Surah Al-Hashr — The Exile
Surah Al-Hashr (The Exile) is chapter 59 of the Quran, with 24 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.
سَبَّحَ لِلَّهِ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۖ وَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ
Tsohle tse maholimong le lefats’eng, ha li bolele Lithoriso le Boholo ba Allah, Hobane U Matla Oohle, U Seli
Ayah 1هُوَ ٱلَّذِيٓ أَخۡرَجَ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ مِنۡ أَهۡلِ ٱلۡكِتَٰبِ مِن دِيَٰرِهِمۡ لِأَوَّلِ ٱلۡحَشۡرِۚ مَا ظَنَنتُمۡ أَن يَخۡرُجُواْۖ وَظَنُّوٓاْ أَنَّهُم مَّانِعَتُهُمۡ حُصُونُهُم مِّنَ ٱللَّهِ فَأَتَىٰهُمُ ٱللَّهُ مِنۡ حَيۡثُ لَمۡ يَحۡتَسِبُواْۖ وَقَذَفَ فِي قُلُوبِهِمُ ٱلرُّعۡبَۚ يُخۡرِبُونَ بُيُوتَهُم بِأَيۡدِيهِمۡ وَأَيۡدِي ٱلۡمُؤۡمِنِينَ فَٱعۡتَبِرُواْ يَٰٓأُوْلِي ٱلۡأَبۡصَٰرِ
Ke Eena Ea ileng A etsa hore Mahana-tumelo har’a batho ba Lengolo ba phaphatheha malapeng a bona ho ea kholehong ea pele. Le ne le sa nahane hore ba tla phaphatheha, ba ne ba nahana hore liqhobosheane tsa bona li tla ba ts’ireletsa khahlanong le Allah. Empa Khalefo ea Allah e ile ea finyella ho bona ka lesoba leo ba neng ba sa le lebella, A kenya letsoalo lipelong tsa bona hoo ba ileng ba ripitla malapa a bona ka matsoho a bona le a ba-kholoang. Oho lona ba nang le mahlo! Kahoo, inkeleng khalemo
Ayah 2وَلَوۡلَآ أَن كَتَبَ ٱللَّهُ عَلَيۡهِمُ ٱلۡجَلَآءَ لَعَذَّبَهُمۡ فِي ٱلدُّنۡيَاۖ وَلَهُمۡ فِي ٱلۡأٓخِرَةِ عَذَابُ ٱلنَّارِ
Hoja ebe Allah ha A ka A ba laela ho phaphateha, Ruri! A ka be A ba ahlotse lefats’eng lena; bophelong Bo-tlang kahlolo ea bona e tlaba Mollo
Ayah 3ذَٰلِكَ بِأَنَّهُمۡ شَآقُّواْ ٱللَّهَ وَرَسُولَهُۥۖ وَمَن يُشَآقِّ ٱللَّهَ فَإِنَّ ٱللَّهَ شَدِيدُ ٱلۡعِقَابِ
Seo ke hobane ba le khahlanong le Allah le Moromuoa oa Hae; mang kapa mang ea khahlanong le Allah, Ruri! Kotlo ea Allah ke e nyarosang
Ayah 4مَا قَطَعۡتُم مِّن لِّينَةٍ أَوۡ تَرَكۡتُمُوهَا قَآئِمَةً عَلَىٰٓ أُصُولِهَا فَبِإِذۡنِ ٱللَّهِ وَلِيُخۡزِيَ ٱلۡفَٰسِقِينَ
Hore na ke lifate tse kae tsa palema tseo le li rathang, kapa le li lesa li ntse li eme, ke ka tumello ea Allah, hore A tle A apese mahana-puso ka tlontlollo
Ayah 5وَمَآ أَفَآءَ ٱللَّهُ عَلَىٰ رَسُولِهِۦ مِنۡهُمۡ فَمَآ أَوۡجَفۡتُمۡ عَلَيۡهِ مِنۡ خَيۡلࣲ وَلَا رِكَابࣲ وَلَٰكِنَّ ٱللَّهَ يُسَلِّطُ رُسُلَهُۥ عَلَىٰ مَن يَشَآءُۚ وَٱللَّهُ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءࣲ قَدِيرࣱ
Tseo Allah A sitsitseng Moromuoa oa Hae ka tsona ho tsoa ho bona – , hore le li fumane kantle le ho kalla lipere, kapa likamele tsa lona eaba le ba khahlela ka tsona; empa Allah U fana ka matla ho Moromuoa oa Hae holim’a mang, kapa mang ea khahloang ke eena. Ebile Allah U na le Matla holima lintho tsohle
Ayah 6مَّآ أَفَآءَ ٱللَّهُ عَلَىٰ رَسُولِهِۦ مِنۡ أَهۡلِ ٱلۡقُرَىٰ فَلِلَّهِ وَلِلرَّسُولِ وَلِذِي ٱلۡقُرۡبَىٰ وَٱلۡيَتَٰمَىٰ وَٱلۡمَسَٰكِينِ وَٱبۡنِ ٱلسَّبِيلِ كَيۡ لَا يَكُونَ دُولَةَۢ بَيۡنَ ٱلۡأَغۡنِيَآءِ مِنكُمۡۚ وَمَآ ءَاتَىٰكُمُ ٱلرَّسُولُ فَخُذُوهُ وَمَا نَهَىٰكُمۡ عَنۡهُ فَٱنتَهُواْۚ وَٱتَّقُواْ ٱللَّهَۖ إِنَّ ٱللَّهَ شَدِيدُ ٱلۡعِقَابِ
Tseo Allah A sitsitseng Moromuoa oa Hae ka tsona ho tsoa ho baahi ba metse, – ke tsa Allah – le moromuoa oa Hae, beng ka eena, likhutsana, mafutsana le bahahlaoli; hore li tle li se ke tsa laoloa ke morui e mong har’a lona a li etsa tsa hae. Ntho efe, kapa efe eo moromuoa a le nehang eona le e nke; ka ho ts’oana le eo a le hanelang ka eona, le e lese. Le be le ts’abe Allah. Hobane kotlo ea Allah ke e nyarosang
Ayah 7لِلۡفُقَرَآءِ ٱلۡمُهَٰجِرِينَ ٱلَّذِينَ أُخۡرِجُواْ مِن دِيَٰرِهِمۡ وَأَمۡوَٰلِهِمۡ يَبۡتَغُونَ فَضۡلࣰ ا مِّنَ ٱللَّهِ وَرِضۡوَٰنࣰ ا وَيَنصُرُونَ ٱللَّهَ وَرَسُولَهُۥٓۚ أُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلصَّٰدِقُونَ
Ho mafutsana a baphaphathehi (Muhajirs) ba phalalisitsoeng malapeng a bona le thepeng ea bona, ha ba ntse ba tsomana le nala ea Allah le mohau oa Hae le hona ho thusa Allah le Moromuoa oa Hae: Bao ke bona ba nang le ‘nete
Ayah 8وَٱلَّذِينَ تَبَوَّءُو ٱلدَّارَ وَٱلۡإِيمَٰنَ مِن قَبۡلِهِمۡ يُحِبُّونَ مَنۡ هَاجَرَ إِلَيۡهِمۡ وَلَا يَجِدُونَ فِي صُدُورِهِمۡ حَاجَةࣰ مِّمَّآ أُوتُواْ وَيُؤۡثِرُونَ عَلَىٰٓ أَنفُسِهِمۡ وَلَوۡ كَانَ بِهِمۡ خَصَاصَةࣱۚ وَمَن يُوقَ شُحَّ نَفۡسِهِۦ فَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡمُفۡلِحُونَ
Empa ba bileng le malapa pele ho bona (Al-Madina), ba amohela tumelo ba bonts’a lerato ho ba ileng ba baleha eaba ba fumana bots’abeli ho bona, ebile lipelong tsa bona ba hloka takatso ea lintho tseo ba li filoeng; ba li tella ba phaphathehi ba teng ho bona ho sa tsotellehe hore na bona ba lapa ho le ho kae. Mang, kapa mang ea pholohileng ho ba meharo – Ruri! bao ke ba atlehileng
Ayah 9وَٱلَّذِينَ جَآءُو مِنۢ بَعۡدِهِمۡ يَقُولُونَ رَبَّنَا ٱغۡفِرۡ لَنَا وَلِإِخۡوَٰنِنَا ٱلَّذِينَ سَبَقُونَا بِٱلۡإِيمَٰنِ وَلَا تَجۡعَلۡ فِي قُلُوبِنَا غِلࣰّ ا لِّلَّذِينَ ءَامَنُواْ رَبَّنَآ إِنَّكَ رَءُوفࣱ رَّحِيمٌ
Bohle ba amohetseng tumelo kamor’a bona ba re: “Mong`a rona! U re ts’oarele le bana ba bo-rona ba bileng teng pele ho rona tumelong ena, U tlose mohono lipelong tsa rona khahlanong le ba-kholoang. Mong`a rona! Ruri! Ke Uena Ea Tletseng Mosa, Ea Mohau o Khaphatsehang.”
Ayah 10۞أَلَمۡ تَرَ إِلَى ٱلَّذِينَ نَافَقُواْ يَقُولُونَ لِإِخۡوَٰنِهِمُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ مِنۡ أَهۡلِ ٱلۡكِتَٰبِ لَئِنۡ أُخۡرِجۡتُمۡ لَنَخۡرُجَنَّ مَعَكُمۡ وَلَا نُطِيعُ فِيكُمۡ أَحَدًا أَبَدࣰ ا وَإِن قُوتِلۡتُمۡ لَنَنصُرَنَّكُمۡ وَٱللَّهُ يَشۡهَدُ إِنَّهُمۡ لَكَٰذِبُونَ
Na ha u es’o bone kamoo Baikaketsi ba buoang kateng ho bana ba bo-bona ba hanang tumelo har’a batho ba Lengolo: “Haeba le ka phalalisoa, Ruri! Re tla phaphatheha le lona; re ke ke ra mamela mang, kapa mang ea khahlano le lona, ebile re tla le thusa haeba le ka tsometsoa. Ruri! Allah ke paki hore ba buoa leshano
Ayah 11لَئِنۡ أُخۡرِجُواْ لَا يَخۡرُجُونَ مَعَهُمۡ وَلَئِن قُوتِلُواْ لَا يَنصُرُونَهُمۡ وَلَئِن نَّصَرُوهُمۡ لَيُوَلُّنَّ ٱلۡأَدۡبَٰرَ ثُمَّ لَا يُنصَرُونَ
Haeba ba ka phalalisoa ba ke ke ba phaphatheha le bona le hona ho ba thusa haeba ba ka tsometsoa; le ha ba ne ba ka thusetsa, ba ne ba tla ba supa ka lirethe, kahoo ba ke ke ba fumana thuso
Ayah 12لَأَنتُمۡ أَشَدُّ رَهۡبَةࣰ فِي صُدُورِهِم مِّنَ ٱللَّهِۚ ذَٰلِكَ بِأَنَّهُمۡ قَوۡمࣱ لَّا يَفۡقَهُونَ
Ka ‘nete le matla ho ba feta ka lebaka la ts’abo e lipelong tsa bona, e rometsoeng ke Allah. Sena ke hobane e le batho ba hlokang kutloisiso
Ayah 13لَا يُقَٰتِلُونَكُمۡ جَمِيعًا إِلَّا فِي قُرࣰ ى مُّحَصَّنَةٍ أَوۡ مِن وَرَآءِ جُدُرِۭۚ بَأۡسُهُم بَيۡنَهُمۡ شَدِيدࣱۚ تَحۡسَبُهُمۡ جَمِيعࣰ ا وَقُلُوبُهُمۡ شَتَّىٰۚ ذَٰلِكَ بِأَنَّهُمۡ قَوۡمࣱ لَّا يَعۡقِلُونَ
Ba ke keba le loants’a le ha ba le ‘moho kantle le haeba ba le kahar’a lihaelo tse ts’irelelitsoeng ka tieo, kapa eba ba kamor’a marako. Moea oa ntoa o mo ngata ha ba le bang: u ka nahana hore ba ipopile, empa lipelo tsa bona li fapane. Hobane ke batho ba hlokang bohlale
Ayah 14كَمَثَلِ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡ قَرِيبࣰ اۖ ذَاقُواْ وَبَالَ أَمۡرِهِمۡ وَلَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمࣱ
Ba ts’oana le ba bileng teng pele ho bona, ba latsoitse litla- morao tse mpe tsa liketso tsa bona; sebakeng sa bona ho na le Kahlolo e mahlonoko;- –
Ayah 15كَمَثَلِ ٱلشَّيۡطَٰنِ إِذۡ قَالَ لِلۡإِنسَٰنِ ٱكۡفُرۡ فَلَمَّا كَفَرَ قَالَ إِنِّي بَرِيٓءࣱ مِّنكَ إِنِّيٓ أَخَافُ ٱللَّهَ رَبَّ ٱلۡعَٰلَمِينَ
Joaloka ka ea Mobe, ha a re ho motho,” Latola Allah”: empa ha motho a latola Allah,(Ea Mobe) O re,” ‘Na ke thoko le uena. Ke ts’aba Allah, Mong`a Mafats’e!”
Ayah 16فَكَانَ عَٰقِبَتَهُمَآ أَنَّهُمَا فِي ٱلنَّارِ خَٰلِدَيۡنِ فِيهَاۚ وَذَٰلِكَ جَزَٰٓؤُاْ ٱلظَّٰلِمِينَ
Pheletso ea bona ke e ts’oanang ka bobeli, ba tla phela kahar’a mollo ka ho sa feleng. Oo ke oona moputso oa baetsalibe
Ayah 17يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ ٱتَّقُواْ ٱللَّهَ وَلۡتَنظُرۡ نَفۡسࣱ مَّا قَدَّمَتۡ لِغَدࣲۖ وَٱتَّقُواْ ٱللَّهَۚ إِنَّ ٱللَّهَ خَبِيرُۢ بِمَا تَعۡمَلُونَ
Oho lona ba-kholoang! Ts’abang Allah. Le be le lese moea ofe kapa ofe ho iponela seo o se behileng nale bokamosong. Ts’abang Allah: Hobane Allah U tseba ka botlalo tseo le li etsang
Ayah 18وَلَا تَكُونُواْ كَٱلَّذِينَ نَسُواْ ٱللَّهَ فَأَنسَىٰهُمۡ أَنفُسَهُمۡۚ أُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡفَٰسِقُونَ
Le se ts’oane le ba lebetseng Allah, bao Allah A entseng hore ba lebale meea ea bona. Bao ke mahana-puso a tlotseng meeli
Ayah 19لَا يَسۡتَوِيٓ أَصۡحَٰبُ ٱلنَّارِ وَأَصۡحَٰبُ ٱلۡجَنَّةِۚ أَصۡحَٰبُ ٱلۡجَنَّةِ هُمُ ٱلۡفَآئِزُونَ
Ha ho tekano lipakeng tsa Balekane ba Mollo le Balekane ba Serapa: Ke Balekane ba Serapa, ba tla fihlela Nyakallo
Ayah 20لَوۡ أَنزَلۡنَا هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانَ عَلَىٰ جَبَلࣲ لَّرَأَيۡتَهُۥ خَٰشِعࣰ ا مُّتَصَدِّعࣰ ا مِّنۡ خَشۡيَةِ ٱللَّهِۚ وَتِلۡكَ ٱلۡأَمۡثَٰلُ نَضۡرِبُهَا لِلنَّاسِ لَعَلَّهُمۡ يَتَفَكَّرُونَ
Hoja e be Re ile Ra senolela Qura’n ena holim’a thaba, Ruri! U ka be u bone ha e ithapalatsa, ebile e petsoha kamoo e ts’abang Allah kateng. Ruri! Re etsa lipapiso tsena molemong oa batho, hore ba tle ba inahane
Ayah 21هُوَ ٱللَّهُ ٱلَّذِي لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَۖ عَٰلِمُ ٱلۡغَيۡبِ وَٱلشَّهَٰدَةِۖ هُوَ ٱلرَّحۡمَٰنُ ٱلرَّحِيمُ
Ke Allah, ntle ho Eena ha ho `Mopi e mong, Motsebi oa tse patehileng le tse pepeneneng. Ke Eena Ea Tletseng Lereko, Ea Mohau o Khaphatsehang
Ayah 22هُوَ ٱللَّهُ ٱلَّذِي لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ ٱلۡمَلِكُ ٱلۡقُدُّوسُ ٱلسَّلَٰمُ ٱلۡمُؤۡمِنُ ٱلۡمُهَيۡمِنُ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡجَبَّارُ ٱلۡمُتَكَبِّرُۚ سُبۡحَٰنَ ٱللَّهِ عَمَّا يُشۡرِكُونَ
Ke Allah, ntle ho eena ha ho `Mopi e mong, Motlotlehi, Ea Halalelang A Inots’i, Mokolli oa khotso, ‘Moloki oa Tumelo, ‘Maballi oa Ts’ireletso, Ea Matla Oohle, Ea sa Hloloeng ke letho, Ea Phahameng ka ho Fetisisa. Tlotla e be ho Allah, Ea phahametseng tsohle tseo ba mo bapisang le tsona
Ayah 23هُوَ ٱللَّهُ ٱلۡخَٰلِقُ ٱلۡبَارِئُ ٱلۡمُصَوِّرُۖ لَهُ ٱلۡأَسۡمَآءُ ٱلۡحُسۡنَىٰۚ يُسَبِّحُ لَهُۥ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۖ وَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ
Ke Allah, ‘Mopi, Moqapi oa tsohle, Mofani oa Sebopeho. Mabitso oohle a matle ho fetisisa ke’ A Hae. Lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng li’a mo Tlotlisa, U Matla Oohle, U Seli
Ayah 24