Surah Ibrahim — Abraham
Surah Ibrahim (Abraham) is chapter 14 of the Quran, with 52 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.
الٓرۚ كِتَٰبٌ أَنزَلۡنَٰهُ إِلَيۡكَ لِتُخۡرِجَ ٱلنَّاسَ مِنَ ٱلظُّلُمَٰتِ إِلَى ٱلنُّورِ بِإِذۡنِ رَبِّهِمۡ إِلَىٰ صِرَٰطِ ٱلۡعَزِيزِ ٱلۡحَمِيدِ
Alif. Lam. Ra. Lena ke Lengolo le halalelang leo Re u senoletseng lona, hore ka lona u tle u inole batho lefifing la bo-nka-ntjana u ba tlise leseling ka tumello ea Mong`a hau, u ba tlise Tseleng ea Ea Matla Oohle, Ea Loketsoeng ke Thoriso
Ayah 1ٱللَّهِ ٱلَّذِي لَهُۥ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۗ وَوَيۡلࣱ لِّلۡكَٰفِرِينَ مِنۡ عَذَابࣲ شَدِيدٍ
Allah, Eo lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng li ikarabellang ho Eena. Mahana-tumelo kotlo e mahlonoko ke ea bona
Ayah 2ٱلَّذِينَ يَسۡتَحِبُّونَ ٱلۡحَيَوٰةَ ٱلدُّنۡيَا عَلَى ٱلۡأٓخِرَةِ وَيَصُدُّونَ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِ وَيَبۡغُونَهَا عِوَجًاۚ أُوْلَٰٓئِكَ فِي ضَلَٰلِۭ بَعِيدࣲ
Bohle ba labalabelang bophelo ba lefats’e lena ho feta bophelo Bo-tlang, ba bile ba sitisa batho tseleng ea Allah le hona ho e etsa ts’opholi: ba hlahlathela thoko-thoko
Ayah 3وَمَآ أَرۡسَلۡنَا مِن رَّسُولٍ إِلَّا بِلِسَانِ قَوۡمِهِۦ لِيُبَيِّنَ لَهُمۡۖ فَيُضِلُّ ٱللَّهُ مَن يَشَآءُ وَيَهۡدِي مَن يَشَآءُۚ وَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ
Ha Re’a s’o romelle Moromuoa ka puo e ‘ngoe e fapaneng le ea batho ba habo, e le hore a tle a totobatse molaetsa hantle ho bona. Ke Allah ea romellang ea ikhethelang eena thoko-thoko le tsela e otlolohileng, le hona ho tataisa ea khahloang ke eena. Ruri U Matla Oohle, U Seli
Ayah 4وَلَقَدۡ أَرۡسَلۡنَا مُوسَىٰ بِـَٔايَٰتِنَآ أَنۡ أَخۡرِجۡ قَوۡمَكَ مِنَ ٱلظُّلُمَٰتِ إِلَى ٱلنُّورِ وَذَكِّرۡهُم بِأَيَّىٰمِ ٱللَّهِۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتࣲ لِّكُلِّ صَبَّارࣲ شَكُورࣲ
Re ile Ra romella Moshe ka lits’enolo tsa Rona: “Inola batho ba heno botebong ba lefifi u ba tlise leseling. U ba hopotse matsatsi a Allah.” Ruri! Kahar’a tsona ho teng lits’enolo ho ba tiileng mamellong le tsona liteboho
Ayah 5وَإِذۡ قَالَ مُوسَىٰ لِقَوۡمِهِ ٱذۡكُرُواْ نِعۡمَةَ ٱللَّهِ عَلَيۡكُمۡ إِذۡ أَنجَىٰكُم مِّنۡ ءَالِ فِرۡعَوۡنَ يَسُومُونَكُمۡ سُوٓءَ ٱلۡعَذَابِ وَيُذَبِّحُونَ أَبۡنَآءَكُمۡ وَيَسۡتَحۡيُونَ نِسَآءَكُمۡۚ وَفِي ذَٰلِكُم بَلَآءࣱ مِّن رَّبِّكُمۡ عَظِيمࣱ
Hopola! Moshe a ileng a re batho ba habo: “Hopolang molemo oa Allah holim’a lona mohla a neng a le lopolla ho batho ba Faro ba neng ba le sotla ka kotlo e ts’abehang, ba bile ba bolaea bara ba lona le hona ho siea baroetsana feela; Ruri seo ebile teko e ts’abehang kahofetisisa e tsoang ho Mong`a lona.”
Ayah 6وَإِذۡ تَأَذَّنَ رَبُّكُمۡ لَئِن شَكَرۡتُمۡ لَأَزِيدَنَّكُمۡۖ وَلَئِن كَفَرۡتُمۡ إِنَّ عَذَابِي لَشَدِيدࣱ
Le hopole mohla Mong`a lona a neng a phatlalatsa hore: “Haeba le ka fana ka liteboho, ke tla le neha ho feta moo; empa haeba le ka hloka liteboho, Ruri! Kahlolo ea ka e ea ts’abeha.”
Ayah 7وَقَالَ مُوسَىٰٓ إِن تَكۡفُرُوٓاْ أَنتُمۡ وَمَن فِي ٱلۡأَرۡضِ جَمِيعࣰ ا فَإِنَّ ٱللَّهَ لَغَنِيٌّ حَمِيدٌ
Eaba Moshe a re: “le hoja lona le batho bohle ba teng mona lefats’eng le bonts’a ho hloka teboho, Ruri Allah U Tsepame, Mong`a Lithoriso Tsohle
Ayah 8أَلَمۡ يَأۡتِكُمۡ نَبَؤُاْ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِكُمۡ قَوۡمِ نُوحࣲ وَعَادࣲ وَثَمُودَ وَٱلَّذِينَ مِنۢ بَعۡدِهِمۡ لَا يَعۡلَمُهُمۡ إِلَّا ٱللَّهُۚ جَآءَتۡهُمۡ رُسُلُهُم بِٱلۡبَيِّنَٰتِ فَرَدُّوٓاْ أَيۡدِيَهُمۡ فِيٓ أَفۡوَٰهِهِمۡ وَقَالُوٓاْ إِنَّا كَفَرۡنَا بِمَآ أُرۡسِلۡتُم بِهِۦ وَإِنَّا لَفِي شَكࣲّ مِّمَّا تَدۡعُونَنَآ إِلَيۡهِ مُرِيبࣲ
Na pale ea batho ba bileng teng pele ho lona e se ile ea finyella ho lona? – Ea batho ba habo Nooe, le meloko ea Ba-Ad le Ba-Thamude le bohle ba bileng teng kamor’a bona? – Ha ho ope ea ba tsebang ntle ho Allah. Baromuoa ba habo bona ba ile ba ba etela ka lits’upiso tse hlakileng, empa ba ile ba moma matsoho a bona, eaba ba re: “Bonang! Re latola seo le neng le romeletsoe ho rona ka sona, re na le khoao e totobetseng ka seo le re bitsetsang ho sona.”
Ayah 9۞قَالَتۡ رُسُلُهُمۡ أَفِي ٱللَّهِ شَكࣱّ فَاطِرِ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۖ يَدۡعُوكُمۡ لِيَغۡفِرَ لَكُم مِّن ذُنُوبِكُمۡ وَيُؤَخِّرَكُمۡ إِلَىٰٓ أَجَلࣲ مُّسَمࣰّ ىۚ قَالُوٓاْ إِنۡ أَنتُمۡ إِلَّا بَشَرࣱ مِّثۡلُنَا تُرِيدُونَ أَن تَصُدُّونَا عَمَّا كَانَ يَعۡبُدُ ءَابَآؤُنَا فَأۡتُونَا بِسُلۡطَٰنࣲ مُّبِينࣲ
Baromuoa ba bona ba re: “Na khoao eka ba teng ka Allah, `Mopi oa maholimo le lefats’e? O le bitsa joalo, e le ho tla le ts’oarela libe tsa lona le hona ho behella nako ea pallo morao.” Ba re: “U motho joaloka rona, u le laba-labela ea hore khelosa ho melingoana eo bo-ntat’a rona ba neng ba e rapela. Joale hlahisang sesupo se hlakileng.”
Ayah 10قَالَتۡ لَهُمۡ رُسُلُهُمۡ إِن نَّحۡنُ إِلَّا بَشَرࣱ مِّثۡلُكُمۡ وَلَٰكِنَّ ٱللَّهَ يَمُنُّ عَلَىٰ مَن يَشَآءُ مِنۡ عِبَادِهِۦۖ وَمَا كَانَ لَنَآ أَن نَّأۡتِيَكُم بِسُلۡطَٰنٍ إِلَّا بِإِذۡنِ ٱللَّهِۚ وَعَلَى ٱللَّهِ فَلۡيَتَوَكَّلِ ٱلۡمُؤۡمِنُونَ
Baromuoa ba habo bona ba re ho bona: “Ke ‘nete re batho joaloka lona, Allah U fana ka lereko ho eo A khahloang ke eena har’a makhabunyane a Hae. Rona ha re na matla a ho ka etsa mohlolo kantle le ka tumello ea Allah. Ba kholoang ba behe ts’epo ea bona ho Allah
Ayah 11وَمَا لَنَآ أَلَّا نَتَوَكَّلَ عَلَى ٱللَّهِ وَقَدۡ هَدَىٰنَا سُبُلَنَاۚ وَلَنَصۡبِرَنَّ عَلَىٰ مَآ ءَاذَيۡتُمُونَاۚ وَعَلَى ٱللَّهِ فَلۡيَتَوَكَّلِ ٱلۡمُتَوَكِّلُونَ
Re ke keng ra beha ts’epo ea rona ho Allah hobane e le eng feela A re bonts’itse litsela tsa rona? Ruri re tla mamella tseo le re etsetsang tsona. Ba behang ts’epo ba ts’oanetso ho e beha ho Allah!”
Ayah 12وَقَالَ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لِرُسُلِهِمۡ لَنُخۡرِجَنَّكُم مِّنۡ أَرۡضِنَآ أَوۡ لَتَعُودُنَّ فِي مِلَّتِنَاۖ فَأَوۡحَىٰٓ إِلَيۡهِمۡ رَبُّهُمۡ لَنُهۡلِكَنَّ ٱلظَّٰلِمِينَ
Mahana-tumelo a re ho baromuoa: “Ruri re tla le phalalisa kahar’a naha ea rona, kantle leha le ka la sokolohela tumelong ea rona.” Empa Mong`a bona a ba nyenyeletsa: “Ruri re tla ripitla baetsa-libe
Ayah 13وَلَنُسۡكِنَنَّكُمُ ٱلۡأَرۡضَ مِنۢ بَعۡدِهِمۡۚ ذَٰلِكَ لِمَنۡ خَافَ مَقَامِي وَخَافَ وَعِيدِ
“Ruri re tla le etsa majalefa kahar’a naha kamorao ho bona. Sena ke sebakeng sa ea ts’abang eo ba tlang ho ema kapela Setulo sa Kahlolo, – le hona ho ts’aba likahlolo tsa ka.”
Ayah 14وَٱسۡتَفۡتَحُواْ وَخَابَ كُلُّ جَبَّارٍ عَنِيدࣲ
Empa ba batla tlholo le qeto, pherekano e ile ea eba kabelo ea e mong le e mong ea matla ea tlolang molao
Ayah 15مِّن وَرَآئِهِۦ جَهَنَّمُ وَيُسۡقَىٰ مِن مَّآءࣲ صَدِيدࣲ
Kapele ho ea joalo ke Lihele, o tla noesoa metsi a bohla a belang
Ayah 16يَتَجَرَّعُهُۥ وَلَا يَكَادُ يُسِيغُهُۥ وَيَأۡتِيهِ ٱلۡمَوۡتُ مِن كُلِّ مَكَانࣲ وَمَا هُوَ بِمَيِّتࣲۖ وَمِن وَرَآئِهِۦ عَذَابٌ غَلِيظࣱ
Ka methamo a tlang ho a noa, a ke ke a a koenya: lefu le tla mo tjamela ka mahlakore ohle; empa a ke ke a shoa; kapel’a hae ho teng kahlolo e tlotlollang
Ayah 17مَّثَلُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بِرَبِّهِمۡۖ أَعۡمَٰلُهُمۡ كَرَمَادٍ ٱشۡتَدَّتۡ بِهِ ٱلرِّيحُ فِي يَوۡمٍ عَاصِفࣲۖ لَّا يَقۡدِرُونَ مِمَّا كَسَبُواْ عَلَىٰ شَيۡءࣲۚ ذَٰلِكَ هُوَ ٱلضَّلَٰلُ ٱلۡبَعِيدُ
Papiso ea ba latolang Mong`a bona: mesebetsi ea bona e ts’oana le molora o fefoloang ke moea o matla mohla letsatsi le (fifetseng) ke lerole. Ha ba na matla holim’a seo ba se kotutseng. Seo ke sekhobo se tlotlollang
Ayah 18أَلَمۡ تَرَ أَنَّ ٱللَّهَ خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ بِٱلۡحَقِّۚ إِن يَشَأۡ يُذۡهِبۡكُمۡ وَيَأۡتِ بِخَلۡقࣲ جَدِيدࣲ
Ha ba bone hore Allah U hlotse maholimo le lefats’e ka ‘Nete? Etsoe ha A rata A ka le tlosa, A tlisa lihloliloeng tse ncha hape
Ayah 19وَمَا ذَٰلِكَ عَلَى ٱللَّهِ بِعَزِيزࣲ
Seo ha se taba e thata ho Allah
Ayah 20وَبَرَزُواْ لِلَّهِ جَمِيعࣰ ا فَقَالَ ٱلضُّعَفَٰٓؤُاْ لِلَّذِينَ ٱسۡتَكۡبَرُوٓاْ إِنَّا كُنَّا لَكُمۡ تَبَعࣰ ا فَهَلۡ أَنتُم مُّغۡنُونَ عَنَّا مِنۡ عَذَابِ ٱللَّهِ مِن شَيۡءࣲۚ قَالُواْ لَوۡ هَدَىٰنَا ٱللَّهُ لَهَدَيۡنَٰكُمۡۖ سَوَآءٌ عَلَيۡنَآ أَجَزِعۡنَآ أَمۡ صَبَرۡنَا مَا لَنَا مِن مَّحِيصࣲ
Bohle batla boela ho Mong`a bona. Ke moo ba bileng bo oatla ba tla re ho ba neng ba ikakasa ka boikhants’o: “Re ne re le balateli ba lona, na joale le ke keng la mpa la re sireletsa kahlolong ea Allah?” Ba tla re: “Hoja ebe Allah U ne A re tataisitse, Ruri re ka be re ile ra le tataisa. Ebang re ka koata kapa ra tsitlallela ka mamello, ho rona ho oa ts’oana; ha re na sets’abelo
Ayah 21وَقَالَ ٱلشَّيۡطَٰنُ لَمَّا قُضِيَ ٱلۡأَمۡرُ إِنَّ ٱللَّهَ وَعَدَكُمۡ وَعۡدَ ٱلۡحَقِّ وَوَعَدتُّكُمۡ فَأَخۡلَفۡتُكُمۡۖ وَمَا كَانَ لِيَ عَلَيۡكُم مِّن سُلۡطَٰنٍ إِلَّآ أَن دَعَوۡتُكُمۡ فَٱسۡتَجَبۡتُمۡ لِيۖ فَلَا تَلُومُونِي وَلُومُوٓاْ أَنفُسَكُمۖ مَّآ أَنَا۠ بِمُصۡرِخِكُمۡ وَمَآ أَنتُم بِمُصۡرِخِيَّ إِنِّي كَفَرۡتُ بِمَآ أَشۡرَكۡتُمُونِ مِن قَبۡلُۗ إِنَّ ٱلظَّٰلِمِينَ لَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمࣱ
Ke moo Satane a tla re, ha litaba li se li le mosenekeng: “Allah U ne a le ts’episitse ts’episo ea ‘nete; le ‘na ke ne ke le ts’episitse, empa ke le sitetsoe. Ke ne ke se na matla holim’a lona kantle le hoba ke ile ka le bitsa, lona le ile la ‘mamela. Se mpeheng molato, empa iteleleng e le lona. Ha ho kamoo nka le thusang kateng, le lona ha ho kamoo le nka nthusang kateng. Ruri! Ke ile ka nyelisa seo lona pele le neng le se kopanya le ‘na. Sebakeng sa baetsang liphoso ho teng kahlolo e mahlonoko
Ayah 22وَأُدۡخِلَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ جَنَّٰتࣲ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُ خَٰلِدِينَ فِيهَا بِإِذۡنِ رَبِّهِمۡۖ تَحِيَّتُهُمۡ فِيهَا سَلَٰمٌ
Empa ba kholoang ba ba etsa mesebetsi e lokileng ba tla kena kahar’a Lirapa tseo linoka li phallang tlas’a tsona, ba ikamahantse le tumello ea Mong`a bona, tumeliso ea bona kamoo e tlaba: Khotso
Ayah 23أَلَمۡ تَرَ كَيۡفَ ضَرَبَ ٱللَّهُ مَثَلࣰ ا كَلِمَةࣰ طَيِّبَةࣰ كَشَجَرَةࣲ طَيِّبَةٍ أَصۡلُهَا ثَابِتࣱ وَفَرۡعُهَا فِي ٱلسَّمَآءِ
Na ha u bone kamoo Allah A ithehelang papiso: “Puo e babatsehang, e ts’oana le sefate se babatsehang seo methapo ea sona e tsepameng ka tieo, seo makala a sona a nanabetsang leholimo
Ayah 24تُؤۡتِيٓ أُكُلَهَا كُلَّ حِينِۭ بِإِذۡنِ رَبِّهَاۗ وَيَضۡرِبُ ٱللَّهُ ٱلۡأَمۡثَالَ لِلنَّاسِ لَعَلَّهُمۡ يَتَذَكَّرُونَ
Se fanang ka litholoana tsa sona linsko tsohle, ka tumello ea Mong`a sona? Ruri Allah U theha lipapiso sebakeng sa batho, e le hore ba tle ba amohele khalemo
Ayah 25وَمَثَلُ كَلِمَةٍ خَبِيثَةࣲ كَشَجَرَةٍ خَبِيثَةٍ ٱجۡتُثَّتۡ مِن فَوۡقِ ٱلۡأَرۡضِ مَا لَهَا مِن قَرَارࣲ
Papiso ea puo e mpe e ts’oana le’a sefate se fosahetseng, seo methapo ea sona e sa tebang tlas’a lefats’e hoo se sa tsepamang
Ayah 26يُثَبِّتُ ٱللَّهُ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ بِٱلۡقَوۡلِ ٱلثَّابِتِ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا وَفِي ٱلۡأٓخِرَةِۖ وَيُضِلُّ ٱللَّهُ ٱلظَّٰلِمِينَۚ وَيَفۡعَلُ ٱللَّهُ مَا يَشَآءُ
Ruri Allah U hlapanyetsa ba kholoang ka puo e tsepameng ma bophelong ba lefats’e lena le Bo-tlang, Allah U lesa ba etsang liphoso ho kheloha. ‘Allah U etsa seo a se ratang
Ayah 27۞أَلَمۡ تَرَ إِلَى ٱلَّذِينَ بَدَّلُواْ نِعۡمَتَ ٱللَّهِ كُفۡرࣰ ا وَأَحَلُّواْ قَوۡمَهُمۡ دَارَ ٱلۡبَوَارِ
Ha eso retelehetse mahlo a hau ka ho ba fetotseng lereko la Allah ho nyefolo, ba khelosa batho ba habo bona Lehaeng la Tahlehelo
Ayah 28جَهَنَّمَ يَصۡلَوۡنَهَاۖ وَبِئۡسَ ٱلۡقَرَارُ
Liheleng? Ba tla cha teng,-sebakeng se mahlonoko ho holola teng
Ayah 29وَجَعَلُواْ لِلَّهِ أَندَادࣰ ا لِّيُضِلُّواْ عَن سَبِيلِهِۦۗ قُلۡ تَمَتَّعُواْ فَإِنَّ مَصِيرَكُمۡ إِلَى ٱلنَّارِ
Ba ipetlela melingoana ba e lekanya le Allah hore ba tle bakhelose batho tseleng ea Hae. E re: “Natefeloang! Pheletso ea lona e topile ho ea Liheleng.”
Ayah 30قُل لِّعِبَادِيَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ يُقِيمُواْ ٱلصَّلَوٰةَ وَيُنفِقُواْ مِمَّا رَزَقۡنَٰهُمۡ سِرࣰّ ا وَعَلَانِيَةࣰ مِّن قَبۡلِ أَن يَأۡتِيَ يَوۡمࣱ لَّا بَيۡعࣱ فِيهِ وَلَا خِلَٰلٌ
Bua le makhabunyane A ka a khotsoeng, ho phethahatsa lithapelo le hona ho nyehela ka tseo Re banehileng tsona, lekunutung kapa ponts’eng, pele ho fihla ha Letsatsi leo ka lona ho senang hobale khoebisano kapa ho theha setsoalle
Ayah 31ٱللَّهُ ٱلَّذِي خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ وَأَنزَلَ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءࣰ فَأَخۡرَجَ بِهِۦ مِنَ ٱلثَّمَرَٰتِ رِزۡقࣰ ا لَّكُمۡۖ وَسَخَّرَ لَكُمُ ٱلۡفُلۡكَ لِتَجۡرِيَ فِي ٱلۡبَحۡرِ بِأَمۡرِهِۦۖ وَسَخَّرَ لَكُمُ ٱلۡأَنۡهَٰرَ
Ke Allah ea hlotseng maholimo le lefats’e le hona ho nesa pula e theohang marung, eo ka eona A hlahisang litholoana tseo e leng lijo ho lona, le hona ho bebofaletsa likepe ts’ebetso ea lona, e le hore li tle li sese holim’a leoatle tlas’a taelo ea Hae, le tsona linoka tse phallang ts’ebeletsong ea lona
Ayah 32وَسَخَّرَ لَكُمُ ٱلشَّمۡسَ وَٱلۡقَمَرَ دَآئِبَيۡنِۖ وَسَخَّرَ لَكُمُ ٱلَّيۡلَ وَٱلنَّهَارَ
A ba A etsa letsatsi le ngoeli tse tsepameng tlas’a ts’ebetso ea tsona li setse morao tsela ea tsona, A le etsetsa bosiu le mots’eare
Ayah 33وَءَاتَىٰكُم مِّن كُلِّ مَا سَأَلۡتُمُوهُۚ وَإِن تَعُدُّواْ نِعۡمَتَ ٱللَّهِ لَا تُحۡصُوهَآۗ إِنَّ ٱلۡإِنسَٰنَ لَظَلُومࣱ كَفَّارࣱ
O le neha tsohle tseo le li kopang, empa ha le bala nala ea Allah, le ke ke la e qeta. Ruri motho o inehetse ho hloka toka le teboho
Ayah 34وَإِذۡ قَالَ إِبۡرَٰهِيمُ رَبِّ ٱجۡعَلۡ هَٰذَا ٱلۡبَلَدَ ءَامِنࣰ ا وَٱجۡنُبۡنِي وَبَنِيَّ أَن نَّعۡبُدَ ٱلۡأَصۡنَامَ
Hopolang hore Abrahama o ile a re: “Oho Mong`a ka! Etsa motse ona oa khotso le polokeho: U mpaballe le bara baka khahlanong le ho khumamela melingoana
Ayah 35رَبِّ إِنَّهُنَّ أَضۡلَلۡنَ كَثِيرࣰ ا مِّنَ ٱلنَّاسِۖ فَمَن تَبِعَنِي فَإِنَّهُۥ مِنِّيۖ وَمَنۡ عَصَانِي فَإِنَّكَ غَفُورࣱ رَّحِيمࣱ
Oho Mong`a ka! Ruri e khelositse ba bangata har`a batho; Ea ntatelang o na le ‘na. Haele ea ntatolanng, –empa Ruri ke Uena ea Ts’oarelang joalo-joalo, U Khaphatseha Mohau
Ayah 36رَّبَّنَآ إِنِّيٓ أَسۡكَنتُ مِن ذُرِّيَّتِي بِوَادٍ غَيۡرِ ذِي زَرۡعٍ عِندَ بَيۡتِكَ ٱلۡمُحَرَّمِ رَبَّنَا لِيُقِيمُواْ ٱلصَّلَوٰةَ فَٱجۡعَلۡ أَفۡـِٔدَةࣰ مِّنَ ٱلنَّاسِ تَهۡوِيٓ إِلَيۡهِمۡ وَٱرۡزُقۡهُم مِّنَ ٱلثَّمَرَٰتِ لَعَلَّهُمۡ يَشۡكُرُونَ
Oho Mong`a rona! Ke ahetse ba bang ba bana baka ka har’a phula e senang bolema haufinyane le Ntlo ea Hau e Halalelang. Mong`a rona! E le hore ba tle ba phethahatse lithapelo; Ts’ollela moea oa lerato kahar’a lipelo tsa batho ba tle ba be le qenehelo ho bona, U ba fepe litholoana hore ba tle ba fane ka liteboho
Ayah 37رَبَّنَآ إِنَّكَ تَعۡلَمُ مَا نُخۡفِي وَمَا نُعۡلِنُۗ وَمَا يَخۡفَىٰ عَلَى ٱللَّهِ مِن شَيۡءࣲ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَلَا فِي ٱلسَّمَآءِ
Mong`a rona! Ruri Ke Uena ea tsebang seo re se patang le seo re se utullang. Etsoe ha ho ntho e patehileng ho Allah, ekaba lefats’eng kapa leholimong
Ayah 38ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ ٱلَّذِي وَهَبَ لِي عَلَى ٱلۡكِبَرِ إِسۡمَٰعِيلَ وَإِسۡحَٰقَۚ إِنَّ رَبِّي لَسَمِيعُ ٱلدُّعَآءِ
Lithoriso li be ho Allah ea mphileng Ishmaele le Isaaka lilemong tsa botsofali ba ka! Mong`a ka ka tieo U Utloa Thapelo
Ayah 39رَبِّ ٱجۡعَلۡنِي مُقِيمَ ٱلصَّلَوٰةِ وَمِن ذُرِّيَّتِيۚ رَبَّنَا وَتَقَبَّلۡ دُعَآءِ
Mong`a ka! A k’u etse hore ke phethahatse lithapelo ka mehla eohle ekasitana le bana ba ka; Mong`a rona! Amohela thapelo eaka
Ayah 40رَبَّنَا ٱغۡفِرۡ لِي وَلِوَٰلِدَيَّ وَلِلۡمُؤۡمِنِينَ يَوۡمَ يَقُومُ ٱلۡحِسَابُ
Mong`a rona! Re apese ka ts’oarelo, – `na le batsoali ba ka le bakholoang, mohla Letsatsi leo Lipallo li theoleloang.”
Ayah 41وَلَا تَحۡسَبَنَّ ٱللَّهَ غَٰفِلًا عَمَّا يَعۡمَلُ ٱلظَّٰلِمُونَۚ إِنَّمَا يُؤَخِّرُهُمۡ لِيَوۡمࣲ تَشۡخَصُ فِيهِ ٱلۡأَبۡصَٰرُ
Ha le nahane hore Allah ha A elelloe liketso tseo ba khopo ba li etsang. Empa U sa banehile khefutso e fokolang ho fihlela mohla Letsatsi leo mahlo a tla beng a lebelletse ka matsoalo
Ayah 42مُهۡطِعِينَ مُقۡنِعِي رُءُوسِهِمۡ لَا يَرۡتَدُّ إِلَيۡهِمۡ طَرۡفُهُمۡۖ وَأَفۡـِٔدَتُهُمۡ هَوَآءࣱ
Ba mathela pele melala ea bona e thamolohile ka sekhahla, ba lelalitse lihlooho ba bile ba hloka pono hoo lipelo tsa bona li emeng ntsi
Ayah 43وَأَنذِرِ ٱلنَّاسَ يَوۡمَ يَأۡتِيهِمُ ٱلۡعَذَابُ فَيَقُولُ ٱلَّذِينَ ظَلَمُواْ رَبَّنَآ أَخِّرۡنَآ إِلَىٰٓ أَجَلࣲ قَرِيبࣲ نُّجِبۡ دَعۡوَتَكَ وَنَتَّبِعِ ٱلرُّسُلَۗ أَوَلَمۡ تَكُونُوٓاْ أَقۡسَمۡتُم مِّن قَبۡلُ مَا لَكُم مِّن زَوَالࣲ
U hlokomelise batho ka Letsatsi leo Khalefo e tlang ho ba fihlela, ba entseng libe bona ba tla re: “Mong`a rona! A k’u re nehe khefutso hanye-nyane. Re tla mamela Pitso ea Hau le hona ho latela Baromuoa.” Karabelo e tla re: “na ha le’a ka la ikana esale pele ka hore ho ke ke ha eba le pheletso mabapi le lona
Ayah 44وَسَكَنتُمۡ فِي مَسَٰكِنِ ٱلَّذِينَ ظَلَمُوٓاْ أَنفُسَهُمۡ وَتَبَيَّنَ لَكُمۡ كَيۡفَ فَعَلۡنَا بِهِمۡ وَضَرَبۡنَا لَكُمُ ٱلۡأَمۡثَالَ
Le phetse liahelong tsa ba foselitseng meea ea bona; le ile la supisoa hantle kamoo Ra sebetsa ka bona le hona ho le etsetsa mehlala!”
Ayah 45وَقَدۡ مَكَرُواْ مَكۡرَهُمۡ وَعِندَ ٱللَّهِ مَكۡرُهُمۡ وَإِن كَانَ مَكۡرُهُمۡ لِتَزُولَ مِنۡهُ ٱلۡجِبَالُ
Ba ile ba rera, empa merero ea bona e ne e le ponts`eng ho Allah, le hoja e ne e le oo lithaba li neng li ka ‘na tsa ritsa ke ona
Ayah 46فَلَا تَحۡسَبَنَّ ٱللَّهَ مُخۡلِفَ وَعۡدِهِۦ رُسُلَهُۥٓۚ إِنَّ ٱللَّهَ عَزِيزࣱ ذُو ٱنتِقَامࣲ
Se nahane hore Allah U tla sitoa ho phethahatsa ts’episo ea Hae ho Baromuoa ba Hae. Bonang! Allah U Matla Oohle, Mong`a Kotlo
Ayah 47يَوۡمَ تُبَدَّلُ ٱلۡأَرۡضُ غَيۡرَ ٱلۡأَرۡضِ وَٱلسَّمَٰوَٰتُۖ وَبَرَزُواْ لِلَّهِ ٱلۡوَٰحِدِ ٱلۡقَهَّارِ
Ka Letsatsi le leng lefats’e le tla fetoleloa sebopehong se sele, ka ho ts’oana le leholimo le tla fetoloa; bohle ba tla hlahela kapel’a Allah, Ea Inots’i, Ea Matla Oohle
Ayah 48وَتَرَى ٱلۡمُجۡرِمِينَ يَوۡمَئِذࣲ مُّقَرَّنِينَ فِي ٱلۡأَصۡفَادِ
Ka Letsatsi leo o tla bona ba etsa libe ba tlamiloe ha ‘moho ka liketane
Ayah 49سَرَابِيلُهُم مِّن قَطِرَانࣲ وَتَغۡشَىٰ وُجُوهَهُمُ ٱلنَّارُ
Ba apere liaparo tsa boka, lifahleho tsa bona li koahetsoe ke khanare ea mollo
Ayah 50لِيَجۡزِيَ ٱللَّهُ كُلَّ نَفۡسࣲ مَّا كَسَبَتۡۚ إِنَّ ٱللَّهَ سَرِيعُ ٱلۡحِسَابِ
Allah a tla putsa moea ka mong seo o se kotutseng. Bonang! Ruri Allah U akofela boikarabellong
Ayah 51هَٰذَا بَلَٰغࣱ لِّلنَّاسِ وَلِيُنذَرُواْ بِهِۦ وَلِيَعۡلَمُوٓاْ أَنَّمَا هُوَ إِلَٰهࣱ وَٰحِدࣱ وَلِيَذَّكَّرَ أُوْلُواْ ٱلۡأَلۡبَٰبِ
Ona ke molaetsa o hlakileng sebakeng sa batho: ba tle banke Tlhokomeliso, le hona hore ba be le tsebo ea hore ke Eena Allah A Inots’i le hore batho banang le kutloisiso ba tle ba utloe. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao
Ayah 52