Surah At-Taghaabun — Mutual Disillusion

Surah At-Taghaabun (Mutual Disillusion) is chapter 64 of the Quran, with 18 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.

يُسَبِّحُ لِلَّهِ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۖ لَهُ ٱلۡمُلۡكُ وَلَهُ ٱلۡحَمۡدُۖ وَهُوَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءࣲ قَدِيرٌ

Tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng li bolela Lithoriso le Boholo Ba Allah; Eo Puso le thoriso e leng tsa Hae, U matla holima tsohle

Ayah 1

هُوَ ٱلَّذِي خَلَقَكُمۡ فَمِنكُمۡ كَافِرࣱ وَمِنكُم مُّؤۡمِنࣱۚ وَٱللَّهُ بِمَا تَعۡمَلُونَ بَصِيرٌ

Ke Eena Ea le hlotseng, ba bang ba lona ke mahana-tumelo, ba bang ke Ba-kholoang;’Allah U bona tsohle tseo le li etsang

Ayah 2

خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ بِٱلۡحَقِّ وَصَوَّرَكُمۡ فَأَحۡسَنَ صُوَرَكُمۡۖ وَإِلَيۡهِ ٱلۡمَصِيرُ

U hlotse maholimo le lefats’e ka tekano e nepahetseng, A le neha sebopeho le hona ho le neha libopeho tse ntle, Ruri! Pheletso e ho Eena

Ayah 3

يَعۡلَمُ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَيَعۡلَمُ مَا تُسِرُّونَ وَمَا تُعۡلِنُونَۚ وَٱللَّهُ عَلِيمُۢ بِذَاتِ ٱلصُّدُورِ

U tseba tse maholimong le tse lefats’eng, U tseba tseo le li patang le tseo le li pepesang. ‘Allah U tseba ka botlalo tse kahar’a lipelo

Ayah 4

أَلَمۡ يَأۡتِكُمۡ نَبَؤُاْ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ مِن قَبۡلُ فَذَاقُواْ وَبَالَ أَمۡرِهِمۡ وَلَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمࣱ‏

Na pale ea ba ileng ba latola tumelo khale e se kile ea fihla ho lona? Ba ile ba latsoa sephetho se bosula sa boits’oaro ba bona, kahlolo ea bona e bile e mahlonoko

Ayah 5

ذَٰلِكَ بِأَنَّهُۥ كَانَت تَّأۡتِيهِمۡ رُسُلُهُم بِٱلۡبَيِّنَٰتِ فَقَالُوٓاْ أَبَشَرࣱ يَهۡدُونَنَا فَكَفَرُواْ وَتَوَلَّواْۖ وَّٱسۡتَغۡنَى ٱللَّهُۚ وَٱللَّهُ غَنِيٌّ حَمِيدࣱ‏

Ke hobane baromuoa ba ‘nile ba fihla ho bona ka lits’upiso tse hlakileng, Empa ba re: “Re ka tataisoa ke motho?” Kahoo, ba ile ba latola eaba ba a furalla; empa Allah ha a hloke letho ho tsoa ho bona. Allah ha A na litlhoko, U Ts’oanetso ke lithoriso

Ayah 6

زَعَمَ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ أَن لَّن يُبۡعَثُواْۚ قُلۡ بَلَىٰ وَرَبِّي لَتُبۡعَثُنَّ ثُمَّ لَتُنَبَّؤُنَّ بِمَا عَمِلۡتُمۡۚ وَذَٰلِكَ عَلَى ٱللَّهِ يَسِيرࣱ‏

Mahana-tumelo ba nahana hore ba ke ke ba tsosoa hape. E re: “E, Ruri! Ka Mong`a ka! Le tla boela le tsosoa hape, le tla tsebisoa tsohle tseo le li entseng; hobane seo se bonolo ho Allah.”

Ayah 7

فَـَٔامِنُواْ بِٱللَّهِ وَرَسُولِهِۦ وَٱلنُّورِ ٱلَّذِيٓ أَنزَلۡنَاۚ وَٱللَّهُ بِمَا تَعۡمَلُونَ خَبِيرࣱ‏

Kholoang ho Allah le ho Moromuoa oa Hae le ho Leseli leo Re le senotseng. Allah U hlokolosi ka tsohle tseo le li etsang

Ayah 8

يَوۡمَ يَجۡمَعُكُمۡ لِيَوۡمِ ٱلۡجَمۡعِۖ ذَٰلِكَ يَوۡمُ ٱلتَّغَابُنِۗ وَمَن يُؤۡمِنۢ بِٱللَّهِ وَيَعۡمَلۡ صَٰلِحࣰ ا يُكَفِّرۡ عَنۡهُ سَيِّـَٔاتِهِۦ وَيُدۡخِلۡهُ جَنَّٰتࣲ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُ خَٰلِدِينَ فِيهَآ أَبَدࣰ اۚ ذَٰلِكَ ٱلۡفَوۡزُ ٱلۡعَظِيمُ

Letsatsi leo A tlang ho le bokella Letsatsing la Khobokano, leo e tla be e le letsatsi la tahlehelo le kuno ho ba bangata. Bohle ba ba-Kholoang ho Allah le hona ho etsa toka, Allah U tla hlakola ho bona liketso maloetse le ho ba amohela kahar’a Lirapa tseo linoka li phallang ka tlasa tsona; ba tla phela kamoo kahosafeleng. Seo ke Katleho e Babatsehang

Ayah 9

وَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَكَذَّبُواْ بِـَٔايَٰتِنَآ أُوْلَٰٓئِكَ أَصۡحَٰبُ ٱلنَّارِ خَٰلِدِينَ فِيهَاۖ وَبِئۡسَ ٱلۡمَصِيرُ

Empa ba latolang Tumelo le hona ho nyelisa Lits’enolo tsa rona, e tla ba Balekane ba Mollo; ho phela kamoo kahosafeleng – Pheletso e nyonyehang

Ayah 10

مَآ أَصَابَ مِن مُّصِيبَةٍ إِلَّا بِإِذۡنِ ٱللَّهِۗ وَمَن يُؤۡمِنۢ بِٱللَّهِ يَهۡدِ قَلۡبَهُۥۚ وَٱللَّهُ بِكُلِّ شَيۡءٍ عَلِيمࣱ‏

Ha ho sekhobo sefe, kapa sefe se ka oang kantle ho tumello ea Allah. Mang, kapa mang ea kholoang ho Allah, Allah U tataisa pelo ea hae. ‘Allah U Tseba tsohle

Ayah 11

وَأَطِيعُواْ ٱللَّهَ وَأَطِيعُواْ ٱلرَّسُولَۚ فَإِن تَوَلَّيۡتُمۡ فَإِنَّمَا عَلَىٰ رَسُولِنَا ٱلۡبَلَٰغُ ٱلۡمُبِينُ

Utloang Allah le Moromuoa oa Hae; empa haeba le koeneha, ts’ebetso ea Moromuoa Oa Rona ke feela ho phatlalatsa molaetsa ka ho hlaka

Ayah 12

ٱللَّهُ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَۚ وَعَلَى ٱللَّهِ فَلۡيَتَوَكَّلِ ٱلۡمُؤۡمِنُونَ

Allah! Ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena. Kahoo, lesang ba- kholoang ba behe ts’epo ea bona ho Eena

Ayah 13

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ إِنَّ مِنۡ أَزۡوَٰجِكُمۡ وَأَوۡلَٰدِكُمۡ عَدُوࣰّ ا لَّكُمۡ فَٱحۡذَرُوهُمۡۚ وَإِن تَعۡفُواْ وَتَصۡفَحُواْ وَتَغۡفِرُواْ فَإِنَّ ٱللَّهَ غَفُورࣱ رَّحِيمٌ

Oho lona ba-kholoang! Ruri! Ho teng lira tsa lona har’a basali le bana ba lona, kahoo le ba hlokomele. Empa ha le ts’oarela le tlolisa liphoso tsa bona mahlo le koahela liphoso tsa bona, Ruri Allah U Ts’oarela-joalo-joalo, U Tletse Mohau

Ayah 14

إِنَّمَآ أَمۡوَٰلُكُمۡ وَأَوۡلَٰدُكُمۡ فِتۡنَةࣱۚ وَٱللَّهُ عِندَهُۥٓ أَجۡرٌ عَظِيمࣱ‏

Maruo a lona le bana ba lona e ka ‘na ea eba teko: Empa kapela Allah ho teng Moputso o moholohali

Ayah 15

فَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ مَا ٱسۡتَطَعۡتُمۡ وَٱسۡمَعُواْ وَأَطِيعُواْ وَأَنفِقُواْ خَيۡرࣰ ا لِّأَنفُسِكُمۡۗ وَمَن يُوقَ شُحَّ نَفۡسِهِۦ فَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡمُفۡلِحُونَ

Kahoo ts’abang Allah ka hohle kamoo le ka khonang, le mamele le be le latele le hona ho nyehela molemong oa meea ea lona. Mang, kapa mang ea pholohileng meharong ea meea ea bona, – Ke bona ba tla fumana katleho

Ayah 16

إِن تُقۡرِضُواْ ٱللَّهَ قَرۡضًا حَسَنࣰ ا يُضَٰعِفۡهُ لَكُمۡ وَيَغۡفِرۡ لَكُمۡۚ وَٱللَّهُ شَكُورٌ حَلِيمٌ

Ha le etsa kalimo e ntle ho Allah, U tla e menahanya ha beli molemong oa lona le hona ho le ts’oarela, hobane Allah ke mot’soareli oa libe, e bile o na le Mamello e Fetisisang

Ayah 17

عَٰلِمُ ٱلۡغَيۡبِ وَٱلشَّهَٰدَةِ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ

Motsibi oa liphiri le tse pepeneneng, Ea Matla Oohle, Ea Seli

Ayah 18