Surah Al-Jinn — The Jinn
Surah Al-Jinn (The Jinn) is chapter 72 of the Quran, with 28 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.
قُلۡ أُوحِيَ إِلَيَّ أَنَّهُ ٱسۡتَمَعَ نَفَرࣱ مِّنَ ٱلۡجِنِّ فَقَالُوٓاْ إِنَّا سَمِعۡنَا قُرۡءَانًا عَجَبࣰ ا
E re: “Ke senoletsoe hore sehlopha sa Li-jinn li ne li thehile tsebe ho mamela[Qur`an], tsa re: “Re fela re utloile palo e babatsehang
Ayah 1يَهۡدِيٓ إِلَى ٱلرُّشۡدِ فَـَٔامَنَّا بِهِۦۖ وَلَن نُّشۡرِكَ بِرَبِّنَآ أَحَدࣰ ا
“E tataisetsa tokeng, re khotsoe ka hona: ha re na ho kopanya mong le mong le Mong`a rona
Ayah 2وَأَنَّهُۥ تَعَٰلَىٰ جَدُّ رَبِّنَا مَا ٱتَّخَذَ صَٰحِبَةࣰ وَلَا وَلَدࣰ ا
“Bo phahame Botlotlehi ba Mong`a rona: ha A na molekane kapa mora
Ayah 3وَأَنَّهُۥ كَانَ يَقُولُ سَفِيهُنَا عَلَى ٱللَّهِ شَطَطࣰ ا
“Ho ne ho ena le maoatla har’a rona, ba neng ba tloaetse ho buoa mashano a matala ka Allah
Ayah 4وَأَنَّا ظَنَنَّآ أَن لَّن تَقُولَ ٱلۡإِنسُ وَٱلۡجِنُّ عَلَى ٱللَّهِ كَذِبࣰ ا
“Empa rea lumela hore motho kapa moea ha ba na tokelo ea ho bua leshano ka Allah
Ayah 5وَأَنَّهُۥ كَانَ رِجَالࣱ مِّنَ ٱلۡإِنسِ يَعُوذُونَ بِرِجَالࣲ مِّنَ ٱلۡجِنِّ فَزَادُوهُمۡ رَهَقࣰ ا
“Ruri! Ho teng batho, ba batlang ts’ireletso ho Li-Jinn, empa li ba ekelelitse phosong
Ayah 6وَأَنَّهُمۡ ظَنُّواْ كَمَا ظَنَنتُمۡ أَن لَّن يَبۡعَثَ ٱللَّهُ أَحَدࣰ ا
“Ba nahana joaloka uena, hore Allah ha ana ho tsosa ope bafung –
Ayah 7وَأَنَّا لَمَسۡنَا ٱلسَّمَآءَ فَوَجَدۡنَٰهَا مُلِئَتۡ حَرَسࣰ ا شَدِيدࣰ ا وَشُهُبࣰ ا
“Re ile ra leka ho phahlolla makunutu a leholimo; empa ra fumana le lebetsoe ke balebeli ba matla le malakabe a mollo
Ayah 8وَأَنَّا كُنَّا نَقۡعُدُ مِنۡهَا مَقَٰعِدَ لِلسَّمۡعِۖ فَمَن يَسۡتَمِعِ ٱلۡأٓنَ يَجِدۡ لَهُۥ شِهَابࣰ ا رَّصَدࣰ ا
“Re ne re lula re larile, ho utsoa; empa ke mong le mong ea neng a leka ho mamela u iphumana a lelekoa ke lelakabe le chalametsang
Ayah 9وَأَنَّا لَا نَدۡرِيٓ أَشَرٌّ أُرِيدَ بِمَن فِي ٱلۡأَرۡضِ أَمۡ أَرَادَ بِهِمۡ رَبُّهُمۡ رَشَدࣰ ا
“Ha re utloisisi hore na kotlo e lebisitsoe ho boohle lefats’eng, kapana Mong`abona Urerilehobatataisatselengnepahetseng
Ayah 10وَأَنَّا مِنَّا ٱلصَّٰلِحُونَ وَمِنَّا دُونَ ذَٰلِكَۖ كُنَّا طَرَآئِقَ قِدَدࣰ ا
“Ho na le ba bang hara rona ba lokileng, ba bang ba fapane: re latela litsela tse fapaneng
Ayah 11وَأَنَّا ظَنَنَّآ أَن لَّن نُّعۡجِزَ ٱللَّهَ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَلَن نُّعۡجِزَهُۥ هَرَبࣰ ا
“Empa re’a tseba hore re ke ke ra ferekanya merero ea Allah, kapa hona ho Mo ferekanya ka paleho
Ayah 12وَأَنَّا لَمَّا سَمِعۡنَا ٱلۡهُدَىٰٓ ءَامَنَّا بِهِۦۖ فَمَن يُؤۡمِنۢ بِرَبِّهِۦ فَلَا يَخَافُ بَخۡسࣰ ا وَلَا رَهَقࣰ ا
“Haele rona, re utloang tataiso, re amohetse mang le mang ea kholoang ho `Mopi oa hae ha ana ts`abo, ea qhekanyetso kapa bohanyapetsi
Ayah 13وَأَنَّا مِنَّا ٱلۡمُسۡلِمُونَ وَمِنَّا ٱلۡقَٰسِطُونَۖ فَمَنۡ أَسۡلَمَ فَأُوْلَٰٓئِكَ تَحَرَّوۡاْ رَشَدࣰ ا
“Hara rona ho na le ba ithobelang Allah, le ba tsoang tseleng ea toka. – haele ba ithobileng –ba nkile tsela e topileng
Ayah 14وَأَمَّا ٱلۡقَٰسِطُونَ فَكَانُواْ لِجَهَنَّمَ حَطَبࣰ ا
“Empa haele ba tsoapohang, ke libeso tsa Mollo-oa-Lihele
Ayah 15وَأَلَّوِ ٱسۡتَقَٰمُواْ عَلَى ٱلطَّرِيقَةِ لَأَسۡقَيۡنَٰهُم مَّآءً غَدَقࣰ ا
“Haeba ba ile ba tsitlallela tseleng, Re ka be Re ba sitisitse ka pula tsa matlopotlopo
Ayah 16لِّنَفۡتِنَهُمۡ فِيهِۚ وَمَن يُعۡرِضۡ عَن ذِكۡرِ رَبِّهِۦ يَسۡلُكۡهُ عَذَابࣰ ا صَعَدࣰ ا
“E le hore Re ba behe tekong. Empa mong le mong ea tla kheloha khopolong ea Mong`a hae, U tla mo otla ka kotlo e mahlonoko
Ayah 17وَأَنَّ ٱلۡمَسَٰجِدَ لِلَّهِ فَلَا تَدۡعُواْ مَعَ ٱللَّهِ أَحَدࣰ ا
“Libaka tsa thapelo ke tsa Allah: kahoo le se bitse ho mong kantle ho Allah
Ayah 18وَأَنَّهُۥ لَمَّا قَامَ عَبۡدُ ٱللَّهِ يَدۡعُوهُ كَادُواْ يَكُونُونَ عَلَيۡهِ لِبَدࣰ ا
“Nakong eo lekhabunyane la Allah le emang ho Mo rapela, ba mo opela hare ka bongata
Ayah 19قُلۡ إِنَّمَآ أَدۡعُواْ رَبِّي وَلَآ أُشۡرِكُ بِهِۦٓ أَحَدࣰ ا
E re: “Ke rapela Allah a Inotsi, ha ke Mo kopanye le mang kapa mang.”
Ayah 20قُلۡ إِنِّي لَآ أَمۡلِكُ لَكُمۡ ضَرࣰّ ا وَلَا رَشَدࣰ ا
E re: “Ha ke na matla a ho le utloisa bohloko, kapa hona ho le tlisa tseleng e nepahetseng.”
Ayah 21قُلۡ إِنِّي لَن يُجِيرَنِي مِنَ ٱللَّهِ أَحَدࣱ وَلَنۡ أَجِدَ مِن دُونِهِۦ مُلۡتَحَدًا
E re: “Ha ho ea ka nts’ireletsang khahlanong le Allah, kapa ho fumana sets’abelo kantle ho Eena,”
Ayah 22إِلَّا بَلَٰغࣰ ا مِّنَ ٱللَّهِ وَرِسَٰلَٰتِهِۦۚ وَمَن يَعۡصِ ٱللَّهَ وَرَسُولَهُۥ فَإِنَّ لَهُۥ نَارَ جَهَنَّمَ خَٰلِدِينَ فِيهَآ أَبَدًا
“Mosebetsi oa ka ke ho phatlalatsa seo ke se fumanang ho tsoa ho Allah, ho phtlalatsa molaetsa oa Hae. Haele ba nyefolang Allah le moromuoa oa Hae: ba loketsoe ke lihele, ba tla phela moo kahosafeleng”
Ayah 23حَتَّىٰٓ إِذَا رَأَوۡاْ مَا يُوعَدُونَ فَسَيَعۡلَمُونَ مَنۡ أَضۡعَفُ نَاصِرࣰ ا وَأَقَلُّ عَدَدࣰ ا
Khabareng, ha ba bona tseo ba neng ba li ts’epistoe, – ka nako eo ba tla tseba hore na ke mang ea fokolang e le mothusi, ea eisehang ka lipalo
Ayah 24قُلۡ إِنۡ أَدۡرِيٓ أَقَرِيبࣱ مَّا تُوعَدُونَ أَمۡ يَجۡعَلُ لَهُۥ رَبِّيٓ أَمَدًا
E re: Ha ke tsebe hore na seo le neng le se ts’episitsoe se haufi, kapa Mong`a ka U hlophisitse nako e telele ea pallo malebana le eona
Ayah 25عَٰلِمُ ٱلۡغَيۡبِ فَلَا يُظۡهِرُ عَلَىٰ غَيۡبِهِۦٓ أَحَدًا
Hobane ke Eena Ea tsebang tse sa bonoeng; ebile ha ho mang, kapa mang eo A mo senolelang sephiri sa Hae
Ayah 26إِلَّا مَنِ ٱرۡتَضَىٰ مِن رَّسُولࣲ فَإِنَّهُۥ يَسۡلُكُ مِنۢ بَيۡنِ يَدَيۡهِ وَمِنۡ خَلۡفِهِۦ رَصَدࣰ ا
Haese ho moromuoa ofe, kapa ofe eo a khahloang ke Eena, joale ebe U hlomamisa balebeli (manyeloi) ho tsamaea kapel’a hae le kamor’a hae
Ayah 27لِّيَعۡلَمَ أَن قَدۡ أَبۡلَغُواْ رِسَٰلَٰتِ رَبِّهِمۡ وَأَحَاطَ بِمَا لَدَيۡهِمۡ وَأَحۡصَىٰ كُلَّ شَيۡءٍ عَدَدَۢا
Hore a tle a tsebe hore e feela ba phatlalalitse melaetsa ea Mong`a bona. U bile U kopetse hare liketso tsohle tseo ba li etsang, U boloka tlaleho ea lintho tsohle
Ayah 28