Surah Al-Furqaan — The Criterion
Surah Al-Furqaan (The Criterion) is chapter 25 of the Quran, with 77 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.
تَبَارَكَ ٱلَّذِي نَزَّلَ ٱلۡفُرۡقَانَ عَلَىٰ عَبۡدِهِۦ لِيَكُونَ لِلۡعَٰلَمِينَ نَذِيرًا
Ea Hlohonolofetseng ke Eena ea rometseng ho Lekhabunyane la hae ts’iea ea botle le bobe, hore e tle ebe khalemo lichabeng
Ayah 1ٱلَّذِي لَهُۥ مُلۡكُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَلَمۡ يَتَّخِذۡ وَلَدࣰ ا وَلَمۡ يَكُن لَّهُۥ شَرِيكࣱ فِي ٱلۡمُلۡكِ وَخَلَقَ كُلَّ شَيۡءࣲ فَقَدَّرَهُۥ تَقۡدِيرࣰ ا
Eo puso ea maholimo le’a lefats’e e leng ea Hae. Ea sa kang A ikhethela mora le eena motlatsetsi pusong ea Hae. Eena ea hlotseng lintho tsohle, A ba A li nyalanya ka tekanyo
Ayah 2وَٱتَّخَذُواْ مِن دُونِهِۦٓ ءَالِهَةࣰ لَّا يَخۡلُقُونَ شَيۡـࣰٔ ا وَهُمۡ يُخۡلَقُونَ وَلَا يَمۡلِكُونَ لِأَنفُسِهِمۡ ضَرࣰّ ا وَلَا نَفۡعࣰ ا وَلَا يَمۡلِكُونَ مَوۡتࣰ ا وَلَا حَيَوٰةࣰ وَلَا نُشُورࣰ ا
Empa ba ikhethela ho rapela lits’oants’o ntle ho Eena tse ke keng tsa hlola letho tseo ka bo-tsona li hloliloeng, tse ke keng tsa hlahisa kotsi ho hang le ho iketsetsa molemo kapa ho hlahisa lefu kapa bophelo kapa ona matla a ho tsosa bafu
Ayah 3وَقَالَ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ إِنۡ هَٰذَآ إِلَّآ إِفۡكٌ ٱفۡتَرَىٰهُ وَأَعَانَهُۥ عَلَيۡهِ قَوۡمٌ ءَاخَرُونَۖ فَقَدۡ جَآءُو ظُلۡمࣰ ا وَزُورࣰ ا
Empa mahana-tumelo ba re: “Sena ha se letho haese leshano leo a iqapetseng lona, hona le ba mo thusitseng.” ‘Nete ke hore, ke bona ba buang mashano le lenyatso
Ayah 4وَقَالُوٓاْ أَسَٰطِيرُ ٱلۡأَوَّلِينَ ٱكۡتَتَبَهَا فَهِيَ تُمۡلَىٰ عَلَيۡهِ بُكۡرَةࣰ وَأَصِيلࣰ ا
Ba bile ba re: “Ke lit`somo tsa batho ba khale-khale tseo a li ngotseng, u li pheteloa hoseng le mantsiboea
Ayah 5قُلۡ أَنزَلَهُ ٱلَّذِي يَعۡلَمُ ٱلسِّرَّ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۚ إِنَّهُۥ كَانَ غَفُورࣰ ا رَّحِيمࣰ ا
E re: “Ea tsebang makunutu a maholimo le’a lefats’e ke Eena ea senotseng
Ayah 6وَقَالُواْ مَالِ هَٰذَا ٱلرَّسُولِ يَأۡكُلُ ٱلطَّعَامَ وَيَمۡشِي فِي ٱلۡأَسۡوَاقِ لَوۡلَآ أُنزِلَ إِلَيۡهِ مَلَكࣱ فَيَكُونَ مَعَهُۥ نَذِيرًا
Ba bile ba re: “Ke moromuoa oa mofuta ofe ea jang lijo le hona ho tsamaea har’a motse? Hobaneng ha ho sa romelloe lenyeloi ho eena, ho tla tla mo thusa ka tlhokomeliso
Ayah 7أَوۡ يُلۡقَىٰٓ إِلَيۡهِ كَنزٌ أَوۡ تَكُونُ لَهُۥ جَنَّةࣱ يَأۡكُلُ مِنۡهَاۚ وَقَالَ ٱلظَّٰلِمُونَ إِن تَتَّبِعُونَ إِلَّا رَجُلࣰ ا مَّسۡحُورًا
“Kapa hobaneng a sa abeloa letlotlo, kapa hobaneng ha a se na serapa seo a ithabisang ho sona? Ebile baetsalibe ba re: “Ha ho seo le se latelang haese motho ea louoeng.”
Ayah 8ٱنظُرۡ كَيۡفَ ضَرَبُواْ لَكَ ٱلۡأَمۡثَٰلَ فَضَلُّواْ فَلَا يَسۡتَطِيعُونَ سَبِيلࣰ ا
Bona kamoo ba qapang lipapiso ka uena! Empa ba khelohile, ba ke ba fumana tataiso
Ayah 9تَبَارَكَ ٱلَّذِيٓ إِن شَآءَ جَعَلَ لَكَ خَيۡرࣰ ا مِّن ذَٰلِكَ جَنَّٰتࣲ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُ وَيَجۡعَل لَّكَ قُصُورَۢا
Ea Hlohonolofetseng ke Eo haeba e ne e le Takatso ea Hae, A ka le nehang Lirapa tse machosi ho feta tseo, – tseo linoka li phallang tlasa tsona; le hona ho le neha Lipaleisi
Ayah 10بَلۡ كَذَّبُواْ بِٱلسَّاعَةِۖ وَأَعۡتَدۡنَا لِمَن كَذَّبَ بِٱلسَّاعَةِ سَعِيرًا
Che, ba latola Hora ea kahlolo, Re lokisitse Lelakabe bakeng sa latolang Hora e tlang
Ayah 11إِذَا رَأَتۡهُم مِّن مَّكَانِۭ بَعِيدࣲ سَمِعُواْ لَهَا تَغَيُّظࣰ ا وَزَفِيرࣰ ا
Nakong eo le ba bonelang thoko haholo le lona, ba tla utloa ho phsatlaka le hona ho harolaka ha lona
Ayah 12وَإِذَآ أُلۡقُواْ مِنۡهَا مَكَانࣰ ا ضَيِّقࣰ ا مُّقَرَّنِينَ دَعَوۡاْ هُنَالِكَ ثُبُورࣰ ا
Nakong eo ba khothomeletsoang ka har’a sebaka se mopatisane ba tlameletsoe mmoho, ba tla rapella koluoa
Ayah 13لَّا تَدۡعُواْ ٱلۡيَوۡمَ ثُبُورࣰ ا وَٰحِدࣰ ا وَٱدۡعُواْ ثُبُورࣰ ا كَثِيرࣰ ا
“Kajeno se rapelleng koluoa e le ‘ngoe, empa rapellang likoluoa tse menahantsoeng!”
Ayah 14قُلۡ أَذَٰلِكَ خَيۡرٌ أَمۡ جَنَّةُ ٱلۡخُلۡدِ ٱلَّتِي وُعِدَ ٱلۡمُتَّقُونَۚ كَانَتۡ لَهُمۡ جَزَآءࣰ وَمَصِيرࣰ ا
E re: “Na kahlolo eo e molemo ho feta serapa sa nyakallo se ts’episitsoeng bohle ba nenang bobe? Serapa seo e tla ba moputso oa bona, e bile e le pheletsong ea leeto
Ayah 15لَّهُمۡ فِيهَا مَا يَشَآءُونَ خَٰلِدِينَۚ كَانَ عَلَىٰ رَبِّكَ وَعۡدࣰ ا مَّسۡـُٔولࣰ ا
“Batla phela ka har’a sona, ba ena le lintho tsohle tseo ba li labalabelang. Ts’episo ea Mong`a lona e ts’oanetseng ho phethahala.”
Ayah 16وَيَوۡمَ يَحۡشُرُهُمۡ وَمَا يَعۡبُدُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ فَيَقُولُ ءَأَنتُمۡ أَضۡلَلۡتُمۡ عِبَادِي هَٰٓؤُلَآءِ أَمۡ هُمۡ ضَلُّواْ ٱلسَّبِيلَ
Ka letsatsi le leng U tla ba bokella ‘moho le lintho tsohle tseo bali khumamelang kantle ho Allah, U tla botsa: “na ke lona ba neng ba khelosa makhabunyane a Ka, kapa ke bona ka bo- bona ba ikhelositseng tseleng
Ayah 17قَالُواْ سُبۡحَٰنَكَ مَا كَانَ يَنۢبَغِي لَنَآ أَن نَّتَّخِذَ مِن دُونِكَ مِنۡ أَوۡلِيَآءَ وَلَٰكِن مَّتَّعۡتَهُمۡ وَءَابَآءَهُمۡ حَتَّىٰ نَسُواْ ٱلذِّكۡرَ وَكَانُواْ قَوۡمَۢا بُورࣰ ا
Ba tla re: “Tlotla e be ho Uena! Ho ne ho sa lokele ho rona hore re ka ikhethela mots’ireletsi kathoko ho Uena; empa ke Uena ea ba nehileng lintho tse molemo le bo-ntat’a bona ho fihlela ba lebetse Molaetsa, hobane e ne e le batho ba lahlehileng.”
Ayah 18فَقَدۡ كَذَّبُوكُم بِمَا تَقُولُونَ فَمَا تَسۡتَطِيعُونَ صَرۡفࣰ ا وَلَا نَصۡرࣰ اۚ وَمَن يَظۡلِم مِّنكُمۡ نُذِقۡهُ عَذَابࣰ ا كَبِيرࣰ ا
Allah U tla re: “Ke kamoo ba le shanofatsang kateng ho seo le se buang, kahoo ha ho kamoo le ka qobang kahlolo, kapa ho fumana thuso kateng.” Etsoe mong le mong ea etsang liphoso har’a lona, Re tla mo latsoisa kahlolo e ts’abehang
Ayah 19وَمَآ أَرۡسَلۡنَا قَبۡلَكَ مِنَ ٱلۡمُرۡسَلِينَ إِلَّآ إِنَّهُمۡ لَيَأۡكُلُونَ ٱلطَّعَامَ وَيَمۡشُونَ فِي ٱلۡأَسۡوَاقِۗ وَجَعَلۡنَا بَعۡضَكُمۡ لِبَعۡضࣲ فِتۡنَةً أَتَصۡبِرُونَۗ وَكَانَ رَبُّكَ بَصِيرࣰ ا
Baromuoa bao re ‘nileng Ra ba roma pele ho uena e ne e le batho ba ne ba ja lijo, ba bile ba tsamaea har’a metse. Re entse ba bang ba lona ho ba teko ho ba bang: na le sa tla ba le mamello? Hobane Allah ke Eena ea Bonang lintho tsohle
Ayah 20۞وَقَالَ ٱلَّذِينَ لَا يَرۡجُونَ لِقَآءَنَا لَوۡلَآ أُنزِلَ عَلَيۡنَا ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ أَوۡ نَرَىٰ رَبَّنَاۗ لَقَدِ ٱسۡتَكۡبَرُواْ فِيٓ أَنفُسِهِمۡ وَعَتَوۡ عُتُوࣰّ ا كَبِيرࣰ ا
Ba senang ts’abo ea ho kopano le Rona ba re: “Hobaneg ha manyeloi a sa ka a romelloa ho rona, hobaneng re sa bone Mong`a rona? Ruri! ban a le boikhomoso, boikhants’o ba bona bo boholo ka manyala
Ayah 21يَوۡمَ يَرَوۡنَ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةَ لَا بُشۡرَىٰ يَوۡمَئِذࣲ لِّلۡمُجۡرِمِينَ وَيَقُولُونَ حِجۡرࣰ ا مَّحۡجُورࣰ ا
Mohla ba bonang manyeloi, – ho ke ke ha eba le monyaka ho baetsalibe letsatsing leo; Manyeloi a tla re: “Ho na le thibella e hanetsoeng ka hoohle”
Ayah 22وَقَدِمۡنَآ إِلَىٰ مَا عَمِلُواْ مِنۡ عَمَلࣲ فَجَعَلۡنَٰهُ هَبَآءࣰ مَّنثُورًا
Re tla shebana le liketso tseo ba li entseng, ebe Re li hasanya joaloka leroele
Ayah 23أَصۡحَٰبُ ٱلۡجَنَّةِ يَوۡمَئِذٍ خَيۡرࣱ مُّسۡتَقَرࣰّ ا وَأَحۡسَنُ مَقِيلࣰ ا
Balekane ba Serapa, ba tla be ba le manoning lehaeng la bona, ba nyakaletse sebakeng sa phomolo
Ayah 24وَيَوۡمَ تَشَقَّقُ ٱلسَّمَآءُ بِٱلۡغَمَٰمِ وَنُزِّلَ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ تَنزِيلًا
Letsatsing leo leholimo le maru li tla petsoha ka lehare, manyeloi a tla romelloa a theoha ka mekhahlelo
Ayah 25ٱلۡمُلۡكُ يَوۡمَئِذٍ ٱلۡحَقُّ لِلرَّحۡمَٰنِۚ وَكَانَ يَوۡمًا عَلَى ٱلۡكَٰفِرِينَ عَسِيرࣰ ا
Puso Letsatsing leo, e tla be e le ea ‘nete le toka, e tsoang ho Ea Tletseng Mohau, e tla ba letsatsi le thata ho mahana-tumelo
Ayah 26وَيَوۡمَ يَعَضُّ ٱلظَّالِمُ عَلَىٰ يَدَيۡهِ يَقُولُ يَٰلَيۡتَنِي ٱتَّخَذۡتُ مَعَ ٱلرَّسُولِ سَبِيلࣰ ا
Ke letsatsi leo moetsalibe a tla itoma matsoho, a re: “Oho, hoja e be ke ile ka ikhethela tsela ea hoba ‘moho le Moromuoa
Ayah 27يَٰوَيۡلَتَىٰ لَيۡتَنِي لَمۡ أَتَّخِذۡ فُلَانًا خَلِيلࣰ ا
Ke soabile! Hoja ebe ha ke’a ka ka ikhethela e mong ho ba motsoalle
Ayah 28لَّقَدۡ أَضَلَّنِي عَنِ ٱلذِّكۡرِ بَعۡدَ إِذۡ جَآءَنِيۗ وَكَانَ ٱلشَّيۡطَٰنُ لِلۡإِنسَٰنِ خَذُولࣰ ا
O nkeketse thoko le Molaetsa kamor’a ho o finyelle ho ‘na. Satane haesale e le moeki oa motho.”
Ayah 29وَقَالَ ٱلرَّسُولُ يَٰرَبِّ إِنَّ قَوۡمِي ٱتَّخَذُواْ هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانَ مَهۡجُورࣰ ا
Ke moo moromuoa a tla re: “Oho Mong`a ka! Ruri! Batho ba heso ba nkile Qura’n ena e se na thuso.”
Ayah 30وَكَذَٰلِكَ جَعَلۡنَا لِكُلِّ نَبِيٍّ عَدُوࣰّ ا مِّنَ ٱلۡمُجۡرِمِينَۗ وَكَفَىٰ بِرَبِّكَ هَادِيࣰ ا وَنَصِيرࣰ ا
Leha ho le joalo, re hlophisitse moporofeta e mong le e mong ele sera ho baetsalibe; empa Allah U lekane ho tataisa le ho thusa
Ayah 31وَقَالَ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لَوۡلَا نُزِّلَ عَلَيۡهِ ٱلۡقُرۡءَانُ جُمۡلَةࣰ وَٰحِدَةࣰۚ كَذَٰلِكَ لِنُثَبِّتَ بِهِۦ فُؤَادَكَۖ وَرَتَّلۡنَٰهُ تَرۡتِيلࣰ ا
Ba latolang Tumelo ba re: “Hobaneng ha ho sa ka ha senoloa Qura’n ka nako e le ngoe ho eena? Ke kamoo e senotsoeng kateng e le hore Re tle Re tiise pelo ea hau ka eona; ebile Re e hlophisitse ka tatellano e nepahetseng
Ayah 32وَلَا يَأۡتُونَكَ بِمَثَلٍ إِلَّا جِئۡنَٰكَ بِٱلۡحَقِّ وَأَحۡسَنَ تَفۡسِيرًا
Ha ho potso eo ba e tlisang ho uena, empa Rona Re u tlisetsa ‘nete le tlhaloso e chabileng
Ayah 33ٱلَّذِينَ يُحۡشَرُونَ عَلَىٰ وُجُوهِهِمۡ إِلَىٰ جَهَنَّمَ أُوْلَٰٓئِكَ شَرࣱّ مَّكَانࣰ ا وَأَضَلُّ سَبِيلࣰ ا
Ba tla khobokangoang Liheleng ka lifahleho tsa bona: Ba tla ba maqakabetsing a ts’abehang, ba thoko-thoko le tsela e nepahetseng
Ayah 34وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَا مُوسَى ٱلۡكِتَٰبَ وَجَعَلۡنَا مَعَهُۥٓ أَخَاهُ هَٰرُونَ وَزِيرࣰ ا
Re ile ra romella Moshe Lengolo esita le ho mo matahanya ‘moho le ngoana’bo Aarone ho ba Lehlahana la hae
Ayah 35فَقُلۡنَا ٱذۡهَبَآ إِلَى ٱلۡقَوۡمِ ٱلَّذِينَ كَذَّبُواْ بِـَٔايَٰتِنَا فَدَمَّرۡنَٰهُمۡ تَدۡمِيرࣰ ا
Ra fana ka taelo: “Tsamaeang mmoho le e sechabeng se latotseng Lits’enolo tsa Rona.” Sona sechaba seo Re ile Ra se ripitla larita
Ayah 36وَقَوۡمَ نُوحࣲ لَّمَّا كَذَّبُواْ ٱلرُّسُلَ أَغۡرَقۡنَٰهُمۡ وَجَعَلۡنَٰهُمۡ لِلنَّاسِ ءَايَةࣰۖ وَأَعۡتَدۡنَا لِلظَّٰلِمِينَ عَذَابًا أَلِيمࣰ ا
Le batho ba habo Nooe, – ha ba ne ba latola baromuoa, Re ile Ra ba khamisa ka metsi, eaba Re ba etsa sesupo ho batho. Re hlophisitse timelo e mahlonoko malebana le baetsalibe
Ayah 37وَعَادࣰ ا وَثَمُودَاْ وَأَصۡحَٰبَ ٱلرَّسِّ وَقُرُونَۢا بَيۡنَ ذَٰلِكَ كَثِيرࣰ ا
Ka ho ts’oana le meloko ea Ba-Aad le Ba-Thamud, le balekane ba Rass, esita le meloko e mengata lipakeng tsa bona
Ayah 38وَكُلࣰّ ا ضَرَبۡنَا لَهُ ٱلۡأَمۡثَٰلَۖ وَكُلࣰّ ا تَبَّرۡنَا تَتۡبِيرࣰ ا
Moloko ka mong oa bona Re ile Ra romela ka mehlala le lipapiso, moloko ka mong Re ileng Ra o ripitla ea eba lesupi
Ayah 39وَلَقَدۡ أَتَوۡاْ عَلَى ٱلۡقَرۡيَةِ ٱلَّتِيٓ أُمۡطِرَتۡ مَطَرَ ٱلسَّوۡءِۚ أَفَلَمۡ يَكُونُواْ يَرَوۡنَهَاۚ بَلۡ كَانُواْ لَا يَرۡجُونَ نُشُورࣰ ا
Mahana-tumeloba fetile haufi le motse o neng o netsoe ke pula ea tlokotsi. Na e be ha ba ka ba e elelloa? Empa ha ba ts’abe Letsatsi la Tsoho
Ayah 40وَإِذَا رَأَوۡكَ إِن يَتَّخِذُونَكَ إِلَّا هُزُوًا أَهَٰذَا ٱلَّذِي بَعَثَ ٱللَّهُ رَسُولًا
Ha ba u bona ba u etsa sesomo: “Na ke eena eo Allah A mo romileng e le moporofeta?”
Ayah 41إِن كَادَ لَيُضِلُّنَا عَنۡ ءَالِهَتِنَا لَوۡلَآ أَن صَبَرۡنَا عَلَيۡهَاۚ وَسَوۡفَ يَعۡلَمُونَ حِينَ يَرَوۡنَ ٱلۡعَذَابَ مَنۡ أَضَلُّ سَبِيلًا
“Ruri! A ka be A re kheloselitse hole le melingoana ea rona hoja ra se ke ra kakatlela ka tieo ho eona.” Ke hona ba tla tseba mohla ba bonang timelo, hore na ke mang ea khelohetseng thoko haholo le tsela
Ayah 42أَرَءَيۡتَ مَنِ ٱتَّخَذَ إِلَٰهَهُۥ هَوَىٰهُ أَفَأَنتَ تَكُونُ عَلَيۡهِ وَكِيلًا
Na u kile oa bona motho ea ikhethelang molingoana oa hae ho latela litakatso tsa hae? Na u ka ba molebeli oa hae
Ayah 43أَمۡ تَحۡسَبُ أَنَّ أَكۡثَرَهُمۡ يَسۡمَعُونَ أَوۡ يَعۡقِلُونَۚ إِنۡ هُمۡ إِلَّا كَٱلۡأَنۡعَٰمِ بَلۡ هُمۡ أَضَلُّ سَبِيلًا
Kapa e be u nahana hore boholo ba bona bo oa utloa kapa ho utloisisa? Ba ts’oana le likhomo –Che, ba khelohetse thoko- thoko le tsela
Ayah 44أَلَمۡ تَرَ إِلَىٰ رَبِّكَ كَيۡفَ مَدَّ ٱلظِّلَّ وَلَوۡ شَآءَ لَجَعَلَهُۥ سَاكِنࣰ ا ثُمَّ جَعَلۡنَا ٱلشَّمۡسَ عَلَيۡهِ دَلِيلࣰ ا
Ha u eso lellaletse mahlo a hau ho Mong’a hau, Kamoo A lelefatsang Moriti kateng – – hoja e be e bile thato ea Hae A ka be A le lesitse hona moo –empa, ke moo Re entse hore letsatsi e be moqhobi oa oona
Ayah 45ثُمَّ قَبَضۡنَٰهُ إِلَيۡنَا قَبۡضࣰ ا يَسِيرࣰ ا
Joale, ebe Re o hulela ho Rona, – ka mokhoa o sa potlakang
Ayah 46وَهُوَ ٱلَّذِي جَعَلَ لَكُمُ ٱلَّيۡلَ لِبَاسࣰ ا وَٱلنَّوۡمَ سُبَاتࣰ ا وَجَعَلَ ٱلنَّهَارَ نُشُورࣰ ا
Ke Eena ea entseng Bosiu ho ba Sekhurumetso sa lona, Boroko e be Phomolo le Lets’eare e be Tsoho ea lona
Ayah 47وَهُوَ ٱلَّذِيٓ أَرۡسَلَ ٱلرِّيَٰحَ بُشۡرَۢا بَيۡنَ يَدَيۡ رَحۡمَتِهِۦۚ وَأَنزَلۡنَا مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءࣰ طَهُورࣰ ا
Ebile ke Eena ea romellang liphefo e le phatlalatso ea litaba tse molemo tsa Mohau oa Hae, ke Rona ba romellang lipula tse theohang marung
Ayah 48لِّنُحۡـِۧيَ بِهِۦ بَلۡدَةࣰ مَّيۡتࣰ ا وَنُسۡقِيَهُۥ مِمَّا خَلَقۡنَآ أَنۡعَٰمࣰ ا وَأَنَاسِيَّ كَثِيرࣰ ا
Hore ka eona Re tle Re fane ka bophelo ho naha e neng e omeletse esita le ho batho le ho fa liphoofolo tsohle metsi ao Re li hlotseng ka ona
Ayah 49وَلَقَدۡ صَرَّفۡنَٰهُ بَيۡنَهُمۡ لِيَذَّكَّرُواْ فَأَبَىٰٓ أَكۡثَرُ ٱلنَّاسِ إِلَّا كُفُورࣰ ا
Re abile metsi ka tekanyo har’a bona, hore ba tle ba keteke lithoriso tsa Rona, empa batho ba bangata ha ba tsotelle ka ho hloka teboho
Ayah 50وَلَوۡ شِئۡنَا لَبَعَثۡنَا فِي كُلِّ قَرۡيَةࣲ نَّذِيرࣰ ا
Hoja ebile thato ea Rona, Re ka be Re ile Ra romela mohlokomelisi motseng o mong le o mong
Ayah 51فَلَا تُطِعِ ٱلۡكَٰفِرِينَ وَجَٰهِدۡهُم بِهِۦ جِهَادࣰ ا كَبِيرࣰ ا
Kahoo le se mamelemahan-atumelo, empa le tsitlalle khahlanong le bona ka molaetsa ona ka matla a maholo
Ayah 52۞وَهُوَ ٱلَّذِي مَرَجَ ٱلۡبَحۡرَيۡنِ هَٰذَا عَذۡبࣱ فُرَاتࣱ وَهَٰذَا مِلۡحٌ أُجَاجࣱ وَجَعَلَ بَيۡنَهُمَا بَرۡزَخࣰ ا وَحِجۡرࣰ ا مَّحۡجُورࣰ ا
Ke Eena ea faneng ka boipuso ho maoatle a mabeli; le leng le lumellana le litatso tsohle, le monate, ha le leng le le bohla, le baba; o bile o sehile moeli esita le moeli o hanetsoeng lipakeng tsa oona
Ayah 53وَهُوَ ٱلَّذِي خَلَقَ مِنَ ٱلۡمَآءِ بَشَرࣰ ا فَجَعَلَهُۥ نَسَبࣰ ا وَصِهۡرࣰ اۗ وَكَانَ رَبُّكَ قَدِيرࣰ ا
Ke Eena ea hlotseng motho ka metsi, le ho phethahatsa tsoalano ea hae ka mali esita le kamano ka lenyalo; hobane Mong`a hau U matla holima tsohle
Ayah 54وَيَعۡبُدُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ مَا لَا يَنفَعُهُمۡ وَلَا يَضُرُّهُمۡۗ وَكَانَ ٱلۡكَافِرُ عَلَىٰ رَبِّهِۦ ظَهِيرࣰ ا
Le hoja ba khumamela tse ke keng tsa ba atlehisa le ho ba hlahisetsa kotsi ea letho kathoko ho Allah. Ruri! Ea latolang tumelo haesale a thusa sebe khahlanong le Mong`a hae
Ayah 55وَمَآ أَرۡسَلۡنَٰكَ إِلَّا مُبَشِّرࣰ ا وَنَذِيرࣰ ا
Ha ho seo Re u rometseng ka sona haese feela ho fana ka litaba tse molemo, le hona ho ba mohlokomelisi
Ayah 56قُلۡ مَآ أَسۡـَٔلُكُمۡ عَلَيۡهِ مِنۡ أَجۡرٍ إِلَّا مَن شَآءَ أَن يَتَّخِذَ إِلَىٰ رَبِّهِۦ سَبِيلࣰ ا
E re: “Ha ho moputso oo `na ke le kopang ona malebane le sena, mang kapa mang ea nang le tabatabelo a ka ikhethela tsela ea Mong`a hae.”
Ayah 57وَتَوَكَّلۡ عَلَى ٱلۡحَيِّ ٱلَّذِي لَا يَمُوتُ وَسَبِّحۡ بِحَمۡدِهِۦۚ وَكَفَىٰ بِهِۦ بِذُنُوبِ عِبَادِهِۦ خَبِيرًا
Le be le behe ts’epo ea lona ho ea phelang, ea sa shoeng, le hona ho phetaka lithoriso tsa Hae. Etsoe U lekane, joaloka ha ele motsebi oa libe tsa makhabunyane a Hae
Ayah 58ٱلَّذِي خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ وَمَا بَيۡنَهُمَا فِي سِتَّةِ أَيَّامࣲ ثُمَّ ٱسۡتَوَىٰ عَلَى ٱلۡعَرۡشِۖ ٱلرَّحۡمَٰنُ فَسۡـَٔلۡ بِهِۦ خَبِيرࣰ ا
Ea hlotseng maholimo le lefats’e le tsohle tse lipakeng tsa ona ka matsatsi a ts’eletseng, U hlomamisitsoe ka tieo Terone Ea Hae. Ea tletseng lereko! Le ka botsa mong le mong ea nang le tsebo malebana le Eena
Ayah 59وَإِذَا قِيلَ لَهُمُ ٱسۡجُدُواْۤ لِلرَّحۡمَٰنِ قَالُواْ وَمَا ٱلرَّحۡمَٰنُ أَنَسۡجُدُ لِمَا تَأۡمُرُنَا وَزَادَهُمۡ نُفُورࣰ ا۩
Ha ho thoe ho bona: “Ithapalatseng kapel’a Ea Tletseng Lereko!” Ba re: “Ke mang ea Tletseng Lereko? Na re ka ithapalatsa kapel’a eng kapa eng eo u re laelang eona?” Seo se eketsa lehloeo ho bona
Ayah 60تَبَارَكَ ٱلَّذِي جَعَلَ فِي ٱلسَّمَآءِ بُرُوجࣰ ا وَجَعَلَ فِيهَا سِرَٰجࣰ ا وَقَمَرࣰ ا مُّنِيرࣰ ا
Thlohonolofalo e be ho Eena Ea hlomamisitseng linaleli tse pharaletseng leholimong, A ba A hlomamisa letsatsi le khoeli e fanang ka khanya ho lona
Ayah 61وَهُوَ ٱلَّذِي جَعَلَ ٱلَّيۡلَ وَٱلنَّهَارَ خِلۡفَةࣰ لِّمَنۡ أَرَادَ أَن يَذَّكَّرَ أَوۡ أَرَادَ شُكُورࣰ ا
Ke Eena Ea tsepamisitseng bosiu le mots’eare ka tatellano, molemong oa ba nang le tabatabelo ea ho hopola le hona ho fana ka liteboho
Ayah 62وَعِبَادُ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلَّذِينَ يَمۡشُونَ عَلَى ٱلۡأَرۡضِ هَوۡنࣰ ا وَإِذَا خَاطَبَهُمُ ٱلۡجَٰهِلُونَ قَالُواْ سَلَٰمࣰ ا
Makhabunyane a nang le tumelo a Ea Tletseng Lereko, ke a tsamaeang lefats’eng ka hloko, ao e reng ba hlokang tsebo ha ba ba lumelisa, eba ba re: “Khotso;”
Ayah 63وَٱلَّذِينَ يَبِيتُونَ لِرَبِّهِمۡ سُجَّدࣰ ا وَقِيَٰمࣰ ا
Ba bileng ba sesang bosiu ba le kapel’a Mong`a bona, ba ithapalatsa le hona ho ema
Ayah 64وَٱلَّذِينَ يَقُولُونَ رَبَّنَا ٱصۡرِفۡ عَنَّا عَذَابَ جَهَنَّمَۖ إِنَّ عَذَابَهَا كَانَ غَرَامًا
Ba reng: “Mong`a rona! Re qobise kahlolo ea Liheleng; hobane Kahlolo ea teng ke e mahlonoko
Ayah 65إِنَّهَا سَآءَتۡ مُسۡتَقَرࣰّ ا وَمُقَامࣰ ا
Ruri! Ke lehae le bolileng le sona sebaka se fosahetseng ho phomola teng;”
Ayah 66وَٱلَّذِينَ إِذَآ أَنفَقُواْ لَمۡ يُسۡرِفُواْ وَلَمۡ يَقۡتُرُواْ وَكَانَ بَيۡنَ ذَٰلِكَ قَوَامࣰ ا
Bao e reng ha ba senyeheloa, ebe ha ba etse ts’enyo kapa hona ho ba le khonono; empa ba tsepame ‘nqa e le ngoe lipakeng tsa bobeli bona
Ayah 67وَٱلَّذِينَ لَا يَدۡعُونَ مَعَ ٱللَّهِ إِلَٰهًا ءَاخَرَ وَلَا يَقۡتُلُونَ ٱلنَّفۡسَ ٱلَّتِي حَرَّمَ ٱللَّهُ إِلَّا بِٱلۡحَقِّ وَلَا يَزۡنُونَۚ وَمَن يَفۡعَلۡ ذَٰلِكَ يَلۡقَ أَثَامࣰ ا
Ba bileng ba sa khumameleng mong le mong ntle ho Allah, kapa hona ho bolaea bophelo boo Allah a sa fanang ka tumello e joalo haese ha feela eba ho phethahatsoa toka, ba bileng ba sa etse bohlola – mong le mong ea etsang sena o tla jara boikarabello
Ayah 68يُضَٰعَفۡ لَهُ ٱلۡعَذَابُ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ وَيَخۡلُدۡ فِيهِۦ مُهَانًا
Kahlolo ea hae e tla menahangoa habeli mohla Letsatsi la Kahlolo, o tla loeba-loeba kamoo a le mahlomoleng ho isa kahosafeleng
Ayah 69إِلَّا مَن تَابَ وَءَامَنَ وَعَمِلَ عَمَلࣰ ا صَٰلِحࣰ ا فَأُوْلَٰٓئِكَ يُبَدِّلُ ٱللَّهُ سَيِّـَٔاتِهِمۡ حَسَنَٰتࣲۗ وَكَانَ ٱللَّهُ غَفُورࣰ ا رَّحِيمࣰ ا
Ntle le a tla sokoloha le ho kholoa, a etsa liketso tse hloekileng; Allah U tla fetola liketso tsa bona tse fosahetseng ka tse lokileng. Hobane Ruri! Allah U ts’oarela-joalo-joalo, U Tletse Mohau
Ayah 70وَمَن تَابَ وَعَمِلَ صَٰلِحࣰ ا فَإِنَّهُۥ يَتُوبُ إِلَى ٱللَّهِ مَتَابࣰ ا
Mong le mong ea sokolohang, a etsa liketso tse lokileng, O sokolohela ho Allah ka ts’okoloho ea ‘nete – –
Ayah 71وَٱلَّذِينَ لَا يَشۡهَدُونَ ٱلزُّورَ وَإِذَا مَرُّواْ بِٱللَّغۡوِ مَرُّواْ كِرَامࣰ ا
Ba bile ba sa tl’o pakela leshano, empa nakong eo ba fetang haufi le lintho tse nyongts’ang, ba feta ka tlhompho eohle
Ayah 72وَٱلَّذِينَ إِذَا ذُكِّرُواْ بِـَٔايَٰتِ رَبِّهِمۡ لَمۡ يَخِرُّواْ عَلَيۡهَا صُمࣰّ ا وَعُمۡيَانࣰ ا
Bao e reng ha ba pheteloa lits’enolo tsa Mong`a bona, ebe ha ebe litholo le tsona lifofu ke seo
Ayah 73وَٱلَّذِينَ يَقُولُونَ رَبَّنَا هَبۡ لَنَا مِنۡ أَزۡوَٰجِنَا وَذُرِّيَّٰتِنَا قُرَّةَ أَعۡيُنࣲ وَٱجۡعَلۡنَا لِلۡمُتَّقِينَ إِمَامًا
Ba bileng ba reng: “Mong`a rona! ak’u re nehe basali le tsoala e amohelehang ho rona, U be U re etse sitse ka mohau ho eta pele ba nenang bobe.”
Ayah 74أُوْلَٰٓئِكَ يُجۡزَوۡنَ ٱلۡغُرۡفَةَ بِمَا صَبَرُواْ وَيُلَقَّوۡنَ فِيهَا تَحِيَّةࣰ وَسَلَٰمًا
Bao ba tla putsoa ka sebaka se phahameng leholimong ka lebaka la mamello ea bona, ba tla kopana le kamohelo e mofuthu le mantsoe a khotso
Ayah 75خَٰلِدِينَ فِيهَاۚ حَسُنَتۡ مُسۡتَقَرࣰّ ا وَمُقَامࣰ ا
Ba tla phela kamoo kahosafeleng. Lehae la monyaka le sona sebaka sa phomolo e machosi
Ayah 76قُلۡ مَا يَعۡبَؤُاْ بِكُمۡ رَبِّي لَوۡلَا دُعَآؤُكُمۡۖ فَقَدۡ كَذَّبۡتُمۡ فَسَوۡفَ يَكُونُ لِزَامَۢا
E re ho ba latolang tumelo: “Mong`a ka ha A khathatseha ka lebaka la lona, ha le sa bitse ho Eena: Empa le latotse e le ka ‘nete, haufinyane kotlo e tla le oela holimo. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao
Ayah 77