Surah Al-Israa — The Night Journey

Surah Al-Israa (The Night Journey) is chapter 17 of the Quran, with 111 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.

سُبۡحَٰنَ ٱلَّذِيٓ أَسۡرَىٰ بِعَبۡدِهِۦ لَيۡلࣰ ا مِّنَ ٱلۡمَسۡجِدِ ٱلۡحَرَامِ إِلَى ٱلۡمَسۡجِدِ ٱلۡأَقۡصَا ٱلَّذِي بَٰرَكۡنَا حَوۡلَهُۥ لِنُرِيَهُۥ مِنۡ ءَايَٰتِنَآۚ إِنَّهُۥ هُوَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡبَصِيرُ

Tlotla e be ho Allah, ea ileng a nka lekhabunyane la hae Makka (kaaba) bosiu ho ea Jerusalema (masjid al-aqsa), eo Re e hlohonolofalitseng; ho ea ‘monts’a lits’upiso tsa rona! Ruri ke Eena, Eena feela Ea utloang, Ea Bonang Tsohle

Ayah 1

وَءَاتَيۡنَا مُوسَى ٱلۡكِتَٰبَ وَجَعَلۡنَٰهُ هُدࣰ ى لِّبَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ أَلَّا تَتَّخِذُواْ مِن دُونِي وَكِيلࣰ ا

Re ile Ra neha Moshe Lengolo, ra le etsa hore e be tataiso baneng ba Israele, –: “Le se ikhethele molebeli e mong ntle ho ‘Na.”

Ayah 2

ذُرِّيَّةَ مَنۡ حَمَلۡنَا مَعَ نُوحٍۚ إِنَّهُۥ كَانَ عَبۡدࣰ ا شَكُورࣰ ا

Lona tsoala ea bao re neng Re bankile mmoho le Nooe. Nooe ene ele lekhabunyane le tletseng teboho

Ayah 3

وَقَضَيۡنَآ إِلَىٰ بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ فِي ٱلۡكِتَٰبِ لَتُفۡسِدُنَّ فِي ٱلۡأَرۡضِ مَرَّتَيۡنِ وَلَتَعۡلُنَّ عُلُوࣰّ ا كَبِيرࣰ ا

Eaba Re behela bana ba Israele temoso kahar’a Lengolo, le tla baka bobolu ka makhetlo a mabeli lefats’eng, le tla sokolohela bokhopong bo boholo

Ayah 4

فَإِذَا جَآءَ وَعۡدُ أُولَىٰهُمَا بَعَثۡنَا عَلَيۡكُمۡ عِبَادࣰ ا لَّنَآ أُوْلِي بَأۡسࣲ شَدِيدࣲ فَجَاسُواْ خِلَٰلَ ٱلدِّيَارِۚ وَكَانَ وَعۡدࣰ ا مَّفۡعُولࣰ ا

Ha nako ea khalemo e se e tlotse ho tseo tse peli, eaba Re tsosa makhabunyane a Rona khahlanong le lona ba matlahali ntoeng, ba ileng ba ripitla naha ea lona, ebile sekhobo se phethahalitsoeng

Ayah 5

ثُمَّ رَدَدۡنَا لَكُمُ ٱلۡكَرَّةَ عَلَيۡهِمۡ وَأَمۡدَدۡنَٰكُم بِأَمۡوَٰلࣲ وَبَنِينَ وَجَعَلۡنَٰكُمۡ أَكۡثَرَ نَفِيرًا

Eaba Re boela Re le neha monyetla oa ho boela morao khahlanong le bona, Ra le sitsa ka thepa le bara, le hona ho le phaella ka matla

Ayah 6

إِنۡ أَحۡسَنتُمۡ أَحۡسَنتُمۡ لِأَنفُسِكُمۡۖ وَإِنۡ أَسَأۡتُمۡ فَلَهَاۚ فَإِذَا جَآءَ وَعۡدُ ٱلۡأٓخِرَةِ لِيَسُـُٔواْ وُجُوهَكُمۡ وَلِيَدۡخُلُواْ ٱلۡمَسۡجِدَ كَمَا دَخَلُوهُ أَوَّلَ مَرَّةࣲ وَلِيُتَبِّرُواْ مَا عَلَوۡاْ تَتۡبِيرًا

“Haeba le etsa toka, le e etsetsa molemong oa meea ea lona, haeba le etsa sebe, le se etsa molemong oa lona. Eitse ha nako eo ea kahlolo ea bobeli e se e fihlile, eaba Re tsosa makhabunyane a Rona khahlano le lona ho le ripitla, le ho kena Tempeleng ea lona, joaloka ha ba ile ba kena lekhetlo la pele, le ho ripitla tsohle tse kapela bona

Ayah 7

عَسَىٰ رَبُّكُمۡ أَن يَرۡحَمَكُمۡۚ وَإِنۡ عُدتُّمۡ عُدۡنَاۚ وَجَعَلۡنَا جَهَنَّمَ لِلۡكَٰفِرِينَ حَصِيرًا

Mohlomong Mong`a lona U tla ba mohau ho lona, empa haeba le ntse le pheeletse ho etsa bobolu, Re tla le pheta ka kahlolo e `ngoe hape, Re lokisitse Lihele chankane e ka tlas’a lefats’e sebakeng sa ba latolang tumelo

Ayah 8

إِنَّ هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانَ يَهۡدِي لِلَّتِي هِيَ أَقۡوَمُ وَيُبَشِّرُ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ ٱلَّذِينَ يَعۡمَلُونَ ٱلصَّٰلِحَٰتِ أَنَّ لَهُمۡ أَجۡرࣰ ا كَبِيرࣰ ا

Ruri Qura’n ena e tataisetsa tseleng e otlolohileng, e fana ka litaba tse molemo ho ba kholoang ba etsang mesebetsi e lokileng, hore ba tla ba le moputso o moholohali

Ayah 9

وَأَنَّ ٱلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ بِٱلۡأٓخِرَةِ أَعۡتَدۡنَا لَهُمۡ عَذَابًا أَلِيمࣰ ا

Le ba sa kholoeng Bophelong Bo-tlang, Re ba lokiselitse kahlolo e mahlonoko

Ayah 10

وَيَدۡعُ ٱلۡإِنسَٰنُ بِٱلشَّرِّ دُعَآءَهُۥ بِٱلۡخَيۡرِۖ وَكَانَ ٱلۡإِنسَٰنُ عَجُولࣰ ا

Thapelo eo motho a e etsetsang bokhopo, o e etsa joaloka ha e ka o rapella toka; hobane haesale motho a le sefuthong

Ayah 11

وَجَعَلۡنَا ٱلَّيۡلَ وَٱلنَّهَارَ ءَايَتَيۡنِۖ فَمَحَوۡنَآ ءَايَةَ ٱلَّيۡلِ وَجَعَلۡنَآ ءَايَةَ ٱلنَّهَارِ مُبۡصِرَةࣰ لِّتَبۡتَغُواْ فَضۡلࣰ ا مِّن رَّبِّكُمۡ وَلِتَعۡلَمُواْ عَدَدَ ٱلسِّنِينَ وَٱلۡحِسَابَۚ وَكُلَّ شَيۡءࣲ فَصَّلۡنَٰهُ تَفۡصِيلࣰ ا

Re hlotse bosiu le mots’eare hoba lits’upiso tse peli. Eaba Re etsa lefifi ho ba sesupo sa khanya, Ra boela Ra etsa sesupo sa mots’eare ho fana ka leseli, e le hore le tle le tsomane le nala ea Mong`a lona le hore le tle le tsebe ho lokolisa lilemo, le eona pallo; Re hlakisitse lintho tsohle ka hlokolosi

Ayah 12

وَكُلَّ إِنسَٰنٍ أَلۡزَمۡنَٰهُ طَٰٓئِرَهُۥ فِي عُنُقِهِۦۖ وَنُخۡرِجُ لَهُۥ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ كِتَٰبࣰ ا يَلۡقَىٰهُ مَنشُورًا

Re tlameletse liketso tsa motho e mong le e mong molaleleng oa hae, re tla hlahisa kapel’a hae Lengolo, leo a tlang ho le fumana le pharaletse mohla Letsatsi la Kahlolo

Ayah 13

ٱقۡرَأۡ كِتَٰبَكَ كَفَىٰ بِنَفۡسِكَ ٱلۡيَوۡمَ عَلَيۡكَ حَسِيبࣰ ا

“Bala buka ea hau. Kajeno moea oa hau o lekane ho iketsetsa tlhahlobo khahlano le uena.”

Ayah 14

مَّنِ ٱهۡتَدَىٰ فَإِنَّمَا يَهۡتَدِي لِنَفۡسِهِۦۖ وَمَن ضَلَّ فَإِنَّمَا يَضِلُّ عَلَيۡهَاۚ وَلَا تَزِرُ وَازِرَةࣱ وِزۡرَ أُخۡرَىٰۗ وَمَا كُنَّا مُعَذِّبِينَ حَتَّىٰ نَبۡعَثَ رَسُولࣰ ا

Mong le mong ea amohetseng tataiso, o e amohetse molemong oa hae, ea khelohang, o etsa joalo molemong oa hae. Ha ho moea o tla jarisoa mojaro oa moea o mong. Re ke ke Ra ahlola Re es’o ka Re romella moromuoa

Ayah 15

وَإِذَآ أَرَدۡنَآ أَن نُّهۡلِكَ قَرۡيَةً أَمَرۡنَا مُتۡرَفِيهَا فَفَسَقُواْ فِيهَا فَحَقَّ عَلَيۡهَا ٱلۡقَوۡلُ فَدَمَّرۡنَٰهَا تَدۡمِيرࣰ ا

Nakong eo Re nkang qeto ho ripitla sechaba, Re romella taelo ho baahi ba teng ba phelang ha monate, empa kamorao ho moo ba simolle ho e nyelisa, joale lentsoe la kahlolo le phethahale khahlanong le bona, ebe Re ba ripitla ka sehloho se t`sabihang

Ayah 16

وَكَمۡ أَهۡلَكۡنَا مِنَ ٱلۡقُرُونِ مِنۢ بَعۡدِ نُوحࣲۗ وَكَفَىٰ بِرَبِّكَ بِذُنُوبِ عِبَادِهِۦ خَبِيرَۢا بَصِيرࣰ ا

Ke meloko e mekae eo Re e ripitlileng ho tloha ho Nooe? ‘Allah U lekane tje kaha e le Motsibi le Molula-qhooa oa libe tsa makhabunyane a Hae

Ayah 17

مَّن كَانَ يُرِيدُ ٱلۡعَاجِلَةَ عَجَّلۡنَا لَهُۥ فِيهَا مَا نَشَآءُ لِمَن نُّرِيدُ ثُمَّ جَعَلۡنَا لَهُۥ جَهَنَّمَ يَصۡلَىٰهَا مَذۡمُومࣰ ا مَّدۡحُورࣰ ا

Mong le mong ea ka labalabelang bophelobamafeela-feela bo potlakang bo feela, re potlakela ho eena ka bona malebana le eo re ikhethelang eena. Kamor’a moo, re se re ntse re mo lokisitse lihele; o tlabamahlomoleng a mollo kahar’a tsona, a rohakehile, a bile a kheseha

Ayah 18

وَمَنۡ أَرَادَ ٱلۡأٓخِرَةَ وَسَعَىٰ لَهَا سَعۡيَهَا وَهُوَ مُؤۡمِنࣱ فَأُوْلَٰٓئِكَ كَانَ سَعۡيُهُم مَّشۡكُورࣰ ا

Mong le mong ea lakatsang Bophelo Bo-tlang, a tsitlaletse ho bona ka mokhoa o lokelang oa bolumeli; Ruri ba joalo, bolumeli ba bona bo fumana molemo ho Mong`a bona

Ayah 19

كُلࣰّ ا نُّمِدُّ هَٰٓؤُلَآءِ وَهَٰٓؤُلَآءِ مِنۡ عَطَآءِ رَبِّكَۚ وَمَا كَانَ عَطَآءُ رَبِّكَ مَحۡظُورًا

Re putsa bohle ka nala ea Mong`a hau. Ho enoa le eane, Nala ea Mong`a hau e buletsoe bohle

Ayah 20

ٱنظُرۡ كَيۡفَ فَضَّلۡنَا بَعۡضَهُمۡ عَلَىٰ بَعۡضࣲۚ وَلَلۡأٓخِرَةُ أَكۡبَرُ دَرَجَٰتࣲ وَأَكۡبَرُ تَفۡضِيلࣰ ا

Bona kamoo Re putsang ba bang kateng ho feta ba bang, Ruri bophelo Bo-tlang etlaba bo phahameng ka ho fetisisa ka maemo le ka tlhohonolofatso

Ayah 21

لَّا تَجۡعَلۡ مَعَ ٱللَّهِ إِلَٰهًا ءَاخَرَ فَتَقۡعُدَ مَذۡمُومࣰ ا مَّخۡذُولࣰ ا

Oho uena motho! U se ke oa ipetlela molingoana kapel’a Allah, esere oa tloha oa ikoahleha le hona ho its’oabela

Ayah 22

۞وَقَضَىٰ رَبُّكَ أَلَّا تَعۡبُدُوٓاْ إِلَّآ إِيَّاهُ وَبِٱلۡوَٰلِدَيۡنِ إِحۡسَٰنًاۚ إِمَّا يَبۡلُغَنَّ عِندَكَ ٱلۡكِبَرَ أَحَدُهُمَآ أَوۡ كِلَاهُمَا فَلَا تَقُل لَّهُمَآ أُفࣲّ وَلَا تَنۡهَرۡهُمَا وَقُل لَّهُمَا قَوۡلࣰ ا كَرِيمࣰ ا

Mong`a lona! U nehelane ka taelo ea hore ho se be ope eo le mo khumamelang ntle ho Eena, le be mosa ho batsoa li ba lona. Haeba e mong kapa bobeli ba se ba fihletse lilemo tsa botsofali boteng ba lona, le se ke la ba tsoela hlompho le ho ba leleka, empa le buoe le bona mantsoe a hlompho

Ayah 23

وَٱخۡفِضۡ لَهُمَا جَنَاحَ ٱلذُّلِّ مِنَ ٱلرَّحۡمَةِ وَقُل رَّبِّ ٱرۡحَمۡهُمَا كَمَا رَبَّيَانِي صَغِيرࣰ ا

Le ba rolele khaebana ka boikokobetso le ka mohau, le re: “Mong`a ka! A k’u be le mohau holim’a bona joaloka ha ba ile ba ntlhokomela ho tloha bongoaneng ba ka.”

Ayah 24

رَّبُّكُمۡ أَعۡلَمُ بِمَا فِي نُفُوسِكُمۡۚ إِن تَكُونُواْ صَٰلِحِينَ فَإِنَّهُۥ كَانَ لِلۡأَوَّٰبِينَ غَفُورࣰ ا

Mong`a lona! U Tseba hantle se kahar’a lipelo tsa lona. Haeba le na etsa liketso tse ntle, Ruri U Ts’oarela-joalo-joalo ba sokolohelang ho Eena khafetsa

Ayah 25

وَءَاتِ ذَا ٱلۡقُرۡبَىٰ حَقَّهُۥ وَٱلۡمِسۡكِينَ وَٱبۡنَ ٱلسَّبِيلِ وَلَا تُبَذِّرۡ تَبۡذِيرًا

Le nehelane ho beng ka lona litokelo tsa bona, ba hlokang le ba hahlauli, u se ke oa ja maruo a hau lekeme-keme ka meharo

Ayah 26

إِنَّ ٱلۡمُبَذِّرِينَ كَانُوٓاْ إِخۡوَٰنَ ٱلشَّيَٰطِينِۖ وَكَانَ ٱلشَّيۡطَٰنُ لِرَبِّهِۦ كَفُورࣰ ا

Ruri ba meharo ke metsoalle ea Bo-Liabolosi, Liabolosi o oa kheseha ho Mong`a hae

Ayah 27

وَإِمَّا تُعۡرِضَنَّ عَنۡهُمُ ٱبۡتِغَآءَ رَحۡمَةࣲ مِّن رَّبِّكَ تَرۡجُوهَا فَقُل لَّهُمۡ قَوۡلࣰ ا مَّيۡسُورࣰ ا

Empa haeba u ka sutha pela bona ho ea batla mohau oa Mong`a hau, oo u behileng ts’epo ea hau ho ona, joale buisana le bona ka mantsoe a amohelehang

Ayah 28

وَلَا تَجۡعَلۡ يَدَكَ مَغۡلُولَةً إِلَىٰ عُنُقِكَ وَلَا تَبۡسُطۡهَا كُلَّ ٱلۡبَسۡطِ فَتَقۡعُدَ مَلُومࣰ ا مَّحۡسُورًا

Letsoho la hau le se tlamelloe molaleng oa hau, kapa hona ho le nenesa leha ho sa hlokahale, esere oa tloha oa itelela le hona ho sala u hlobotse

Ayah 29

إِنَّ رَبَّكَ يَبۡسُطُ ٱلرِّزۡقَ لِمَن يَشَآءُ وَيَقۡدِرُۚ إِنَّهُۥ كَانَ بِعِبَادِهِۦ خَبِيرَۢا بَصِيرࣰ ا

Ruri Mong`a hau o phaella nala ea Hae ho ope ea khahloang ke Eena, e bile o’a e fokotsa ho ope ea khahloang ke Eena, U nehelana ka tekano. U tseba lintho tsohle ke Moalosi oa makhabunyane a hae

Ayah 30

وَلَا تَقۡتُلُوٓاْ أَوۡلَٰدَكُمۡ خَشۡيَةَ إِمۡلَٰقࣲۖ نَّحۡنُ نَرۡزُقُهُمۡ وَإِيَّاكُمۡۚ إِنَّ قَتۡلَهُمۡ كَانَ خِطۡـࣰٔ ا كَبِيرࣰ ا

Le se ke la bolaea bana ba lona moo le ts’abang tlala; Re tla ba fepa hammoho le lona. Ruri polao ea bona ke sebe se seholohali

Ayah 31

وَلَا تَقۡرَبُواْ ٱلزِّنَىٰٓۖ إِنَّهُۥ كَانَ فَٰحِشَةࣰ وَسَآءَ سَبِيلࣰ ا

Le se atamele haufi le bofebe. Ke ketso e manyala esita le eona tsela e nyonyehang

Ayah 32

وَلَا تَقۡتُلُواْ ٱلنَّفۡسَ ٱلَّتِي حَرَّمَ ٱللَّهُ إِلَّا بِٱلۡحَقِّۗ وَمَن قُتِلَ مَظۡلُومࣰ ا فَقَدۡ جَعَلۡنَا لِوَلِيِّهِۦ سُلۡطَٰنࣰ ا فَلَا يُسۡرِف فِّي ٱلۡقَتۡلِۖ إِنَّهُۥ كَانَ مَنصُورࣰ ا

Le se ke la fenetha kantle ho molao bophelo ba ope eo Allah a bo hlohonolofalitseng haese feela ka toka. Empa haele ea tla bolaoa ka phoso, Re nehelane ka matla holim’a ea ikarabellang ho eena, empa le eena a se ke a tlola meeli e behiloeng ka polao. Hobane o oa thusoa

Ayah 33

وَلَا تَقۡرَبُواْ مَالَ ٱلۡيَتِيمِ إِلَّا بِٱلَّتِي هِيَ أَحۡسَنُ حَتَّىٰ يَبۡلُغَ أَشُدَّهُۥۚ وَأَوۡفُواْ بِٱلۡعَهۡدِۖ إِنَّ ٱلۡعَهۡدَ كَانَ مَسۡـُٔولࣰ ا

Le se ke la atamela maruo a khutsana haese feela ka mokhoa o molemo, ho fihlela a fihletse lilemo tse lumellehang; le boloke selekane. Ruri tseo le li entseng ka selekane le tla li botsoa

Ayah 34

وَأَوۡفُواْ ٱلۡكَيۡلَ إِذَا كِلۡتُمۡ وَزِنُواْ بِٱلۡقِسۡطَاسِ ٱلۡمُسۡتَقِيمِۚ ذَٰلِكَ خَيۡرࣱ وَأَحۡسَنُ تَأۡوِيلࣰ ا

Nakong eo le fanang ka tekanyo, le nehelane ka tekanyo e feletseng, le be le kale ka tekanyo e lokileng; seo ke katamelo e kholo, e bile e le molemo Bophelong Bo-tlang

Ayah 35

وَلَا تَقۡفُ مَا لَيۡسَ لَكَ بِهِۦ عِلۡمٌۚ إِنَّ ٱلسَّمۡعَ وَٱلۡبَصَرَ وَٱلۡفُؤَادَ كُلُّ أُوْلَٰٓئِكَ كَانَ عَنۡهُ مَسۡـُٔولࣰ ا

U se ke oa sala morao seo u senang tsebo ea sona. Hobane kutlo le pono esita le eona pelo, e ‘ngoe ea tsona e tla botsoa

Ayah 36

وَلَا تَمۡشِ فِي ٱلۡأَرۡضِ مَرَحًاۖ إِنَّكَ لَن تَخۡرِقَ ٱلۡأَرۡضَ وَلَن تَبۡلُغَ ٱلۡجِبَالَ طُولࣰ ا

U se ke oa tsamaea ka boikhants’o lefats’eng. Hobane u ke ke oa petsola lefats’e, kapa ho fihlela lithaba ka bophahamo

Ayah 37

كُلُّ ذَٰلِكَ كَانَ سَيِّئُهُۥ عِندَ رَبِّكَ مَكۡرُوهࣰ ا

Hobane sebe sa tseo tsohle, se’a nyonyeha kapel’a Mong`a hau

Ayah 38

ذَٰلِكَ مِمَّآ أَوۡحَىٰٓ إِلَيۡكَ رَبُّكَ مِنَ ٱلۡحِكۡمَةِۗ وَلَا تَجۡعَلۡ مَعَ ٱللَّهِ إِلَٰهًا ءَاخَرَ فَتُلۡقَىٰ فِي جَهَنَّمَ مَلُومࣰ ا مَّدۡحُورًا

Sena ke karolo ea bohlale boo Mong`a hau A ileng A u senolela ka bona. U se ke oa ipetlela molingoana kapel’a Allah, esere oa tloha oa lahleloa Liheleng, u le molato le hona ho ba shalabeng

Ayah 39

أَفَأَصۡفَىٰكُمۡ رَبُّكُم بِٱلۡبَنِينَ وَٱتَّخَذَ مِنَ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةِ إِنَٰثًاۚ إِنَّكُمۡ لَتَقُولُونَ قَوۡلًا عَظِيمࣰ ا

Le bolela hore Mong`a lona o le abetse bara, eena a ikhethela barali har’a manyeloi? Ruri le buoa linyonts’a

Ayah 40

وَلَقَدۡ صَرَّفۡنَا فِي هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانِ لِيَذَّكَّرُواْ وَمَا يَزِيدُهُمۡ إِلَّا نُفُورࣰ ا

Ruri! Re hlakisitse likeletso tsa rona kahar’a Qura’n ena, hore ba tle ba amohele khalemo; empa ha ho molemo oo e o tlisang haese paleho

Ayah 41

قُل لَّوۡ كَانَ مَعَهُۥٓ ءَالِهَةࣱ كَمَا يَقُولُونَ إِذࣰ ا لَّٱبۡتَغَوۡاْ إِلَىٰ ذِي ٱلۡعَرۡشِ سَبِيلࣰ ا

E re: “Hoja e be ho teng melimo e meng kapel’a hae joaloka ha ba rialo, Ruri ba ke be ba itherile ka mokhoa o mong khahlanong le Mong`a Terone.”

Ayah 42

سُبۡحَٰنَهُۥ وَتَعَٰلَىٰ عَمَّا يَقُولُونَ عُلُوࣰّ ا كَبِيرࣰ ا

Ke Eena Ea Tlotlehileng, U hloahloeng e phahametseng tsohle tseo ba li bolelang

Ayah 43

تُسَبِّحُ لَهُ ٱلسَّمَٰوَٰتُ ٱلسَّبۡعُ وَٱلۡأَرۡضُ وَمَن فِيهِنَّۚ وَإِن مِّن شَيۡءٍ إِلَّا يُسَبِّحُ بِحَمۡدِهِۦ وَلَٰكِن لَّا تَفۡقَهُونَ تَسۡبِيحَهُمۡۚ إِنَّهُۥ كَانَ حَلِيمًا غَفُورࣰ ا

Lintho tsohle tse teng maholimong a supileng esitana le lefats’eng li rorisa Eena, ha ho letho le sa pheteng lithoriso tsa Hae; empa lona ha le utloisise thoriso ea tsona. Ruri U na le Mamello, U Ts’oarelo e Fetisisang

Ayah 44

وَإِذَا قَرَأۡتَ ٱلۡقُرۡءَانَ جَعَلۡنَا بَيۡنَكَ وَبَيۡنَ ٱلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ بِٱلۡأٓخِرَةِ حِجَابࣰ ا مَّسۡتُورࣰ ا

Nakong eo u phetang Qura’n, Re beha lesira le sa bonahaleng lipakeng tsa hau le ba sa Kholoeng Bophelong Bo-tlang

Ayah 45

وَجَعَلۡنَا عَلَىٰ قُلُوبِهِمۡ أَكِنَّةً أَن يَفۡقَهُوهُ وَفِيٓ ءَاذَانِهِمۡ وَقۡرࣰ اۚ وَإِذَا ذَكَرۡتَ رَبَّكَ فِي ٱلۡقُرۡءَانِ وَحۡدَهُۥ وَلَّوۡاْ عَلَىٰٓ أَدۡبَٰرِهِمۡ نُفُورࣰ ا

Re koahela lipelo tsa bona ka lesira, esere ka mohlomong ba tloha ba e utloa, etsoe ke litholo; nakong eo u hlalosang ka Mong`a hau a Inots’i kahar’a Qura’n, ba u furalla ka paleho

Ayah 46

نَّحۡنُ أَعۡلَمُ بِمَا يَسۡتَمِعُونَ بِهِۦٓ إِذۡ يَسۡتَمِعُونَ إِلَيۡكَ وَإِذۡ هُمۡ نَجۡوَىٰٓ إِذۡ يَقُولُ ٱلظَّٰلِمُونَ إِن تَتَّبِعُونَ إِلَّا رَجُلࣰ ا مَّسۡحُورًا

Re tseba ka botlalo seo ba laba-labelang ho se utloa nakong eo ba le mametseng, Nakong eo ba kopanang sephiring, bonang lifelekoane li re: “ha ho seo le se setseng morao haese motho ea louoeng.”

Ayah 47

ٱنظُرۡ كَيۡفَ ضَرَبُواْ لَكَ ٱلۡأَمۡثَالَ فَضَلُّواْ فَلَا يَسۡتَطِيعُونَ سَبِيلࣰ ا

Bona kamoo ba u etsetsang lipapiso kateng, ba khelohile, ba ke ke ba fumana tsela

Ayah 48

وَقَالُوٓاْ أَءِذَا كُنَّا عِظَٰمࣰ ا وَرُفَٰتًا أَءِنَّا لَمَبۡعُوثُونَ خَلۡقࣰ ا جَدِيدࣰ ا

Ba re: “Ha re se re le masapo le lerole, na ka ‘nete re tla boetse re tsosoa hape joaloka moloko o mocha?”

Ayah 49

۞قُلۡ كُونُواْ حِجَارَةً أَوۡ حَدِيدًا

E re: “Le be majoe, kapa tsona ts’epe

Ayah 50

أَوۡ خَلۡقࣰ ا مِّمَّا يَكۡبُرُ فِي صُدُورِكُمۡۚ فَسَيَقُولُونَ مَن يُعِيدُنَاۖ قُلِ ٱلَّذِي فَطَرَكُمۡ أَوَّلَ مَرَّةࣲۚ فَسَيُنۡغِضُونَ إِلَيۡكَ رُءُوسَهُمۡ وَيَقُولُونَ مَتَىٰ هُوَۖ قُلۡ عَسَىٰٓ أَن يَكُونَ قَرِيبࣰ ا

Kapa eng le eng feela e hlotsoeng e thata kahar’a likelello tsa lona!” Ke moo ba tla re: “Joale ke mang ea tla re busetsa bophelong hape?” E re: “Eena Ea le hlotseng sethathong.” Ba tla u sisinyetsa lihlooho, ba re: “Seo se tla fihla neng?” E re: “Kamohlomong seo se tla etsahala haufi-ufi

Ayah 51

يَوۡمَ يَدۡعُوكُمۡ فَتَسۡتَجِيبُونَ بِحَمۡدِهِۦ وَتَظُنُّونَ إِن لَّبِثۡتُمۡ إِلَّا قَلِيلࣰ ا

Mohla Letsatsi leo A tlang ho le bitsa ka lona, le tla arabela ka lithoriso tsa hae, le tla nahana hore le phetse nakoana e khuts’oanyane.”

Ayah 52

وَقُل لِّعِبَادِي يَقُولُواْ ٱلَّتِي هِيَ أَحۡسَنُۚ إِنَّ ٱلشَّيۡطَٰنَ يَنزَغُ بَيۡنَهُمۡۚ إِنَّ ٱلشَّيۡطَٰنَ كَانَ لِلۡإِنسَٰنِ عَدُوࣰّ ا مُّبِينࣰ ا

U bolelle makhabunyane A ka hore ba buoe lipuo tse molemo. Satane o jala qhoebeshano har’a bona. Hobane Satane ke sera ka boikano ho motho

Ayah 53

رَّبُّكُمۡ أَعۡلَمُ بِكُمۡۖ إِن يَشَأۡ يَرۡحَمۡكُمۡ أَوۡ إِن يَشَأۡ يُعَذِّبۡكُمۡۚ وَمَآ أَرۡسَلۡنَٰكَ عَلَيۡهِمۡ وَكِيلࣰ ا

Etsoe Mong`a lona U hlokolosi haholo ka lona. Haeba A rata, A ka ba le mosa holim’a lona, kapa haeba A rata, A ka le neha kotlo. Ha re’a u romella ho ba moalosi holim’a bona

Ayah 54

وَرَبُّكَ أَعۡلَمُ بِمَن فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۗ وَلَقَدۡ فَضَّلۡنَا بَعۡضَ ٱلنَّبِيِّـۧنَ عَلَىٰ بَعۡضࣲۖ وَءَاتَيۡنَا دَاوُۥدَ زَبُورࣰ ا

Mong`alona Uhlokolosihaholokalinthotsetengmaholimong le tse lefats’eng. Re thontse ba bang ba Baporofeta ho ba holim’a ba bang, Re nehile Davida Lipesalema

Ayah 55

قُلِ ٱدۡعُواْ ٱلَّذِينَ زَعَمۡتُم مِّن دُونِهِۦ فَلَا يَمۡلِكُونَ كَشۡفَ ٱلضُّرِّ عَنكُمۡ وَلَا تَحۡوِيلًا

E re: “Memetsang ho bao le hopolang hore ba matla kathoko ho Eena, le hoja ba se na matla a ho hlakola bomalimabe bo teng ho lona le hona ho le fetola

Ayah 56

أُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ يَدۡعُونَ يَبۡتَغُونَ إِلَىٰ رَبِّهِمُ ٱلۡوَسِيلَةَ أَيُّهُمۡ أَقۡرَبُ وَيَرۡجُونَ رَحۡمَتَهُۥ وَيَخَافُونَ عَذَابَهُۥٓۚ إِنَّ عَذَابَ رَبِّكَ كَانَ مَحۡذُورࣰ ا

Haele ba bitsang ho bona, le bona ba batla mokhoa oa katamelo ho Mong`a bona, oa hore na lipakeng tsa bona e tla ba bo mang ba tla ba haufinyane; balaba-labela mohau Oa Hae, ba ts’aba timelo ea Hae. Hobane Ruri timelo ea Mong`a hau e ts’oanela ho ts’ajoa

Ayah 57

وَإِن مِّن قَرۡيَةٍ إِلَّا نَحۡنُ مُهۡلِكُوهَا قَبۡلَ يَوۡمِ ٱلۡقِيَٰمَةِ أَوۡ مُعَذِّبُوهَا عَذَابࣰ ا شَدِيدࣰ اۚ كَانَ ذَٰلِكَ فِي ٱلۡكِتَٰبِ مَسۡطُورࣰ ا

Etsoe ha ho na sechaba seo Re sa tl’ong ho se ripitla pele ho Letsatsi la Kahlolo, kapa hona ho se otla ka kotlo e sehlooho. Sena se ngoliloe kahar’a buka ea Rona ea litaelo

Ayah 58

وَمَا مَنَعَنَآ أَن نُّرۡسِلَ بِٱلۡأٓيَٰتِ إِلَّآ أَن كَذَّبَ بِهَا ٱلۡأَوَّلُونَۚ وَءَاتَيۡنَا ثَمُودَ ٱلنَّاقَةَ مُبۡصِرَةࣰ فَظَلَمُواْ بِهَاۚ وَمَا نُرۡسِلُ بِٱلۡأٓيَٰتِ إِلَّا تَخۡوِيفࣰ ا

Re ile Ra ithiba ho romella lits’upiso ka lebaka la batho ba khale-khale ba ile ba li nka e le mashano. Re ile ra neha Ba- Thamud Kamele – e – ts’ehali, – e le sesupo se hlakileng, – empa ba ile ba e sotla. Ha re romelle lits’upiso feela haese ka mokhoa oa tlhokomeliso

Ayah 59

وَإِذۡ قُلۡنَا لَكَ إِنَّ رَبَّكَ أَحَاطَ بِٱلنَّاسِۚ وَمَا جَعَلۡنَا ٱلرُّءۡيَا ٱلَّتِيٓ أَرَيۡنَٰكَ إِلَّا فِتۡنَةࣰ لِّلنَّاسِ وَٱلشَّجَرَةَ ٱلۡمَلۡعُونَةَ فِي ٱلۡقُرۡءَانِۚ وَنُخَوِّفُهُمۡ فَمَا يَزِيدُهُمۡ إِلَّا طُغۡيَٰنࣰ ا كَبِيرࣰ ا

Re u boleletse hore Mong`a hau o kopetse batho bohle hare, Re ile Ra nehelana ka pono eo Re ileng Ra u bonts’a eona e le teko ho batho, joaloka sefate se khesehang kahar’a Qura›n. Re ile Ra ba Kenya letsoalo, empa seo se ile sa eketsa tlolo ea molao ho bona

Ayah 60

وَإِذۡ قُلۡنَا لِلۡمَلَٰٓئِكَةِ ٱسۡجُدُواْ لِأٓدَمَ فَسَجَدُوٓاْ إِلَّآ إِبۡلِيسَ قَالَ ءَأَسۡجُدُ لِمَنۡ خَلَقۡتَ طِينࣰ ا

Bonang Re ile Ra re ho manyeloi: “Khumamang kapel’a Adama, a ile a khumama haese Iblis (Satane), ea ileng a re: “Nka khumama joang kapel’a eo o `Mopileng ka letsopa?”

Ayah 61

قَالَ أَرَءَيۡتَكَ هَٰذَا ٱلَّذِي كَرَّمۡتَ عَلَيَّ لَئِنۡ أَخَّرۡتَنِ إِلَىٰ يَوۡمِ ٱلۡقِيَٰمَةِ لَأَحۡتَنِكَنَّ ذُرِّيَّتَهُۥٓ إِلَّا قَلِيلࣰ ا

A re: “A k’u bone sebopuoa sena seo uena o se hlomphetseng ho ba ka holim’a ka, haeba o ka mpha lereko ho fihlela letsatsi la tsoho, Ruri ke tla khelosa litloholo tsa hae, haese tse fokolang feela.”

Ayah 62

قَالَ ٱذۡهَبۡ فَمَن تَبِعَكَ مِنۡهُمۡ فَإِنَّ جَهَنَّمَ جَزَآؤُكُمۡ جَزَآءࣰ مَّوۡفُورࣰ ا

Allah A re: “Tsamaea, mong le mong ea tla o sala morao, – Ruri! Moputso oa lona e tla ba lihele, moputso o moholohali

Ayah 63

وَٱسۡتَفۡزِزۡ مَنِ ٱسۡتَطَعۡتَ مِنۡهُم بِصَوۡتِكَ وَأَجۡلِبۡ عَلَيۡهِم بِخَيۡلِكَ وَرَجِلِكَ وَشَارِكۡهُمۡ فِي ٱلۡأَمۡوَٰلِ وَٱلۡأَوۡلَٰدِ وَعِدۡهُمۡۚ وَمَا يَعِدُهُمُ ٱلشَّيۡطَٰنُ إِلَّا غُرُورًا

U fehle e mong le emong oa bona bao o ka ba khonang ka lentsoe la hau, le hona hobakhahlela ka mekhoa eohle eo o ka e khonang, o be motsoalle thepeng eohle ea bona esitana le bana ba bona, o ba ts’epise. Ruri! Ha ho seo Satane a ba ts’episang sona haese thetso

Ayah 64

إِنَّ عِبَادِي لَيۡسَ لَكَ عَلَيۡهِمۡ سُلۡطَٰنࣱۚ وَكَفَىٰ بِرَبِّكَ وَكِيلࣰ ا

Haele makhabunyane a ka ao ke khahloang ke oona, – holim’a bona ha o na matla.” Mong`a bona o lekane ele molebeli oa bona

Ayah 65

رَّبُّكُمُ ٱلَّذِي يُزۡجِي لَكُمُ ٱلۡفُلۡكَ فِي ٱلۡبَحۡرِ لِتَبۡتَغُواْ مِن فَضۡلِهِۦٓۚ إِنَّهُۥ كَانَ بِكُمۡ رَحِيمࣰ ا

Mong`a lona ke Eena Ea qhobang likepe tsa lona holim’a leoatle, e le hore le tle le tsome nala ea Hae. Haesale A Khaphatseha Mohau ho lona

Ayah 66

وَإِذَا مَسَّكُمُ ٱلضُّرُّ فِي ٱلۡبَحۡرِ ضَلَّ مَن تَدۡعُونَ إِلَّآ إِيَّاهُۖ فَلَمَّا نَجَّىٰكُمۡ إِلَى ٱلۡبَرِّ أَعۡرَضۡتُمۡۚ وَكَانَ ٱلۡإِنسَٰنُ كَفُورًا

Nakong eo le hlaheloang ke koluoa holim’a leoatle, kaofela batlatsetsi bao le eeng le memetse ho bona moo le batlang topoloho, ba ea siteha haese Allah feela, empa ha A se A le lopolotse mathateng ao le se le lefats’eng, le’a Mo furalla, hobane haesale motho a se na teboho

Ayah 67

أَفَأَمِنتُمۡ أَن يَخۡسِفَ بِكُمۡ جَانِبَ ٱلۡبَرِّ أَوۡ يُرۡسِلَ عَلَيۡكُمۡ حَاصِبࣰ ا ثُمَّ لَا تَجِدُواْ لَكُمۡ وَكِيلًا

Na le ikutloa le le ts’ireletsong ea hore A ke ke A etsa hore le metsoe ke lefats’e, kapa hona ho romella sefako se lehlohlojane holim’a lona, ebe kemoo le tla fumana hore ha le na mots’ireletsi

Ayah 68

أَمۡ أَمِنتُمۡ أَن يُعِيدَكُمۡ فِيهِ تَارَةً أُخۡرَىٰ فَيُرۡسِلَ عَلَيۡكُمۡ قَاصِفࣰ ا مِّنَ ٱلرِّيحِ فَيُغۡرِقَكُم بِمَا كَفَرۡتُمۡ ثُمَّ لَا تَجِدُواْ لَكُمۡ عَلَيۡنَا بِهِۦ تَبِيعࣰ ا

Kapa le ikutloa le le ts’ireletsong ea hore A ke ke A le busetsa koluoeng ea mohla monene lekhetlo la bobeli, le hona ho le romella leholi’otsoana la sefefo se ka le fekisang ho latela tlhoka teboho ea lona, ebe moo le ke keng la fumana mothusi ofe kapa ofe khahlanong le Rona

Ayah 69

۞وَلَقَدۡ كَرَّمۡنَا بَنِيٓ ءَادَمَ وَحَمَلۡنَٰهُمۡ فِي ٱلۡبَرِّ وَٱلۡبَحۡرِ وَرَزَقۡنَٰهُم مِّنَ ٱلطَّيِّبَٰتِ وَفَضَّلۡنَٰهُمۡ عَلَىٰ كَثِيرࣲ مِّمَّنۡ خَلَقۡنَا تَفۡضِيلࣰ ا

Re hlomphile bara ba Adama. Ke Rona ba ba pepang lefats’eng le leoatleng, le hona ho ba sitsa ka boipheliso ba lintho tse hloekileng esita le hona ho ba beha maemong a ka holim’a ba bangata bao re ba hlotseng ka makhabane a its’upang

Ayah 70

يَوۡمَ نَدۡعُواْ كُلَّ أُنَاسِۭ بِإِمَٰمِهِمۡۖ فَمَنۡ أُوتِيَ كِتَٰبَهُۥ بِيَمِينِهِۦ فَأُوْلَٰٓئِكَ يَقۡرَءُونَ كِتَٰبَهُمۡ وَلَا يُظۡلَمُونَ فَتِيلࣰ ا

Ka letsatsi le leng re tla bitsa batho bohle hammoho le Baetapele ba bona, ba tlang ho nehoa litlaleho tsa bona ka matsohong a matona, – ke bona ba tla bala litlaleho tsa bona, ba ke ke ba qhekelloa ka lonya

Ayah 71

وَمَن كَانَ فِي هَٰذِهِۦٓ أَعۡمَىٰ فَهُوَ فِي ٱلۡأٓخِرَةِ أَعۡمَىٰ وَأَضَلُّ سَبِيلࣰ ا

Empa ba foufetseng lefats’eng lena, le Bophelong Bo-tlang e tla ba lifofu; ba tla be ba khelohile haholo tseleng e nepahetseng

Ayah 72

وَإِن كَادُواْ لَيَفۡتِنُونَكَ عَنِ ٱلَّذِيٓ أَوۡحَيۡنَآ إِلَيۡكَ لِتَفۡتَرِيَ عَلَيۡنَا غَيۡرَهُۥۖ وَإِذࣰ ا لَّٱتَّخَذُوكَ خَلِيلࣰ ا

Ba lekile ka matla ho u khelosetsa thoko le seo Re u susumelitseng sona, e le hore u tle u iqapele ho hong ho kathoko ho sona malebana le Rona; eleng moo ba neng ba tla u amohela joaloka motsoalle oa bona

Ayah 73

وَلَوۡلَآ أَن ثَبَّتۡنَٰكَ لَقَدۡ كِدتَّ تَرۡكَنُ إِلَيۡهِمۡ شَيۡـࣰٔ ا قَلِيلًا

Hoja Ra se ke Ra u matlafatsa, u ka be u ile oa sekamela ho bona hanyane

Ayah 74

إِذࣰ ا لَّأَذَقۡنَٰكَ ضِعۡفَ ٱلۡحَيَوٰةِ وَضِعۡفَ ٱلۡمَمَاتِ ثُمَّ لَا تَجِدُ لَكَ عَلَيۡنَا نَصِيرࣰ ا

Joale, e be Re etsa hore u latsoe kahlolo e menahaneng ea bophelo ba lefats’e le e menahaneng ea lefu, u ne u ke ke oa fumana mothusi khahlanong le Rona

Ayah 75

وَإِن كَادُواْ لَيَسۡتَفِزُّونَكَ مِنَ ٱلۡأَرۡضِ لِيُخۡرِجُوكَ مِنۡهَاۖ وَإِذࣰ ا لَّا يَلۡبَثُونَ خِلَٰفَكَ إِلَّا قَلِيلࣰ ا

Takatso ea bona e bile ea ho u ts’osa lefats’eng, hore ba tle ba u leleke ho lona; hoja seo se ile sa phethahala, ba ka be ba ile ba lula ho lona; empa ha khuts’oane kamor’a hau

Ayah 76

سُنَّةَ مَن قَدۡ أَرۡسَلۡنَا قَبۡلَكَ مِن رُّسُلِنَاۖ وَلَا تَجِدُ لِسُنَّتِنَا تَحۡوِيلًا

Seo e bile mokhoa oa Rona ka barumuoa bao Re ileng Ra ba romella pele ho uena: u ke ke oa fumana phethoho mokhoeng oa Rona

Ayah 77

أَقِمِ ٱلصَّلَوٰةَ لِدُلُوكِ ٱلشَّمۡسِ إِلَىٰ غَسَقِ ٱلَّيۡلِ وَقُرۡءَانَ ٱلۡفَجۡرِۖ إِنَّ قُرۡءَانَ ٱلۡفَجۡرِ كَانَ مَشۡهُودࣰ ا

Phethahatsa lithapelo ha letsatsi le’a malikelong ho fihlela bosiu, u phete Qura’n esale ka meso. Ho pheta Qura›n ka meso ho pakahalitsoe

Ayah 78

وَمِنَ ٱلَّيۡلِ فَتَهَجَّدۡ بِهِۦ نَافِلَةࣰ لَّكَ عَسَىٰٓ أَن يَبۡعَثَكَ رَبُّكَ مَقَامࣰ ا مَّحۡمُودࣰ ا

U be u rapele likarolong tse ling tsa meso, seo se molemo haholo ho uena. Mong`a hau u tla u phahamisetsa boemong ba tlotla le thoriso

Ayah 79

وَقُل رَّبِّ أَدۡخِلۡنِي مُدۡخَلَ صِدۡقࣲ وَأَخۡرِجۡنِي مُخۡرَجَ صِدۡقࣲ وَٱجۡعَل لِّي مِن لَّدُنكَ سُلۡطَٰنࣰ ا نَّصِيرࣰ ا

E re: “Mong`a ka! etsa hore ho kena hoa ka e be ka Khoro ea ‘Nete le Tlotla le hona ho tsoa hoa ka e be ka Khoro ea ‘Nete le Tlotla; U nts’itse ho tsoa ho Uena ka matla ho nthusa.”

Ayah 80

وَقُلۡ جَآءَ ٱلۡحَقُّ وَزَهَقَ ٱلۡبَٰطِلُۚ إِنَّ ٱلۡبَٰطِلَ كَانَ زَهُوقࣰ ا

U be u re: “Nete e fihlile, leshano le phephethetsoe: Hobane Leshano haesale le sena mokoka.”

Ayah 81

وَنُنَزِّلُ مِنَ ٱلۡقُرۡءَانِ مَا هُوَ شِفَآءࣱ وَرَحۡمَةࣱ لِّلۡمُؤۡمِنِينَ وَلَا يَزِيدُ ٱلظَّٰلِمِينَ إِلَّا خَسَارࣰ ا

Re senotse Qura’n eo e leng eona pheko le ona mohau ho ba kholoang, le hoja e eketsa makukuno ho ba etsang bokhopo

Ayah 82

وَإِذَآ أَنۡعَمۡنَا عَلَى ٱلۡإِنسَٰنِ أَعۡرَضَ وَنَـَٔا بِجَانِبِهِۦ وَإِذَا مَسَّهُ ٱلشَّرُّ كَانَ يَـُٔوسࣰ ا

Empa ha Re theolela nala ea Rona ho motho, o oa furalla, ebe o ema hole le Rona; ha mats’oenyeho a mo ama o lahla ts’epo

Ayah 83

قُلۡ كُلࣱّ يَعۡمَلُ عَلَىٰ شَاكِلَتِهِۦ فَرَبُّكُمۡ أَعۡلَمُ بِمَنۡ هُوَ أَهۡدَىٰ سَبِيلࣰ ا

E re: “E mong le e mong o etsa ho latela po’po ea hae, ke Mong`a lona Ea hlokolosi haholo ka eo tsela ea hae e leng e nepahetseng.”

Ayah 84

وَيَسۡـَٔلُونَكَ عَنِ ٱلرُّوحِۖ قُلِ ٱلرُّوحُ مِنۡ أَمۡرِ رَبِّي وَمَآ أُوتِيتُم مِّنَ ٱلۡعِلۡمِ إِلَّا قَلِيلࣰ ا

Ba u botsa malebana le moea o halalelang. E re: “Moea o halalelang o tlas’a taolo ea Mong`a ka, lona le nehiloe tsebo e fokolang.”

Ayah 85

وَلَئِن شِئۡنَا لَنَذۡهَبَنَّ بِٱلَّذِيٓ أَوۡحَيۡنَآ إِلَيۡكَ ثُمَّ لَا تَجِدُ لَكَ بِهِۦ عَلَيۡنَا وَكِيلًا

Ha e ne e le takatso ea Rona, Re ka be Re ile Ra hlakola seo Re u senoletseng sona, joale ebe moo u neng u sa tl’o fumana ‘muelli khahlanong le rona tabeng eo

Ayah 86

إِلَّا رَحۡمَةࣰ مِّن رَّبِّكَۚ إِنَّ فَضۡلَهُۥ كَانَ عَلَيۡكَ كَبِيرࣰ ا

Kantle ho Mohau ho tsoa ho Mong’a hau: Hobane matlotlo A Hae ho uena ’a khaphatseha

Ayah 87

قُل لَّئِنِ ٱجۡتَمَعَتِ ٱلۡإِنسُ وَٱلۡجِنُّ عَلَىٰٓ أَن يَأۡتُواْ بِمِثۡلِ هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانِ لَا يَأۡتُونَ بِمِثۡلِهِۦ وَلَوۡ كَانَ بَعۡضُهُمۡ لِبَعۡضࣲ ظَهِيرࣰ ا

E re: “Le hoja batho le Li-Jinn ba ne ba ka iketsa khokanyana phiri ho hlahisa se ts’oanang le Qura’n ena, ba ne ba ke ke ba hlahisa se ts’oanang le eona, le ha ba ne ba ka thusana.”

Ayah 88

وَلَقَدۡ صَرَّفۡنَا لِلنَّاسِ فِي هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانِ مِن كُلِّ مَثَلࣲ فَأَبَىٰٓ أَكۡثَرُ ٱلنَّاسِ إِلَّا كُفُورࣰ ا

Re hlakiselitse batho kahar’a Qura’n ena mefuta eohle ea lipapiso, empa bongata ba batho bo hanana le eona ka mokhoa oa ho nyefola

Ayah 89

وَقَالُواْ لَن نُّؤۡمِنَ لَكَ حَتَّىٰ تَفۡجُرَ لَنَا مِنَ ٱلۡأَرۡضِ يَنۢبُوعًا

Ba re: “Re ke ke ra beha ts’epo ea rona ho uena ho fihlela u etsa hore seliba se ts’akhunye lefats’eng

Ayah 90

أَوۡ تَكُونَ لَكَ جَنَّةࣱ مِّن نَّخِيلࣲ وَعِنَبࣲ فَتُفَجِّرَ ٱلۡأَنۡهَٰرَ خِلَٰلَهَا تَفۡجِيرًا

Kapa hona hore u be le serapa sa lipalema le merara le hona ho etsa hore linoka tse metsi a mangata li phalli har’a sona

Ayah 91

أَوۡ تُسۡقِطَ ٱلسَّمَآءَ كَمَا زَعَمۡتَ عَلَيۡنَا كِسَفًا أَوۡ تَأۡتِيَ بِٱللَّهِ وَٱلۡمَلَٰٓئِكَةِ قَبِيلًا

Kapa hona ho etsa hore leholimo le re oele, joaloka ha u rialo, kapa hona ho re tlisetsa Allah le manyeloi re ba bone ka mahlo

Ayah 92

أَوۡ يَكُونَ لَكَ بَيۡتࣱ مِّن زُخۡرُفٍ أَوۡ تَرۡقَىٰ فِي ٱلسَّمَآءِ وَلَن نُّؤۡمِنَ لِرُقِيِّكَ حَتَّىٰ تُنَزِّلَ عَلَيۡنَا كِتَٰبࣰ ا نَّقۡرَؤُهُۥۗ قُلۡ سُبۡحَانَ رَبِّي هَلۡ كُنتُ إِلَّا بَشَرࣰ ا رَّسُولࣰ ا

Kapa u na le ntlo e khabisitsoeng ka khauta; kapa ebang u ka nyolohela leholimong. Leha ho le joalo re ke ke ra kholoa ho nyolohelo ea hau ho fihlela u re tliselitse lengolo ho le bala. E re: “Tlotla e be ho Mong`a ka! ‘na ha ke ho hong haese Moromuoa feela?”

Ayah 93

وَمَا مَنَعَ ٱلنَّاسَ أَن يُؤۡمِنُوٓاْ إِذۡ جَآءَهُمُ ٱلۡهُدَىٰٓ إِلَّآ أَن قَالُوٓاْ أَبَعَثَ ٱللَّهُ بَشَرࣰ ا رَّسُولࣰ ا

Ke eng se sitisang batho hore ba be le Tumelo Tataisong e romeletsoeng ho bona, ha se letho: Ba re: “Allah a ka romella motho ea ts’oanang le rona ele Moromuoa oa hae?”

Ayah 94

قُل لَّوۡ كَانَ فِي ٱلۡأَرۡضِ مَلَٰٓئِكَةࣱ يَمۡشُونَ مُطۡمَئِنِّينَ لَنَزَّلۡنَا عَلَيۡهِم مِّنَ ٱلسَّمَآءِ مَلَكࣰ ا رَّسُولࣰ ا

E re: “Hoja e be ho bile le manyeloi lefats’eng a neng a tsamaea tlas’a ts’ireletso le khotso, Re ka be Re ile Ra romella lenyeloi le tsoang leholimong ele Moromuoa.”

Ayah 95

قُلۡ كَفَىٰ بِٱللَّهِ شَهِيدَۢا بَيۡنِي وَبَيۡنَكُمۡۚ إِنَّهُۥ كَانَ بِعِبَادِهِۦ خَبِيرَۢا بَصِيرࣰ ا

E re: “Allah U lekane ele paki lipakeng tsa ka le lona. Hobane Ke Motsebi, e bile ke Moalosi oa makhabunyane A Hae.”

Ayah 96

وَمَن يَهۡدِ ٱللَّهُ فَهُوَ ٱلۡمُهۡتَدِۖ وَمَن يُضۡلِلۡ فَلَن تَجِدَ لَهُمۡ أَوۡلِيَآءَ مِن دُونِهِۦۖ وَنَحۡشُرُهُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ عَلَىٰ وُجُوهِهِمۡ عُمۡيࣰ ا وَبُكۡمࣰ ا وَصُمࣰّ اۖ مَّأۡوَىٰهُمۡ جَهَنَّمُۖ كُلَّمَا خَبَتۡ زِدۡنَٰهُمۡ سَعِيرࣰ ا

Ea tataisoang Ea Allah, o tataisong e nepahetseng; Ea mo tlohetseng ho kheloha, a ke ke a fumana mots’ireletsi kantle ho Eena, Re tla ba bokella ‘moho mohla Letsatsi la Kahlolo ba tjapalletse ka lifahleho, ba foufetse, e le limumu esitana le litholo; lehae la bona e tla ba Lihele; ka linako tsohle ha li kokobela, Re tla li phaella ka lelakabe

Ayah 97

ذَٰلِكَ جَزَآؤُهُم بِأَنَّهُمۡ كَفَرُواْ بِـَٔايَٰتِنَا وَقَالُوٓاْ أَءِذَا كُنَّا عِظَٰمࣰ ا وَرُفَٰتًا أَءِنَّا لَمَبۡعُوثُونَ خَلۡقࣰ ا جَدِيدًا

Seo ke moputso oa bona hobane ba latotse lits’enolo tsa rona, ba re: “Ha re se re le masapo le lerole, na ka ‘nete re ka boela ra tsosoa hape re se re le ‘mopo o mocha?”

Ayah 98

۞أَوَلَمۡ يَرَوۡاْ أَنَّ ٱللَّهَ ٱلَّذِي خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ قَادِرٌ عَلَىٰٓ أَن يَخۡلُقَ مِثۡلَهُمۡ وَجَعَلَ لَهُمۡ أَجَلࣰ ا لَّا رَيۡبَ فِيهِ فَأَبَى ٱلظَّٰلِمُونَ إِلَّا كُفُورࣰ ا

Na ha bae s’o bone hore Allah Ea bopileng maholimo le lefats’e U matla ho bopa tse ts’oanang le bona, U se A ba behetse nako ea bona ea pallo eo ka eona ho seng khoao? Ba etsang liphoso bona ba hana ka tlhoka teboho

Ayah 99

قُل لَّوۡ أَنتُمۡ تَمۡلِكُونَ خَزَآئِنَ رَحۡمَةِ رَبِّيٓ إِذࣰ ا لَّأَمۡسَكۡتُمۡ خَشۡيَةَ ٱلۡإِنفَاقِۚ وَكَانَ ٱلۡإِنسَٰنُ قَتُورࣰ ا

E re: “Hoja e be le na le matla holim’a Matlotlo a Mohau oa Mong`a ka, Ruri le ka be le le leqe ka ona, hobane haesale motho a le lekhonatha

Ayah 100

وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَا مُوسَىٰ تِسۡعَ ءَايَٰتِۭ بَيِّنَٰتࣲۖ فَسۡـَٔلۡ بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ إِذۡ جَآءَهُمۡ فَقَالَ لَهُۥ فِرۡعَوۡنُ إِنِّي لَأَظُنُّكَ يَٰمُوسَىٰ مَسۡحُورࣰ ا

Re nehile Moshe Lits’upiso tse robong tse hlakileng: A k’u botse bana ba Israele kamoo a kileng a fihla ho bona kateng, Eaba Faro o re ho eena: “Oho Moshe! Ruri ke nahana hore o e mong oa ba louoeng.”

Ayah 101

قَالَ لَقَدۡ عَلِمۡتَ مَآ أَنزَلَ هَٰٓؤُلَآءِ إِلَّا رَبُّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ بَصَآئِرَ وَإِنِّي لَأَظُنُّكَ يَٰفِرۡعَوۡنُ مَثۡبُورࣰ ا

Moshe a re: “U tseba hantle hore ha ho ope ea nthomileng ka lits’upiso tsena haese Mong`a maholimo le lefats’e e le bopaki bo bulang mahlo: Oho Faro! Ke nahana hore ke uena ea lahlehileng.”

Ayah 102

فَأَرَادَ أَن يَسۡتَفِزَّهُم مِّنَ ٱلۡأَرۡضِ فَأَغۡرَقۡنَٰهُ وَمَن مَّعَهُۥ جَمِيعࣰ ا

Eaba o nka qeto ea ho ba tlosa holima lefats’e: empa Ra mo khamisa metsi le bo-mphato ba hae

Ayah 103

وَقُلۡنَا مِنۢ بَعۡدِهِۦ لِبَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ ٱسۡكُنُواْ ٱلۡأَرۡضَ فَإِذَا جَآءَ وَعۡدُ ٱلۡأٓخِرَةِ جِئۡنَا بِكُمۡ لَفِيفࣰ ا

Eaba Re Re ho Bana ba Israele: “Phelang ka khotso lefats’eng lena; empa ha ts’episo ea bophelo bo-tlang e se e atametse, re tla le bokella ‘moho joaloka mokhopi ho tsoa lichabeng tse fapakaneng.”

Ayah 104

وَبِٱلۡحَقِّ أَنزَلۡنَٰهُ وَبِٱلۡحَقِّ نَزَلَۗ وَمَآ أَرۡسَلۡنَٰكَ إِلَّا مُبَشِّرࣰ ا وَنَذِيرࣰ ا

Re romeletse Qura›n lefats’eng ka ‹nete, ka ‘nete e finyeletseng. Re u romeletse u se ho hong haese ‘moleli oa litaba tse molemo le eena mohlokomelisi

Ayah 105

وَقُرۡءَانࣰ ا فَرَقۡنَٰهُ لِتَقۡرَأَهُۥ عَلَى ٱلنَّاسِ عَلَىٰ مُكۡثࣲ وَنَزَّلۡنَٰهُ تَنزِيلࣰ ا

Ke Qura’n eo Re e entseng likhaolo, hore u tle u e phetele batho ka linako tsa khefutso: Re e senotse ka mekhahlelo

Ayah 106

قُلۡ ءَامِنُواْ بِهِۦٓ أَوۡ لَا تُؤۡمِنُوٓاْۚ إِنَّ ٱلَّذِينَ أُوتُواْ ٱلۡعِلۡمَ مِن قَبۡلِهِۦٓ إِذَا يُتۡلَىٰ عَلَيۡهِمۡ يَخِرُّونَۤ لِلۡأَذۡقَانِۤ سُجَّدࣰ اۤ

E re: “Ebang le kholoa ho eona, kapa le sa kholoeng, ke ‘nete hore ba nehiloeng tsebo pele, nakong eo ba e balloang, ba oela fats’e ka lifahleho ba ithapalatsa

Ayah 107

وَيَقُولُونَ سُبۡحَٰنَ رَبِّنَآ إِن كَانَ وَعۡدُ رَبِّنَا لَمَفۡعُولࣰ ا

Ba re: “Tlotla e be ho Mong`a rona! Ruri ts’episo ea Mong`a rona e phethahetse.”

Ayah 108

وَيَخِرُّونَ لِلۡأَذۡقَانِ يَبۡكُونَ وَيَزِيدُهُمۡ خُشُوعࣰ ا۩

Ba oela fats’e ka lifahleho tse tletseng meokho, e eketsa boikokobetso ho bona

Ayah 109

قُلِ ٱدۡعُواْ ٱللَّهَ أَوِ ٱدۡعُواْ ٱلرَّحۡمَٰنَۖ أَيࣰّ ا مَّا تَدۡعُواْ فَلَهُ ٱلۡأَسۡمَآءُ ٱلۡحُسۡنَىٰۚ وَلَا تَجۡهَرۡ بِصَلَاتِكَ وَلَا تُخَافِتۡ بِهَا وَٱبۡتَغِ بَيۡنَ ذَٰلِكَ سَبِيلࣰ ا

E re: “Bitsang ho Allah, kapa ho Ramaseli, mabitso ohle ao le ka bitsang ho Eena,: Mabitso Oohle a Matle ke’a Hae. U se ke oa hoeletsa ha u rapela kapa ho hoeshetsa; empa u be bohareng

Ayah 110

وَقُلِ ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ ٱلَّذِي لَمۡ يَتَّخِذۡ وَلَدࣰ ا وَلَمۡ يَكُن لَّهُۥ شَرِيكࣱ فِي ٱلۡمُلۡكِ وَلَمۡ يَكُن لَّهُۥ وَلِيࣱّ مِّنَ ٱلذُّلِّۖ وَكَبِّرۡهُ تَكۡبِيرَۢا

E re: “Lithoriso li be ho Allah, ea sa tsoalang mora, ea se nang molekane Pusong Ea Hae, kapa hona ho ba le mos’ireletsi tlotlollong. Mo phafe ka Boholo le Tlotla Ea Hae. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Ayah 111