Surah Fussilat — Explained in detail

Surah Fussilat (Explained in detail) is chapter 41 of the Quran, with 54 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.

حمٓ

Ha. Mim

Ayah 1

تَنزِيلࣱ مِّنَ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

Ts’enolo e tsoang, ho Ea Tletseng Lereko, Ea Mohau o Khaphatsehang; –

Ayah 2

كِتَٰبࣱ فُصِّلَتۡ ءَايَٰتُهُۥ قُرۡءَانًا عَرَبِيࣰّ ا لِّقَوۡمࣲ يَعۡلَمُونَ

Ke Lengolo le jereng likhaolo tse manolotsoeng ka botlalo, Qura’n ea Se-Arab, molemong oa batho ba utloisisang; –

Ayah 3

بَشِيرࣰ ا وَنَذِيرࣰ ا فَأَعۡرَضَ أَكۡثَرُهُمۡ فَهُمۡ لَا يَسۡمَعُونَ

E fanang ka Litaba tse Molemo le Khalemo: Empa bongata ba bona bo ea furalla, Kahoo ha ba utloe

Ayah 4

وَقَالُواْ قُلُوبُنَا فِيٓ أَكِنَّةࣲ مِّمَّا تَدۡعُونَآ إِلَيۡهِ وَفِيٓ ءَاذَانِنَا وَقۡرࣱ وَمِنۢ بَيۡنِنَا وَبَيۡنِكَ حِجَابࣱ فَٱعۡمَلۡ إِنَّنَا عَٰمِلُونَ

Ba re: “Lipelo tsa rona li sireletsehile, ho seo u re memelang ho sona, ebile litsebe tsa rona li kabiloe, ho teng lesira lipakeng tsa rona le uena. Kahoo, etsa kamoo u etsang, le rona re tla etsa kamoo re etsang.”

Ayah 5

قُلۡ إِنَّمَآ أَنَا۠ بَشَرࣱ مِّثۡلُكُمۡ يُوحَىٰٓ إِلَيَّ أَنَّمَآ إِلَٰهُكُمۡ إِلَٰهࣱ وَٰحِدࣱ فَٱسۡتَقِيمُوٓاْ إِلَيۡهِ وَٱسۡتَغۡفِرُوهُۗ وَوَيۡلࣱ لِّلۡمُشۡرِكِينَ

E re: “‘Na ke mpa ke le motho ea joaloka lona: Ke susumelitsoe ka hore `Mopi oa lona ke `Mopi a le mong, kahoo tsitlallelang ka ‘nete ho Eena, le kope ts’oarelo ea Hae.” Sekhobo se aparele ba kopanyang Allah le melingoana, –

Ayah 6

ٱلَّذِينَ لَا يُؤۡتُونَ ٱلزَّكَوٰةَ وَهُم بِٱلۡأٓخِرَةِ هُمۡ كَٰفِرُونَ

Ba sa faneng ka linyehelo kamehla, ba sa kholoeng bophelong Bo-tlang

Ayah 7

إِنَّ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ لَهُمۡ أَجۡرٌ غَيۡرُ مَمۡنُونࣲ‏

Ba-kholoang ba bile ba etsa liketso tse lokileng, moputso o sa feleng ke oa bona

Ayah 8

۞قُلۡ أَئِنَّكُمۡ لَتَكۡفُرُونَ بِٱلَّذِي خَلَقَ ٱلۡأَرۡضَ فِي يَوۡمَيۡنِ وَتَجۡعَلُونَ لَهُۥٓ أَندَادࣰ اۚ ذَٰلِكَ رَبُّ ٱلۡعَٰلَمِينَ

E re: “Ruri! Na le latola Ea hlotseng lefats’e ka matsatsi a mabeli? Le mo kopanya le batlatsetsi? Ke Eena Mong`a Mafats’e

Ayah 9

وَجَعَلَ فِيهَا رَوَٰسِيَ مِن فَوۡقِهَا وَبَٰرَكَ فِيهَا وَقَدَّرَ فِيهَآ أَقۡوَٰتَهَا فِيٓ أَرۡبَعَةِ أَيَّامࣲ سَوَآءࣰ لِّلسَّآئِلِينَ

U hlomamisitse Lithaba tse tsepameng holim’a lefat`se, A ts’ollela mahlohonolo holima lefats’e, le ho etsa tsohle tse fanang ka phepo ho lona ka matsatsi a mane, ka ho lekana le bohle ba kopang ho latela lithloko

Ayah 10

ثُمَّ ٱسۡتَوَىٰٓ إِلَى ٱلسَّمَآءِ وَهِيَ دُخَانࣱ فَقَالَ لَهَا وَلِلۡأَرۡضِ ٱئۡتِيَا طَوۡعًا أَوۡ كَرۡهࣰ ا قَالَتَآ أَتَيۡنَا طَآئِعِينَ

A bolella leholimong nakong eo ho neng ho kuba mosi, eaba U re ho leholimo le lefats’e: “Raohang ka bobeli, le ratang kapa le sa rateng.” Eaba a re: “Re’a raoha ka boithapalatso.”

Ayah 11

فَقَضَىٰهُنَّ سَبۡعَ سَمَٰوَاتࣲ فِي يَوۡمَيۡنِ وَأَوۡحَىٰ فِي كُلِّ سَمَآءٍ أَمۡرَهَاۚ وَزَيَّنَّا ٱلسَّمَآءَ ٱلدُّنۡيَا بِمَصَٰبِيحَ وَحِفۡظࣰ اۚ ذَٰلِكَ تَقۡدِيرُ ٱلۡعَزِيزِ ٱلۡعَلِيمِ

U ile A a phetha e le maholimo a supileng ka matsatsi a mabeli, A ba A hlophisetsa leholimo ka leng taelo ea lona; eaba Re khabisa leholimo le ka tlase ka mabone le ho le sireletsa ka molebeli. Oo ke morero oa Ea Matla Oohle, Ea Tsetseng Tsebo

Ayah 12

فَإِنۡ أَعۡرَضُواْ فَقُلۡ أَنذَرۡتُكُمۡ صَٰعِقَةࣰ مِّثۡلَ صَٰعِقَةِ عَادࣲ وَثَمُودَ

Empa haeba ba u furalla, u re: “Ke le eletsa ka Kahlolo e ts’oanang le e ileng ea oela meloko a Ba-Ad le Ba – Thamud.”

Ayah 13

إِذۡ جَآءَتۡهُمُ ٱلرُّسُلُ مِنۢ بَيۡنِ أَيۡدِيهِمۡ وَمِنۡ خَلۡفِهِمۡ أَلَّا تَعۡبُدُوٓاْ إِلَّا ٱللَّهَۖ قَالُواْ لَوۡ شَآءَ رَبُّنَا لَأَنزَلَ مَلَٰٓئِكَةࣰ فَإِنَّا بِمَآ أُرۡسِلۡتُم بِهِۦ كَٰفِرُونَ

Baromuoa ba ile ba fihla ho bona ka mahlakore ohle, ba re: “Sebeletsang Allah A Inotsi!” Ba re: “Hoja e bile thato ea Mong`a rona, A ke be A re romeletse manyeloi; kahoo, ha re na ho lumela ho seo uena u romeletsoeng ka sona.”

Ayah 14

فَأَمَّا عَادࣱ فَٱسۡتَكۡبَرُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ بِغَيۡرِ ٱلۡحَقِّ وَقَالُواْ مَنۡ أَشَدُّ مِنَّا قُوَّةًۖ أَوَلَمۡ يَرَوۡاْ أَنَّ ٱللَّهَ ٱلَّذِي خَلَقَهُمۡ هُوَ أَشَدُّ مِنۡهُمۡ قُوَّةࣰۖ وَكَانُواْ بِـَٔايَٰتِنَا يَجۡحَدُونَ

Joale Ba-Ad ba ile ba ikhohomosa lefats’eng khahlanong le ‘nete le toka, ba re: “Ke mang ea leng matla ho re feta?” Eng! Ba ne ba sa tsebe hore Allah ea ba hlotseng, ke Eena Ea Matla ho ba feta? Ba ile ba nyelisa Lits’enolo tsa Rona

Ayah 15

فَأَرۡسَلۡنَا عَلَيۡهِمۡ رِيحࣰ ا صَرۡصَرࣰ ا فِيٓ أَيَّامࣲ نَّحِسَاتࣲ لِّنُذِيقَهُمۡ عَذَابَ ٱلۡخِزۡيِ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَاۖ وَلَعَذَابُ ٱلۡأٓخِرَةِ أَخۡزَىٰۖ وَهُمۡ لَا يُنصَرُونَ

Kahoo, Re ile Ra ba nehella ka setsokotsane sa lisuoa matsatsing a nyonyehang; hore Re ba latsoise kahlolo e tlontlollang bophelong ba lefats’e lena. Empa Kahlolo ea bophelo Bo-tlang eona, etla ba e soabisang ka ho fetisisa; ba ke ke ba fumana thuso

Ayah 16

وَأَمَّا ثَمُودُ فَهَدَيۡنَٰهُمۡ فَٱسۡتَحَبُّواْ ٱلۡعَمَىٰ عَلَى ٱلۡهُدَىٰ فَأَخَذَتۡهُمۡ صَٰعِقَةُ ٱلۡعَذَابِ ٱلۡهُونِ بِمَا كَانُواْ يَكۡسِبُونَ

Ba-Thamud, Re ile Ra ba neha tataiso; empa ba ile ba ikhethela bofofu ho ena le tataiso, kahoo lealuma la kahlolo e soabisang le ile la ba ripitla ho latela tseo ba neng ba li etsa

Ayah 17

وَنَجَّيۡنَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَكَانُواْ يَتَّقُونَ

Empa Re ile Ra pholosa bohle ba neng ba kholoa, ba bile ba etsa tse ntle

Ayah 18

وَيَوۡمَ يُحۡشَرُ أَعۡدَآءُ ٱللَّهِ إِلَى ٱلنَّارِ فَهُمۡ يُوزَعُونَ

Letsatsing leo ka lona lira tsa Allah li khobokang’oa ‘moho ho ea Mollong, ba qhojoa ka tatellano

Ayah 19

حَتَّىٰٓ إِذَا مَا جَآءُوهَا شَهِدَ عَلَيۡهِمۡ سَمۡعُهُمۡ وَأَبۡصَٰرُهُمۡ وَجُلُودُهُم بِمَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ

Khabareng ha ba finyella ho ona, litsebe le mahlo le matlalo a bona; li tla paka khahlanong le bona ka tseo ba neng ba li etsa

Ayah 20

وَقَالُواْ لِجُلُودِهِمۡ لِمَ شَهِدتُّمۡ عَلَيۡنَاۖ قَالُوٓاْ أَنطَقَنَا ٱللَّهُ ٱلَّذِيٓ أَنطَقَ كُلَّ شَيۡءࣲۚ وَهُوَ خَلَقَكُمۡ أَوَّلَ مَرَّةࣲ وَإِلَيۡهِ تُرۡجَعُونَ

Ba tla re ho matlalo a bona: “Hobaneng ha le fana ka bopaki khahlanong le rona?” Matlalo a tla re: “Allah U re nehile puo, joaloka ha A fana ka puo ho tsohle, Ea le hlotseng mathomong; le tla boela ho Eena.”

Ayah 21

وَمَا كُنتُمۡ تَسۡتَتِرُونَ أَن يَشۡهَدَ عَلَيۡكُمۡ سَمۡعُكُمۡ وَلَآ أَبۡصَٰرُكُمۡ وَلَا جُلُودُكُمۡ وَلَٰكِن ظَنَنتُمۡ أَنَّ ٱللَّهَ لَا يَعۡلَمُ كَثِيرࣰ ا مِّمَّا تَعۡمَلُونَ

“Le ne le sa ipate, mohlaope kutlo, pono le matlao a lona a tla paka khahlanong le lona! Empa le ne le nahana hore Allah ha A tsebe lintho tseo le neng le li etsa

Ayah 22

وَذَٰلِكُمۡ ظَنُّكُمُ ٱلَّذِي ظَنَنتُم بِرَبِّكُمۡ أَرۡدَىٰكُمۡ فَأَصۡبَحۡتُم مِّنَ ٱلۡخَٰسِرِينَ

“Empa monahano oo oa lona oo le neng le o nahanne ka Mong`a lona, o le isetse tahlehong; joale le har’a ba lahlehileng!”

Ayah 23

فَإِن يَصۡبِرُواْ فَٱلنَّارُ مَثۡوࣰ ى لَّهُمۡۖ وَإِن يَسۡتَعۡتِبُواْ فَمَا هُم مِّنَ ٱلۡمُعۡتَبِينَ

Le haeba ba na le mamello, Mollo e tla ba lehae la bona; le haeba ba ka kopa molemo, ba ke ke ba fuoa molemo

Ayah 24

۞وَقَيَّضۡنَا لَهُمۡ قُرَنَآءَ فَزَيَّنُواْ لَهُم مَّا بَيۡنَ أَيۡدِيهِمۡ وَمَا خَلۡفَهُمۡ وَحَقَّ عَلَيۡهِمُ ٱلۡقَوۡلُ فِيٓ أُمَمࣲ قَدۡ خَلَتۡ مِن قَبۡلِهِم مِّنَ ٱلۡجِنِّ وَٱلۡإِنسِۖ إِنَّهُمۡ كَانُواْ خَٰسِرِينَ

Re ba hlophiselitse balekane, ba entseng hore liketso tseo ba li entseng khale le joale, li shebahele li khahla mahlong a bona; kahlolo har’a lichaba tsa Li-Jinn le batho ba seng ba fetile pele ho bona, le tla phethahatsoa khahlanong le bona. Hobane ba lahlehile ka’nete

Ayah 25

وَقَالَ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لَا تَسۡمَعُواْ لِهَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانِ وَٱلۡغَوۡاْ فِيهِ لَعَلَّكُمۡ تَغۡلِبُونَ

Mahana-tumelo ba re: “Le se mamele Qura’n ena, empa le qoqe nakong eo e phetoang; hore le tle le be bahloli.”

Ayah 26

فَلَنُذِيقَنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ عَذَابࣰ ا شَدِيدࣰ ا وَلَنَجۡزِيَنَّهُمۡ أَسۡوَأَ ٱلَّذِي كَانُواْ يَعۡمَلُونَ

Empa Re tla neha mahana-tumelo tatso ea kahlolo e ts’abehang, Re tla ba phetetsa ka se hlaaha ho feta tseo ba neng ba etsa

Ayah 27

ذَٰلِكَ جَزَآءُ أَعۡدَآءِ ٱللَّهِ ٱلنَّارُۖ لَهُمۡ فِيهَا دَارُ ٱلۡخُلۡدِ جَزَآءَۢ بِمَا كَانُواْ بِـَٔايَٰتِنَا يَجۡحَدُونَ

Mollo – Ke moputso oa Allah ho lira tsa Hae. Ka hare ho ona ke lehae la bona le sa feleng, e le moputso ho latela kamoo ba neng ba nyefola lits’enolo tsa Rona kateng

Ayah 28

وَقَالَ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ رَبَّنَآ أَرِنَا ٱلَّذَيۡنِ أَضَلَّانَا مِنَ ٱلۡجِنِّ وَٱلۡإِنسِ نَجۡعَلۡهُمَا تَحۡتَ أَقۡدَامِنَا لِيَكُونَا مِنَ ٱلۡأَسۡفَلِينَ

Mahana-tumelo ba tla re: “Mong`a rona! Re bonts’e ba neng ba re eka har’a li-Jinn le batho. Re tla ba phets’ela ka maoto a rona, hore ba tle ba be har’a ba eisehang.”

Ayah 29

إِنَّ ٱلَّذِينَ قَالُواْ رَبُّنَا ٱللَّهُ ثُمَّ ٱسۡتَقَٰمُواْ تَتَنَزَّلُ عَلَيۡهِمُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ أَلَّا تَخَافُواْ وَلَا تَحۡزَنُواْ وَأَبۡشِرُواْ بِٱلۡجَنَّةِ ٱلَّتِي كُنتُمۡ تُوعَدُونَ

Ho ba reng: “Mong`a rona ke Allah”, e be kamor’a moo ba ea topa; manyeloi a tla theohela ho bona, a re: “Le se ts’ohe letho; empa amohelang litaba tse molemo tsa Serapa seo le se ts’episitsoeng

Ayah 30

نَحۡنُ أَوۡلِيَآؤُكُمۡ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا وَفِي ٱلۡأٓخِرَةِۖ وَلَكُمۡ فِيهَا مَا تَشۡتَهِيٓ أَنفُسُكُمۡ وَلَكُمۡ فِيهَا مَا تَدَّعُونَ

“Re basireletsi ba lona bophelong ba lefats’e lena le bophelong bo-tlang. Moo le tlang ho fumana tsohle tseo meea ea lona e li labalabelang, le tla fumana lintho tsohle tseo le li kopang

Ayah 31

نُزُلࣰ ا مِّنۡ غَفُورࣲ رَّحِيمࣲ‏

“Mpho ea kamohelo e tsoang ho Ea Ts’oarelang-joalo-joalo, Ea Tletseng Mohau.”

Ayah 32

وَمَنۡ أَحۡسَنُ قَوۡلࣰ ا مِّمَّن دَعَآ إِلَى ٱللَّهِ وَعَمِلَ صَٰلِحࣰ ا وَقَالَ إِنَّنِي مِنَ ٱلۡمُسۡلِمِينَ

Ke mang ea khahlang puong ho feta ea bitsetsang batho ho Mong`a hae le hona ho etsa toka, a re: “Le ‘na ke e mong oa ba inehetseng ho Eena.”

Ayah 33

وَلَا تَسۡتَوِي ٱلۡحَسَنَةُ وَلَا ٱلسَّيِّئَةُۚ ٱدۡفَعۡ بِٱلَّتِي هِيَ أَحۡسَنُ فَإِذَا ٱلَّذِي بَيۡنَكَ وَبَيۡنَهُۥ عَدَٰوَةࣱ كَأَنَّهُۥ وَلِيٌّ حَمِيمࣱ‏

Kapa Botle bo ts’oane le Bobe. Phetetsa ketso e mpe ka e lokileng, e le hore eo lipakeng tsa lona le eena ho nang le qoaketsano a tle a fetohe motsoalle oa hau

Ayah 34

وَمَا يُلَقَّىٰهَآ إِلَّا ٱلَّذِينَ صَبَرُواْ وَمَا يُلَقَّىٰهَآ إِلَّا ذُو حَظٍّ عَظِيمࣲ‏

Ha ho ea tla fuoa boemo bo phahameng haese feela ba nang le mamello le tiisetso, ha ho ope kantle ho ba mokhoa o babatsehang

Ayah 35

وَإِمَّا يَنزَغَنَّكَ مِنَ ٱلشَّيۡطَٰنِ نَزۡغࣱ فَٱسۡتَعِذۡ بِٱللَّهِۖ إِنَّهُۥ هُوَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡعَلِيمُ

Haeba ho ka ba le tlhohloletso ea qabang khahlanong le uena ke Ea Mobe, kopa ts’ireletso ho Allah. Ke Eena Ea utloang, Ea tsebang tsohle

Ayah 36

وَمِنۡ ءَايَٰتِهِ ٱلَّيۡلُ وَٱلنَّهَارُ وَٱلشَّمۡسُ وَٱلۡقَمَرُۚ لَا تَسۡجُدُواْ لِلشَّمۡسِ وَلَا لِلۡقَمَرِ وَٱسۡجُدُواْۤ لِلَّهِۤ ٱلَّذِي خَلَقَهُنَّ إِن كُنتُمۡ إِيَّاهُ تَعۡبُدُونَ

Har’a Lits’upiso tsa Hae ke Bosiu le Mots’eare, le Letsatsi le Ngoeli. Le se rapele Letsatsi le Ngoeli; empa le rapele Allah Ea li hlotseng, haeba ka ‘nete e le Eena Eo le lakatsang ho Mo sebeletsa

Ayah 37

فَإِنِ ٱسۡتَكۡبَرُواْ فَٱلَّذِينَ عِندَ رَبِّكَ يُسَبِّحُونَ لَهُۥ بِٱلَّيۡلِ وَٱلنَّهَارِ وَهُمۡ لَا يَسۡـَٔمُونَ۩

Empa haeba ba ikhohomosa – Ruri! ba nang le Mong`a hau ba lutes ba mo tlotlisa bosiu le mots’eare, ha ba khathale

Ayah 38

وَمِنۡ ءَايَٰتِهِۦٓ أَنَّكَ تَرَى ٱلۡأَرۡضَ خَٰشِعَةࣰ فَإِذَآ أَنزَلۡنَا عَلَيۡهَا ٱلۡمَآءَ ٱهۡتَزَّتۡ وَرَبَتۡۚ إِنَّ ٱلَّذِيٓ أَحۡيَاهَا لَمُحۡيِ ٱلۡمَوۡتَىٰٓۚ إِنَّهُۥ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءࣲ قَدِيرٌ

Har’a Lits’upiso tsa Hae ho teng sena: u bona lefats’e le omeletse, empa nakong eo Re romellang pula holim’a lona, le folofela bophelong, e be le melisa lijalo. Ruri! Eo Ea le nehileng bophelo, ke Eena Ea tsosang bafu. Hobane U na le matla holim‘a lintho tsohle

Ayah 39

إِنَّ ٱلَّذِينَ يُلۡحِدُونَ فِيٓ ءَايَٰتِنَا لَا يَخۡفَوۡنَ عَلَيۡنَآۗ أَفَمَن يُلۡقَىٰ فِي ٱلنَّارِ خَيۡرٌ أَم مَّن يَأۡتِيٓ ءَامِنࣰ ا يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِۚ ٱعۡمَلُواْ مَا شِئۡتُمۡ إِنَّهُۥ بِمَا تَعۡمَلُونَ بَصِيرٌ

Ba fetolelang ‘Nete Lits’enolong tsa rona bona, ha ba pateha ho Rona. Ke mang ea hantle? Ke ea lahleloang mollong, kapa ea tsoellang a ts’ireletsehile, mohla Letsatsi la Kahlolo? Etsang kamoo etsang. Ruri! U bona tsohle tseo le li etsang

Ayah 40

إِنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بِٱلذِّكۡرِ لَمَّا جَآءَهُمۡۖ وَإِنَّهُۥ لَكِتَٰبٌ عَزِيزࣱ‏

Ba latolang Molaetsa ha o fihla ho bona(ha ba ea pateha ho Rona); Ruri! ke Lengolo le hlomphehang

Ayah 41

لَّا يَأۡتِيهِ ٱلۡبَٰطِلُ مِنۢ بَيۡنِ يَدَيۡهِ وَلَا مِنۡ خَلۡفِهِۦۖ تَنزِيلࣱ مِّنۡ حَكِيمٍ حَمِيدࣲ‏

Mashano a ke ke a atamela haufi le eona kapele kapa ka morao ho eona. Le rometsoe ke Ea Seli ka ho Fetisisa, Ea Ts’oanetsoeng ke Lithoriso tsohle

Ayah 42

مَّا يُقَالُ لَكَ إِلَّا مَا قَدۡ قِيلَ لِلرُّسُلِ مِن قَبۡلِكَۚ إِنَّ رَبَّكَ لَذُو مَغۡفِرَةࣲ وَذُو عِقَابٍ أَلِيمࣲ‏

Ha ho se ke keng sa buoa ho uena se sa kang sa buoa ho baromuoa ba bileng teng pele ho uena. Hore Mong`a hau, ke Mong`a ts’oarelo le Eena Mong`a kahlolo e t`sabehang

Ayah 43

وَلَوۡ جَعَلۡنَٰهُ قُرۡءَانًا أَعۡجَمِيࣰّ ا لَّقَالُواْ لَوۡلَا فُصِّلَتۡ ءَايَٰتُهُۥٓۖ ءَا۬عۡجَمِيࣱّ وَعَرَبِيࣱّۗ قُلۡ هُوَ لِلَّذِينَ ءَامَنُواْ هُدࣰ ى وَشِفَآءࣱۚ وَٱلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ فِيٓ ءَاذَانِهِمۡ وَقۡرࣱ وَهُوَ عَلَيۡهِمۡ عَمًىۚ أُوْلَٰٓئِكَ يُنَادَوۡنَ مِن مَّكَانِۭ بَعِيدࣲ‏

Hoja e be Re hlophisitse Qura’n ka leleme lesele ho Se-Arab, ba ne ba tla re: “Hobaneng likhaolo tsa eona li sa manolloa ka botlalo? Eng! E seng ka Se-Arab le moromuoa oa mo-Arab? – E re: “Ke tataiso le pheko ho ba-kholoang; ho ba kholoeng, litsebe tsa bona li kibane, ba bile ba foufetse. Ba joalo, ke ba hlahlathelang hole!”

Ayah 44

وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَا مُوسَى ٱلۡكِتَٰبَ فَٱخۡتُلِفَ فِيهِۚ وَلَوۡلَا كَلِمَةࣱ سَبَقَتۡ مِن رَّبِّكَ لَقُضِيَ بَيۡنَهُمۡۚ وَإِنَّهُمۡ لَفِي شَكࣲّ مِّنۡهُ مُرِيبࣲ‏

Re ile Ra neha Moshe Lengolo, empa ho bile le likhang mabapi le lona; hoja e se ke ea eba ka lentsoe le ileng la tla pele le hlaha ho Mong`a hau, likhang tsa bona li ka be li ahlotsoe lipakeng tsa bona; empa leha joale ba sa na le khoao e nyahamisang

Ayah 45

مَّنۡ عَمِلَ صَٰلِحࣰ ا فَلِنَفۡسِهِۦۖ وَمَنۡ أَسَآءَ فَعَلَيۡهَاۗ وَمَا رَبُّكَ بِظَلَّٰمࣲ لِّلۡعَبِيدِ

Mong le mong ea etsang toka, o etsa joalo molemong oa moea oa hae le ea etsang sebe, o se etsa joalo khahlanong le ona. Mong`a hau ha A na bokhopo ho makhabunyane a Hae

Ayah 46

۞إِلَيۡهِ يُرَدُّ عِلۡمُ ٱلسَّاعَةِۚ وَمَا تَخۡرُجُ مِن ثَمَرَٰتࣲ مِّنۡ أَكۡمَامِهَا وَمَا تَحۡمِلُ مِنۡ أُنثَىٰ وَلَا تَضَعُ إِلَّا بِعِلۡمِهِۦۚ وَيَوۡمَ يُنَادِيهِمۡ أَيۡنَ شُرَكَآءِي قَالُوٓاْ ءَاذَنَّٰكَ مَا مِنَّا مِن شَهِيدࣲ‏

Allah ke Eena feela Ea nang le tsebo Ea hora ea Kahlolo. Ha ho litholoana tse ka thunyang ho tsoa makhapetleng a tsona le eena mosali ea ka imang, kapa a beleha ntle le tsebo ea Hae. Mohla letsatsi leo ka lona Allah A tlang ho ba botsa hore: “Ba kae batlatsetsi ba Ka?” Ba tla re: “Re ipolela ho uena, hore ha ho ope oa rona ea ka pakang.”

Ayah 47

وَضَلَّ عَنۡهُم مَّا كَانُواْ يَدۡعُونَ مِن قَبۡلُۖ وَظَنُّواْ مَا لَهُم مِّن مَّحِيصࣲ‏

Melingoana eo ba neng ba bitsa ho eona pele e tla ba siea shalabeng; ba tla hlokomela hore ha ba na tsela ea ho pholoha

Ayah 48

لَّا يَسۡـَٔمُ ٱلۡإِنسَٰنُ مِن دُعَآءِ ٱلۡخَيۡرِ وَإِن مَّسَّهُ ٱلشَّرُّ فَيَـُٔوسࣱ قَنُوطࣱ‏

Motho ha a khathale ho kopa tse lokileng, empa hang ha bomalimabe bo mo oela, o lahla ts’epo, a nyahame

Ayah 49

وَلَئِنۡ أَذَقۡنَٰهُ رَحۡمَةࣰ مِّنَّا مِنۢ بَعۡدِ ضَرَّآءَ مَسَّتۡهُ لَيَقُولَنَّ هَٰذَا لِي وَمَآ أَظُنُّ ٱلسَّاعَةَ قَآئِمَةࣰ وَلَئِن رُّجِعۡتُ إِلَىٰ رَبِّيٓ إِنَّ لِي عِندَهُۥ لَلۡحُسۡنَىٰۚ فَلَنُنَبِّئَنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بِمَا عَمِلُواْ وَلَنُذِيقَنَّهُم مِّنۡ عَذَابٍ غَلِيظࣲ‏

Empa hang ha Re mo latsoisa mohau oa Rona, kamor’a hoba mats’oenyeho a mo ame, o re: “Sena ke sa ka; ha ke nahane hore hora e sa tla hlola e tla, haeba nka busetsoa ho Mong`a ka, Ruri! Ke tla fumana molemo o fetang oona ho Eena.” Empa Re tla bonts’a mahana-tumelo ‚nete ea tseo ba neng ba li etsa, Re tla ba latsoisa kahlolo e boima

Ayah 50

وَإِذَآ أَنۡعَمۡنَا عَلَى ٱلۡإِنسَٰنِ أَعۡرَضَ وَنَـَٔا بِجَانِبِهِۦ وَإِذَا مَسَّهُ ٱلشَّرُّ فَذُو دُعَآءٍ عَرِيضࣲ‏

Ha Re sitsa motho ka molemo, o ea furalla, eba o tla ikhant`sa bo-inotsing; empa ha mats’oenyeho a mo ama, eba o tla rapela khafetsa

Ayah 51

قُلۡ أَرَءَيۡتُمۡ إِن كَانَ مِنۡ عِندِ ٱللَّهِ ثُمَّ كَفَرۡتُم بِهِۦ مَنۡ أَضَلُّ مِمَّنۡ هُوَ فِي شِقَاقِۭ بَعِيدࣲ‏

E re: “Ak’u mpolelleng, haeba ts‘enolo ena e tsoa ho Allah, le’a e latola? Ha na ke mang ea khelohileng ka ho fetisisa ho feta ea hanyetsang?”

Ayah 52

سَنُرِيهِمۡ ءَايَٰتِنَا فِي ٱلۡأٓفَاقِ وَفِيٓ أَنفُسِهِمۡ حَتَّىٰ يَتَبَيَّنَ لَهُمۡ أَنَّهُ ٱلۡحَقُّۗ أَوَلَمۡ يَكۡفِ بِرَبِّكَ أَنَّهُۥ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءࣲ شَهِيدٌ

Haufinyane Re tla ba bonts’a Lits’upiso tsa Rona liqoleng tsohle tsa lefats’e le ka har’a lifuba tsa bona, ho fihlela e hlahela ponts’eng ea hore ke ‘nete. Na ha ho oa lekana hore Mong`a hau ke paki holim’a lintho tsohle

Ayah 53

أَلَآ إِنَّهُمۡ فِي مِرۡيَةࣲ مِّن لِّقَآءِ رَبِّهِمۡۗ أَلَآ إِنَّهُۥ بِكُلِّ شَيۡءࣲ مُّحِيطُۢ

Ruri! Ba na le khooa kopanong ea bona le Mong’a bona? Ruri, Ke Eena Ea kopetseng lintho tsohle hare

Ayah 54