Surah Az-Zumar — The Groups
Surah Az-Zumar (The Groups) is chapter 39 of the Quran, with 75 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.
تَنزِيلُ ٱلۡكِتَٰبِ مِنَ ٱللَّهِ ٱلۡعَزِيزِ ٱلۡحَكِيمِ
Ts’enolo ea
Ayah 1إِنَّآ أَنزَلۡنَآ إِلَيۡكَ ٱلۡكِتَٰبَ بِٱلۡحَقِّ فَٱعۡبُدِ ٱللَّهَ مُخۡلِصࣰ ا لَّهُ ٱلدِّينَ
Ruri Re u senoletse
Ayah 2أَلَا لِلَّهِ ٱلدِّينُ ٱلۡخَالِصُۚ وَٱلَّذِينَ ٱتَّخَذُواْ مِن دُونِهِۦٓ أَوۡلِيَآءَ مَا نَعۡبُدُهُمۡ إِلَّا لِيُقَرِّبُونَآ إِلَى ٱللَّهِ زُلۡفَىٰٓ إِنَّ ٱللَّهَ يَحۡكُمُ بَيۡنَهُمۡ فِي مَا هُمۡ فِيهِ يَخۡتَلِفُونَۗ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَهۡدِي مَنۡ هُوَ كَٰذِبࣱ كَفَّارࣱ
Ha se Allah Eo A tsoanetsoeng ke lerato la ‘nete? Empa haele ba ikhethelang bats’ireletsi kathoko ho Allah(ba re): “Re mpa re ba sebeltsa molemong oa hore ba tle ba re atametse haufi le Allah.” Ruri! Allah U tla ahlola lipakeng tsa bona malebana le tseo ba fapanang ka tsona. Hobane! Allah ha A tataise motho ea leshano, ea hlokang teboho
Ayah 3لَّوۡ أَرَادَ ٱللَّهُ أَن يَتَّخِذَ وَلَدࣰ ا لَّٱصۡطَفَىٰ مِمَّا يَخۡلُقُ مَا يَشَآءُۚ سُبۡحَٰنَهُۥۖ هُوَ ٱللَّهُ ٱلۡوَٰحِدُ ٱلۡقَهَّارُ
Hoja e be Allah U ne A ratile ho ikhethela mora, A ka be A ikhethetse eo A khahloang ke eena ho bao A ba hlotseng: empa tlotla e be ho Eena! Ke Eena Allah, Ea Inotsi, Ea Matla Oohle
Ayah 4خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ بِٱلۡحَقِّۖ يُكَوِّرُ ٱلَّيۡلَ عَلَى ٱلنَّهَارِ وَيُكَوِّرُ ٱلنَّهَارَ عَلَى ٱلَّيۡلِۖ وَسَخَّرَ ٱلشَّمۡسَ وَٱلۡقَمَرَۖ كُلࣱّ يَجۡرِي لِأَجَلࣲ مُّسَمًّىۗ أَلَا هُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡغَفَّٰرُ
Ke Eena Ea hlotseng maholimo le lefats’e ka ‘nete. Ke Eena Ea etsang hore bosiu bo sehe mots’eare tsebe, mots’eare hore o sehe bosiu tsebe, A ba A tsepamisa letsatsi le ngoeli ho ba tlas’a taolo, e ngoe le e ngoe e tsamaea mocheng oa pallo. Na ha se Eena Ea Matla Oohle, Ea Ts’oarelang joalo joalo
Ayah 5خَلَقَكُم مِّن نَّفۡسࣲ وَٰحِدَةࣲ ثُمَّ جَعَلَ مِنۡهَا زَوۡجَهَا وَأَنزَلَ لَكُم مِّنَ ٱلۡأَنۡعَٰمِ ثَمَٰنِيَةَ أَزۡوَٰجࣲۚ يَخۡلُقُكُمۡ فِي بُطُونِ أُمَّهَٰتِكُمۡ خَلۡقࣰ ا مِّنۢ بَعۡدِ خَلۡقࣲ فِي ظُلُمَٰتࣲ ثَلَٰثࣲۚ ذَٰلِكُمُ ٱللَّهُ رَبُّكُمۡ لَهُ ٱلۡمُلۡكُۖ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَۖ فَأَنَّىٰ تُصۡرَفُونَ
O le hlotse ho tsoa mothong a le mong, ka eena motho eo U etsa molekane oa hae; le hona ho le sitsa ka mohlape oa mefuta e robeli. U le hlotse ka har’a limpa tsa bo-’ma’ lona, tlholeho kamor’a tlholeho, ka har’a masira a phaeletsoeng hararo a fifetseng. Ke Eena Allah, Mong`a lona. Ke Eena ‘Musi. Ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena. Joale, hobaneng ha le furalla `nete
Ayah 6إِن تَكۡفُرُواْ فَإِنَّ ٱللَّهَ غَنِيٌّ عَنكُمۡۖ وَلَا يَرۡضَىٰ لِعِبَادِهِ ٱلۡكُفۡرَۖ وَإِن تَشۡكُرُواْ يَرۡضَهُ لَكُمۡۗ وَلَا تَزِرُ وَازِرَةࣱ وِزۡرَ أُخۡرَىٰۚ ثُمَّ إِلَىٰ رَبِّكُم مَّرۡجِعُكُمۡ فَيُنَبِّئُكُم بِمَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَۚ إِنَّهُۥ عَلِيمُۢ بِذَاتِ ٱلصُّدُورِ
Haeba le latola, Allah ha A le hloke, ebile ha A khahloe ke ho hloka teboho ha makhabunyane a Hae; empa haeba le fana ka liteboho, U khahloa ke lona. Ha ho moea o jereng o ka jarang mojaro oa o mong. Le tla khutlela ho Mong`a lona; U tla le bolella tsohle tseo le neng le li etsa. Hobane U tseba tseo lifuba tsa batho li li jereng
Ayah 7۞وَإِذَا مَسَّ ٱلۡإِنسَٰنَ ضُرࣱّ دَعَا رَبَّهُۥ مُنِيبًا إِلَيۡهِ ثُمَّ إِذَا خَوَّلَهُۥ نِعۡمَةࣰ مِّنۡهُ نَسِيَ مَا كَانَ يَدۡعُوٓاْ إِلَيۡهِ مِن قَبۡلُ وَجَعَلَ لِلَّهِ أَندَادࣰ ا لِّيُضِلَّ عَن سَبِيلِهِۦۚ قُلۡ تَمَتَّعۡ بِكُفۡرِكَ قَلِيلًا إِنَّكَ مِنۡ أَصۡحَٰبِ ٱلنَّارِ
Ha bomalimabe bo aparela motho, o bitsa ho Mong`a hae ka ts’okoloho le boinyatso. Empa hang hoba A mo nehe molemo o tsoang ho Eena, eba o iteballa ka seo a neng a se rapella pele, a be a iketsetse melingoana khahlanong le Allah, kahoo a khelose batho tseleng ea Allah. E re: “Nyakalla nyelisong ea hau ha nakoana. Hobane u e mong oa balekane ba Mollo.”
Ayah 8أَمَّنۡ هُوَ قَٰنِتٌ ءَانَآءَ ٱلَّيۡلِ سَاجِدࣰ ا وَقَآئِمࣰ ا يَحۡذَرُ ٱلۡأٓخِرَةَ وَيَرۡجُواْ رَحۡمَةَ رَبِّهِۦۗ قُلۡ هَلۡ يَسۡتَوِي ٱلَّذِينَ يَعۡلَمُونَ وَٱلَّذِينَ لَا يَعۡلَمُونَۗ إِنَّمَا يَتَذَكَّرُ أُوْلُواْ ٱلۡأَلۡبَٰبِ
Na ea rapelang ka ‘nete bosiu, a khumame kapa a eme, ea hopolang Bo-tlang, ea behang ts’epo ea hae mohaung oa Mong`a hae(a ka ts’oana le’a sa etseng joalo?)E re: “Na ba ea lekana: ba tsebang le ba sa tsebeng?” Ke ba filoeng kutloisiso, ba amohelang khalemo
Ayah 9قُلۡ يَٰعِبَادِ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ ٱتَّقُواْ رَبَّكُمۡۚ لِلَّذِينَ أَحۡسَنُواْ فِي هَٰذِهِ ٱلدُّنۡيَا حَسَنَةࣱۗ وَأَرۡضُ ٱللَّهِ وَٰسِعَةٌۗ إِنَّمَا يُوَفَّى ٱلصَّٰبِرُونَ أَجۡرَهُم بِغَيۡرِ حِسَابࣲ
E re: “Oho lona makhabunyane a Ka a Kholoang! Ts’abang Mong`a lona. Mpho e molemo ke ea ba etsang botle lefats’eng lena, Lefats’e la Allah le pharaletse! Ba tsitlallelang ka mamello ba tla amohela moputso o se nang tekanyo.”
Ayah 10قُلۡ إِنِّيٓ أُمِرۡتُ أَنۡ أَعۡبُدَ ٱللَّهَ مُخۡلِصࣰ ا لَّهُ ٱلدِّينَ
E re: “Ke laetsoe ho sebeletsa Allah ka lerato la sebele
Ayah 11وَأُمِرۡتُ لِأَنۡ أَكُونَ أَوَّلَ ٱلۡمُسۡلِمِينَ
“Ke laetsoe ho ba oa pele har’a ba ithapalatsang ka pela Allah Islamong.”
Ayah 12قُلۡ إِنِّيٓ أَخَافُ إِنۡ عَصَيۡتُ رَبِّي عَذَابَ يَوۡمٍ عَظِيمࣲ
E re: “Ka mohlomong, haeba ke koenehetse Mong’a ka, ruri ke ne ke tla ba le ts’abo ea Kotlo ea Letsatsi le Leholo.”
Ayah 13قُلِ ٱللَّهَ أَعۡبُدُ مُخۡلِصࣰ ا لَّهُۥ دِينِي
E re: “Ke Allah Eo ke Mo sebeletsang ka lerato la sebele
Ayah 14فَٱعۡبُدُواْ مَا شِئۡتُم مِّن دُونِهِۦۗ قُلۡ إِنَّ ٱلۡخَٰسِرِينَ ٱلَّذِينَ خَسِرُوٓاْ أَنفُسَهُمۡ وَأَهۡلِيهِمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِۗ أَلَا ذَٰلِكَ هُوَ ٱلۡخُسۡرَانُ ٱلۡمُبِينُ
“Sebeletsang seo le se ratang ka ntle ho Eena. E re: “Ruri ba tahlehong ke ba lahleheloang ke meea ea bona le mehahabo bona ka Letsatsi la Kahlolo: seo ka ‘nete ke tahleho e pepenene!”
Ayah 15لَهُم مِّن فَوۡقِهِمۡ ظُلَلࣱ مِّنَ ٱلنَّارِ وَمِن تَحۡتِهِمۡ ظُلَلࣱۚ ذَٰلِكَ يُخَوِّفُ ٱللَّهُ بِهِۦ عِبَادَهُۥۚ يَٰعِبَادِ فَٱتَّقُونِ
Ba tla apareloa ke lesira la mollo ka holim’a bona le ka tlas’a bona. Ka sena Allah U hlokomelisa makhabunyane a Hae. “Oho makhabunyane a Ka, ebang le ts’abo ho ‘Na!”
Ayah 16وَٱلَّذِينَ ٱجۡتَنَبُواْ ٱلطَّٰغُوتَ أَن يَعۡبُدُوهَا وَأَنَابُوٓاْ إِلَى ٱللَّهِ لَهُمُ ٱلۡبُشۡرَىٰۚ فَبَشِّرۡ عِبَادِ
Ba nenang bobe, – ba sa bo khumamele, – ba retelehela ho Allah ka boinyatso, – ho teng litaba tse molemo sebakeng sa bona. Kahoo, phatlalatsa litaba tse molemo ho makhabunyane Ka
Ayah 17ٱلَّذِينَ يَسۡتَمِعُونَ ٱلۡقَوۡلَ فَيَتَّبِعُونَ أَحۡسَنَهُۥٓۚ أُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ هَدَىٰهُمُ ٱللَّهُۖ وَأُوْلَٰٓئِكَ هُمۡ أُوْلُواْ ٱلۡأَلۡبَٰبِ
Ba mamelang lentsoe, ba latela se molemo ho lona: bao ke ba tataisitsoeng ke Allah, ke ba filoeng kutloisiso
Ayah 18أَفَمَنۡ حَقَّ عَلَيۡهِ كَلِمَةُ ٱلۡعَذَابِ أَفَأَنتَ تُنقِذُ مَن فِي ٱلنَّارِ
Na, joale ea tobiloeng ke kahlolo e mo ts’oanetseng, na u ka mo pholosa Mollong
Ayah 19لَٰكِنِ ٱلَّذِينَ ٱتَّقَوۡاْ رَبَّهُمۡ لَهُمۡ غُرَفࣱ مِّن فَوۡقِهَا غُرَفࣱ مَّبۡنِيَّةࣱ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُۖ وَعۡدَ ٱللَّهِ لَا يُخۡلِفُ ٱللَّهُ ٱلۡمِيعَادَ
Empa sebakeng sa ba ts’abang Mong’a bona ho teng meaho e phahameng mekato kaholima e meng, e ahiloeng: eo tlasa eona ho phallang linoka: ts’episo ea Allah: Allah ha A hloloe ts’episong ea Hae
Ayah 20أَلَمۡ تَرَ أَنَّ ٱللَّهَ أَنزَلَ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءࣰ فَسَلَكَهُۥ يَنَٰبِيعَ فِي ٱلۡأَرۡضِ ثُمَّ يُخۡرِجُ بِهِۦ زَرۡعࣰ ا مُّخۡتَلِفًا أَلۡوَٰنُهُۥ ثُمَّ يَهِيجُ فَتَرَىٰهُ مُصۡفَرࣰّ ا ثُمَّ يَجۡعَلُهُۥ حُطَٰمًاۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَذِكۡرَىٰ لِأُوْلِي ٱلۡأَلۡبَٰبِ
Ha u bone kamoo Allah a romellang pula ho tsoa marung, A etsang hore liliba li ts’akhunye fats’e? Ebe U melisa lijalo ka mebala ho fapana; ebe li’a bajoa, u li bone li eba ts’ehla; ebe li’a omell, li foforehe. Ruri! ho sena, ke Molaetsa oa khopotso ho batho ba kutloisiso
Ayah 21أَفَمَن شَرَحَ ٱللَّهُ صَدۡرَهُۥ لِلۡإِسۡلَٰمِ فَهُوَ عَلَىٰ نُورࣲ مِّن رَّبِّهِۦۚ فَوَيۡلࣱ لِّلۡقَٰسِيَةِ قُلُوبُهُم مِّن ذِكۡرِ ٱللَّهِۚ أُوْلَٰٓئِكَ فِي ضَلَٰلࣲ مُّبِينٍ
Na eo Allah A entseng hore pelo ea hae e amohele Islam, hore e be o amohetse leseli le tsoang ho Allah, (a ka ts’oana le ea thatafalitseng pelo?) Sekhobo se be ho bao lipelo tsa bona li thatafalitsoeng khahlano le ho keteka lithoriso tsa Allah. Ba tahlehong e totobetseng
Ayah 22ٱللَّهُ نَزَّلَ أَحۡسَنَ ٱلۡحَدِيثِ كِتَٰبࣰ ا مُّتَشَٰبِهࣰ ا مَّثَانِيَ تَقۡشَعِرُّ مِنۡهُ جُلُودُ ٱلَّذِينَ يَخۡشَوۡنَ رَبَّهُمۡ ثُمَّ تَلِينُ جُلُودُهُمۡ وَقُلُوبُهُمۡ إِلَىٰ ذِكۡرِ ٱللَّهِۚ ذَٰلِكَ هُدَى ٱللَّهِ يَهۡدِي بِهِۦ مَن يَشَآءُۚ وَمَن يُضۡلِلِ ٱللَّهُ فَمَا لَهُۥ مِنۡ هَادٍ
Allah U senotse Molaetsa o hlakileng, ka sebopeho sa Lengolo, le topileng, le phetang(thuto ea lona ka litsela tse fapaneng), matlalo a ba ts’abang Mong’a bona a ea thothomela; e be lipelo le matlalo a bona li’a nolofala ketekong ea lithoriso tsa Allah. E joalo tataiso ea Allah: U tataisa ea khahloang ke eena, empa eo Allah a mo lesang tahlehong, ha ho ea mo tataisang
Ayah 23أَفَمَن يَتَّقِي بِوَجۡهِهِۦ سُوٓءَ ٱلۡعَذَابِ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِۚ وَقِيلَ لِلظَّٰلِمِينَ ذُوقُواْ مَا كُنتُمۡ تَكۡسِبُونَ
Na joale, ea tamehang ho ts’aba lets’oao la kahlolo ka Letsatsi la Kahlolo sefahlehong sa hae,(a ka ts’oana le a ts’irelelitsoeng ho se joalo)? Ho tla thoe ho baetsalibe:” Latsoang seo le se sebelelitseng.”
Ayah 24كَذَّبَ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡ فَأَتَىٰهُمُ ٱلۡعَذَابُ مِنۡ حَيۡثُ لَا يَشۡعُرُونَ
Ba bileng teng pele ba latotse, eababa oeloa ke kahloloba ntseba sa tsebe letho
Ayah 25فَأَذَاقَهُمُ ٱللَّهُ ٱلۡخِزۡيَ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَاۖ وَلَعَذَابُ ٱلۡأٓخِرَةِ أَكۡبَرُۚ لَوۡ كَانُواْ يَعۡلَمُونَ
Ke kamoo Allah a ba nehileng tatso ea tlotlollo bophelong bona, empa kahlolo e kholo ke ea Bo-tlang, hoja ba ne ba tseba
Ayah 26وَلَقَدۡ ضَرَبۡنَا لِلنَّاسِ فِي هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانِ مِن كُلِّ مَثَلࣲ لَّعَلَّهُمۡ يَتَذَكَّرُونَ
Ruri! Re sibuletse batho lipapiso ka mefuta ka har’a Qura’n, hore bat le ba amohele khalemo
Ayah 27قُرۡءَانًا عَرَبِيًّا غَيۡرَ ذِي عِوَجࣲ لَّعَلَّهُمۡ يَتَّقُونَ
Qura’n ea Se-Arab, e sa khopamang, e le hore ba tle ba its’ireletse bobeng
Ayah 28ضَرَبَ ٱللَّهُ مَثَلࣰ ا رَّجُلࣰ ا فِيهِ شُرَكَآءُ مُتَشَٰكِسُونَ وَرَجُلࣰ ا سَلَمࣰ ا لِّرَجُلٍ هَلۡ يَسۡتَوِيَانِ مَثَلًاۚ ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِۚ بَلۡ أَكۡثَرُهُمۡ لَا يَعۡلَمُونَ
Allah U sibolla papiso: motho ea ikarabellang batlatsetsing ba bangata, ba qoaketsanang, le motho ea ikarabellang ho Mong’a hae A le mong. Na bobeli ba ea lekana ha ba bapisoa? Thoriso e be ho Allah! Empa bongata ba bona ha bo na tsebo
Ayah 29إِنَّكَ مَيِّتࣱ وَإِنَّهُم مَّيِّتُونَ
Ruri! U tla shoa, le bona ba tla shoa
Ayah 30ثُمَّ إِنَّكُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ عِندَ رَبِّكُمۡ تَخۡتَصِمُونَ
Qetellong lona bohle, ka Letsatsi la Kahlolo, likhang tsa lona lit la khaoloa ka pela Mong’a lona
Ayah 31۞فَمَنۡ أَظۡلَمُ مِمَّن كَذَبَ عَلَى ٱللَّهِ وَكَذَّبَ بِٱلصِّدۡقِ إِذۡ جَآءَهُۥٓۚ أَلَيۡسَ فِي جَهَنَّمَ مَثۡوࣰ ى لِّلۡكَٰفِرِينَ
Ke mang ea etsang phoso e fetisisang ho feta ea buang leshano ka Allah, le ho latola ha e fihla ho eena, na ha ho na bolulo Liheleng bo loketseng banyefoli
Ayah 32وَٱلَّذِي جَآءَ بِٱلصِّدۡقِ وَصَدَّقَ بِهِۦٓ أُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡمُتَّقُونَ
Ea tlisang ‘nete ebe o oa e tiisa – bao ke batho ba etsang botle
Ayah 33لَهُم مَّا يَشَآءُونَ عِندَ رَبِّهِمۡۚ ذَٰلِكَ جَزَآءُ ٱلۡمُحۡسِنِينَ
Bat la fumana tsohle tseo ba li labalabelang, kapel’a Mong’a bona: oo ke moputso oa ba etsang botle
Ayah 34لِيُكَفِّرَ ٱللَّهُ عَنۡهُمۡ أَسۡوَأَ ٱلَّذِي عَمِلُواْ وَيَجۡزِيَهُمۡ أَجۡرَهُم بِأَحۡسَنِ ٱلَّذِي كَانُواْ يَعۡمَلُونَ
Allah U tla hlakola libe tsa bona, e be U ba neha moputso oa bona ho latela bottle boo ba bo entseng
Ayah 35أَلَيۡسَ ٱللَّهُ بِكَافٍ عَبۡدَهُۥۖ وَيُخَوِّفُونَكَ بِٱلَّذِينَ مِن دُونِهِۦۚ وَمَن يُضۡلِلِ ٱللَّهُ فَمَا لَهُۥ مِنۡ هَادࣲ
Allah ha A lekana ho lekhabunyane la Hae? Empa ba leka ho u ts’osa ka melingoana e meng kathoko ho Eena! Hobane bao Allah A ba lesang ho lahleha, ha ho ea ka ba tataisang
Ayah 36وَمَن يَهۡدِ ٱللَّهُ فَمَا لَهُۥ مِن مُّضِلٍّۗ أَلَيۡسَ ٱللَّهُ بِعَزِيزࣲ ذِي ٱنتِقَامࣲ
Eo Allah A mo tataisang, ha ho ea ka mo khelosang. Ha se Allah Ea Matla Oohle, Mong’a Kahlolo
Ayah 37وَلَئِن سَأَلۡتَهُم مَّنۡ خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ لَيَقُولُنَّ ٱللَّهُۚ قُلۡ أَفَرَءَيۡتُم مَّا تَدۡعُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ إِنۡ أَرَادَنِيَ ٱللَّهُ بِضُرٍّ هَلۡ هُنَّ كَٰشِفَٰتُ ضُرِّهِۦٓ أَوۡ أَرَادَنِي بِرَحۡمَةٍ هَلۡ هُنَّ مُمۡسِكَٰتُ رَحۡمَتِهِۦۚ قُلۡ حَسۡبِيَ ٱللَّهُۖ عَلَيۡهِ يَتَوَكَّلُ ٱلۡمُتَوَكِّلُونَ
Haeba ruri u ba botsa hore na ke mang ea hlotseng maholimo le lefats’e, ba tla re: “Ke Allah.” E re: “Lea bona? Lintho tseo le bitsang ho tsona ntle ho Allah, – Na li ka thibela Kotlo, haeba Allah a nkabetse Kotlo? – Kapa A nkabetse Mohau Oa Hae, na li ka thibela Mohau Oa Hae?” E re: “Allah U ntekane. Bohle ba nang le ts’epo ba behe ts’epo ea bona ho Eena.”
Ayah 38قُلۡ يَٰقَوۡمِ ٱعۡمَلُواْ عَلَىٰ مَكَانَتِكُمۡ إِنِّي عَٰمِلࣱۖ فَسَوۡفَ تَعۡلَمُونَ
E re: “Oho Batho ba heso! Etsang ka moo le khonang: ke tla etsa karolo ea ka. Empa haufinyane le tla tseba
Ayah 39مَن يَأۡتِيهِ عَذَابࣱ يُخۡزِيهِ وَيَحِلُّ عَلَيۡهِ عَذَابࣱ مُّقِيمٌ
“Ke mang eo kahlolo e tlontlollang e tlang ho mo oela, le eo a tlang ho oeloa ke kahlolo e sa feleng.”
Ayah 40إِنَّآ أَنزَلۡنَا عَلَيۡكَ ٱلۡكِتَٰبَ لِلنَّاسِ بِٱلۡحَقِّۖ فَمَنِ ٱهۡتَدَىٰ فَلِنَفۡسِهِۦۖ وَمَن ضَلَّ فَإِنَّمَا يَضِلُّ عَلَيۡهَاۖ وَمَآ أَنتَ عَلَيۡهِم بِوَكِيلٍ
Ruri Re senotse
Ayah 41ٱللَّهُ يَتَوَفَّى ٱلۡأَنفُسَ حِينَ مَوۡتِهَا وَٱلَّتِي لَمۡ تَمُتۡ فِي مَنَامِهَاۖ فَيُمۡسِكُ ٱلَّتِي قَضَىٰ عَلَيۡهَا ٱلۡمَوۡتَ وَيُرۡسِلُ ٱلۡأُخۡرَىٰٓ إِلَىٰٓ أَجَلࣲ مُّسَمًّىۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتࣲ لِّقَوۡمࣲ يَتَفَكَّرُونَ
Ke Allah Ea nkang meea nakong lefu, le ea ba shoeng ba robetse: bao taelo Ea Hae ea lefue ba amang, U boloka meea ea bona, empa bohle U ea ba tsosa, ho fihlela letsatsi la psllo. Ruri ho sena ke lits’upiso ho ba nahanang
Ayah 42أَمِ ٱتَّخَذُواْ مِن دُونِ ٱللَّهِ شُفَعَآءَۚ قُلۡ أَوَلَوۡ كَانُواْ لَا يَمۡلِكُونَ شَيۡـࣰٔ ا وَلَا يَعۡقِلُونَ
Eng! Ba nka baemeli kantle ho Allah. E re: “Le hoja ba se na matla ho hang, le bona bohlale?”
Ayah 43قُل لِّلَّهِ ٱلشَّفَٰعَةُ جَمِيعࣰ اۖ لَّهُۥ مُلۡكُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۖ ثُمَّ إِلَيۡهِ تُرۡجَعُونَ
E re: “Boemeli bohle ke ba Allah. `Muso oa maholimo le lefats’e ke oa Hae. Qetellong, ke ho Eena moo le tlang ho busetsoa teng.”
Ayah 44وَإِذَا ذُكِرَ ٱللَّهُ وَحۡدَهُ ٱشۡمَأَزَّتۡ قُلُوبُ ٱلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ بِٱلۡأٓخِرَةِۖ وَإِذَا ذُكِرَ ٱلَّذِينَ مِن دُونِهِۦٓ إِذَا هُمۡ يَسۡتَبۡشِرُونَ
Ha ho buoa ka Allah a Inots’i, lipelo tsa ba sa kholoeng bophelong Bo-tlang li tlala lehloeo le letsoalo, empa ha ho buoa ka melingoana ea bona li ea thaba
Ayah 45قُلِ ٱللَّهُمَّ فَاطِرَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ عَٰلِمَ ٱلۡغَيۡبِ وَٱلشَّهَٰدَةِ أَنتَ تَحۡكُمُ بَيۡنَ عِبَادِكَ فِي مَا كَانُواْ فِيهِ يَخۡتَلِفُونَ
E re: “Oho Allah! `Mopi oa maholimo le lefats’e! Motsebi oa tsohle tse sa bonoeng le tse pepenene! Ke Uena Ea tla ahlola lipakeng tsa makhabunyane a Hau litabeng tseo ba neng ba fapana ka tsona”
Ayah 46وَلَوۡ أَنَّ لِلَّذِينَ ظَلَمُواْ مَا فِي ٱلۡأَرۡضِ جَمِيعࣰ ا وَمِثۡلَهُۥ مَعَهُۥ لَٱفۡتَدَوۡاْ بِهِۦ مِن سُوٓءِ ٱلۡعَذَابِ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِۚ وَبَدَا لَهُم مِّنَ ٱللَّهِ مَا لَمۡ يَكُونُواْ يَحۡتَسِبُونَ
Le haeba baetsalibe ba ne ba ena le tsohle tse teng holim’a lefats’e, le ho feta moo; Ruri le ha ba ne ba ka fana ka tsona e le tefo ho qoba kahlolo e ts’abehang; ho tla hlahela kapel’a bona se tsoang ho Mong`a bona seo ba neng ba sa se lebella
Ayah 47وَبَدَا لَهُمۡ سَيِّـَٔاتُ مَا كَسَبُواْ وَحَاقَ بِهِم مَّا كَانُواْ بِهِۦ يَسۡتَهۡزِءُونَ
Bobe ba liketso tsa bona bo tla ba tjamela, ba tla kopeloa har’e ke seo ba neng ba se soma
Ayah 48فَإِذَا مَسَّ ٱلۡإِنسَٰنَ ضُرࣱّ دَعَانَا ثُمَّ إِذَا خَوَّلۡنَٰهُ نِعۡمَةࣰ مِّنَّا قَالَ إِنَّمَآ أُوتِيتُهُۥ عَلَىٰ عِلۡمِۭۚ بَلۡ هِيَ فِتۡنَةࣱ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَهُمۡ لَا يَعۡلَمُونَ
Motho ha a hlaheloa ke bomalimabe, o bitsa ho Rona: kamor’a hoba Re mo sitse ka molemo o tsoang ho Rona, a re: “Sena ke se filoe ka lebaka la tsebo eo ke nang le eona! Che, empa e le teko feela, le hoja bongata bo sa utloisise
Ayah 49قَدۡ قَالَهَا ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡ فَمَآ أَغۡنَىٰ عَنۡهُم مَّا كَانُواْ يَكۡسِبُونَ
Joalo ka ha meloko e bileng teng pele ho bona e ile ea rialo! Empa tsohle tseo ba li entseng ha li’a ba tsoela molemo
Ayah 50فَأَصَابَهُمۡ سَيِّـَٔاتُ مَا كَسَبُواْۚ وَٱلَّذِينَ ظَلَمُواْ مِنۡ هَٰٓؤُلَآءِ سَيُصِيبُهُمۡ سَيِّـَٔاتُ مَا كَسَبُواْ وَمَا هُم بِمُعۡجِزِينَ
Che, litla-morao tse mpe tsa liketso tsa bona li ile tsa ba harinya. Le baetsalibe ba letlobo lena – litla-morao tse mpe tsa liketso tsa bona haufi li tla ba harinya; ba ke ke ba ferekanya merero ea Rona
Ayah 51أَوَلَمۡ يَعۡلَمُوٓاْ أَنَّ ٱللَّهَ يَبۡسُطُ ٱلرِّزۡقَ لِمَن يَشَآءُ وَيَقۡدِرُۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتࣲ لِّقَوۡمࣲ يُؤۡمِنُونَ
Na ha ba tsebe hore Allah U lelefatsa nala ho eo a khahloang ke eena, le hona ho e khutsufatsa mabapi le eo a khahloang ke eena. Ruri, ho sena ke lits’upiso ho ba-kholoang
Ayah 52۞قُلۡ يَٰعِبَادِيَ ٱلَّذِينَ أَسۡرَفُواْ عَلَىٰٓ أَنفُسِهِمۡ لَا تَقۡنَطُواْ مِن رَّحۡمَةِ ٱللَّهِۚ إِنَّ ٱللَّهَ يَغۡفِرُ ٱلذُّنُوبَ جَمِيعًاۚ إِنَّهُۥ هُوَ ٱلۡغَفُورُ ٱلرَّحِيمُ
E re: “Oho lona makhabunyane a ka a tlotseng meeli khahlano le meea ea bona! Le se ke la nyahama malebana le mohau oa Allah, Hobane Allah U Ts’oarela libe tsohle. Hobane U Ts’oarelang-joalo-joalo, U Tletse Mohau
Ayah 53وَأَنِيبُوٓاْ إِلَىٰ رَبِّكُمۡ وَأَسۡلِمُواْ لَهُۥ مِن قَبۡلِ أَن يَأۡتِيَكُمُ ٱلۡعَذَابُ ثُمَّ لَا تُنصَرُونَ
“Retelehelang ho Mong’a lona, le ikokobetse thatong Ea Hae, pele Kahlolo e fihla ho lona: Kamorao ho moo le ke ke la fumana thuso
Ayah 54وَٱتَّبِعُوٓاْ أَحۡسَنَ مَآ أُنزِلَ إِلَيۡكُم مِّن رَّبِّكُم مِّن قَبۡلِ أَن يَأۡتِيَكُمُ ٱلۡعَذَابُ بَغۡتَةࣰ وَأَنتُمۡ لَا تَشۡعُرُونَ
“Le latele tataiso e molemo ea seo le se senoletsoeng se tsoang ho Mong`a lona, pele kotlo e finyella ho lona – ka sekhahla le ea s’o elelloe letho
Ayah 55أَن تَقُولَ نَفۡسࣱ يَٰحَسۡرَتَىٰ عَلَىٰ مَا فَرَّطتُ فِي جَنۢبِ ٱللَّهِ وَإِن كُنتُ لَمِنَ ٱلسَّٰخِرِينَ
“Esere moea oa tloha oa re: “Ah, ke aparetsoe ke masoabi! – hobane ha kea ka ka tsotella Allah, Ruri! Ke bile mokhatlong oa basomi
Ayah 56أَوۡ تَقُولَ لَوۡ أَنَّ ٱللَّهَ هَدَىٰنِي لَكُنتُ مِنَ ٱلۡمُتَّقِينَ
“Kapa e be o re: “Hoja e be Allah U ile A ntataisa, nka be ke le har’a ba lokileng!”
Ayah 57أَوۡ تَقُولَ حِينَ تَرَى ٱلۡعَذَابَ لَوۡ أَنَّ لِي كَرَّةࣰ فَأَكُونَ مِنَ ٱلۡمُحۡسِنِينَ
Kapa e be o re, nakong eo o bonang Kahlolo: “Hoja ke ne nka fumana monyetla oa bobeli, ke ne ke tlaba har’a ba etsang botle!”
Ayah 58بَلَىٰ قَدۡ جَآءَتۡكَ ءَايَٰتِي فَكَذَّبۡتَ بِهَا وَٱسۡتَكۡبَرۡتَ وَكُنتَ مِنَ ٱلۡكَٰفِرِينَ
(Karabo e tla ba:) “Che, lits’enolo tsa Ka li ile tsa finyella ho lona, empa le ile la li latola: la ikhohomosa, la eba mokhatlong oa ba latolang Tumelo.”
Ayah 59وَيَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ تَرَى ٱلَّذِينَ كَذَبُواْ عَلَى ٱللَّهِ وُجُوهُهُم مُّسۡوَدَّةٌۚ أَلَيۡسَ فِي جَهَنَّمَ مَثۡوࣰ ى لِّلۡمُتَكَبِّرِينَ
Mohla Letsatsi la Kahlolo o tla bona bohle ba ileng ba qapa mashano khahlano le Allah; – lifahleho tsa bona lit la ba Nts’o. Na lehae la Baikhohomosi ha le Liheleng
Ayah 60وَيُنَجِّي ٱللَّهُ ٱلَّذِينَ ٱتَّقَوۡاْ بِمَفَازَتِهِمۡ لَا يَمَسُّهُمُ ٱلسُّوٓءُ وَلَا هُمۡ يَحۡزَنُونَ
Empa Allah U tla lebisa ba lokileng sebakeng sa bona sa pholoho; ha ho bobe bo tla ba thetas, kapa eona mesarelo
Ayah 61ٱللَّهُ خَٰلِقُ كُلِّ شَيۡءࣲۖ وَهُوَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءࣲ وَكِيلࣱ
Allah ke `Mopi oa lintho tsohle le Eena Moalosi le Mophethisi oa litaba tsohle
Ayah 62لَّهُۥ مَقَالِيدُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۗ وَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِ أُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡخَٰسِرُونَ
Linotlolo tsa maholimo le lefats’e ke tsa Hae; ba latolang Lits’enolo tsa Allah – Ke bona ba tla ba tahlehong
Ayah 63قُلۡ أَفَغَيۡرَ ٱللَّهِ تَأۡمُرُوٓنِّيٓ أَعۡبُدُ أَيُّهَا ٱلۡجَٰهِلُونَ
E re: “Ho na le eo le ntaelang hore ke mo khumamele kantle ho Allah, lona maoatla?”
Ayah 64وَلَقَدۡ أُوحِيَ إِلَيۡكَ وَإِلَى ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِكَ لَئِنۡ أَشۡرَكۡتَ لَيَحۡبَطَنَّ عَمَلُكَ وَلَتَكُونَنَّ مِنَ ٱلۡخَٰسِرِينَ
Empa ho senotsoe ho uena, – le ho ba bileng teng pele ho uena, –: “Haeba o kopanya Allah le melingoana, Ruri! ts’ebeletso ea hau e tla fetoha lefeela u tla ba har’a ba lahlehetsoeng’’
Ayah 65بَلِ ٱللَّهَ فَٱعۡبُدۡ وَكُن مِّنَ ٱلشَّٰكِرِينَ
Che, empa khumamela Allah; u be har’a ba fanang ka liteboho
Ayah 66وَمَا قَدَرُواْ ٱللَّهَ حَقَّ قَدۡرِهِۦ وَٱلۡأَرۡضُ جَمِيعࣰ ا قَبۡضَتُهُۥ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ وَٱلسَّمَٰوَٰتُ مَطۡوِيَّٰتُۢ بِيَمِينِهِۦۚ سُبۡحَٰنَهُۥ وَتَعَٰلَىٰ عَمَّا يُشۡرِكُونَ
Ha ba hakanyetse Allah ka mokhoa oo A lokeloang ho ba kateng, mohla Letsatsi la Kahlolo lefats’e lohle le tla fella ka har’a seatla sa Hae, maholimo ona a tla phuthelloa ka har’a seatla sa Hae se setona. Tlotla e be ho Eena! Ea Phahameng ka ho fetisisa ho tsohle tseo ba li manehang ho Eena
Ayah 67وَنُفِخَ فِي ٱلصُّورِ فَصَعِقَ مَن فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَن فِي ٱلۡأَرۡضِ إِلَّا مَن شَآءَ ٱللَّهُۖ ثُمَّ نُفِخَ فِيهِ أُخۡرَىٰ فَإِذَا هُمۡ قِيَامࣱ يَنظُرُونَ
Terompeta e tla letsoa, lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng li tla shoshopana, kantle le bao ebang Allah U khahloa ke bona. Ha e lla lekhetlo la bobeli, ke moo ba tlang ho ema lipasha
Ayah 68وَأَشۡرَقَتِ ٱلۡأَرۡضُ بِنُورِ رَبِّهَا وَوُضِعَ ٱلۡكِتَٰبُ وَجِاْيٓءَ بِٱلنَّبِيِّـۧنَ وَٱلشُّهَدَآءِ وَقُضِيَ بَيۡنَهُم بِٱلۡحَقِّ وَهُمۡ لَا يُظۡلَمُونَ
Lefats’e le tla phatsima ke khanya ea Mong`a lona le lona Lengolo le tla manolloa, baporofeta le lipaki ba tla bokelloa, e be ho ahloloa lipakeng tsa bona ka ‘nete kantle le qhekello
Ayah 69وَوُفِّيَتۡ كُلُّ نَفۡسࣲ مَّا عَمِلَتۡ وَهُوَ أَعۡلَمُ بِمَا يَفۡعَلُونَ
Moea ka mong o tla lefshoa ka botlalo seo o se entseng. Etsoe Allah U Tseba ka botlalo tseo ba li etsang
Ayah 70وَسِيقَ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ إِلَىٰ جَهَنَّمَ زُمَرًاۖ حَتَّىٰٓ إِذَا جَآءُوهَا فُتِحَتۡ أَبۡوَٰبُهَا وَقَالَ لَهُمۡ خَزَنَتُهَآ أَلَمۡ يَأۡتِكُمۡ رُسُلࣱ مِّنكُمۡ يَتۡلُونَ عَلَيۡكُمۡ ءَايَٰتِ رَبِّكُمۡ وَيُنذِرُونَكُمۡ لِقَآءَ يَوۡمِكُمۡ هَٰذَاۚ قَالُواْ بَلَىٰ وَلَٰكِنۡ حَقَّتۡ كَلِمَةُ ٱلۡعَذَابِ عَلَى ٱلۡكَٰفِرِينَ
Mahana-tumelo ba tla qhobeloa Liheleng ka mats’oele-ts’oele: ho fihlela ba il’o fihla ho tsona, e be mekoallo e ea buloa, baalosi ba teng ba tla re: “Baromuoa ba habo lona ha ba ka ba finyella ho lona, ba le phetela lits’enolo tsa Mong`a lona le ho le hlokomelisa ka kopano e ea letsatsi la lona? Ba tla re: “E, Ruri! Empa lentsoe la kahlolo le phethahetse khahlanong le mahana-tumelo.”
Ayah 71قِيلَ ٱدۡخُلُوٓاْ أَبۡوَٰبَ جَهَنَّمَ خَٰلِدِينَ فِيهَاۖ فَبِئۡسَ مَثۡوَى ٱلۡمُتَكَبِّرِينَ
Ho tla thoe (ho bona): “Kenang mekoallong ea Lihele, kamoo le tlang ho phela kateng. Ruri! Se nyonts’ang ke lehae la baikhohomosi.”
Ayah 72وَسِيقَ ٱلَّذِينَ ٱتَّقَوۡاْ رَبَّهُمۡ إِلَى ٱلۡجَنَّةِ زُمَرًاۖ حَتَّىٰٓ إِذَا جَآءُوهَا وَفُتِحَتۡ أَبۡوَٰبُهَا وَقَالَ لَهُمۡ خَزَنَتُهَا سَلَٰمٌ عَلَيۡكُمۡ طِبۡتُمۡ فَٱدۡخُلُوهَا خَٰلِدِينَ
Ba ts’abang Mong`a bona ba tla qhobeloa kahar’a Serapa ka mats’oele-ts’oele: ho fihlela ba fihla ho sona; e be mekoallo ea teng e ea buloa, baalosi ba sona ba tla re: “Khotso e be le lona! Lona le ba hloekileng, kahoo kenang kahar’a Serapa moo le tlang ho phela kateng.”
Ayah 73وَقَالُواْ ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ ٱلَّذِي صَدَقَنَا وَعۡدَهُۥ وَأَوۡرَثَنَا ٱلۡأَرۡضَ نَتَبَوَّأُ مِنَ ٱلۡجَنَّةِ حَيۡثُ نَشَآءُۖ فَنِعۡمَ أَجۡرُ ٱلۡعَٰمِلِينَ
Ba tla re: “Thoriso e be ho Allah, Ea phethahalitseng ts’episo ea hae ho rona le hona ho re etsa majalefa a naha ena. Re tla phela hohle moo re labalabelang kahar’a serapa sena. Se babatsehang ke moputso oa basebetsi!”
Ayah 74وَتَرَى ٱلۡمَلَٰٓئِكَةَ حَآفِّينَ مِنۡ حَوۡلِ ٱلۡعَرۡشِ يُسَبِّحُونَ بِحَمۡدِ رَبِّهِمۡۚ وَقُضِيَ بَيۡنَهُم بِٱلۡحَقِّۚ وَقِيلَ ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ
U tla bona manyeloi a pota-potile Terone, a bina lithoriso tsa Mong`a ona. Libopuoa tsohle li tla ahloloa ka nepo. Lentsoe le tla re: “Thoriso e be ho Allah, Mong`a Mafats’e
Ayah 75