Surah Al-Hajj — The Pilgrimage

Surah Al-Hajj (The Pilgrimage) is chapter 22 of the Quran, with 78 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.

يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ ٱتَّقُواْ رَبَّكُمۡۚ إِنَّ زَلۡزَلَةَ ٱلسَّاعَةِ شَيۡءٌ عَظِيمࣱ‏

Oho lona batho! T`sabang Mong`a lona. Hobane Ruri haele ho reketla mohla Hora ea kahlolo, e tla ba ntho e nyarosang

Ayah 1

يَوۡمَ تَرَوۡنَهَا تَذۡهَلُ كُلُّ مُرۡضِعَةٍ عَمَّآ أَرۡضَعَتۡ وَتَضَعُ كُلُّ ذَاتِ حَمۡلٍ حَمۡلَهَا وَتَرَى ٱلنَّاسَ سُكَٰرَىٰ وَمَا هُم بِسُكَٰرَىٰ وَلَٰكِنَّ عَذَابَ ٱللَّهِ شَدِيدࣱ‏

Mohla letsatsi leo le tlang ho e bona, motsoetse e mong le e mong o tla lebala ho ants’a lesea la hae le eena mokhachane o tla beleha lesea le’a s’o ho be maemong; uena, ke mohla o tla bona e ka batho ba tahiloe, le hoja ba sa tahoa: khalefo ea Allah e tlabae boima

Ayah 2

وَمِنَ ٱلنَّاسِ مَن يُجَٰدِلُ فِي ٱللَّهِ بِغَيۡرِ عِلۡمࣲ وَيَتَّبِعُ كُلَّ شَيۡطَٰنࣲ مَّرِيدࣲ‏

Har’a batho ho teng ba ngangisanang ka Allah ka ho hloka tsebo, ba latela mahoholi afe kapa afe a liabolosi

Ayah 3

كُتِبَ عَلَيۡهِ أَنَّهُۥ مَن تَوَلَّاهُ فَأَنَّهُۥ يُضِلُّهُۥ وَيَهۡدِيهِ إِلَىٰ عَذَابِ ٱلسَّعِيرِ

Empa ba laetsoe hore mong le mong ea tla etsa Satane motsoalle oa hae, o tla mo khelosa le ho mo tataisetsa kahlolong ea Mollo

Ayah 4

يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ إِن كُنتُمۡ فِي رَيۡبࣲ مِّنَ ٱلۡبَعۡثِ فَإِنَّا خَلَقۡنَٰكُم مِّن تُرَابࣲ ثُمَّ مِن نُّطۡفَةࣲ ثُمَّ مِنۡ عَلَقَةࣲ ثُمَّ مِن مُّضۡغَةࣲ مُّخَلَّقَةࣲ وَغَيۡرِ مُخَلَّقَةࣲ لِّنُبَيِّنَ لَكُمۡۚ وَنُقِرُّ فِي ٱلۡأَرۡحَامِ مَا نَشَآءُ إِلَىٰٓ أَجَلࣲ مُّسَمࣰّ ى ثُمَّ نُخۡرِجُكُمۡ طِفۡلࣰ ا ثُمَّ لِتَبۡلُغُوٓاْ أَشُدَّكُمۡۖ وَمِنكُم مَّن يُتَوَفَّىٰ وَمِنكُم مَّن يُرَدُّ إِلَىٰٓ أَرۡذَلِ ٱلۡعُمُرِ لِكَيۡلَا يَعۡلَمَ مِنۢ بَعۡدِ عِلۡمࣲ شَيۡـࣰٔ اۚ وَتَرَى ٱلۡأَرۡضَ هَامِدَةࣰ فَإِذَآ أَنزَلۡنَا عَلَيۡهَا ٱلۡمَآءَ ٱهۡتَزَّتۡ وَرَبَتۡ وَأَنۢبَتَتۡ مِن كُلِّ زَوۡجِۭ بَهِيجࣲ‏

Oho lona batho! Haeba le na le khoao ka Letsatsi la Tsoho, bonang! Re le hlotse ka lerole, The’re le lehloele, eaba Re le etsa nama e nang le sebopeho, kapa e senang sona, hore Re tle Re hlakise lits’upiso tsa Rona ho lona. Re etsa hore ho lule ka har’a limpa seo Re se ratang ho fihlela nako ea pallo ea sona, e be kamor’a moo Re le hlahisa le le masea, ebe Re le neha kholo, hore le tle le fihlele lilemo tse lokelang. Har’a lona ho teng ba shoang ba sa le banyane, ho teng ba fihlelang lilemo tsa botsofali, hore ba tle ba se ke ba tseba letho kamor’a ho ba ba be le tsebo. U bona lefats’e le se nang bophelo le hlobotseng, empa ha Re romella pula ho lona, le khutlela bophelong le hona ho ts’akhunya liliba le ho hlahisa limela ka bobeli tse khahlang

Ayah 5

ذَٰلِكَ بِأَنَّ ٱللَّهَ هُوَ ٱلۡحَقُّ وَأَنَّهُۥ يُحۡيِ ٱلۡمَوۡتَىٰ وَأَنَّهُۥ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءࣲ قَدِيرࣱ‏

Sena ke hobane Allah ke Eena ‘Nete: ke Eena ea fanang ka bophelo ho ba shoeleng, U na le Matla holima tsohle

Ayah 6

وَأَنَّ ٱلسَّاعَةَ ءَاتِيَةࣱ لَّا رَيۡبَ فِيهَا وَأَنَّ ٱللَّهَ يَبۡعَثُ مَن فِي ٱلۡقُبُورِ

Hobane Ruri hora e ea tla eo ho seng khoao ka eona; Allah U tla tsosa bohle mabitleng

Ayah 7

وَمِنَ ٱلنَّاسِ مَن يُجَٰدِلُ فِي ٱللَّهِ بِغَيۡرِ عِلۡمࣲ وَلَا هُدࣰ ى وَلَا كِتَٰبࣲ مُّنِيرࣲ‏

Empa har’a batho ho na le ba ngangisanang ka Allah ka ho hloka tsebo, kapa tataiso esita le lona Lengolo le fanang ka Leseli

Ayah 8

ثَانِيَ عِطۡفِهِۦ لِيُضِلَّ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِۖ لَهُۥ فِي ٱلدُّنۡيَا خِزۡيࣱۖ وَنُذِيقُهُۥ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ عَذَابَ ٱلۡحَرِيقِ

O furalla ka boikakaso o khelosa batho ka thetso tseleng ea Allah. Masoabi a tla mo aparela bophelong bona, mohla Letsatsi la Kahlolo Re tla etsa hore a latsoe Kahlolo ea Mollo

Ayah 9

ذَٰلِكَ بِمَا قَدَّمَتۡ يَدَاكَ وَأَنَّ ٱللَّهَ لَيۡسَ بِظَلَّٰمࣲ لِّلۡعَبِيدِ

Ho tla thoe: “Sena ke moputso oa seo matsoho a hau a ileng a se romella nale, Ruri Allah ha se mohatelli oa makhabunyane a hae.”

Ayah 10

وَمِنَ ٱلنَّاسِ مَن يَعۡبُدُ ٱللَّهَ عَلَىٰ حَرۡفࣲۖ فَإِنۡ أَصَابَهُۥ خَيۡرٌ ٱطۡمَأَنَّ بِهِۦۖ وَإِنۡ أَصَابَتۡهُ فِتۡنَةٌ ٱنقَلَبَ عَلَىٰ وَجۡهِهِۦ خَسِرَ ٱلدُّنۡيَا وَٱلۡأٓخِرَةَۚ ذَٰلِكَ هُوَ ٱلۡخُسۡرَانُ ٱلۡمُبِينُ

Ho teng har’a batho b`a sebeletsang Allah ka monahano o fokolang hoo eka reng haba oeloa ke lehlohonolo, ebe ba khotsofetse, empa haeba bomalimabe bo ka ba oela, ba phakisa ba nyebella. Joale, e be bophelo ba lefats’e lena bo ea ba phonyoha esita le Bo-tlang. Seo ke tahlehelo e pepenene

Ayah 11

يَدۡعُواْ مِن دُونِ ٱللَّهِ مَا لَا يَضُرُّهُۥ وَمَا لَا يَنفَعُهُۥۚ ذَٰلِكَ هُوَ ٱلضَّلَٰلُ ٱلۡبَعِيدُ

Ba memetsa ho melingoana e ke keng ea ba hlahisetsa kotsi le e nyenyane, le hona ho ba putsa ka letho. Seo ke ho khelohela hole-hole kannete

Ayah 12

يَدۡعُواْ لَمَن ضَرُّهُۥٓ أَقۡرَبُ مِن نَّفۡعِهِۦۚ لَبِئۡسَ ٱلۡمَوۡلَىٰ وَلَبِئۡسَ ٱلۡعَشِيرُ

Ba memetsa ho eo mathata a hae a leng haufi haholo ho feta moputso; Ruri setsoalle se joalo ke se fosahetseng le eena mothusi eo ke’a bolileng

Ayah 13

إِنَّ ٱللَّهَ يُدۡخِلُ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ جَنَّٰتࣲ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُۚ إِنَّ ٱللَّهَ يَفۡعَلُ مَا يُرِيدُ

Ruri! Allah U tla amohella ba kholoang ba sebetsang ka toka ka har’a Lirapa tse linoka li phallang. Hobane Allah U phethisa seo a se rerang

Ayah 14

مَن كَانَ يَظُنُّ أَن لَّن يَنصُرَهُ ٱللَّهُ فِي ٱلدُّنۡيَا وَٱلۡأٓخِرَةِ فَلۡيَمۡدُدۡ بِسَبَبٍ إِلَى ٱلسَّمَآءِ ثُمَّ لۡيَقۡطَعۡ فَلۡيَنظُرۡ هَلۡ يُذۡهِبَنَّ كَيۡدُهُۥ مَا يَغِيظُ

Ebang ho na le mong le mong ea nang le monahano o fosahetseng oa hore Allah a ke ke a fana ka tlholo ho eena lefats’eng lena le ho bo-tlang, ha a ke a leketlise thapo marulelong a ntlo ea hae, e be o’a iphanyeha. Joale, a tle a bone hore na malepa a hae a tla ke a suthise seo se mo halefisisang

Ayah 15

وَكَذَٰلِكَ أَنزَلۡنَٰهُ ءَايَٰتِۭ بَيِّنَٰتࣲ وَأَنَّ ٱللَّهَ يَهۡدِي مَن يُرِيدُ

Ke kamoo Re senolang Lits’enolo tse hlakileng, Ruri Allah U tataisa ea ikhethetseng Eena

Ayah 16

إِنَّ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَٱلَّذِينَ هَادُواْ وَٱلصَّٰبِـِٔينَ وَٱلنَّصَٰرَىٰ وَٱلۡمَجُوسَ وَٱلَّذِينَ أَشۡرَكُوٓاْ إِنَّ ٱللَّهَ يَفۡصِلُ بَيۡنَهُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِۚ إِنَّ ٱللَّهَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءࣲ شَهِيدٌ

Bohle ba kholoang ts’enolong ena, ba latelang Bo-juda, Ma- Sabian, Ba-Keresete ng, le Baloing esitana le Bahedeneng, – Ruri! Ke Allah ea tla ahlola lipakeng tsa bona mohla letsatsi la tsoho. Ruri ke Allah U tla ahlola lipakeng tsa bona ka Letsatsi la Kahlolo. Hobane Allah ke paki holima lintho tsohle

Ayah 17

أَلَمۡ تَرَ أَنَّ ٱللَّهَ يَسۡجُدُۤ لَهُۥۤ مَن فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَن فِي ٱلۡأَرۡضِ وَٱلشَّمۡسُ وَٱلۡقَمَرُ وَٱلنُّجُومُ وَٱلۡجِبَالُ وَٱلشَّجَرُ وَٱلدَّوَآبُّ وَكَثِيرࣱ مِّنَ ٱلنَّاسِۖ وَكَثِيرٌ حَقَّ عَلَيۡهِ ٱلۡعَذَابُۗ وَمَن يُهِنِ ٱللَّهُ فَمَا لَهُۥ مِن مُّكۡرِمٍۚ إِنَّ ٱللَّهَ يَفۡعَلُ مَا يَشَآءُ۩

Na ha le’a s’o bone hore lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng li rapela Allah, letsatsi, ngoeli, linaleli, lithaba, lifate, le linonyana le batho bohle, le hoja ho na le ba ba ngata bao kahlolo eba tobileng. Bao Allah a ba apesitseng sekhobo, ha ho ope ea ka ba nehang tlhompho. Hobane! Ruri Allah U etsa seo A se ratang

Ayah 18

۞هَٰذَانِ خَصۡمَانِ ٱخۡتَصَمُواْ فِي رَبِّهِمۡۖ فَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ قُطِّعَتۡ لَهُمۡ ثِيَابࣱ مِّن نَّارࣲ يُصَبُّ مِن فَوۡقِ رُءُوسِهِمُ ٱلۡحَمِيمُ

Mahlakore ana a mabeli, a hohlana ka bobeli khahlanong le Mong`a bona: Ba latolang,-ba tla etsetsoa liaparo tsa mollo; ba tla ts’eloa lihloohong ka metsi a belang

Ayah 19

يُصۡهَرُ بِهِۦ مَا فِي بُطُونِهِمۡ وَٱلۡجُلُودُ

Lintho tsohle tse ka har’a limpa tsa bona li tlang ho qhibilia `moho le letlalo la bona

Ayah 20

وَلَهُم مَّقَٰمِعُ مِنۡ حَدِيدࣲ‏

Ho bile ho teng Meutloa ea ts’epe sebakeng sa bona

Ayah 21

كُلَّمَآ أَرَادُوٓاْ أَن يَخۡرُجُواْ مِنۡهَا مِنۡ غَمٍّ أُعِيدُواْ فِيهَا وَذُوقُواْ عَذَابَ ٱلۡحَرِيقِ

Ka linako tsohle batla lakatsa ho tsoa kamoo ka maqakabetsing, empa ba tla qobelloa ho boela kateng, ho tla thoe: “Latsoang kahlolo ea Mollo.”

Ayah 22

إِنَّ ٱللَّهَ يُدۡخِلُ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ جَنَّٰتࣲ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُ يُحَلَّوۡنَ فِيهَا مِنۡ أَسَاوِرَ مِن ذَهَبࣲ وَلُؤۡلُؤࣰ اۖ وَلِبَاسُهُمۡ فِيهَا حَرِيرࣱ‏

Allah U tla amohela bohle ba kholoang ba etsa liketso tse lokileng ho kena ka har’a lirapa tse linoka li phallang, ba tla apesoa lipetja tsa khauta le tsa masapo, Liaparo tsa bona e tla ba tsa silika

Ayah 23

وَهُدُوٓاْ إِلَى ٱلطَّيِّبِ مِنَ ٱلۡقَوۡلِ وَهُدُوٓاْ إِلَىٰ صِرَٰطِ ٱلۡحَمِيدِ

Hobane ba ile ba tataisoa ka molaetsa o machosi; ba tataiselitsoe tseleng ea Ea Ts’oanetsoeng ke Tlotla

Ayah 24

إِنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَيَصُدُّونَ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِ وَٱلۡمَسۡجِدِ ٱلۡحَرَامِ ٱلَّذِي جَعَلۡنَٰهُ لِلنَّاسِ سَوَآءً ٱلۡعَٰكِفُ فِيهِ وَٱلۡبَادِۚ وَمَن يُرِدۡ فِيهِ بِإِلۡحَادِۭ بِظُلۡمࣲ نُّذِقۡهُ مِنۡ عَذَابٍ أَلِيمࣲ‏

Haele ba latotseng, ba sitisa batho ho kena tseleng e lebisang ho Allah le ‘nqalong e Halalelang ea thapelo, eo Re e khethetseng batho bohle hoba ‘moho ho eona; baahi ba moo le baeti, ka bobeli ba na le tokelo ea moo; mong le mong ea ikemiselitseng ho baka pherekano moo, Ruri re tla mo latsoisa kahlolo e mahlonoko

Ayah 25

وَإِذۡ بَوَّأۡنَا لِإِبۡرَٰهِيمَ مَكَانَ ٱلۡبَيۡتِ أَن لَّا تُشۡرِكۡ بِي شَيۡـࣰٔ ا وَطَهِّرۡ بَيۡتِيَ لِلطَّآئِفِينَ وَٱلۡقَآئِمِينَ وَٱلرُّكَّعِ ٱلسُّجُودِ

Bonang Re nehile Abrahama ‘nqalo ea ntlo e halalelang, (Re Re): “Ho se be letho leo o ka le kopanyang le ‘Na, u be u hloekise Ntlo ea Ka malebana le batla e pota-pota le hona ho ema haufi le eona `moho le ba tla khumama ba ithapalatse

Ayah 26

وَأَذِّن فِي ٱلنَّاسِ بِٱلۡحَجِّ يَأۡتُوكَ رِجَالࣰ ا وَعَلَىٰ كُلِّ ضَامِرࣲ يَأۡتِينَ مِن كُلِّ فَجٍّ عَمِيقࣲ‏

“U phatlalatse bosepheleli ho batho bohle: ba tla tla ho uena ba tsamaea ka maoto, ha ba bang ba tla tla ba kaletse likamele; ba tla tla ba hlaha ka likhoro tsohle

Ayah 27

لِّيَشۡهَدُواْ مَنَٰفِعَ لَهُمۡ وَيَذۡكُرُواْ ٱسۡمَ ٱللَّهِ فِيٓ أَيَّامࣲ مَّعۡلُومَٰتٍ عَلَىٰ مَا رَزَقَهُم مِّنۢ بَهِيمَةِ ٱلۡأَنۡعَٰمِۖ فَكُلُواْ مِنۡهَا وَأَطۡعِمُواْ ٱلۡبَآئِسَ ٱلۡفَقِيرَ

Ho tla paka lintho tse nang le molemo ho bona, le ho keteKa lebitso la Allah ka Matsatsi a fanoeng holim’a makhomo ao A ba sitsitseng ka ona sebakeng sa lihlabelo. Joale, jang le be le fane ka eona ho mafutsana

Ayah 28

ثُمَّ لۡيَقۡضُواْ تَفَثَهُمۡ وَلۡيُوفُواْ نُذُورَهُمۡ وَلۡيَطَّوَّفُواْ بِٱلۡبَيۡتِ ٱلۡعَتِيقِ

Ba tlohele ho qetela lits’ebeletso tse ngolileong malebana le bona, le hona ho rapela le ho potoloha Ntlo e Halalelang ea Mathomo.”

Ayah 29

ذَٰلِكَۖ وَمَن يُعَظِّمۡ حُرُمَٰتِ ٱللَّهِ فَهُوَ خَيۡرࣱ لَّهُۥ عِندَ رَبِّهِۦۗ وَأُحِلَّتۡ لَكُمُ ٱلۡأَنۡعَٰمُ إِلَّا مَا يُتۡلَىٰ عَلَيۡكُمۡۖ فَٱجۡتَنِبُواْ ٱلرِّجۡسَ مِنَ ٱلۡأَوۡثَٰنِ وَٱجۡتَنِبُواْ قَوۡلَ ٱلزُّورِ

Mong le mong ea hlomphang litokelo tsa bohlokoa tsa Allah, seo se molemo ho eena kapel’a Mong`a hae. Makhomo a molemo ho lona ele lijo nakong ea bosepheleli kantle le seo le kileng la se joetsoa. Kahoo, qobang lits’ila tsa bahedene le mashano

Ayah 30

حُنَفَآءَ لِلَّهِ غَيۡرَ مُشۡرِكِينَ بِهِۦۚ وَمَن يُشۡرِكۡ بِٱللَّهِ فَكَأَنَّمَا خَرَّ مِنَ ٱلسَّمَآءِ فَتَخۡطَفُهُ ٱلطَّيۡرُ أَوۡ تَهۡوِي بِهِ ٱلرِّيحُ فِي مَكَانࣲ سَحِيقࣲ‏

Le be le ‘nete tumelong ea Allah, le se mo kopanye le batlatsetsi; hobane ea kopanyang Allah le batlatsetsi, o ts’oana leha e ka o ile a theoha marung, eaba o hlothoa ke linonyana, kapa a fefoloa ke moea ho mo lahlela sebakeng se hole-hole

Ayah 31

ذَٰلِكَۖ وَمَن يُعَظِّمۡ شَعَٰٓئِرَ ٱللَّهِ فَإِنَّهَا مِن تَقۡوَى ٱلۡقُلُوبِ

Seo: Mong le mong ea ikitlaetsang ho hlompha lits’upiso tsa Allah, ka ho etsa mahlabelo a liphoofolo Ruri seo se tsoa khalalelong ea lipelo

Ayah 32

لَكُمۡ فِيهَا مَنَٰفِعُ إِلَىٰٓ أَجَلࣲ مُّسَمࣰّ ى ثُمَّ مَحِلُّهَآ إِلَى ٱلۡبَيۡتِ ٱلۡعَتِيقِ

Mahlabelo ao a molemo ho lona sebakeng sa pallo; mathethong sebaka sa tsona lihlabelo tseo se thoko le Ka’ba

Ayah 33

وَلِكُلِّ أُمَّةࣲ جَعَلۡنَا مَنسَكࣰ ا لِّيَذۡكُرُواْ ٱسۡمَ ٱللَّهِ عَلَىٰ مَا رَزَقَهُم مِّنۢ بَهِيمَةِ ٱلۡأَنۡعَٰمِۗ فَإِلَٰهُكُمۡ إِلَٰهࣱ وَٰحِدࣱ فَلَهُۥٓ أَسۡلِمُواْۗ وَبَشِّرِ ٱلۡمُخۡبِتِينَ

Re fane ka taelo ea lihlabelo ho merabe eohle ea batho, hore ba tle ba keteke lithoriso tsa Allah holim’a makhomo ao A ba nehileng ona ele lijo; etsoe `Mopi oa lona ke `Mopi A le mong, kahoo ineheleng ho Eena. Fana ka litaba tse molemo ho ba ikokobetsang

Ayah 34

ٱلَّذِينَ إِذَا ذُكِرَ ٱللَّهُ وَجِلَتۡ قُلُوبُهُمۡ وَٱلصَّٰبِرِينَ عَلَىٰ مَآ أَصَابَهُمۡ وَٱلۡمُقِيمِي ٱلصَّلَوٰةِ وَمِمَّا رَزَقۡنَٰهُمۡ يُنفِقُونَ

Bao lipelo tsa bona li tlaloang ke ts’abo nakong eo ho buuoang ka Allah, ba mamellang holim’a lintho tsohle tse ba hlahelang ka ts’ohanyetso, le ho phethahatsa lithapelo esita le ho nyehela ka tseo Re ba sitsitseng ka tsona

Ayah 35

وَٱلۡبُدۡنَ جَعَلۡنَٰهَا لَكُم مِّن شَعَٰٓئِرِ ٱللَّهِ لَكُمۡ فِيهَا خَيۡرࣱۖ فَٱذۡكُرُواْ ٱسۡمَ ٱللَّهِ عَلَيۡهَا صَوَآفَّۖ فَإِذَا وَجَبَتۡ جُنُوبُهَا فَكُلُواْ مِنۡهَا وَأَطۡعِمُواْ ٱلۡقَانِعَ وَٱلۡمُعۡتَرَّۚ كَذَٰلِكَ سَخَّرۡنَٰهَا لَكُمۡ لَعَلَّكُمۡ تَشۡكُرُونَ

Likamele tsa sehlabelo Re li etselitse hoba har’a Litsu’po ho tsoa ho Allah. Le na le melemo e mengata ho tsona. Kahoo, le hlalose lebitso la Allah holim’a tsona nakong eo li tjammeng ka mekhahlelo. Joale, ha li se li oele fats’e kamor’a ho hlajoa, le ka itjella le hona ho fepa ba hlokang le bohle ba qelang ka hlompho. Ke kamoo Re etsang hore le be le taolo holim’a tsona kateng, hore le tle le fane ka liteboho

Ayah 36

لَن يَنَالَ ٱللَّهَ لُحُومُهَا وَلَا دِمَآؤُهَا وَلَٰكِن يَنَالُهُ ٱلتَّقۡوَىٰ مِنكُمۡۚ كَذَٰلِكَ سَخَّرَهَا لَكُمۡ لِتُكَبِّرُواْ ٱللَّهَ عَلَىٰ مَا هَدَىٰكُمۡۗ وَبَشِّرِ ٱلۡمُحۡسِنِينَ

Ha se nama, kapa mali a tsona a tla finyella ho Allah, empa ke tumelo ea lona e tla finyella ho Eena. Ke kamoo Re etsang hore le be le taolo holim’a tsona, hore le tle le tlotlise Allah, A tle A le tataise. Fana ka litaba tse molemo tsena ho ba etsang tse lokileng

Ayah 37

۞إِنَّ ٱللَّهَ يُدَٰفِعُ عَنِ ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْۗ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يُحِبُّ كُلَّ خَوَّانࣲ كَفُورٍ

Ruri! Allah U ts’ireletsa bohle ba kholoang. Allah ha A rate ea furallang tumelo, a hloka le teboho

Ayah 38

أُذِنَ لِلَّذِينَ يُقَٰتَلُونَ بِأَنَّهُمۡ ظُلِمُواْۚ وَإِنَّ ٱللَّهَ عَلَىٰ نَصۡرِهِمۡ لَقَدِيرٌ

Ntoa e lumeletsoe ba loanang hobane ba hateletsoe; Allah U Matla Oohle ho ba thusa

Ayah 39

ٱلَّذِينَ أُخۡرِجُواْ مِن دِيَٰرِهِم بِغَيۡرِ حَقٍّ إِلَّآ أَن يَقُولُواْ رَبُّنَا ٱللَّهُۗ وَلَوۡلَا دَفۡعُ ٱللَّهِ ٱلنَّاسَ بَعۡضَهُم بِبَعۡضࣲ لَّهُدِّمَتۡ صَوَٰمِعُ وَبِيَعࣱ وَصَلَوَٰتࣱ وَمَسَٰجِدُ يُذۡكَرُ فِيهَا ٱسۡمُ ٱللَّهِ كَثِيرࣰ اۗ وَلَيَنصُرَنَّ ٱللَّهُ مَن يَنصُرُهُۥٓۚ إِنَّ ٱللَّهَ لَقَوِيٌّ عَزِيزٌ

Ba phalalisitsoeng malapeng a bona hobane ba itse: “Mong`a rona ke Allah,” na ha se Allah ea thibang lehlakore le leng la batho ka le leng, Ruri! Ho ka be ho ile ha heletsoa Litempele, Likereke, li-Sinakhokhe le li-Mosque moo lebitso la Allah le tlotlisoang ka mehla eohle. Allah U thusa ea mo thusang. Hobane Allah U Matla Oohle, U Ts’abehile Matleng, –

Ayah 40

ٱلَّذِينَ إِن مَّكَّنَّٰهُمۡ فِي ٱلۡأَرۡضِ أَقَامُواْ ٱلصَّلَوٰةَ وَءَاتَوُاْ ٱلزَّكَوٰةَ وَأَمَرُواْ بِٱلۡمَعۡرُوفِ وَنَهَوۡاْ عَنِ ٱلۡمُنكَرِۗ وَلِلَّهِ عَٰقِبَةُ ٱلۡأُمُورِ

Bao e reng ha Re ba neha matla lefats’eng, ebe ba phethahatsa lithapelo le hona ho fana ka linyehelo le ho khothaletsa toka, le ho felisa bobe. Ho Allah ke poloko ea litla-morao tsa litaba tsohle

Ayah 41

وَإِن يُكَذِّبُوكَ فَقَدۡ كَذَّبَتۡ قَبۡلَهُمۡ قَوۡمُ نُوحࣲ وَعَادࣱ وَثَمُودُ

Ebang ba u hanyetsa, le Batho pele ho bona ba ‘nile ba etsa joalo ka Baprofeta ba bona, – batho ba habo Nooe esitana le mohlobo oa ba-Ad le ba-Thamud

Ayah 42

وَقَوۡمُ إِبۡرَٰهِيمَ وَقَوۡمُ لُوطࣲ‏

Le ba habo Abrahama le Lota

Ayah 43

وَأَصۡحَٰبُ مَدۡيَنَۖ وَكُذِّبَ مُوسَىٰۖ فَأَمۡلَيۡتُ لِلۡكَٰفِرِينَ ثُمَّ أَخَذۡتُهُمۡۖ فَكَيۡفَ كَانَ نَكِيرِ

Le Balekane ba batho ba Mediane. Le Moshe o ‘nile a latoloa; empa Ke ile Ka fana ka nyehlisetso ho mahan-atumelo ha nakoana, eaba Ke ba neha kotlo kamor’a moo, nyeliso ea Ka ho bona e bile e ts’abehang joang

Ayah 44

فَكَأَيِّن مِّن قَرۡيَةٍ أَهۡلَكۡنَٰهَا وَهِيَ ظَالِمَةࣱ فَهِيَ خَاوِيَةٌ عَلَىٰ عُرُوشِهَا وَبِئۡرࣲ مُّعَطَّلَةࣲ وَقَصۡرࣲ مَّشِيدٍ

Ke Lichaba tse kae tseo Re ileng Ra li ripitla nakong eo li neng li le sebeng, hoo e ileng ha sala e le lesupi ho fihlela kajeno, ke liliba tse kae tse ileng tsa sala shalabeng esita le tsona lipaleisi

Ayah 45

أَفَلَمۡ يَسِيرُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَتَكُونَ لَهُمۡ قُلُوبࣱ يَعۡقِلُونَ بِهَآ أَوۡ ءَاذَانࣱ يَسۡمَعُونَ بِهَاۖ فَإِنَّهَا لَا تَعۡمَى ٱلۡأَبۡصَٰرُ وَلَٰكِن تَعۡمَى ٱلۡقُلُوبُ ٱلَّتِي فِي ٱلصُّدُورِ

Na ha ba e s’o hahlaule le lefats’e, hoo lipelo tsa bona li ka sisimohang esitana le tsona litsebe tsa bona li ka utloang? Hobane! Ruri ha se mahlo a bona a foufetseng, empa ke lipelo tse ka lifubeng tsa bona

Ayah 46

وَيَسۡتَعۡجِلُونَكَ بِٱلۡعَذَابِ وَلَن يُخۡلِفَ ٱللَّهُ وَعۡدَهُۥۚ وَإِنَّ يَوۡمًا عِندَ رَبِّكَ كَأَلۡفِ سَنَةࣲ مِّمَّا تَعُدُّونَ

Ba u kopa ho potlakisa kahlolo, le hoja Allah A ke ke A sitoa ts’episong ea Hae, Ruri! Haele letsatsi le kapel’a Allah, le shebahala le ka balloa lilemong tse sekete ho latela palo ea lona

Ayah 47

وَكَأَيِّن مِّن قَرۡيَةٍ أَمۡلَيۡتُ لَهَا وَهِيَ ظَالِمَةࣱ ثُمَّ أَخَذۡتُهَا وَإِلَيَّ ٱلۡمَصِيرُ

Hana ke Lichaba tse kae tseo ke ileng ka li neha nyehlisetso, le hoja li ne li le sebeng? Hoo ke ileng ka li neha kotlo khabareng. Ruri! Poelo e ho ‘Na

Ayah 48

قُلۡ يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ إِنَّمَآ أَنَا۠ لَكُمۡ نَذِيرࣱ مُّبِينࣱ‏

E re: “Oho batho! Ke rometsoe ho lona feela ho fana thlokomeliso e hlakileng

Ayah 49

فَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ لَهُم مَّغۡفِرَةࣱ وَرِزۡقࣱ كَرِيمࣱ‏

Bohle ba kholoang ba etsa liketso tse lokileng, ts’oarelo e teng bakeng sa bona `moho le nala e babatsehang

Ayah 50

وَٱلَّذِينَ سَعَوۡاْ فِيٓ ءَايَٰتِنَا مُعَٰجِزِينَ أُوْلَٰٓئِكَ أَصۡحَٰبُ ٱلۡجَحِيمِ

Empa haele ba tsitlaletseng khahlanong le lits’enolo tsa Rona, – e tla ba balekane ba Mollo.”

Ayah 51

وَمَآ أَرۡسَلۡنَا مِن قَبۡلِكَ مِن رَّسُولࣲ وَلَا نَبِيٍّ إِلَّآ إِذَا تَمَنَّىٰٓ أَلۡقَى ٱلشَّيۡطَٰنُ فِيٓ أُمۡنِيَّتِهِۦ فَيَنسَخُ ٱللَّهُ مَا يُلۡقِي ٱلشَّيۡطَٰنُ ثُمَّ يُحۡكِمُ ٱللَّهُ ءَايَٰتِهِۦۗ وَٱللَّهُ عَلِيمٌ حَكِيمࣱ‏

Ha Re’a s’o ka Re romella moromuoa, kapa moporofeta pele ho uena, ebe eba Satane ha a mo hoka-hoke ka malepa. Empa Allah U hlakola sohle seo Stane a se etsang. Allah U phethahatsa lits’enolo tsa Hae. Hobane Allah U tletse tsebo, U Seli

Ayah 52

لِّيَجۡعَلَ مَا يُلۡقِي ٱلشَّيۡطَٰنُ فِتۡنَةࣰ لِّلَّذِينَ فِي قُلُوبِهِم مَّرَضࣱ وَٱلۡقَاسِيَةِ قُلُوبُهُمۡۗ وَإِنَّ ٱلظَّٰلِمِينَ لَفِي شِقَاقِۭ بَعِيدࣲ‏

E le hore A tle A etse seo liabolosi a se etsang teko ho bao lipelo tsa bona ho tletseng maloetse, le bao lipelo tsa bona li thatafetseng, – Ruri! Baetsalibe ba karohanong e totobetseng, –

Ayah 53

وَلِيَعۡلَمَ ٱلَّذِينَ أُوتُواْ ٱلۡعِلۡمَ أَنَّهُ ٱلۡحَقُّ مِن رَّبِّكَ فَيُؤۡمِنُواْ بِهِۦ فَتُخۡبِتَ لَهُۥ قُلُوبُهُمۡۗ وَإِنَّ ٱللَّهَ لَهَادِ ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ إِلَىٰ صِرَٰطࣲ مُّسۡتَقِيمࣲ‏

Le ba nehiloeng tsebo ba tle ba tsebe hore ke ‘nete e tsoang ho Mong`a hau, ba tle ba kholoe ho eona le lipelo tsa bona li tle li inehele ka boikokobetso ho Eena. Hobane! Ruri Allah U tataisa bohle ba kholoang tseleng e totobetseng

Ayah 54

وَلَا يَزَالُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ فِي مِرۡيَةࣲ مِّنۡهُ حَتَّىٰ تَأۡتِيَهُمُ ٱلسَّاعَةُ بَغۡتَةً أَوۡ يَأۡتِيَهُمۡ عَذَابُ يَوۡمٍ عَقِيمٍ

Bohle ba hanyetsang tumelo ba ke ke ba khaotsa ho ba le khoao holim’a eona, ho fihlela hora e ba oela ka ts’ohanyetso, kapa ba tloha ba oeloa ke Letsatsi la Tlokotsi

Ayah 55

ٱلۡمُلۡكُ يَوۡمَئِذࣲ لِّلَّهِ يَحۡكُمُ بَيۡنَهُمۡۚ فَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ فِي جَنَّٰتِ ٱلنَّعِيمِ

Matla a Puso mohla letsatsi leo, e tla be e le a Allah feela. Ke Eena Ea tla ahlola lipakeng tsa bona. Haele ba tla beng ba kholoa, ba etsa liketso tse lokileng ba tla kena ka har’a Lirapa tsa Nyakallo

Ayah 56

وَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَكَذَّبُواْ بِـَٔايَٰتِنَا فَأُوْلَٰٓئِكَ لَهُمۡ عَذَابࣱ مُّهِينࣱ‏

Ba hanyetsang tumelo, ba latola lits’enolo tsa Rona, ho teng Kahlolo e soabisang

Ayah 57

وَٱلَّذِينَ هَاجَرُواْ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِ ثُمَّ قُتِلُوٓاْ أَوۡ مَاتُواْ لَيَرۡزُقَنَّهُمُ ٱللَّهُ رِزۡقًا حَسَنࣰ اۚ وَإِنَّ ٱللَّهَ لَهُوَ خَيۡرُ ٱلرَّٰزِقِينَ

Bohle ba phaphathehang malapeng a bona ts’ebeletsong ea Allah, ba fenethoa, kapa ba shoa, Ruri! Allah U tla ba sitsa ka nala e babatsehang. Ruri Allah Ke Eena Ea fanang ka nala

Ayah 58

لَيُدۡخِلَنَّهُم مُّدۡخَلࣰ ا يَرۡضَوۡنَهُۥۚ وَإِنَّ ٱللَّهَ لَعَلِيمٌ حَلِيمࣱ‏

Ruri! U tla ba amohela sebakeng se tla ba khahla. Hobane! Allah U Tseba Tsohle, U na le Kutloelo-Bohloko

Ayah 59

۞ذَٰلِكَۖ وَمَنۡ عَاقَبَ بِمِثۡلِ مَا عُوقِبَ بِهِۦ ثُمَّ بُغِيَ عَلَيۡهِ لَيَنصُرَنَّهُ ٱللَّهُۚ إِنَّ ٱللَّهَ لَعَفُوٌّ غَفُورࣱ‏

Ke kamoo ho leng kateng. Mong le mong ea iphetetsang ka bohloko bo ts’oanang le boo a ileng a bo utloisoa, e be hamorao o boetse o phetoa ka bona, Ruri! Allah U tla mo thusa. Hobane! Allah ke Eena Ea tlosang libe, o ts’oarela- joalo-joalo

Ayah 60

ذَٰلِكَ بِأَنَّ ٱللَّهَ يُولِجُ ٱلَّيۡلَ فِي ٱلنَّهَارِ وَيُولِجُ ٱلنَّهَارَ فِي ٱلَّيۡلِ وَأَنَّ ٱللَّهَ سَمِيعُۢ بَصِيرࣱ‏

Ke hobane Allah U entse hore bosiu bo sehe mots’eare tsebe le mots’eare o sehe bosiu tsebe, hobane Allah U ultoa tsohle, U bona tsohle

Ayah 61

ذَٰلِكَ بِأَنَّ ٱللَّهَ هُوَ ٱلۡحَقُّ وَأَنَّ مَا يَدۡعُونَ مِن دُونِهِۦ هُوَ ٱلۡبَٰطِلُ وَأَنَّ ٱللَّهَ هُوَ ٱلۡعَلِيُّ ٱلۡكَبِيرُ

Hobane Allah – Ke ‘Nete, seo ba bitsang ho sona kantle ho Eena, ke leshano, Allah U Phahametse Tsohle, U Moholo- Holo

Ayah 62

أَلَمۡ تَرَ أَنَّ ٱللَّهَ أَنزَلَ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءࣰ فَتُصۡبِحُ ٱلۡأَرۡضُ مُخۡضَرَّةًۚ إِنَّ ٱللَّهَ لَطِيفٌ خَبِيرࣱ‏

Na ha le bone kamoo Allah A romellang pula lefats’eng kateng e tsoa marung, ebe lefats’e le apareloa ke botala ka letsatsi le hlahlamang? Ruri! Allah U Hloekile, U Hlokolosi

Ayah 63

لَّهُۥ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۚ وَإِنَّ ٱللَّهَ لَهُوَ ٱلۡغَنِيُّ ٱلۡحَمِيدُ

Lintho tsohle tse maholimong le lefats’eng ke tsa Hae. Ruri! Allah ha A hloke letho, U ts’oanetsoe ke lithoriso tsohle

Ayah 64

أَلَمۡ تَرَ أَنَّ ٱللَّهَ سَخَّرَ لَكُم مَّا فِي ٱلۡأَرۡضِ وَٱلۡفُلۡكَ تَجۡرِي فِي ٱلۡبَحۡرِ بِأَمۡرِهِۦ وَيُمۡسِكُ ٱلسَّمَآءَ أَن تَقَعَ عَلَى ٱلۡأَرۡضِ إِلَّا بِإِذۡنِهِۦٓۚ إِنَّ ٱللَّهَ بِٱلنَّاسِ لَرَءُوفࣱ رَّحِيمࣱ‏

Na ha le bone kamoo Allah A entseng hore lintho tsohle tse teng lefats’eng li be le molemo kateng ho lona? Likepe li sesa holim’a leoatle ka taelo ea Hae, U ts’oere leholimo hore le se ke la oela fats’e kantle le ka tumello ea Hae. Ruri! Allah U Tletse Khauhelo, U Mohau o Khaphatsehang ho batho

Ayah 65

وَهُوَ ٱلَّذِيٓ أَحۡيَاكُمۡ ثُمَّ يُمِيتُكُمۡ ثُمَّ يُحۡيِيكُمۡۗ إِنَّ ٱلۡإِنسَٰنَ لَكَفُورࣱ‏

Ke Eena ea le nehileng bophelo, ke Eena ea tla etsa hore le shoe, A boele A le nehe bophelo hape. Ruri! Motho ke sebupuoa se hlokang teboho

Ayah 66

لِّكُلِّ أُمَّةࣲ جَعَلۡنَا مَنسَكًا هُمۡ نَاسِكُوهُۖ فَلَا يُنَٰزِعُنَّكَ فِي ٱلۡأَمۡرِۚ وَٱدۡعُ إِلَىٰ رَبِّكَۖ إِنَّكَ لَعَلَىٰ هُدࣰ ى مُّسۡتَقِيمࣲ‏

Re fane ka lits’ebeletso tsa keteko le meetlo ho lichaba tsohle tseo ba ts’oanetseng ho li phethahatsa; ba se u ngangise ka taba eo, empa u ba biletse ho Mong`a hau. Hobane! Ruri uena u latetse Tataiso e Nepahetseng

Ayah 67

وَإِن جَٰدَلُوكَ فَقُلِ ٱللَّهُ أَعۡلَمُ بِمَا تَعۡمَلُونَ

Empa ba u phehisa khang, E re: “Allah U tseba ka botlalo tsohle tseo le li etsang

Ayah 68

ٱللَّهُ يَحۡكُمُ بَيۡنَكُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ فِيمَا كُنتُمۡ فِيهِ تَخۡتَلِفُونَ

“Allah U tla ahlola lipakeng tsa lona mohla Letsatsi la Kahlolo khahlanong le seo le neng le hanyetsana ka sona

Ayah 69

أَلَمۡ تَعۡلَمۡ أَنَّ ٱللَّهَ يَعۡلَمُ مَا فِي ٱلسَّمَآءِ وَٱلۡأَرۡضِۚ إِنَّ ذَٰلِكَ فِي كِتَٰبٍۚ إِنَّ ذَٰلِكَ عَلَى ٱللَّهِ يَسِيرࣱ‏

Na ha le tsebe hore Allah U tseba lintho tsohle tse leholimong esita le tsohle tse lefats’eng? Ruri! Seo se ngoliloe, seo se bobebe ho Allah

Ayah 70

وَيَعۡبُدُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ مَا لَمۡ يُنَزِّلۡ بِهِۦ سُلۡطَٰنࣰ ا وَمَا لَيۡسَ لَهُم بِهِۦ عِلۡمࣱۗ وَمَا لِلظَّٰلِمِينَ مِن نَّصِيرࣲ‏

Empa ba khumamela lintho tse sa kang tsa senoleloa matla le hanyane, kantle ho Allah, tse bileng li senang le tsebo. Baetsalibe ha ba na mothusi

Ayah 71

وَإِذَا تُتۡلَىٰ عَلَيۡهِمۡ ءَايَٰتُنَا بَيِّنَٰتࣲ تَعۡرِفُ فِي وُجُوهِ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ ٱلۡمُنكَرَۖ يَكَادُونَ يَسۡطُونَ بِٱلَّذِينَ يَتۡلُونَ عَلَيۡهِمۡ ءَايَٰتِنَاۗ قُلۡ أَفَأُنَبِّئُكُم بِشَرࣲّ مِّن ذَٰلِكُمُۚ ٱلنَّارُ وَعَدَهَا ٱللَّهُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْۖ وَبِئۡسَ ٱلۡمَصِيرُ

Ha Lits’enolo tsa Rona tse Hlakileng li phetoa, u tla bona tatolo lifahlehong tsa mahana-tumelo; ho sale hanyane ba futuhela ba ba phetelang lits’enolo tsa Rona. E re: “Na nka le bolella ka se seng se nyarosang ho feta lits’enolo seo? Ke Mollo! Oo Allah a o ts’episitseng mahana-tumelo. Phello ea leeto e babang

Ayah 72

يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ ضُرِبَ مَثَلࣱ فَٱسۡتَمِعُواْ لَهُۥٓۚ إِنَّ ٱلَّذِينَ تَدۡعُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ لَن يَخۡلُقُواْ ذُبَابࣰ ا وَلَوِ ٱجۡتَمَعُواْ لَهُۥۖ وَإِن يَسۡلُبۡهُمُ ٱلذُّبَابُ شَيۡـࣰٔ ا لَّا يَسۡتَنقِذُوهُ مِنۡهُۚ ضَعُفَ ٱلطَّالِبُ وَٱلۡمَطۡلُوبُ

Oho batho! Papiso ke ena, kahoo thehang tsebe: Lintho tseo le li bitsang ho tsona ntle ho Allah li sitoa ho hlola leha e le ts’ints’i, le ha li ka kopano ‘moho ka morero oo. Haeba ts’ints’i e ka nka ho hong ho tsona, li ke ke tsa e pholosa ho eona. Kahoo, ka bobeli bakopi le bakopuoang ba ea fokola

Ayah 73

مَا قَدَرُواْ ٱللَّهَ حَقَّ قَدۡرِهِۦٓۚ إِنَّ ٱللَّهَ لَقَوِيٌّ عَزِيزٌ

Ba mpa ba entse tekanyo ka Allah: Hobane! Ruri Allah ke Ea Matla, Ea phethahatsang Thato ea Hae

Ayah 74

ٱللَّهُ يَصۡطَفِي مِنَ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةِ رُسُلࣰ ا وَمِنَ ٱلنَّاسِۚ إِنَّ ٱللَّهَ سَمِيعُۢ بَصِيرࣱ‏

Allah U khetha baromuoa har’a manyeloi le har’a batho. Allah ke Eena Ea utloang tsohle, o bona tsohle

Ayah 75

يَعۡلَمُ مَا بَيۡنَ أَيۡدِيهِمۡ وَمَا خَلۡفَهُمۡۚ وَإِلَى ٱللَّهِ تُرۡجَعُ ٱلۡأُمُورُ

U tseba tsohle tse kapel’a bona esita le tsohle tse kamora’ bona, lipotso tsohle li tla boela ho Allah

Ayah 76

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ ٱرۡكَعُواْ وَٱسۡجُدُواْۤ وَٱعۡبُدُواْ رَبَّكُمۡ وَٱفۡعَلُواْ ٱلۡخَيۡرَ لَعَلَّكُمۡ تُفۡلِحُونَ۩

Oho lona ba kholoang! Inamang, le ithapalatse le rapele Mong`a lona, le etse ka toka, hore le tle le atlehe

Ayah 77

وَجَٰهِدُواْ فِي ٱللَّهِ حَقَّ جِهَادِهِۦۚ هُوَ ٱجۡتَبَىٰكُمۡ وَمَا جَعَلَ عَلَيۡكُمۡ فِي ٱلدِّينِ مِنۡ حَرَجࣲۚ مِّلَّةَ أَبِيكُمۡ إِبۡرَٰهِيمَۚ هُوَ سَمَّىٰكُمُ ٱلۡمُسۡلِمِينَ مِن قَبۡلُ وَفِي هَٰذَا لِيَكُونَ ٱلرَّسُولُ شَهِيدًا عَلَيۡكُمۡ وَتَكُونُواْ شُهَدَآءَ عَلَى ٱلنَّاسِۚ فَأَقِيمُواْ ٱلصَّلَوٰةَ وَءَاتُواْ ٱلزَّكَوٰةَ وَٱعۡتَصِمُواْ بِٱللَّهِ هُوَ مَوۡلَىٰكُمۡۖ فَنِعۡمَ ٱلۡمَوۡلَىٰ وَنِعۡمَ ٱلنَّصِيرُ

Le be le tsitlalle tseleng ea Allah joaloka ha e le tokelo ea hae ho tsitlallela. U le khethile, ha A le belesa ka mojaro o boima tumelong; ke tumelo ea ntat’a lona Abrahama. Ke eena ea le rehileng Mamuslim linakong tsa khale-khale le ka har’a

Ayah 78