Surah Saad — The letter Saad
Surah Saad (The letter Saad) is chapter 38 of the Quran, with 88 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.
صٓۚ وَٱلۡقُرۡءَانِ ذِي ٱلذِّكۡرِ
Sad: Ka Qura‘n e tletseng Khalemo
Ayah 1بَلِ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ فِي عِزَّةࣲ وَشِقَاقࣲ
Empa Mahana-tumelo ba nyeunya ka har’a Boikhohomoso le Karohano
Ayah 2كَمۡ أَهۡلَكۡنَا مِن قَبۡلِهِم مِّن قَرۡنࣲ فَنَادَواْ وَّلَاتَ حِينَ مَنَاصࣲ
Ke meloko e mekae eo Re e ripitlileng pele ho bona? Qetellong e ileng ea lla – nakong eo ho neng ho se na nako ea ho pholoha
Ayah 3وَعَجِبُوٓاْ أَن جَآءَهُم مُّنذِرࣱ مِّنۡهُمۡۖ وَقَالَ ٱلۡكَٰفِرُونَ هَٰذَا سَٰحِرࣱ كَذَّابٌ
Ba maketse ha mohlokomelisi ea tsoang har’a bona a tla ho bona, mahana-tumelo ba re: “Enoa ke moloi ea buang leshano.”
Ayah 4أَجَعَلَ ٱلۡأٓلِهَةَ إِلَٰهࣰ ا وَٰحِدًاۖ إِنَّ هَٰذَا لَشَيۡءٌ عُجَابࣱ
“O etsa melingoana, ho ba `Mopi a le mong? Ruri! sena ke ntho e makatsang
Ayah 5وَٱنطَلَقَ ٱلۡمَلَأُ مِنۡهُمۡ أَنِ ٱمۡشُواْ وَٱصۡبِرُواْ عَلَىٰٓ ءَالِهَتِكُمۡۖ إِنَّ هَٰذَا لَشَيۡءࣱ يُرَادُ
Eaba marena har’a bona a tsamaea, a re: “Tlohang le tsitlallele melingoaneng ea lona! Hobane Ruri! Sena ke ntho e reriloeng
Ayah 6مَا سَمِعۡنَا بِهَٰذَا فِي ٱلۡمِلَّةِ ٱلۡأٓخِرَةِ إِنۡ هَٰذَآ إِلَّا ٱخۡتِلَٰقٌ
“Ha re ea s’o ka re utloa ka sena tumelong ea moraorao tjena: Sena empa e le boqapi
Ayah 7أَءُنزِلَ عَلَيۡهِ ٱلذِّكۡرُ مِنۢ بَيۡنِنَاۚ بَلۡ هُمۡ فِي شَكࣲّ مِّن ذِكۡرِيۚ بَل لَّمَّا يَذُوقُواْ عَذَابِ
“Eng! Molaetsa o senoletsoe eena – har’a rona?” Empa ba na le khoao Molaetseng oa Ka; Che ha ba es’o latsoe kahlolo ea Ka
Ayah 8أَمۡ عِندَهُمۡ خَزَآئِنُ رَحۡمَةِ رَبِّكَ ٱلۡعَزِيزِ ٱلۡوَهَّابِ
Kapa e be Matlotlo a Mong`a hau ke’a bona, Ea Matla Oohle, Mofani Oa Matlotlo ntle ho tekano
Ayah 9أَمۡ لَهُم مُّلۡكُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَمَا بَيۡنَهُمَاۖ فَلۡيَرۡتَقُواْ فِي ٱلۡأَسۡبَٰبِ
Kapa e be puso ea maholimo le lefats’e le tsohle tse teng lipakeng tsa tsona ke tsa bona? Haba nyolohe ka lithapo
Ayah 10جُندࣱ مَّا هُنَالِكَ مَهۡزُومࣱ مِّنَ ٱلۡأَحۡزَابِ
Empa – ho tla phaphathehisoa lebotho la baikopanyi
Ayah 11كَذَّبَتۡ قَبۡلَهُمۡ قَوۡمُ نُوحࣲ وَعَادࣱ وَفِرۡعَوۡنُ ذُو ٱلۡأَوۡتَادِ
Pele ho bona ho bile ba latolang barumuoa, Batho ba habo Nooe, le Ba-‘Ad, le Faro ea neng a tsepamisitsoe ka botlalo
Ayah 12وَثَمُودُ وَقَوۡمُ لُوطࣲ وَأَصۡحَٰبُ لۡـَٔيۡكَةِۚ أُوْلَٰٓئِكَ ٱلۡأَحۡزَابُ
Le Ba-Thamud, le batho ba habo Lota, le Balekane ba Moru; – kaofela ha bona e ne e le baikopanyi
Ayah 13إِن كُلٌّ إِلَّا كَذَّبَ ٱلرُّسُلَ فَحَقَّ عِقَابِ
Kaofela ha bona ba ile ba latola baromuoa ba Ka, ka lebaka leo kahlolo ea Ka e ile ea finyella ho bona kantle le tika-tiko
Ayah 14وَمَا يَنظُرُ هَٰٓؤُلَآءِ إِلَّا صَيۡحَةࣰ وَٰحِدَةࣰ مَّا لَهَا مِن فَوَاقࣲ
Ba naba mpaba emetse molumo o le mong feela, etsoe oa ke ke oa liehisoa
Ayah 15وَقَالُواْ رَبَّنَا عَجِّل لَّنَا قِطَّنَا قَبۡلَ يَوۡمِ ٱلۡحِسَابِ
Ba re: “Mong`a rona! Ak’u re potlakisetse boikarabellong pele ho Letsatsi la Pallo.”
Ayah 16ٱصۡبِرۡ عَلَىٰ مَا يَقُولُونَ وَٱذۡكُرۡ عَبۡدَنَا دَاوُۥدَ ذَا ٱلۡأَيۡدِۖ إِنَّهُۥٓ أَوَّابٌ
U be le mamello ka seoba se buoang, u hopole lekhabunyane la rona Davida ea neng a le matla. Hobane Ruri! O ne a sokolohela ho Allah ka boinyatso
Ayah 17إِنَّا سَخَّرۡنَا ٱلۡجِبَالَ مَعَهُۥ يُسَبِّحۡنَ بِٱلۡعَشِيِّ وَٱلۡإِشۡرَاقِ
Ke Rona ba entseng hore lithaba li phete Lithoriso tsa Mong`a tsona le eena ha letsatsi le ea malikelong ho fihlela le chaba
Ayah 18وَٱلطَّيۡرَ مَحۡشُورَةࣰۖ كُلࣱّ لَّهُۥٓ أَوَّابࣱ
Le linonyana le tsona li tsa khobokana ‘moho: le eena li retelehela ho Allah
Ayah 19وَشَدَدۡنَا مُلۡكَهُۥ وَءَاتَيۡنَٰهُ ٱلۡحِكۡمَةَ وَفَصۡلَ ٱلۡخِطَابِ
Re ile Ra matlafatsa puso ea hae, le hona ho mo neha bohlale le eona puo e chorileng le qeto e batsi
Ayah 20۞وَهَلۡ أَتَىٰكَ نَبَؤُاْ ٱلۡخَصۡمِ إِذۡ تَسَوَّرُواْ ٱلۡمِحۡرَابَ
Na pale ea ba ba phehang khang e ile ea finyella ho uena? Kamoo ba ileng ba hloella holim’a lerako kateng, ba kena ka har’a ntlo ea sephiri
Ayah 21إِذۡ دَخَلُواْ عَلَىٰ دَاوُۥدَ فَفَزِعَ مِنۡهُمۡۖ قَالُواْ لَا تَخَفۡۖ خَصۡمَانِ بَغَىٰ بَعۡضُنَا عَلَىٰ بَعۡضࣲ فَٱحۡكُم بَيۡنَنَا بِٱلۡحَقِّ وَلَا تُشۡطِطۡ وَٱهۡدِنَآ إِلَىٰ سَوَآءِ ٱلصِّرَٰطِ
Ba ile ba kena ka har’a ntlo ea Davida, a ts’oha ha aba bona. Ba re: “u se ke oa ts’oha! Re pheha khang ba babeli, e mong oa rona o foselitse emong, ahlola ka toka lipakeng tsa rona; u se be le ts’ekamelo; empa u re bonts’e Tsela e nepahetseng
Ayah 22إِنَّ هَٰذَآ أَخِي لَهُۥ تِسۡعࣱ وَتِسۡعُونَ نَعۡجَةࣰ وَلِيَ نَعۡجَةࣱ وَٰحِدَةࣱ فَقَالَ أَكۡفِلۡنِيهَا وَعَزَّنِي فِي ٱلۡخِطَابِ
“Monna enoa ke ngoan’eso o na le linku tse ts’ehali tse mashome a robong a robileng mono o le mong, ha ‘na ke na le nku e le ngoe; joale o itse: “ke mo nehe eona, o nqhekeletse ka puo.”
Ayah 23قَالَ لَقَدۡ ظَلَمَكَ بِسُؤَالِ نَعۡجَتِكَ إِلَىٰ نِعَاجِهِۦۖ وَإِنَّ كَثِيرࣰ ا مِّنَ ٱلۡخُلَطَآءِ لَيَبۡغِي بَعۡضُهُمۡ عَلَىٰ بَعۡضٍ إِلَّا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ وَقَلِيلࣱ مَّا هُمۡۗ وَظَنَّ دَاوُۥدُ أَنَّمَا فَتَنَّٰهُ فَٱسۡتَغۡفَرَ رَبَّهُۥ وَخَرَّۤ رَاكِعࣰ اۤ وَأَنَابَ۩
Davida a re: “u o qhekeletse haele mona a re u batla nku ea hau ho ekeletsa tsa hae, etsoe metsoalle e mengata ea hatellana, kantle le ba-kholoang le ho etsa liketso tse lokileng, empa ba a fokola.” O ile a noha hore haese be re ne re mo leka, eaba o kopa ts’oarelo ho Mong`a hae, a ba a inama, le hona ho ithapalatsa le ho inyatsa
Ayah 24فَغَفَرۡنَا لَهُۥ ذَٰلِكَۖ وَإِنَّ لَهُۥ عِندَنَا لَزُلۡفَىٰ وَحُسۡنَ مَـَٔابࣲ
Kahoo, Re ile Ra mo ts’oarela seo; u bile le katleho ho Rona le eona pheletso e thabisang ea leeto
Ayah 25يَٰدَاوُۥدُ إِنَّا جَعَلۡنَٰكَ خَلِيفَةࣰ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَٱحۡكُم بَيۡنَ ٱلنَّاسِ بِٱلۡحَقِّ وَلَا تَتَّبِعِ ٱلۡهَوَىٰ فَيُضِلَّكَ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِۚ إِنَّ ٱلَّذِينَ يَضِلُّونَ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِ لَهُمۡ عَذَابࣱ شَدِيدُۢ بِمَا نَسُواْ يَوۡمَ ٱلۡحِسَابِ
Davida! Re u hlomamisitse ho ba motlotlehi lefats’eng; kahoo, ahlola lipakeng tsa batho ka toka, u se ke oa latela takatso e tla o lebatsa tsela ea Allah. Hobane ba hlahlathellang thoko le tsela ea Allah, kahlolo ea bona ke e ts’abehang, hobane ba lebala Letsatsi la Pallo.”
Ayah 26وَمَا خَلَقۡنَا ٱلسَّمَآءَ وَٱلۡأَرۡضَ وَمَا بَيۡنَهُمَا بَٰطِلࣰ اۚ ذَٰلِكَ ظَنُّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْۚ فَوَيۡلࣱ لِّلَّذِينَ كَفَرُواْ مِنَ ٱلنَّارِ
Ha Re’a hlola leholimo le lefats’e le tsohle tse teng lipakeng tsa ona ka bophoqo. Seo ke maikutlo a mahana-tumelo. Sekhobo se be ho mahana-tumelo ka lebaka la Mollo
Ayah 27أَمۡ نَجۡعَلُ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ كَٱلۡمُفۡسِدِينَ فِي ٱلۡأَرۡضِ أَمۡ نَجۡعَلُ ٱلۡمُتَّقِينَ كَٱلۡفُجَّارِ
Na Re ka putsa ba-kholoang ba etsang liketso tse lokileng joaloka ba jalang pherekano lefats’eng? Re ka putsa ba nenang bobe, joaloka ba furallang botle
Ayah 28كِتَٰبٌ أَنزَلۡنَٰهُ إِلَيۡكَ مُبَٰرَكࣱ لِّيَدَّبَّرُوٓاْ ءَايَٰتِهِۦ وَلِيَتَذَكَّرَ أُوْلُواْ ٱلۡأَلۡبَٰبِ
Lena ke Lengolo leo Re u senoletseng lona, le tletseng mahlohonolo, hore ba tleba nahane lits’enolo tsa lona, le hona hore ba nang le kutloisiso ba tle ba amohele khalemo
Ayah 29وَوَهَبۡنَا لِدَاوُۥدَ سُلَيۡمَٰنَۚ نِعۡمَ ٱلۡعَبۡدُ إِنَّهُۥٓ أَوَّابٌ
Re ile Ra sitsa Davida ka Solomone; – boipabolo ts’ebeletsong ea Rona! A retelehela ho Allah kamehla
Ayah 30إِذۡ عُرِضَ عَلَيۡهِ بِٱلۡعَشِيِّ ٱلصَّٰفِنَٰتُ ٱلۡجِيَادُ
Bonang, ho kile ha tlisoa lipere tse thapisitsoeng, tse bileng li khethetsoeng kapel’a hae, e le thapama
Ayah 31فَقَالَ إِنِّيٓ أَحۡبَبۡتُ حُبَّ ٱلۡخَيۡرِ عَن ذِكۡرِ رَبِّي حَتَّىٰ تَوَارَتۡ بِٱلۡحِجَابِ
A re: “Ruri! Ke rata lerato la tse lokileng, ka khopolo ea Thoriso ea Mong’a ka;-” Ho fihlela letsatsi le likela kamor’a lesira
Ayah 32رُدُّوهَا عَلَيَّۖ فَطَفِقَ مَسۡحَۢا بِٱلسُّوقِ وَٱلۡأَعۡنَاقِ
“Li khutlisetseng ho ‘na” Eaba o qalella ho li pholla ka letsoho melaleng le litlhakong
Ayah 33وَلَقَدۡ فَتَنَّا سُلَيۡمَٰنَ وَأَلۡقَيۡنَا عَلَىٰ كُرۡسِيِّهِۦ جَسَدࣰ ا ثُمَّ أَنَابَ
Re ile ra beha Solomome tekong: Ra beha setopo holim’a terone ea hae: empa a retelehela ho Rona
Ayah 34قَالَ رَبِّ ٱغۡفِرۡ لِي وَهَبۡ لِي مُلۡكࣰ ا لَّا يَنۢبَغِي لِأَحَدࣲ مِّنۢ بَعۡدِيٓۖ إِنَّكَ أَنتَ ٱلۡوَهَّابُ
A re: “Mong`a ka! nts’oarele, le hona ho mpha puso e ke keng ea ikarabella ho mong le mong kamorao ho ‘na. Hobane Ke Uena Mofani oa Matlotlo.”
Ayah 35فَسَخَّرۡنَا لَهُ ٱلرِّيحَ تَجۡرِي بِأَمۡرِهِۦ رُخَآءً حَيۡثُ أَصَابَ
Kahoo, Re ile Ra beha moea tlas’a taolo ea hae, o neng o fokela moo a ratang teng tlas’a taelo ea hae
Ayah 36وَٱلشَّيَٰطِينَ كُلَّ بَنَّآءࣲ وَغَوَّاصࣲ
Le holim’a liabolosi le liahi tsohle, le ho mong le mong
Ayah 37وَءَاخَرِينَ مُقَرَّنِينَ فِي ٱلۡأَصۡفَادِ
Le ba neng ba tlamiloe ka mahlahlela ‘moho
Ayah 38هَٰذَا عَطَآؤُنَا فَٱمۡنُنۡ أَوۡ أَمۡسِكۡ بِغَيۡرِ حِسَابࣲ
“Ena ke mpho ea Rona ho uena, kahoo ebang u ka fana ka eona, kapa oa e khoaela, u ke ke oa botsoa.”
Ayah 39وَإِنَّ لَهُۥ عِندَنَا لَزُلۡفَىٰ وَحُسۡنَ مَـَٔابࣲ
A nyakalla, ruri katamelo ho Rona, le sebaka se setle sa phomolo
Ayah 40وَٱذۡكُرۡ عَبۡدَنَآ أَيُّوبَ إِذۡ نَادَىٰ رَبَّهُۥٓ أَنِّي مَسَّنِيَ ٱلشَّيۡطَٰنُ بِنُصۡبࣲ وَعَذَابٍ
Hopola lekhabunye la Rona Jobo, Ha a ne a lla ho Mong`a hae: “Ea mobe o nts’etse ka sesila le mats’oenyeho.”
Ayah 41ٱرۡكُضۡ بِرِجۡلِكَۖ هَٰذَا مُغۡتَسَلُۢ بَارِدࣱ وَشَرَابࣱ
Lentsoe la re ho eena: “Otla fats’e ka leoto la hau. Ha ts’akhunya Seliba, sena ke Seliba se pholileng molemong oa ho hlapa le ho hlabosa molemong oa ho noa.”
Ayah 42وَوَهَبۡنَا لَهُۥٓ أَهۡلَهُۥ وَمِثۡلَهُم مَّعَهُمۡ رَحۡمَةࣰ مِّنَّا وَذِكۡرَىٰ لِأُوْلِي ٱلۡأَلۡبَٰبِ
Ra mo buseletsa lelapa la hae hape le ho le menahanya, – e le Mohau o tsoang ho Rona, ebile ele moqhaka ho batho ba utloisisang
Ayah 43وَخُذۡ بِيَدِكَ ضِغۡثࣰ ا فَٱضۡرِب بِّهِۦ وَلَا تَحۡنَثۡۗ إِنَّا وَجَدۡنَٰهُ صَابِرࣰ اۚ نِّعۡمَ ٱلۡعَبۡدُ إِنَّهُۥٓ أَوَّابࣱ
“Nka lehlokoa, e be u otla ka lona, u se ke oa roba boikano ba hau.” Ruri! Re ile Ra fumana a ena le mamello, e bile lekhabunyane le lokileng joang! O retelehela ho Mong`a hae kamehla
Ayah 44وَٱذۡكُرۡ عِبَٰدَنَآ إِبۡرَٰهِيمَ وَإِسۡحَٰقَ وَيَعۡقُوبَ أُوْلِي ٱلۡأَيۡدِي وَٱلۡأَبۡصَٰرِ
Hopola makhabunyane a Rona Abrahama, Isaaka le Jakobo; banna ba neng ba le Matla le lipono
Ayah 45إِنَّآ أَخۡلَصۡنَٰهُم بِخَالِصَةࣲ ذِكۡرَى ٱلدَّارِ
Re ba khethetse ts’ebetso e hloekileng,-Ho phatlalatsa Molaetsa oa Bophelo Bo-tlang
Ayah 46وَإِنَّهُمۡ عِندَنَا لَمِنَ ٱلۡمُصۡطَفَيۡنَ ٱلۡأَخۡيَارِ
Hobane Ruri! Mahlong a Rona ke Bakhethoa, ba har’a ba Lokileng
Ayah 47وَٱذۡكُرۡ إِسۡمَٰعِيلَ وَٱلۡيَسَعَ وَذَا ٱلۡكِفۡلِۖ وَكُلࣱّ مِّنَ ٱلۡأَخۡيَارِ
Hopola Ishmaele, Elisha le Zhu’l-kifl (isaia). Kaofela ba har’a ba Lokileng
Ayah 48هَٰذَا ذِكۡرࣱۚ وَإِنَّ لِلۡمُتَّقِينَ لَحُسۡنَ مَـَٔابࣲ
Sena ke Molaetsa. Ruri ba nenang bobe pheletso ea leeto la bona ke e thabisang
Ayah 49جَنَّٰتِ عَدۡنࣲ مُّفَتَّحَةࣰ لَّهُمُ ٱلۡأَبۡوَٰبُ
Lirapa tsa Edene, mekoallo ea teng e buletsoe bona
Ayah 50مُتَّكِـِٔينَ فِيهَا يَدۡعُونَ فِيهَا بِفَٰكِهَةࣲ كَثِيرَةࣲ وَشَرَابࣲ
Kamoo teng ba tla phomola ha monate, ba feptjoe litholoana tse ngata le lino mapholi
Ayah 51۞وَعِندَهُمۡ قَٰصِرَٰتُ ٱلطَّرۡفِ أَتۡرَابٌ
Haufi le bona etla ba basali ba hloekileng, ba lekanang lilemong
Ayah 52هَٰذَا مَا تُوعَدُونَ لِيَوۡمِ ٱلۡحِسَابِ
Sena ke ts’episo eo le e etselitsoeng ka letsatsi la hlahlobo
Ayah 53إِنَّ هَٰذَا لَرِزۡقُنَا مَا لَهُۥ مِن نَّفَادٍ
Ruri e tla be e le nala ea Rona; e ke keng ea thisa
Ayah 54هَٰذَاۚ وَإِنَّ لِلطَّٰغِينَ لَشَرَّ مَـَٔابࣲ
Empa haele baetsalibe ke sebaka se nyonyehang seo ba khutlelang ho sona
Ayah 55جَهَنَّمَ يَصۡلَوۡنَهَا فَبِئۡسَ ٱلۡمِهَادُ
Liheleng! – ba tla cha teng, – moalo o nyonyehang
Ayah 56هَٰذَا فَلۡيَذُوقُوهُ حَمِيمࣱ وَغَسَّاقࣱ
Kamoo teng ba tla latsoa metsi a belang, le mokekeli o mots’o, o lits’ila, o batang ha bohloko
Ayah 57وَءَاخَرُ مِن شَكۡلِهِۦٓ أَزۡوَٰجٌ
Le likahlolo tse ling tsa mefuta e tsoanang
Ayah 58هَٰذَا فَوۡجࣱ مُّقۡتَحِمࣱ مَّعَكُمۡ لَا مَرۡحَبَۢا بِهِمۡۚ إِنَّهُمۡ صَالُواْ ٱلنَّارِ
Lebotho le mahang le lona, le potlakileng! Ha ho kamohelo ho bona! Ruri ba tla cha Mollong
Ayah 59قَالُواْ بَلۡ أَنتُمۡ لَا مَرۡحَبَۢا بِكُمۡۖ أَنتُمۡ قَدَّمۡتُمُوهُ لَنَاۖ فَبِئۡسَ ٱلۡقَرَارُ
“Che, empa ho lona bakhelosi, ho lona ha ho kamohelo. Ke lona ba re hlophisitseng sena. Joale, sebaka se nyonts’ang ke sena seo re leng ho sona.”
Ayah 60قَالُواْ رَبَّنَا مَن قَدَّمَ لَنَا هَٰذَا فَزِدۡهُ عَذَابࣰ ا ضِعۡفࣰ ا فِي ٱلنَّارِ
Ba tla re: “Mong`a rona! Ak’u phaelle kotlo ea mollo ho mong le mong ea re hlophiselitseng sena!”
Ayah 61وَقَالُواْ مَا لَنَا لَا نَرَىٰ رِجَالࣰ ا كُنَّا نَعُدُّهُم مِّنَ ٱلۡأَشۡرَارِ
Ba tla re: “Ho etsahatseng haele moo re sa bone batho bao re neng re ba balla har’a ba babe?”
Ayah 62أَتَّخَذۡنَٰهُمۡ سِخۡرِيًّا أَمۡ زَاغَتۡ عَنۡهُمُ ٱلۡأَبۡصَٰرُ
“Re ile ra ba nyatsa, kapa mahlo a rona a ne a sa ba bone hantle?”
Ayah 63إِنَّ ذَٰلِكَ لَحَقࣱّ تَخَاصُمُ أَهۡلِ ٱلنَّارِ
Ruri! Seo ke ‘nete: ea phehisano ea balekane ba Mollo
Ayah 64قُلۡ إِنَّمَآ أَنَا۠ مُنذِرࣱۖ وَمَا مِنۡ إِلَٰهٍ إِلَّا ٱللَّهُ ٱلۡوَٰحِدُ ٱلۡقَهَّارُ
E re: “‘Na ke moeletsi: ha ho `Mopi e mong ntle ho Allah, Ea Inotsi, Motlotlehi, Ea Matla Oohle
Ayah 65رَبُّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَمَا بَيۡنَهُمَا ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡغَفَّٰرُ
“Mong`a maholimo le lefats’e le tsohle tse lipakeng, Ea Matla Oohle, Ea Etsang Thato Ea Hae, Ea Ts’oarelang-joalo-joalo.”
Ayah 66قُلۡ هُوَ نَبَؤٌاْ عَظِيمٌ
E re: “Seo ke Molaetsa o moholo
Ayah 67أَنتُمۡ عَنۡهُ مُعۡرِضُونَ
“Oo le o furallang
Ayah 68مَا كَانَ لِيَ مِنۡ عِلۡمِۭ بِٱلۡمَلَإِ ٱلۡأَعۡلَىٰٓ إِذۡ يَخۡتَصِمُونَ
“Ha ke na tsebo ka manyeloi, ha a buisana
Ayah 69إِن يُوحَىٰٓ إِلَيَّ إِلَّآ أَنَّمَآ أَنَا۠ نَذِيرࣱ مُّبِينٌ
“Ho mpang ho senotsoe ho ‘na ke hore ke tle ke fana ka keletso e hlakileng ponts’eng.”
Ayah 70إِذۡ قَالَ رَبُّكَ لِلۡمَلَٰٓئِكَةِ إِنِّي خَٰلِقُۢ بَشَرࣰ ا مِّن طِينࣲ
Bona! Mong`a hau A re ho manyeloi: “Ke na le morero oa ho bopa motho ka letsopa
Ayah 71فَإِذَا سَوَّيۡتُهُۥ وَنَفَخۡتُ فِيهِ مِن رُّوحِي فَقَعُواْ لَهُۥ سَٰجِدِينَ
“Hang ha ke se ke qetile ho mo neha sebopeo le ho bululela moea oa Ka ka ho eena, le oele fats’e kapel’a hae le ithapalatse.”
Ayah 72فَسَجَدَ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ كُلُّهُمۡ أَجۡمَعُونَ
Manyeloi a ile a oela fats’e a ithapalatsa kaofela
Ayah 73إِلَّآ إِبۡلِيسَ ٱسۡتَكۡبَرَ وَكَانَ مِنَ ٱلۡكَٰفِرِينَ
Kantle le Iblis; a ikhohomosa, ea eba e mong oa ba latolang Tumelo
Ayah 74قَالَ يَٰٓإِبۡلِيسُ مَا مَنَعَكَ أَن تَسۡجُدَ لِمَا خَلَقۡتُ بِيَدَيَّۖ أَسۡتَكۡبَرۡتَ أَمۡ كُنتَ مِنَ ٱلۡعَالِينَ
Allah A re: “Ke eng se u thibetseng ho ithapalatsa kapel’a seo ke se bopileng ka matsoho a Ka. Ana u moikhantsi ea mokakang, kapa u ipona u phahame ka ho fetisisa?”
Ayah 75قَالَ أَنَا۠ خَيۡرࣱ مِّنۡهُ خَلَقۡتَنِي مِن نَّارࣲ وَخَلَقۡتَهُۥ مِن طِينࣲ
Iblis a re: “ke betere ho mo feta. U mpopile ka mollo, eena o ‘mopile ka letsopa.”
Ayah 76قَالَ فَٱخۡرُجۡ مِنۡهَا فَإِنَّكَ رَجِيمࣱ
Allah a re: “Tloha mona, hobane o ea lelekiloeng, ea rohakehileng
Ayah 77وَإِنَّ عَلَيۡكَ لَعۡنَتِيٓ إِلَىٰ يَوۡمِ ٱلدِّينِ
Thohako ea ka e holim’a hau ho fihlela Letsatsi la Kahlolo.”
Ayah 78قَالَ رَبِّ فَأَنظِرۡنِيٓ إِلَىٰ يَوۡمِ يُبۡعَثُونَ
Iblis a re: “Mong`a ka! Ak’u mphe nyehlisetso ho fihlela mohla letsatsi leo ba tlang ho tsosoa ka lona.”
Ayah 79قَالَ فَإِنَّكَ مِنَ ٱلۡمُنظَرِينَ
Allah a re: “Ke u nehile nyehlisetso
Ayah 80إِلَىٰ يَوۡمِ ٱلۡوَقۡتِ ٱلۡمَعۡلُومِ
“Ho fihlela letsatsi la pallo.”
Ayah 81قَالَ فَبِعِزَّتِكَ لَأُغۡوِيَنَّهُمۡ أَجۡمَعِينَ
Iblis a re: “Joale, ka matla A Hau; Ruri! Ke tla thetsa e mong le e mong
Ayah 82إِلَّا عِبَادَكَ مِنۡهُمُ ٱلۡمُخۡلَصِينَ
Ntle le makhabunyane a hau a ‘nete, a hloekileng.”
Ayah 83قَالَ فَٱلۡحَقُّ وَٱلۡحَقَّ أَقُولُ
Allah A re: “Ha ho be joalo-Ke buoa ‘nete
Ayah 84لَأَمۡلَأَنَّ جَهَنَّمَ مِنكَ وَمِمَّن تَبِعَكَ مِنۡهُمۡ أَجۡمَعِينَ
“Ke tla tlatsa lihele ka uena ‘moho le bohleba tla u sala morao.”
Ayah 85قُلۡ مَآ أَسۡـَٔلُكُمۡ عَلَيۡهِ مِنۡ أَجۡرࣲ وَمَآ أَنَا۠ مِنَ ٱلۡمُتَكَلِّفِينَ
E re: “Ha ho moputso oo ke u ba tlang ka sena, kapa eena moikaketsi.”
Ayah 86إِنۡ هُوَ إِلَّا ذِكۡرࣱ لِّلۡعَٰلَمِينَ
“Sena ke molaetsa ho batho bohle
Ayah 87وَلَتَعۡلَمُنَّ نَبَأَهُۥ بَعۡدَ حِينِۭ
“Le tla tseba ‘nete ea eona kamora nako”
Ayah 88