Surah An-Nisaa — The Women
Surah An-Nisaa (The Women) is chapter 4 of the Quran, with 176 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.
يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ ٱتَّقُواْ رَبَّكُمُ ٱلَّذِي خَلَقَكُم مِّن نَّفۡسࣲ وَٰحِدَةࣲ وَخَلَقَ مِنۡهَا زَوۡجَهَا وَبَثَّ مِنۡهُمَا رِجَالࣰ ا كَثِيرࣰ ا وَنِسَآءࣰۚ وَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ ٱلَّذِي تَسَآءَلُونَ بِهِۦ وَٱلۡأَرۡحَامَۚ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ عَلَيۡكُمۡ رَقِيبࣰ ا
Oho batho! Hlonephang Mong`a lona ea le hlotseng ka moea o le mong, ka ona a bopa molekane oa hae, bobeling boo ho hasana mats’oele-ts’oele a banna le basali, ts`abang Allah eo ho eena le batlang litokelo tsa lona ka bo mong, le be le hlonephe lipopelo tse le belehileng. Bonang! Allah haesale a le leihlo le nchocho holim’a lona
Ayah 1وَءَاتُواْ ٱلۡيَتَٰمَىٰٓ أَمۡوَٰلَهُمۡۖ وَلَا تَتَبَدَّلُواْ ٱلۡخَبِيثَ بِٱلطَّيِّبِۖ وَلَا تَأۡكُلُوٓاْ أَمۡوَٰلَهُمۡ إِلَىٰٓ أَمۡوَٰلِكُمۡۚ إِنَّهُۥ كَانَ حُوبࣰ ا كَبِيرࣰ ا
Le nehe likhutsana mafa a tsona. Le se fetole letho le letle ka le lebe tlhokomelong ea lona ho ona, kapa hona ho kopanya mafa a bona le a lona. Ruri hoo ke sebe se seholo
Ayah 2وَإِنۡ خِفۡتُمۡ أَلَّا تُقۡسِطُواْ فِي ٱلۡيَتَٰمَىٰ فَٱنكِحُواْ مَا طَابَ لَكُم مِّنَ ٱلنِّسَآءِ مَثۡنَىٰ وَثُلَٰثَ وَرُبَٰعَۖ فَإِنۡ خِفۡتُمۡ أَلَّا تَعۡدِلُواْ فَوَٰحِدَةً أَوۡ مَا مَلَكَتۡ أَيۡمَٰنُكُمۡۚ ذَٰلِكَ أَدۡنَىٰٓ أَلَّا تَعُولُواْ
Haeba le ts’aba hore le tla sitoa ho sebeletsa likhutsana tsa banana ka toka, nyalang basali ba khetho ea lona, ba ba beli kapa ba ba raro ho isa boneng; empa ha le ts’aba hore le tla hloka toka lenaneng le kaalo, nyala a le mong, kapa makhoba a letsoho le letona la hau. Sena se nepahetse hore le se bake likhohlano
Ayah 3وَءَاتُواْ ٱلنِّسَآءَ صَدُقَٰتِهِنَّ نِحۡلَةࣰۚ فَإِن طِبۡنَ لَكُمۡ عَن شَيۡءࣲ مِّنۡهُ نَفۡسࣰ ا فَكُلُوهُ هَنِيٓـࣰٔ ا مَّرِيٓـࣰٔ ا
Le nehe basali bao lebanyalang mpho e lokolohileng ea lenyalo ka pelo ehloekileng; empa ka boithatelo ba bona ba ka hana karolo e ‘ngoe ea eona, e nke ka ntle ho ts`abo ea letho
Ayah 4وَلَا تُؤۡتُواْ ٱلسُّفَهَآءَ أَمۡوَٰلَكُمُ ٱلَّتِي جَعَلَ ٱللَّهُ لَكُمۡ قِيَٰمࣰ ا وَٱرۡزُقُوهُمۡ فِيهَا وَٱكۡسُوهُمۡ وَقُولُواْ لَهُمۡ قَوۡلࣰ ا مَّعۡرُوفࣰ ا
Le se nehe balithotho mafa a bona ao le a bolokileng mafeng a lona, ao Allah a le nehileng oona ho ka a holisa; empa le ba fepe le ho ba apesa ka oona, le ba buise ka mosa le toka
Ayah 5وَٱبۡتَلُواْ ٱلۡيَتَٰمَىٰ حَتَّىٰٓ إِذَا بَلَغُواْ ٱلنِّكَاحَ فَإِنۡ ءَانَسۡتُم مِّنۡهُمۡ رُشۡدࣰ ا فَٱدۡفَعُوٓاْ إِلَيۡهِمۡ أَمۡوَٰلَهُمۡۖ وَلَا تَأۡكُلُوهَآ إِسۡرَافࣰ ا وَبِدَارًا أَن يَكۡبَرُواْۚ وَمَن كَانَ غَنِيࣰّ ا فَلۡيَسۡتَعۡفِفۡۖ وَمَن كَانَ فَقِيرࣰ ا فَلۡيَأۡكُلۡ بِٱلۡمَعۡرُوفِۚ فَإِذَا دَفَعۡتُمۡ إِلَيۡهِمۡ أَمۡوَٰلَهُمۡ فَأَشۡهِدُواْ عَلَيۡهِمۡۚ وَكَفَىٰ بِٱللَّهِ حَسِيبࣰ ا
Likhutsana le li behe tekong ho fihlela lilemo tsa lenyalo; ha le fumana horebana le boikarabello, balokolleleng mafa a bona; le se ke la a ja bohlasoa ka mokhoa oa ts`enyo pele ba fihlela lilemo tse lumellehang. Eo e leng morui baholising ba likhutsana, a se ke a batla lits’enyehelo; empa ha e le mofutsana a lumelloe ho kuka lits’enyehelo tse lumellanang le boemo ba kholiso ea hae. Nakong eo le fanang ka mafa a likhutsana, ebang le lipaki ponts’eng ea bona. Empa Allah U lekane joaloka Motsebi oa tsohle
Ayah 6لِّلرِّجَالِ نَصِيبࣱ مِّمَّا تَرَكَ ٱلۡوَٰلِدَانِ وَٱلۡأَقۡرَبُونَ وَلِلنِّسَآءِ نَصِيبࣱ مِّمَّا تَرَكَ ٱلۡوَٰلِدَانِ وَٱلۡأَقۡرَبُونَ مِمَّا قَلَّ مِنۡهُ أَوۡ كَثُرَۚ نَصِيبࣰ ا مَّفۡرُوضࣰ ا
Hona le karolo ea banna le basali ho tse siiloeng ke batsoali kapa batsoalani le bona, ba nehoe karolo ea bona; ho sa khethelle hore na lefa le le nyenyane kapa le leholo, – empa ho aroloe ka molao oa tekano
Ayah 7وَإِذَا حَضَرَ ٱلۡقِسۡمَةَ أُوْلُواْ ٱلۡقُرۡبَىٰ وَٱلۡيَتَٰمَىٰ وَٱلۡمَسَٰكِينُ فَٱرۡزُقُوهُم مِّنۡهُ وَقُولُواْ لَهُمۡ قَوۡلࣰ ا مَّعۡرُوفࣰ ا
Ekare nakong eo ho aroloang lefa hoa fumaneha hore ba leloko, likhutsana le bafutsana ba teng, ba feng karolo, le ba buise ka mosa
Ayah 8وَلۡيَخۡشَ ٱلَّذِينَ لَوۡ تَرَكُواْ مِنۡ خَلۡفِهِمۡ ذُرِّيَّةࣰ ضِعَٰفًا خَافُواْ عَلَيۡهِمۡ فَلۡيَتَّقُواْ ٱللَّهَ وَلۡيَقُولُواْ قَوۡلࣰ ا سَدِيدًا
Ba arolang mafa ba be le ts’abo e ts’oanang ea boits’oaro ba bona ho likhutsana, joaloka ha eka e ne e le bona ba siileng ts’oala e hlokang thuso e neng e tla ba le ts’abo ho bona. Ba ts’abe Allah, ba ba buise mantsoe a nepahetseng
Ayah 9إِنَّ ٱلَّذِينَ يَأۡكُلُونَ أَمۡوَٰلَ ٱلۡيَتَٰمَىٰ ظُلۡمًا إِنَّمَا يَأۡكُلُونَ فِي بُطُونِهِمۡ نَارࣰ اۖ وَسَيَصۡلَوۡنَ سَعِيرࣰ ا
Ruri ba jang mafa a likhutsana ka bohanyapetsi, ba mpa ba itjella mollo, batla chesoa khanareng ea mollo
Ayah 10يُوصِيكُمُ ٱللَّهُ فِيٓ أَوۡلَٰدِكُمۡۖ لِلذَّكَرِ مِثۡلُ حَظِّ ٱلۡأُنثَيَيۡنِۚ فَإِن كُنَّ نِسَآءࣰ فَوۡقَ ٱثۡنَتَيۡنِ فَلَهُنَّ ثُلُثَا مَا تَرَكَۖ وَإِن كَانَتۡ وَٰحِدَةࣰ فَلَهَا ٱلنِّصۡفُۚ وَلِأَبَوَيۡهِ لِكُلِّ وَٰحِدࣲ مِّنۡهُمَا ٱلسُّدُسُ مِمَّا تَرَكَ إِن كَانَ لَهُۥ وَلَدࣱۚ فَإِن لَّمۡ يَكُن لَّهُۥ وَلَدࣱ وَوَرِثَهُۥٓ أَبَوَاهُ فَلِأُمِّهِ ٱلثُّلُثُۚ فَإِن كَانَ لَهُۥٓ إِخۡوَةࣱ فَلِأُمِّهِ ٱلسُّدُسُۚ مِنۢ بَعۡدِ وَصِيَّةࣲ يُوصِي بِهَآ أَوۡ دَيۡنٍۗ ءَابَآؤُكُمۡ وَأَبۡنَآؤُكُمۡ لَا تَدۡرُونَ أَيُّهُمۡ أَقۡرَبُ لَكُمۡ نَفۡعࣰ اۚ فَرِيضَةࣰ مِّنَ ٱللَّهِۗ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ عَلِيمًا حَكِيمࣰ ا
Allah U le laela ka kabo ea mafa a bana bal ona: kabelo ea e motona e lekane le tse peli tsa ba bats’ehali, haeba hona le basali ba fetang bobeli, kabelo ea bona eba bobeli ho boraro ba lefa, haeba a le mong feela, kabelo ea hae eba karolo ea lefa. Ho batsoali e be bo ‘ngoe ho bots’elela ba lefa le seiloeng ke mora, haeba mofu a ne a e na le mora, kapa a se na eena, batsoali ba hae ke bona bajalefa, o tla abeloa bonngoe ho boraro; ha a ne a e na le baena kapa likhaitseli, o tla abeloa bonngoe ho bots’elela. Ka mora hoba lefa lefe kapa lefe le ajoe, kapa ka mora hoba melato e lefshoe. Har’a batsoali ba hau, kapa bana ba hau; u ke ke oa tseba hore na ke ba fe ba haufi le uena ba tla ba molemo mafeng a joalo. Ke melao e tsoang ho Allah. Allah U tseba tsohle, O Seli
Ayah 11۞وَلَكُمۡ نِصۡفُ مَا تَرَكَ أَزۡوَٰجُكُمۡ إِن لَّمۡ يَكُن لَّهُنَّ وَلَدࣱۚ فَإِن كَانَ لَهُنَّ وَلَدࣱ فَلَكُمُ ٱلرُّبُعُ مِمَّا تَرَكۡنَۚ مِنۢ بَعۡدِ وَصِيَّةࣲ يُوصِينَ بِهَآ أَوۡ دَيۡنࣲۚ وَلَهُنَّ ٱلرُّبُعُ مِمَّا تَرَكۡتُمۡ إِن لَّمۡ يَكُن لَّكُمۡ وَلَدࣱۚ فَإِن كَانَ لَكُمۡ وَلَدࣱ فَلَهُنَّ ٱلثُّمُنُ مِمَّا تَرَكۡتُمۚ مِّنۢ بَعۡدِ وَصِيَّةࣲ تُوصُونَ بِهَآ أَوۡ دَيۡنࣲۗ وَإِن كَانَ رَجُلࣱ يُورَثُ كَلَٰلَةً أَوِ ٱمۡرَأَةࣱ وَلَهُۥٓ أَخٌ أَوۡ أُخۡتࣱ فَلِكُلِّ وَٰحِدࣲ مِّنۡهُمَا ٱلسُّدُسُۚ فَإِن كَانُوٓاْ أَكۡثَرَ مِن ذَٰلِكَ فَهُمۡ شُرَكَآءُ فِي ٱلثُّلُثِۚ مِنۢ بَعۡدِ وَصِيَّةࣲ يُوصَىٰ بِهَآ أَوۡ دَيۡنٍ غَيۡرَ مُضَآرࣲّۚ وَصِيَّةࣰ مِّنَ ٱللَّهِۗ وَٱللَّهُ عَلِيمٌ حَلِيمࣱ
Kabelo ea hau ke karolo ea seo basali ba hau ba se siileng, habanebase na ngoana; empa haeba ba ne ba ena le ngoana, kabelo ea hau ke bonngoe ho bone ba seo ba se siileng, ka mora hoba lefa lefe kapa lefe le ajoe, kapa melato ebang e teng e lefiloe. Haeba e le uena ea sieang lefa kabelo ea bona (basali) ke bonngoe ho bone haeba u ne u se na ngoana, empa haeba u ne u e na le ngoana kabelo ea bona ke bonngoe ho borobeli ba seo u se sieang, ka mora hoba lefa lefe kapa lefe le ajoe, kapa melato eo u e entseng e lefiloe. Haeba monna, kapa mosali a e na le mojalefa ea sebakana, a siea batsoali kapa ngoana, ekaba monna kapa mosali ha feela a e na le moholoana’e kapa khaitseli, ka lehlakoreng la ‘ feela, e mong le e mong oa bobeli boo o tla fumana bonngoe ho bots’elela, empa ha ba feta bobeli ba tla arola bonngoe ho boraro, ka mora hoba lefa lefe kapa lefe le ajoe, kapa melato e lefiloe e sa utloise bohloko bajalefa ka kabo e fetang boraro ba lefa. Ke melao e tsoang ho Allah. Allah U tseba tsohle, o khotsofatsa bohle
Ayah 12تِلۡكَ حُدُودُ ٱللَّهِۚ وَمَن يُطِعِ ٱللَّهَ وَرَسُولَهُۥ يُدۡخِلۡهُ جَنَّٰتࣲ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُ خَٰلِدِينَ فِيهَاۚ وَذَٰلِكَ ٱلۡفَوۡزُ ٱلۡعَظِيمُ
Tsena ke lipehelo tsa Allah. Mong le mong ea mamelang Allah le moromuoa oa hae, Allah U tla amoheloa lirapeng tseo linoka liphallang tlas’a tsona, moo teng batla phela kahosafeleng. Eo e tlaba katleho e kholohali
Ayah 13وَمَن يَعۡصِ ٱللَّهَ وَرَسُولَهُۥ وَيَتَعَدَّ حُدُودَهُۥ يُدۡخِلۡهُ نَارًا خَٰلِدࣰ ا فِيهَا وَلَهُۥ عَذَابࣱ مُّهِينࣱ
Haele ea sa mameleng Allah le moromuoa oa hae, a tlola meeli ea Allah, Allah U tla mo lahlela mollong, moo teng o tla phela kahosafeleng; sa hae e tla ba timelo e soabisang
Ayah 14وَٱلَّٰتِي يَأۡتِينَ ٱلۡفَٰحِشَةَ مِن نِّسَآئِكُمۡ فَٱسۡتَشۡهِدُواْ عَلَيۡهِنَّ أَرۡبَعَةࣰ مِّنكُمۡۖ فَإِن شَهِدُواْ فَأَمۡسِكُوهُنَّ فِي ٱلۡبُيُوتِ حَتَّىٰ يَتَوَفَّىٰهُنَّ ٱلۡمَوۡتُ أَوۡ يَجۡعَلَ ٱللَّهُ لَهُنَّ سَبِيلࣰ ا
Ba bang ba basali ba lona ba etsang bohlola, bitsang lipaki tse ‘ne tse tsoang har’a lona tse tla paka khahlanong le bona. Ha ba ka paka ka ‘nete hore ba molato, ba bolokeng ka khetheho ka matlung ho fihlela lefu le ba kuka, kapa ho fihlela Allah a ka ba khethela tsela e ‘ngoe (ho tsoa molaong o mocha)
Ayah 15وَٱلَّذَانِ يَأۡتِيَٰنِهَا مِنكُمۡ فَـَٔاذُوهُمَاۖ فَإِن تَابَا وَأَصۡلَحَا فَأَعۡرِضُواْ عَنۡهُمَآۗ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ تَوَّابࣰ ا رَّحِيمًا
Bobeli batho ha le molato oa bohlola, ba ahloleng. Ebang ba baka, ba etsa mesebetsi e hloekileng, ba tloheleng. Ruri! Allah U khutla-khafetsa, mohau oa hae o ea khaphatseha
Ayah 16إِنَّمَا ٱلتَّوۡبَةُ عَلَى ٱللَّهِ لِلَّذِينَ يَعۡمَلُونَ ٱلسُّوٓءَ بِجَهَٰلَةࣲ ثُمَّ يَتُوبُونَ مِن قَرِيبࣲ فَأُوْلَٰٓئِكَ يَتُوبُ ٱللَّهُ عَلَيۡهِمۡۗ وَكَانَ ٱللَّهُ عَلِيمًا حَكِيمࣰ ا
Ts’oarelo ke ea Allah feela khahlanong le ba etsang libe ka botlaopa, kapele-pele ba khutle bainyatse ho Allah. Bana ke bao Allah a retelehellang ka ho bona. Ruri Allah U tseba kahosafeleng, O Seli
Ayah 17وَلَيۡسَتِ ٱلتَّوۡبَةُ لِلَّذِينَ يَعۡمَلُونَ ٱلسَّيِّـَٔاتِ حَتَّىٰٓ إِذَا حَضَرَ أَحَدَهُمُ ٱلۡمَوۡتُ قَالَ إِنِّي تُبۡتُ ٱلۡـَٰٔنَ وَلَا ٱلَّذِينَ يَمُوتُونَ وَهُمۡ كُفَّارٌۚ أُوْلَٰٓئِكَ أَعۡتَدۡنَا لَهُمۡ عَذَابًا أَلِيمࣰ ا
Boinyatso ha bona thuso ho ba phehellang ho etsa liketso tse mpe ho fihlela e mong oa bona a le lekhatheng la lefu, e be o re: “joale ke ea inyatsa;” kapa ba tla shoa ba ntse bahloka- tumelo. Hoba joalo re se re lokisitse timelo e bohloko
Ayah 18يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ لَا يَحِلُّ لَكُمۡ أَن تَرِثُواْ ٱلنِّسَآءَ كَرۡهࣰ اۖ وَلَا تَعۡضُلُوهُنَّ لِتَذۡهَبُواْ بِبَعۡضِ مَآ ءَاتَيۡتُمُوهُنَّ إِلَّآ أَن يَأۡتِينَ بِفَٰحِشَةࣲ مُّبَيِّنَةࣲۚ وَعَاشِرُوهُنَّ بِٱلۡمَعۡرُوفِۚ فَإِن كَرِهۡتُمُوهُنَّ فَعَسَىٰٓ أَن تَكۡرَهُواْ شَيۡـࣰٔ ا وَيَجۡعَلَ ٱللَّهُ فِيهِ خَيۡرࣰ ا كَثِيرࣰ ا
Oho lona ba kholoang! Ha le ea lumelloa ho kenela bahlolohali ba mehahabo lona ka sheshe, kapa hona ho ba qobella ho etsa se ratoang ke lona hore le tle le ba amohe karolo ea mahali ao le neng le ba nehile ona, ntle le haeba ba le molato oa bohlola bo pepenene. Le phele le bona ka mofuthu le mosa. Haeba le ka ba hloea ho ka etsahala hore le hloee se seng seo Allah a ka hlahisang botle bo boholo ka sona
Ayah 19وَإِنۡ أَرَدتُّمُ ٱسۡتِبۡدَالَ زَوۡجࣲ مَّكَانَ زَوۡجࣲ وَءَاتَيۡتُمۡ إِحۡدَىٰهُنَّ قِنطَارࣰ ا فَلَا تَأۡخُذُواْ مِنۡهُ شَيۡـًٔاۚ أَتَأۡخُذُونَهُۥ بُهۡتَٰنࣰ ا وَإِثۡمࣰ ا مُّبِينࣰ ا
Ha u lakatsa ho nyala mosali e mong ho nka sebaka sa mosali oa hau, ebang u ne u se u nehile mosali oa pele mahali ho sa khethellehe hore na a na le bongata bo bokae, u se nke letho ho ona. Na u ka nka mahali ao ka sesomo, e be u etsa sebe ka kotloloho
Ayah 20وَكَيۡفَ تَأۡخُذُونَهُۥ وَقَدۡ أَفۡضَىٰ بَعۡضُكُمۡ إِلَىٰ بَعۡضࣲ وَأَخَذۡنَ مِنكُم مِّيثَٰقًا غَلِيظࣰ ا
U ka khutlisa mahali joang ka mora hoba e mong oa lona a kene ho e mong, e bile ba nkile kano e boima ho uena
Ayah 21وَلَا تَنكِحُواْ مَا نَكَحَ ءَابَآؤُكُم مِّنَ ٱلنِّسَآءِ إِلَّا مَا قَدۡ سَلَفَۚ إِنَّهُۥ كَانَ فَٰحِشَةࣰ وَمَقۡتࣰ ا وَسَآءَ سَبِيلًا
Le se nyale basali baneng banyetsoe ke bo-ntata lona, haese se kileng sa etsahala khale. Ruri! Bohlola bo soabisang bo bile bo nyonyeha, e ne e le moetlo o silafetseng Ruri
Ayah 22حُرِّمَتۡ عَلَيۡكُمۡ أُمَّهَٰتُكُمۡ وَبَنَاتُكُمۡ وَأَخَوَٰتُكُمۡ وَعَمَّٰتُكُمۡ وَخَٰلَٰتُكُمۡ وَبَنَاتُ ٱلۡأَخِ وَبَنَاتُ ٱلۡأُخۡتِ وَأُمَّهَٰتُكُمُ ٱلَّٰتِيٓ أَرۡضَعۡنَكُمۡ وَأَخَوَٰتُكُم مِّنَ ٱلرَّضَٰعَةِ وَأُمَّهَٰتُ نِسَآئِكُمۡ وَرَبَٰٓئِبُكُمُ ٱلَّٰتِي فِي حُجُورِكُم مِّن نِّسَآئِكُمُ ٱلَّٰتِي دَخَلۡتُم بِهِنَّ فَإِن لَّمۡ تَكُونُواْ دَخَلۡتُم بِهِنَّ فَلَا جُنَاحَ عَلَيۡكُمۡ وَحَلَٰٓئِلُ أَبۡنَآئِكُمُ ٱلَّذِينَ مِنۡ أَصۡلَٰبِكُمۡ وَأَن تَجۡمَعُواْ بَيۡنَ ٱلۡأُخۡتَيۡنِ إِلَّا مَا قَدۡ سَلَفَۗ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ غَفُورࣰ ا رَّحِيمࣰ ا
Bao le hanetsoeng hoba nyala ke bana: – bo-’ma’ lona le barali ba lona, likhaitseli le bo-rakhali’a lona, bo-mangoan’a lona le barali ba baena ba lona, barali ba likhaitseli tsa lona, bo – ‘-monyants’etsi le barali ba bo-me’-monyants’etsi, bahoehali ba lona le barali ba basali ba lona ba tlhokomelong ea lona, ba bile batsoetsoe ke basali ba lona bao le ileng la kopanela likobo le bona – empa haeba le sa ka la kopanela likobo le bona, ha hona sebe ho lona ha le ka nyala ba – le hanetsoe ka basali ba bara ba lona bats’oileng mathekeng a lona. Hape le hanetsoe ho nyala barali ba monna a le mong ka nako e le ‘ngoe, haese se kileng sa etsahala linakong tse fetileng. Ruri, Allah U ts’oarela-khafetsa, U tletse mohau
Ayah 23۞وَٱلۡمُحۡصَنَٰتُ مِنَ ٱلنِّسَآءِ إِلَّا مَا مَلَكَتۡ أَيۡمَٰنُكُمۡۖ كِتَٰبَ ٱللَّهِ عَلَيۡكُمۡۚ وَأُحِلَّ لَكُم مَّا وَرَآءَ ذَٰلِكُمۡ أَن تَبۡتَغُواْ بِأَمۡوَٰلِكُم مُّحۡصِنِينَ غَيۡرَ مُسَٰفِحِينَۚ فَمَا ٱسۡتَمۡتَعۡتُم بِهِۦ مِنۡهُنَّ فَـَٔاتُوهُنَّ أُجُورَهُنَّ فَرِيضَةࣰۚ وَلَا جُنَاحَ عَلَيۡكُمۡ فِيمَا تَرَٰضَيۡتُم بِهِۦ مِنۢ بَعۡدِ ٱلۡفَرِيضَةِۚ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ عَلِيمًا حَكِيمࣰ ا
Le hanetsoe basali bohle ba nyetsoeng, ntle ho bao matsoho a lona a matona a ba ruileng (bahapuoa). Ena ke melao ea Allah. Bohle ba sa boleloang mona, ha feela eba le ba batla ka matlotlo ao le nang le ona ka lenyalo le otlolohileng, ese bohlola. Ka hoba nyala le ba batlela khotsofalo le molemo e seng bohlola, ba neheng mahali a bona tje kaha e le ts’ebeletso. Ha hona sebe ho lona ha le ka fetola tekanyo ea mahali ka litumellano ka mora hoba le fane ka ona. Ruri Allah U tletse tsebo, o Seli
Ayah 24وَمَن لَّمۡ يَسۡتَطِعۡ مِنكُمۡ طَوۡلًا أَن يَنكِحَ ٱلۡمُحۡصَنَٰتِ ٱلۡمُؤۡمِنَٰتِ فَمِن مَّا مَلَكَتۡ أَيۡمَٰنُكُم مِّن فَتَيَٰتِكُمُ ٱلۡمُؤۡمِنَٰتِۚ وَٱللَّهُ أَعۡلَمُ بِإِيمَٰنِكُمۚ بَعۡضُكُم مِّنۢ بَعۡضࣲۚ فَٱنكِحُوهُنَّ بِإِذۡنِ أَهۡلِهِنَّ وَءَاتُوهُنَّ أُجُورَهُنَّ بِٱلۡمَعۡرُوفِ مُحۡصَنَٰتٍ غَيۡرَ مُسَٰفِحَٰتࣲ وَلَا مُتَّخِذَٰتِ أَخۡدَانࣲۚ فَإِذَآ أُحۡصِنَّ فَإِنۡ أَتَيۡنَ بِفَٰحِشَةࣲ فَعَلَيۡهِنَّ نِصۡفُ مَا عَلَى ٱلۡمُحۡصَنَٰتِ مِنَ ٱلۡعَذَابِۚ ذَٰلِكَ لِمَنۡ خَشِيَ ٱلۡعَنَتَ مِنكُمۡۚ وَأَن تَصۡبِرُواْ خَيۡرࣱ لَّكُمۡۗ وَٱللَّهُ غَفُورࣱ رَّحِيمࣱ
Haeba hona le e mong ea ke keng a khona ho nyala basali ba bolokolohing ba kholoang, ba lokolleng ba nyalane le makhoba a kholoang ao matsoho a matona a lona a b aruileng. Ke Allah ea tsebang ka botlalo tumelo ea lona, le ba leloko le le leng. Ba nyaleng ka tumello ea beng ka bona, le be le ba nehe mahali a bona ka litumellano tse amohelehang, batla hlompha, base etse bohlola, kapa hona ho its’oara hampe. Ha ba se banyetsoe ka hlompho ha ba ka etsa bohlola, ba tla be ba ipitsetsa karolo ea kahlolo e fanoeng sebakeng sa basali ba seng bokhobeng ka mabaka ao. Sena ke sebakeng sa eo ea har’a lona ea ts’abang sebe. Empa haeba le ka ba le mamello seo se ka ba molemo ho lona. Allah U ts’oarela-khafetsa, U tletse mohau
Ayah 25يُرِيدُ ٱللَّهُ لِيُبَيِّنَ لَكُمۡ وَيَهۡدِيَكُمۡ سُنَنَ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِكُمۡ وَيَتُوبَ عَلَيۡكُمۡۗ وَٱللَّهُ عَلِيمٌ حَكِيمࣱ
Allah U lakatsa ho le totobaletsa le hona ho le tataisa ka mehlala ea ba bileng teng pele ho lona, o lakatsa ho khutlela ka ho lona ka mohau. Ruri Allah U tseba tsohle, o Seli
Ayah 26وَٱللَّهُ يُرِيدُ أَن يَتُوبَ عَلَيۡكُمۡ وَيُرِيدُ ٱلَّذِينَ يَتَّبِعُونَ ٱلشَّهَوَٰتِ أَن تَمِيلُواْ مَيۡلًا عَظِيمࣰ ا
Allah U lakatsa ho retellehela ka ho lona ka mohau; empa ba latelang litakatso tsa bohata ba mpa ba lakatsa ho le khelosetsa hole-hole le tsela e otlolohileng
Ayah 27يُرِيدُ ٱللَّهُ أَن يُخَفِّفَ عَنكُمۡۚ وَخُلِقَ ٱلۡإِنسَٰنُ ضَعِيفࣰ ا
Allah U lakalitse ho le bebofaletsa mathata, hobane motho o bopiloe a fokola
Ayah 28يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ لَا تَأۡكُلُوٓاْ أَمۡوَٰلَكُم بَيۡنَكُم بِٱلۡبَٰطِلِ إِلَّآ أَن تَكُونَ تِجَٰرَةً عَن تَرَاضࣲ مِّنكُمۡۚ وَلَا تَقۡتُلُوٓاْ أَنفُسَكُمۡۚ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ بِكُمۡ رَحِيمࣰ ا
Oho lona ba kholoang! Le se je maruo a lona lekeme-keme har’a lona ka boikhabo, haese feela eba le hoebisana ka setsoalle se amohelehang. Le se ke la bolaeana. Ruri! Allah ke Ramohau ho lona
Ayah 29وَمَن يَفۡعَلۡ ذَٰلِكَ عُدۡوَٰنࣰ ا وَظُلۡمࣰ ا فَسَوۡفَ نُصۡلِيهِ نَارࣰ اۚ وَكَانَ ذَٰلِكَ عَلَى ٱللَّهِ يَسِيرًا
Ha ho le teng ea ka etsang joalo ka bokhopo le hona ho hloka toka, re tla mo akhela har’a mollo, seo se bobebe ho Allah
Ayah 30إِن تَجۡتَنِبُواْ كَبَآئِرَ مَا تُنۡهَوۡنَ عَنۡهُ نُكَفِّرۡ عَنكُمۡ سَيِّـَٔاتِكُمۡ وَنُدۡخِلۡكُم مُّدۡخَلࣰ ا كَرِيمࣰ ا
Ha le ka ikhula khahlanong le libeng tse kholo tseo re le hanetseng tsona, Ruri re tla hlakola liketso tsa sebe ho lona e be re le kenya hekeng ea tlotla e kholo
Ayah 31وَلَا تَتَمَنَّوۡاْ مَا فَضَّلَ ٱللَّهُ بِهِۦ بَعۡضَكُمۡ عَلَىٰ بَعۡضࣲۚ لِّلرِّجَالِ نَصِيبࣱ مِّمَّا ٱكۡتَسَبُواْۖ وَلِلنِّسَآءِ نَصِيبࣱ مِّمَّا ٱكۡتَسَبۡنَۚ وَسۡـَٔلُواْ ٱللَّهَ مِن فَضۡلِهِۦٓۚ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ بِكُلِّ شَيۡءٍ عَلِيمࣰ ا
Le se ke la honohela ntho eo Allah a entseng hore ba bang ba fete ba bang ka eona. Hobane ho banna ho fanoe ho latela seo ba se kotutseng, le ho basali ho fanoe ka mokhoa o ts’oanang. Le se ke la honohelana ka bo-lona, empa le kope Allah ka matlotlo a hae. Ruri! Allah U tseba lintho tsohle
Ayah 32وَلِكُلࣲّ جَعَلۡنَا مَوَٰلِيَ مِمَّا تَرَكَ ٱلۡوَٰلِدَانِ وَٱلۡأَقۡرَبُونَۚ وَٱلَّذِينَ عَقَدَتۡ أَيۡمَٰنُكُمۡ فَـَٔاتُوهُمۡ نَصِيبَهُمۡۚ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءࣲ شَهِيدًا
Ho bohle re thontse bajalefa ba matlotlo a sihiloeng ke batsoali le ba leloko le hauts’oane; le ho bao ebang matsoho a lona a matona a entse selekane le bona, le ba nehe likarolo tsa bona. Ka `nete Allah ke paki holim’a lintho tsohle
Ayah 33ٱلرِّجَالُ قَوَّٰمُونَ عَلَى ٱلنِّسَآءِ بِمَا فَضَّلَ ٱللَّهُ بَعۡضَهُمۡ عَلَىٰ بَعۡضࣲ وَبِمَآ أَنفَقُواْ مِنۡ أَمۡوَٰلِهِمۡۚ فَٱلصَّٰلِحَٰتُ قَٰنِتَٰتٌ حَٰفِظَٰتࣱ لِّلۡغَيۡبِ بِمَا حَفِظَ ٱللَّهُۚ وَٱلَّٰتِي تَخَافُونَ نُشُوزَهُنَّ فَعِظُوهُنَّ وَٱهۡجُرُوهُنَّ فِي ٱلۡمَضَاجِعِ وَٱضۡرِبُوهُنَّۖ فَإِنۡ أَطَعۡنَكُمۡ فَلَا تَبۡغُواْ عَلَيۡهِنَّ سَبِيلًاۗ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ عَلِيࣰّ ا كَبِيرࣰ ا
Banna ke basireletsi le bahlokomeli ba basali, hobane Allah U entse hore e mong oa bona a fete e mong ka matla, banna ba tlameha ho sebelisa matlotlo tlas’a tlhokomelo ea bona. Ka hona basali ba itlhomphang ke ba hlonephang le hona ho mamela banna ba bona, ba bile ba boulela sephiring seo Allah A ba laetseng ho se boulella. Haele basali bao le ts’abang hore ba ke ke ba le mamela, ba khalemeng, le be le hane ho kopanela likobo le bona, le hona hoba shapa ha ba ntse ba pheeletse. Haeba ba ka le mamela, le se ke la tsomana le mekhoa ea hoba khopisa. Ruri Allah U phahame ka ho fetisisa, o moholo
Ayah 34وَإِنۡ خِفۡتُمۡ شِقَاقَ بَيۡنِهِمَا فَٱبۡعَثُواْ حَكَمࣰ ا مِّنۡ أَهۡلِهِۦ وَحَكَمࣰ ا مِّنۡ أَهۡلِهَآ إِن يُرِيدَآ إِصۡلَٰحࣰ ا يُوَفِّقِ ٱللَّهُ بَيۡنَهُمَآۗ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ عَلِيمًا خَبِيرࣰ ا
Haeba le ts’aba hore ba ka ts’oha ba roba litumellano lipakeng tsa bona, thonyang bakhalemi ho tsoa ka lapeng la bo monna le la bo mosali. Haeba ba lakatsa ho bopa khotso, Allah U tla ba etsa ntho e leng ngoe. Allah U tseba tsohle, o hlokolosi
Ayah 35۞وَٱعۡبُدُواْ ٱللَّهَ وَلَا تُشۡرِكُواْ بِهِۦ شَيۡـࣰٔ اۖ وَبِٱلۡوَٰلِدَيۡنِ إِحۡسَٰنࣰ ا وَبِذِي ٱلۡقُرۡبَىٰ وَٱلۡيَتَٰمَىٰ وَٱلۡمَسَٰكِينِ وَٱلۡجَارِ ذِي ٱلۡقُرۡبَىٰ وَٱلۡجَارِ ٱلۡجُنُبِ وَٱلصَّاحِبِ بِٱلۡجَنۢبِ وَٱبۡنِ ٱلسَّبِيلِ وَمَا مَلَكَتۡ أَيۡمَٰنُكُمۡۗ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يُحِبُّ مَن كَانَ مُخۡتَالࣰ ا فَخُورًا
Khumamelang Allah. Le se be le batlatsetsi ntle le eena. Le bonts’e mohau le boits’oaro ho batsoali, le hoba leloko la lona, ho likhutsana, le ho bahloki, ho baahaisane ba haufi le lona, le ho baahaisane ba ka thoko, ho bahahlaoli le mofeta ka tsela, le ho makhoba ao matsoho a lona a matona a ba ruileng. Hobane Ruri Allah ha a rate baikhants’ang le ho ikhohomosa
Ayah 36ٱلَّذِينَ يَبۡخَلُونَ وَيَأۡمُرُونَ ٱلنَّاسَ بِٱلۡبُخۡلِ وَيَكۡتُمُونَ مَآ ءَاتَىٰهُمُ ٱللَّهُ مِن فَضۡلِهِۦۗ وَأَعۡتَدۡنَا لِلۡكَٰفِرِينَ عَذَابࣰ ا مُّهِينࣰ ا
Ba lekhonatha ka matlotlo a bona, ba bile khothaletsa bokhonatha ho ba bang, le hona ho pata tseo Allah A ba sitsitseng ka tsona tsa motlopotlo oa Hae. Ruri Re lokiselitse maila-tumelo timelo e soabisang
Ayah 37وَٱلَّذِينَ يُنفِقُونَ أَمۡوَٰلَهُمۡ رِئَآءَ ٱلنَّاسِ وَلَا يُؤۡمِنُونَ بِٱللَّهِ وَلَا بِٱلۡيَوۡمِ ٱلۡأٓخِرِۗ وَمَن يَكُنِ ٱلشَّيۡطَٰنُ لَهُۥ قَرِينࣰ ا فَسَآءَ قَرِينࣰ ا
Ba sebelisang matlotlo a bona ho iponahatsa ho batho, ba bile ba sa kholoe ho Allah le ho letsatsi la bofelo(ke metsoalle ea satane), ea kukileng satane ho ba molekane oa hae, Ruri eo molekane o nyonyeha hakakang
Ayah 38وَمَاذَا عَلَيۡهِمۡ لَوۡ ءَامَنُواْ بِٱللَّهِ وَٱلۡيَوۡمِ ٱلۡأٓخِرِ وَأَنفَقُواْ مِمَّا رَزَقَهُمُ ٱللَّهُۚ وَكَانَ ٱللَّهُ بِهِمۡ عَلِيمًا
Tahlehelo e ne e tlaba efeng ha ba ne ba khotsoe ho Allah le ho letsatsi la bofelo, ba bile ba sebelisa ka kotloloho seo Allah A ba sitsitseng ka sona. Ruri Allah U hlokolosi ka bona le ho tsohle tseo ba li etsang
Ayah 39إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَظۡلِمُ مِثۡقَالَ ذَرَّةࣲۖ وَإِن تَكُ حَسَنَةࣰ يُضَٰعِفۡهَا وَيُؤۡتِ مِن لَّدُنۡهُ أَجۡرًا عَظِيمࣰ ا
Ruri! Allah ha A fose le hanyenyane feela; ha feela e ba ho teng ketso e lokileng, U tla e menahanya A be A nehe moetsi oa eona ponts’eng ea hae moputso o moholohali
Ayah 40فَكَيۡفَ إِذَا جِئۡنَا مِن كُلِّ أُمَّةِۭ بِشَهِيدࣲ وَجِئۡنَا بِكَ عَلَىٰ هَٰٓؤُلَآءِ شَهِيدࣰ ا
Ho ne ho tla ba joang ho bona ha re ne re tlisitse paki e tsoang ho mehlobo eohle, joale e be re tlisa uena muhammad hoba paki khahlanong le bona
Ayah 41يَوۡمَئِذࣲ يَوَدُّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَعَصَوُاْ ٱلرَّسُولَ لَوۡ تُسَوَّىٰ بِهِمُ ٱلۡأَرۡضُ وَلَا يَكۡتُمُونَ ٱللَّهَ حَدِيثࣰ ا
Mohla letsatsi leo ba ileng ba hloka tumelo le ho se mamele Moromuoa ba ne ba tla lakatsa e ka ba ke be ba ile ba tsoakoa le mobu, empa ha ho seo ba ka se patang ho Allah
Ayah 42يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ لَا تَقۡرَبُواْ ٱلصَّلَوٰةَ وَأَنتُمۡ سُكَٰرَىٰ حَتَّىٰ تَعۡلَمُواْ مَا تَقُولُونَ وَلَا جُنُبًا إِلَّا عَابِرِي سَبِيلٍ حَتَّىٰ تَغۡتَسِلُواْۚ وَإِن كُنتُم مَّرۡضَىٰٓ أَوۡ عَلَىٰ سَفَرٍ أَوۡ جَآءَ أَحَدࣱ مِّنكُم مِّنَ ٱلۡغَآئِطِ أَوۡ لَٰمَسۡتُمُ ٱلنِّسَآءَ فَلَمۡ تَجِدُواْ مَآءࣰ فَتَيَمَّمُواْ صَعِيدࣰ ا طَيِّبࣰ ا فَٱمۡسَحُواْ بِوُجُوهِكُمۡ وَأَيۡدِيكُمۡۗ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ عَفُوًّا غَفُورًا
Oho lona ba kholoang! Le se atamele thapelong le tauoe, ho fihlela le tseba seo le se buoang, kapa nakong eo le sa hloekang, haese ha le le leeton, ho fihlela le totse le ohle. Haeba le kula, kapa le le leetong, kapa e mong oa lona a etsoa ntloaneng ea boithuso, kapa eba le bile le kamano le basali, le sa fumane metsi, le ka nka mobu o hloekileng, la iphumula lifahlehong le matsohong ka ona (e leng tayamum). Ruri Allah U mosa, o ts’oarela khafetsa
Ayah 43أَلَمۡ تَرَ إِلَى ٱلَّذِينَ أُوتُواْ نَصِيبࣰ ا مِّنَ ٱلۡكِتَٰبِ يَشۡتَرُونَ ٱلضَّلَٰلَةَ وَيُرِيدُونَ أَن تَضِلُّواْ ٱلسَّبِيلَ
Ha u e s’o bone ba filoeng karoloana ea Lengolo kamoo ba ithekelang phoso ka teng, ba bile ba tsomana le ho le sutuletsa phosong moo ba lekang ho le nts’a tseleng e nepahetseng
Ayah 44وَٱللَّهُ أَعۡلَمُ بِأَعۡدَآئِكُمۡۚ وَكَفَىٰ بِٱللَّهِ وَلِيࣰّ ا وَكَفَىٰ بِٱللَّهِ نَصِيرࣰ ا
Ruri Allah U tseba hantle lira tsa lona. Allah U lekane hoba mots’oalle, Allah U lekane joalo ka mothusi
Ayah 45مِّنَ ٱلَّذِينَ هَادُواْ يُحَرِّفُونَ ٱلۡكَلِمَ عَن مَّوَاضِعِهِۦ وَيَقُولُونَ سَمِعۡنَا وَعَصَيۡنَا وَٱسۡمَعۡ غَيۡرَ مُسۡمَعࣲ وَرَٰعِنَا لَيَّۢا بِأَلۡسِنَتِهِمۡ وَطَعۡنࣰ ا فِي ٱلدِّينِۚ وَلَوۡ أَنَّهُمۡ قَالُواْ سَمِعۡنَا وَأَطَعۡنَا وَٱسۡمَعۡ وَٱنظُرۡنَا لَكَانَ خَيۡرࣰ ا لَّهُمۡ وَأَقۡوَمَ وَلَٰكِن لَّعَنَهُمُ ٱللَّهُ بِكُفۡرِهِمۡ فَلَا يُؤۡمِنُونَ إِلَّا قَلِيلࣰ ا
Har’a Ma-Juda ho teng ba fetolang mantsoe ho tsoa tatellanong ea ona, ebe ba re: “Re’a utloa ha re ananele; re`a utloa ha re utloise letho” Ba boele ba re: “Re mamele!” ba sotha maleme a bona ka ho nyefola tumelo. Hoja ba ile ba re: “re’a utloa re ea phethisa; re etse hore re be le kutluisiso”; seo se ke be se bile molemo ho bona, se nepahetse ho fetisisa. Empa Allah U ba rohakile bakeng sa ho hloka tumelo ha bona, kahoo ha ba kholoe haese ba fokolang feela ba bona
Ayah 46يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ أُوتُواْ ٱلۡكِتَٰبَ ءَامِنُواْ بِمَا نَزَّلۡنَا مُصَدِّقࣰ ا لِّمَا مَعَكُم مِّن قَبۡلِ أَن نَّطۡمِسَ وُجُوهࣰ ا فَنَرُدَّهَا عَلَىٰٓ أَدۡبَارِهَآ أَوۡ نَلۡعَنَهُمۡ كَمَا لَعَنَّآ أَصۡحَٰبَ ٱلسَّبۡتِۚ وَكَانَ أَمۡرُ ٱللَّهِ مَفۡعُولًا
Oho lona ba filoeng Lengolo! Kholoang ho seo Re se senotseng hajoale se tihisang seo se teng ho lona, pele Re le sosobanya lifahleho Re li menolele ka hare, kapa Re ba rohake joaloka ha Re rohakile ba robi ba sabata. Molao oa Allah ka mehla o oa phethahatsoa
Ayah 47إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَغۡفِرُ أَن يُشۡرَكَ بِهِۦ وَيَغۡفِرُ مَا دُونَ ذَٰلِكَ لِمَن يَشَآءُۚ وَمَن يُشۡرِكۡ بِٱللَّهِ فَقَدِ ٱفۡتَرَىٰٓ إِثۡمًا عَظِيمًا
Ruri Allah ha A ts’oarele ba mo kopanyang le batlatsetsi. O ts’oarela bohle, empa bao A ikhethetseng bona. Haele eo ea kopanyang batlatsetsi le Allah, Ruri o rerile sebe se se holohali
Ayah 48أَلَمۡ تَرَ إِلَى ٱلَّذِينَ يُزَكُّونَ أَنفُسَهُمۚ بَلِ ٱللَّهُ يُزَكِّي مَن يَشَآءُ وَلَا يُظۡلَمُونَ فَتِيلًا
Ha u e s’o bone ba ithorisang ka bohloeki? Che, Allah U hloekisa ea ratoang ke Eena, ba ke ke ba qhekelloa le ha ese ele hanyenyane feela
Ayah 49ٱنظُرۡ كَيۡفَ يَفۡتَرُونَ عَلَى ٱللَّهِ ٱلۡكَذِبَۖ وَكَفَىٰ بِهِۦٓ إِثۡمࣰ ا مُّبِينًا
Bona, kamoo ba qapang leshano ka teng khahlanong le Allah! Seo sona ke sebe se pepenene
Ayah 50أَلَمۡ تَرَ إِلَى ٱلَّذِينَ أُوتُواْ نَصِيبࣰ ا مِّنَ ٱلۡكِتَٰبِ يُؤۡمِنُونَ بِٱلۡجِبۡتِ وَٱلطَّٰغُوتِ وَيَقُولُونَ لِلَّذِينَ كَفَرُواْ هَٰٓؤُلَآءِ أَهۡدَىٰ مِنَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ سَبِيلًا
Ha u e s’o bone ba filoeng karoloana ea Lengolo? ba kholoa boselamoseng le melingoaneng ea bohata, ba bile ba re ka melingoana eo ho ba sa kholoeng: ba tataisitsoe ka nepo e kholo ho feta ba kholoang
Ayah 51أُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ لَعَنَهُمُ ٱللَّهُۖ وَمَن يَلۡعَنِ ٱللَّهُ فَلَن تَجِدَ لَهُۥ نَصِيرًا
Ke bao Allah A ba rohakileng, eo Allah A mo rohakileng, o ke ke oa mo fumanela mothusi
Ayah 52أَمۡ لَهُمۡ نَصِيبࣱ مِّنَ ٱلۡمُلۡكِ فَإِذࣰ ا لَّا يُؤۡتُونَ ٱلنَّاسَ نَقِيرًا
Kapa ba na le karolo pusong? Haeba ho joalo, bake ke ba fana le ha e se e le ka qobanyana feela ho batho
Ayah 53أَمۡ يَحۡسُدُونَ ٱلنَّاسَ عَلَىٰ مَآ ءَاتَىٰهُمُ ٱللَّهُ مِن فَضۡلِهِۦۖ فَقَدۡ ءَاتَيۡنَآ ءَالَ إِبۡرَٰهِيمَ ٱلۡكِتَٰبَ وَٱلۡحِكۡمَةَ وَءَاتَيۡنَٰهُم مُّلۡكًا عَظِيمࣰ ا
Kapa ba honohela batho ka tseo Allah A ba sitsitseng ka tsona tsa motlopotlo oa Hae? Hobane Re se Re ile Ra fana ka Lengolo le bohlale ho lelapa la Abrahama, Ra ba sitsa ka naha e kholohali
Ayah 54فَمِنۡهُم مَّنۡ ءَامَنَ بِهِۦ وَمِنۡهُم مَّن صَدَّ عَنۡهُۚ وَكَفَىٰ بِجَهَنَّمَ سَعِيرًا
Har’a bona ho teng karolo e neng e lumela ho lona, ha karolo e ‘ngoe e ne e sa le lumele. Lihele li ba lekane hore ba ka chesoa ho ts’oana
Ayah 55إِنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بِـَٔايَٰتِنَا سَوۡفَ نُصۡلِيهِمۡ نَارࣰ ا كُلَّمَا نَضِجَتۡ جُلُودُهُم بَدَّلۡنَٰهُمۡ جُلُودًا غَيۡرَهَا لِيَذُوقُواْ ٱلۡعَذَابَۗ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ عَزِيزًا حَكِيمࣰ ا
Ruri ba latotseng lits’enolo tsa rona, Re tla ba lahlela mollong. Ka mehla ha matlalo a bona a eboha ke ho tlaboha, e be Re ba apesa ka matlalo a macha e le hore ba tle ba latsoe kahlolo. Ruri Allah U matla ohle, O Seli
Ayah 56وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ سَنُدۡخِلُهُمۡ جَنَّٰتࣲ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُ خَٰلِدِينَ فِيهَآ أَبَدࣰ اۖ لَّهُمۡ فِيهَآ أَزۡوَٰجࣱ مُّطَهَّرَةࣱۖ وَنُدۡخِلُهُمۡ ظِلࣰّ ا ظَلِيلًا
Empa ba kholoang ba bile ba etsa mesebetsi e lokileng, Re tla ba amohela har›a lirapa tseo linoka li phallang tlas›a tsona, batla phela kamoo kahosafeleng, moo teng ba tla ba le balekane ba hloekileng, Re tla ba amohela moriting o pholileng
Ayah 57۞إِنَّ ٱللَّهَ يَأۡمُرُكُمۡ أَن تُؤَدُّواْ ٱلۡأَمَٰنَٰتِ إِلَىٰٓ أَهۡلِهَا وَإِذَا حَكَمۡتُم بَيۡنَ ٱلنَّاسِ أَن تَحۡكُمُواْ بِٱلۡعَدۡلِۚ إِنَّ ٱللَّهَ نِعِمَّا يَعِظُكُم بِهِۦٓۗ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ سَمِيعَۢا بَصِيرࣰ ا
Ruri Allah U laela ho busetsa tseo le neng le li ts›epetsoe ho beng ba tsona (mekoloto), haeba le ahlola lipakeng tsa batho, ahlolang ka toka. Ruri! Se ipabotseng ke sena seo Allah a le hlokomelisitseng sona. Ruri Allah U Utloa tsohle, U bona tsohle
Ayah 58يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ أَطِيعُواْ ٱللَّهَ وَأَطِيعُواْ ٱلرَّسُولَ وَأُوْلِي ٱلۡأَمۡرِ مِنكُمۡۖ فَإِن تَنَٰزَعۡتُمۡ فِي شَيۡءࣲ فَرُدُّوهُ إِلَى ٱللَّهِ وَٱلرَّسُولِ إِن كُنتُمۡ تُؤۡمِنُونَ بِٱللَّهِ وَٱلۡيَوۡمِ ٱلۡأٓخِرِۚ ذَٰلِكَ خَيۡرࣱ وَأَحۡسَنُ تَأۡوِيلًا
Oho lona ba kholoang! Mamelang Allah le moromuoa oa hae le bao har’a lona ba nang le matla a puso; haeba le na le khohlano ka se seng har’a lona, se lebiseng ho Allah le ho Moromuoa haeba ka ‘nete le ba kholoang ho Allah le ho letsatsi la bofelo. Ke sona se molemo, e bile se hlompheha ka ho fetisisa pheletsong
Ayah 59أَلَمۡ تَرَ إِلَى ٱلَّذِينَ يَزۡعُمُونَ أَنَّهُمۡ ءَامَنُواْ بِمَآ أُنزِلَ إِلَيۡكَ وَمَآ أُنزِلَ مِن قَبۡلِكَ يُرِيدُونَ أَن يَتَحَاكَمُوٓاْ إِلَى ٱلطَّٰغُوتِ وَقَدۡ أُمِرُوٓاْ أَن يَكۡفُرُواْ بِهِۦۖ وَيُرِيدُ ٱلشَّيۡطَٰنُ أَن يُضِلَّهُمۡ ضَلَٰلَۢا بَعِيدࣰ ا
Na ha u e s’o bone ba ikaketsang ka hore ba kholoa ho se senotsoeng ho uena le ho se senotsoeng pele ho uena, kamoo ba lakatsang ho ea ho melingoana ea bohata ho ea ahlola likhang tsa bona, empa ba ile ba laeloa ho khaotsa ho ea ho bona? Takatso ea satane ke ea hoba khelosetsa thoko-thoko le ‘nete
Ayah 60وَإِذَا قِيلَ لَهُمۡ تَعَالَوۡاْ إِلَىٰ مَآ أَنزَلَ ٱللَّهُ وَإِلَى ٱلرَّسُولِ رَأَيۡتَ ٱلۡمُنَٰفِقِينَ يَصُدُّونَ عَنكَ صُدُودࣰ ا
Ha ho thoe ho bona: “tlohong ho se senotsoeng ke Allah, le tle ho moromuoa,” ke moo u tla bona baikaketsi ba u furalla ka ho nyonya
Ayah 61فَكَيۡفَ إِذَآ أَصَٰبَتۡهُم مُّصِيبَةُۢ بِمَا قَدَّمَتۡ أَيۡدِيهِمۡ ثُمَّ جَآءُوكَ يَحۡلِفُونَ بِٱللَّهِ إِنۡ أَرَدۡنَآ إِلَّآ إِحۡسَٰنࣰ ا وَتَوۡفِيقًا
Ho tla ba joang ha ba se ba apareloa ke bomalimabe ka lebaka la seo matsoho a bona a se rometseng nale? batla ho uena ba ikana ka Allah, “re ne re sa tsome letho haese maikutlo le litumellano tse amohelehang”
Ayah 62أُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ يَعۡلَمُ ٱللَّهُ مَا فِي قُلُوبِهِمۡ فَأَعۡرِضۡ عَنۡهُمۡ وَعِظۡهُمۡ وَقُل لَّهُمۡ فِيٓ أَنفُسِهِمۡ قَوۡلَۢا بَلِيغࣰ ا
Bao Allah U tseba se ka lipelong tsa bona; ba hlokomolohe empa ba khaleme, le ba eletse le hona hoba biletsa litabeng tsa meea ea bona ka linako tse hlakileng
Ayah 63وَمَآ أَرۡسَلۡنَا مِن رَّسُولٍ إِلَّا لِيُطَاعَ بِإِذۡنِ ٱللَّهِۚ وَلَوۡ أَنَّهُمۡ إِذ ظَّلَمُوٓاْ أَنفُسَهُمۡ جَآءُوكَ فَٱسۡتَغۡفَرُواْ ٱللَّهَ وَٱسۡتَغۡفَرَ لَهُمُ ٱلرَّسُولُ لَوَجَدُواْ ٱللَّهَ تَوَّابࣰ ا رَّحِيمࣰ ا
Ha Re e s’o romelle Roromuoa feela haese hore a mameloe ka thato ea Allah. Haeba ba ne ba iphoselitse ka bo-bona, e be ba ile ba tla ho uena ho tla kopa ts’oarelo ea Allah, le ho tla ho Moromuoa ho ka ba kopela ts’oarelo ea Allah; ba ke ba fumane hore Allah U ts’oarela-khafetsa, U khaphatseha mohau
Ayah 64فَلَا وَرَبِّكَ لَا يُؤۡمِنُونَ حَتَّىٰ يُحَكِّمُوكَ فِيمَا شَجَرَ بَيۡنَهُمۡ ثُمَّ لَا يَجِدُواْ فِيٓ أَنفُسِهِمۡ حَرَجࣰ ا مِّمَّا قَضَيۡتَ وَيُسَلِّمُواْ تَسۡلِيمࣰ ا
Empa, ka Mong`a hau ba ke ke ba eba le tumelo ho fihlela ba u etsa moahloli har’a likhang lipakeng tsa bona, ho se khanyetso meeng ea bona ho liqeto tseo uena u li fihletseng, bali amohele ka boithapalatso
Ayah 65وَلَوۡ أَنَّا كَتَبۡنَا عَلَيۡهِمۡ أَنِ ٱقۡتُلُوٓاْ أَنفُسَكُمۡ أَوِ ٱخۡرُجُواْ مِن دِيَٰرِكُم مَّا فَعَلُوهُ إِلَّا قَلِيلࣱ مِّنۡهُمۡۖ وَلَوۡ أَنَّهُمۡ فَعَلُواْ مَا يُوعَظُونَ بِهِۦ لَكَانَ خَيۡرࣰ ا لَّهُمۡ وَأَشَدَّ تَثۡبِيتࣰ ا
Haeba re ne Re ba laetse hore: “ipolaeng kapa sieang malapa a lona,” ke ba fokolang feela ba ke beng ba entse seo; haeba ba ne ba entse kamoo ba neng ba bolelletsoe ho etsa ka teng, ho ka be ho bile molemo ho bona, ba ne ba tla tiea tumelong ho feta
Ayah 66وَإِذࣰ ا لَّأٓتَيۡنَٰهُم مِّن لَّدُنَّآ أَجۡرًا عَظِيمࣰ ا
Re ke be Re ba sitsitse ka moputso o moholohali o tsoang ho bo teng ba Rona
Ayah 67وَلَهَدَيۡنَٰهُمۡ صِرَٰطࣰ ا مُّسۡتَقِيمࣰ ا
Re bile Re ba tataiselitse tseleng e otlolohileng
Ayah 68وَمَن يُطِعِ ٱللَّهَ وَٱلرَّسُولَ فَأُوْلَٰٓئِكَ مَعَ ٱلَّذِينَ أَنۡعَمَ ٱللَّهُ عَلَيۡهِم مِّنَ ٱلنَّبِيِّـۧنَ وَٱلصِّدِّيقِينَ وَٱلشُّهَدَآءِ وَٱلصَّٰلِحِينَۚ وَحَسُنَ أُوْلَٰٓئِكَ رَفِيقࣰ ا
Haele ba mamelang Allah le Moromuoa, ba tla ba har’a ba Allah A ba bonts’itseng molemo, ba har’a Baporofeta le bats’epehi, bashoela-tumelo, lebalokileng. Ah! setsoalle se setle ha ka kang
Ayah 69ذَٰلِكَ ٱلۡفَضۡلُ مِنَ ٱللَّهِۚ وَكَفَىٰ بِٱللَّهِ عَلِيمࣰ ا
O joana motlopotlo oa Allah, Allah ke Motsebi oa tsohle
Ayah 70يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ خُذُواْ حِذۡرَكُمۡ فَٱنفِرُواْ ثُبَاتٍ أَوِ ٱنفِرُواْ جَمِيعࣰ ا
Oho lona ba kholoang! Ebang hlokolosi, le hona ho beha lihloela nale, tsameang ka lihlots`oana kapa le ka tsamaea `moho
Ayah 71وَإِنَّ مِنكُمۡ لَمَن لَّيُبَطِّئَنَّ فَإِنۡ أَصَٰبَتۡكُم مُّصِيبَةࣱ قَالَ قَدۡ أَنۡعَمَ ٱللَّهُ عَلَيَّ إِذۡ لَمۡ أَكُن مَّعَهُمۡ شَهِيدࣰ ا
Ruri har’a lona ho teng ea tla salla morao; e re ha bomalimabe bo le hlahela, o re: “Allah U bile lerato ho ‘na haele mona ke bile sieo har’a bona.”
Ayah 72وَلَئِنۡ أَصَٰبَكُمۡ فَضۡلࣱ مِّنَ ٱللَّهِ لَيَقُولَنَّ كَأَن لَّمۡ تَكُنۢ بَيۡنَكُمۡ وَبَيۡنَهُۥ مَوَدَّةࣱ يَٰلَيۡتَنِي كُنتُ مَعَهُمۡ فَأَفُوزَ فَوۡزًا عَظِيمࣰ ا
Haeba Allah a ka le sitsa ka motlopotlo oa hae, Ruri o ne a tla lla joaloka ha e ka ho ne ho se lerato le teng lipakeng tsa lona le eena, a re: “oho, ke lakatsa e ka nka be ke bile har’a bona, nka be ke fihletse katleho e kholohali!”
Ayah 73۞فَلۡيُقَٰتِلۡ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِ ٱلَّذِينَ يَشۡرُونَ ٱلۡحَيَوٰةَ ٱلدُّنۡيَا بِٱلۡأٓخِرَةِۚ وَمَن يُقَٰتِلۡ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِ فَيُقۡتَلۡ أَوۡ يَغۡلِبۡ فَسَوۡفَ نُؤۡتِيهِ أَجۡرًا عَظِيمࣰ ا
Ba tloheleng ba loanele tsela ea Allah ba rekisang bophelo ba lefats’e lena ka theko ea bo-tlang. Haele ea loanetseng tsela ea Allah, ebang a bolailoe kapa a ikhapetse tlholo, Re tla mo sitsa ka moputso o moholohali
Ayah 74وَمَا لَكُمۡ لَا تُقَٰتِلُونَ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِ وَٱلۡمُسۡتَضۡعَفِينَ مِنَ ٱلرِّجَالِ وَٱلنِّسَآءِ وَٱلۡوِلۡدَٰنِ ٱلَّذِينَ يَقُولُونَ رَبَّنَآ أَخۡرِجۡنَا مِنۡ هَٰذِهِ ٱلۡقَرۡيَةِ ٱلظَّالِمِ أَهۡلُهَا وَٱجۡعَل لَّنَا مِن لَّدُنكَ وَلِيࣰّ ا وَٱجۡعَل لَّنَا مِن لَّدُنكَ نَصِيرًا
Molato oa lona ke’ng le ke keng la loanela tsela ea Allah? Har’a banna le basali ba khatellong, le bana ba fokolang bao sello sa bona e leng: “Mong`a rona! Re pholose motseng ona oo batho ba ona e leng bahatelli! Oho hle! A k’u re nehe ho tsoang bo- teng ba Hau mots’oalle ea tla re ts’ireletsa! Oho, a k’u re nehe ho tsoa bo-teng ba hau mosireletsi
Ayah 75ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ يُقَٰتِلُونَ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِۖ وَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ يُقَٰتِلُونَ فِي سَبِيلِ ٱلطَّٰغُوتِ فَقَٰتِلُوٓاْ أَوۡلِيَآءَ ٱلشَّيۡطَٰنِۖ إِنَّ كَيۡدَ ٱلشَّيۡطَٰنِ كَانَ ضَعِيفًا
Ba kholoang bona ba loanela tsela ea Allah; botlhoka-tumelo le bona ba loanela tsela ea bo-liabolosi. Kahoo le loants’e metsoalle ea liabolosi. Ruri bo-menemene ba satane bo ea fokola
Ayah 76أَلَمۡ تَرَ إِلَى ٱلَّذِينَ قِيلَ لَهُمۡ كُفُّوٓاْ أَيۡدِيَكُمۡ وَأَقِيمُواْ ٱلصَّلَوٰةَ وَءَاتُواْ ٱلزَّكَوٰةَ فَلَمَّا كُتِبَ عَلَيۡهِمُ ٱلۡقِتَالُ إِذَا فَرِيقࣱ مِّنۡهُمۡ يَخۡشَوۡنَ ٱلنَّاسَ كَخَشۡيَةِ ٱللَّهِ أَوۡ أَشَدَّ خَشۡيَةࣰۚ وَقَالُواْ رَبَّنَا لِمَ كَتَبۡتَ عَلَيۡنَا ٱلۡقِتَالَ لَوۡلَآ أَخَّرۡتَنَآ إِلَىٰٓ أَجَلࣲ قَرِيبࣲۗ قُلۡ مَتَٰعُ ٱلدُّنۡيَا قَلِيلࣱ وَٱلۡأٓخِرَةُ خَيۡرࣱ لِّمَنِ ٱتَّقَىٰ وَلَا تُظۡلَمُونَ فَتِيلًا
Na ha u e s’o bone bao ho itsoeng ho bona: “phuthang matsoho a lona, le rapele le hona ho fana ka linyehelo, eitse hoba ba laeloe ho loana; Bonang! Lequloana la bona le ts’aba batho joaloka ha ba ts’aba Allah, kapa ka letsoalo le fetang leo hole, ba re: “Mong`a rona! Hobaneng ha u ile oa re laela ho loana?” hoja e be u ile oa re neha phomolo ea nakoana! Oho ba bolelle u re: “monyaka oa lefats’e lena o oa fokola; empa bophelo bo-tlang bo tla ba molemo ho ea sesefang bobe; le ke ke la qhekoa le ha e se e le hanyenyane feela
Ayah 77أَيۡنَمَا تَكُونُواْ يُدۡرِككُّمُ ٱلۡمَوۡتُ وَلَوۡ كُنتُمۡ فِي بُرُوجࣲ مُّشَيَّدَةࣲۗ وَإِن تُصِبۡهُمۡ حَسَنَةࣱ يَقُولُواْ هَٰذِهِۦ مِنۡ عِندِ ٱللَّهِۖ وَإِن تُصِبۡهُمۡ سَيِّئَةࣱ يَقُولُواْ هَٰذِهِۦ مِنۡ عِندِكَۚ قُلۡ كُلࣱّ مِّنۡ عِندِ ٱللَّهِۖ فَمَالِ هَٰٓؤُلَآءِ ٱلۡقَوۡمِ لَا يَكَادُونَ يَفۡقَهُونَ حَدِيثࣰ ا
Hohle moo le leng teng, lefu le tla le fihlela, le ha le kabaka har’a matlo a mekato. Empa ha ba ka hlaheloa ke se ba thabisang ba re: “sena se tsoa ho Allah;” ha ba hlaheloa ke se sebe ba re: “Oho sena ke mesebetsi ea hau.” u re ho bona: “tsohle li tsoa ho Allah. Ho etsahala eng ka batho baa haele moo ho sa fihle likelellong tsa bona hore ba utloisise se etsahalang?”
Ayah 78مَّآ أَصَابَكَ مِنۡ حَسَنَةࣲ فَمِنَ ٱللَّهِۖ وَمَآ أَصَابَكَ مِن سَيِّئَةࣲ فَمِن نَّفۡسِكَۚ وَأَرۡسَلۡنَٰكَ لِلنَّاسِ رَسُولࣰ اۚ وَكَفَىٰ بِٱللَّهِ شَهِيدࣰ ا
Botle bohle bo ka le hlahelang bo tsoa ho Allah, bobe bohle bo ka le hlahelang bo tsoa ho lona. Re u rometse joaloka Moromuoa ho batho, Allah U lekane hoba paki
Ayah 79مَّن يُطِعِ ٱلرَّسُولَ فَقَدۡ أَطَاعَ ٱللَّهَۖ وَمَن تَوَلَّىٰ فَمَآ أَرۡسَلۡنَٰكَ عَلَيۡهِمۡ حَفِيظࣰ ا
Ea mamelang Moromuoa, Ruri o mametse Allah; empa ba tla hloka kutlo: ha re’a u romella hore u kabale tlhokomelo holim’a bona
Ayah 80وَيَقُولُونَ طَاعَةࣱ فَإِذَا بَرَزُواْ مِنۡ عِندِكَ بَيَّتَ طَآئِفَةࣱ مِّنۡهُمۡ غَيۡرَ ٱلَّذِي تَقُولُۖ وَٱللَّهُ يَكۡتُبُ مَا يُبَيِّتُونَۖ فَأَعۡرِضۡ عَنۡهُمۡ وَتَوَكَّلۡ عَلَى ٱللَّهِۚ وَكَفَىٰ بِٱللَّهِ وَكِيلًا
Ba re: “re ea kholoa” Empa ha ba u furalla, mokhahlelo o mong oa bona o sesa busiu o loha mano khahlanong le seo o se bolelang. Empa Allah u ngola merero eo; kahona ba hlokomolohe, o behe ts`epo ea hau ho Allah. Allah O lekane ka ho sa feleng e le Morarolli oa litaba
Ayah 81أَفَلَا يَتَدَبَّرُونَ ٱلۡقُرۡءَانَۚ وَلَوۡ كَانَ مِنۡ عِندِ غَيۡرِ ٱللَّهِ لَوَجَدُواْ فِيهِ ٱخۡتِلَٰفࣰ ا كَثِيرࣰ ا
Na ha ba ipotse ka thata ka Koran? Hoja e ne e tsoa hobabang kathoko ho Allah, ba ke be ba fumane likhohlano tse ngata le ho se lumellane ha litaba ka har’a eona
Ayah 82وَإِذَا جَآءَهُمۡ أَمۡرࣱ مِّنَ ٱلۡأَمۡنِ أَوِ ٱلۡخَوۡفِ أَذَاعُواْ بِهِۦۖ وَلَوۡ رَدُّوهُ إِلَى ٱلرَّسُولِ وَإِلَىٰٓ أُوْلِي ٱلۡأَمۡرِ مِنۡهُمۡ لَعَلِمَهُ ٱلَّذِينَ يَسۡتَنۢبِطُونَهُۥ مِنۡهُمۡۗ وَلَوۡلَا فَضۡلُ ٱللَّهِ عَلَيۡكُمۡ وَرَحۡمَتُهُۥ لَٱتَّبَعۡتُمُ ٱلشَّيۡطَٰنَ إِلَّا قَلِيلࣰ ا
Empa ha ba ka fihleloa ke litaba tse molemo kapa tse ts’osang, ba ea lijala-jala, athe hoja e be ba ile ba li lebisa ho Moromuoa, joaloka ha hona le ba nang le matla a puso har’a bona, bao ereng ha qaka e le teng ebe ba ea e seka-seka; ba ke beng ba e tsebile. Hoja e se be ka lereko le mohau oa Allah le ke be le latetse Satane, ntle le ba fokolang feela ba lona
Ayah 83فَقَٰتِلۡ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِ لَا تُكَلَّفُ إِلَّا نَفۡسَكَۚ وَحَرِّضِ ٱلۡمُؤۡمِنِينَۖ عَسَى ٱللَّهُ أَن يَكُفَّ بَأۡسَ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْۚ وَٱللَّهُ أَشَدُّ بَأۡسࣰ ا وَأَشَدُّ تَنكِيلࣰ ا
Oho muhammad! Loanela tsela ea Allah – u ke ke ua jarisoa mojaro o tla u hlola, haese mojaro oa hau feela – empa u khothatse ba kholoang. Ka mohlomong Allah U tla thibela morusu oa botlhoka-tumelo. Hobane Allah U matla a ts’abehang, o na le matla a ho fana ka kahlolo
Ayah 84مَّن يَشۡفَعۡ شَفَٰعَةً حَسَنَةࣰ يَكُن لَّهُۥ نَصِيبࣱ مِّنۡهَاۖ وَمَن يَشۡفَعۡ شَفَٰعَةࣰ سَيِّئَةࣰ يَكُن لَّهُۥ كِفۡلࣱ مِّنۡهَاۗ وَكَانَ ٱللَّهُ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءࣲ مُّقِيتࣰ ا
Haele ea thusang ketsong ea botle, o tla fumana moputso oa bona, ka mokhoa o ts’oanang le eo ea thusang ketsong ea bobe; o tla fumana litholoana tsa bona. Allah U bona lintho tsohle
Ayah 85وَإِذَا حُيِّيتُم بِتَحِيَّةࣲ فَحَيُّواْ بِأَحۡسَنَ مِنۡهَآ أَوۡ رُدُّوهَآۗ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ حَسِيبًا
Haeba motho a le lumelisa ka tumeliso e nepahetseng, e khutlisetseng ka tumeliso e fetang eo kapa le e khutlisetse e le joalo. Bonang! Allah U hlokolosi palong ea lintho tsohle
Ayah 86ٱللَّهُ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَۚ لَيَجۡمَعَنَّكُمۡ إِلَىٰ يَوۡمِ ٱلۡقِيَٰمَةِ لَا رَيۡبَ فِيهِۗ وَمَنۡ أَصۡدَقُ مِنَ ٱللَّهِ حَدِيثࣰ ا
Ruri ke Allah! Ha ho molimo o mong ntle ho Eena. U tla le khobokanya ‘moho mohla letsatsi la tsoho leo ka lona ho seng khoaho. Ke mang ea ka buoang ‹nete e fetang ea Allah
Ayah 87۞فَمَا لَكُمۡ فِي ٱلۡمُنَٰفِقِينَ فِئَتَيۡنِ وَٱللَّهُ أَرۡكَسَهُم بِمَا كَسَبُوٓاْۚ أَتُرِيدُونَ أَن تَهۡدُواْ مَنۡ أَضَلَّ ٱللَّهُۖ وَمَن يُضۡلِلِ ٱللَّهُ فَلَن تَجِدَ لَهُۥ سَبِيلࣰ ا
Ke se feng se le fileng mathata haele moo le se le le likarolo li peli malebana le baikaketsi, hobane Allah Ubanehile tubeho sebakeng sa ho hloka tumelo ha bona? E ka le batla ho tataisa eo Allah a mo khelositseng? Oho muhammad haele eo Allah A mo khelositseng sebakeng sa hae u ke ke oa mo fumanela tsela
Ayah 88وَدُّواْ لَوۡ تَكۡفُرُونَ كَمَا كَفَرُواْ فَتَكُونُونَ سَوَآءࣰۖ فَلَا تَتَّخِذُواْ مِنۡهُمۡ أَوۡلِيَآءَ حَتَّىٰ يُهَاجِرُواْ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِۚ فَإِن تَوَلَّوۡاْ فَخُذُوهُمۡ وَٱقۡتُلُوهُمۡ حَيۡثُ وَجَدتُّمُوهُمۡۖ وَلَا تَتَّخِذُواْ مِنۡهُمۡ وَلِيࣰّ ا وَلَا نَصِيرًا
Ba lakatsa e ka le ka hloka tumelo jaoloka ha ba e hloka, e le hore le tle le be maemong a ts›oanang le bona. Ka hona le se khethe mets›oalle har›a bona ho fihlela ba ka siea malapa a bona sebakeng sa ts›ebeletso ea Allah; haeba ba ka le koenehela bats‘oareng le ba bolae hohle moo le ba fumanang, le se ke la khetha mots›oalle kapa mothusi har›a bona
Ayah 89إِلَّا ٱلَّذِينَ يَصِلُونَ إِلَىٰ قَوۡمِۭ بَيۡنَكُمۡ وَبَيۡنَهُم مِّيثَٰقٌ أَوۡ جَآءُوكُمۡ حَصِرَتۡ صُدُورُهُمۡ أَن يُقَٰتِلُوكُمۡ أَوۡ يُقَٰتِلُواْ قَوۡمَهُمۡۚ وَلَوۡ شَآءَ ٱللَّهُ لَسَلَّطَهُمۡ عَلَيۡكُمۡ فَلَقَٰتَلُوكُمۡۚ فَإِنِ ٱعۡتَزَلُوكُمۡ فَلَمۡ يُقَٰتِلُوكُمۡ وَأَلۡقَوۡاْ إِلَيۡكُمُ ٱلسَّلَمَ فَمَا جَعَلَ ٱللَّهُ لَكُمۡ عَلَيۡهِمۡ سَبِيلࣰ ا
Kantle le ba ba tlang ts›ireletso ho batho bao le nang le maqhama a sets›oalle le bona, kapa batlileng ho lona hobane lipelo tsa bona li ba hanetse ho luka ntoa khahlanong le lona, kapa hona ho luka ntoa khahlanong le mehahabo bona. Hoja e be Allah U ne a ratile a ke be A ba nehile matla holim’a lona, ba ke be ba le loants’itse. Kahoo haeba ba iphutha khahlanong le lona, ba bile ba sa luke ntoa le hona ho bopa khotso le lona, Allah ha A le lumella ho nka monyetla khahlanong le bona
Ayah 90سَتَجِدُونَ ءَاخَرِينَ يُرِيدُونَ أَن يَأۡمَنُوكُمۡ وَيَأۡمَنُواْ قَوۡمَهُمۡ كُلَّ مَا رُدُّوٓاْ إِلَى ٱلۡفِتۡنَةِ أُرۡكِسُواْ فِيهَاۚ فَإِن لَّمۡ يَعۡتَزِلُوكُمۡ وَيُلۡقُوٓاْ إِلَيۡكُمُ ٱلسَّلَمَ وَيَكُفُّوٓاْ أَيۡدِيَهُمۡ فَخُذُوهُمۡ وَٱقۡتُلُوهُمۡ حَيۡثُ ثَقِفۡتُمُوهُمۡۚ وَأُوْلَٰٓئِكُمۡ جَعَلۡنَا لَكُمۡ عَلَيۡهِمۡ سُلۡطَٰنࣰ ا مُّبِينࣰ ا
Le tla fumana ba bang ba bona ba lakatsa e ka ba ka fumana ts’ireletso ho lona, le ts’ireletso e tsoang ho batho ba bona. Ka linako tsohle ha ba kenetsoe ke bora eba ba oela lemeneng leo. Empa haeba ba sa suthe pel’a lona ba bile ba se na tihisetso ea khotso, kapa hona ho phutha matsoho a bona, joale ba ts’oareng le ba bolae hohle moo le ba fumanang. Athe khahlanong le ba joalo Re le nehile boikarabello bo hlakileng
Ayah 91وَمَا كَانَ لِمُؤۡمِنٍ أَن يَقۡتُلَ مُؤۡمِنًا إِلَّا خَطَـࣰٔ اۚ وَمَن قَتَلَ مُؤۡمِنًا خَطَـࣰٔ ا فَتَحۡرِيرُ رَقَبَةࣲ مُّؤۡمِنَةࣲ وَدِيَةࣱ مُّسَلَّمَةٌ إِلَىٰٓ أَهۡلِهِۦٓ إِلَّآ أَن يَصَّدَّقُواْۚ فَإِن كَانَ مِن قَوۡمٍ عَدُوࣲّ لَّكُمۡ وَهُوَ مُؤۡمِنࣱ فَتَحۡرِيرُ رَقَبَةࣲ مُّؤۡمِنَةࣲۖ وَإِن كَانَ مِن قَوۡمِۭ بَيۡنَكُمۡ وَبَيۡنَهُم مِّيثَٰقࣱ فَدِيَةࣱ مُّسَلَّمَةٌ إِلَىٰٓ أَهۡلِهِۦ وَتَحۡرِيرُ رَقَبَةࣲ مُّؤۡمِنَةࣲۖ فَمَن لَّمۡ يَجِدۡ فَصِيَامُ شَهۡرَيۡنِ مُتَتَابِعَيۡنِ تَوۡبَةࣰ مِّنَ ٱللَّهِۗ وَكَانَ ٱللَّهُ عَلِيمًا حَكِيمࣰ ا
Ho se be molumeli ea ka bolaeang molumeli e mong, kantle le haeba ekaba ka phoso. Haeba ho ka etsahala hore e mong a bolae e mong ka phoso, o ts’oanela ho lokolla lekhoba la molumeli, le hona ho lefa mats’eliso lelapeng la bo mofu, kantle le haeba ba ka e hana ba e nka e le nyehelo. Haeba mofu e ne e le e mong oa lira tsa lona, e ne e le molumeli, ho lekane hore ‘molai a ka lokolla lekhoba le tumelong e le boinyatso. Haeba mofu e ne e le oa batho bao le nang le maqhama a selekane lipakeng, mats’eliso a ts’oaneloa ho lefshoa ho beng ka eena, le lekhoba le tumelong le ts’oanela ho lokoloha. Empa haeba hona le ba fokolloang ke matla malebana le sena, bona ba ts’oanela ho itima ka likhoeli tse peli tse tletseng. Sena e tla be ele boinyatso ho Allah. Allah ke Motsebi oa Tsohle, U Seli
Ayah 92وَمَن يَقۡتُلۡ مُؤۡمِنࣰ ا مُّتَعَمِّدࣰ ا فَجَزَآؤُهُۥ جَهَنَّمُ خَٰلِدࣰ ا فِيهَا وَغَضِبَ ٱللَّهُ عَلَيۡهِ وَلَعَنَهُۥ وَأَعَدَّ لَهُۥ عَذَابًا عَظِيمࣰ ا
Haeba hona le ea ka bolaeang lesolomane ka boikemisetso, Ruri moputso oa hae ke lihele kahosafeleng. Khalefo le thohako ea Allah li malebana le eena, o lokiselitsoe timelo e ts’abehang
Ayah 93يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ إِذَا ضَرَبۡتُمۡ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِ فَتَبَيَّنُواْ وَلَا تَقُولُواْ لِمَنۡ أَلۡقَىٰٓ إِلَيۡكُمُ ٱلسَّلَٰمَ لَسۡتَ مُؤۡمِنࣰ ا تَبۡتَغُونَ عَرَضَ ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا فَعِندَ ٱللَّهِ مَغَانِمُ كَثِيرَةࣱۚ كَذَٰلِكَ كُنتُم مِّن قَبۡلُ فَمَنَّ ٱللَّهُ عَلَيۡكُمۡ فَتَبَيَّنُوٓاْۚ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ بِمَا تَعۡمَلُونَ خَبِيرࣰ ا
Oho lona ba kholoang! Ha le etela linaheng tse ling ka ts’ebeletso ea Allah, ebang hlokolosi malebana le khethollo, etle esere ha motho e mong a le lumelisa ka khotso e be le re: uena ha u molumeli, moo le habileng lintho tsa mafeela tsa lefats’e lena hore le tle le mo ts’ekise tsona. Ruri ho Allah hona le mekhoa e mengata. Le ha ho le joalo, le lona le bile joalo, pele Allah A ts’ollella melemo ea hae ho lona. Ka lebaka leo ebang Seli malebana le khethollo. Hobane Allah Ruri o tseba tsohle tseo le li etsang
Ayah 94لَّا يَسۡتَوِي ٱلۡقَٰعِدُونَ مِنَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ غَيۡرُ أُوْلِي ٱلضَّرَرِ وَٱلۡمُجَٰهِدُونَ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِ بِأَمۡوَٰلِهِمۡ وَأَنفُسِهِمۡۚ فَضَّلَ ٱللَّهُ ٱلۡمُجَٰهِدِينَ بِأَمۡوَٰلِهِمۡ وَأَنفُسِهِمۡ عَلَى ٱلۡقَٰعِدِينَ دَرَجَةࣰۚ وَكُلࣰّ ا وَعَدَ ٱللَّهُ ٱلۡحُسۡنَىٰۚ وَفَضَّلَ ٱللَّهُ ٱلۡمُجَٰهِدِينَ عَلَى ٱلۡقَٰعِدِينَ أَجۡرًا عَظِيمࣰ ا
Athe haele ba lutseng malapeng a bona, kantle le likooa, ha ba lekane le ba tsitlalletseng ho loanela tsela ea Allah ka thepa le ka botho ba bona. Allah U fane ka maemo a phahameng ho ba tsitlalletseng ka thepa ea bona le ka botho ba bona bo phahametseng ba pharameng malapeng a bona. Etsoe e mong le e mong Allah U ba ts’episitse botle, empa o ts’olletse moputso o moholo-hali ho ba tsitlaletseng o phahametseng ba pharameng malapeng a bona
Ayah 95دَرَجَٰتࣲ مِّنۡهُ وَمَغۡفِرَةࣰ وَرَحۡمَةࣰۚ وَكَانَ ٱللَّهُ غَفُورࣰ ا رَّحِيمًا
O fana ka lihlohlolo tsa maemo, ts’oarelo le mohau. Hobane Ruri Allah U ts’oarela-joalo-joalo, mohau oa hae o oa khaphatseha
Ayah 96إِنَّ ٱلَّذِينَ تَوَفَّىٰهُمُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ ظَالِمِيٓ أَنفُسِهِمۡ قَالُواْ فِيمَ كُنتُمۡۖ قَالُواْ كُنَّا مُسۡتَضۡعَفِينَ فِي ٱلۡأَرۡضِۚ قَالُوٓاْ أَلَمۡ تَكُنۡ أَرۡضُ ٱللَّهِ وَٰسِعَةࣰ فَتُهَاجِرُواْ فِيهَاۚ فَأُوْلَٰٓئِكَ مَأۡوَىٰهُمۡ جَهَنَّمُۖ وَسَآءَتۡ مَصِيرًا
Bonang! Manyeloi a tla nka meea ea batho ba shoetseng sebeng, ke moo manyeloi a tla ba botsa a re: “le ne le le mathateng a joang?” ba tla re: “re ne re hateletsoe lefats’eng.” Joale e be manyeloi a re: “e be lefats’e la Allah le ne le se batsi hoo le ka beng le ile la falla tubehong e joalo?” Ruri ba na lehae la bona e tla ba lihele, pheletso e mpe Ruri ea leeto
Ayah 97إِلَّا ٱلۡمُسۡتَضۡعَفِينَ مِنَ ٱلرِّجَالِ وَٱلنِّسَآءِ وَٱلۡوِلۡدَٰنِ لَا يَسۡتَطِيعُونَ حِيلَةࣰ وَلَا يَهۡتَدُونَ سَبِيلࣰ ا
Haese ba fokolang feela har’a banna, basali le bana ba sa khoneng ho loha mano ba bile ba sa bonts’oa tsela
Ayah 98فَأُوْلَٰٓئِكَ عَسَى ٱللَّهُ أَن يَعۡفُوَ عَنۡهُمۡۚ وَكَانَ ٱللَّهُ عَفُوًّا غَفُورࣰ ا
Ruri ba joana ba na le tiisetso ea hore Allah U tla ba ts’oarela. Hobane Allah U Mohau, U ts’oarela-khafetsa
Ayah 99۞وَمَن يُهَاجِرۡ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِ يَجِدۡ فِي ٱلۡأَرۡضِ مُرَٰغَمࣰ ا كَثِيرࣰ ا وَسَعَةࣰۚ وَمَن يَخۡرُجۡ مِنۢ بَيۡتِهِۦ مُهَاجِرًا إِلَى ٱللَّهِ وَرَسُولِهِۦ ثُمَّ يُدۡرِكۡهُ ٱلۡمَوۡتُ فَقَدۡ وَقَعَ أَجۡرُهُۥ عَلَى ٱللَّهِۗ وَكَانَ ٱللَّهُ غَفُورࣰ ا رَّحِيمࣰ ا
Haele ea telang lelapa la hae ho ea loanela tsela ea Allah U tla fumana likhutloana tsa boits’ireletso li le ngata le motlopotlo lefats’eng, eo ea tla tela lelapa la hae, e be o phaphathehela ho ea batla ts’ireletso ho Allah le ho moromuoa oa hae, e be lefu le mo tsometsa moo, Ruri moputso oa hae o ho Allah. Allah U ts’oarela kahosafeleng, e bile U tletse mohau
Ayah 100وَإِذَا ضَرَبۡتُمۡ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَلَيۡسَ عَلَيۡكُمۡ جُنَاحٌ أَن تَقۡصُرُواْ مِنَ ٱلصَّلَوٰةِ إِنۡ خِفۡتُمۡ أَن يَفۡتِنَكُمُ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْۚ إِنَّ ٱلۡكَٰفِرِينَ كَانُواْ لَكُمۡ عَدُوࣰّ ا مُّبِينࣰ ا
Nakong eo le ntseng le hahlaula le lefats’e, ha hona sebe ho lona ha le ka khutsufatsa lithapelo tsa lona haeba le ts’aba hore botlhoka-tumelo ba ka ‘na ba le hlasela. Hobane ka ‘nete botlhoka-tumelo ke lira tse pepenene ho lona
Ayah 101وَإِذَا كُنتَ فِيهِمۡ فَأَقَمۡتَ لَهُمُ ٱلصَّلَوٰةَ فَلۡتَقُمۡ طَآئِفَةࣱ مِّنۡهُم مَّعَكَ وَلۡيَأۡخُذُوٓاْ أَسۡلِحَتَهُمۡۖ فَإِذَا سَجَدُواْ فَلۡيَكُونُواْ مِن وَرَآئِكُمۡ وَلۡتَأۡتِ طَآئِفَةٌ أُخۡرَىٰ لَمۡ يُصَلُّواْ فَلۡيُصَلُّواْ مَعَكَ وَلۡيَأۡخُذُواْ حِذۡرَهُمۡ وَأَسۡلِحَتَهُمۡۗ وَدَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لَوۡ تَغۡفُلُونَ عَنۡ أَسۡلِحَتِكُمۡ وَأَمۡتِعَتِكُمۡ فَيَمِيلُونَ عَلَيۡكُم مَّيۡلَةࣰ وَٰحِدَةࣰۚ وَلَا جُنَاحَ عَلَيۡكُمۡ إِن كَانَ بِكُمۡ أَذࣰ ى مِّن مَّطَرٍ أَوۡ كُنتُم مَّرۡضَىٰٓ أَن تَضَعُوٓاْ أَسۡلِحَتَكُمۡۖ وَخُذُواْ حِذۡرَكُمۡۗ إِنَّ ٱللَّهَ أَعَدَّ لِلۡكَٰفِرِينَ عَذَابࣰ ا مُّهِينࣰ ا
Nakong eo u emeng har’a bona u ntse u itokisetsa ho ba etsetsa thapelo, lokolla sehlopha se seng feela sa bona ho ema le uena thapelong, u se lumelle ho nka lihlomo tsa sona. Ha ba se ba phethisitse lithapelo tsa bona, ba lumelle ho ema ba larile ka morao ho lona, ebe u lokolla sehlopha se seng se e s’o rapele ho etsa thapelo ‘moho le uena, u balumelle hoba hlokolosi ebile lihlomo tsa bona li laotsoe. Athe haele botlhoka-tumelo bona ba laba-labela hore mohlomong bohlasoeng ba mabotho a lona ka lihlomo le thoto ea lona, eka ba ka le tsometsa ka sefutho hang. Ha hona sebe ho lona ha le ka beha lihlomo tsa lona thoko, haeba pula e se e le qabeletse kapa le kula. Empa le be seli. Ruri Allah U loki selitse botlhoka-tumelo kahlolo e soabisang
Ayah 102فَإِذَا قَضَيۡتُمُ ٱلصَّلَوٰةَ فَٱذۡكُرُواْ ٱللَّهَ قِيَٰمࣰ ا وَقُعُودࣰ ا وَعَلَىٰ جُنُوبِكُمۡۚ فَإِذَا ٱطۡمَأۡنَنتُمۡ فَأَقِيمُواْ ٱلصَّلَوٰةَۚ إِنَّ ٱلصَّلَوٰةَ كَانَتۡ عَلَى ٱلۡمُؤۡمِنِينَ كِتَٰبࣰ ا مَّوۡقُوتࣰ ا
Ha le se le phethahalitse lithapelo tsa lona, le rorise Allah le lutse, le eme kapa le paqame. Ha le se le le ts’ireletsong, ts’oelang pele le etse lithapelo tsa lona ka tatellano. Hobane lihora tse tletseng tsa lithapelo li’a tlama ho ba kholoang
Ayah 103وَلَا تَهِنُواْ فِي ٱبۡتِغَآءِ ٱلۡقَوۡمِۖ إِن تَكُونُواْ تَأۡلَمُونَ فَإِنَّهُمۡ يَأۡلَمُونَ كَمَا تَأۡلَمُونَۖ وَتَرۡجُونَ مِنَ ٱللَّهِ مَا لَا يَرۡجُونَۗ وَكَانَ ٱللَّهُ عَلِيمًا حَكِيمًا
Le se emise ho salama sera. Haeba le na le mathata, le bona ba na le mathata joaloka lona, le hoja lona le na le ts’epo ho Allah, bona ba e hloka. Ruri Allah U tseba kahosafeleng, U Seli
Ayah 104إِنَّآ أَنزَلۡنَآ إِلَيۡكَ ٱلۡكِتَٰبَ بِٱلۡحَقِّ لِتَحۡكُمَ بَيۡنَ ٱلنَّاسِ بِمَآ أَرَىٰكَ ٱللَّهُۚ وَلَا تَكُن لِّلۡخَآئِنِينَ خَصِيمࣰ ا
Bona! Re u senoletse Lengolo le le nang le ‘nete, e le hore u tle u ahlole lipakeng tsa batho ka seo Allah a u bonts’itseng sona. U se be ‘muelli oa ba bohata
Ayah 105وَٱسۡتَغۡفِرِ ٱللَّهَۖ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ غَفُورࣰ ا رَّحِيمࣰ ا
Empa u kope ts’oarelo ea Allah. Allah U ts’oarela kahosafeleng, U tletse mohau
Ayah 106وَلَا تُجَٰدِلۡ عَنِ ٱلَّذِينَ يَخۡتَانُونَ أَنفُسَهُمۡۚ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يُحِبُّ مَن كَانَ خَوَّانًا أَثِيمࣰ ا
U se ke oa buella batho bafoselitseng meea ea bona. Hobane Allah ha A rate ea bohata a bile a le har’a sebe
Ayah 107يَسۡتَخۡفُونَ مِنَ ٱلنَّاسِ وَلَا يَسۡتَخۡفُونَ مِنَ ٱللَّهِ وَهُوَ مَعَهُمۡ إِذۡ يُبَيِّتُونَ مَا لَا يَرۡضَىٰ مِنَ ٱلۡقَوۡلِۚ وَكَانَ ٱللَّهُ بِمَا يَعۡمَلُونَ مُحِيطًا
Ba batla ho patela batho bonokoane ba bona, empa ba ke ke ba bo patela Allah. Allah U na le bona bosiu nakong eo ba ntseng baloha mano a sa khahliseng Allah. Allah U etselitse liketso tsohle tsa bona lesakana-la-nkope kahosafeleng
Ayah 108هَٰٓأَنتُمۡ هَٰٓؤُلَآءِ جَٰدَلۡتُمۡ عَنۡهُمۡ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا فَمَن يُجَٰدِلُ ٱللَّهَ عَنۡهُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ أَم مَّن يَكُونُ عَلَيۡهِمۡ وَكِيلࣰ ا
Aha! Ke lona ba ka ba buellang bophelong ba lefats’e lena. Empa ke mang ea tla ba buella ho Allah mohla letsatsi la tsoho, kapa ke mang eo e tla ba mots’ireletsi oa bona
Ayah 109وَمَن يَعۡمَلۡ سُوٓءًا أَوۡ يَظۡلِمۡ نَفۡسَهُۥ ثُمَّ يَسۡتَغۡفِرِ ٱللَّهَ يَجِدِ ٱللَّهَ غَفُورࣰ ا رَّحِيمࣰ ا
Haele ea tla etsa sebe kapa a fosetse moea oa hae, hamorao ebe o tsoma ts’oarelo ea Allah, o tla fumana hore Allah U ts’oarela- joalo-joalo
Ayah 110وَمَن يَكۡسِبۡ إِثۡمࣰ ا فَإِنَّمَا يَكۡسِبُهُۥ عَلَىٰ نَفۡسِهِۦۚ وَكَانَ ٱللَّهُ عَلِيمًا حَكِيمࣰ ا
Haeba hona le’a ka etsang sebe, o se etsa joalo khahlanong le moea oa hae feela. Allah U tseba kahosafeleng, U Seli
Ayah 111وَمَن يَكۡسِبۡ خَطِيٓـَٔةً أَوۡ إِثۡمࣰ ا ثُمَّ يَرۡمِ بِهِۦ بَرِيٓـࣰٔ ا فَقَدِ ٱحۡتَمَلَ بُهۡتَٰنࣰ ا وَإِثۡمࣰ ا مُّبِينࣰ ا
Haeba hona le’a ka etsang phoso kapa sona sebe, e be o se manamisa ea se nang molato, Ruri o itjarisa bo-eena ka bohata le sebe se nyarosang
Ayah 112وَلَوۡلَا فَضۡلُ ٱللَّهِ عَلَيۡكَ وَرَحۡمَتُهُۥ لَهَمَّت طَّآئِفَةࣱ مِّنۡهُمۡ أَن يُضِلُّوكَ وَمَا يُضِلُّونَ إِلَّآ أَنفُسَهُمۡۖ وَمَا يَضُرُّونَكَ مِن شَيۡءࣲۚ وَأَنزَلَ ٱللَّهُ عَلَيۡكَ ٱلۡكِتَٰبَ وَٱلۡحِكۡمَةَ وَعَلَّمَكَ مَا لَمۡ تَكُن تَعۡلَمُۚ وَكَانَ فَضۡلُ ٱللَّهِ عَلَيۡكَ عَظِيمࣰ ا
Empa hoja e se be ka lereko le mohau oa Allah holim’a, karolo e ‘ngoe ea bona e ka be e atlehile morerong oa bona oa ho u khelosa, empabatla ikhelosa bo-bona, ha ho kotsi eobaka u hlahisetsang eona hohang. Hobane Allah U u senoletse Lengolo le halalelang le bohlale, abaa u ruta seo u neng u sa se tsebe hohang. Lereko la Allah ho uena le leholo
Ayah 113۞لَّا خَيۡرَ فِي كَثِيرࣲ مِّن نَّجۡوَىٰهُمۡ إِلَّا مَنۡ أَمَرَ بِصَدَقَةٍ أَوۡ مَعۡرُوفٍ أَوۡ إِصۡلَٰحِۭ بَيۡنَ ٱلنَّاسِۚ وَمَن يَفۡعَلۡ ذَٰلِكَ ٱبۡتِغَآءَ مَرۡضَاتِ ٱللَّهِ فَسَوۡفَ نُؤۡتِيهِ أَجۡرًا عَظِيمࣰ ا
Ruri ha hona botle bo bo kaalo lipuong tsa bona tsa lekunutung, haese ho eo ea khothaletsang linyehelo, mosa le popo ea khotso har’a batho. Ea etsang joalo moo a habileng ho una monyaka oa Allah, holim’a hae re tla ts’ollela moputso o moholo-hali
Ayah 114وَمَن يُشَاقِقِ ٱلرَّسُولَ مِنۢ بَعۡدِ مَا تَبَيَّنَ لَهُ ٱلۡهُدَىٰ وَيَتَّبِعۡ غَيۡرَ سَبِيلِ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ نُوَلِّهِۦ مَا تَوَلَّىٰ وَنُصۡلِهِۦ جَهَنَّمَۖ وَسَآءَتۡ مَصِيرًا
Haeba hona le’a ka bang khahlanong le moromuoa kamor’a hoba tataiso ea Allah e totobatsoe ho eena, ebe o latela tsela e ka thoko le’a bakholoang, Ruri re tla mo tlohella hona tseleng eo a sokolohetseng ho eona, ebe re mo lahlela liheleng – Ruri ena ke pheletso e mpe ea leeto
Ayah 115إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَغۡفِرُ أَن يُشۡرَكَ بِهِۦ وَيَغۡفِرُ مَا دُونَ ذَٰلِكَ لِمَن يَشَآءُۚ وَمَن يُشۡرِكۡ بِٱللَّهِ فَقَدۡ ضَلَّ ضَلَٰلَۢا بَعِيدًا
Ruri! Allah ha a ts’oarele ea mo kopanyang le batlatsetsi. Empa o ts’oarela bohle bao a ikhethetseng bona. Haele ea kopanyang Allah le batlatsetsi Ruri o hlahlathela thoko-thoko le tsela
Ayah 116إِن يَدۡعُونَ مِن دُونِهِۦٓ إِلَّآ إِنَٰثࣰ ا وَإِن يَدۡعُونَ إِلَّا شَيۡطَٰنࣰ ا مَّرِيدࣰ ا
Sebakeng sa hae ba bitsa feela ho melingoana ea basali; ha ho eo ba mo rapelang haese satane, lehlabaphieo
Ayah 117لَّعَنَهُ ٱللَّهُۘ وَقَالَ لَأَتَّخِذَنَّ مِنۡ عِبَادِكَ نَصِيبࣰ ا مَّفۡرُوضࣰ ا
Allah U ile a mo rohaka, satane A re: Ruri-Ruri ke tla khephola karolo e ngoe ea makhabunyane a hau e be ke’a e khelosa
Ayah 118وَلَأُضِلَّنَّهُمۡ وَلَأُمَنِّيَنَّهُمۡ وَلَأٓمُرَنَّهُمۡ فَلَيُبَتِّكُنَّ ءَاذَانَ ٱلۡأَنۡعَٰمِ وَلَأٓمُرَنَّهُمۡ فَلَيُغَيِّرُنَّ خَلۡقَ ٱللَّهِۚ وَمَن يَتَّخِذِ ٱلشَّيۡطَٰنَ وَلِيࣰّ ا مِّن دُونِ ٱللَّهِ فَقَدۡ خَسِرَ خُسۡرَانࣰ ا مُّبِينࣰ ا
Ruri ke tla ba khelosa, ke tla tsosolosa litakatso ka hare ho bona, e be ke ba laela ho poma litsebe tsa likhomo, le hona ho fetola tlholeho ea Allah. Ea tla ikhethela setsoalle sa satane ho ena le sa Allah, Ruri o lahlehetsoe hoo tahlehelo ea hae e totobetseng
Ayah 119يَعِدُهُمۡ وَيُمَنِّيهِمۡۖ وَمَا يَعِدُهُمُ ٱلشَّيۡطَٰنُ إِلَّا غُرُورًا
Ruri satane o ba etsetsa lits’episo, o fehlile litakatso ka hare ho lipelo tsa bona, empa ha ho seo satane a ba ts’episang sona haese leshano
Ayah 120أُوْلَٰٓئِكَ مَأۡوَىٰهُمۡ جَهَنَّمُ وَلَا يَجِدُونَ عَنۡهَا مَحِيصࣰ ا
Balateli ba satane lehae la bona e tla ba lihele, teng bake ke ba fumana ts’ireletso
Ayah 121وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ سَنُدۡخِلُهُمۡ جَنَّٰتࣲ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُ خَٰلِدِينَ فِيهَآ أَبَدࣰ اۖ وَعۡدَ ٱللَّهِ حَقࣰّ اۚ وَمَنۡ أَصۡدَقُ مِنَ ٱللَّهِ قِيلࣰ ا
Empa ba kholoang bona, ba etsa liketso tse lokileng; Ruri re tla ba amohella ka har’a lirapa tseo linoka li phallang ka tlas’a tsona, kamoo teng batla phela kahosafeleng. Ena ke ts’episo e tsoang ho Allah ka ‘nete; etsoe ke mang ea ka buoang ‘nete sebele ho feta lentsoe la Allah
Ayah 122لَّيۡسَ بِأَمَانِيِّكُمۡ وَلَآ أَمَانِيِّ أَهۡلِ ٱلۡكِتَٰبِۗ مَن يَعۡمَلۡ سُوٓءࣰ ا يُجۡزَ بِهِۦ وَلَا يَجِدۡ لَهُۥ مِن دُونِ ٱللَّهِ وَلِيࣰّ ا وَلَا نَصِيرࣰ ا
E ke ke ea eba ho latela litakatso tsa lona, kapa litakatso tsa batho ba Lengolo tse ka pholosang mong le mong ea entseng sebe. Ea entseng sebe o tla fumana moputso oa sona, malebana le Allah a ke ke a fumana motsoalle ofe, kapa ofe ea ka mots’ireletsang kapa eena mothusi
Ayah 123وَمَن يَعۡمَلۡ مِنَ ٱلصَّٰلِحَٰتِ مِن ذَكَرٍ أَوۡ أُنثَىٰ وَهُوَ مُؤۡمِنࣱ فَأُوْلَٰٓئِكَ يَدۡخُلُونَ ٱلۡجَنَّةَ وَلَا يُظۡلَمُونَ نَقِيرࣰ ا
Mong le mong ea ka etsang liketso tse lokileng, hore na ekaba ea motona kapa e mots’eali e bile e le molumeli, Ruri batla kena Paradeising, ba ke ke ba qhekelloa leha e se e le hanyenyane feela
Ayah 124وَمَنۡ أَحۡسَنُ دِينࣰ ا مِّمَّنۡ أَسۡلَمَ وَجۡهَهُۥ لِلَّهِ وَهُوَ مُحۡسِنࣱ وَٱتَّبَعَ مِلَّةَ إِبۡرَٰهِيمَ حَنِيفࣰ اۗ وَٱتَّخَذَ ٱللَّهُ إِبۡرَٰهِيمَ خَلِيلࣰ ا
Ke mang ea ka bang chatsi tumelong ho feta ea nyehetseng ts’ebeletso ea hae ho Allah ka ho etsa botle a bile a latela mehlala ea Abrahama ea kileng a ba le ‘nete tumelong? Ruri Allah ka bo-Eena U khethile Abrahama ele motsoalle oa Hae
Ayah 125وَلِلَّهِ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۚ وَكَانَ ٱللَّهُ بِكُلِّ شَيۡءࣲ مُّحِيطࣰ ا
Lintho tsohle tse maholimong le tse lefats’eng ke tsa Allah. Ruri Allah U etselitse lintho tsohle lesakana-la-nkope
Ayah 126وَيَسۡتَفۡتُونَكَ فِي ٱلنِّسَآءِۖ قُلِ ٱللَّهُ يُفۡتِيكُمۡ فِيهِنَّ وَمَا يُتۡلَىٰ عَلَيۡكُمۡ فِي ٱلۡكِتَٰبِ فِي يَتَٰمَى ٱلنِّسَآءِ ٱلَّٰتِي لَا تُؤۡتُونَهُنَّ مَا كُتِبَ لَهُنَّ وَتَرۡغَبُونَ أَن تَنكِحُوهُنَّ وَٱلۡمُسۡتَضۡعَفِينَ مِنَ ٱلۡوِلۡدَٰنِ وَأَن تَقُومُواْ لِلۡيَتَٰمَىٰ بِٱلۡقِسۡطِۚ وَمَا تَفۡعَلُواْ مِنۡ خَيۡرࣲ فَإِنَّ ٱللَّهَ كَانَ بِهِۦ عَلِيمࣰ ا
Ba u botsa malebana le basali. U re: Allah U le nehile molao malebana le bona, le Lengolo leo le kileng la le pheteloa le fana ka molao malebana le likhutsana tsa basali tseo lona le sa faneng ka tseo le li laetsoeng malebana le bona le hoja le e na le takatso ea ho banyala; le bona bana ba tetemang, le tlameha ho sebeletsa likhutsana ka toka. Botle bohle boo le bo etsang, Ruri! Allah U hlokolosi ka bona kahosafeleng
Ayah 127وَإِنِ ٱمۡرَأَةٌ خَافَتۡ مِنۢ بَعۡلِهَا نُشُوزًا أَوۡ إِعۡرَاضࣰ ا فَلَا جُنَاحَ عَلَيۡهِمَآ أَن يُصۡلِحَا بَيۡنَهُمَا صُلۡحࣰ اۚ وَٱلصُّلۡحُ خَيۡرࣱۗ وَأُحۡضِرَتِ ٱلۡأَنفُسُ ٱلشُّحَّۚ وَإِن تُحۡسِنُواْ وَتَتَّقُواْ فَإِنَّ ٱللَّهَ كَانَ بِمَا تَعۡمَلُونَ خَبِيرࣰ ا
Haeba mosali a ts’aba bokhopo ba monna oa hae, kapa hona ho siuoa shalabeng, ha hona sebe ho bona ka bobeli haeba ba ka bopa khotso lipakeng tsa bona. Etsoe khotso e molemo. Empa meharo e bopeletsoe le kelello ea monna. Haeba le ka etsa tse lokileng le hona ho sesefa bobe, Ruri! Allah U tsebisisa hantle tseo le li etsang kahosafeleng
Ayah 128وَلَن تَسۡتَطِيعُوٓاْ أَن تَعۡدِلُواْ بَيۡنَ ٱلنِّسَآءِ وَلَوۡ حَرَصۡتُمۡۖ فَلَا تَمِيلُواْ كُلَّ ٱلۡمَيۡلِ فَتَذَرُوهَا كَٱلۡمُعَلَّقَةِۚ وَإِن تُصۡلِحُواْ وَتَتَّقُواْ فَإِنَّ ٱللَّهَ كَانَ غَفُورࣰ ا رَّحِيمࣰ ا
Le ke ke la khona ho sebetsa ka tekano lipakeng tsa basali ba lona, ho sa tsotellehe hore na u lakatsa ho phethisa ha kae. Empa le se ke la furalla mosali a le mong kaofela ha lona, ka mokhoa oa ho mo siea shalabeng. Haeba le ka etsa botle le hona ho sesefa bobe, Ruri! Allah U ts’oarela-joalo-joalo, o tletse mohau kahosafeleng
Ayah 129وَإِن يَتَفَرَّقَا يُغۡنِ ٱللَّهُ كُلࣰّ ا مِّن سَعَتِهِۦۚ وَكَانَ ٱللَّهُ وَٰسِعًا حَكِيمࣰ ا
Empa haeba ba ka arohana, Ruri Allah U tla putsa ka bo mong ho tsoa motlopotlong oa hae o se nang tekanyo. Allah U hlokomela bohle, o tseba tsohle kahosafeleng
Ayah 130وَلِلَّهِ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۗ وَلَقَدۡ وَصَّيۡنَا ٱلَّذِينَ أُوتُواْ ٱلۡكِتَٰبَ مِن قَبۡلِكُمۡ وَإِيَّاكُمۡ أَنِ ٱتَّقُواْ ٱللَّهَۚ وَإِن تَكۡفُرُواْ فَإِنَّ لِلَّهِ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۚ وَكَانَ ٱللَّهُ غَنِيًّا حَمِيدࣰ ا
Lintho tsohle tse maholimong le tse lefats’eng ke tsa Allah. Re ile Ra laela batho ba Lengolo pele ho lona, hajoale re laela lona hore le boloke ts’ebeletso ea lona ho Allah. Haeba le ka koeneha, Ruri! Lintho tsohle tse maholimong le tse lefats’eng ke tsa Allah, Allah ha A hloke, ke Mong`a lithoriso ka ho safeleng
Ayah 131وَلِلَّهِ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۚ وَكَفَىٰ بِٱللَّهِ وَكِيلًا
Lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng li ikarabella ho Allah. Allah U lekane joalokaha e le mots’ireletsi
Ayah 132إِن يَشَأۡ يُذۡهِبۡكُمۡ أَيُّهَا ٱلنَّاسُ وَيَأۡتِ بِـَٔاخَرِينَۚ وَكَانَ ٱللَّهُ عَلَىٰ ذَٰلِكَ قَدِيرࣰ ا
Hoja o ne A ratile, oho batho, U ne A ka le ripitla, o ne A tla hlahisa batho ba bang sebakeng sa lona. E bile Allah a ka khona ho etsa joalo
Ayah 133مَّن كَانَ يُرِيدُ ثَوَابَ ٱلدُّنۡيَا فَعِندَ ٱللَّهِ ثَوَابُ ٱلدُّنۡيَا وَٱلۡأٓخِرَةِۚ وَكَانَ ٱللَّهُ سَمِيعَۢا بَصِيرࣰ ا
Mong le mong ea lakatsang moputso oa lefats’e lena, a tsebe hore ho Allah hona le moputso oa lefats’e lena le moputso oa bo-tlang. Ruri Allah U utloa tsohle, o bona tsohle
Ayah 134۞يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ كُونُواْ قَوَّٰمِينَ بِٱلۡقِسۡطِ شُهَدَآءَ لِلَّهِ وَلَوۡ عَلَىٰٓ أَنفُسِكُمۡ أَوِ ٱلۡوَٰلِدَيۡنِ وَٱلۡأَقۡرَبِينَۚ إِن يَكُنۡ غَنِيًّا أَوۡ فَقِيرࣰ ا فَٱللَّهُ أَوۡلَىٰ بِهِمَاۖ فَلَا تَتَّبِعُواْ ٱلۡهَوَىٰٓ أَن تَعۡدِلُواْۚ وَإِن تَلۡوُۥٓاْ أَوۡ تُعۡرِضُواْ فَإِنَّ ٱللَّهَ كَانَ بِمَا تَعۡمَلُونَ خَبِيرࣰ ا
Oho lona ba kholoang! Tsitlallelang holim’a toka le pake le Allah, le hoja e le khahlanong le bo-lona kapa malebana le batsoali ba lona, beng ka lona, ekaba malebana le barui kapa bafutsana, hobane Allah U haufi bobeling ba lona kamoo le le ka teng. Kahoo le se latele litakatso tsa lipelo tsa lona, hobane ka mohlomong le tloha le sotha ‘nete, haeba le ka kheloha kapa la oela ka thoko, Allah U tsebisisa hantle tseo le li etsang
Ayah 135يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ ءَامِنُواْ بِٱللَّهِ وَرَسُولِهِۦ وَٱلۡكِتَٰبِ ٱلَّذِي نَزَّلَ عَلَىٰ رَسُولِهِۦ وَٱلۡكِتَٰبِ ٱلَّذِيٓ أَنزَلَ مِن قَبۡلُۚ وَمَن يَكۡفُرۡ بِٱللَّهِ وَمَلَٰٓئِكَتِهِۦ وَكُتُبِهِۦ وَرُسُلِهِۦ وَٱلۡيَوۡمِ ٱلۡأٓخِرِ فَقَدۡ ضَلَّ ضَلَٰلَۢا بَعِيدًا
Oho lona ba kholoang! Kholoang ho Allah le ho Moromuoa oa Hae, le be le lumele ho Lengolo leo a ileng a le senolela Moromuoa oa hae, le ho Lengolo leo a ileng a le senolela ba bileng teng pele ho eena. Haele eo ea sa lumeleng ho Allah le ho Manyeloi a Hae, le Mangolong a hae, le ho Baromuoa ba hae, a bile a sa lumele ho letsatsi la bofelo, Ruri o khelohetse tubehong e thoko-thoko haholo
Ayah 136إِنَّ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ ثُمَّ كَفَرُواْ ثُمَّ ءَامَنُواْ ثُمَّ كَفَرُواْ ثُمَّ ٱزۡدَادُواْ كُفۡرࣰ ا لَّمۡ يَكُنِ ٱللَّهُ لِيَغۡفِرَ لَهُمۡ وَلَا لِيَهۡدِيَهُمۡ سَبِيلَۢا
Haele ba kholoang, e re kamorao ba e koenehele, ba boele ba lumele hape, khabareng ba ntoo e koenehela, ba phehelle ho se lumele, Ruri! Allah a ke ke a ba ts’oarela, kapa hona ho ba tataisetsa tseleng e nepahetseng
Ayah 137بَشِّرِ ٱلۡمُنَٰفِقِينَ بِأَنَّ لَهُمۡ عَذَابًا أَلِيمًا
Fanang ka litaba tse molemo tsena ho baikaketsi hore sebakeng sa bona hona le timelo e mahlonoko
Ayah 138ٱلَّذِينَ يَتَّخِذُونَ ٱلۡكَٰفِرِينَ أَوۡلِيَآءَ مِن دُونِ ٱلۡمُؤۡمِنِينَۚ أَيَبۡتَغُونَ عِندَهُمُ ٱلۡعِزَّةَ فَإِنَّ ٱلۡعِزَّةَ لِلَّهِ جَمِيعࣰ ا
Ba ikhethelang botlhoka-tumelo hoba metsoalle ea bona hona le ba kholoang! Na e be ba shebile matla a matsohong a bona? Ruri! Matla ohle a ho Allah
Ayah 139وَقَدۡ نَزَّلَ عَلَيۡكُمۡ فِي ٱلۡكِتَٰبِ أَنۡ إِذَا سَمِعۡتُمۡ ءَايَٰتِ ٱللَّهِ يُكۡفَرُ بِهَا وَيُسۡتَهۡزَأُ بِهَا فَلَا تَقۡعُدُواْ مَعَهُمۡ حَتَّىٰ يَخُوضُواْ فِي حَدِيثٍ غَيۡرِهِۦٓ إِنَّكُمۡ إِذࣰ ا مِّثۡلُهُمۡۗ إِنَّ ٱللَّهَ جَامِعُ ٱلۡمُنَٰفِقِينَ وَٱلۡكَٰفِرِينَ فِي جَهَنَّمَ جَمِيعًا
Allah U se a ile a le senolela temana ka hare ho Lengolo, hore haeba le ka utloa lits’enolo tsa Allah li nyatsuoa le hona ho nyefoloa, le se ke la lula le banyefoli bao ho fihlela ba ka fetohela moqoqong o sele. Haeba le ka lula le bona le tla tloha le ts’oana le bona. Hobane Ruri! Allah U tla bokella baikaketsi le botlhoka-tumelo hammoho, ka hare ho lihele
Ayah 140ٱلَّذِينَ يَتَرَبَّصُونَ بِكُمۡ فَإِن كَانَ لَكُمۡ فَتۡحࣱ مِّنَ ٱللَّهِ قَالُوٓاْ أَلَمۡ نَكُن مَّعَكُمۡ وَإِن كَانَ لِلۡكَٰفِرِينَ نَصِيبࣱ قَالُوٓاْ أَلَمۡ نَسۡتَحۡوِذۡ عَلَيۡكُمۡ وَنَمۡنَعۡكُم مِّنَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَۚ فَٱللَّهُ يَحۡكُمُ بَيۡنَكُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِۚ وَلَن يَجۡعَلَ ٱللَّهُ لِلۡكَٰفِرِينَ عَلَى ٱلۡمُؤۡمِنِينَ سَبِيلًا
Batho bana ke ba emetseng hore ba bone phetoho malebana le lona, haeba tlholo e ka tla ho lona e tsoang ho Allah, batla re: na ha re’a ka ra ba le lona? Empa haeba e le botlhoka- tumelo ba thulanang le katleho ba tla re: ha se moo re atlehile ho le feta; na ha se rona ba ileng ba le ts’ireletsa malebana le bakholoang? – Ruri! Allah U tla ahlola lipakeng tsa lona mohla letsatsi la tsoho, ‘Allah a ke ke a fana ka tsela efe kapa efe ea katleho malebana le botlhoka-tumelo
Ayah 141إِنَّ ٱلۡمُنَٰفِقِينَ يُخَٰدِعُونَ ٱللَّهَ وَهُوَ خَٰدِعُهُمۡ وَإِذَا قَامُوٓاْ إِلَى ٱلصَّلَوٰةِ قَامُواْ كُسَالَىٰ يُرَآءُونَ ٱلنَّاسَ وَلَا يَذۡكُرُونَ ٱللَّهَ إِلَّا قَلِيلࣰ ا
Bonang! Baikaketsi ba batla ho qhekella Allah, empa ke Allah ea ba qhekelletseng. Ha ba ema thapelong bae etsa ka monyebe, haese feela hore ba bonoe ke batho, empa ha ho letho leobale nahanang ka Allah haese hanyane feela
Ayah 142مُّذَبۡذَبِينَ بَيۡنَ ذَٰلِكَ لَآ إِلَىٰ هَٰٓؤُلَآءِ وَلَآ إِلَىٰ هَٰٓؤُلَآءِۚ وَمَن يُضۡلِلِ ٱللَّهُ فَلَن تَجِدَ لَهُۥ سَبِيلࣰ ا
Ruri menahano ea bona e ea farasa, ka ho ipotsa hore na ba ka ikarabella ho ba kholoang kapa botlhoka-tumelo. Haele eo Allah A mo lesang ho kheloha, u ke ke oa mo fumanela tsela
Ayah 143يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ لَا تَتَّخِذُواْ ٱلۡكَٰفِرِينَ أَوۡلِيَآءَ مِن دُونِ ٱلۡمُؤۡمِنِينَۚ أَتُرِيدُونَ أَن تَجۡعَلُواْ لِلَّهِ عَلَيۡكُمۡ سُلۡطَٰنࣰ ا مُّبِينًا
Oho lona ba kholoang! Le se ke la khetha botlhoka-tumelo hoba metsoalle ea lona hona le bakholoang. Na le lakatsa ho neha Allah bopaki bo hlakileng malebana le lona
Ayah 144إِنَّ ٱلۡمُنَٰفِقِينَ فِي ٱلدَّرۡكِ ٱلۡأَسۡفَلِ مِنَ ٱلنَّارِ وَلَن تَجِدَ لَهُمۡ نَصِيرًا
Bonang! Baikaketsi ba tla ba har’a khanare e tebileng ea mollo, u ke ke oa ba fumanela mothusi
Ayah 145إِلَّا ٱلَّذِينَ تَابُواْ وَأَصۡلَحُواْ وَٱعۡتَصَمُواْ بِٱللَّهِ وَأَخۡلَصُواْ دِينَهُمۡ لِلَّهِ فَأُوْلَٰٓئِكَ مَعَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَۖ وَسَوۡفَ يُؤۡتِ ٱللَّهُ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ أَجۡرًا عَظِيمࣰ ا
Kantle le haeba ba ka baka, ba basokolohe le hona ho tsitlalla ka tieo ho Allah, ba etse hore tumelo ea bona e hloeke malebana le Allah feela. Ruri! Bajoalo bahar’a ba kholoang. Allah U tla sitsa bakholoang ka moputso o moholohali
Ayah 146مَّا يَفۡعَلُ ٱللَّهُ بِعَذَابِكُمۡ إِن شَكَرۡتُمۡ وَءَامَنتُمۡۚ وَكَانَ ٱللَّهُ شَاكِرًا عَلِيمࣰ ا
Ke se eng seo Allah a ka se unang malebana le kahlolo ea lona ha feela eba le na le teboho ka mehau ea Hae, e bile le lumela ho Eena? Allah U arabela litaba tsohle, U hlokolosi kahosafeleng
Ayah 147۞لَّا يُحِبُّ ٱللَّهُ ٱلۡجَهۡرَ بِٱلسُّوٓءِ مِنَ ٱلۡقَوۡلِ إِلَّا مَن ظُلِمَۚ وَكَانَ ٱللَّهُ سَمِيعًا عَلِيمًا
Hlokomelang! Allah ha a rate lipuo tse mpe ha li phatlalatsoa haese ha feela eba motho o kile a etsa bobe. Ruri! Allah U utloa tsohle, o tseba tsohle kahosafeleng
Ayah 148إِن تُبۡدُواْ خَيۡرًا أَوۡ تُخۡفُوهُ أَوۡ تَعۡفُواْ عَن سُوٓءࣲ فَإِنَّ ٱللَّهَ كَانَ عَفُوࣰّ ا قَدِيرًا
Haeba le etsa botle pepeneneng kapa le bo etsetsa lekunutung, le hona ho ts’oarela libe, Ruri Allah U ts’oarela-kahosafeleng, U matla a ts’abehang
Ayah 149إِنَّ ٱلَّذِينَ يَكۡفُرُونَ بِٱللَّهِ وَرُسُلِهِۦ وَيُرِيدُونَ أَن يُفَرِّقُواْ بَيۡنَ ٱللَّهِ وَرُسُلِهِۦ وَيَقُولُونَ نُؤۡمِنُ بِبَعۡضࣲ وَنَكۡفُرُ بِبَعۡضࣲ وَيُرِيدُونَ أَن يَتَّخِذُواْ بَيۡنَ ذَٰلِكَ سَبِيلًا
Bonang! Haele ba sa lumeleng ho Allah le ho Baromuoa ba Hae, ba bile ba batla ho etsa khethollo lipakeng tsa Allah le Baromuoa ba Hae ka hore: re lumela ho ba bang, re hanana le babang, re batla ho ipatlela tsela lipakeng
Ayah 150أُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡكَٰفِرُونَ حَقࣰّ اۚ وَأَعۡتَدۡنَا لِلۡكَٰفِرِينَ عَذَابࣰ ا مُّهِينࣰ ا
Ruri bana ke botlhoka-tumelo ka ‘nete; sebakeng sa bona re lokisitse timelo e tlotlollang
Ayah 151وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ بِٱللَّهِ وَرُسُلِهِۦ وَلَمۡ يُفَرِّقُواْ بَيۡنَ أَحَدࣲ مِّنۡهُمۡ أُوْلَٰٓئِكَ سَوۡفَ يُؤۡتِيهِمۡ أُجُورَهُمۡۚ وَكَانَ ٱللَّهُ غَفُورࣰ ا رَّحِيمࣰ ا
Empa haele ba kholoang ho Allah le ho Baromuoa ba Hae, ba bile ba sa khetholle lipakeng tsa bona, Ruri Allah U tla ba neha meputso ea bona; hobane Allah haesale a ts’oarela- kahosafeleng, mohau oa Hae o oa khaphatseha
Ayah 152يَسۡـَٔلُكَ أَهۡلُ ٱلۡكِتَٰبِ أَن تُنَزِّلَ عَلَيۡهِمۡ كِتَٰبࣰ ا مِّنَ ٱلسَّمَآءِۚ فَقَدۡ سَأَلُواْ مُوسَىٰٓ أَكۡبَرَ مِن ذَٰلِكَ فَقَالُوٓاْ أَرِنَا ٱللَّهَ جَهۡرَةࣰ فَأَخَذَتۡهُمُ ٱلصَّٰعِقَةُ بِظُلۡمِهِمۡۚ ثُمَّ ٱتَّخَذُواْ ٱلۡعِجۡلَ مِنۢ بَعۡدِ مَا جَآءَتۡهُمُ ٱلۡبَيِّنَٰتُ فَعَفَوۡنَا عَن ذَٰلِكَۚ وَءَاتَيۡنَا مُوسَىٰ سُلۡطَٰنࣰ ا مُّبِينࣰ ا
Bathoba Lengolo ba u kopa hore u etse hore buka ea sebele e theohele ho bona e tsoang leholimong. ba kile ba kopa Moshe ntho e kholo mehleng ea khale, ba re: a k’u re bonts’e Allah pepenene. ba ile ba ilibangoa ke lehalima sebakeng sa nyeliso eo ea bona.’Ba ile ba ikhethela ho rapela namane kamor’a hoba lits’upiso tse hlakileng tsa puso ea Allah li finyelle ho bona. Leha ho le joalo re ile ra ba ts’oarela ka seo! Eaba re sitsa Moshe ka matla a puso a totobetseng
Ayah 153وَرَفَعۡنَا فَوۡقَهُمُ ٱلطُّورَ بِمِيثَٰقِهِمۡ وَقُلۡنَا لَهُمُ ٱدۡخُلُواْ ٱلۡبَابَ سُجَّدࣰ ا وَقُلۡنَا لَهُمۡ لَا تَعۡدُواْ فِي ٱلسَّبۡتِ وَأَخَذۡنَا مِنۡهُم مِّيثَٰقًا غَلِيظࣰ ا
Nakong eo Re neng Re amohela selekane sa bona Re ile Ra phahamisetsa tlhoro ea thaba ea tur ka holimo-limo ho bona: eaba re fetola se sebe ka se setle ho bona ra re: *kenang mokoallong oo ka boikokobetso!* Ra boela Ra fetola tse mpe ka tse ntle Ra Re: *le se ke la tlola lipallo tsa sabata!* eaba Re nka selekane sa tihisetso ho bona
Ayah 154فَبِمَا نَقۡضِهِم مِّيثَٰقَهُمۡ وَكُفۡرِهِم بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِ وَقَتۡلِهِمُ ٱلۡأَنۢبِيَآءَ بِغَيۡرِ حَقࣲّ وَقَوۡلِهِمۡ قُلُوبُنَا غُلۡفُۢۚ بَلۡ طَبَعَ ٱللَّهُ عَلَيۡهَا بِكُفۡرِهِمۡ فَلَا يُؤۡمِنُونَ إِلَّا قَلِيلࣰ ا
Empa ka lebaka la ho roba selekane hoa bona, le hona ho latola lits’enolo tsa Allah, le ka polao e sehloho ea bona ea Baporofeta, ba bile ba re: *lipelo tsa rona li thatafetse,* – empa Allah U litse lipelo tsa bona ka boka ho latela nyefolo ea bona, e le hore ba tle ba se ke ba lumela letho haese ba fokolang feela ba bona
Ayah 155وَبِكُفۡرِهِمۡ وَقَوۡلِهِمۡ عَلَىٰ مَرۡيَمَ بُهۡتَٰنًا عَظِيمࣰ ا
Le ka lebaka la ho nyefola tumelo hoa bona, le lipuo tsa bona malebana le Maria ka ho mo manamisa molato o moholo oa bohata
Ayah 156وَقَوۡلِهِمۡ إِنَّا قَتَلۡنَا ٱلۡمَسِيحَ عِيسَى ٱبۡنَ مَرۡيَمَ رَسُولَ ٱللَّهِ وَمَا قَتَلُوهُ وَمَا صَلَبُوهُ وَلَٰكِن شُبِّهَ لَهُمۡۚ وَإِنَّ ٱلَّذِينَ ٱخۡتَلَفُواْ فِيهِ لَفِي شَكࣲّ مِّنۡهُۚ مَا لَهُم بِهِۦ مِنۡ عِلۡمٍ إِلَّا ٱتِّبَاعَ ٱلظَّنِّۚ وَمَا قَتَلُوهُ يَقِينَۢا
Le ho latela puo ea bona e reng: re bolaile Jesu mora oa Maria, moromuoa oa Allah-empa habaea ‘molaea kapa hona ho mo thakhisa, empa ho bona ho hlahela joalo; bonang! Ba latolang malebana le sena, bahar’a lipelaelo ka sona; habana tsebo ka sona haese ho latella likhakanyo feela; ka ‘nete’ Ruri ha ba ea ‘molaea
Ayah 157بَل رَّفَعَهُ ٱللَّهُ إِلَيۡهِۚ وَكَانَ ٱللَّهُ عَزِيزًا حَكِيمࣰ ا
Empa Allah U ile a mo nkela ho eena. Ruri Allah U matla Oohle, U Seli kahosafeleng
Ayah 158وَإِن مِّنۡ أَهۡلِ ٱلۡكِتَٰبِ إِلَّا لَيُؤۡمِنَنَّ بِهِۦ قَبۡلَ مَوۡتِهِۦۖ وَيَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ يَكُونُ عَلَيۡهِمۡ شَهِيدࣰ ا
Ha ho le’a mong oa batho ba Lengolo ea ke keng a lumela pele ho lefu la hae, ebile mohla letsatsi la tsoho Jesu e tla ba paki khahlanong le bona –
Ayah 159فَبِظُلۡمࣲ مِّنَ ٱلَّذِينَ هَادُواْ حَرَّمۡنَا عَلَيۡهِمۡ طَيِّبَٰتٍ أُحِلَّتۡ لَهُمۡ وَبِصَدِّهِمۡ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِ كَثِيرࣰ ا
Ho latela liphoso tsa Ma-Juda, re ile ra ba hanela ka lintho tse lokileng tseo pele li neng li le molaong ho bona, le ho latela ts’itiso e kholo ea bona tseleng ea Allah
Ayah 160وَأَخۡذِهِمُ ٱلرِّبَوٰاْ وَقَدۡ نُهُواْ عَنۡهُ وَأَكۡلِهِمۡ أَمۡوَٰلَ ٱلنَّاسِ بِٱلۡبَٰطِلِۚ وَأَعۡتَدۡنَا لِلۡكَٰفِرِينَ مِنۡهُمۡ عَذَابًا أَلِيمࣰ ا
Le hona ho nka tsoala le ho ja ba ne ba e hanetsoe, le ka ho ja matlotlo a batho hoa bona ka keko le bohata. Ruri sebakeng sa botlhoka-tumelo re lokisitse timelo e mahlonoko
Ayah 161لَّٰكِنِ ٱلرَّٰسِخُونَ فِي ٱلۡعِلۡمِ مِنۡهُمۡ وَٱلۡمُؤۡمِنُونَ يُؤۡمِنُونَ بِمَآ أُنزِلَ إِلَيۡكَ وَمَآ أُنزِلَ مِن قَبۡلِكَۚ وَٱلۡمُقِيمِينَ ٱلصَّلَوٰةَۚ وَٱلۡمُؤۡتُونَ ٱلزَّكَوٰةَ وَٱلۡمُؤۡمِنُونَ بِٱللَّهِ وَٱلۡيَوۡمِ ٱلۡأٓخِرِ أُوْلَٰٓئِكَ سَنُؤۡتِيهِمۡ أَجۡرًا عَظِيمًا
Athe haele bahar’a bona ba sa thekeseleng tsebong, ‘moho le ba kholoang ho seo u ileng oa se senoleloa, le ho se ileng sa senoloa pele ho uena, haholo-holo ba tsitlaletseng thapelong, le ba lefang zakaat, ba kholoang ho Allah le ho letsatsi la bofelo, Ruri re tla ts’ollela moputso o moholo-hali ho bona
Ayah 162۞إِنَّآ أَوۡحَيۡنَآ إِلَيۡكَ كَمَآ أَوۡحَيۡنَآ إِلَىٰ نُوحࣲ وَٱلنَّبِيِّـۧنَ مِنۢ بَعۡدِهِۦۚ وَأَوۡحَيۡنَآ إِلَىٰٓ إِبۡرَٰهِيمَ وَإِسۡمَٰعِيلَ وَإِسۡحَٰقَ وَيَعۡقُوبَ وَٱلۡأَسۡبَاطِ وَعِيسَىٰ وَأَيُّوبَ وَيُونُسَ وَهَٰرُونَ وَسُلَيۡمَٰنَۚ وَءَاتَيۡنَا دَاوُۥدَ زَبُورࣰ ا
Bona! Re u senolela joalokaha re ile ra senolela Nooe le Baporofeta ba bileng teng kamorao ho eena. Re ile ra senolela Abrahama le Ishmaele, Isaaka le Jakobo, le Meloko, ea eba Jesu le Jobo, Jonah, Aarone le Salemone, eaba re fana ka lipesalema ho Davida
Ayah 163وَرُسُلࣰ ا قَدۡ قَصَصۡنَٰهُمۡ عَلَيۡكَ مِن قَبۡلُ وَرُسُلࣰ ا لَّمۡ نَقۡصُصۡهُمۡ عَلَيۡكَۚ وَكَلَّمَ ٱللَّهُ مُوسَىٰ تَكۡلِيمࣰ ا
Pejana ho mona re se re ile ra u hlalosetsa nalane ea Baromuoa ba bang, ha ba bang bona Baromuoa re e s’o u hlalosetse ea bona; ho Moshe teng Allah U kile a buoa sefahla mahlo
Ayah 164رُّسُلࣰ ا مُّبَشِّرِينَ وَمُنذِرِينَ لِئَلَّا يَكُونَ لِلنَّاسِ عَلَى ٱللَّهِ حُجَّةُۢ بَعۡدَ ٱلرُّسُلِۚ وَكَانَ ٱللَّهُ عَزِيزًا حَكِيمࣰ ا
Ke Baromuoa ba faneng ka litaba tse molemo, ebile e le tsa tlhokomeliso hore batho ba tle ba se ke ba pheha khang malebana le Allah kamor’a baromuoa. Hobane Allah U matla- ohle, O Seli kahosafeleng
Ayah 165لَّٰكِنِ ٱللَّهُ يَشۡهَدُ بِمَآ أَنزَلَ إِلَيۡكَۖ أَنزَلَهُۥ بِعِلۡمِهِۦۖ وَٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ يَشۡهَدُونَۚ وَكَفَىٰ بِٱللَّهِ شَهِيدًا
Empa Allah ka bo-Eena ke paki malebana le seo A u senoletseng sona; U se senotse ho tsoa tsebong ea hae sebele; le manyeloi ke lipaki. Allah bopaking U lekane
Ayah 166إِنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَصَدُّواْ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِ قَدۡ ضَلُّواْ ضَلَٰلَۢا بَعِيدًا
Bona! Bahlokang tumelo, ba bile ba sitisa ba bang tseleng ea Allah, Ruri ba tubehong e thoko-thoko haholo
Ayah 167إِنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَظَلَمُواْ لَمۡ يَكُنِ ٱللَّهُ لِيَغۡفِرَ لَهُمۡ وَلَا لِيَهۡدِيَهُمۡ طَرِيقًا
Athe haele botlhoka-tumelo ba bile ba etsa liphoso, Ruri Allah a ke ke a ba ts’oarela, kapa hona hore a ba tataisetse tseleng
Ayah 168إِلَّا طَرِيقَ جَهَنَّمَ خَٰلِدِينَ فِيهَآ أَبَدࣰ اۚ وَكَانَ ذَٰلِكَ عَلَى ٱللَّهِ يَسِيرࣰ ا
Haese feela tsela ea liheleng, moo teng batla phela kahosafeleng. Seo se bobebe ho Allah
Ayah 169يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ قَدۡ جَآءَكُمُ ٱلرَّسُولُ بِٱلۡحَقِّ مِن رَّبِّكُمۡ فَـَٔامِنُواْ خَيۡرࣰ ا لَّكُمۡۚ وَإِن تَكۡفُرُواْ فَإِنَّ لِلَّهِ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۚ وَكَانَ ٱللَّهُ عَلِيمًا حَكِيمࣰ ا
Oho batho! Moromuoa o tlile ho lona ka ‘nete e tsoang ho Mong`a lona. Ka hona kholoang; seo se molemo ho lona. Empa haeba le tsitlaletse ho hloka tumelo, Ruri! Lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa Allah. Allah U tseba tsohle, o Seli kahosafeleng
Ayah 170يَٰٓأَهۡلَ ٱلۡكِتَٰبِ لَا تَغۡلُواْ فِي دِينِكُمۡ وَلَا تَقُولُواْ عَلَى ٱللَّهِ إِلَّا ٱلۡحَقَّۚ إِنَّمَا ٱلۡمَسِيحُ عِيسَى ٱبۡنُ مَرۡيَمَ رَسُولُ ٱللَّهِ وَكَلِمَتُهُۥٓ أَلۡقَىٰهَآ إِلَىٰ مَرۡيَمَ وَرُوحࣱ مِّنۡهُۖ فَـَٔامِنُواْ بِٱللَّهِ وَرُسُلِهِۦۖ وَلَا تَقُولُواْ ثَلَٰثَةٌۚ ٱنتَهُواْ خَيۡرࣰ ا لَّكُمۡۚ إِنَّمَا ٱللَّهُ إِلَٰهࣱ وَٰحِدࣱۖ سُبۡحَٰنَهُۥٓ أَن يَكُونَ لَهُۥ وَلَدࣱۘ لَّهُۥ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۗ وَكَفَىٰ بِٱللَّهِ وَكِيلࣰ ا
Oho bathobaLengolo! Le se ke la feteletsa litaba tumelong ea lona, kapa hona ho buoa lintho tse sa lokang malebana le Allah haese ‘nete feela. Messia Jesu mora oa Maria, e ne e se ho hong haese feela moromuoa oa Allah, le lentsoe la hae leo a ileng a le phatlalatsa ho Maria, le moea o tsoang ho Eena. Ka hona kholoang ho Allah le ho Baromuoa ba hae, le se ke la re *boraro* (bo teroneng) – linyonts’a! Seo se molemo ho lona! – Allah ke molimo a le mong feela. Se phahameng ka ho fetisisa ke botlotlehi ba hae ba hore A kabale mora. Ruri lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa hae. Allah U lekane hoba mohlokomeli oa tsohle
Ayah 171لَّن يَسۡتَنكِفَ ٱلۡمَسِيحُ أَن يَكُونَ عَبۡدࣰ ا لِّلَّهِ وَلَا ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ ٱلۡمُقَرَّبُونَۚ وَمَن يَسۡتَنكِفۡ عَنۡ عِبَادَتِهِۦ وَيَسۡتَكۡبِرۡ فَسَيَحۡشُرُهُمۡ إِلَيۡهِ جَمِيعࣰ ا
Messia o ne a sa ts’oafe ho sebeletsa Allah, le ona manyeloi a halalelang, ha a tsoafe. Haele ba ts`oafileng ts`ebeletso ea hae le hona ho e nyefola, Ruri kaofela ba joalo o tla ba bokella pel’a hae
Ayah 172فَأَمَّا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ فَيُوَفِّيهِمۡ أُجُورَهُمۡ وَيَزِيدُهُم مِّن فَضۡلِهِۦۖ وَأَمَّا ٱلَّذِينَ ٱسۡتَنكَفُواْ وَٱسۡتَكۡبَرُواْ فَيُعَذِّبُهُمۡ عَذَابًا أَلِيمࣰ ا وَلَا يَجِدُونَ لَهُم مِّن دُونِ ٱللَّهِ وَلِيࣰّ ا وَلَا نَصِيرࣰ ا
Joaloka ba kholoang ba bile ba entse mesebetsi e lokileng, Ruri o tla ba lefa meputso ea bona ka botlalo, ebile o tla phaella meputsong ea bona ka motlopotlo oa hae; athe ba ts’oafileng le hona ho nyefola, Ruri o tlabaneha kotlo ea timelo e mahlonoko
Ayah 173يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ قَدۡ جَآءَكُم بُرۡهَٰنࣱ مِّن رَّبِّكُمۡ وَأَنزَلۡنَآ إِلَيۡكُمۡ نُورࣰ ا مُّبِينࣰ ا
Etsoe malebana le Allah ba ke ke ba fumana motsoalle ofe kapa ofe ea ka ba ts’ireletsang kapa hona hoba thusa
Ayah 174فَأَمَّا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ بِٱللَّهِ وَٱعۡتَصَمُواْ بِهِۦ فَسَيُدۡخِلُهُمۡ فِي رَحۡمَةࣲ مِّنۡهُ وَفَضۡلࣲ وَيَهۡدِيهِمۡ إِلَيۡهِ صِرَٰطࣰ ا مُّسۡتَقِيمࣰ ا
Oho batho! Hajoale ho tlile ho lona bopaki bo tsoang ho Mong`a lona, etsoe re le romeletse leseli le hlakileng
Ayah 175يَسۡتَفۡتُونَكَ قُلِ ٱللَّهُ يُفۡتِيكُمۡ فِي ٱلۡكَلَٰلَةِۚ إِنِ ٱمۡرُؤٌاْ هَلَكَ لَيۡسَ لَهُۥ وَلَدࣱ وَلَهُۥٓ أُخۡتࣱ فَلَهَا نِصۡفُ مَا تَرَكَۚ وَهُوَ يَرِثُهَآ إِن لَّمۡ يَكُن لَّهَا وَلَدࣱۚ فَإِن كَانَتَا ٱثۡنَتَيۡنِ فَلَهُمَا ٱلثُّلُثَانِ مِمَّا تَرَكَۚ وَإِن كَانُوٓاْ إِخۡوَةࣰ رِّجَالࣰ ا وَنِسَآءࣰ فَلِلذَّكَرِ مِثۡلُ حَظِّ ٱلۡأُنثَيَيۡنِۗ يُبَيِّنُ ٱللَّهُ لَكُمۡ أَن تَضِلُّواْۗ وَٱللَّهُ بِكُلِّ شَيۡءٍ عَلِيمُۢ
Athe haele ba kholoang ho Allah, ba bile ba mamaretse ka tieo ho Eena, Ruri u tla ba amohella mohaung le lerekong la hae, etsoe U tla ba tataisetsa ho eena ka tsela e otlolohileng. bau kopa tlhakisetso ka molao. U re ho bona: *Allah U le hlakiselitse malebana le beng ka lona ba mahole. Hore haeba monna a ka shoa a se na bana, a e na le khaitseli, khaitseli’ae o tla fumana karolo ea lefa, athe hoja e be e ne e le khaitseli’ae e shoeleng e se na bana, monna (khaitseli ea mosetsana) e ne e tla ba eena moja lefa leo. Haeba monna eo a e na le likhaitseli tse peli, joale karolo ea bona e tla ba bobeli ho boraro balefa leo, etsoe haeba hona le baena, monna le mosali, karolo ea monna e tla ba karolo e lekanang le ea basali ba ba beli. Ke kamoo Allah a le hlakiselitseng ka teng, e le hore le tle le se ke la fosa. Etsoe Allah ke motsebi oa lintho tsohle. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao
Ayah 176