Surah Al-A'laa — The Most High
Surah Al-A'laa (The Most High) is chapter 87 of the Quran, with 19 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.
سَبِّحِ ٱسۡمَ رَبِّكَ ٱلۡأَعۡلَى
Tlotlisa lebitso la Mohlokomeli-Mong`a hau, Ea Okametseng Tsohle
Ayah 1ٱلَّذِي خَلَقَ فَسَوَّىٰ
Ea hlotseng, Ea faneng ka taelo
Ayah 2وَٱلَّذِي قَدَّرَ فَهَدَىٰ
Ea hlomathitseng melao, Ea fanang ka tataiso
Ayah 3وَٱلَّذِيٓ أَخۡرَجَ ٱلۡمَرۡعَىٰ
Ea hlahisang lekhulo
Ayah 4فَجَعَلَهُۥ غُثَآءً أَحۡوَىٰ
Hamorao le fetohe lehlare
Ayah 5سَنُقۡرِئُكَ فَلَا تَنسَىٰٓ
Ka mekhahlelo Re u ruta ho bala, hore u se ke oa lebala
Ayah 6إِلَّا مَا شَآءَ ٱللَّهُۚ إِنَّهُۥ يَعۡلَمُ ٱلۡجَهۡرَ وَمَا يَخۡفَىٰ
Kantle ho thato ea Allah, hoba U tseba tse pepeneneng le tse sephiring
Ayah 7وَنُيَسِّرُكَ لِلۡيُسۡرَىٰ
Re tla nolofatsa tsela e u lebisang tseleng e otlolohileng
Ayah 8فَذَكِّرۡ إِن نَّفَعَتِ ٱلذِّكۡرَىٰ
Ka hona fana ka keletso, ha keletso e le molemo
Ayah 9سَيَذَّكَّرُ مَن يَخۡشَىٰ
Keletso e tla amoheloa ke ba nang le ts’abo
Ayah 10وَيَتَجَنَّبُهَا ٱلۡأَشۡقَى
Empa e tla qobjoa ke ba malimabe
Ayah 11ٱلَّذِي يَصۡلَى ٱلنَّارَ ٱلۡكُبۡرَىٰ
Ba tlang ho kena Khanareng ea Mollo
Ayah 12ثُمَّ لَا يَمُوتُ فِيهَا وَلَا يَحۡيَىٰ
Oo kahara ona ba sa tlong ho shoa kapa ho phela
Ayah 13قَدۡ أَفۡلَحَ مَن تَزَكَّىٰ
Ba tla atleha ke ba itlhoekisang
Ayah 14وَذَكَرَ ٱسۡمَ رَبِّهِۦ فَصَلَّىٰ
Ba rorisa lebitso la Mohlokomeli-Mong`a bona, ka thapelo
Ayah 15بَلۡ تُؤۡثِرُونَ ٱلۡحَيَوٰةَ ٱلدُّنۡيَا
Che, le khetha bophelo ba lefats’e lena
Ayah 16وَٱلۡأٓخِرَةُ خَيۡرࣱ وَأَبۡقَىٰٓ
Empa bophelo Bo-tlang bo molemo, ha bo fele
Ayah 17إِنَّ هَٰذَا لَفِي ٱلصُّحُفِ ٱلۡأُولَىٰ
Ka sena se har’a mangolo a mathomo, –
Ayah 18صُحُفِ إِبۡرَٰهِيمَ وَمُوسَىٰ
Mangolo a Abrahama le Moshe
Ayah 19