Surah As-Sajda — The Prostration

Surah As-Sajda (The Prostration) is chapter 32 of the Quran, with 30 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.

الٓمٓ

Alif. Lam. Mim

Ayah 1

تَنزِيلُ ٱلۡكِتَٰبِ لَا رَيۡبَ فِيهِ مِن رَّبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ

Ts’enolo ea Lengolo leo ho seng khoao ho lona, – le tsoang ho Mong`a Mafats’e

Ayah 2

أَمۡ يَقُولُونَ ٱفۡتَرَىٰهُۚ بَلۡ هُوَ ٱلۡحَقُّ مِن رَّبِّكَ لِتُنذِرَ قَوۡمࣰ ا مَّآ أَتَىٰهُم مِّن نَّذِيرࣲ مِّن قَبۡلِكَ لَعَلَّهُمۡ يَهۡتَدُونَ

Kapa ba re: “O iqapetse lona?” Che, ke ‘nete e tsoang ho Mong`a hau, hore u tle u hlokomelise batho bao ho sa kang haeba le mohlokomelisi ea ileng a tla ho bona pele ho uena, hore ba tle ba amohele tataiso

Ayah 3

ٱللَّهُ ٱلَّذِي خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ وَمَا بَيۡنَهُمَا فِي سِتَّةِ أَيَّامࣲ ثُمَّ ٱسۡتَوَىٰ عَلَى ٱلۡعَرۡشِۖ مَا لَكُم مِّن دُونِهِۦ مِن وَلِيࣲّ وَلَا شَفِيعٍۚ أَفَلَا تَتَذَكَّرُونَ

Ke Allah Ea hlotseng maholimo le lefats’e, le tsohle tse teng lipakeng tsa tsona ka matsatsi a ts’eletseng. U tsepame ka tieo Teroneng. Ntle ho eena ha le na ea ka le ts’ireletsang kapa eena ‘muelli. Na le sa tla ke le amohele khalemo

Ayah 4

يُدَبِّرُ ٱلۡأَمۡرَ مِنَ ٱلسَّمَآءِ إِلَى ٱلۡأَرۡضِ ثُمَّ يَعۡرُجُ إِلَيۡهِ فِي يَوۡمࣲ كَانَ مِقۡدَارُهُۥٓ أَلۡفَ سَنَةࣲ مِّمَّا تَعُدُّونَ

U laola litaba tsohle tse lefat`seng le leholimong; pheletsong tsohle lit la boela ho Eena ka letsatsi, leo khakanyo ea mohopolo oa lona e leng lilemo tse sekete

Ayah 5

ذَٰلِكَ عَٰلِمُ ٱلۡغَيۡبِ وَٱلشَّهَٰدَةِ ٱلۡعَزِيزُ ٱلرَّحِيمُ

Ke Eena Eo, Motsibi oa tsohle tse patiloeng le tse pepeneneng, Ea Matla Oohle, Ea Mohau o Khaphatsehang

Ayah 6

ٱلَّذِيٓ أَحۡسَنَ كُلَّ شَيۡءٍ خَلَقَهُۥۖ وَبَدَأَ خَلۡقَ ٱلۡإِنسَٰنِ مِن طِينࣲ‏

Eena Ea entseng lintho tsohle ka tseo A li hlotseng ka botle, A simolla tlholeho ea motho ka letsopa

Ayah 7

ثُمَّ جَعَلَ نَسۡلَهُۥ مِن سُلَٰلَةࣲ مِّن مَّآءࣲ مَّهِينࣲ‏

A etsa peo ea motho ka lehloele le eisehang

Ayah 8

ثُمَّ سَوَّىٰهُ وَنَفَخَ فِيهِ مِن رُّوحِهِۦۖ وَجَعَلَ لَكُمُ ٱلسَّمۡعَ وَٱلۡأَبۡصَٰرَ وَٱلۡأَفۡـِٔدَةَۚ قَلِيلࣰ ا مَّا تَشۡكُرُونَ

Eaba U oa mo ntlafatsa, A bululela moea oa Hae ka ho eena; A le neha kutlo, pono le lipelo, empa lona le fana ka liteboho tse fokolang

Ayah 9

وَقَالُوٓاْ أَءِذَا ضَلَلۡنَا فِي ٱلۡأَرۡضِ أَءِنَّا لَفِي خَلۡقࣲ جَدِيدِۭۚ بَلۡ هُم بِلِقَآءِ رَبِّهِمۡ كَٰفِرُونَ

Ba bile ba re: “Na ha re lahlehile lefats’eng, re ka boela ra hlooloa joang hape?” Empa ba hloka tumelo ka kopano le Mong`a bona

Ayah 10

۞قُلۡ يَتَوَفَّىٰكُم مَّلَكُ ٱلۡمَوۡتِ ٱلَّذِي وُكِّلَ بِكُمۡ ثُمَّ إِلَىٰ رَبِّكُمۡ تُرۡجَعُونَ

E re: “Lenyeloi la Lefu, le ikarabellang ho lona, le tla nka meea ea lona: le tla khobokang’a ka pela Mong`a lona.”

Ayah 11

وَلَوۡ تَرَىٰٓ إِذِ ٱلۡمُجۡرِمُونَ نَاكِسُواْ رُءُوسِهِمۡ عِندَ رَبِّهِمۡ رَبَّنَآ أَبۡصَرۡنَا وَسَمِعۡنَا فَٱرۡجِعۡنَا نَعۡمَلۡ صَٰلِحًا إِنَّا مُوقِنُونَ

Hoja ebe le ne le tla bona nakong eo ba molato ba kebisitseng lihlooho tsa bona kateng kapel’a Mong`a bona, ba ntse ba re: “Mong`a rona! Hajoale re bone, e bile re utloile, kahoo re busetse morao; re na le bo-’nete ba hore re tla phetha toka: hobane ruri rea kholoa.”

Ayah 12

وَلَوۡ شِئۡنَا لَأٓتَيۡنَا كُلَّ نَفۡسٍ هُدَىٰهَا وَلَٰكِنۡ حَقَّ ٱلۡقَوۡلُ مِنِّي لَأَمۡلَأَنَّ جَهَنَّمَ مِنَ ٱلۡجِنَّةِ وَٱلنَّاسِ أَجۡمَعِينَ

Hoja Re ne Re ratile joalo, Re ka be Re tataisitse meea eohle: empa Lentsoe la Ka le tla phethahala: “Ke tla tlatsa Lihele ka Li-Jinn le batho ha ‘moho

Ayah 13

فَذُوقُواْ بِمَا نَسِيتُمۡ لِقَآءَ يَوۡمِكُمۡ هَٰذَآ إِنَّا نَسِينَٰكُمۡۖ وَذُوقُواْ عَذَابَ ٱلۡخُلۡدِ بِمَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ

Kahoo, latsoang – Hobane le ile la Lebala Kopano ea Letsatsi lena la lona, Le rona Re tla le Lebala – latsoang kahlolo e sa Feleng ka lebaka la liketso tsa lona tse mpe

Ayah 14

إِنَّمَا يُؤۡمِنُ بِـَٔايَٰتِنَا ٱلَّذِينَ إِذَا ذُكِّرُواْ بِهَا خَرُّواْۤ سُجَّدࣰ اۤ وَسَبَّحُواْ بِحَمۡدِ رَبِّهِمۡ وَهُمۡ لَا يَسۡتَكۡبِرُونَ۩

Ke feela ba-kholoang Lits’enolong tsa Rona, bao e reng ha ba hopotsoa ka tsona e beba oela fats’e ka boithapalatso, le hona ho pheta lithoriso tsa Mong`a bona, ba hloka boikhants’o

Ayah 15

تَتَجَافَىٰ جُنُوبُهُمۡ عَنِ ٱلۡمَضَاجِعِ يَدۡعُونَ رَبَّهُمۡ خَوۡفࣰ ا وَطَمَعࣰ ا وَمِمَّا رَزَقۡنَٰهُمۡ يُنفِقُونَ

Ba siea mealo ea bona molemong oa ho bitsa ho Mong`a bona ka Ts’abo le ka Ts’epo, ba fana ka tseo Re ba sitsitseng ka tsona

Ayah 16

فَلَا تَعۡلَمُ نَفۡسࣱ مَّآ أُخۡفِيَ لَهُم مِّن قُرَّةِ أَعۡيُنࣲ جَزَآءَۢ بِمَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ

Ha ho motho ea tsebang seo a se patetsoeng le se thabisang molemong oa hae, – ele moputso oa seo a neng a se etsa

Ayah 17

أَفَمَن كَانَ مُؤۡمِنࣰ ا كَمَن كَانَ فَاسِقࣰ اۚ لَّا يَسۡتَوُۥنَ

Na motho ea kholoang a ka ts’oana le’a phelang ka bobe? Ha ba ts’oane

Ayah 18

أَمَّا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ فَلَهُمۡ جَنَّٰتُ ٱلۡمَأۡوَىٰ نُزُلَۢا بِمَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ

Empa ba-kholoang ba etsang liketso tse lokileng, Lirapa tsa phomolo ke mahae a bona – e le moputso oa liketso tsa bona

Ayah 19

وَأَمَّا ٱلَّذِينَ فَسَقُواْ فَمَأۡوَىٰهُمُ ٱلنَّارُۖ كُلَّمَآ أَرَادُوٓاْ أَن يَخۡرُجُواْ مِنۡهَآ أُعِيدُواْ فِيهَا وَقِيلَ لَهُمۡ ذُوقُواْ عَذَابَ ٱلنَّارِ ٱلَّذِي كُنتُم بِهِۦ تُكَذِّبُونَ

Haele mahana-puso le ba khopo, phomolo ea bona ke mollong. Ka linako tsohle ha ba lakatsa ho tsoa kamoo, ba tla sutuletsoa kateng. Ho tla thoe ho bona: “Latsoang kahlolo ea mollo oo le neng le o latola e le leshano.”

Ayah 20

وَلَنُذِيقَنَّهُم مِّنَ ٱلۡعَذَابِ ٱلۡأَدۡنَىٰ دُونَ ٱلۡعَذَابِ ٱلۡأَكۡبَرِ لَعَلَّهُمۡ يَرۡجِعُونَ

Ruri! Re tla etsa hore ba latsoe kahlolo lefats’eng lena pele ho e Boima, hore ba tle ba khutle mekhoeng

Ayah 21

وَمَنۡ أَظۡلَمُ مِمَّن ذُكِّرَ بِـَٔايَٰتِ رَبِّهِۦ ثُمَّ أَعۡرَضَ عَنۡهَآۚ إِنَّا مِنَ ٱلۡمُجۡرِمِينَ مُنتَقِمُونَ

Ke mang ea etsang phoso e kholohali haese ea kileng a hopotsoa lits’enolo tsa Mong`a hae, e be hamorao o’a li koenehela. Ruri! Re tla ahlola ba molato

Ayah 22

وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَا مُوسَى ٱلۡكِتَٰبَ فَلَا تَكُن فِي مِرۡيَةࣲ مِّن لِّقَآئِهِۦۖ وَجَعَلۡنَٰهُ هُدࣰ ى لِّبَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ

Ruri! Re ile Ra neha Moshe Lengolo; kahoo, le se be le khoao ho le amohela; Re ile Ra le hlophisa e le tataiso ho Bana ba Israele

Ayah 23

وَجَعَلۡنَا مِنۡهُمۡ أَئِمَّةࣰ يَهۡدُونَ بِأَمۡرِنَا لَمَّا صَبَرُواْۖ وَكَانُواْ بِـَٔايَٰتِنَا يُوقِنُونَ

Eitse hoba ba be le tjantjello ba bile ba lumetse ka tieo lits’enolong tsa Rona, Re ile Ra thonya baetapele har’a bona ba neng ba ba tataisa ka taelo ea Rona

Ayah 24

إِنَّ رَبَّكَ هُوَ يَفۡصِلُ بَيۡنَهُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ فِيمَا كَانُواْ فِيهِ يَخۡتَلِفُونَ

Ruri Mong`a hau U tla ahlola lipakeng tsa bona mohla Letsatsi la Kahlolo likhohlano tsa bona

Ayah 25

أَوَلَمۡ يَهۡدِ لَهُمۡ كَمۡ أَهۡلَكۡنَا مِن قَبۡلِهِم مِّنَ ٱلۡقُرُونِ يَمۡشُونَ فِي مَسَٰكِنِهِمۡۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍۚ أَفَلَا يَسۡمَعُونَ

Na ha se tataiso hore ba hlahlobe kamoo Re ileng Ra ripitla matlobo kateng pele ho bona, ao ba tsamaeang lithakong tsa ona? Ruri! Lengolo leo le jere lits’upiso kahar’a lona! Na ba sa tla ke ba utloe

Ayah 26

أَوَلَمۡ يَرَوۡاْ أَنَّا نَسُوقُ ٱلۡمَآءَ إِلَى ٱلۡأَرۡضِ ٱلۡجُرُزِ فَنُخۡرِجُ بِهِۦ زَرۡعࣰ ا تَأۡكُلُ مِنۡهُ أَنۡعَٰمُهُمۡ وَأَنفُسُهُمۡۚ أَفَلَا يُبۡصِرُونَ

Na ha ba bone kamoo Re theolelang pula lefats’eng le omeletseng, eo ka eona Re hlahisang lijalo tseo e leng lijo ho liphoofolo tsa bona le ho bona? Ana ha ba na pono

Ayah 27

وَيَقُولُونَ مَتَىٰ هَٰذَا ٱلۡفَتۡحُ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ

Ba re: “Ke neng Qeto eo ea lona e tlang ho tla haeba le na le ‘nete?”

Ayah 28

قُلۡ يَوۡمَ ٱلۡفَتۡحِ لَا يَنفَعُ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ إِيمَٰنُهُمۡ وَلَا هُمۡ يُنظَرُونَ

E re: “Mohla letsatsi la Qeto, ha ho kuno ho mahana-tumelo le ha ba ka kholoa, kapa hona ho nyehlisetsoa.”

Ayah 29

فَأَعۡرِضۡ عَنۡهُمۡ وَٱنتَظِرۡ إِنَّهُم مُّنتَظِرُونَ

Kahoo ba furalle, u lete. Le bona ba lete

Ayah 30