Surah Al-Hujuraat — The Inner Apartments
Surah Al-Hujuraat (The Inner Apartments) is chapter 49 of the Quran, with 18 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.
يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ لَا تُقَدِّمُواْ بَيۡنَ يَدَيِ ٱللَّهِ وَرَسُولِهِۦۖ وَٱتَّقُواْ ٱللَّهَۚ إِنَّ ٱللَّهَ سَمِيعٌ عَلِيمࣱ
Oho lona ba-kholoang! Le se ipehe pele litabeng kapel’a Allah le Moromuoa oa hae, Empa le ts’abe Allah. Hobane Allah U ke Eena ea Utloang tsohle
Ayah 1يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ لَا تَرۡفَعُوٓاْ أَصۡوَٰتَكُمۡ فَوۡقَ صَوۡتِ ٱلنَّبِيِّ وَلَا تَجۡهَرُواْ لَهُۥ بِٱلۡقَوۡلِ كَجَهۡرِ بَعۡضِكُمۡ لِبَعۡضٍ أَن تَحۡبَطَ أَعۡمَٰلُكُمۡ وَأَنتُمۡ لَا تَشۡعُرُونَ
Oho lona ba-kholoang! Le se phahamise mantsoe a lona ka holim’a lentsoe la Moporofeta, kapa hona ho kharuma nakong eo le buoang le eena joaloka ha le kharumana har’a lona, esere lits’ebeletso tsa lona tsa fetoha mafeela le sa hlokomele
Ayah 2إِنَّ ٱلَّذِينَ يَغُضُّونَ أَصۡوَٰتَهُمۡ عِندَ رَسُولِ ٱللَّهِ أُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ ٱمۡتَحَنَ ٱللَّهُ قُلُوبَهُمۡ لِلتَّقۡوَىٰۚ لَهُم مَّغۡفِرَةࣱ وَأَجۡرٌ عَظِيمٌ
Ba kokobetsang mantsoe a bona kapel’a moromuoa oa Allah, ke bona bao Allah a hloekiselitseng lipelo tsa bona tokeng. Etsoe ts’oarelo le moputso o moholo ke tsa bona
Ayah 3إِنَّ ٱلَّذِينَ يُنَادُونَكَ مِن وَرَآءِ ٱلۡحُجُرَٰتِ أَكۡثَرُهُمۡ لَا يَعۡقِلُونَ
Ba u bitsang u le kamor’a liphaposi, bongata ba bona bo hloka koitlisiso
Ayah 4وَلَوۡ أَنَّهُمۡ صَبَرُواْ حَتَّىٰ تَخۡرُجَ إِلَيۡهِمۡ لَكَانَ خَيۡرࣰ ا لَّهُمۡۚ وَٱللَّهُ غَفُورࣱ رَّحِيمࣱ
Hoja ba ne ba ena le mamello ho fihlela u tlile ho bona, ho ne ho tla ba molemo ho bona, Empa Allah U Ts’oarela joalo- joalo, U Tletse Mohau
Ayah 5يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ إِن جَآءَكُمۡ فَاسِقُۢ بِنَبَإࣲ فَتَبَيَّنُوٓاْ أَن تُصِيبُواْ قَوۡمَۢا بِجَهَٰلَةࣲ فَتُصۡبِحُواْ عَلَىٰ مَا فَعَلۡتُمۡ نَٰدِمِينَ
Oho lona ba-kholoang! Haeba motho ea mobe a e tla ho lona ka litaba, netefatsang hore e feela e le ‘nete, esere la lematsa batho ka ho se hlokomele, eaba kamorao ho moo la tlala boinyatso ka seo le se entseng
Ayah 6وَٱعۡلَمُوٓاْ أَنَّ فِيكُمۡ رَسُولَ ٱللَّهِۚ لَوۡ يُطِيعُكُمۡ فِي كَثِيرࣲ مِّنَ ٱلۡأَمۡرِ لَعَنِتُّمۡ وَلَٰكِنَّ ٱللَّهَ حَبَّبَ إِلَيۡكُمُ ٱلۡإِيمَٰنَ وَزَيَّنَهُۥ فِي قُلُوبِكُمۡ وَكَرَّهَ إِلَيۡكُمُ ٱلۡكُفۡرَ وَٱلۡفُسُوقَ وَٱلۡعِصۡيَانَۚ أُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلرَّٰشِدُونَ
Le tsebe hore moromuoa oa Allah u teng har’a lona. Haeba o ne a le litabeng tse ngata, ho sala litakatso tsa lona morao, le ne le tla oeloa ke bomalimabe: empa Allh U le ratetse tumelo, A e ntlafatsa lipelong tsa lona, A etsa hore le hloee tlhoka–tumelo, bokhopo, le bohana-puso: ba joalo ruri ke ba tsamaeang tokeng
Ayah 7فَضۡلࣰ ا مِّنَ ٱللَّهِ وَنِعۡمَةࣰۚ وَٱللَّهُ عَلِيمٌ حَكِيمࣱ
Nala le lereko le tsoang ho Allah; Allah U Tletse Tsebo, U Seli
Ayah 8وَإِن طَآئِفَتَانِ مِنَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ ٱقۡتَتَلُواْ فَأَصۡلِحُواْ بَيۡنَهُمَاۖ فَإِنۢ بَغَتۡ إِحۡدَىٰهُمَا عَلَى ٱلۡأُخۡرَىٰ فَقَٰتِلُواْ ٱلَّتِي تَبۡغِي حَتَّىٰ تَفِيٓءَ إِلَىٰٓ أَمۡرِ ٱللَّهِۚ فَإِن فَآءَتۡ فَأَصۡلِحُواْ بَيۡنَهُمَا بِٱلۡعَدۡلِ وَأَقۡسِطُوٓاْۖ إِنَّ ٱللَّهَ يُحِبُّ ٱلۡمُقۡسِطِينَ
Haeba batho ba babeli har’a Ba-kholoang ba loants’ana, aha khotso lipakeng tsa bona; empa haeba e mongo a bona a tlola meeli khahlanong le e mong, kahoo mo loants’eng bohle ea tlolang meeli ho fihlela a boela molaong oa Allah; Empa ha a sala molao morao, ahang khotso lipakeng tsa bona ka toaka, le hloke ts’ekamelo
Ayah 9إِنَّمَا ٱلۡمُؤۡمِنُونَ إِخۡوَةࣱ فَأَصۡلِحُواْ بَيۡنَ أَخَوَيۡكُمۡۚ وَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ لَعَلَّكُمۡ تُرۡحَمُونَ
Ba-kholoang ke baena, kahoo etsang khotso le poelano lipakeng tsa bobeli ba bona, le ts’abe Allah, hore le tle amohele Mosa
Ayah 10يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ لَا يَسۡخَرۡ قَوۡمࣱ مِّن قَوۡمٍ عَسَىٰٓ أَن يَكُونُواْ خَيۡرࣰ ا مِّنۡهُمۡ وَلَا نِسَآءࣱ مِّن نِّسَآءٍ عَسَىٰٓ أَن يَكُنَّ خَيۡرࣰ ا مِّنۡهُنَّۖ وَلَا تَلۡمِزُوٓاْ أَنفُسَكُمۡ وَلَا تَنَابَزُواْ بِٱلۡأَلۡقَٰبِۖ بِئۡسَ ٱلِٱسۡمُ ٱلۡفُسُوقُ بَعۡدَ ٱلۡإِيمَٰنِۚ وَمَن لَّمۡ يَتُبۡ فَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلظَّٰلِمُونَ
Oho lona ba-kholoang! Le se lumelle batho hara lona ho ts’eha ba bang, bao e ka ‘na eaba ba molemo ho ba feta, kapa hona ho lamella basali ba bang har’a lona ho ts’eha ba bang, bao eka ‘na ea ba, ba molemo ho ba feta; kapa hona ho somana esita le hona ho rohakana ka mabitso a bosoasoi. Se sebe ke tlhapa kamor’a hoba le tumelo. Mong le mong ea sa tl’ong ho sokoloha, Ruri! Ke moetsalibe
Ayah 11يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ ٱجۡتَنِبُواْ كَثِيرࣰ ا مِّنَ ٱلظَّنِّ إِنَّ بَعۡضَ ٱلظَّنِّ إِثۡمࣱۖ وَلَا تَجَسَّسُواْ وَلَا يَغۡتَب بَّعۡضُكُم بَعۡضًاۚ أَيُحِبُّ أَحَدُكُمۡ أَن يَأۡكُلَ لَحۡمَ أَخِيهِ مَيۡتࣰ ا فَكَرِهۡتُمُوهُۚ وَٱتَّقُواْ ٱللَّهَۚ إِنَّ ٱللَّهَ تَوَّابࣱ رَّحِيمࣱ
Oho lona ba-kholoang! Qobang pelaellano ka hohle; hobane pelaellano tse hlokang motheho ke sebe. Le be le qobe ho ba mahlabaphieo le hona ho sebana. Na e mong oa lona a ka thabela ho ja nama e shoeleng ea ngoana’bo? Che, le ka e nyonya, kahoo nyonyang ho sebana! Empa ts’abang Allah. Hobane Allah U Amohela Boinyatso, U Tletse Mohau
Ayah 12يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ إِنَّا خَلَقۡنَٰكُم مِّن ذَكَرࣲ وَأُنثَىٰ وَجَعَلۡنَٰكُمۡ شُعُوبࣰ ا وَقَبَآئِلَ لِتَعَارَفُوٓاْۚ إِنَّ أَكۡرَمَكُمۡ عِندَ ٱللَّهِ أَتۡقَىٰكُمۡۚ إِنَّ ٱللَّهَ عَلِيمٌ خَبِيرࣱ
Oho lona batho! Re le hlotse ka botona le bots’ehali, Ra le etsa lichaba le merabe, hore le tle le tsebane (E seng hore le hloeane). Ruri ea hlomphehang har’a lona kapel’a Allah ke ea etsang tse lokileng ho feta bohle. Allah U Tseba Tsohle, U Hlokolosi
Ayah 13۞قَالَتِ ٱلۡأَعۡرَابُ ءَامَنَّاۖ قُل لَّمۡ تُؤۡمِنُواْ وَلَٰكِن قُولُوٓاْ أَسۡلَمۡنَا وَلَمَّا يَدۡخُلِ ٱلۡإِيمَٰنُ فِي قُلُوبِكُمۡۖ وَإِن تُطِيعُواْ ٱللَّهَ وَرَسُولَهُۥ لَا يَلِتۡكُم مِّنۡ أَعۡمَٰلِكُمۡ شَيۡـًٔاۚ إِنَّ ٱللَّهَ غَفُورࣱ رَّحِيمٌ
Ma-Arab a lehoatateng a re: “Re’a kholoa.” E re: “Ha le na tumelo; le mpa le re “Re inehetse Islamong,” hobane tumelo ha es’o finyelle lipelong tsa lona. Hobane haeba le mamela Allah le Moromuoa oa Hae, Allah A ke ke A le qhekella meputsong ea liketso tsa lona. Hobane Allah U Ts’oarela joalo-joalo, U Tletse Mohau
Ayah 14إِنَّمَا ٱلۡمُؤۡمِنُونَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ بِٱللَّهِ وَرَسُولِهِۦ ثُمَّ لَمۡ يَرۡتَابُواْ وَجَٰهَدُواْ بِأَمۡوَٰلِهِمۡ وَأَنفُسِهِمۡ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِۚ أُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلصَّٰدِقُونَ
Ba-kholoang ka ‘nete ke ba kholoang feela ho Allah le ho Moromuoa oa Hae, ba se na khoao, empa ba tsitlalletse ka tseo ba nang le tsona le ka maphelo a bona ts’ebeletsong ea Allah. Ba joalo ke ba nang ‘nete
Ayah 15قُلۡ أَتُعَلِّمُونَ ٱللَّهَ بِدِينِكُمۡ وَٱللَّهُ يَعۡلَمُ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۚ وَٱللَّهُ بِكُلِّ شَيۡءٍ عَلِيمࣱ
E re: “Na le ka ruta Allah tumelo ea lona? Empa Allah U na le tsebo tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng, U Hlokolosi ka lintho tsohle
Ayah 16يَمُنُّونَ عَلَيۡكَ أَنۡ أَسۡلَمُواْۖ قُل لَّا تَمُنُّواْ عَلَيَّ إِسۡلَٰمَكُمۖ بَلِ ٱللَّهُ يَمُنُّ عَلَيۡكُمۡ أَنۡ هَدَىٰكُمۡ لِلۡإِيمَٰنِ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ
Ba u tiisetsa hore ba inehetse Islamong e le ho u khahlisa, E re “Le se nahane hore tumelo ea lona e molemo ho ‘na, Che, Allah U le sitsitse ka lereko hore e be U le tataiselitse Tumelong, haeba le na le ‘nete ebile le hloekile lipelong
Ayah 17إِنَّ ٱللَّهَ يَعۡلَمُ غَيۡبَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۚ وَٱللَّهُ بَصِيرُۢ بِمَا تَعۡمَلُونَ
Ruri! Allah U tseba liphiri tsa maholimo le lefats’e. Etsoe Allah U bona tsohle tseo le li etsang.”
Ayah 18