلذِّكۡرَىٰٓ

Kapa ho amohela temoso, le thuto ea mo atlehisa

Ayah 4

أَمَّا مَنِ ٱسۡتَغۡنَىٰ

Ha ele ea hopolang hore eena o ea ikhona

Ayah 5

فَأَنتَ لَهُۥ تَصَدَّىٰ

Eena o mo thehela tsebe

Ayah 6

وَمَا عَلَيۡكَ أَلَّا يَزَّكَّىٰ

Le ha e le hore ha se molato oa hao ha a sa hole

Ayah 7

وَأَمَّا مَن جَآءَكَ يَسۡعَىٰ

Empa haele ea tlileng ho uena ka boitelo

Ayah 8

وَهُوَ يَخۡشَىٰ

Le ka ts’abo

Ayah 9

فَأَنتَ عَنۡهُ تَلَهَّىٰ

Ha u oa ka oa mo natsa

Ayah 10

كَلَّآ إِنَّهَا تَذۡكِرَةࣱ‏

Ruri sena ke temoso

Ayah 11

فَمَن شَآءَ ذَكَرَهُۥ

Kahoo, lesa ea ratang ho e amohela, a e boloke khopolong

Ayah 12

فِي صُحُفࣲ مُّكَرَّمَةࣲ‏

Kahar’a mangolo e ea hlompheha (al-lauh al-mahfuz)

Ayah 13

مَّرۡفُوعَةࣲ مُّطَهَّرَةِۭ

E phahame e hloekile e ea halalela

Ayah 14

بِأَيۡدِي سَفَرَةࣲ‏

Ka matsoho a bangoli

Ayah 15

كِرَامِۭ بَرَرَةࣲ‏

Ba hlomphehang ba hloekileng, ba toka

Ayah 16

قُتِلَ ٱلۡإِنسَٰنُ مَآ أَكۡفَرَهُۥ

Sekhobo se be ho motho, ke eng se entseng hore a latole Allah

Ayah 17

مِنۡ أَيِّ شَيۡءٍ خَلَقَهُۥ

O hlotsoe ka eng

Ayah 18

مِن نُّطۡفَةٍ خَلَقَهُۥ فَقَدَّرَهُۥ

Ka lerotholi la there: U mo hlotse, A mo matlafatsa ka hohle

Ayah 19

ثُمَّ ٱلسَّبِيلَ يَسَّرَهُۥ

Eaba U mo nolofaletsa tsela

Ayah 20

ثُمَّ أَمَاتَهُۥ فَأَقۡبَرَهُۥ

A mo hlophela lefu, le ho patoa lebitleng

Ayah 21

ثُمَّ إِذَا شَآءَ أَنشَرَهُۥ

Ka thato Ea Hae, U tla mo tsosa

Ayah 22

كَلَّا لَمَّا يَقۡضِ مَآ أَمَرَهُۥ

Ha a phethisa seo Allah A mo laetseng sona

Ayah 23

فَلۡيَنظُرِ ٱلۡإِنسَٰنُ إِلَىٰ طَعَامِهِۦٓ

Motho ha a ke a lemohe lijo tsa hae

Ayah 24

أَنَّا صَبَبۡنَا ٱلۡمَآءَ صَبࣰّ ا

Kamoo Re nesang pula kateng

Ayah 25

ثُمَّ شَقَقۡنَا ٱلۡأَرۡضَ شَقࣰّ ا

Re petsolang lefats’e

Ayah 26

فَأَنۢبَتۡنَا فِيهَا حَبࣰّ ا

Re melisa lijo-thollo holim’a lona

Ayah 27

وَعِنَبࣰ ا وَقَضۡبࣰ ا

Morara, le lijo tse ahang ‘mele

Ayah 28

وَزَيۡتُونࣰ ا وَنَخۡلࣰ ا

Mehloare le lipalema

Ayah 29

وَحَدَآئِقَ غُلۡبࣰ ا

Le lirapa tse hlehleaneng ka lifate

Ayah 30

وَفَٰكِهَةࣰ وَأَبࣰّ ا

Le litholoana le lesere

Ayah 31

مَّتَٰعࣰ ا لَّكُمۡ وَلِأَنۡعَٰمِكُمۡ

Ele nala molemong oa lona le mehlape

Ayah 32

فَإِذَا جَآءَتِ ٱلصَّآخَّةُ

Khabareng e tlare ho utloahala molumo o tabolang meropa ea tsebe

Ayah 33

يَوۡمَ يَفِرُّ ٱلۡمَرۡءُ مِنۡ أَخِيهِ

Letsatsing leo motho a tla baleha ngoana’a bo

Ayah 34

وَأُمِّهِۦ وَأَبِيهِ

‘Mae le ntata’e

Ayah 35

وَصَٰحِبَتِهِۦ وَبَنِيهِ

Mosali le bana ba hae

Ayah 36

لِكُلِّ ٱمۡرِيࣲٕ مِّنۡهُمۡ يَوۡمَئِذࣲ شَأۡنࣱ يُغۡنِيهِ

E mong le e mong letsatsing leo, o tla be a na le mats`enyeho a lekaneng ho tsotella e mong

Ayah 37

وُجُوهࣱ يَوۡمَئِذࣲ مُّسۡفِرَةࣱ‏

Letsatsing leo, lifahleho tse ling li tla ela

Ayah 38

ضَاحِكَةࣱ مُّسۡتَبۡشِرَةࣱ‏

Li ts’eha, li nyakalletse

Ayah 39

وَوُجُوهࣱ يَوۡمَئِذٍ عَلَيۡهَا غَبَرَةࣱ‏

Lifahleho tse ling tsona letsatsing leo li tla pulufala

Ayah 40

تَرۡهَقُهَا قَتَرَةٌ

Li apareloe ke lefifi

Ayah 41

أُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡكَفَرَةُ ٱلۡفَجَرَةُ

Bao e tlabe e le balatoli ba Allah, baetsi ba tse mpe

Ayah 42