Surah Ar-Room — The Romans
Surah Ar-Room (The Romans) is chapter 30 of the Quran, with 60 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.
الٓمٓ
Alif. Lam. Mim
Ayah 1غُلِبَتِ ٱلرُّومُ
Muso oa Roma o hlotsoe
Ayah 2فِيٓ أَدۡنَى ٱلۡأَرۡضِ وَهُم مِّنۢ بَعۡدِ غَلَبِهِمۡ سَيَغۡلِبُونَ
Naheng ea boahelani, empa kamorao ho tlholo eo ea bona, e tla boela eba bahloli
Ayah 3فِي بِضۡعِ سِنِينَۗ لِلَّهِ ٱلۡأَمۡرُ مِن قَبۡلُ وَمِنۢ بَعۡدُۚ وَيَوۡمَئِذࣲ يَفۡرَحُ ٱلۡمُؤۡمِنُونَ
Lilemong tse `maloa, – etsoe Qeto ke’ ea Allah ho tloha sethathong sa litaba ho isa pheletsong, – mohla letsatsi leo, ba kholoang ba tla nyakalla
Ayah 4بِنَصۡرِ ٱللَّهِۚ يَنصُرُ مَن يَشَآءُۖ وَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلرَّحِيمُ
Ka thuso ea Allah. Allah U thusa ea khahloang ke Eena. O na le Matla-Oohle, U Mohau oo Khaphatsehang
Ayah 5وَعۡدَ ٱللَّهِۖ لَا يُخۡلِفُ ٱللَّهُ وَعۡدَهُۥ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَ ٱلنَّاسِ لَا يَعۡلَمُونَ
Ke ts’episo ea Allah. Allah ha A koenehele ts’episo ea Hae, le hoja bongata ba batho bo hloka kutloisiso
Ayah 6يَعۡلَمُونَ ظَٰهِرࣰ ا مِّنَ ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا وَهُمۡ عَنِ ٱلۡأٓخِرَةِ هُمۡ غَٰفِلُونَ
Ba itsebela feela likarolo tse ling tsa bophelo ba lefats’e, Empa ka Qetello ea tsohle ha ba na tsebo
Ayah 7أَوَلَمۡ يَتَفَكَّرُواْ فِيٓ أَنفُسِهِمۗ مَّا خَلَقَ ٱللَّهُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ وَمَا بَيۡنَهُمَآ إِلَّا بِٱلۡحَقِّ وَأَجَلࣲ مُّسَمࣰّ ىۗ وَإِنَّ كَثِيرࣰ ا مِّنَ ٱلنَّاسِ بِلِقَآيِٕ رَبِّهِمۡ لَكَٰفِرُونَ
Na ee ba inahane? Allah ha A hlola maholimo le lefats’e le tsohle tse teng lipakeng tsa ona haese ka ‘nete le eona pallo ea bofelo. Empa ruri ho teng hara batho ba latolang kopano le Mong`a bona
Ayah 8أَوَلَمۡ يَسِيرُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَيَنظُرُواْ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡۚ كَانُوٓاْ أَشَدَّ مِنۡهُمۡ قُوَّةࣰ وَأَثَارُواْ ٱلۡأَرۡضَ وَعَمَرُوهَآ أَكۡثَرَ مِمَّا عَمَرُوهَا وَجَآءَتۡهُمۡ رُسُلُهُم بِٱلۡبَيِّنَٰتِۖ فَمَا كَانَ ٱللَّهُ لِيَظۡلِمَهُمۡ وَلَٰكِن كَانُوٓاْ أَنفُسَهُمۡ يَظۡلِمُونَ
Ha ba hahlaule le lefats’e ho bona kamoo ebileng pheletso ea ba bileng teng pele ho bona? Ba ne ba le matla ho ba feta, etsoe ba ne ba lema, ba tlatsa lefats’e ka tsoala ea bona ka palo e holimo ho feta kamoo ba leng ka teng. Baromuoa ba hab’o bona ba fihlile ho bona ka lits’upiso tse hlakileng tsa puso ea Allah. Ha se Allah Ea ba foselitseng, empa ba iphoselitse
Ayah 9ثُمَّ كَانَ عَٰقِبَةَ ٱلَّذِينَ أَسَٰٓـُٔواْ ٱلسُّوٓأَىٰٓ أَن كَذَّبُواْ بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِ وَكَانُواْ بِهَا يَسۡتَهۡزِءُونَ
Qetellong timelo e mahlonoko e tla ba ea ba etsang bobe, hobane ba latotse lits’enolo tsa Allah, ba li fetola sesomo
Ayah 10ٱللَّهُ يَبۡدَؤُاْ ٱلۡخَلۡقَ ثُمَّ يُعِيدُهُۥ ثُمَّ إِلَيۡهِ تُرۡجَعُونَ
Ke Allah qalo ea tlholeho; a boele a e phete, poelo ea lona e ho Eena
Ayah 11وَيَوۡمَ تَقُومُ ٱلسَّاعَةُ يُبۡلِسُ ٱلۡمُجۡرِمُونَ
Mohla letsatsi leo Hora e hlomamisoang, ba molato ba tla fetoha limumu ke ho lahla ts’epo
Ayah 12وَلَمۡ يَكُن لَّهُم مِّن شُرَكَآئِهِمۡ شُفَعَٰٓؤُاْ وَكَانُواْ بِشُرَكَآئِهِمۡ كَٰفِرِينَ
Ha ho muelli eo ba tlang ho mo fumana har’a batlatsetsi ba ba kopanyang le Allah. Ba tla latola batlatsetsi ba bona
Ayah 13وَيَوۡمَ تَقُومُ ٱلسَّاعَةُ يَوۡمَئِذࣲ يَتَفَرَّقُونَ
Ka letsatsi leo Hora e tlang ho hlomamisoa, Letsatsi leo batho ba tla hloptjhoa
Ayah 14فَأَمَّا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ فَهُمۡ فِي رَوۡضَةࣲ يُحۡبَرُونَ
Ba-kholoang, ba entse liketso tse lokileng; Ba tla thabisoa Senong sa Nyakallo
Ayah 15وَأَمَّا ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَكَذَّبُواْ بِـَٔايَٰتِنَا وَلِقَآيِٕ ٱلۡأٓخِرَةِ فَأُوْلَٰٓئِكَ فِي ٱلۡعَذَابِ مُحۡضَرُونَ
Empa latotseng tumelo le hona ho nyelisa Lits’enolo tsa Rona ka leshano, le kopano ea bophelo Bo-tlang; Ba joalo ba tla atametsoa kahlolong
Ayah 16فَسُبۡحَٰنَ ٱللَّهِ حِينَ تُمۡسُونَ وَحِينَ تُصۡبِحُونَ
Kahoo, tlotlisang Allah mantsiboea le hoseng ka matjeke –
Ayah 17وَلَهُ ٱلۡحَمۡدُ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَعَشِيࣰّ ا وَحِينَ تُظۡهِرُونَ
Lithoriso li lebisoe ho Eena maholimong le lefats’eng! – mots’eare oa mantsiboea, leha letsatsi le ea malikelong
Ayah 18يُخۡرِجُ ٱلۡحَيَّ مِنَ ٱلۡمَيِّتِ وَيُخۡرِجُ ٱلۡمَيِّتَ مِنَ ٱلۡحَيِّ وَيُحۡيِ ٱلۡأَرۡضَ بَعۡدَ مَوۡتِهَاۚ وَكَذَٰلِكَ تُخۡرَجُونَ
Ke Eena ea tsosang bafu, le ho fana ka lefu ho tse phelang le ho phelisa lefats’e kamor’a komello. Ke kamoo le tlang ho tsosoa kateng
Ayah 19وَمِنۡ ءَايَٰتِهِۦٓ أَنۡ خَلَقَكُم مِّن تُرَابࣲ ثُمَّ إِذَآ أَنتُم بَشَرࣱ تَنتَشِرُونَ
Har’a lits’upiso tsa Hae ho teng sena: U le hlotse ka lerole,- Bonang le lichaba le tletse hohle
Ayah 20وَمِنۡ ءَايَٰتِهِۦٓ أَنۡ خَلَقَ لَكُم مِّنۡ أَنفُسِكُمۡ أَزۡوَٰجࣰ ا لِّتَسۡكُنُوٓاْ إِلَيۡهَا وَجَعَلَ بَيۡنَكُم مَّوَدَّةࣰ وَرَحۡمَةًۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتࣲ لِّقَوۡمࣲ يَتَفَكَّرُونَ
Har’a lits’upiso tsa hae ho teng sena: U le hloletse balekane hara lona, hore le tle le phele ka khotso le bona; U bile U phethahalitse lerato le mohau lipelong tsa lona. Ruri! Molaetsa ona o jere lits’upiso molemong oa ba inahanang
Ayah 21وَمِنۡ ءَايَٰتِهِۦ خَلۡقُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَٱخۡتِلَٰفُ أَلۡسِنَتِكُمۡ وَأَلۡوَٰنِكُمۡۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتࣲ لِّلۡعَٰلِمِينَ
Har’a lits’upiso tsa Hae ho teng tlholeho ea maholimo le lefats’e le sa phapang ea lipuo tsa lona le ‘mala. Ruri! Molaetsa ona o jere lits’upiso malebana leba thoba nang le tsebo
Ayah 22وَمِنۡ ءَايَٰتِهِۦ مَنَامُكُم بِٱلَّيۡلِ وَٱلنَّهَارِ وَٱبۡتِغَآؤُكُم مِّن فَضۡلِهِۦٓۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتࣲ لِّقَوۡمࣲ يَسۡمَعُونَ
Har’a lits’upiso tsa hae ho teng boroko boo le bo robalang bosiu le mots’eare le hona ho tsomana le nala ea Hae. Ruri! Kahar’a sena ho teng Lits’upiso molemong oa batho ba mamelang
Ayah 23وَمِنۡ ءَايَٰتِهِۦ يُرِيكُمُ ٱلۡبَرۡقَ خَوۡفࣰ ا وَطَمَعࣰ ا وَيُنَزِّلُ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءࣰ فَيُحۡيِۦ بِهِ ٱلۡأَرۡضَ بَعۡدَ مَوۡتِهَآۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتࣲ لِّقَوۡمࣲ يَعۡقِلُونَ
Ho teng har’a lits’upiso tsa Hae, U le bonts’a lehalima le le nyarosang le bileng le fanang ka ts’epo, U romella pula e tsoang marung, eo ka eona A phelisang lefats’e le neng le omeletse. Ruri! Ho teng lits’upiso kahar’a sena molemong oa batho ba nang le kutloisiso
Ayah 24وَمِنۡ ءَايَٰتِهِۦٓ أَن تَقُومَ ٱلسَّمَآءُ وَٱلۡأَرۡضُ بِأَمۡرِهِۦۚ ثُمَّ إِذَا دَعَاكُمۡ دَعۡوَةࣰ مِّنَ ٱلۡأَرۡضِ إِذَآ أَنتُمۡ تَخۡرُجُونَ
Ho teng har’a lits’upiso tsa Hae: maholimo le lefats’e li tsepame ka tieo tlas’a Taelo ea Hae, kamor’a mona mohlang A le bitsang ka pitso e le ng’oe; Bonang! Le tla tsoha
Ayah 25وَلَهُۥ مَن فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۖ كُلࣱّ لَّهُۥ قَٰنِتُونَ
Lintho tsohle tse maholimong le tse lefats’eng ke tsa Hae: Kaofela ha tsona li tlas’a taolo ea Hae
Ayah 26وَهُوَ ٱلَّذِي يَبۡدَؤُاْ ٱلۡخَلۡقَ ثُمَّ يُعِيدُهُۥ وَهُوَ أَهۡوَنُ عَلَيۡهِۚ وَلَهُ ٱلۡمَثَلُ ٱلۡأَعۡلَىٰ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۚ وَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ
Ke Eena qalo ea tlholeho a boele a e phete, seo se bonolo ho Eena. Ke Eena Ea boemong bo phahameng ka ho fetisisa ho ka bapisoa maholimong le lefats’eng. Ke Eena Ea Matla Oohle, Ea Seli
Ayah 27ضَرَبَ لَكُم مَّثَلࣰ ا مِّنۡ أَنفُسِكُمۡۖ هَل لَّكُم مِّن مَّا مَلَكَتۡ أَيۡمَٰنُكُم مِّن شُرَكَآءَ فِي مَا رَزَقۡنَٰكُمۡ فَأَنتُمۡ فِيهِ سَوَآءࣱ تَخَافُونَهُمۡ كَخِيفَتِكُمۡ أَنفُسَكُمۡۚ كَذَٰلِكَ نُفَصِّلُ ٱلۡأٓيَٰتِ لِقَوۡمࣲ يَعۡقِلُونَ
U le etsetsa papiso har’a lona. Na le na le balekane basebeletsing bao matsoho a lona a matona aba ruileng, ba lekanang le lona le hona hoba le kabelo holim’a thepa eo Re le abetseng eona, bao le ba ts’abang joaloka ha le ts’abana bo-lona? Ke kamoo Re manollang Lits’enolo ka botlalo ho batho ba utloisisang
Ayah 28بَلِ ٱتَّبَعَ ٱلَّذِينَ ظَلَمُوٓاْ أَهۡوَآءَهُم بِغَيۡرِ عِلۡمࣲۖ فَمَن يَهۡدِي مَنۡ أَضَلَّ ٱللَّهُۖ وَمَا لَهُم مِّن نَّٰصِرِينَ
Che, baetsalibe ba setse litakatso tsa bona morao ka ho hloka tsebo. Ke mang ea ka tataisang motho eo Allah A mo lesitseng ho kheloha? Ba joalo ha ba na bathusi
Ayah 29فَأَقِمۡ وَجۡهَكَ لِلدِّينِ حَنِيفࣰ اۚ فِطۡرَتَ ٱللَّهِ ٱلَّتِي فَطَرَ ٱلنَّاسَ عَلَيۡهَاۚ لَا تَبۡدِيلَ لِخَلۡقِ ٱللَّهِۚ ذَٰلِكَ ٱلدِّينُ ٱلۡقَيِّمُ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَ ٱلنَّاسِ لَا يَعۡلَمُونَ
Tsepamisa maikutlo a hau Tumelong ka ‘nete – tlholehong ea Allah eo A hlotseng motho holim’a eona. Ha ho phetoho melaong ea tlholeho ea Allah. Ena ke Tumelo e nepahetseng, le hoja bongata ba batho bo hloka kutloisiso –
Ayah 30۞مُنِيبِينَ إِلَيۡهِ وَٱتَّقُوهُ وَأَقِيمُواْ ٱلصَّلَوٰةَ وَلَا تَكُونُواْ مِنَ ٱلۡمُشۡرِكِينَ
Sokolohelang ho Eena A inot`si le mo ts’abe, phethahatsang lithapelo tsa ka mehla eohle; le se be har’a ba kopanyang Allah le melingoana, –
Ayah 31مِنَ ٱلَّذِينَ فَرَّقُواْ دِينَهُمۡ وَكَانُواْ شِيَعࣰ اۖ كُلُّ حِزۡبِۭ بِمَا لَدَيۡهِمۡ فَرِحُونَ
Ba arolang Tumelo ea bona, ba fetoha mekhahlelo, mokhahlelo ka mong o nyakalla bo oona
Ayah 32وَإِذَا مَسَّ ٱلنَّاسَ ضُرࣱّ دَعَوۡاْ رَبَّهُم مُّنِيبِينَ إِلَيۡهِ ثُمَّ إِذَآ أَذَاقَهُم مِّنۡهُ رَحۡمَةً إِذَا فَرِيقࣱ مِّنۡهُم بِرَبِّهِمۡ يُشۡرِكُونَ
Ha batho ba angoa ke bothata, Ba llela ho Mong`a bona le hona ho inyatsa kapel’e ho Eena; empa, hang hoba ba latsoe Mohau oa Hae, Bonang! ba bang ba bona ba khumamela melingoana kantle ho Mong`a bona, –
Ayah 33لِيَكۡفُرُواْ بِمَآ ءَاتَيۡنَٰهُمۡۚ فَتَمَتَّعُواْ فَسَوۡفَ تَعۡلَمُونَ
Ho bonts’a ho hloka teboho ea melemo eo Re ba sitsitseng ka eona! Natefeloang ha nakoana; empa haufinyane le tla tseba
Ayah 34أَمۡ أَنزَلۡنَا عَلَيۡهِمۡ سُلۡطَٰنࣰ ا فَهُوَ يَتَكَلَّمُ بِمَا كَانُواْ بِهِۦ يُشۡرِكُونَ
Kapa ebe Re ba senoletse bopaki bo hlalosang tseo ba li khumamelang ‘moho le Eena
Ayah 35وَإِذَآ أَذَقۡنَا ٱلنَّاسَ رَحۡمَةࣰ فَرِحُواْ بِهَاۖ وَإِن تُصِبۡهُمۡ سَيِّئَةُۢ بِمَا قَدَّمَتۡ أَيۡدِيهِمۡ إِذَا هُمۡ يَقۡنَطُونَ
Ha Re neha batho tatso ea Mohau, ba ea nyakalla; empa ha bomalimabe bo ba oela e le sephetho sa liketso tsa bona, ba felloa ke ts’epo
Ayah 36أَوَلَمۡ يَرَوۡاْ أَنَّ ٱللَّهَ يَبۡسُطُ ٱلرِّزۡقَ لِمَن يَشَآءُ وَيَقۡدِرُۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتࣲ لِّقَوۡمࣲ يُؤۡمِنُونَ
Na ha ba bone hore Allah U phaella nala ea Hae holim’a eo a khahloang ke eena le hona hoba leqe ka eona holim’a eo a khahloang ke eena. Ruri! Molaetsa ona o jere lits’upiso molemong oa ba nang le tumelo
Ayah 37فَـَٔاتِ ذَا ٱلۡقُرۡبَىٰ حَقَّهُۥ وَٱلۡمِسۡكِينَ وَٱبۡنَ ٱلسَّبِيلِۚ ذَٰلِكَ خَيۡرࣱ لِّلَّذِينَ يُرِيدُونَ وَجۡهَ ٱللَّهِۖ وَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡمُفۡلِحُونَ
Fanang ka karolo ea matlotlo a lona ho beng ka lona, mafutsana le ba hahlaoli. Seo se molemo ho ba tsomang Sefahleho sa Allah, bao ke bona ba tla atleha
Ayah 38وَمَآ ءَاتَيۡتُم مِّن رِّبࣰ ا لِّيَرۡبُوَاْ فِيٓ أَمۡوَٰلِ ٱلنَّاسِ فَلَا يَرۡبُواْ عِندَ ٱللَّهِۖ وَمَآ ءَاتَيۡتُم مِّن زَكَوٰةࣲ تُرِيدُونَ وَجۡهَ ٱللَّهِ فَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡمُضۡعِفُونَ
Empa seo le fanang ka sona e le phaello moo le batlang phaello e fetang eo holim’a thepa ea batho ba bang, ha e na phaello ho Allah; empa haele seo le fanang ka sona ka bohloeki moo le batlang Sefahleho sa Allah, ke bana ba tla fumana phaello e menahaneng
Ayah 39ٱللَّهُ ٱلَّذِي خَلَقَكُمۡ ثُمَّ رَزَقَكُمۡ ثُمَّ يُمِيتُكُمۡ ثُمَّ يُحۡيِيكُمۡۖ هَلۡ مِن شُرَكَآئِكُم مَّن يَفۡعَلُ مِن ذَٰلِكُم مِّن شَيۡءࣲۚ سُبۡحَٰنَهُۥ وَتَعَٰلَىٰ عَمَّا يُشۡرِكُونَ
Ke Allah Ea u hlotseng le hona ho u neha phepo, A etsa hore u shoe; U tla le neha bophelo hape. Na ho teng e mong har’a ba tlatsetsi ba lona ea ka etsang tse? Lithoriso ke tsa Hae, ke Eena Ea phahameng ka ho fetisisa Ea ka holim’a tsohle tseo ba li manehang ho Eena
Ayah 40ظَهَرَ ٱلۡفَسَادُ فِي ٱلۡبَرِّ وَٱلۡبَحۡرِ بِمَا كَسَبَتۡ أَيۡدِي ٱلنَّاسِ لِيُذِيقَهُم بَعۡضَ ٱلَّذِي عَمِلُواْ لَعَلَّهُمۡ يَرۡجِعُونَ
Mofere-fere o tsohile lefats’eng le leoatleng ho latela libe tseo matsoho a batho a li entseng moo a etsang hore ba latsoe karolo ea tseo ba li entseng, hore ba tle ba sokolohe
Ayah 41قُلۡ سِيرُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَٱنظُرُواْ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلُۚ كَانَ أَكۡثَرُهُم مُّشۡرِكِينَ
E re: “Hahlaulang le lefats’e le tle le bone seo ebileng qetello eaba bileng teng pele ho lona! Bongata ba bona ene ele ba khumamelang melingoana kantle ho Allah.”
Ayah 42فَأَقِمۡ وَجۡهَكَ لِلدِّينِ ٱلۡقَيِّمِ مِن قَبۡلِ أَن يَأۡتِيَ يَوۡمࣱ لَّا مَرَدَّ لَهُۥ مِنَ ٱللَّهِۖ يَوۡمَئِذࣲ يَصَّدَّعُونَ
Tsepamisa maikutlo tumelong ea ‘nete, pele ho letsatsi le ke keng la sitoa hoba teng le tsoang ho Allah. Ka letsatsi leo batho bohle ba tla arohang’oa –
Ayah 43مَن كَفَرَ فَعَلَيۡهِ كُفۡرُهُۥۖ وَمَنۡ عَمِلَ صَٰلِحࣰ ا فَلِأَنفُسِهِمۡ يَمۡهَدُونَ
Ba latolang Tumelo ba tla latoloa joalo feela; ba etsang toka, ba ikalla malulo a bona –
Ayah 44لِيَجۡزِيَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ مِن فَضۡلِهِۦٓۚ إِنَّهُۥ لَا يُحِبُّ ٱلۡكَٰفِرِينَ
Hore a tle a putse bohle ka nala ea Hae ba kholoang, ba bile ba etsa liketso tse lokileng. Hobane Ha A rate ba latolang Tumelo
Ayah 45وَمِنۡ ءَايَٰتِهِۦٓ أَن يُرۡسِلَ ٱلرِّيَاحَ مُبَشِّرَٰتࣲ وَلِيُذِيقَكُم مِّن رَّحۡمَتِهِۦ وَلِتَجۡرِيَ ٱلۡفُلۡكُ بِأَمۡرِهِۦ وَلِتَبۡتَغُواْ مِن فَضۡلِهِۦ وَلَعَلَّكُمۡ تَشۡكُرُونَ
Kahar’a lits’upiso tsa Hae ho teng sena: U romella liphefo tse phatlalatsang litaba tse molemo ho lona ho etsa hore le latsoe Mohau oa Hae le hona hore likepe li sese tlas’a taolo ea Hae, le tle le tsome molemo oa Hae le hore le tle le fane ka liteboho
Ayah 46وَلَقَدۡ أَرۡسَلۡنَا مِن قَبۡلِكَ رُسُلًا إِلَىٰ قَوۡمِهِمۡ فَجَآءُوهُم بِٱلۡبَيِّنَٰتِ فَٱنتَقَمۡنَا مِنَ ٱلَّذِينَ أَجۡرَمُواْۖ وَكَانَ حَقًّا عَلَيۡنَا نَصۡرُ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ
Pele ho uena ruri Re ile Ra romella baporofeta har’a batho ba habo bona. Ba ileng ba phatlalatsa lits’upiso tse hlakileng tsa puso ea Allah ho bona. Re ile Ra iphetetsa khahlano le ba bileng molato. Ke tlameho holim’a Rona ho thusa ba- kholoang
Ayah 47ٱللَّهُ ٱلَّذِي يُرۡسِلُ ٱلرِّيَٰحَ فَتُثِيرُ سَحَابࣰ ا فَيَبۡسُطُهُۥ فِي ٱلسَّمَآءِ كَيۡفَ يَشَآءُ وَيَجۡعَلُهُۥ كِسَفࣰ ا فَتَرَى ٱلۡوَدۡقَ يَخۡرُجُ مِنۡ خِلَٰلِهِۦۖ فَإِذَآ أَصَابَ بِهِۦ مَن يَشَآءُ مِنۡ عِبَادِهِۦٓ إِذَا هُمۡ يَسۡتَبۡشِرُونَ
Ke Allah Ea romellang liphefo tse bilietsang maru, tse bileng li a hasanyang tlas’a leholimo ho phethisa thato Ea Hae; ebe le bona a lutsa pula e hlahang har’a ona. Nakong eo A etsang hore e oela holim’a mang, kapa mang eo A khahloang ke eena har’a makhabunyane a Hae, Bonang, ba ea nyakalla
Ayah 48وَإِن كَانُواْ مِن قَبۡلِ أَن يُنَزَّلَ عَلَيۡهِم مِّن قَبۡلِهِۦ لَمُبۡلِسِينَ
Le hoja pele ba fumana pula, pele ho teng; ba ne ba lahlile ts’epo
Ayah 49فَٱنظُرۡ إِلَىٰٓ ءَاثَٰرِ رَحۡمَتِ ٱللَّهِ كَيۡفَ يُحۡيِ ٱلۡأَرۡضَ بَعۡدَ مَوۡتِهَآۚ إِنَّ ذَٰلِكَ لَمُحۡيِ ٱلۡمَوۡتَىٰۖ وَهُوَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءࣲ قَدِيرࣱ
Lemohang ke hona likhopotso tsa Mohau oa Allah! – Kamoo a tsosang lefats’e kateng kamor’a hoba le shoe. Hobane Ruri! Ke Eena Ea tla tsosa bafu, U na le matla holima lintho tsohle
Ayah 50وَلَئِنۡ أَرۡسَلۡنَا رِيحࣰ ا فَرَأَوۡهُ مُصۡفَرࣰّ ا لَّظَلُّواْ مِنۢ بَعۡدِهِۦ يَكۡفُرُونَ
Leha eba Re ka romella phefo; ba e bona e sehlefetse, Ruri! ba tla ‘neba tsitlalle nyefolong ea bona ea tumelo
Ayah 51فَإِنَّكَ لَا تُسۡمِعُ ٱلۡمَوۡتَىٰ وَلَا تُسۡمِعُ ٱلصُّمَّ ٱلدُّعَآءَ إِذَا وَلَّوۡاْ مُدۡبِرِينَ
Hobane Ruri! Haele u ke ke oa etsa hore bafu ba utloe, kapa hona ho etsa hore litholo li utloe pitso nakong eo ba furallang
Ayah 52وَمَآ أَنتَ بِهَٰدِ ٱلۡعُمۡيِ عَن ضَلَٰلَتِهِمۡۖ إِن تُسۡمِعُ إِلَّا مَن يُؤۡمِنُ بِـَٔايَٰتِنَا فَهُم مُّسۡلِمُونَ
Kapa hona ho tataisetsa lifofu ho khutla phosong ea tsona. Ha ho mang, kapa mang eo u ka etsang hore a utloe haese ba- kholoang Lits’enolong tsa Rona le ho ithpalatsa
Ayah 53۞ٱللَّهُ ٱلَّذِي خَلَقَكُم مِّن ضَعۡفࣲ ثُمَّ جَعَلَ مِنۢ بَعۡدِ ضَعۡفࣲ قُوَّةࣰ ثُمَّ جَعَلَ مِنۢ بَعۡدِ قُوَّةࣲ ضَعۡفࣰ ا وَشَيۡبَةࣰۚ يَخۡلُقُ مَا يَشَآءُۚ وَهُوَ ٱلۡعَلِيمُ ٱلۡقَدِيرُ
Ke Allah Ea le hlotseng ka mokhoa le fokola, eaba U le fa matla kamor’a bofokoli, kamor’a matla o boetse U fane ka bofokoli le moriri o moputsoa. Etsoe U hlola seo A se ratang. Ke Eena Ea nang le tsebo eohle, le matla Oohle
Ayah 54وَيَوۡمَ تَقُومُ ٱلسَّاعَةُ يُقۡسِمُ ٱلۡمُجۡرِمُونَ مَا لَبِثُواْ غَيۡرَ سَاعَةࣲۚ كَذَٰلِكَ كَانُواْ يُؤۡفَكُونَ
Mohla letsatsi leo Hora e tlang ho hlomamisoa ka lona, ba molato ba tla ikana ka hore ba ile ba lula feela hora lefats’eng: ke kamoo ba khelohileng kateng
Ayah 55وَقَالَ ٱلَّذِينَ أُوتُواْ ٱلۡعِلۡمَ وَٱلۡإِيمَٰنَ لَقَدۡ لَبِثۡتُمۡ فِي كِتَٰبِ ٱللَّهِ إِلَىٰ يَوۡمِ ٱلۡبَعۡثِۖ فَهَٰذَا يَوۡمُ ٱلۡبَعۡثِ وَلَٰكِنَّكُمۡ كُنتُمۡ لَا تَعۡلَمُونَ
Empa ba filoeng tsebo le tumelo ba tla re: “‘Ruri le lutse ho fihlela letsatsi la tsoho tlas’a pallo ea Allah. Lena ke Letsatsi la Tsoho, empa le ne le sa tsebe.”
Ayah 56فَيَوۡمَئِذࣲ لَّا يَنفَعُ ٱلَّذِينَ ظَلَمُواْ مَعۡذِرَتُهُمۡ وَلَا هُمۡ يُسۡتَعۡتَبُونَ
Mohla letsatsi leo, lits’oarelo tsa ba entseng bobe li ke ke tsa thusa letho, kapa hona hore e be ba ka meng’oa ho inyatsa
Ayah 57وَلَقَدۡ ضَرَبۡنَا لِلنَّاسِ فِي هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانِ مِن كُلِّ مَثَلࣲۚ وَلَئِن جِئۡتَهُم بِـَٔايَةࣲ لَّيَقُولَنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ إِنۡ أَنتُمۡ إِلَّا مُبۡطِلُونَ
Ruri! Re fane ka lipapiso tsa mefuta eohle kahar’a Qura’n molemong oa batho; leha eba u ka tla ho bona ka mohlolo ofe kapa ofe, Ruri! mahana-tumelo ba tla re ho ba-kholoang: “Ha le bue letho haese masaoana.”
Ayah 58كَذَٰلِكَ يَطۡبَعُ ٱللَّهُ عَلَىٰ قُلُوبِ ٱلَّذِينَ لَا يَعۡلَمُونَ
Ke kamoo Allah a kabileng lipelo tsaba hlokang kutloisiso kateng
Ayah 59فَٱصۡبِرۡ إِنَّ وَعۡدَ ٱللَّهِ حَقࣱّۖ وَلَا يَسۡتَخِفَّنَّكَ ٱلَّذِينَ لَا يُوقِنُونَ
Kahoo tsitlallela ka mamello: Ruri! Ts’episo ea Allah ke ‘nete: u se lumelle ba hlokang tumelo ho u sisinya
Ayah 60