Surah Al-Anbiyaa — The Prophets
Surah Al-Anbiyaa (The Prophets) is chapter 21 of the Quran, with 112 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.
ٱقۡتَرَبَ لِلنَّاسِ حِسَابُهُمۡ وَهُمۡ فِي غَفۡلَةࣲ مُّعۡرِضُونَ
Boikarabello ba batho bo se bo le haufi haholo le bona, le hoja ba furalla ka ho hloka kutloisiso
Ayah 1مَا يَأۡتِيهِم مِّن ذِكۡرࣲ مِّن رَّبِّهِم مُّحۡدَثٍ إِلَّا ٱسۡتَمَعُوهُ وَهُمۡ يَلۡعَبُونَ
Ha ho fihla ho bona molaetsa o mocha o tsoang ho Mong`a bona, ha bao mamele bao nka e le papali
Ayah 2لَاهِيَةࣰ قُلُوبُهُمۡۗ وَأَسَرُّواْ ٱلنَّجۡوَى ٱلَّذِينَ ظَلَمُواْ هَلۡ هَٰذَآ إِلَّا بَشَرࣱ مِّثۡلُكُمۡۖ أَفَتَأۡتُونَ ٱلسِّحۡرَ وَأَنتُمۡ تُبۡصِرُونَ
Lipelo tsa bona li tletsoe ke bosaoana. Ba ipuoa lekunutung baetsalibe ba re: “Ana ha se motho ea joaloka lona? Na le ka hoheloa ke boloi le ntse le bo bona?”
Ayah 3قَالَ رَبِّي يَعۡلَمُ ٱلۡقَوۡلَ فِي ٱلسَّمَآءِ وَٱلۡأَرۡضِۖ وَهُوَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡعَلِيمُ
E re: “Mong`a ka U tseba lintho tsohle tse buoang leholimong esita le lefats’eng. U Utloa Tsohle, U Tseba Tsohle.”
Ayah 4بَلۡ قَالُوٓاْ أَضۡغَٰثُ أَحۡلَٰمِۭ بَلِ ٱفۡتَرَىٰهُ بَلۡ هُوَ شَاعِرࣱ فَلۡيَأۡتِنَا بِـَٔايَةࣲ كَمَآ أُرۡسِلَ ٱلۡأَوَّلُونَ
Ba re: “Che, tsena ke motsoebere oa litoro; kapa e be u iqapetse tsona; kapa e be ke seroki. Ha a ke a re tlele le sesupo se ts’oanang le sa baporofeta ba khale-khale, ba kileng ba romelloa ka lits’upiso.”
Ayah 5مَآ ءَامَنَتۡ قَبۡلَهُم مِّن قَرۡيَةٍ أَهۡلَكۡنَٰهَآۖ أَفَهُمۡ يُؤۡمِنُونَ
Ho ne ho se Sechaba se neng se lumela har’a tseo Re ileng Ra li ripitla pele ho bona, le hoja Re ‘nile Ra ba romella lits’upiso: na e be ba sa tla ke kholoe
Ayah 6وَمَآ أَرۡسَلۡنَا قَبۡلَكَ إِلَّا رِجَالࣰ ا نُّوحِيٓ إِلَيۡهِمۡۖ فَسۡـَٔلُوٓاْ أَهۡلَ ٱلذِّكۡرِ إِن كُنتُمۡ لَا تَعۡلَمُونَ
Pele ho lona ha Re’a ka ra romella ho hong, e le baromuoa ba Rona kantle le batho bao Re ileng Ra ba neha ts’usumetso. A ke le botseng balateli ba Lengolo
Ayah 7وَمَا جَعَلۡنَٰهُمۡ جَسَدࣰ ا لَّا يَأۡكُلُونَ ٱلطَّعَامَ وَمَا كَانُواْ خَٰلِدِينَ
Ha Re’a ba neha ‘mele e ke keng ea ja lijo, kapa hona ho se ang’oe ke lefu
Ayah 8ثُمَّ صَدَقۡنَٰهُمُ ٱلۡوَعۡدَ فَأَنجَيۡنَٰهُمۡ وَمَن نَّشَآءُ وَأَهۡلَكۡنَا ٱلۡمُسۡرِفِينَ
Re ile Ra phethahatsa ts’episo ea Rona holim’a bona. Re ile Ra pholosa bao Re neng Re khahloa ke bona, eaba Re ripitla ba neng ba tlotse melao
Ayah 9لَقَدۡ أَنزَلۡنَآ إِلَيۡكُمۡ كِتَٰبࣰ ا فِيهِ ذِكۡرُكُمۡۚ أَفَلَا تَعۡقِلُونَ
Re le senoletse Lengolo leo e leng sehopotso ho lona. Na ha le utloisisi
Ayah 10وَكَمۡ قَصَمۡنَا مِن قَرۡيَةࣲ كَانَتۡ ظَالِمَةࣰ وَأَنشَأۡنَا بَعۡدَهَا قَوۡمًا ءَاخَرِينَ
Hana ke lichaba tse ngata hakakang tseo re ileng ra lie ripitla ka lebaka la ho tlaloa ke bosaoana, eaba Re tsosa lichaba tse ling kamor’a tsona
Ayah 11فَلَمَّآ أَحَسُّواْ بَأۡسَنَآ إِذَا هُم مِّنۡهَا يَرۡكُضُونَ
Ha ba se ba lokela ho latsoa kahlolo ea Rona, ba qalella ho e baleha
Ayah 12لَا تَرۡكُضُواْ وَٱرۡجِعُوٓاْ إِلَىٰ مَآ أُتۡرِفۡتُمۡ فِيهِ وَمَسَٰكِنِكُمۡ لَعَلَّكُمۡ تُسۡـَٔلُونَ
“Se baleheng, empa boelang monyakeng oo le o filoeng le malapeng a lona, hore le tle le botsoe lipotso
Ayah 13قَالُواْ يَٰوَيۡلَنَآ إِنَّا كُنَّا ظَٰلِمِينَ
Ba re: “Bomalimabe bo ho rona! Ruri re bile baetsalibe.”
Ayah 14فَمَا زَالَت تِّلۡكَ دَعۡوَىٰهُمۡ حَتَّىٰ جَعَلۡنَٰهُمۡ حَصِيدًا خَٰمِدِينَ
Sello seo sa bona ha se’a ka sa khaotsa, ho fihlela Re ba bokelletse joaloka koro ha e hetsoe, bafetoha lesupi
Ayah 15وَمَا خَلَقۡنَا ٱلسَّمَآءَ وَٱلۡأَرۡضَ وَمَا بَيۡنَهُمَا لَٰعِبِينَ
Ha re’a hlola leholimo le lefats’e le tsohle tse lipakeng tsa tsona ho ba papali
Ayah 16لَوۡ أَرَدۡنَآ أَن نَّتَّخِذَ لَهۡوࣰ ا لَّٱتَّخَذۡنَٰهُ مِن لَّدُنَّآ إِن كُنَّا فَٰعِلِينَ
Hoja e bile thato ea Rona ea ho fumana monyaka, Re ka be Re ile Ra iketsetsa ona ho ka bo Rona, – hoja Re ne Re ratile joalo
Ayah 17بَلۡ نَقۡذِفُ بِٱلۡحَقِّ عَلَى ٱلۡبَٰطِلِ فَيَدۡمَغُهُۥ فَإِذَا هُوَ زَاهِقࣱۚ وَلَكُمُ ٱلۡوَيۡلُ مِمَّا تَصِفُونَ
Che Re tjekeletsa leshano ka ‘Nete, leshano le hloka mokoka hoo le timelang. Ruri le tla ba mahlomoleng ka seo le se manamisang Allah
Ayah 18وَلَهُۥ مَن فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۚ وَمَنۡ عِندَهُۥ لَا يَسۡتَكۡبِرُونَ عَنۡ عِبَادَتِهِۦ وَلَا يَسۡتَحۡسِرُونَ
Lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa Hae. Le manyeloi a haufi le bo teng ba Hae, Ha A ikakase hoo A ke keng a mo sebeletsa, kapa hona ho khathala ts’ebeletsong ea Hae
Ayah 19يُسَبِّحُونَ ٱلَّيۡلَ وَٱلنَّهَارَ لَا يَفۡتُرُونَ
Ba Mo rorisa bosiu le mots’eare; ha ba khathale
Ayah 20أَمِ ٱتَّخَذُوٓاْ ءَالِهَةࣰ مِّنَ ٱلۡأَرۡضِ هُمۡ يُنشِرُونَ
Kapa ebe ba ikhethetse melimo lefats’eng e ka tsosang bafu
Ayah 21لَوۡ كَانَ فِيهِمَآ ءَالِهَةٌ إِلَّا ٱللَّهُ لَفَسَدَتَاۚ فَسُبۡحَٰنَ ٱللَّهِ رَبِّ ٱلۡعَرۡشِ عَمَّا يَصِفُونَ
Hoja e be e bile teng molimo o mong ntle ho Allah, Ruri maholimo le lefats’e a ka be a hloka taolo. Lithoriso li be ho Allah, Eena Mong`a Terone ho tsohle tseo ba Mo kopanyang le tsona
Ayah 22لَا يُسۡـَٔلُ عَمَّا يَفۡعَلُ وَهُمۡ يُسۡـَٔلُونَ
A ke ke A botsoa lipotso holim’a lintho tseo A li hlolang, empa ke bona ba tla botsoa
Ayah 23أَمِ ٱتَّخَذُواْ مِن دُونِهِۦٓ ءَالِهَةࣰۖ قُلۡ هَاتُواْ بُرۡهَٰنَكُمۡۖ هَٰذَا ذِكۡرُ مَن مَّعِيَ وَذِكۡرُ مَن قَبۡلِيۚ بَلۡ أَكۡثَرُهُمۡ لَا يَعۡلَمُونَ ٱلۡحَقَّۖ فَهُم مُّعۡرِضُونَ
Kapa e be ba ikhethela ba bang ho ba etsa molimo ntle ho Allah? E re: “Hlahisang sesupo sa lona sa bopaki ba bo-molimo ba bona. Sena ke sehopotso sa banang le ‘na le bohle ba bileng teng pele ho ‘na, empa bongata ba bona ha ba na tsebo ea ‘nete, kahoo ba khelohile
Ayah 24وَمَآ أَرۡسَلۡنَا مِن قَبۡلِكَ مِن رَّسُولٍ إِلَّا نُوحِيٓ إِلَيۡهِ أَنَّهُۥ لَآ إِلَٰهَ إِلَّآ أَنَا۠ فَٱعۡبُدُونِ
Ha Re’A s’o ka Re romella moromuoa Re sa ka Ra mo neha ts’usumetso,: “Ha ho na molimo o mong kantle ho ‘Na, Allah, kahoo khumamelang le ho sebeletsa ‘Na.”
Ayah 25وَقَالُواْ ٱتَّخَذَ ٱلرَّحۡمَٰنُ وَلَدࣰ اۗ سُبۡحَٰنَهُۥۚ بَلۡ عِبَادࣱ مُّكۡرَمُونَ
Ba re: “Ea Khaphatsehang Lereko, Allah, o na le mora. Lithoriso li be ho Eena! Ke makhabunyane a hlomphehang
Ayah 26لَا يَسۡبِقُونَهُۥ بِٱلۡقَوۡلِ وَهُم بِأَمۡرِهِۦ يَعۡمَلُونَ
Ha ba buee ho fihlela Eena A fana ka puo, e bile ba etsa ts’ebetso ho latela taelo ea Hae
Ayah 27يَعۡلَمُ مَا بَيۡنَ أَيۡدِيهِمۡ وَمَا خَلۡفَهُمۡ وَلَا يَشۡفَعُونَ إِلَّا لِمَنِ ٱرۡتَضَىٰ وَهُم مِّنۡ خَشۡيَتِهِۦ مُشۡفِقُونَ
O tseba tsohle tse ka pel’a bona le tse kamor’a bona, ba ke ke ba buella mong le mong kantle le ho bao Allah a khahlisoang ke bona, ba bile ba thothomela ke ts’abo malebana le Eena
Ayah 28۞وَمَن يَقُلۡ مِنۡهُمۡ إِنِّيٓ إِلَٰهࣱ مِّن دُونِهِۦ فَذَٰلِكَ نَجۡزِيهِ جَهَنَّمَۚ كَذَٰلِكَ نَجۡزِي ٱلظَّٰلِمِينَ
Ha e mong oa bona a ka re: “Ruri! Ke ‘na `Mopi kathoko ho Allah”, eo eena Re tla mo putsa ka Lihele. E leng kamoo Re putsang baetsa-libe kateng
Ayah 29أَوَلَمۡ يَرَ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ أَنَّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ كَانَتَا رَتۡقࣰ ا فَفَتَقۡنَٰهُمَاۖ وَجَعَلۡنَا مِنَ ٱلۡمَآءِ كُلَّ شَيۡءٍ حَيٍّۚ أَفَلَا يُؤۡمِنُونَ
Na e be mahana-tumelo ha ba tsebe hore maholimo le lefats’e e ne e le karolo e le ‘ngoe, eaba Re ea li arola; le hore Re ile Ra etsa lihloliloeng tsohle tse phelang ka metsi? Na e be ba sa tla ke ba kholoe
Ayah 30وَجَعَلۡنَا فِي ٱلۡأَرۡضِ رَوَٰسِيَ أَن تَمِيدَ بِهِمۡ وَجَعَلۡنَا فِيهَا فِجَاجࣰ ا سُبُلࣰ ا لَّعَلَّهُمۡ يَهۡتَدُونَ
Re behile Lithaba tse tsepameng holim’a lefats’e hore le se reketle ka bona, e bile re entse litsela tse pharalleteseng, e le hore ba tle ba iphumanele tataiso
Ayah 31وَجَعَلۡنَا ٱلسَّمَآءَ سَقۡفࣰ ا مَّحۡفُوظࣰ اۖ وَهُمۡ عَنۡ ءَايَٰتِهَا مُعۡرِضُونَ
Re entse leholimo marulelo a sireletsehileng. Le hoja ba furalla lits’upiso tsa lona leholimo
Ayah 32وَهُوَ ٱلَّذِي خَلَقَ ٱلَّيۡلَ وَٱلنَّهَارَ وَٱلشَّمۡسَ وَٱلۡقَمَرَۖ كُلࣱّ فِي فَلَكࣲ يَسۡبَحُونَ
Ke Allah Ea hlotseng bosiu le mots’ehare, le lona letsatsi le ‘ngoeli. E ‘ngoe le e ‘ngoe ea tsona e tsamaea mocheng oa eona
Ayah 33وَمَا جَعَلۡنَا لِبَشَرࣲ مِّن قَبۡلِكَ ٱلۡخُلۡدَۖ أَفَإِيْن مِّتَّ فَهُمُ ٱلۡخَٰلِدُونَ
Ha Re’a s’o ka Re fana ka bophelo bosafeleng ho motho ofe kapa ofe pele ho uena. Eng! Haeba u ka shoa, na e be ba ka phela kahosafeleng
Ayah 34كُلُّ نَفۡسࣲ ذَآئِقَةُ ٱلۡمَوۡتِۗ وَنَبۡلُوكُم بِٱلشَّرِّ وَٱلۡخَيۡرِ فِتۡنَةࣰۖ وَإِلَيۡنَا تُرۡجَعُونَ
Moea ka mong o tla latsoa lefu, Re le lekile ka botle le bobe. Bohle le tla boela ho Rona
Ayah 35وَإِذَا رَءَاكَ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ إِن يَتَّخِذُونَكَ إِلَّا هُزُوًا أَهَٰذَا ٱلَّذِي يَذۡكُرُ ءَالِهَتَكُمۡ وَهُم بِذِكۡرِ ٱلرَّحۡمَٰنِ هُمۡ كَٰفِرُونَ
Nakong eo mahana-tumelo a u lemohang, ba u nka u le sesomo, ba re: “Ana ke eloa ea phoqang melingoana ea lona?” Ba bile banyefola lipuo tsohle tsa ea Tletseng Lereko
Ayah 36خُلِقَ ٱلۡإِنسَٰنُ مِنۡ عَجَلࣲۚ سَأُوْرِيكُمۡ ءَايَٰتِي فَلَا تَسۡتَعۡجِلُونِ
Motho o hlotsoe a le lehala: Haufinyane Ke tla le bonts’a lits’upiso tsa Ka, ka nako eo le ke ke la nkopa ho li potlakisa
Ayah 37وَيَقُولُونَ مَتَىٰ هَٰذَا ٱلۡوَعۡدُ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ
Ba re: “Ke neng ts’episo eo e tlang ho phethahatsoa, haeba u hlile u buoa ‘nete?”
Ayah 38لَوۡ يَعۡلَمُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ حِينَ لَا يَكُفُّونَ عَن وُجُوهِهِمُ ٱلنَّارَ وَلَا عَن ظُهُورِهِمۡ وَلَا هُمۡ يُنصَرُونَ
Hoja e be mahana-tumelo ba ne ba mpa ba tsebile ka nako ea mohla ba tlang ho sitoa ho phutla mollo o tla beng o le mahlong a bona le ka mor’a bona, ba ke keng ba thusoa
Ayah 39بَلۡ تَأۡتِيهِم بَغۡتَةࣰ فَتَبۡهَتُهُمۡ فَلَا يَسۡتَطِيعُونَ رَدَّهَا وَلَا هُمۡ يُنظَرُونَ
Che, nako eo e tla ba oela ka ts’ohanyetso, hore e tle e ba ts’erehanye hoo ba tlang ho sitoa le ho e thibela, kapa hona ho fumants’oa nyehlisetso
Ayah 40وَلَقَدِ ٱسۡتُهۡزِئَ بِرُسُلࣲ مِّن قَبۡلِكَ فَحَاقَ بِٱلَّذِينَ سَخِرُواْ مِنۡهُم مَّا كَانُواْ بِهِۦ يَسۡتَهۡزِءُونَ
Ba ‘nile ba so’ngoa Baromuoa pele ho uena, empa lits’omo tseo tsa bona li baetselitse lesakana-la-nkope bao bohle ba neng ba ba phoqa
Ayah 41قُلۡ مَن يَكۡلَؤُكُم بِٱلَّيۡلِ وَٱلنَّهَارِ مِنَ ٱلرَّحۡمَٰنِۚ بَلۡ هُمۡ عَن ذِكۡرِ رَبِّهِم مُّعۡرِضُونَ
E re: “Ke mang ea le lebetseng bosiu le mots’eare malebana le khalefo ea Allah, ea Tletseng Lereko.” Empa ba furalla polelo ea Mong`a bona
Ayah 42أَمۡ لَهُمۡ ءَالِهَةࣱ تَمۡنَعُهُم مِّن دُونِنَاۚ لَا يَسۡتَطِيعُونَ نَصۡرَ أَنفُسِهِمۡ وَلَا هُم مِّنَّا يُصۡحَبُونَ
Kapa e be bana le melingoana e ka ba pholosang khahlanong le Rona? Ruri! ba ke keng ba ithusa ka bo-bona, leha e le hona ho its’ireletsa khahlanong le Rona
Ayah 43بَلۡ مَتَّعۡنَا هَٰٓؤُلَآءِ وَءَابَآءَهُمۡ حَتَّىٰ طَالَ عَلَيۡهِمُ ٱلۡعُمُرُۗ أَفَلَا يَرَوۡنَ أَنَّا نَأۡتِي ٱلۡأَرۡضَ نَنقُصُهَا مِنۡ أَطۡرَافِهَآۚ أَفَهُمُ ٱلۡغَٰلِبُونَ
Che Re fane ho bona le ho bo-ntata bona ka lintho tse hloekileng tsa bophelo ba lefats’e, ho fihlela bophelo bo lelefetse malebana le bona. Ha ba bone kamoo Re chakelang naha kateng, le hona ho e khutsufatsa ka hanyane meeling e ka mathoko? Na e be ke bona ba tla hlola
Ayah 44قُلۡ إِنَّمَآ أُنذِرُكُم بِٱلۡوَحۡيِۚ وَلَا يَسۡمَعُ ٱلصُّمُّ ٱلدُّعَآءَ إِذَا مَا يُنذَرُونَ
E re: “Ke mpa feela ke le hlaha leseling ka ts’usumetso.” Empa haele litholo ha li utloe pitso nakong eo li eletsoang
Ayah 45وَلَئِن مَّسَّتۡهُمۡ نَفۡحَةࣱ مِّنۡ عَذَابِ رَبِّكَ لَيَقُولُنَّ يَٰوَيۡلَنَآ إِنَّا كُنَّا ظَٰلِمِينَ
Haeba moea oa kahlolo ea Mong`a hau o ne o ka ba ama, Ruri ba ne ba tla re: “Tahlehelo ke’a rona! Hobane re bile baetsa- libe.”
Ayah 46وَنَضَعُ ٱلۡمَوَٰزِينَ ٱلۡقِسۡطَ لِيَوۡمِ ٱلۡقِيَٰمَةِ فَلَا تُظۡلَمُ نَفۡسࣱ شَيۡـࣰٔ اۖ وَإِن كَانَ مِثۡقَالَ حَبَّةࣲ مِّنۡ خَرۡدَلٍ أَتَيۡنَا بِهَاۗ وَكَفَىٰ بِنَا حَٰسِبِينَ
Re tla hlopha lipekho tsa Toka tsa Letsatsi la Kahlolo, e le hore ho se be moea o ka qhekelloang ka letho. Le hoja o tla be o lekana le qoba ea koro ka boima, empa re tla o tlisa boikarabellong. Re lekane ts’ebetso ea ho ka hlahloba
Ayah 47وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَا مُوسَىٰ وَهَٰرُونَ ٱلۡفُرۡقَانَ وَضِيَآءࣰ وَذِكۡرࣰ ا لِّلۡمُتَّقِينَ
Re ile Ra neha Moshe le Aarone ts’iea ea kahlolo ea botle le bobe, Leseli le Molaetsa le sehopotso sebakeng sa ba etsang botle
Ayah 48ٱلَّذِينَ يَخۡشَوۡنَ رَبَّهُم بِٱلۡغَيۡبِ وَهُم مِّنَ ٱلسَّاعَةِ مُشۡفِقُونَ
Ba ts’abang Mong`a bona lekunutung, le ho ba hlokolosi ka hora ea kahlolo
Ayah 49وَهَٰذَا ذِكۡرࣱ مُّبَارَكٌ أَنزَلۡنَٰهُۚ أَفَأَنتُمۡ لَهُۥ مُنكِرُونَ
Sena ke Molaetsa o halalelang oo Re o senotseng: na le ona le tla o latola
Ayah 50۞وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَآ إِبۡرَٰهِيمَ رُشۡدَهُۥ مِن قَبۡلُ وَكُنَّا بِهِۦ عَٰلِمِينَ
Re ile Ra neha Abrahama kholo e nepahetseng khale, Re bile hlokolosi ka eena
Ayah 51إِذۡ قَالَ لِأَبِيهِ وَقَوۡمِهِۦ مَا هَٰذِهِ ٱلتَّمَاثِيلُ ٱلَّتِيٓ أَنتُمۡ لَهَا عَٰكِفُونَ
Hopola mohla a reng ho ntata’e le ho batho ba habo: “Ke ling lits’oants’o tsena tseo le li rapelang?”
Ayah 52قَالُواْ وَجَدۡنَآ ءَابَآءَنَا لَهَا عَٰبِدِينَ
Ba re: “Re fumane bo-ntata rona ba li khumamela.”
Ayah 53قَالَ لَقَدۡ كُنتُمۡ أَنتُمۡ وَءَابَآؤُكُمۡ فِي ضَلَٰلࣲ مُّبِينࣲ
Abrahama a re: “Ruri lona le bo-ntata lona le bile phosong e hlakileng.”
Ayah 54قَالُوٓاْ أَجِئۡتَنَا بِٱلۡحَقِّ أَمۡ أَنتَ مِنَ ٱللَّٰعِبِينَ
Ba re: “Joale, uena u re tliselitse ‘nete, kapa u e mong oa ba soasoang?”
Ayah 55قَالَ بَل رَّبُّكُمۡ رَبُّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ ٱلَّذِي فَطَرَهُنَّ وَأَنَا۠ عَلَىٰ ذَٰلِكُم مِّنَ ٱلشَّٰهِدِينَ
Abrahama a re: “Che, Mong`a lona ke Mong`a maholimo le lefats’e, Ea A hlotseng; le ‘na ke paki ea seo
Ayah 56وَتَٱللَّهِ لَأَكِيدَنَّ أَصۡنَٰمَكُم بَعۡدَ أَن تُوَلُّواْ مُدۡبِرِينَ
Ka Allah, ke na le leano ka melingoana ena ea lona, hoba le tsamae, le furalle
Ayah 57فَجَعَلَهُمۡ جُذَٰذًا إِلَّا كَبِيرࣰ ا لَّهُمۡ لَعَلَّهُمۡ إِلَيۡهِ يَرۡجِعُونَ
Eaba o e khaola likotoana kaofela, a siea se seholo har’a tsona, hore ba tle ba se botse lipotso
Ayah 58قَالُواْ مَن فَعَلَ هَٰذَا بِـَٔالِهَتِنَآ إِنَّهُۥ لَمِنَ ٱلظَّٰلِمِينَ
Ba re: “Ke mang ea thuileng melingoana ea rona tje? Ruri! E tlameha e le e mong oa baetsa-libe.”
Ayah 59قَالُواْ سَمِعۡنَا فَتࣰ ى يَذۡكُرُهُمۡ يُقَالُ لَهُۥٓ إِبۡرَٰهِيمُ
Ba re: “Re utloile mohlankana a buoa ka eona: ea bitsoang Abrahama.”
Ayah 60قَالُواْ فَأۡتُواْ بِهِۦ عَلَىٰٓ أَعۡيُنِ ٱلنَّاسِ لَعَلَّهُمۡ يَشۡهَدُونَ
Ba re: “mo tliseng ponts’eng ea batho, hore ba tle ba fane ka bopaki.”
Ayah 61قَالُوٓاْ ءَأَنتَ فَعَلۡتَ هَٰذَا بِـَٔالِهَتِنَا يَٰٓإِبۡرَٰهِيمُ
Ba re: “Abrahama! Na ke uena ea entseng melingoana ea rona ka tsela e tje?”
Ayah 62قَالَ بَلۡ فَعَلَهُۥ كَبِيرُهُمۡ هَٰذَا فَسۡـَٔلُوهُمۡ إِن كَانُواْ يَنطِقُونَ
Abrahama a re: “Che se entsoe-, ke ena e kholo. Li botseng haeba li tseba ho bua.”
Ayah 63فَرَجَعُوٓاْ إِلَىٰٓ أَنفُسِهِمۡ فَقَالُوٓاْ إِنَّكُمۡ أَنتُمُ ٱلظَّٰلِمُونَ
Ba qamaka koana le koana, ba re: “Ruri ke rona ba phoso.”
Ayah 64ثُمَّ نُكِسُواْ عَلَىٰ رُءُوسِهِمۡ لَقَدۡ عَلِمۡتَ مَا هَٰٓؤُلَآءِ يَنطِقُونَ
Ba hlajoa ke lihlong, ba re: “Ruri! U tseba hantle hore lits’oants’so tsena ha li tsebe ho buoa.”
Ayah 65قَالَ أَفَتَعۡبُدُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ مَا لَا يَنفَعُكُمۡ شَيۡـࣰٔ ا وَلَا يَضُرُّكُمۡ
Abrahama a re: “Joale le khumamela lintho tse ke keng tsa le thusa ka letho, leha e le hona ho le hlahisetsa kotsi kathoko ho Allah
Ayah 66أُفࣲّ لَّكُمۡ وَلِمَا تَعۡبُدُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِۚ أَفَلَا تَعۡقِلُونَ
“Masoabi a be ho lona le lintho tsohle tseo le li rapelang ntle ho Allah! Ha le na kelello na?”
Ayah 67قَالُواْ حَرِّقُوهُ وَٱنصُرُوٓاْ ءَالِهَتَكُمۡ إِن كُنتُمۡ فَٰعِلِينَ
Ba re: “Mo cheseng, le sireletse melingoana ea lona haeba le ka khona.”
Ayah 68قُلۡنَا يَٰنَارُ كُونِي بَرۡدࣰ ا وَسَلَٰمًا عَلَىٰٓ إِبۡرَٰهِيمَ
Re Re: “Mollo! Bata, o be sets’abelo ho Abrahama!”
Ayah 69وَأَرَادُواْ بِهِۦ كَيۡدࣰ ا فَجَعَلۡنَٰهُمُ ٱلۡأَخۡسَرِينَ
Eaba ba etsa sefi khahlanong le eena: empa Ra ba etsa ba lahlehetsoeng ka ho fetisisa
Ayah 70وَنَجَّيۡنَٰهُ وَلُوطًا إِلَى ٱلۡأَرۡضِ ٱلَّتِي بَٰرَكۡنَا فِيهَا لِلۡعَٰلَمِينَ
Re ile Ra mo pholosa le Lota, Ra ba lebisa naheng eo Re e hlonolofalitseng molemong oa lichaba tsohle
Ayah 71وَوَهَبۡنَا لَهُۥٓ إِسۡحَٰقَ وَيَعۡقُوبَ نَافِلَةࣰۖ وَكُلࣰّ ا جَعَلۡنَا صَٰلِحِينَ
Ra mo sitsa ka Isaaka, le Jakobo e le mpho ea tlatsetso. Ra ba apesa ka toka e mong le e mong oa bona
Ayah 72وَجَعَلۡنَٰهُمۡ أَئِمَّةࣰ يَهۡدُونَ بِأَمۡرِنَا وَأَوۡحَيۡنَآ إِلَيۡهِمۡ فِعۡلَ ٱلۡخَيۡرَٰتِ وَإِقَامَ ٱلصَّلَوٰةِ وَإِيتَآءَ ٱلزَّكَوٰةِۖ وَكَانُواْ لَنَا عَٰبِدِينَ
Ra ba etsa Baetapele ba tataisang ka Taelo ea Rona, Ra ba susumelitsa ho etsa liketso tse lokileng, le ho phethahatsa lithapelo tsa mehla le ho fana ka linyehelo; ba re sebeletsa kamehla
Ayah 73وَلُوطًا ءَاتَيۡنَٰهُ حُكۡمࣰ ا وَعِلۡمࣰ ا وَنَجَّيۡنَٰهُ مِنَ ٱلۡقَرۡيَةِ ٱلَّتِي كَانَت تَّعۡمَلُ ٱلۡخَبَٰٓئِثَۚ إِنَّهُمۡ كَانُواْ قَوۡمَ سَوۡءࣲ فَٰسِقِينَ
Lota le eena Re ile Ra mo neha Kahlolo le Tsebo, Ra mo pholosa har›a motse o neng o etsa manyala. Ruri! E ne e le batho ba oetseng sebeng le bona bojela-thoko
Ayah 74وَأَدۡخَلۡنَٰهُ فِي رَحۡمَتِنَآۖ إِنَّهُۥ مِنَ ٱلصَّٰلِحِينَ
Ra mo atametsa haufi le Mohau oa Rona. Hobane e ne e le e mong oa ba lokileng
Ayah 75وَنُوحًا إِذۡ نَادَىٰ مِن قَبۡلُ فَٱسۡتَجَبۡنَا لَهُۥ فَنَجَّيۡنَٰهُ وَأَهۡلَهُۥ مِنَ ٱلۡكَرۡبِ ٱلۡعَظِيمِ
Hopola Nooe ha ne a memetsa pele ho koano: Ra mamela thapelo ea hae; Ra mo pholosa le ba ntlo ea hae mesarelong e ts’abehang
Ayah 76وَنَصَرۡنَٰهُ مِنَ ٱلۡقَوۡمِ ٱلَّذِينَ كَذَّبُواْ بِـَٔايَٰتِنَآۚ إِنَّهُمۡ كَانُواْ قَوۡمَ سَوۡءࣲ فَأَغۡرَقۡنَٰهُمۡ أَجۡمَعِينَ
Ra mo thusa khahlanong le batho ba latotseng lits’enolo tsa Rona: Ruri! E ne e le batho ba oetseng sebeng: Re ile Ra metsa kaofela ha bona metsing
Ayah 77وَدَاوُۥدَ وَسُلَيۡمَٰنَ إِذۡ يَحۡكُمَانِ فِي ٱلۡحَرۡثِ إِذۡ نَفَشَتۡ فِيهِ غَنَمُ ٱلۡقَوۡمِ وَكُنَّا لِحُكۡمِهِمۡ شَٰهِدِينَ
Hopola Davida le Salomone, mohla ba neng ba fana ka kahlolo malebana le linku tsa batho tse neng li tlole bosiu eaba li kena ts’imong bosiu; Re bile lipaki kahlolong ea bona
Ayah 78فَفَهَّمۡنَٰهَا سُلَيۡمَٰنَۚ وَكُلًّا ءَاتَيۡنَا حُكۡمࣰ ا وَعِلۡمࣰ اۚ وَسَخَّرۡنَا مَعَ دَاوُۥدَ ٱلۡجِبَالَ يُسَبِّحۡنَ وَٱلطَّيۡرَۚ وَكُنَّا فَٰعِلِينَ
Re ts’ollela Salomone kutloisiso ea taba eo; ho e mong le e mong oa bona Re fane ka Kahlolo le Tsebo. Ebile ka matla a Rona ho etsa hore maralla le linonyana li bine lithoriso tsa Allah hauts’oane le Davida. Ebile Rona Baetsi ba lintho tseo
Ayah 79وَعَلَّمۡنَٰهُ صَنۡعَةَ لَبُوسࣲ لَّكُمۡ لِتُحۡصِنَكُم مِّنۢ بَأۡسِكُمۡۖ فَهَلۡ أَنتُمۡ شَٰكِرُونَ
Ke Rona ba mo rutileng mahlale a ho etsa liaparo tsa ts’epe molemong oa lona, ho le ts’ireletsa lintoeng tsa lona. Ana ha le na teboho
Ayah 80وَلِسُلَيۡمَٰنَ ٱلرِّيحَ عَاصِفَةࣰ تَجۡرِي بِأَمۡرِهِۦٓ إِلَى ٱلۡأَرۡضِ ٱلَّتِي بَٰرَكۡنَا فِيهَاۚ وَكُنَّا بِكُلِّ شَيۡءٍ عَٰلِمِينَ
E bile ka matla a Rona ho Salomone mabapi le moea o neng o foka ka matla hore o khutse. Tlas’a taelo ea hae, ‘nga ea naha eo Re e hlohonolofalitseng. Hobane Re hlokolosi holim’a lintho tsohle
Ayah 81وَمِنَ ٱلشَّيَٰطِينِ مَن يَغُوصُونَ لَهُۥ وَيَعۡمَلُونَ عَمَلࣰ ا دُونَ ذَٰلِكَۖ وَكُنَّا لَهُمۡ حَٰفِظِينَ
Re ile Ra mo neha matla holim’a karolo e ‘ngoe ea bo-liabolosi ba neng bapharumela likhetla sebakeng sa hae, ba bile ba etsa mosebetsi o mong, e bile Rona ba neng ba ba lebetse
Ayah 82۞وَأَيُّوبَ إِذۡ نَادَىٰ رَبَّهُۥٓ أَنِّي مَسَّنِيَ ٱلضُّرُّ وَأَنتَ أَرۡحَمُ ٱلرَّٰحِمِينَ
Hopola Jobo ha a memetsa ho Mong`a hae, a re: “Ruri! Mats’oenyeho a nkaparetse, ke Uena Ea Khaphatsehang Mohau ho feta bohle ba bonts’ang Mohau.”
Ayah 83فَٱسۡتَجَبۡنَا لَهُۥ فَكَشَفۡنَا مَا بِهِۦ مِن ضُرࣲّۖ وَءَاتَيۡنَٰهُ أَهۡلَهُۥ وَمِثۡلَهُم مَّعَهُمۡ رَحۡمَةࣰ مِّنۡ عِندِنَا وَذِكۡرَىٰ لِلۡعَٰبِدِينَ
Eaba Re mamela thapelo ea hae: Ra phumula mats’oenyeho ao a neng a mo aparetse, le hona ho mo neha lelapa la hae, Ra le menahanya ha beli, – e le Mohau o tsoang naleng ea Rona le eona khopolo ho ba sebeletsi ba Rona
Ayah 84وَإِسۡمَٰعِيلَ وَإِدۡرِيسَ وَذَا ٱلۡكِفۡلِۖ كُلࣱّ مِّنَ ٱلصَّٰبِرِينَ
Hopola Ishmaele, Idris le Zu’l-kifl. Kaofela ba ne ba ena le mamello le tsitlalello
Ayah 85وَأَدۡخَلۡنَٰهُمۡ فِي رَحۡمَتِنَآۖ إِنَّهُم مِّنَ ٱلصَّٰلِحِينَ
Re ile Ra ba amohela Mohaung oa Rona. Hobane ba ne ba le har’a ba lokileng
Ayah 86وَذَا ٱلنُّونِ إِذ ذَّهَبَ مُغَٰضِبࣰ ا فَظَنَّ أَن لَّن نَّقۡدِرَ عَلَيۡهِ فَنَادَىٰ فِي ٱلظُّلُمَٰتِ أَن لَّآ إِلَٰهَ إِلَّآ أَنتَ سُبۡحَٰنَكَ إِنِّي كُنتُ مِنَ ٱلظَّٰلِمِينَ
Hopola Zu’n-nun, mohla a neng a tsamaea ke khalefo, a hopola hore ha Re na matla holim’a hae, empa u ne a memetse har’a lefifi, a re: “Ha ho `Mopi e mong ntle ho Uena Allah. Tlotla e be ho Uena! Ruri! Ke bile moetsa-libe.”
Ayah 87فَٱسۡتَجَبۡنَا لَهُۥ وَنَجَّيۡنَٰهُ مِنَ ٱلۡغَمِّۚ وَكَذَٰلِكَ نُـۨجِي ٱلۡمُؤۡمِنِينَ
Eaba Re mamela thapelo ea hae, Ra mo pholosa mathateng ao. Ke kamoo Re pholosang ba kholoang kateng
Ayah 88وَزَكَرِيَّآ إِذۡ نَادَىٰ رَبَّهُۥ رَبِّ لَا تَذَرۡنِي فَرۡدࣰ ا وَأَنتَ خَيۡرُ ٱلۡوَٰرِثِينَ
Hopola Zakaria mohla a neng a memetsa ho Mong`a hae: “Mong`a ka! U se ntlohelle ke sena ngoana, le ha ele Uena mojalefa ea Molemo
Ayah 89فَٱسۡتَجَبۡنَا لَهُۥ وَوَهَبۡنَا لَهُۥ يَحۡيَىٰ وَأَصۡلَحۡنَا لَهُۥ زَوۡجَهُۥٓۚ إِنَّهُمۡ كَانُواْ يُسَٰرِعُونَ فِي ٱلۡخَيۡرَٰتِ وَيَدۡعُونَنَا رَغَبࣰ ا وَرَهَبࣰ اۖ وَكَانُواْ لَنَا خَٰشِعِينَ
Re ile Ra mo mamela, Ra mo sitsa ka Johanne, eaba Re neha mosali oa hae matla a ho mo tsoalla ngoana. Ba ne ba potlakela tlholisanong ea mesebetsi e metle: ba memetsa ho Rona ka lerato le ka tlhompho, ba ikokobetsa ho Rona
Ayah 90وَٱلَّتِيٓ أَحۡصَنَتۡ فَرۡجَهَا فَنَفَخۡنَا فِيهَا مِن رُّوحِنَا وَجَعَلۡنَٰهَا وَٱبۡنَهَآ ءَايَةࣰ لِّلۡعَٰلَمِينَ
Le ea neng a hloka sekoli, Re ne Re bolulele moea oa Rona ka ho eena, eaba Re ba etsa sesupo eena le mora oa hae ho merabe eohle
Ayah 91إِنَّ هَٰذِهِۦٓ أُمَّتُكُمۡ أُمَّةࣰ وَٰحِدَةࣰ وَأَنَا۠ رَبُّكُمۡ فَٱعۡبُدُونِ
Ruri! Tumelo ena ea lona, ke tumelo e le ‘ngoe; ‘Na ke Mong`a lona, kahoo le nthapele ke inot`si
Ayah 92وَتَقَطَّعُوٓاْ أَمۡرَهُم بَيۡنَهُمۡۖ كُلٌّ إِلَيۡنَا رَٰجِعُونَ
Empa matlobo a morao-rao, a khaotse tumelo ea bona likotoana har’a bona, le hoja kaofela ha bona ba tla boela rona
Ayah 93فَمَن يَعۡمَلۡ مِنَ ٱلصَّٰلِحَٰتِ وَهُوَ مُؤۡمِنࣱ فَلَا كُفۡرَانَ لِسَعۡيِهِۦ وَإِنَّا لَهُۥ كَٰتِبُونَ
Athe mong le mong ea etsang toka, e bile e le molumeli, ts’ebetso ea hae ha e ke ke ea latoloa. Re tla e boloka molemong oa hae
Ayah 94وَحَرَٰمٌ عَلَىٰ قَرۡيَةٍ أَهۡلَكۡنَٰهَآ أَنَّهُمۡ لَا يَرۡجِعُونَ
Ho behiloe thibelo holim’a sechaba sefe kapa sefe seo re ileng ra se ripitla: hore ba ke ke ba khutla
Ayah 95حَتَّىٰٓ إِذَا فُتِحَتۡ يَأۡجُوجُ وَمَأۡجُوجُ وَهُم مِّن كُلِّ حَدَبࣲ يَنسِلُونَ
Ho fihlela batho ba Gog le Magog ba lokolotsoe, ba phasaphasa ho hloella lithaba tsohle
Ayah 96وَٱقۡتَرَبَ ٱلۡوَعۡدُ ٱلۡحَقُّ فَإِذَا هِيَ شَٰخِصَةٌ أَبۡصَٰرُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ يَٰوَيۡلَنَا قَدۡ كُنَّا فِي غَفۡلَةࣲ مِّنۡ هَٰذَا بَلۡ كُنَّا ظَٰلِمِينَ
Ke moo, Ts’episo ea ‘Nete e tla beng e atametse; mahlo a mahana-tumelo a tla be a le nchocho ke le ts’oalo! batla re: “Ruri re malimabe! Re phetse tlas’a bolebalibasena. Che, re bile baetsa-libe
Ayah 97إِنَّكُمۡ وَمَا تَعۡبُدُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ حَصَبُ جَهَنَّمَ أَنتُمۡ لَهَا وَٰرِدُونَ
Ruri! Lona le melingoanaeo le e khumamelang ntle ho Allah, le libeso tsa Lihele. Le tla tla ho tsona
Ayah 98لَوۡ كَانَ هَٰٓؤُلَآءِ ءَالِهَةࣰ مَّا وَرَدُوهَاۖ وَكُلࣱّ فِيهَا خَٰلِدُونَ
Hoja e be lintho tseo e ne e le Allah, li ne li ke ke tsa atamela moo, empa kaofela li tla phela kamoo
Ayah 99لَهُمۡ فِيهَا زَفِيرࣱ وَهُمۡ فِيهَا لَا يَسۡمَعُونَ
Sa bona kamoo ke seboko, ha ho seo ba tla se utloa
Ayah 100إِنَّ ٱلَّذِينَ سَبَقَتۡ لَهُم مِّنَّا ٱلۡحُسۡنَىٰٓ أُوْلَٰٓئِكَ عَنۡهَا مُبۡعَدُونَ
Bao Re ba sitsitseng pele ka mosa oa Rona, ba tla ba hole-hole le teng
Ayah 101لَا يَسۡمَعُونَ حَسِيسَهَاۖ وَهُمۡ فِي مَا ٱشۡتَهَتۡ أَنفُسُهُمۡ خَٰلِدُونَ
Ba ke ke ba utloa le haele molumo o monyenyane oa teng, ba tla nyakalla ka har’a seo lipelo tsa bona li se labalabelang
Ayah 102لَا يَحۡزُنُهُمُ ٱلۡفَزَعُ ٱلۡأَكۡبَرُ وَتَتَلَقَّىٰهُمُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ هَٰذَا يَوۡمُكُمُ ٱلَّذِي كُنتُمۡ تُوعَدُونَ
Ba ke ke ba nyaroha ke letsoalo le thothometsang, etsoe manyeloi a tla ba amohela ka hore: “Lena ke Letsatsi – leo esaleng le le ts’episoa
Ayah 103يَوۡمَ نَطۡوِي ٱلسَّمَآءَ كَطَيِّ ٱلسِّجِلِّ لِلۡكُتُبِۚ كَمَا بَدَأۡنَآ أَوَّلَ خَلۡقࣲ نُّعِيدُهُۥۚ وَعۡدًا عَلَيۡنَآۚ إِنَّا كُنَّا فَٰعِلِينَ
Ke mohla Re tla phutha maholimo joaloka ha mongoli a phutha buka e ngotsoeng. Joaloka ha Re ile Ra simolla tlholeho sethathong, Ruri Re tla e pheta hape. Seo ke ts’episo e tlamang ho Rona. Ruri! Re tla e phethahatsa
Ayah 104وَلَقَدۡ كَتَبۡنَا فِي ٱلزَّبُورِ مِنۢ بَعۡدِ ٱلذِّكۡرِ أَنَّ ٱلۡأَرۡضَ يَرِثُهَا عِبَادِيَ ٱلصَّٰلِحُونَ
Pele ho mona Re ngotse Lipesalemeng, kamor’a Lengolo la Moshe hore: “Makhabunyane a ka a tla ja lefats’e lefa.”
Ayah 105إِنَّ فِي هَٰذَا لَبَلَٰغࣰ ا لِّقَوۡمٍ عَٰبِدِينَ
Ruri! Ho teng molaetsa o totobetseng ho batho ba khumamelang Allah ka tieo
Ayah 106وَمَآ أَرۡسَلۡنَٰكَ إِلَّا رَحۡمَةࣰ لِّلۡعَٰلَمِينَ
Re u romeletse o se letho ntle le mohau libupuoeng tsohle
Ayah 107قُلۡ إِنَّمَا يُوحَىٰٓ إِلَيَّ أَنَّمَآ إِلَٰهُكُمۡ إِلَٰهࣱ وَٰحِدࣱۖ فَهَلۡ أَنتُم مُّسۡلِمُونَ
E re: “Seo ke se senoletsoeng ke hore `Mopi oa lona ke `Mopi A le mong. Na joale le inehela ho eena?”
Ayah 108فَإِن تَوَلَّوۡاْ فَقُلۡ ءَاذَنتُكُمۡ عَلَىٰ سَوَآءࣲۖ وَإِنۡ أَدۡرِيٓ أَقَرِيبٌ أَم بَعِيدࣱ مَّا تُوعَدُونَ
Empa ha ba furalla, E re: “Ke le feteselisitse molaetsa ka mokhoa o ts’oanang le ka ‘nete ho lona kaofela, ha ke na tsebo ea hore na seo le se ts’episitsoeng se hole kapa se haufi ho le hokae
Ayah 109إِنَّهُۥ يَعۡلَمُ ٱلۡجَهۡرَ مِنَ ٱلۡقَوۡلِ وَيَعۡلَمُ مَا تَكۡتُمُونَ
“Ke Eena ea tsebang tsohle tseo le li buoang pepeneneng le tseo le li patang
Ayah 110وَإِنۡ أَدۡرِي لَعَلَّهُۥ فِتۡنَةࣱ لَّكُمۡ وَمَتَٰعٌ إِلَىٰ حِينࣲ
“Ha ke na tsebo hore na ke teko ho lona, kapa mpho ea nakoana ea bophelo.”
Ayah 111قَٰلَ رَبِّ ٱحۡكُم بِٱلۡحَقِّۗ وَرَبُّنَا ٱلرَّحۡمَٰنُ ٱلۡمُسۡتَعَانُ عَلَىٰ مَا تَصِفُونَ
E re: “Oho Mong`a ka! A k’u ahlole ka ‘nete.” “Mong`a rona Ea Khaphatsehang Lereko, Eo Thuso Ea Hae e ts’oanelang ho kopuoa khahlanong le seo le se manehang ho Eena. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao
Ayah 112