Surah Al-Ma'aarij — The Ascending Stairways
Surah Al-Ma'aarij (The Ascending Stairways) is chapter 70 of the Quran, with 44 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.
سَأَلَ سَآئِلُۢ بِعَذَابࣲ وَاقِعࣲ
Motsi o botsitse ka Kotlo e tlang ho oela
Ayah 1لِّلۡكَٰفِرِينَ لَيۡسَ لَهُۥ دَافِعࣱ
Mahana-tumelo, eo ho seng ea ka e qobang
Ayah 2مِّنَ ٱللَّهِ ذِي ٱلۡمَعَارِجِ
E tsoang ho Allah Mong`a Litsela tsa Nyolohelo
Ayah 3تَعۡرُجُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ وَٱلرُّوحُ إِلَيۡهِ فِي يَوۡمࣲ كَانَ مِقۡدَارُهُۥ خَمۡسِينَ أَلۡفَ سَنَةࣲ
Tseo manyeloi le Khabariele a nyolohelang ho Eena ka letsatsi leo tekanyo ea lona e ka bang likete tse mashome a mahlano a lilemo
Ayah 4فَٱصۡبِرۡ صَبۡرࣰ ا جَمِيلًا
U mamelle, – ka Mamello e hlokang khoao
Ayah 5إِنَّهُمۡ يَرَوۡنَهُۥ بَعِيدࣰ ا
Ruri! Letsatsi ba le bonela thoko haholo
Ayah 6وَنَرَىٰهُ قَرِيبࣰ ا
Empa Re le bonela haufinyane
Ayah 7يَوۡمَ تَكُونُ ٱلسَّمَآءُ كَٱلۡمُهۡلِ
Letsatsi leo ka lona leholimo le tlang ho ho ba joalo ka lesheleshele la koporo
Ayah 8وَتَكُونُ ٱلۡجِبَالُ كَٱلۡعِهۡنِ
Lithaba li tla ts’oana le boea
Ayah 9وَلَا يَسۡـَٔلُ حَمِيمٌ حَمِيمࣰ ا
Ha ho motsoalle ea tla botsa ka motsoalle oa hae
Ayah 10يُبَصَّرُونَهُمۡۚ يَوَدُّ ٱلۡمُجۡرِمُ لَوۡ يَفۡتَدِي مِنۡ عَذَابِ يَوۡمِئِذِۭ بِبَنِيهِ
Le hoja ba tla be ba filoe pono ea hore ba bonane. Takatso ea moetsalibe; e tla ba e ka a ka itokolla Kahlolong ea Letsatsi leo ka ho itefella ka bana ba hae
Ayah 11وَصَٰحِبَتِهِۦ وَأَخِيهِ
Ka mosali oa hae le ka ngoana’bo
Ayah 12وَفَصِيلَتِهِ ٱلَّتِي تُـٔۡوِيهِ
Kapa ka beng ka eena ba mo holisitseng
Ayah 13وَمَن فِي ٱلۡأَرۡضِ جَمِيعࣰ ا ثُمَّ يُنجِيهِ
Le ka bohle ba teng mona lefats’eng, haeba ho khoneha ho mo lopolla
Ayah 14كَلَّآۖ إِنَّهَا لَظَىٰ
Empa che! Ruri! E tla be e le Mollo oa Lihele
Ayah 15نَزَّاعَةࣰ لِّلشَّوَىٰ
Khanare e qaqapollang lehata
Ayah 16تَدۡعُواْ مَنۡ أَدۡبَرَ وَتَوَلَّىٰ
E memang bohle ba khelohileng, ba furalla
Ayah 17وَجَمَعَ فَأَوۡعَىٰٓ
Ba bokella maruo ba a khoaela
Ayah 18۞إِنَّ ٱلۡإِنسَٰنَ خُلِقَ هَلُوعًا
Ruri! Motho o bopiloe a hloka mamello
Ayah 19إِذَا مَسَّهُ ٱلشَّرُّ جَزُوعࣰ ا
A phakisa a khopeha ha bomalimabe bo mo fihlela
Ayah 20وَإِذَا مَسَّهُ ٱلۡخَيۡرُ مَنُوعًا
Empa ha lehlohonolo le mo fihlela, oba leqe ka lona
Ayah 21إِلَّا ٱلۡمُصَلِّينَ
Kantle le barapeli
Ayah 22ٱلَّذِينَ هُمۡ عَلَىٰ صَلَاتِهِمۡ دَآئِمُونَ
Ba tsitlaletseng thapelong ea bona
Ayah 23وَٱلَّذِينَ فِيٓ أَمۡوَٰلِهِمۡ حَقࣱّ مَّعۡلُومࣱ
Bao thepeng ea bona ho nang le litokelo tse fanoeng
Ayah 24لِّلسَّآئِلِ وَٱلۡمَحۡرُومِ
Malebana le mafutsana a kopang le ea hlolehang
Ayah 25وَٱلَّذِينَ يُصَدِّقُونَ بِيَوۡمِ ٱلدِّينِ
Ba kakatletseng ‘neteng ea Letsatsi la Kahlolo
Ayah 26وَٱلَّذِينَ هُم مِّنۡ عَذَابِ رَبِّهِم مُّشۡفِقُونَ
Ba ts’abang mesarelo ea Mong`a bona –
Ayah 27إِنَّ عَذَابَ رَبِّهِمۡ غَيۡرُ مَأۡمُونࣲ
Hobane Mesarelo ea Mong`a bona e khahlanong le Khotso le Boiketlo; –
Ayah 28وَٱلَّذِينَ هُمۡ لِفُرُوجِهِمۡ حَٰفِظُونَ
Ba bolokileng bohloeki ba bona
Ayah 29إِلَّا عَلَىٰٓ أَزۡوَٰجِهِمۡ أَوۡ مَا مَلَكَتۡ أَيۡمَٰنُهُمۡ فَإِنَّهُمۡ غَيۡرُ مَلُومِينَ
Kantle le basali ba bona le bao matsoho a matona a bona a ba ruileng, kahoo ba ke keba behoa molato
Ayah 30فَمَنِ ٱبۡتَغَىٰ وَرَآءَ ذَٰلِكَ فَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡعَادُونَ
Empa haele ba tlolang meeli eo, Ruri! bao e tla be e le batloli ba melao
Ayah 31وَٱلَّذِينَ هُمۡ لِأَمَٰنَٰتِهِمۡ وَعَهۡدِهِمۡ رَٰعُونَ
Ka ho ts’oana le ba bolokang likano tsa bona le selekane sa bona
Ayah 32وَٱلَّذِينَ هُم بِشَهَٰدَٰتِهِمۡ قَآئِمُونَ
Le ba its’etlehileng ka bopaki ba bona
Ayah 33وَٱلَّذِينَ هُمۡ عَلَىٰ صَلَاتِهِمۡ يُحَافِظُونَ
Hammoho le bohle ba hlokolosi lithapelong tsa bona
Ayah 34أُوْلَٰٓئِكَ فِي جَنَّٰتࣲ مُّكۡرَمُونَ
Ruri! bana ba tla phela kahar’a Lirapa tse hlomphehang
Ayah 35فَمَالِ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ قِبَلَكَ مُهۡطِعِينَ
Molato ke eng ka mahana-tumelo haele moo ba u tonetse mahlo
Ayah 36عَنِ ٱلۡيَمِينِ وَعَنِ ٱلشِّمَالِ عِزِينَ
Ka lehlakoreng le letona le le lets’eali ka mekhahlelo
Ayah 37أَيَطۡمَعُ كُلُّ ٱمۡرِيࣲٕ مِّنۡهُمۡ أَن يُدۡخَلَ جَنَّةَ نَعِيمࣲ
Ana motho e mong le e mong har’a bona o rata ho kena kahar’a Serapa sa Nyakallo
Ayah 38كَلَّآۖ إِنَّا خَلَقۡنَٰهُم مِّمَّا يَعۡلَمُونَ
Che, Ruri! Re ba hlotse ka seo ba se tsebang
Ayah 39فَلَآ أُقۡسِمُ بِرَبِّ ٱلۡمَشَٰرِقِ وَٱلۡمَغَٰرِبِ إِنَّا لَقَٰدِرُونَ
Ke ikana ka Mong`a ‘nqa tsohle tsa Bochabela le Bophirima hore re na le matla
Ayah 40عَلَىٰٓ أَن نُّبَدِّلَ خَيۡرࣰ ا مِّنۡهُمۡ وَمَا نَحۡنُ بِمَسۡبُوقِينَ
Ho beha ba betere ho ba feta sebakeng sa bona. Re ke ke ra hloloa
Ayah 41فَذَرۡهُمۡ يَخُوضُواْ وَيَلۡعَبُواْ حَتَّىٰ يُلَٰقُواْ يَوۡمَهُمُ ٱلَّذِي يُوعَدُونَ
Kahoo, ba tlohele ho itaola le ho bapala ho fihlela ba kopana le letsatsi la bona leo ba le ts’episitsoeng
Ayah 42يَوۡمَ يَخۡرُجُونَ مِنَ ٱلۡأَجۡدَاثِ سِرَاعࣰ ا كَأَنَّهُمۡ إِلَىٰ نُصُبࣲ يُوفِضُونَ
Eleng letsatsi leo ba tlang ho tsosoa mabitleng ka potlako joaloka ha eka ke litlholisano ho ea leseleng
Ayah 43خَٰشِعَةً أَبۡصَٰرُهُمۡ تَرۡهَقُهُمۡ ذِلَّةࣱۚ ذَٰلِكَ ٱلۡيَوۡمُ ٱلَّذِي كَانُواْ يُوعَدُونَ
Ka mahlo a ts’ohileng, ba bile ba aparetsoe ke masoabi: leo e tla be ele letsatsi leo ba le ts’episitsoeng
Ayah 44