Surah Al-Anfaal — The Spoils of War

Surah Al-Anfaal (The Spoils of War) is chapter 8 of the Quran, with 75 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.

يَسۡـَٔلُونَكَ عَنِ ٱلۡأَنفَالِۖ قُلِ ٱلۡأَنفَالُ لِلَّهِ وَٱلرَّسُولِۖ فَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ وَأَصۡلِحُواْ ذَاتَ بَيۡنِكُمۡۖ وَأَطِيعُواْ ٱللَّهَ وَرَسُولَهُۥٓ إِن كُنتُم مُّؤۡمِنِينَ

Ba u botsa malebana le lintho tse hapiloeng ntoeng, ere: “tse hapiloeng, li matsohong a Allah le moromuoa, ka hoo ts’abang Allah, le be le boloke kotlolohong likamano lipakeng tsa lóna. Le mamele Allah le moromuoa oa hae haeba le kholoa

Ayah 1

إِنَّمَا ٱلۡمُؤۡمِنُونَ ٱلَّذِينَ إِذَا ذُكِرَ ٱللَّهُ وَجِلَتۡ قُلُوبُهُمۡ وَإِذَا تُلِيَتۡ عَلَيۡهِمۡ ءَايَٰتُهُۥ زَادَتۡهُمۡ إِيمَٰنࣰ ا وَعَلَىٰ رَبِّهِمۡ يَتَوَكَّلُونَ

Hobane, ba kholoang ke bao e reng ha ho boleloa ka Allah, ba utloang ho thothomela ka lipelong ba bileng ereng ha ba utloa ho memetsoa ka lits’upiso tsa hae, ba fumanang tumelo ea jóna e matlafala, ba beha ts’epo ea bona eohle ho Mong`a bona

Ayah 2

ٱلَّذِينَ يُقِيمُونَ ٱلصَّلَوٰةَ وَمِمَّا رَزَقۡنَٰهُمۡ يُنفِقُونَ

Ba rapela ka linako tsohle, ba etsa linyehelo ka bolokolohi ka limpho tseo Re ba fileng tsona bakeng sa boipheliso

Ayah 3

أُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡمُؤۡمِنُونَ حَقࣰّ اۚ لَّهُمۡ دَرَجَٰتٌ عِندَ رَبِّهِمۡ وَمَغۡفِرَةࣱ وَرِزۡقࣱ كَرِيمࣱ‏

Ba ‘neteng ke ba kaoloang baruile maemo a tlhonepho ho Mong`a bona, le eona ts’oarelo, le boipheliso bo hlamatsehang

Ayah 4

كَمَآ أَخۡرَجَكَ رَبُّكَ مِنۢ بَيۡتِكَ بِٱلۡحَقِّ وَإِنَّ فَرِيقࣰ ا مِّنَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ لَكَٰرِهُونَ

Joaloka ha Mong`a hau a ne a u laela ho tsoa katlung ea hau ka ‘nete hoo le lebepa le leng har’a ba kholoang, le sa kang la rata

Ayah 5

يُجَٰدِلُونَكَ فِي ٱلۡحَقِّ بَعۡدَ مَا تَبَيَّنَ كَأَنَّمَا يُسَاقُونَ إِلَى ٱلۡمَوۡتِ وَهُمۡ يَنظُرُونَ

Ba phehisana khang le uena khahlanong le ‘nete hoba e totobatsoe, joaloka haeka ba ne ba khanneloa lefung leo ba neng ba bile ba le bóna

Ayah 6

وَإِذۡ يَعِدُكُمُ ٱللَّهُ إِحۡدَى ٱلطَّآئِفَتَيۡنِ أَنَّهَا لَكُمۡ وَتَوَدُّونَ أَنَّ غَيۡرَ ذَاتِ ٱلشَّوۡكَةِ تَكُونُ لَكُمۡ وَيُرِيدُ ٱللَّهُ أَن يُحِقَّ ٱلۡحَقَّ بِكَلِمَٰتِهِۦ وَيَقۡطَعَ دَابِرَ ٱلۡكَٰفِرِينَ

Bónang! Allah U le ts’episitse lebotho le leng la a mabeli a lireng, hore e tle ebe la lóna. Lóna le ne le lakalitse hore lane le neng le sa hlomela ebe la lóna, empa Allah U ratile ho tókafatsa nnete ho latela mantsoe a hae le hóna ho khaola methapo ea ba sa kholoeng

Ayah 7

لِيُحِقَّ ٱلۡحَقَّ وَيُبۡطِلَ ٱلۡبَٰطِلَ وَلَوۡ كَرِهَ ٱلۡمُجۡرِمُونَ

E le hore A tle a tókafatse nnete a be a kholise hore bohata efela e le bohata, le hoja ketso eo e ke keng ea latsoeha ho ba nang le molato

Ayah 8

إِذۡ تَسۡتَغِيثُونَ رَبَّكُمۡ فَٱسۡتَجَابَ لَكُمۡ أَنِّي مُمِدُّكُم بِأَلۡفࣲ مِّنَ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةِ مُرۡدِفِينَ

U hopole hore u ile oa kopa Mong`a hau ho u thusa, o ile a u arabela: “ke tla u thusa ka mangeloi ka maemo ho fapana.”

Ayah 9

وَمَا جَعَلَهُ ٱللَّهُ إِلَّا بُشۡرَىٰ وَلِتَطۡمَئِنَّ بِهِۦ قُلُوبُكُمۡۚ وَمَا ٱلنَّصۡرُ إِلَّا مِنۡ عِندِ ٱللَّهِۚ إِنَّ ٱللَّهَ عَزِيزٌ حَكِيمٌ

Allah U entse hoo e le molaetsa o molemo, le hóna e le tiisetso lipelong tsa lóna etsoe ho ntse ho se na thuso kantle le ho etsoang ke Allah ebile Allah U tlotlehile matleng, O Seli

Ayah 10

إِذۡ يُغَشِّيكُمُ ٱلنُّعَاسَ أَمَنَةࣰ مِّنۡهُ وَيُنَزِّلُ عَلَيۡكُم مِّنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءࣰ لِّيُطَهِّرَكُم بِهِۦ وَيُذۡهِبَ عَنكُمۡ رِجۡزَ ٱلشَّيۡطَٰنِ وَلِيَرۡبِطَ عَلَىٰ قُلُوبِكُمۡ وَيُثَبِّتَ بِهِ ٱلۡأَقۡدَامَ

Hopolang hore o ile a le apesa ka kotselo, e le ho le khatholla meea ebile e le khothatso e tsoang ho eena. A ba a etsa hore le kolobisoe ke pula e tsoang mahólimóng, ho le hloekisa ka eona, ho tlosa ho lóna sekhobo sa Satane le ho tiisa lipelo tsa lóna, le ho matlafatsa bohato ba maoto a lóna ka eóna

Ayah 11

إِذۡ يُوحِي رَبُّكَ إِلَى ٱلۡمَلَٰٓئِكَةِ أَنِّي مَعَكُمۡ فَثَبِّتُواْ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْۚ سَأُلۡقِي فِي قُلُوبِ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ ٱلرُّعۡبَ فَٱضۡرِبُواْ فَوۡقَ ٱلۡأَعۡنَاقِ وَٱضۡرِبُواْ مِنۡهُمۡ كُلَّ بَنَانࣲ‏

Hopolang hore Mong`a lóna o ile a etsa ts’usumetso ho mangeloi ka molaetsa: “ke na le lóna, fanang ka tiisetso ho ba kholoang: ke tla kenya letsoalo lipelong tsa ba sa kholoeng. Le ba nathe kahólim’a melala le be le ba khaole linókó tsa menoana

Ayah 12

ذَٰلِكَ بِأَنَّهُمۡ شَآقُّواْ ٱللَّهَ وَرَسُولَهُۥۚ وَمَن يُشَاقِقِ ٱللَّهَ وَرَسُولَهُۥ فَإِنَّ ٱللَّهَ شَدِيدُ ٱلۡعِقَابِ

Hona ho etsahale ka hobane ba ile ba hanyetsa Allah le moromuoa oa hae. Ha ho kaba le e mong ea hanyetsang Allah le moromuoa oa hae, Allah U kahlolo e boima ho mahanaa- tumelo

Ayah 13

ذَٰلِكُمۡ فَذُوقُوهُ وَأَنَّ لِلۡكَٰفِرِينَ عَذَابَ ٱلنَّارِ

Ho tla thoe: “latsoang ke hóna kahlolo ea ba latolang Allah; kahlolo ea mollo.”

Ayah 14

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ إِذَا لَقِيتُمُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ زَحۡفࣰ ا فَلَا تُوَلُّوهُمُ ٱلۡأَدۡبَارَ

Oho lóna ba kholoang! Ha le teana le ba sa kholoeng meleng ea ntoa, le se basupe ka lirethe

Ayah 15

وَمَن يُوَلِّهِمۡ يَوۡمَئِذࣲ دُبُرَهُۥٓ إِلَّا مُتَحَرِّفࣰ ا لِّقِتَالٍ أَوۡ مُتَحَيِّزًا إِلَىٰ فِئَةࣲ فَقَدۡ بَآءَ بِغَضَبࣲ مِّنَ ٱللَّهِ وَمَأۡوَىٰهُ جَهَنَّمُۖ وَبِئۡسَ ٱلۡمَصِيرُ

Ha ho ka bale ea ba supang ka lirethe, kantle le haeba e le moritaoke oa ntoa, kapa e le ho khutlela lebothong la habo jóna, o tla be a ikhuletse khalefo ea Allah. Bolulo ba hae ke liheleng; bo bóbe bolulo Ruri

Ayah 16

فَلَمۡ تَقۡتُلُوهُمۡ وَلَٰكِنَّ ٱللَّهَ قَتَلَهُمۡۚ وَمَا رَمَيۡتَ إِذۡ رَمَيۡتَ وَلَٰكِنَّ ٱللَّهَ رَمَىٰ وَلِيُبۡلِيَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ مِنۡهُ بَلَآءً حَسَنًاۚ إِنَّ ٱللَّهَ سَمِيعٌ عَلِيمࣱ‏

Ha se lónababa bolaileng empa ba bolailoe ke Allah. Ha uena u akhotsa lerole ka letsoho, e ne e se ketso ea hau empa e ne e le ketso ea Allah e le ho etsetsa bakholoang teko ka mokhoa o babatsehang o tsoang ho eena hobane ke Eena Allah ea utloang le ho tseba lintho tsohle

Ayah 17

ذَٰلِكُمۡ وَأَنَّ ٱللَّهَ مُوهِنُ كَيۡدِ ٱلۡكَٰفِرِينَ

Hape, ke hobane ke Eena Allah ea bebofatsang merero le maqiti a basalumeleng

Ayah 18

إِن تَسۡتَفۡتِحُواْ فَقَدۡ جَآءَكُمُ ٱلۡفَتۡحُۖ وَإِن تَنتَهُواْ فَهُوَ خَيۡرࣱ لَّكُمۡۖ وَإِن تَعُودُواْ نَعُدۡ وَلَن تُغۡنِيَ عَنكُمۡ فِئَتُكُمۡ شَيۡـࣰٔ ا وَلَوۡ كَثُرَتۡ وَأَنَّ ٱللَّهَ مَعَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ

Oho lóna ba sa kholoeng! Haeba le ne le rapella tlholo le kahlolo, joale kahlolo e tlile ho lóna, ha le ka furalla bóbe ho kabachatsi ka ho fetisa ho lóna. Ha le ka boea sekoele le Róna Re tla etsa joalo ha ho letho le letle le tla hlahela mabotho a lóna, le ha mabotho a lóna a ne a ka eketseha ka makhetlo hobane Ruri Allah U na le bohle ba kholoang

Ayah 19

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ أَطِيعُواْ ٱللَّهَ وَرَسُولَهُۥ وَلَا تَوَلَّوۡاْ عَنۡهُ وَأَنتُمۡ تَسۡمَعُونَ

Oho lóna ba kholoang! Mamelang Allah le moromuoa oa hae, le se ke la mo furalla ha le utloa a bua

Ayah 20

وَلَا تَكُونُواْ كَٱلَّذِينَ قَالُواْ سَمِعۡنَا وَهُمۡ لَا يَسۡمَعُونَ

Le mpe le se ts’oane le bareng: “re’a utloa,” empa ba sa mamele

Ayah 21

۞إِنَّ شَرَّ ٱلدَّوَآبِّ عِندَ ٱللَّهِ ٱلصُّمُّ ٱلۡبُكۡمُ ٱلَّذِينَ لَا يَعۡقِلُونَ

Liphoofolong tse nyonyehang ho fetisa sefahlehong sa Allah ke litholo le limumu, basa utloisising

Ayah 22

وَلَوۡ عَلِمَ ٱللَّهُ فِيهِمۡ خَيۡرࣰ ا لَّأَسۡمَعَهُمۡۖ وَلَوۡ أَسۡمَعَهُمۡ لَتَوَلَّواْ وَّهُم مُّعۡرِضُونَ

Haeba Allah A fumane ka ho jóna botle bo itseng, Ruri a ka be a ile a etsa horebamamele. Ho ea kamoo ho leng kateng, le haeba a ne a entse hore ba mamele baka be ba ile ba’nabafuralla le ho hana tumelo

Ayah 23

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ ٱسۡتَجِيبُواْ لِلَّهِ وَلِلرَّسُولِ إِذَا دَعَاكُمۡ لِمَا يُحۡيِيكُمۡۖ وَٱعۡلَمُوٓاْ أَنَّ ٱللَّهَ يَحُولُ بَيۡنَ ٱلۡمَرۡءِ وَقَلۡبِهِۦ وَأَنَّهُۥٓ إِلَيۡهِ تُحۡشَرُونَ

Oho lóna ba kholoang! Fanang ka mamelo ea lóna ho Allah le ho moromuoa oa hae ha a le bitsetsa ho se tla le neha bophelo. le tsebe hore Allah U kena lipakeng tsa motho le pelo ea hae, ke ho eena le tlang ho bokelleloang bohle

Ayah 24

وَٱتَّقُواْ فِتۡنَةࣰ لَّا تُصِيبَنَّ ٱلَّذِينَ ظَلَمُواْ مِنكُمۡ خَآصَّةࣰۖ وَٱعۡلَمُوٓاْ أَنَّ ٱللَّهَ شَدِيدُ ٱلۡعِقَابِ

Le ts’abe morusu le khatello tse sa tlong ho ama feela bao e leng ba etsang bóbe le be le tsebe hore Allah ha a kebe kotlong

Ayah 25

وَٱذۡكُرُوٓاْ إِذۡ أَنتُمۡ قَلِيلࣱ مُّسۡتَضۡعَفُونَ فِي ٱلۡأَرۡضِ تَخَافُونَ أَن يَتَخَطَّفَكُمُ ٱلنَّاسُ فَـَٔاوَىٰكُمۡ وَأَيَّدَكُم بِنَصۡرِهِۦ وَرَزَقَكُم مِّنَ ٱلطَّيِّبَٰتِ لَعَلَّكُمۡ تَشۡكُرُونَ

Hopolang hore le lona le kile la ebá lequlaona le fokolang, le telleha naha ka bophara, le ts’aba hore batho ba ne ba ka le fenya kapa ho le koetela, empa Allah U ile a le neha ts’ireletso ea ‘nete abaa le matlafatsa ka thuso ea hae, a ba a le neha tsohle tse molemo tsa boipheliso, e le hore le tle le be le khotsofalo

Ayah 26

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ لَا تَخُونُواْ ٱللَّهَ وَٱلرَّسُولَ وَتَخُونُوٓاْ أَمَٰنَٰتِكُمۡ وَأَنتُمۡ تَعۡلَمُونَ

Oho lóna ba kholoang! Le se koenehele Allah le moromuoa oa hae, kapa hóna ho sebelisa hampe tseo le li ts’epetsoeng

Ayah 27

وَٱعۡلَمُوٓاْ أَنَّمَآ أَمۡوَٰلُكُمۡ وَأَوۡلَٰدُكُمۡ فِتۡنَةࣱ وَأَنَّ ٱللَّهَ عِندَهُۥٓ أَجۡرٌ عَظِيمࣱ‏

Le be le tsebe hore maruo a lóna le banabalóna empa e le teko feela; ebile ke ho Allah feela moo moputso o moholohali oa lóna o le letetseng

Ayah 28

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ إِن تَتَّقُواْ ٱللَّهَ يَجۡعَل لَّكُمۡ فُرۡقَانࣰ ا وَيُكَفِّرۡ عَنكُمۡ سَيِّـَٔاتِكُمۡ وَيَغۡفِرۡ لَكُمۡۗ وَٱللَّهُ ذُو ٱلۡفَضۡلِ ٱلۡعَظِيمِ

Oho lóna ba kholoang! Haeba le ts’a ba Allah, o tla le neha tsebo ea ho khetha pakeng tsa botle le bóbe, a be a tlose bóbe bohle ho lóna bo neng bo ka ts’oana bo le ts’oenya, a be a le ts’oarele. Hobane Allah ke Eena Mong`a tsohle, Mong`a hao o se nang tekano

Ayah 29

وَإِذۡ يَمۡكُرُ بِكَ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لِيُثۡبِتُوكَ أَوۡ يَقۡتُلُوكَ أَوۡ يُخۡرِجُوكَۚ وَيَمۡكُرُونَ وَيَمۡكُرُ ٱللَّهُۖ وَٱللَّهُ خَيۡرُ ٱلۡمَٰكِرِينَ

Hopolang hore ba sa lumelengbakilebarera ho le boloka bokhobeng, le ho le bolaea kapa hóna ho le phalalisa mah’a lóna. Ba a rera ba be ba kunute empa Moreri ea fetang bohle ke Allah

Ayah 30

وَإِذَا تُتۡلَىٰ عَلَيۡهِمۡ ءَايَٰتُنَا قَالُواْ قَدۡ سَمِعۡنَا لَوۡ نَشَآءُ لَقُلۡنَا مِثۡلَ هَٰذَآ إِنۡ هَٰذَآ إِلَّآ أَسَٰطِيرُ ٱلۡأَوَّلِينَ

Ha ba hlokomelisoa lits’upiso tsa Róna ba re: “re se re kile ra se utloa sena. Haeba re ne re ratile, re ka be re buile joalo: hona ha se letho empa e le lits’omo tsa mehleng ea khale.”

Ayah 31

وَإِذۡ قَالُواْ ٱللَّهُمَّ إِن كَانَ هَٰذَا هُوَ ٱلۡحَقَّ مِنۡ عِندِكَ فَأَمۡطِرۡ عَلَيۡنَا حِجَارَةࣰ مِّنَ ٱلسَّمَآءِ أَوِ ٱئۡتِنَا بِعَذَابٍ أَلِيمࣲ‏

Hopolang ha ba ne ba re: “oho Allah! Haeba Ruri hona ke ‘nete e tsoang ho uena, ak’u nesetse hólim’a róna majoe a theohang marung kapa o re nehe kotlo e bohloko.”

Ayah 32

وَمَا كَانَ ٱللَّهُ لِيُعَذِّبَهُمۡ وَأَنتَ فِيهِمۡۚ وَمَا كَانَ ٱللَّهُ مُعَذِّبَهُمۡ وَهُمۡ يَسۡتَغۡفِرُونَ

Empa Allah U ne a ke ke a ba theolela kotlo nakong eo le ntseng le le har’a bona; ebile o ne a ke ke a e romella ha feela ba ne ba se na le monyetla oa ho kópa ts’oarelo

Ayah 33

وَمَا لَهُمۡ أَلَّا يُعَذِّبَهُمُ ٱللَّهُ وَهُمۡ يَصُدُّونَ عَنِ ٱلۡمَسۡجِدِ ٱلۡحَرَامِ وَمَا كَانُوٓاْ أَوۡلِيَآءَهُۥٓۚ إِنۡ أَوۡلِيَآؤُهُۥٓ إِلَّا ٱلۡمُتَّقُونَ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَهُمۡ لَا يَعۡلَمُونَ

Empa hana thapeli eo ba nang le eona ke efeng hore Allah a se ba otle, ha ba hanela batho ho kena tlung e halalelang – empa e se bona balebeli ba eona? Ha ho batho ba ka bang balebeli ba eona haese feela batókafalo; empa ba bangata ba bóna ha bana kutloisiso

Ayah 34

وَمَا كَانَ صَلَاتُهُمۡ عِندَ ٱلۡبَيۡتِ إِلَّا مُكَآءࣰ وَتَصۡدِيَةࣰۚ فَذُوقُواْ ٱلۡعَذَابَ بِمَا كُنتُمۡ تَكۡفُرُونَ

Thapelo ea bona tlung ea Allah ha se letho haese ho letsa meloli le ho ópa liatla. Karabelo ea eona e ka ba feela hore: “lóna latsoang kahlolo hoba le nyefotse.”

Ayah 35

إِنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ يُنفِقُونَ أَمۡوَٰلَهُمۡ لِيَصُدُّواْ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِۚ فَسَيُنفِقُونَهَا ثُمَّ تَكُونُ عَلَيۡهِمۡ حَسۡرَةࣰ ثُمَّ يُغۡلَبُونَۗ وَٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ إِلَىٰ جَهَنَّمَ يُحۡشَرُونَ

Ba sa kholoeng ba sebelisa maruo a bona ho sitisa batho ba bang ho kena tseleng ea Allah, ba tla phehella joalo ts’ebelisong ea maruo a bona; empa qetellong ba tla salloa ke boinyatso le mesarelo ka mora nako ba tla khathala. Ba sa kholoeng bohle ba tla bokelleloa liheleng

Ayah 36

لِيَمِيزَ ٱللَّهُ ٱلۡخَبِيثَ مِنَ ٱلطَّيِّبِ وَيَجۡعَلَ ٱلۡخَبِيثَ بَعۡضَهُۥ عَلَىٰ بَعۡضࣲ فَيَرۡكُمَهُۥ جَمِيعࣰ ا فَيَجۡعَلَهُۥ فِي جَهَنَّمَۚ أُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡخَٰسِرُونَ

Hore Allah a tle a arole tse hloekileng ho tse sa hloekang, o tla beha ba sa hloekang, o tla beha e mong hólim’a e mong a ba ahe sebota, a nto ba lahlela liheleng. E tla be e le bona ba lahlehileng

Ayah 37

قُل لِّلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ إِن يَنتَهُواْ يُغۡفَرۡ لَهُم مَّا قَدۡ سَلَفَ وَإِن يَعُودُواْ فَقَدۡ مَضَتۡ سُنَّتُ ٱلۡأَوَّلِينَ

Le re ho ba sa kholoeng, e bang ba ka furalla ho se lumele ha bona, batla ts’oareloa liketsong tsa bona tse fetileng. Empa ha ba phehella, kahlolo e oetseng batho ba bileng teng pele ho bona, ke tlhokomeliso ho bona

Ayah 38

وَقَٰتِلُوهُمۡ حَتَّىٰ لَا تَكُونَ فِتۡنَةࣱ وَيَكُونَ ٱلدِّينُ كُلُّهُۥ لِلَّهِۚ فَإِنِ ٱنتَهَوۡاْ فَإِنَّ ٱللَّهَ بِمَا يَعۡمَلُونَ بَصِيرࣱ‏

Le ba loants’e ho fihlela morusu le khatello tsa bona li felile ho rena tóka le tumelo ho Allah hohle. Empa ha ba khaotsa, Ruri Allah U bóna tsohle tseo ba li etsang

Ayah 39

وَإِن تَوَلَّوۡاْ فَٱعۡلَمُوٓاْ أَنَّ ٱللَّهَ مَوۡلَىٰكُمۡۚ نِعۡمَ ٱلۡمَوۡلَىٰ وَنِعۡمَ ٱلنَّصِيرُ

Empa ha ba ngangella, ebang le tiisetso ea hore Allah ke mots’ireletsi oa lóna; ke Eena Ea ts’ireletsang ho fetisisa ebile ke Eena Ea thusang ho fetisisa

Ayah 40

۞وَٱعۡلَمُوٓاْ أَنَّمَا غَنِمۡتُم مِّن شَيۡءࣲ فَأَنَّ لِلَّهِ خُمُسَهُۥ وَلِلرَّسُولِ وَلِذِي ٱلۡقُرۡبَىٰ وَٱلۡيَتَٰمَىٰ وَٱلۡمَسَٰكِينِ وَٱبۡنِ ٱلسَّبِيلِ إِن كُنتُمۡ ءَامَنتُم بِٱللَّهِ وَمَآ أَنزَلۡنَا عَلَىٰ عَبۡدِنَا يَوۡمَ ٱلۡفُرۡقَانِ يَوۡمَ ٱلۡتَقَى ٱلۡجَمۡعَانِۗ وَٱللَّهُ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءࣲ قَدِيرٌ

Le tsebe hore lefohlong lohle leo le tlang ho le una ntoeng, karolo ea bohlano ke e abetsoeng Allah le Moromuoa, le ba haufi le lóna ka tsoalano, likhutsana le bahloki le bafeta-ka- tsela, – haeba le feela le lumela ho Allah le ho lits’enolo tseo re li theoletseng ho lekhabunyane la róna mohla letsatsi la liteko, – mohla letsatsi la thulano ea mabotho a mabeli. Hobane Allah U na le matla hólim’a lintho tsohle

Ayah 41

إِذۡ أَنتُم بِٱلۡعُدۡوَةِ ٱلدُّنۡيَا وَهُم بِٱلۡعُدۡوَةِ ٱلۡقُصۡوَىٰ وَٱلرَّكۡبُ أَسۡفَلَ مِنكُمۡۚ وَلَوۡ تَوَاعَدتُّمۡ لَٱخۡتَلَفۡتُمۡ فِي ٱلۡمِيعَٰدِ وَلَٰكِن لِّيَقۡضِيَ ٱللَّهُ أَمۡرࣰ ا كَانَ مَفۡعُولࣰ ا لِّيَهۡلِكَ مَنۡ هَلَكَ عَنۢ بَيِّنَةࣲ وَيَحۡيَىٰ مَنۡ حَيَّ عَنۢ بَيِّنَةࣲۗ وَإِنَّ ٱللَّهَ لَسَمِيعٌ عَلِيمٌ

Hopolang hore lona le ne le le ka koano ho phula, ha bona ba ne ba le mosoeu oane ho phula mabofa a le tlase ka har’a phula. Le haeba le ne le e na le tumellano ea ho kopana, Ruri le ka be le ile la sitoa ho phetha morero oo. Empa le ha ho le joalo le thulane, hore Allah a phethahatse taba e neng e se e raliloe; le hore ba shoang ba shoe ka morao hore sesupo se hlakileng se fanoe. Ruri Allah ke Eena ea tsebang lintho tsohle

Ayah 42

إِذۡ يُرِيكَهُمُ ٱللَّهُ فِي مَنَامِكَ قَلِيلࣰ اۖ وَلَوۡ أَرَىٰكَهُمۡ كَثِيرࣰ ا لَّفَشِلۡتُمۡ وَلَتَنَٰزَعۡتُمۡ فِي ٱلۡأَمۡرِ وَلَٰكِنَّ ٱللَّهَ سَلَّمَۚ إِنَّهُۥ عَلِيمُۢ بِذَاتِ ٱلصُّدُورِ

Hopola hore torong ea hau Allah U bonts’itse bona ba fokola ka palo mahlong a hau, hoja o ne a ile a ba hlahisa ho uena ka palo e nepahetseng, u ka be u ile ua fumana khanyetso liqetong tsa hau, Allah U ile A u qobisa seo hobane o tsebisisa hantle makunutu a lipelo tsohle

Ayah 43

وَإِذۡ يُرِيكُمُوهُمۡ إِذِ ٱلۡتَقَيۡتُمۡ فِيٓ أَعۡيُنِكُمۡ قَلِيلࣰ ا وَيُقَلِّلُكُمۡ فِيٓ أَعۡيُنِهِمۡ لِيَقۡضِيَ ٱللَّهُ أَمۡرࣰ ا كَانَ مَفۡعُولࣰ اۗ وَإِلَى ٱللَّهِ تُرۡجَعُ ٱلۡأُمُورُ

Hopola hore ha le thulana, o ba hlahisitse mahlong a hau ba fokola ka palo, o bile a etsa hore le hlahe le telleha mahlong a bona e le hore a tla a phethe taba e neng e se e raliloe. Hobane ho Allah lipotso li khutlela tsohle ho ea fumana liqeto

Ayah 44

يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ إِذَا لَقِيتُمۡ فِئَةࣰ فَٱثۡبُتُواْ وَٱذۡكُرُواْ ٱللَّهَ كَثِيرࣰ ا لَّعَلَّكُمۡ تُفۡلِحُونَ

Oho lóna ba kholoang! Ha le thulana le sheshe, le tiee le bitse ho Allah khafetsa ka khopolo e le hore le tle le atlehe

Ayah 45

وَأَطِيعُواْ ٱللَّهَ وَرَسُولَهُۥ وَلَا تَنَٰزَعُواْ فَتَفۡشَلُواْ وَتَذۡهَبَ رِيحُكُمۡۖ وَٱصۡبِرُوٓاْۚ إِنَّ ٱللَّهَ مَعَ ٱلصَّٰبِرِينَ

Le mamele Allah le moromuoa oa hae hore le tle le se oele har’a likhang, esere la lahleheloa ke ts’epo le ho felloa ke matla; le be le mamello le tiisetso hobane Allah U na le bohle ba tiisetsang ka mamello

Ayah 46

وَلَا تَكُونُواْ كَٱلَّذِينَ خَرَجُواْ مِن دِيَٰرِهِم بَطَرࣰ ا وَرِئَآءَ ٱلنَّاسِ وَيَصُدُّونَ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِۚ وَٱللَّهُ بِمَا يَعۡمَلُونَ مُحِيطࣱ‏

Le se ts’oane le ba ileng ba tloha mah’abona ka boikhants’o ba ho iponahatsa har’a banna, kapa ho sitisa batho tseleng ea Allah. Hobane Allah U kopetse hare tsohle tseo ba li etsang

Ayah 47

وَإِذۡ زَيَّنَ لَهُمُ ٱلشَّيۡطَٰنُ أَعۡمَٰلَهُمۡ وَقَالَ لَا غَالِبَ لَكُمُ ٱلۡيَوۡمَ مِنَ ٱلنَّاسِ وَإِنِّي جَارࣱ لَّكُمۡۖ فَلَمَّا تَرَآءَتِ ٱلۡفِئَتَانِ نَكَصَ عَلَىٰ عَقِبَيۡهِ وَقَالَ إِنِّي بَرِيٓءࣱ مِّنكُمۡ إِنِّيٓ أَرَىٰ مَا لَا تَرَوۡنَ إِنِّيٓ أَخَافُ ٱللَّهَۚ وَٱللَّهُ شَدِيدُ ٱلۡعِقَابِ

Hopola hore Satane o entse hore liketso tsa bona tse mpe li bónahale li khahlisa ho bona a ba a re: «ha ho le ea mong har›a banna bao ea ka le fekisang kajeno, ha feela ke ntse ke le pel›a lóna.» empa eitse ha mabotho ana a mabeli a bónana, o ile a ba supa ka lirethe, a ba a re: «jo! Ke le hlohlolotse, jo! Ke bóna seo le sa se bóneng; jo! Ke ts›aba Allah; hobane Allah ha A kebe kotlong.»

Ayah 48

إِذۡ يَقُولُ ٱلۡمُنَٰفِقُونَ وَٱلَّذِينَ فِي قُلُوبِهِم مَّرَضٌ غَرَّ هَٰٓؤُلَآءِ دِينُهُمۡۗ وَمَن يَتَوَكَّلۡ عَلَى ٱللَّهِ فَإِنَّ ٱللَّهَ عَزِيزٌ حَكِيمࣱ‏

Jo! Baikaketsi hammoho le bao ka ‘pelong tsa bona ho leng mahloko, bare: “batho báná, – tumelo ea bona e ba khelositse.” haeba ópe a ts’epa ho Allah, bónang! Allah U tlotlehile matleng, O Seli

Ayah 49

وَلَوۡ تَرَىٰٓ إِذۡ يَتَوَفَّى ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ يَضۡرِبُونَ وُجُوهَهُمۡ وَأَدۡبَٰرَهُمۡ وَذُوقُواْ عَذَابَ ٱلۡحَرِيقِ

Hoja le ne le ka bóna ha mangeloi a nts’a meea ea mahloka- tumelo nakong ea lefu, le ka mokhoa oo a ba otlang lifahleho le ka mekokotlong a ntse a re: latsoang kahlolo ea malakabe a mollo

Ayah 50

ذَٰلِكَ بِمَا قَدَّمَتۡ أَيۡدِيكُمۡ وَأَنَّ ٱللَّهَ لَيۡسَ بِظَلَّٰمࣲ لِّلۡعَبِيدِ

Ka lebaka la liketso tseo matsoho a lóna a li romeletseng pele ho lóna hobane Allah ha a ka be a sekisetse makhabunyane a hae

Ayah 51

كَدَأۡبِ ءَالِ فِرۡعَوۡنَ وَٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡۚ كَفَرُواْ بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِ فَأَخَذَهُمُ ٱللَّهُ بِذُنُوبِهِمۡۚ إِنَّ ٱللَّهَ قَوِيࣱّ شَدِيدُ ٱلۡعِقَابِ

Liketso tsa bona li tsoana le tsa batho ba Faro le ba bileng teng pele ho bona. Ba ile ba khesa lits’upiso tsa Allah, Allah A ba neha kotlo bakeng sa litlolo tsa bona, hobane Allah U Matla, U Tópile kotlong

Ayah 52

ذَٰلِكَ بِأَنَّ ٱللَّهَ لَمۡ يَكُ مُغَيِّرࣰ ا نِّعۡمَةً أَنۡعَمَهَا عَلَىٰ قَوۡمٍ حَتَّىٰ يُغَيِّرُواْ مَا بِأَنفُسِهِمۡ وَأَنَّ ٱللَّهَ سَمِيعٌ عَلِيمࣱ‏

Allah A ke ke A fetola Mohau Oo A o apesitseng batho ho fihlela batho bao ka bó-bona ba fetola meea ea bona. Ruri Allah ke Eena Ea utloang le ho tseba lintho tsohle

Ayah 53

كَدَأۡبِ ءَالِ فِرۡعَوۡنَ وَٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡۚ كَذَّبُواْ بِـَٔايَٰتِ رَبِّهِمۡ فَأَهۡلَكۡنَٰهُم بِذُنُوبِهِمۡ وَأَغۡرَقۡنَآ ءَالَ فِرۡعَوۡنَۚ وَكُلࣱّ كَانُواْ ظَٰلِمِينَ

“Liketso tse ts’oanang le tsa batho ba Faro le ba bileng teng pele ho bona.” ba ile ba nka lits’upiso tsa Mong`a bona e le bohata. Ea ba Re eaba fepetla ka le baka la litlolo tsa bona Re khamisa batho ba Faro metsi, hobane bohle e ne e le ba hatelli le baetsalibe

Ayah 54

إِنَّ شَرَّ ٱلدَّوَآبِّ عِندَ ٱللَّهِ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ فَهُمۡ لَا يُؤۡمِنُونَ

Hobane tse mpe ka ho fetisisa libopuoeng mahlong A Allah, ke ba mo nenang ba bile ba ke ke kholoa

Ayah 55

ٱلَّذِينَ عَٰهَدتَّ مِنۡهُمۡ ثُمَّ يَنقُضُونَ عَهۡدَهُمۡ فِي كُلِّ مَرَّةࣲ وَهُمۡ لَا يَتَّقُونَ

Ke bao u kileng ua etsa selekane le bona, empa ba roba selekane sa bona ka linako tsohle, ebile habana ts’abo ea Allah

Ayah 56

فَإِمَّا تَثۡقَفَنَّهُمۡ فِي ٱلۡحَرۡبِ فَشَرِّدۡ بِهِم مَّنۡ خَلۡفَهُمۡ لَعَلَّهُمۡ يَذَّكَّرُونَ

Haeba le ka bahlola ntoeng, le hasanye ba tla ba sala morao e le hore batle ba hopole

Ayah 57

وَإِمَّا تَخَافَنَّ مِن قَوۡمٍ خِيَانَةࣰ فَٱنۢبِذۡ إِلَيۡهِمۡ عَلَىٰ سَوَآءٍۚ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يُحِبُّ ٱلۡخَآئِنِينَ

Ha le belaella bohla ba phieo ho lebepa le ópe, ba hopotse selekane sa bona, e le hore le be boemong ba tekano. Hobane Allah ha a rate mahlabaphieo

Ayah 58

وَلَا يَحۡسَبَنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ سَبَقُوٓاْۚ إِنَّهُمۡ لَا يُعۡجِزُونَ

Bahloka-tumelo ba se ithetse ka hore ba ka iphumana ba fekisitse ba nang le Allah. Ba ke ke ba ba fenya

Ayah 59

وَأَعِدُّواْ لَهُم مَّا ٱسۡتَطَعۡتُم مِّن قُوَّةࣲ وَمِن رِّبَاطِ ٱلۡخَيۡلِ تُرۡهِبُونَ بِهِۦ عَدُوَّ ٱللَّهِ وَعَدُوَّكُمۡ وَءَاخَرِينَ مِن دُونِهِمۡ لَا تَعۡلَمُونَهُمُ ٱللَّهُ يَعۡلَمُهُمۡۚ وَمَا تُنفِقُواْ مِن شَيۡءࣲ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِ يُوَفَّ إِلَيۡكُمۡ وَأَنتُمۡ لَا تُظۡلَمُونَ

Khahlanong le bona le hlomele sa mohla letsatsi la pheletso le tsona lipitsi tsa lóna tsa ntoa le li hlomele sa thokhonya etlebe tsenene e kenyang letsoalo lipelong tsa lira tsa Allah e leng lira tsa lóna le ba bang bao le sa ba tsebeng, empa Allah Eena O oa ba tseba. Lits’enyehelo tsohle tseo ts’ebeletso e ka le kenyang ho tsona, le tla li buseletsoa ka bótlalo ha le ke ke la hanyapetsoa

Ayah 60

۞وَإِن جَنَحُواْ لِلسَّلۡمِ فَٱجۡنَحۡ لَهَا وَتَوَكَّلۡ عَلَى ٱللَّهِۚ إِنَّهُۥ هُوَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡعَلِيمُ

Haeba sera se sekamela khotsong, le lóna le sekamele khotsong, le behe ts’epo ea lóna ho Allah, hobane ke Eena Ea Utloang le ho tseba tsohle

Ayah 61

وَإِن يُرِيدُوٓاْ أَن يَخۡدَعُوكَ فَإِنَّ حَسۡبَكَ ٱللَّهُۚ هُوَ ٱلَّذِيٓ أَيَّدَكَ بِنَصۡرِهِۦ وَبِٱلۡمُؤۡمِنِينَ

Ebang ba le rerela bolotsana, Ruri Allah U le lekane, ke eena ea le matlafalitseng ka thuso ea hae le ka lebóthó la ba kholoang

Ayah 62

وَأَلَّفَ بَيۡنَ قُلُوبِهِمۡۚ لَوۡ أَنفَقۡتَ مَا فِي ٱلۡأَرۡضِ جَمِيعࣰ ا مَّآ أَلَّفۡتَ بَيۡنَ قُلُوبِهِمۡ وَلَٰكِنَّ ٱللَّهَ أَلَّفَ بَيۡنَهُمۡۚ إِنَّهُۥ عَزِيزٌ حَكِيمࣱ‏

Ho feta moo, o kentse lerato ka har’a lipelo tsa lóna. Haeba le ne le ka sebelisa matlotlo a teng lefats’eng lohle, le ne le ke ke la hlahisa lerato le joalo, empa Allah Eena O phethahalitse hobane O tsotehile matleng, O Seli

Ayah 63

يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّبِيُّ حَسۡبُكَ ٱللَّهُ وَمَنِ ٱتَّبَعَكَ مِنَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ

Oho moprofeta! Allah U o lekane, uena le ba u setseng morao har’a bakholoang

Ayah 64

يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّبِيُّ حَرِّضِ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ عَلَى ٱلۡقِتَالِۚ إِن يَكُن مِّنكُمۡ عِشۡرُونَ صَٰبِرُونَ يَغۡلِبُواْ مِاْئَتَيۡنِۚ وَإِن يَكُن مِّنكُم مِّاْئَةࣱ يَغۡلِبُوٓاْ أَلۡفࣰ ا مِّنَ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بِأَنَّهُمۡ قَوۡمࣱ لَّا يَفۡقَهُونَ

Oho Moprofeta! Khothaletsa ba kholoang ho kena ntoeng. Haeba har’a lóna ho ba mashome a mabeli ba nang le mamello le tiisetso, ba tla fekisa makholo a mabeli; haeba ba le lekholo, ba tla fekisa sekete sa ba sa kholoeng hobane bao ke batho ba hlokang kutloisiso

Ayah 65

ٱلۡـَٰٔنَ خَفَّفَ ٱللَّهُ عَنكُمۡ وَعَلِمَ أَنَّ فِيكُمۡ ضَعۡفࣰ اۚ فَإِن يَكُن مِّنكُم مِّاْئَةࣱ صَابِرَةࣱ يَغۡلِبُواْ مِاْئَتَيۡنِۚ وَإِن يَكُن مِّنكُمۡ أَلۡفࣱ يَغۡلِبُوٓاْ أَلۡفَيۡنِ بِإِذۡنِ ٱللَّهِۗ وَٱللَّهُ مَعَ ٱلصَّٰبِرِينَ

Lekhatheng lena, Allah U sa le bebó falelitse mathata hobane a tseba hore ho teng bofokoli lipelong tsa lóna. Empa le ha ho le joalo, haeba ho le teng ba lekholo har’a lóna ba mamello le tiisetso, batla fekisa a mabeli makholo, haeba ba le sekete, ba tla fekisa tse peli likete ka tumello ea Allah, hobane Allah U na le ba mamellang ka tiisetso

Ayah 66

مَا كَانَ لِنَبِيٍّ أَن يَكُونَ لَهُۥٓ أَسۡرَىٰ حَتَّىٰ يُثۡخِنَ فِي ٱلۡأَرۡضِۚ تُرِيدُونَ عَرَضَ ٱلدُّنۡيَا وَٱللَّهُ يُرِيدُ ٱلۡأٓخِرَةَۗ وَٱللَّهُ عَزِيزٌ حَكِيمࣱ‏

Ha ho lumellehe hore moprofeta a ka ba le bats’oaruoa ba ntoa ho fihlela a thapisitse naha eohle. Le shebile likhahlisang tsa lefats’e lena, Allah Eena, O Shalimile tsa Botlang, Allah U Tsotehile matleng, O Seli

Ayah 67

لَّوۡلَا كِتَٰبࣱ مِّنَ ٱللَّهِ سَبَقَ لَمَسَّكُمۡ فِيمَآ أَخَذۡتُمۡ عَذَابٌ عَظِيمࣱ‏

Hoja ebá e ne e se ka lebaka la pallo ea monene e neng etsoa ho Allah, le ka be le oetsoe ke kotlo e boima ka lebaka la lefohlo leo le ileng la le hapa

Ayah 68

فَكُلُواْ مِمَّا غَنِمۡتُمۡ حَلَٰلࣰ ا طَيِّبࣰ اۚ وَٱتَّقُواْ ٱللَّهَۚ إِنَّ ٱللَّهَ غَفُورࣱ رَّحِيمࣱ‏

Empa ha joale, imoneng menoana ka seo le se hapileng ntoeng se molaong ebile se lókile empa ts’abang Allah, hobane Allah U Ts’oarela-khafetsa, O Mohau O Fetisisang

Ayah 69

يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّبِيُّ قُل لِّمَن فِيٓ أَيۡدِيكُم مِّنَ ٱلۡأَسۡرَىٰٓ إِن يَعۡلَمِ ٱللَّهُ فِي قُلُوبِكُمۡ خَيۡرࣰ ا يُؤۡتِكُمۡ خَيۡرࣰ ا مِّمَّآ أُخِذَ مِنكُمۡ وَيَغۡفِرۡ لَكُمۡۚ وَٱللَّهُ غَفُورࣱ رَّحِيمࣱ‏

Oho Moprofeta! Bolella bats’oaruoa ba matsohong a hau o re ho bona: “haeba Allah a ka fumana shoamphana ea ho lóka ka har’a lipelo tsa lóna, o tla le neha ho chatsi ho feta hoo a ho nkileng ho lóna, ebile o tla le ts’oarela hobane Allah, O Ts’oarela-khafetsa, O Mohau O Fetisisang.”

Ayah 70

وَإِن يُرِيدُواْ خِيَانَتَكَ فَقَدۡ خَانُواْ ٱللَّهَ مِن قَبۡلُ فَأَمۡكَنَ مِنۡهُمۡۗ وَٱللَّهُ عَلِيمٌ حَكِيمٌ

Haeba ba na le bolotsana khahlanong le lóna, oho Moromuoa! Tseba hore ba se ba le nyellong ho Allah, kahoo u se A u nehile matla hólim’a bona. Allah ke Eena Ea nang le tsebo e tletseng hammoho le Seli

Ayah 71

إِنَّ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَهَاجَرُواْ وَجَٰهَدُواْ بِأَمۡوَٰلِهِمۡ وَأَنفُسِهِمۡ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِ وَٱلَّذِينَ ءَاوَواْ وَّنَصَرُوٓاْ أُوْلَٰٓئِكَ بَعۡضُهُمۡ أَوۡلِيَآءُ بَعۡضࣲۚ وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَلَمۡ يُهَاجِرُواْ مَا لَكُم مِّن وَلَٰيَتِهِم مِّن شَيۡءٍ حَتَّىٰ يُهَاجِرُواْۚ وَإِنِ ٱسۡتَنصَرُوكُمۡ فِي ٱلدِّينِ فَعَلَيۡكُمُ ٱلنَّصۡرُ إِلَّا عَلَىٰ قَوۡمِۭ بَيۡنَكُمۡ وَبَيۡنَهُم مِّيثَٰقࣱۗ وَٱللَّهُ بِمَا تَعۡمَلُونَ بَصِيرࣱ‏

Haele ba kholoang ba siea malapa a bona le hóna ho loanela tumelo ka maruo ohle a bona le botho ba bona tseleng ea Allah, hammoho le ba ileng bafana ka ts›ireletso le thuso, báná ke metsoalle le bats›ireletsani. Empa haele ba amohetseng tumelo empa ba sa ba phalalisa, ha u mokitlaneng oa ts’ireletso ho bóna ho fihlela ba kena phalalisong. Empa haeba ba hloka thuso ea hau tumelong, o tlamehile ho ba thusa. Kantle le haeba ba le khahlanong le batho bao le nang le selekane sa thusano le bóna, u be u hopole hore Allah U bonts’isa hantle tsohle tseo u li etsang

Ayah 72

وَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بَعۡضُهُمۡ أَوۡلِيَآءُ بَعۡضٍۚ إِلَّا تَفۡعَلُوهُ تَكُن فِتۡنَةࣱ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَفَسَادࣱ كَبِيرࣱ‏

Mahloka-tumelo ke bats’ireletsani, ntle le hore le lóna le etse mokhoa oa ho ts’ireletsana ho tla ba le tubeho ‘moho le khatello lefats’eng, le mofere-fere o moholo

Ayah 73

وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَهَاجَرُواْ وَجَٰهَدُواْ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِ وَٱلَّذِينَ ءَاوَواْ وَّنَصَرُوٓاْ أُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡمُؤۡمِنُونَ حَقࣰّ اۚ لَّهُم مَّغۡفِرَةࣱ وَرِزۡقࣱ كَرِيمࣱ‏

Ba kholoang ba siea malapa a bona ho ea loanela tumelo, mmoho le ba nehelanang ka ts’ireletso le thuso ho bona, ka sebele ba kholoang, sa bona ke ts’oarelo ea libe le litókisetso tse manoni

Ayah 74

وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ مِنۢ بَعۡدُ وَهَاجَرُواْ وَجَٰهَدُواْ مَعَكُمۡ فَأُوْلَٰٓئِكَ مِنكُمۡۚ وَأُوْلُواْ ٱلۡأَرۡحَامِ بَعۡضُهُمۡ أَوۡلَىٰ بِبَعۡضࣲ فِي كِتَٰبِ ٱللَّهِۚ إِنَّ ٱللَّهَ بِكُلِّ شَيۡءٍ عَلِيمُۢ

Ba amohelang tumelo hamorao ba kena phalalisong ba loanela Tumelo – ke ba lóna, empa kamano ka tsoalano e kahólim’a ho litokelo tse ling Lengolong la Allah. Ruri Allah U tsebisisa lintho tsohle

Ayah 75