Surah Al-Burooj — The Constellations
Surah Al-Burooj (The Constellations) is chapter 85 of the Quran, with 22 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.
وَٱلسَّمَآءِ ذَاتِ ٱلۡبُرُوجِ
Ka leholimo le linaleli tse jeroeng ke lona
Ayah 1وَٱلۡيَوۡمِ ٱلۡمَوۡعُودِ
Ka le Letsatsi le Ts’episitsoeng
Ayah 2وَشَاهِدࣲ وَمَشۡهُودࣲ
Ka ea pakang, le se pakoang
Ayah 3قُتِلَ أَصۡحَٰبُ ٱلۡأُخۡدُودِ
Ho malimabe baepi ba mokoti
Ayah 4ٱلنَّارِ ذَاتِ ٱلۡوَقُودِ
Mollo o beseletsoang
Ayah 5إِذۡ هُمۡ عَلَيۡهَا قُعُودࣱ
Bona! ba ne ba tjamme pel’a ona
Ayah 6وَهُمۡ عَلَىٰ مَا يَفۡعَلُونَ بِٱلۡمُؤۡمِنِينَ شُهُودࣱ
Ke lipaki ho tseo ba neng ba li etsa khahlanong le ba-kholoang
Ayah 7وَمَا نَقَمُواْ مِنۡهُمۡ إِلَّآ أَن يُؤۡمِنُواْ بِٱللَّهِ ٱلۡعَزِيزِ ٱلۡحَمِيدِ
Ba ba hlokofalitse kantle ho lebaka haese feela hore ba kholoa ho Allah, Ea Matla Oohle, U ts’oanetsoe ke Lithoriso tsohle
Ayah 8ٱلَّذِي لَهُۥ مُلۡكُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۚ وَٱللَّهُ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءࣲ شَهِيدٌ
Eo `Muso oa maholimo e leng oa Hae le lefats`e! Allah ke Paki ea lintho tsohle
Ayah 9إِنَّ ٱلَّذِينَ فَتَنُواْ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ وَٱلۡمُؤۡمِنَٰتِ ثُمَّ لَمۡ يَتُوبُواْ فَلَهُمۡ عَذَابُ جَهَنَّمَ وَلَهُمۡ عَذَابُ ٱلۡحَرِيقِ
Haele ba hobosang ba-kholoang, banna le basali, ba sa retellehele ka boinyatso(ho Allah), ba tla fumana kahlolo ea Lihele: ba tla otloa ka mollo o tukang
Ayah 10إِنَّ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ لَهُمۡ جَنَّٰتࣱ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُۚ ذَٰلِكَ ٱلۡفَوۡزُ ٱلۡكَبِيرُ
Ho ba-kholoang, ba etsang ketso tse lokileng, e tlaba lirapa tseo linoka li phallang tlasa tsona. Seo ke pholoho e babatsehang
Ayah 11إِنَّ بَطۡشَ رَبِّكَ لَشَدِيدٌ
Ruri letsoho la Mong`a hau le matla
Ayah 12إِنَّهُۥ هُوَ يُبۡدِئُ وَيُعِيدُ
Ke Eena Ea hlolang ho tloha mathomong, A boele A phete
Ayah 13وَهُوَ ٱلۡغَفُورُ ٱلۡوَدُودُ
U ts’oarela ka mehla, U Tletse Lerato-le-Mohau
Ayah 14ذُو ٱلۡعَرۡشِ ٱلۡمَجِيدُ
Mong`a Terone e Tlotlehang
Ayah 15فَعَّالࣱ لِّمَا يُرِيدُ
Moetsi oa tsohle tseo A li rerang
Ayah 16هَلۡ أَتَىٰكَ حَدِيثُ ٱلۡجُنُودِ
Na pale ea mabotho e fihlile ho uena
Ayah 17فِرۡعَوۡنَ وَثَمُودَ
A Faro le a Ba – Thamud
Ayah 18بَلِ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ فِي تَكۡذِيبࣲ
Empa mahana-tumelo a lula a latola
Ayah 19وَٱللَّهُ مِن وَرَآئِهِم مُّحِيطُۢ
Empa Allah U ba kopetse ka morao
Ayah 20بَلۡ هُوَ قُرۡءَانࣱ مَّجِيدࣱ
Che! Sena ke Qur`an e tlotlehang
Ayah 21فِي لَوۡحࣲ مَّحۡفُوظِۭ
E ngoliloeng letlapeng e babaletsoeng
Ayah 22