Surah Ar-Ra'd — The Thunder

Surah Ar-Ra'd (The Thunder) is chapter 13 of the Quran, with 43 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.

الٓمٓرۚ تِلۡكَ ءَايَٰتُ ٱلۡكِتَٰبِۗ وَٱلَّذِيٓ أُنزِلَ إِلَيۡكَ مِن رَّبِّكَ ٱلۡحَقُّ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَ ٱلنَّاسِ لَا يُؤۡمِنُونَ

Alif. Lam. Mim. Ra. Tsena ke likhaolo tsa Lengolo: Tseo u li senoletsoeng ke Mong`a hau ke ‘Nete, empa batho ba bangata ha ba kholoe

Ayah 1

ٱللَّهُ ٱلَّذِي رَفَعَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ بِغَيۡرِ عَمَدࣲ تَرَوۡنَهَاۖ ثُمَّ ٱسۡتَوَىٰ عَلَى ٱلۡعَرۡشِۖ وَسَخَّرَ ٱلشَّمۡسَ وَٱلۡقَمَرَۖ كُلࣱّ يَجۡرِي لِأَجَلࣲ مُّسَمࣰّ ىۚ يُدَبِّرُ ٱلۡأَمۡرَ يُفَصِّلُ ٱلۡأٓيَٰتِ لَعَلَّكُم بِلِقَآءِ رَبِّكُمۡ تُوقِنُونَ

Ke Allah ea phahamisitseng maholimo ntle ho lits’iea tseo u ka li bonang, U tsepame Terone; A beha tlas’a molao oa Hae letsatsi le ngoeli, e ’ngoe le e ’ngoe e pitikoloha tseleng ea eona ho latela nako ea eona ea pallo; Ke Eena ea laolang lintho tsohle le hona ho hlahlamanya lits’enolo e le hore le tle le tiee tumelong ea hore le tla kopana le Mong`a lona

Ayah 2

وَهُوَ ٱلَّذِي مَدَّ ٱلۡأَرۡضَ وَجَعَلَ فِيهَا رَوَٰسِيَ وَأَنۡهَٰرࣰ اۖ وَمِن كُلِّ ٱلثَّمَرَٰتِ جَعَلَ فِيهَا زَوۡجَيۡنِ ٱثۡنَيۡنِۖ يُغۡشِي ٱلَّيۡلَ ٱلنَّهَارَۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتࣲ لِّقَوۡمࣲ يَتَفَكَّرُونَ

Ke Eena ea alileng lefats’e le hona ho hloma holim’a lona lithaba tse tsepameng le melatsoana e phallang, le tsona litholoana tsa mefuta eohle ka bo-beli (tse tona le tse ts’ehali). U apesa bosiu ka mots’eare. Bonang! Ruri kahar’a lintho tsena ke lits’upiso ho le batho ba nahanang

Ayah 3

وَفِي ٱلۡأَرۡضِ قِطَعࣱ مُّتَجَٰوِرَٰتࣱ وَجَنَّٰتࣱ مِّنۡ أَعۡنَٰبࣲ وَزَرۡعࣱ وَنَخِيلࣱ صِنۡوَانࣱ وَغَيۡرُ صِنۡوَانࣲ يُسۡقَىٰ بِمَآءࣲ وَٰحِدࣲ وَنُفَضِّلُ بَعۡضَهَا عَلَىٰ بَعۡضࣲ فِي ٱلۡأُكُلِۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتࣲ لِّقَوۡمࣲ يَعۡقِلُونَ

Lefats’eng ho teng masaba-saba a bapileng, le masimo a merara le ona masimo a jetsoeng lipalema tsa mefuta e sa ts’oaneng, masimo a noesetsoang ka metsi a le mang. Re entse hore litholoana tse ling tsa tsona li latsoehe ha monate ho feta tse ling. Bonang! Ruri kahar’a lintho tsena ke Lits’upiso ho batho banang le utloisisang

Ayah 4

۞وَإِن تَعۡجَبۡ فَعَجَبࣱ قَوۡلُهُمۡ أَءِذَا كُنَّا تُرَٰبًا أَءِنَّا لَفِي خَلۡقࣲ جَدِيدٍۗ أُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بِرَبِّهِمۡۖ وَأُوْلَٰٓئِكَ ٱلۡأَغۡلَٰلُ فِيٓ أَعۡنَاقِهِمۡۖ وَأُوْلَٰٓئِكَ أَصۡحَٰبُ ٱلنَّارِۖ هُمۡ فِيهَا خَٰلِدُونَ

Ha u ka makalla lipuo tsa bona: “na ha re se re le lerole, re tla boela re tsosoa hape hoba lihloliloeng tse nchafalitsoeng?” Bana ke ba latolang Mong`a bona; Ba tla tlamelloa lijoko melaleng ea bona; ke balekane-ba-mollo ka botlalo, batla phela kamoo kahosafeleng

Ayah 5

وَيَسۡتَعۡجِلُونَكَ بِٱلسَّيِّئَةِ قَبۡلَ ٱلۡحَسَنَةِ وَقَدۡ خَلَتۡ مِن قَبۡلِهِمُ ٱلۡمَثُلَٰتُۗ وَإِنَّ رَبَّكَ لَذُو مَغۡفِرَةࣲ لِّلنَّاسِ عَلَىٰ ظُلۡمِهِمۡۖ وَإِنَّ رَبَّكَ لَشَدِيدُ ٱلۡعِقَابِ

Ba u kopa ho potlakisa bobe ho fapana le botle, le hoja mehlala e mengata ebile teng pele ho bona. Empa bona! Mong`a hau Eena U na le ts’oarelo e khaphatsehang liketsong tsa bona tse fosahetseng, Ruri Mong`a hau U na le Matla Ohle kahlolong

Ayah 6

وَيَقُولُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لَوۡلَآ أُنزِلَ عَلَيۡهِ ءَايَةࣱ مِّن رَّبِّهِۦٓۗ إِنَّمَآ أَنتَ مُنذِرࣱۖ وَلِكُلِّ قَوۡمٍ هَادٍ

Ba latolang tumelobare: “hoja feela ebe sesupo se kile sa romeloa ho eena se tsoang ho Mong`a hae!” Uena u mpa feela u le mohlokomelisi ekasitana le eena motataisi oa batho bohle

Ayah 7

ٱللَّهُ يَعۡلَمُ مَا تَحۡمِلُ كُلُّ أُنثَىٰ وَمَا تَغِيضُ ٱلۡأَرۡحَامُ وَمَا تَزۡدَادُۚ وَكُلُّ شَيۡءٍ عِندَهُۥ بِمِقۡدَارٍ

Allah U tseba ka botlalo bopaki ba e mong le e mong ea mots’eali a se imang le tseo lipopelo li haelloang ke tsona, le tseo li tlang ho li hlahisa. Ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe kapel’a hae e se ntse e lekanyelitsoe nako

Ayah 8

عَٰلِمُ ٱلۡغَيۡبِ وَٱلشَّهَٰدَةِ ٱلۡكَبِيرُ ٱلۡمُتَعَالِ

Ke Eena motsebi oa Masabonoeng le tse bonoang, o moholo, ebile o phahame ka ho fetisisang

Ayah 9

سَوَآءࣱ مِّنكُم مَّنۡ أَسَرَّ ٱلۡقَوۡلَ وَمَن جَهَرَ بِهِۦ وَمَنۡ هُوَ مُسۡتَخۡفِۭ بِٱلَّيۡلِ وَسَارِبُۢ بِٱلنَّهَارِ

Ho oa ts’oana ho Eena hore na ope oa lona o shoa le mantsoe, kapa o’a phanyaola, ebang o lara a ipatile bosiu, kapa ebang o itsamaela ka bolokolohi mots’eare

Ayah 10

لَهُۥ مُعَقِّبَٰتࣱ مِّنۢ بَيۡنِ يَدَيۡهِ وَمِنۡ خَلۡفِهِۦ يَحۡفَظُونَهُۥ مِنۡ أَمۡرِ ٱللَّهِۗ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يُغَيِّرُ مَا بِقَوۡمٍ حَتَّىٰ يُغَيِّرُواْ مَا بِأَنفُسِهِمۡۗ وَإِذَآ أَرَادَ ٱللَّهُ بِقَوۡمࣲ سُوٓءࣰ ا فَلَا مَرَدَّ لَهُۥۚ وَمَا لَهُم مِّن دُونِهِۦ مِن وَالٍ

Sebakeng sa ea itsamaelang ka bolokolohi mots’eare, ho teng manyeloi ka tatellano ka pele le kamor’a hae a mo lebetseng ka taelo ea Allah. Bonang! Ruri Allah A ke ke A fetola boemo ba batho kantle le hore e be bona ba ka fetolang seo se ka lipelong tsa bona pele; hoja ebe Allah A ka lakaletsa batho bomalimabe, ha ho ea ka bo qhelelang thoko, kapa hona ho ba le Mots’ireletsi kantle le Eena

Ayah 11

هُوَ ٱلَّذِي يُرِيكُمُ ٱلۡبَرۡقَ خَوۡفࣰ ا وَطَمَعࣰ ا وَيُنشِئُ ٱلسَّحَابَ ٱلثِّقَالَ

Ruri ke Eena ea le bonts’ang lehalima le le bakelang letsoalo le eona ts’epo, ebe U nyolla maru a lutsang pula

Ayah 12

وَيُسَبِّحُ ٱلرَّعۡدُ بِحَمۡدِهِۦ وَٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ مِنۡ خِيفَتِهِۦ وَيُرۡسِلُ ٱلصَّوَٰعِقَ فَيُصِيبُ بِهَا مَن يَشَآءُ وَهُمۡ يُجَٰدِلُونَ فِي ٱللَّهِ وَهُوَ شَدِيدُ ٱلۡمِحَالِ

Lekirietsane lona le bina korotlane lithoriso tsa Hae le ona manyeloi a etsa joalo ka ho makala le ka hlompho e babatsehang ho Eena. O jala tlali e kirietsang ka li’a luma, ka eona A ranthanye ea Ikhethetseng Eena... Ba ts`oere khang ka Allah, ka Matla a Hae

Ayah 13

لَهُۥ دَعۡوَةُ ٱلۡحَقِّۚ وَٱلَّذِينَ يَدۡعُونَ مِن دُونِهِۦ لَا يَسۡتَجِيبُونَ لَهُم بِشَيۡءٍ إِلَّا كَبَٰسِطِ كَفَّيۡهِ إِلَى ٱلۡمَآءِ لِيَبۡلُغَ فَاهُ وَمَا هُوَ بِبَٰلِغِهِۦۚ وَمَا دُعَآءُ ٱلۡكَٰفِرِينَ إِلَّا فِي ضَلَٰلࣲ‏

Thapelo ea ‘nete e lebisoa ho Eena. Ba bitsang emong kantle ho Eena se ba mamele, ba joaloka ha eka otlolla matsoho a bona ho atametsa metsi haufi le melomo ea bona, empa a sa fihle. Hobane thapelo ea ba senang Tumelo ke mofufutso o tsoelang boeeng joaloka oa ntja

Ayah 14

وَلِلَّهِۤ يَسۡجُدُۤ مَن فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ طَوۡعࣰ ا وَكَرۡهࣰ ا وَظِلَٰلُهُم بِٱلۡغُدُوِّ وَٱلۡأٓصَالِ۩

Libopuoa tsohle tse maholimong le lefats’eng li ithapalatsa tlas’a Allah li rata kapa li sa rate, liriti tsa bona tse phethahatsang mesong le lihoreng tsa mantsiboea

Ayah 15

قُلۡ مَن رَّبُّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ قُلِ ٱللَّهُۚ قُلۡ أَفَٱتَّخَذۡتُم مِّن دُونِهِۦٓ أَوۡلِيَآءَ لَا يَمۡلِكُونَ لِأَنفُسِهِمۡ نَفۡعࣰ ا وَلَا ضَرࣰّ اۚ قُلۡ هَلۡ يَسۡتَوِي ٱلۡأَعۡمَىٰ وَٱلۡبَصِيرُ أَمۡ هَلۡ تَسۡتَوِي ٱلظُّلُمَٰتُ وَٱلنُّورُۗ أَمۡ جَعَلُواْ لِلَّهِ شُرَكَآءَ خَلَقُواْ كَخَلۡقِهِۦ فَتَشَٰبَهَ ٱلۡخَلۡقُ عَلَيۡهِمۡۚ قُلِ ٱللَّهُ خَٰلِقُ كُلِّ شَيۡءࣲ وَهُوَ ٱلۡوَٰحِدُ ٱلۡقَهَّٰرُ

E re: “Ke mang eo e leng Mong`a maholimo le lefats’e?” A re: “Ke Allah! E re: “Na le ka nka ba bang ntle ho Eena hoba ba ts’ireletsi, bao ka bo-bona ba ke keng ba iketsetsa botle kapa hona ho hlahisa kotsi?” U boele u re: “Na sefofu se ka lekana le ea bonang, kapa lona lefifi la bonka-ntjana le ka lekana le leseli? Kapa ebe ba maneha Allah le batlatsetsi bao eka bang le bona ba hlotse tse ts’oanang le lihloliloeng tsa Hae, hoo lihloliloeng tseo ba li entseng le lihloliloeng tsa Hae li ka shebahalang li ts’oana mahlong a bona? E re: “Ruri Allah ke `Mopi oa lintho tsohle, ke Eena A Inotsi, Ea Matla Oohle.”

Ayah 16

أَنزَلَ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءࣰ فَسَالَتۡ أَوۡدِيَةُۢ بِقَدَرِهَا فَٱحۡتَمَلَ ٱلسَّيۡلُ زَبَدࣰ ا رَّابِيࣰ اۖ وَمِمَّا يُوقِدُونَ عَلَيۡهِ فِي ٱلنَّارِ ٱبۡتِغَآءَ حِلۡيَةٍ أَوۡ مَتَٰعࣲ زَبَدࣱ مِّثۡلُهُۥۚ كَذَٰلِكَ يَضۡرِبُ ٱللَّهُ ٱلۡحَقَّ وَٱلۡبَٰطِلَۚ فَأَمَّا ٱلزَّبَدُ فَيَذۡهَبُ جُفَآءࣰۖ وَأَمَّا مَا يَنفَعُ ٱلنَّاسَ فَيَمۡكُثُ فِي ٱلۡأَرۡضِۚ كَذَٰلِكَ يَضۡرِبُ ٱللَّهُ ٱلۡأَمۡثَالَ

Ke Eena ea romellang pula lefats’eng e theoha marung, ebe melatsoana e phalla ho latela tekanyo ea eona, likhohola li lelemele li kheleletse makoeba a phaphametse, – ebe li bopa mothofu oo bao o qhibilihisang mollong ho iketsetsa lipetja le lipitsana tse ts’oehletseng makoeba joaloka tsona, – ke kamoo Allah A etsang lipapiso kateng e le hona ho totobatsa ‘nete le leshano. Makoeba ona a tla feta joaloka mahoholi holim’a mabopo, lintho tsa bohlokoa ho batho li tla sala mobung

Ayah 17

لِلَّذِينَ ٱسۡتَجَابُواْ لِرَبِّهِمُ ٱلۡحُسۡنَىٰۚ وَٱلَّذِينَ لَمۡ يَسۡتَجِيبُواْ لَهُۥ لَوۡ أَنَّ لَهُم مَّا فِي ٱلۡأَرۡضِ جَمِيعࣰ ا وَمِثۡلَهُۥ مَعَهُۥ لَٱفۡتَدَوۡاْ بِهِۦٓۚ أُوْلَٰٓئِكَ لَهُمۡ سُوٓءُ ٱلۡحِسَابِ وَمَأۡوَىٰهُمۡ جَهَنَّمُۖ وَبِئۡسَ ٱلۡمِهَادُ

Sebakeng sa ba ananelang pitso ea Allah ho teng nyakallo e ts’abehang; ba sa ananeleng pitso ea Hae bona, – le haeba ba ne ba ka rua lintho tsohle tse teng mona lefats’eng, kapa eba li ngata ho feta moo,-ba ne ba tla sitoa ho itefella ka tsona. Ba joalo, kahlolo ea bona e tla ba e ts’abehang, lehae la bona e tla ba liheleng, lehae le bosula

Ayah 18

۞أَفَمَن يَعۡلَمُ أَنَّمَآ أُنزِلَ إِلَيۡكَ مِن رَّبِّكَ ٱلۡحَقُّ كَمَنۡ هُوَ أَعۡمَىٰٓۚ إِنَّمَا يَتَذَكَّرُ أُوْلُواْ ٱلۡأَلۡبَٰبِ

Na ea tsebang hore seo u se senoletsoeng ho tsoa ho Mong`a hau ke ‘nete, a ka ts’oana le’a foufetseng? Ke feela batho ba nang le kutloisiso ba tla utloa

Ayah 19

ٱلَّذِينَ يُوفُونَ بِعَهۡدِ ٱللَّهِ وَلَا يَنقُضُونَ ٱلۡمِيثَٰقَ

Joaloka ba phethahatsang Selekane sa Allah, ba bile ba sa fose

Ayah 20

وَٱلَّذِينَ يَصِلُونَ مَآ أَمَرَ ٱللَّهُ بِهِۦٓ أَن يُوصَلَ وَيَخۡشَوۡنَ رَبَّهُمۡ وَيَخَافُونَ سُوٓءَ ٱلۡحِسَابِ

Ba kopanyang tsohle tseo Allah a laetseng hore ba li kopanye, ba bile ba ts’aba Mong`a bona ekasitana le hona ho ts’aba kahlolo e ts’abehang

Ayah 21

وَٱلَّذِينَ صَبَرُواْ ٱبۡتِغَآءَ وَجۡهِ رَبِّهِمۡ وَأَقَامُواْ ٱلصَّلَوٰةَ وَأَنفَقُواْ مِمَّا رَزَقۡنَٰهُمۡ سِرࣰّ ا وَعَلَانِيَةࣰ وَيَدۡرَءُونَ بِٱلۡحَسَنَةِ ٱلسَّيِّئَةَ أُوْلَٰٓئِكَ لَهُمۡ عُقۡبَى ٱلدَّارِ

Ba bile ba tsitlallela ho tsomana le sefahleho sa Mong`a bona le hona ho phetha lithapelo, le ho nyehela tseo Re ba putsitseng ka tsona sephiring le pepeneng, ba bile ba koahela bobe ka botle. Ruri tebello ea bona e tla ba lehae la bosafeleng

Ayah 22

جَنَّٰتُ عَدۡنࣲ يَدۡخُلُونَهَا وَمَن صَلَحَ مِنۡ ءَابَآئِهِمۡ وَأَزۡوَٰجِهِمۡ وَذُرِّيَّٰتِهِمۡۖ وَٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ يَدۡخُلُونَ عَلَيۡهِم مِّن كُلِّ بَابࣲ‏

Ba tla kena Lirapeng tsa thabo e sa feleng: le bohle ba etsang botle har’a bo-ntat’a bona le basali ba bona esitana le eona tsoala ea bona. Manyeloi a tla ba etela ka likhoro tsohle

Ayah 23

سَلَٰمٌ عَلَيۡكُم بِمَا صَبَرۡتُمۡۚ فَنِعۡمَ عُقۡبَى ٱلدَّارِ

“Khotso ebe le lona hobane le bile le mamello.” Ahe, le babatseha hakakang lehae la bosafeleng

Ayah 24

وَٱلَّذِينَ يَنقُضُونَ عَهۡدَ ٱللَّهِ مِنۢ بَعۡدِ مِيثَٰقِهِۦ وَيَقۡطَعُونَ مَآ أَمَرَ ٱللَّهُ بِهِۦٓ أَن يُوصَلَ وَيُفۡسِدُونَ فِي ٱلۡأَرۡضِ أُوْلَٰٓئِكَ لَهُمُ ٱللَّعۡنَةُ وَلَهُمۡ سُوٓءُ ٱلدَّارِ

Haele ba koenehelang selekane sa Allah kamor’a hoba ba itlame ka lona, ba bile ba arohanya tseo Allah a laetseng hore ba li kopanye le hona ho fehla pherekano lefats’eng: Ruri thohako e holim’a bona le lona lehae le nyonyehang

Ayah 25

ٱللَّهُ يَبۡسُطُ ٱلرِّزۡقَ لِمَن يَشَآءُ وَيَقۡدِرُۚ وَفَرِحُواْ بِٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا وَمَا ٱلۡحَيَوٰةُ ٱلدُّنۡيَا فِي ٱلۡأٓخِرَةِ إِلَّا مَتَٰعࣱ‏

Allah U ekeletsa ope ea khahloang ke Eena boipheliso, le hona ho bo nyenyefaletsa ope ea khahloang ke Eena; bophelong ba lefats’e lena ba ea nyakalla, athe bophelo ba lefats’e lena ha se letho haese nyakallo e fokolang ha bo bapisoa le Bo-tlang

Ayah 26

وَيَقُولُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لَوۡلَآ أُنزِلَ عَلَيۡهِ ءَايَةࣱ مِّن رَّبِّهِۦۚ قُلۡ إِنَّ ٱللَّهَ يُضِلُّ مَن يَشَآءُ وَيَهۡدِيٓ إِلَيۡهِ مَنۡ أَنَابَ

Mahana-tumelo a re: “Hoja empe be sesupo se ile sa romelloa ho eena se tsoang ho Mong`a hae!” E re: “Ruri Allah U lesa ope ea khahloang ke Eena ho kheloha, empa o tataisetsa bohle ho Eena ba boelang ho Eena ka boinyatso

Ayah 27

ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَتَطۡمَئِنُّ قُلُوبُهُم بِذِكۡرِ ٱللَّهِۗ أَلَا بِذِكۡرِ ٱللَّهِ تَطۡمَئِنُّ ٱلۡقُلُوبُ

Bohle ba kholoang, ebile lipelo tsa bona li fumana khotsofalo khopolong ea Allah. Etsoe Ruri ha ho khoaolipelo li fumana khotsofalo khopolong ea Allah

Ayah 28

ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ طُوبَىٰ لَهُمۡ وَحُسۡنُ مَـَٔابࣲ‏

Ba kholoang ba bile baetsa toka: tlhonolofalo ke’a bona, etsoe pheletso ea leeto la bona ke e bohehang.”

Ayah 29

كَذَٰلِكَ أَرۡسَلۡنَٰكَ فِيٓ أُمَّةࣲ قَدۡ خَلَتۡ مِن قَبۡلِهَآ أُمَمࣱ لِّتَتۡلُوَاْ عَلَيۡهِمُ ٱلَّذِيٓ أَوۡحَيۡنَآ إِلَيۡكَ وَهُمۡ يَكۡفُرُونَ بِٱلرَّحۡمَٰنِۚ قُلۡ هُوَ رَبِّي لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ عَلَيۡهِ تَوَكَّلۡتُ وَإِلَيۡهِ مَتَابِ

Eleng kahoo Re u romeletseng ho sechaba, seo pele ho sona ho bileng teng lichaba tse seng li fetile, hore u tle u ba phetele seo Re u senoletseng sona, le hoja ba ntse ba latola Allah. E re: “Ke Mong`a ka; ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena. Ke behile ts’epo ea ka ho Eena, ke tla boela ho Eena.”

Ayah 30

وَلَوۡ أَنَّ قُرۡءَانࣰ ا سُيِّرَتۡ بِهِ ٱلۡجِبَالُ أَوۡ قُطِّعَتۡ بِهِ ٱلۡأَرۡضُ أَوۡ كُلِّمَ بِهِ ٱلۡمَوۡتَىٰۗ بَل لِّلَّهِ ٱلۡأَمۡرُ جَمِيعًاۗ أَفَلَمۡ يَاْيۡـَٔسِ ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ أَن لَّوۡ يَشَآءُ ٱللَّهُ لَهَدَى ٱلنَّاسَ جَمِيعࣰ اۗ وَلَا يَزَالُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ تُصِيبُهُم بِمَا صَنَعُواْ قَارِعَةٌ أَوۡ تَحُلُّ قَرِيبࣰ ا مِّن دَارِهِمۡ حَتَّىٰ يَأۡتِيَ وَعۡدُ ٱللَّهِۚ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يُخۡلِفُ ٱلۡمِيعَادَ

Ha ho ne ho ena le Qura’n ho suthisa lithaba, kapa lefats’e la nyebekolloa le bafu ba buoa. Empa taelo ke’a Allah. Na ebe ba kholoang ha batsebe hore haeba Allah A ne A lakalitse, eka be ba U ile a tataisa batho bohle? Mahana-tumelo ona koluoa e ka be e sa phetse ho ba nanola ho latela liketso tseo ba li etsang, kapa hona hoba hauts’oane le malapa a bona ho fihlela ts’episo ea Allah e phethahala. Bonang! Allah ha A e s’o sitoe ts’episong

Ayah 31

وَلَقَدِ ٱسۡتُهۡزِئَ بِرُسُلࣲ مِّن قَبۡلِكَ فَأَمۡلَيۡتُ لِلَّذِينَ كَفَرُواْ ثُمَّ أَخَذۡتُهُمۡۖ فَكَيۡفَ كَانَ عِقَابِ

Baromuoa ba Allah ba ‘nile ba songoa le pele ho uena, empa Ke ile Ka fana Ka nyehlisetso ho mahana-tumelo. Empa khabareng Ke ile Ka baotla, hana e ile ea ts’abeha hakakang kahlolo ea Ka

Ayah 32

أَفَمَنۡ هُوَ قَآئِمٌ عَلَىٰ كُلِّ نَفۡسِۭ بِمَا كَسَبَتۡۗ وَجَعَلُواْ لِلَّهِ شُرَكَآءَ قُلۡ سَمُّوهُمۡۚ أَمۡ تُنَبِّـُٔونَهُۥ بِمَا لَا يَعۡلَمُ فِي ٱلۡأَرۡضِ أَم بِظَٰهِرࣲ مِّنَ ٱلۡقَوۡلِۗ بَلۡ زُيِّنَ لِلَّذِينَ كَفَرُواْ مَكۡرُهُمۡ وَصُدُّواْ عَنِ ٱلسَّبِيلِۗ وَمَن يُضۡلِلِ ٱللَّهُ فَمَا لَهُۥ مِنۡ هَادࣲ‏

Na ea hlokolosi holim’a meea eohle, A ka ts’oana le’a seng hlokolosi ka letho? Leha ho le joalo, ba ntse ba maneha Allah batlatsetsi. E re: “Ba bitseng ka mabitso. Na ebe le ka mo tsebisa se seng seo A sa se tsebeng lefats’eng? Kapa empa e le bokheleke feela? Haele ba sa kholoeng boikhakanyo ba bona bo shebahala bo khahleha, ba qheletsoe thoko le tsela e nepahetseng. Bao Allah A ba lesitseng ho kheloha, ha ho tataiso

Ayah 33

لَّهُمۡ عَذَابࣱ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَاۖ وَلَعَذَابُ ٱلۡأٓخِرَةِ أَشَقُّۖ وَمَا لَهُم مِّنَ ٱللَّهِ مِن وَاقࣲ‏

Bophelong ba lefats’eng lena ho teng kotlo ho bona, Ruri timelo ea bophelo Bo-tlang ke e mahlonoko a ts’abehang, ebile ba ke ke ba eba le mots’ireletsi khahlanong le Allah

Ayah 34

۞مَّثَلُ ٱلۡجَنَّةِ ٱلَّتِي وُعِدَ ٱلۡمُتَّقُونَۖ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُۖ أُكُلُهَا دَآئِمࣱ وَظِلُّهَاۚ تِلۡكَ عُقۡبَى ٱلَّذِينَ ٱتَّقَواْۚ وَّعُقۡبَى ٱلۡكَٰفِرِينَ ٱلنَّارُ

Papiso ea Serapa se ts’episitsoeng ba tsitlalletseng ka mamello ho Allah: tlas’a sona ho phalla linoka; nyakallo e sa feleng ‘moho le moriti oa tsona; ona ke pheletso ea ba mamellang ka tieo, pheletso ea Mahana-tumelo ele mollo

Ayah 35

وَٱلَّذِينَ ءَاتَيۡنَٰهُمُ ٱلۡكِتَٰبَ يَفۡرَحُونَ بِمَآ أُنزِلَ إِلَيۡكَۖ وَمِنَ ٱلۡأَحۡزَابِ مَن يُنكِرُ بَعۡضَهُۥۚ قُلۡ إِنَّمَآ أُمِرۡتُ أَنۡ أَعۡبُدَ ٱللَّهَ وَلَآ أُشۡرِكَ بِهِۦٓۚ إِلَيۡهِ أَدۡعُواْ وَإِلَيۡهِ مَـَٔابِ

Bao Re faneng ka Lengolo ho bona, banyakaletse ke seo re u senoletseng sona. Empa ho teng ba bang har’a meloko ba latolang karolo ea lona. E re: “Ke laetsoe ho sebeletsa Allah feela, ke se mo kopanye le batlatsetsi. Ke bitsa ho Eena, poelo eaka e ho Eena

Ayah 36

وَكَذَٰلِكَ أَنزَلۡنَٰهُ حُكۡمًا عَرَبِيࣰّ اۚ وَلَئِنِ ٱتَّبَعۡتَ أَهۡوَآءَهُم بَعۡدَ مَا جَآءَكَ مِنَ ٱلۡعِلۡمِ مَا لَكَ مِنَ ٱللَّهِ مِن وَلِيࣲّ وَلَا وَاقࣲ‏

Ke kamoo Re le senotseng kateng, ho ba kahlolo kantle le tika-tiko ka se-Arabia; ha u ka sala morao litakatso tsa bona kamor’a ho ba tsebo e finyelle ho uena, Ruri u ke ke oa eba le mots’ireletsi ea ka u khahlanong le Allah

Ayah 37

وَلَقَدۡ أَرۡسَلۡنَا رُسُلࣰ ا مِّن قَبۡلِكَ وَجَعَلۡنَا لَهُمۡ أَزۡوَٰجࣰ ا وَذُرِّيَّةࣰۚ وَمَا كَانَ لِرَسُولٍ أَن يَأۡتِيَ بِـَٔايَةٍ إِلَّا بِإِذۡنِ ٱللَّهِۗ لِكُلِّ أَجَلࣲ كِتَابࣱ‏

Re ile Ra romella Baromuoa ho batho pele ho uena, Ra ba abela basali le bana, ho ne ho se moromuoa ea filoeng hore a ka tlisa Sesupo kantle le takatso ea Allah. Nakong engoe le engoe ho na le Lengolo

Ayah 38

يَمۡحُواْ ٱللَّهُ مَا يَشَآءُ وَيُثۡبِتُۖ وَعِندَهُۥٓ أُمُّ ٱلۡكِتَٰبِ

Allah U hlakola le ho Tiisa se ratoang ke Eena: Ho Eena ke mohloli oa Mangolo

Ayah 39

وَإِن مَّا نُرِيَنَّكَ بَعۡضَ ٱلَّذِي نَعِدُهُمۡ أَوۡ نَتَوَفَّيَنَّكَ فَإِنَّمَا عَلَيۡكَ ٱلۡبَلَٰغُ وَعَلَيۡنَا ٱلۡحِسَابُ

E bang Re ka U bonts’a karolo ea seo Re ba ts’episitseng sona, kapa Ra etsa hore u shoe. Mosebetsi oa hau ke ho phatlalatsa molaetsa: Karolo ea Rona ke ho ba bitsetsa boikarabellong

Ayah 40

أَوَلَمۡ يَرَوۡاْ أَنَّا نَأۡتِي ٱلۡأَرۡضَ نَنقُصُهَا مِنۡ أَطۡرَافِهَاۚ وَٱللَّهُ يَحۡكُمُ لَا مُعَقِّبَ لِحُكۡمِهِۦۚ وَهُوَ سَرِيعُ ٱلۡحِسَابِ

Na ha ba bone kamoo Re chakelang naha kateng, Re ntse Re fokotsa butle-butle meeli e ka mathoko? Nakong eo Allah A fanang ka timelo, ha ho mong le mong ea ka busetsang timelo ea hae morao, o akofela boikarabellong

Ayah 41

وَقَدۡ مَكَرَ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡ فَلِلَّهِ ٱلۡمَكۡرُ جَمِيعࣰ اۖ يَعۡلَمُ مَا تَكۡسِبُ كُلُّ نَفۡسࣲۗ وَسَيَعۡلَمُ ٱلۡكُفَّٰرُ لِمَنۡ عُقۡبَى ٱلدَّارِ

Bohle ba bileng teng pele ho bona ba ile ba rera; Empa merero eohle ke’A Allah. O tseba ka botlalo seo moea ka mong o se kotulang. Haufinyane Mahana-tumelo a tla tseba hore na ke bo mang majalefa a lehae

Ayah 42

وَيَقُولُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لَسۡتَ مُرۡسَلࣰ اۚ قُلۡ كَفَىٰ بِٱللَّهِ شَهِيدَۢا بَيۡنِي وَبَيۡنَكُمۡ وَمَنۡ عِندَهُۥ عِلۡمُ ٱلۡكِتَٰبِ

Mahana-tumelo a re: “Uena ha u Moromuoa.” E re: “Allah U lekane e le paki lipakeng tsa ka le lona le bohle ba nang le tsebo ea Lengolo.” Ka lebitso la Allah, ea leroko, Mong`a hao

Ayah 43