Surah An-Nahl — The Bee

Surah An-Nahl (The Bee) is chapter 16 of the Quran, with 128 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.

أَتَىٰٓ أَمۡرُ ٱللَّهِ فَلَا تَسۡتَعۡجِلُوهُۚ سُبۡحَٰنَهُۥ وَتَعَٰلَىٰ عَمَّا يُشۡرِكُونَ

Ruri taelo ea Allah e se e le haufi le ho phethahala, kahoo le se leke ho e potlakisa: Tlotla e be ho Eena, Ea okametseng tsohle tseo ba Mo kopanyang le tsona

Ayah 1

يُنَزِّلُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةَ بِٱلرُّوحِ مِنۡ أَمۡرِهِۦ عَلَىٰ مَن يَشَآءُ مِنۡ عِبَادِهِۦٓ أَنۡ أَنذِرُوٓاْ أَنَّهُۥ لَآ إِلَٰهَ إِلَّآ أَنَا۠ فَٱتَّقُونِ

O romella manyeloi lefats’eng ka moea o halalelang ka Taelo ea Hae ho ope ea khahloang ke Eena har’a makhabunyane A Hae,: “Hlokomelisa hore ha ho `Mopi e mong ntle ho ‘Na, kahoo bolokang ts’ebeletso ea lona ho ‘Na.”

Ayah 2

خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ بِٱلۡحَقِّۚ تَعَٰلَىٰ عَمَّا يُشۡرِكُونَ

O hlotse maholimo le lefats’e ka ‘nete. Ea okametseng tsohle tseo ba Mo kopanyang le tsona

Ayah 3

خَلَقَ ٱلۡإِنسَٰنَ مِن نُّطۡفَةࣲ فَإِذَا هُوَ خَصِيمࣱ مُّبِينࣱ‏

U hlotse motho ka there; Bona, motho eo a fetohe sera se pepenene sa Mong`a hae

Ayah 4

وَٱلۡأَنۡعَٰمَ خَلَقَهَاۖ لَكُمۡ فِيهَا دِفۡءࣱ وَمَنَٰفِعُ وَمِنۡهَا تَأۡكُلُونَ

A hlola likhomo sebakeng sa lona: tseo le fumanang liaparo tse mofuthu le melemo e mengata, ebile e le lijo tsa lona

Ayah 5

وَلَكُمۡ فِيهَا جَمَالٌ حِينَ تُرِيحُونَ وَحِينَ تَسۡرَحُونَ

Ke bokhabane ho lona, nakong eo le li orosang le nakong eo le li lebisang makhulong hoseng

Ayah 6

وَتَحۡمِلُ أَثۡقَالَكُمۡ إِلَىٰ بَلَدࣲ لَّمۡ تَكُونُواْ بَٰلِغِيهِ إِلَّا بِشِقِّ ٱلۡأَنفُسِۚ إِنَّ رَبَّكُمۡ لَرَءُوفࣱ رَّحِيمࣱ‏

Le ho le jarela thepa e boima ho ea libakeng tseo le neng le ke ke la fihla ho tsona, kantle le ka meea e khathatsehileng. Hobane! Mong`a lona U Tletse Khauhelo, U Mohau

Ayah 7

وَٱلۡخَيۡلَ وَٱلۡبِغَالَ وَٱلۡحَمِيرَ لِتَرۡكَبُوهَا وَزِينَةࣰۚ وَيَخۡلُقُ مَا لَا تَعۡلَمُونَ

Etsoe U hlotse lipere, li’moulo le li esele hore le tle le li kalle, le ho khaba ka tsona. E bile U hlotse tse ling tseo le sa li tsebeng

Ayah 8

وَعَلَى ٱللَّهِ قَصۡدُ ٱلسَّبِيلِ وَمِنۡهَا جَآئِرࣱۚ وَلَوۡ شَآءَ لَهَدَىٰكُمۡ أَجۡمَعِينَ

Ho Allah ke boikarabello ho hlakisa Tsela E Topileng, empa litsela tse ling tsona li ts’okame. Hoja ebile thato ea hae eka be ba kaofela ha lona le tataisitse ka nepo kaofela

Ayah 9

هُوَ ٱلَّذِيٓ أَنزَلَ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءࣰۖ لَّكُم مِّنۡهُ شَرَابࣱ وَمِنۡهُ شَجَرࣱ فِيهِ تُسِيمُونَ

Ke Eena Ea romellang pula ho tsoa marung: eo le thapisang linthane ka eona, e hlahisang limela tseo le fepang mehlape ea lona ka tsona

Ayah 10

يُنۢبِتُ لَكُم بِهِ ٱلزَّرۡعَ وَٱلزَّيۡتُونَ وَٱلنَّخِيلَ وَٱلۡأَعۡنَٰبَ وَمِن كُلِّ ٱلثَّمَرَٰتِۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةࣰ لِّقَوۡمࣲ يَتَفَكَّرُونَ

Ka eona U le hlahisetsa poone, mehloare, litholoana tsa palema, merara le mefuta eohle ea litholoana. Ruri kahar’a sena ho teng sesupo ho batho ba nahanang

Ayah 11

وَسَخَّرَ لَكُمُ ٱلَّيۡلَ وَٱلنَّهَارَ وَٱلشَّمۡسَ وَٱلۡقَمَرَۖ وَٱلنُّجُومُ مُسَخَّرَٰتُۢ بِأَمۡرِهِۦٓۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتࣲ لِّقَوۡمࣲ يَعۡقِلُونَ

Ke Eena Ea faneng ka taelo ho mots’eare le bosiu; le ho letsatsi le ngoeli; le linaleli tlas’a taelo ea Hae. Ruri kahar’a sena ke lits’upiso ho batho ba seli

Ayah 12

وَمَا ذَرَأَ لَكُمۡ فِي ٱلۡأَرۡضِ مُخۡتَلِفًا أَلۡوَٰنُهُۥٓۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةࣰ لِّقَوۡمࣲ يَذَّكَّرُونَ

Le lintho tsohle tseo a le hloletseng tsona tse teng mona lefats’eng tse fapaneng ka mebala, Ruri! Kahar’a sena ho teng sesupo ho batho ketekang lithoriso tsa Allah

Ayah 13

وَهُوَ ٱلَّذِي سَخَّرَ ٱلۡبَحۡرَ لِتَأۡكُلُواْ مِنۡهُ لَحۡمࣰ ا طَرِيࣰّ ا وَتَسۡتَخۡرِجُواْ مِنۡهُ حِلۡيَةࣰ تَلۡبَسُونَهَاۖ وَتَرَى ٱلۡفُلۡكَ مَوَاخِرَ فِيهِ وَلِتَبۡتَغُواْ مِن فَضۡلِهِۦ وَلَعَلَّكُمۡ تَشۡكُرُونَ

Ke Eena ea faneng ka taelo ho leoatle ho ba taolong, hore le tle le fumane nama e hloekileng ho lona, le bile le hlahisa lipetja ho khaba. Le bona likepe li lelemela ho le arola, e le hore lona batho le tle le fumane nala ea Hae le hore le tle le fane ka liteboho

Ayah 14

وَأَلۡقَىٰ فِي ٱلۡأَرۡضِ رَوَٰسِيَ أَن تَمِيدَ بِكُمۡ وَأَنۡهَٰرࣰ ا وَسُبُلࣰ ا لَّعَلَّكُمۡ تَهۡتَدُونَ

A hloma lithaba tse tsepameng holim’a lefats’e esere la reketla ka lona; le liliba le litsela hore le tle le tsamaee

Ayah 15

وَعَلَٰمَٰتࣲۚ وَبِٱلنَّجۡمِ هُمۡ يَهۡتَدُونَ

Le mats’oao; ka linaleli ba fumane tsela

Ayah 16

أَفَمَن يَخۡلُقُ كَمَن لَّا يَخۡلُقُۚ أَفَلَا تَذَكَّرُونَ

Na ea hlotseng A ka ts’oants’oa le’a sa hlolang letho? Na le sa tla ke le amohele khalemo

Ayah 17

وَإِن تَعُدُّواْ نِعۡمَةَ ٱللَّهِ لَا تُحۡصُوهَآۗ إِنَّ ٱللَّهَ لَغَفُورࣱ رَّحِيمࣱ‏

Le ka sitoa ho bala melemo ea Allah haeba le ka leka ho e bala. Hobane Allah U Ts’oarela ka Mehla, U Khaphatseha Mohau

Ayah 18

وَٱللَّهُ يَعۡلَمُ مَا تُسِرُّونَ وَمَا تُعۡلِنُونَ

Allah U tseba tseo le li patang le tseo le li pepesang

Ayah 19

وَٱلَّذِينَ يَدۡعُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ لَا يَخۡلُقُونَ شَيۡـࣰٔ ا وَهُمۡ يُخۡلَقُونَ

Haele bao ho bitsoang ho bona ntle ho Allah ha ba hlole letho, empa bona ka bo-bona ba hlotsoe

Ayah 20

أَمۡوَٰتٌ غَيۡرُ أَحۡيَآءࣲۖ وَمَا يَشۡعُرُونَ أَيَّانَ يُبۡعَثُونَ

Ba shoele, ha ba phele: ha ba tsebe mohla ba tlang ho tsosoa

Ayah 21

إِلَٰهُكُمۡ إِلَٰهࣱ وَٰحِدࣱۚ فَٱلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ بِٱلۡأٓخِرَةِ قُلُوبُهُم مُّنكِرَةࣱ وَهُم مُّسۡتَكۡبِرُونَ

Ruri Mong`a lona ke `Mopi A le mong. Bohle ba sa kholoeng Bophelong Bo-tlang, lipelo tsa bona li hana ho amohela tsebo, ba ea ikhohomosa

Ayah 22

لَا جَرَمَ أَنَّ ٱللَّهَ يَعۡلَمُ مَا يُسِرُّونَ وَمَا يُعۡلِنُونَۚ إِنَّهُۥ لَا يُحِبُّ ٱلۡمُسۡتَكۡبِرِينَ

Ruri Allah U tseba tseo ba li patang le tseo ba li pepesang. Ruri ha A rate baikhohomosi

Ayah 23

وَإِذَا قِيلَ لَهُم مَّاذَآ أَنزَلَ رَبُّكُمۡ قَالُوٓاْ أَسَٰطِيرُ ٱلۡأَوَّلِينَ

Ha ho thoe ho bona: “Ke eng seo Mong`a lona A se senotseng?” ba re: “Lipale tse khale-khale,”

Ayah 24

لِيَحۡمِلُوٓاْ أَوۡزَارَهُمۡ كَامِلَةࣰ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ وَمِنۡ أَوۡزَارِ ٱلَّذِينَ يُضِلُّونَهُم بِغَيۡرِ عِلۡمٍۗ أَلَا سَآءَ مَا يَزِرُونَ

Ba tla fana ka bopaki ba liketso tsa bona ka Letsatsi la Tsoho ka botlalo, le liketso tsa ba khelositsoeng ke bona tlas’a ho hloka tsebo. Ruri o mahlonoko mojaro oo ba tlang ho o jara

Ayah 25

قَدۡ مَكَرَ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡ فَأَتَى ٱللَّهُ بُنۡيَٰنَهُم مِّنَ ٱلۡقَوَاعِدِ فَخَرَّ عَلَيۡهِمُ ٱلسَّقۡفُ مِن فَوۡقِهِمۡ وَأَتَىٰهُمُ ٱلۡعَذَابُ مِنۡ حَيۡثُ لَا يَشۡعُرُونَ

Ba bileng teng pele ho bona ba ile ba ithera, eaba Allah U tsumula metheo ea metse ea bona, marulelo a ona a ile a ba oela holim’o; Kotlo ea ba fihlela hoja ba sa ile le khongoana holim’o ba sa lebella

Ayah 26

ثُمَّ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ يُخۡزِيهِمۡ وَيَقُولُ أَيۡنَ شُرَكَآءِيَ ٱلَّذِينَ كُنتُمۡ تُشَٰٓقُّونَ فِيهِمۡۚ قَالَ ٱلَّذِينَ أُوتُواْ ٱلۡعِلۡمَ إِنَّ ٱلۡخِزۡيَ ٱلۡيَوۡمَ وَٱلسُّوٓءَ عَلَى ٱلۡكَٰفِرِينَ

Mohla Letsatsi la Kahlolo U tla ba apesa ka masoabi, A re: “Ba kae batlatsetsi ba Ka, bao le neng le le khahlanong le tataiso ea ka?” Ba neng ba filoe tsebo ba tla re: “Ruri kajeno mahana- tumelo a apesitsoe masoabi le bohloko

Ayah 27

ٱلَّذِينَ تَتَوَفَّىٰهُمُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ ظَالِمِيٓ أَنفُسِهِمۡۖ فَأَلۡقَوُاْ ٱلسَّلَمَ مَا كُنَّا نَعۡمَلُ مِن سُوٓءِۭۚ بَلَىٰٓۚ إِنَّ ٱللَّهَ عَلِيمُۢ بِمَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ

Bao meea ea bona e tla nkoa ke manyeloi ba sa le har’a phoso, ba tla inehela ka botlalo ka hore: “Ruri re ne re sa etse bobe ka tsebo.” Che, Ruri Allah U tseba tsohle tseo le neng le li etsa

Ayah 28

فَٱدۡخُلُوٓاْ أَبۡوَٰبَ جَهَنَّمَ خَٰلِدِينَ فِيهَاۖ فَلَبِئۡسَ مَثۡوَى ٱلۡمُتَكَبِّرِينَ

“kahoo kenang ka khoro ea Lihele, ho phela teng kahosafeleng. Ruri sebaka se tlontlollang ho bohle ba ikhants’ang

Ayah 29

۞وَقِيلَ لِلَّذِينَ ٱتَّقَوۡاْ مَاذَآ أَنزَلَ رَبُّكُمۡۚ قَالُواْ خَيۡرࣰ اۗ لِّلَّذِينَ أَحۡسَنُواْ فِي هَٰذِهِ ٱلدُّنۡيَا حَسَنَةࣱۚ وَلَدَارُ ٱلۡأٓخِرَةِ خَيۡرࣱۚ وَلَنِعۡمَ دَارُ ٱلۡمُتَّقِينَ

Ho ba lokileng ho thoe, “Ke eng seo Mong`a lona A se senotseng? ba tla re: “Tsohle tse lokileng.” Ho ba etsang toka, ho teng toka Lefats’eng lena, le lehae le babatsehang Bophelong Bo-tlang. Ruri se babatsehang e tlabalehae la ba lokileng, –

Ayah 30

جَنَّٰتُ عَدۡنࣲ يَدۡخُلُونَهَا تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُۖ لَهُمۡ فِيهَا مَا يَشَآءُونَۚ كَذَٰلِكَ يَجۡزِي ٱللَّهُ ٱلۡمُتَّقِينَ

Ba tla kena kahar’a Lirapa tsa Edene; tseo linoka li phallang tlas’a tsona; teng ba tla ba le tsohle tseo ba li labalabelang. Ke kamoo Allah a putsang ba lokileng

Ayah 31

ٱلَّذِينَ تَتَوَفَّىٰهُمُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ طَيِّبِينَ يَقُولُونَ سَلَٰمٌ عَلَيۡكُمُ ٱدۡخُلُواْ ٱلۡجَنَّةَ بِمَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ

Bao meea ea bona e tla nkoa ke manyeloi ba sa hloekile, manyeloi a tla re: “Khotso e be le uena! Kahoo kena kahar’a serapa ka lebaka la tseo u neng u li etsa.”

Ayah 32

هَلۡ يَنظُرُونَ إِلَّآ أَن تَأۡتِيَهُمُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ أَوۡ يَأۡتِيَ أَمۡرُ رَبِّكَۚ كَذَٰلِكَ فَعَلَ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡۚ وَمَا ظَلَمَهُمُ ٱللَّهُ وَلَٰكِن كَانُوٓاْ أَنفُسَهُمۡ يَظۡلِمُونَ

Na ba emetse hore manyeloi a fihle ho bona, kapa taelo ea Mong`a hau e phethahatsoe? Ho bile joalo le ho ba bileng teng pele ho bona. Ha Allah ea ba foselitseng, baiphoselitse bo-bona

Ayah 33

فَأَصَابَهُمۡ سَيِّـَٔاتُ مَا عَمِلُواْ وَحَاقَ بِهِم مَّا كَانُواْ بِهِۦ يَسۡتَهۡزِءُونَ

Litlamorao tsa liketso tsa bona tse mpe li fumane, seo ba neng ba se soma se ba etselitse sakana-la-nkope

Ayah 34

وَقَالَ ٱلَّذِينَ أَشۡرَكُواْ لَوۡ شَآءَ ٱللَّهُ مَا عَبَدۡنَا مِن دُونِهِۦ مِن شَيۡءࣲ نَّحۡنُ وَلَآ ءَابَآؤُنَا وَلَا حَرَّمۡنَا مِن دُونِهِۦ مِن شَيۡءࣲۚ كَذَٰلِكَ فَعَلَ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡۚ فَهَلۡ عَلَى ٱلرُّسُلِ إِلَّا ٱلۡبَلَٰغُ ٱلۡمُبِينُ

Ba khumamelang melimo ea bohata ba re: “Hoja e bile takatso ea Allah, re ka be re sa ka ra khumamela ho hong ntle ho Eena, rona le bo-ntat’a rona, kapa ho se likhanyetso tseo re li etsang kantle le taelo e tsoang ho Eena.” Leha ho le joalo, ba bileng teng pele ho bona ba‘nile ba etsa joalo. Na baromuoa ba ka qosoa ka ho hong kantle le molaetsa o hlakileng

Ayah 35

وَلَقَدۡ بَعَثۡنَا فِي كُلِّ أُمَّةࣲ رَّسُولًا أَنِ ٱعۡبُدُواْ ٱللَّهَ وَٱجۡتَنِبُواْ ٱلطَّٰغُوتَۖ فَمِنۡهُم مَّنۡ هَدَى ٱللَّهُ وَمِنۡهُم مَّنۡ حَقَّتۡ عَلَيۡهِ ٱلضَّلَٰلَةُۚ فَسِيرُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَٱنظُرُواْ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلۡمُكَذِّبِينَ

Ruri Re rometse moromuoa har’a lichaba tsohle, ka taelo e reng: “Sebeletsang Allah, le nene bobe.” Kahoo, har’a ba bang ba bona ho bile le bao Allah A ileng A ba tataisa, ho ba bang bona ts’ito e hlile ea ahela. Ak’u ha hlaule le lefats’e, u tle u bone seo e bileng pheletso ea ba ileng latola ‘nete

Ayah 36

إِن تَحۡرِصۡ عَلَىٰ هُدَىٰهُمۡ فَإِنَّ ٱللَّهَ لَا يَهۡدِي مَن يُضِلُّۖ وَمَا لَهُم مِّن نَّٰصِرِينَ

Haeba u laba-labela tataiso ea bona, Allah ha A tataisa bao A ba tlohetseng ho kheloha. Ba joalo ha ba na mothusi

Ayah 37

وَأَقۡسَمُواْ بِٱللَّهِ جَهۡدَ أَيۡمَٰنِهِمۡ لَا يَبۡعَثُ ٱللَّهُ مَن يَمُوتُۚ بَلَىٰ وَعۡدًا عَلَيۡهِ حَقࣰّ ا وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَ ٱلنَّاسِ لَا يَعۡلَمُونَ

Ba ikana ka likano tsa bona tse tiileng hore Allah a ke ke a tsosa ea shoang. Empa hoo ke ts’episo e tiileng ea ‘nete e teng ho Eena, le hoja boholo har’a batho bo sa hlokomele

Ayah 38

لِيُبَيِّنَ لَهُمُ ٱلَّذِي يَخۡتَلِفُونَ فِيهِ وَلِيَعۡلَمَ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ أَنَّهُمۡ كَانُواْ كَٰذِبِينَ

Hore a tle A ba manollele ka ‘nete tseo ba neng ba fapana ka tsona, mahana-tumelo a tla tseba hore ba ne ba le bohata

Ayah 39

إِنَّمَا قَوۡلُنَا لِشَيۡءٍ إِذَآ أَرَدۡنَٰهُ أَن نَّقُولَ لَهُۥ كُن فَيَكُونُ

Lentsoe la Rona holim’a ntho eo Re E rerang, ke hore feela Re Re ho eona, “E ba”! Efele e be teng

Ayah 40

وَٱلَّذِينَ هَاجَرُواْ فِي ٱللَّهِ مِنۢ بَعۡدِ مَا ظُلِمُواْ لَنُبَوِّئَنَّهُمۡ فِي ٱلدُّنۡيَا حَسَنَةࣰۖ وَلَأَجۡرُ ٱلۡأٓخِرَةِ أَكۡبَرُۚ لَوۡ كَانُواْ يَعۡلَمُونَ

Ba phaphathehi ba sieang malapa a bona ka baka la ts’ebeletso ea Allah kamor’a hoba ba be tlas’a khatello, Ruri re tla ba neha lehae le molemo lefats’eng lena, moputso oa Bophelo Bo-tlang o moholohali hoja ebe ba ne ba ka tseba

Ayah 41

ٱلَّذِينَ صَبَرُواْ وَعَلَىٰ رَبِّهِمۡ يَتَوَكَّلُونَ

Joaloka ba tsitlalletseng ba bile ba behile ts’epo ea bona ho Allah

Ayah 42

وَمَآ أَرۡسَلۡنَا مِن قَبۡلِكَ إِلَّا رِجَالࣰ ا نُّوحِيٓ إِلَيۡهِمۡۖ فَسۡـَٔلُوٓاْ أَهۡلَ ٱلذِّكۡرِ إِن كُنتُمۡ لَا تَعۡلَمُونَ

Re ‘nile Ra romella Baromuoa ba Rona pele ho uena, bao e neng e ntse e le batho bao Re neng Re ba nyenyelelitse, – haeba le sa tsebe letho botsang ba ntseng ba latetse molaetsa

Ayah 43

بِٱلۡبَيِّنَٰتِ وَٱلزُّبُرِۗ وَأَنزَلۡنَآ إِلَيۡكَ ٱلذِّكۡرَ لِتُبَيِّنَ لِلنَّاسِ مَا نُزِّلَ إِلَيۡهِمۡ وَلَعَلَّهُمۡ يَتَفَكَّرُونَ

Molaetsa o jereng bopaki bo totobetseng esitana le ka mangolo; re bile ra u senolela Molaetsa, e le hore u tle u hlalosetse batho seo ba se senoletsoeng, ba tle ba tsebe ho nahana

Ayah 44

أَفَأَمِنَ ٱلَّذِينَ مَكَرُواْ ٱلسَّيِّـَٔاتِ أَن يَخۡسِفَ ٱللَّهُ بِهِمُ ٱلۡأَرۡضَ أَوۡ يَأۡتِيَهُمُ ٱلۡعَذَابُ مِنۡ حَيۡثُ لَا يَشۡعُرُونَ

Na ba rerang liketso tse fosahetseng baikutloa ba ts’ireletsehile hoo Allah A ke keng A etsa hore lefats’e le ba metse, kapa hona hore khalefo ea Hae e ba hloibile ba sa ile le khongoana holimo

Ayah 45

أَوۡ يَأۡخُذَهُمۡ فِي تَقَلُّبِهِمۡ فَمَا هُم بِمُعۡجِزِينَ

Kapa hona hore A ba hloibile ba sa ntse ba nyolosa ba theosa hoo ba ke keng ba phonyoha ho hang

Ayah 46

أَوۡ يَأۡخُذَهُمۡ عَلَىٰ تَخَوُّفࣲ فَإِنَّ رَبَّكُمۡ لَرَءُوفࣱ رَّحِيمٌ

Kapa hona hore A ba nehelle ka kotlo e butle-butle – Hobane Mong`a hau U Tletse Mosa, U Mohau

Ayah 47

أَوَلَمۡ يَرَوۡاْ إِلَىٰ مَا خَلَقَ ٱللَّهُ مِن شَيۡءࣲ يَتَفَيَّؤُاْ ظِلَٰلُهُۥ عَنِ ٱلۡيَمِينِ وَٱلشَّمَآئِلِ سُجَّدࣰ ا لِّلَّهِ وَهُمۡ دَٰخِرُونَ

Ha ba ithute ka lihloliloeng tsa Allah har’a lintho, – kamoo liriti tsa tsona li retelehang kateng ka ho le letona le le lets’ehali, le kamoo li ithapalatsang kateng kapel’a Allah ka boikokobetso bo boholo

Ayah 48

وَلِلَّهِۤ يَسۡجُدُۤ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِ مِن دَآبَّةࣲ وَٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ وَهُمۡ لَا يَسۡتَكۡبِرُونَ

Ruri lintho tsohle tse maholimong le libopuoa tsohle tse phelang lefats’eng li ithapalatsa kapel’a Allah, ka mokhoa o ts’oanang le manyeloi; ha li ikhohomose

Ayah 49

يَخَافُونَ رَبَّهُم مِّن فَوۡقِهِمۡ وَيَفۡعَلُونَ مَا يُؤۡمَرُونَ۩

Kaofela li ts’aba Mong`a tsona ea li Okametseng, li etsa kamoo li laeloang kateng

Ayah 50

۞وَقَالَ ٱللَّهُ لَا تَتَّخِذُوٓاْ إِلَٰهَيۡنِ ٱثۡنَيۡنِۖ إِنَّمَا هُوَ إِلَٰهࣱ وَٰحِدࣱ فَإِيَّٰيَ فَٱرۡهَبُونِ

Allah U itse: “Le se iketsetse melingoana. Hobane `Mopi A Inonts’i: ka hona ‘Ntsabeng.”

Ayah 51

وَلَهُۥ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَلَهُ ٱلدِّينُ وَاصِبًاۚ أَفَغَيۡرَ ٱللَّهِ تَتَّقُونَ

Tsohle tse maholimong le lefats’eng li ikarabella ho Eena, tumelo eona ke Ea Hae ho isa kahosafeleng. Na le tla eba le ts’abo ho e mong ntle ho Allah

Ayah 52

وَمَا بِكُم مِّن نِّعۡمَةࣲ فَمِنَ ٱللَّهِۖ ثُمَّ إِذَا مَسَّكُمُ ٱلضُّرُّ فَإِلَيۡهِ تَجۡـَٔرُونَ

Tsohle tse le khotsofatsang li tsoa ho Allah. Etsoe nakong eo le oeloang ke bomalimabe le bitsa ho Eena moo le batlang thuso

Ayah 53

ثُمَّ إِذَا كَشَفَ ٱلضُّرَّ عَنكُمۡ إِذَا فَرِيقࣱ مِّنكُم بِرَبِّهِمۡ يُشۡرِكُونَ

Kamor’a hore a hlakole bomalimabe boo ho lona, bonang! Lequloana le leng la lona le kopanya Mong`a lona le melingoana

Ayah 54

لِيَكۡفُرُواْ بِمَآ ءَاتَيۡنَٰهُمۡۚ فَتَمَتَّعُواْ فَسَوۡفَ تَعۡلَمُونَ

Joaloka ha eka ho nyefoloa melemo eo Re ba sitsitseng ka eona. Leha ho le joalo, natefeloang ke bophelo le sa khona, hobane haufinyane le tla ruoa tsebo

Ayah 55

وَيَجۡعَلُونَ لِمَا لَا يَعۡلَمُونَ نَصِيبࣰ ا مِّمَّا رَزَقۡنَٰهُمۡۗ تَٱللَّهِ لَتُسۡـَٔلُنَّ عَمَّا كُنتُمۡ تَفۡتَرُونَ

Ebile ba maneha karolo ea seo Re ba nehileng sona ka seo ba sa se tsebeng. Ka Allah! Ruri le tla botsoa mabapi le tsohle tseo le neng le li qapa ka bohata

Ayah 56

وَيَجۡعَلُونَ لِلَّهِ ٱلۡبَنَٰتِ سُبۡحَٰنَهُۥ وَلَهُم مَّا يَشۡتَهُونَ

Ba bile ba maneha Allah barali, – Tlotla e be ho Eena! – bona ba ipha seo ba se ratang

Ayah 57

وَإِذَا بُشِّرَ أَحَدُهُم بِٱلۡأُنثَىٰ ظَلَّ وَجۡهُهُۥ مُسۡوَدࣰّ ا وَهُوَ كَظِيمࣱ‏

E mong oa bona ha a fihleloa ke litaba tsa tlhaho ea ngoana oa mosetsana, sefahleho sa hae se ea rothofala, a tlaloe ke mesarelo

Ayah 58

يَتَوَٰرَىٰ مِنَ ٱلۡقَوۡمِ مِن سُوٓءِ مَا بُشِّرَ بِهِۦٓۚ أَيُمۡسِكُهُۥ عَلَىٰ هُونٍ أَمۡ يَدُسُّهُۥ فِي ٱلتُّرَابِۗ أَلَا سَآءَ مَا يَحۡكُمُونَ

Ka masoabi o ipatela mehahabo ka lebaka la litaba tse mpe tseo a li fumaneng, “na o tla boloka lesea leo tlas’a mahlomola, kapa a le epele leroleng?” Aa! khetho e nyonyehang ha kakaang

Ayah 59

لِلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ بِٱلۡأٓخِرَةِ مَثَلُ ٱلسَّوۡءِۖ وَلِلَّهِ ٱلۡمَثَلُ ٱلۡأَعۡلَىٰۚ وَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ

Ba sa kholoeng Bophelong Bo-tlang ho teng papiso ea bobe, ho Allah ho maname papiso e phahameng ka ho fetisisa. Ke Eena Ea matla Oohle, Ea Seli

Ayah 60

وَلَوۡ يُؤَاخِذُ ٱللَّهُ ٱلنَّاسَ بِظُلۡمِهِم مَّا تَرَكَ عَلَيۡهَا مِن دَآبَّةࣲ وَلَٰكِن يُؤَخِّرُهُمۡ إِلَىٰٓ أَجَلࣲ مُّسَمࣰّ ىۖ فَإِذَا جَآءَ أَجَلُهُمۡ لَا يَسۡتَـٔۡخِرُونَ سَاعَةࣰ وَلَا يَسۡتَقۡدِمُونَ

Hoja Allah U ne A ka otla batho ka lebaka la liketso tsa bona tse mpe, U ne A ke ke A siea sebopuoa leha se le seng se phelang lefats’eng, empa U li neha nyehlisetso ea nakoana ea pallo, ha nako eo ea tsona e se e atametse li ke ke tsa e busetsa morao leha e le ka hora, kapa ho e akofisa

Ayah 61

وَيَجۡعَلُونَ لِلَّهِ مَا يَكۡرَهُونَۚ وَتَصِفُ أَلۡسِنَتُهُمُ ٱلۡكَذِبَ أَنَّ لَهُمُ ٱلۡحُسۡنَىٰۚ لَا جَرَمَ أَنَّ لَهُمُ ٱلنَّارَ وَأَنَّهُم مُّفۡرَطُونَ

Ba manamisa Allah lintho tseo le bona ba sa li rateng, ba buoa leshano ka maleme a bona, ba re karolo eohle e molemo e tla ba ea bona. Ruri mollo e tlaba karollo ea bona, ba tla khoromeletsoa pele

Ayah 62

تَٱللَّهِ لَقَدۡ أَرۡسَلۡنَآ إِلَىٰٓ أُمَمࣲ مِّن قَبۡلِكَ فَزَيَّنَ لَهُمُ ٱلشَّيۡطَٰنُ أَعۡمَٰلَهُمۡ فَهُوَ وَلِيُّهُمُ ٱلۡيَوۡمَ وَلَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمࣱ‏

Ka Allah, Re rometse baromuoa lichabeng pele ho uena, empa Liabolosi o ile a etsa hore liketso tsa bona tse mpe li shebahale li khahleha. Esale eena mots’ehetsi oa bona kajeno, empa kahlolo e mahlonoko ke ea bona

Ayah 63

وَمَآ أَنزَلۡنَا عَلَيۡكَ ٱلۡكِتَٰبَ إِلَّا لِتُبَيِّنَ لَهُمُ ٱلَّذِي ٱخۡتَلَفُواْ فِيهِ وَهُدࣰ ى وَرَحۡمَةࣰ لِّقَوۡمࣲ يُؤۡمِنُونَ

Re u senoletse

Ayah 64

وَٱللَّهُ أَنزَلَ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءࣰ فَأَحۡيَا بِهِ ٱلۡأَرۡضَ بَعۡدَ مَوۡتِهَآۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةࣰ لِّقَوۡمࣲ يَسۡمَعُونَ

Ke Allah ea romellang pula e theoha marung, eo ka eona A ts’osolosang lefats’e kamor’a lefu la lona. Bonang! Ruri kahar’a sena ke sesupo ho ba utloang

Ayah 65

وَإِنَّ لَكُمۡ فِي ٱلۡأَنۡعَٰمِ لَعِبۡرَةࣰۖ نُّسۡقِيكُم مِّمَّا فِي بُطُونِهِۦ مِنۢ بَيۡنِ فَرۡثࣲ وَدَمࣲ لَّبَنًا خَالِصࣰ ا سَآئِغࣰ ا لِّلشَّٰرِبِينَ

Ruri likhomong ho teng thuto ho lona. Re le nehile hore le noe se teng kahar’a limpa tsa tsona, lipakeng tsa bolokoe le mali a tsona ho teng lebese le hloekileng le bileng le natefelang ba le noang

Ayah 66

وَمِن ثَمَرَٰتِ ٱلنَّخِيلِ وَٱلۡأَعۡنَٰبِ تَتَّخِذُونَ مِنۡهُ سَكَرࣰ ا وَرِزۡقًا حَسَنًاۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةࣰ لِّقَوۡمࣲ يَعۡقِلُونَ

Le litholoaneng tsa lipalema le merara, le fumana lino tse matlafatsang le eona phepo e matlafetseng le lijo. Bonang! Ruri kahar’a sena ke sesupo ho ba seli

Ayah 67

وَأَوۡحَىٰ رَبُّكَ إِلَى ٱلنَّحۡلِ أَنِ ٱتَّخِذِي مِنَ ٱلۡجِبَالِ بُيُوتࣰ ا وَمِنَ ٱلشَّجَرِ وَمِمَّا يَعۡرِشُونَ

Mong`a hau U rutile notsi ho aha sehlaha maralleng, lifateng le matlong a batho

Ayah 68

ثُمَّ كُلِي مِن كُلِّ ٱلثَّمَرَٰتِ فَٱسۡلُكِي سُبُلَ رَبِّكِ ذُلُلࣰ اۚ يَخۡرُجُ مِنۢ بُطُونِهَا شَرَابࣱ مُّخۡتَلِفٌ أَلۡوَٰنُهُۥ فِيهِ شِفَآءࣱ لِّلنَّاسِۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةࣰ لِّقَوۡمࣲ يَتَفَكَّرُونَ

Ebe e itjella litholoana tsohle le hona ho latela litsela tsa Mong`a eona tse pharaletseng. Kahar’a ‘mele ea tsona ho kolla seno se mebala e fapakaneng, ao e leng pheko ho batho. Ruri kahar’a ho sena ho teng sesupo ho ba nahanang

Ayah 69

وَٱللَّهُ خَلَقَكُمۡ ثُمَّ يَتَوَفَّىٰكُمۡۚ وَمِنكُم مَّن يُرَدُّ إِلَىٰٓ أَرۡذَلِ ٱلۡعُمُرِ لِكَيۡ لَا يَعۡلَمَ بَعۡدَ عِلۡمࣲ شَيۡـًٔاۚ إِنَّ ٱللَّهَ عَلِيمࣱ قَدِيرࣱ‏

Ke Allah Ea le hlotseng, A ba A etsa hore le shoe; har’a lona ho teng ea busetsoang morao botsofaling, e le hore a tle a se hlole a tseba letho kamor’a hoba a be le tsebo. Ruri Allah U Tseba Tsohle, U Matla Oohle

Ayah 70

وَٱللَّهُ فَضَّلَ بَعۡضَكُمۡ عَلَىٰ بَعۡضࣲ فِي ٱلرِّزۡقِۚ فَمَا ٱلَّذِينَ فُضِّلُواْ بِرَآدِّي رِزۡقِهِمۡ عَلَىٰ مَا مَلَكَتۡ أَيۡمَٰنُهُمۡ فَهُمۡ فِيهِ سَوَآءٌۚ أَفَبِنِعۡمَةِ ٱللَّهِ يَجۡحَدُونَ

Allah U fane ka limpho tsa boipheliso ho ba bang ba lona haholo ho feta ba bang. Ba filoeng limpho tse fetang tsa ba bang, ha ba fane ka limpho tseo ho bao matsoho a bona a matona a ba ruileng, hore ba tle ba lekane ka boemo. Na ke lereko la Allah leo ba le latolang

Ayah 71

وَٱللَّهُ جَعَلَ لَكُم مِّنۡ أَنفُسِكُمۡ أَزۡوَٰجࣰ ا وَجَعَلَ لَكُم مِّنۡ أَزۡوَٰجِكُم بَنِينَ وَحَفَدَةࣰ وَرَزَقَكُم مِّنَ ٱلطَّيِّبَٰتِۚ أَفَبِٱلۡبَٰطِلِ يُؤۡمِنُونَ وَبِنِعۡمَتِ ٱللَّهِ هُمۡ يَكۡفُرُونَ

Allah U le nehile balekane ho tsoa mahopong a lona, A ba A le neha bara le barali ‘moho le litloholo ho tsoa ho bona, A le etsetsa boipheliso ka lintho tsohle tse molemo. Na ke kahoo ba kholoang ho mafeela, ba sitoang ho leboha lereko la Allah

Ayah 72

وَيَعۡبُدُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ مَا لَا يَمۡلِكُ لَهُمۡ رِزۡقࣰ ا مِّنَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ شَيۡـࣰٔ ا وَلَا يَسۡتَطِيعُونَ

Ba khumamela melimo ea bohata ntle ho Allah eo ka bo eona e senang mokhoa oa boipheliso, eka bang leholimong kapa lefats’eng, ebile e se na le matla

Ayah 73

فَلَا تَضۡرِبُواْ لِلَّهِ ٱلۡأَمۡثَالَۚ إِنَّ ٱللَّهَ يَعۡلَمُ وَأَنتُمۡ لَا تَعۡلَمُونَ

Le se qape lit`soant`so mabapi le Allah. Hobane Ke Allah Ea Tsebang, lona ha le tsebe letho

Ayah 74

۞ضَرَبَ ٱللَّهُ مَثَلًا عَبۡدࣰ ا مَّمۡلُوكࣰ ا لَّا يَقۡدِرُ عَلَىٰ شَيۡءࣲ وَمَن رَّزَقۡنَٰهُ مِنَّا رِزۡقًا حَسَنࣰ ا فَهُوَ يُنفِقُ مِنۡهُ سِرࣰّ ا وَجَهۡرًاۖ هَلۡ يَسۡتَوُۥنَۚ ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِۚ بَلۡ أَكۡثَرُهُمۡ لَا يَعۡلَمُونَ

Allah U entse papiso ea banna ba ba beli: ea lekhoba le tlas’a taolo ea e mong le se nang taelo holim’a eng kapa eng, le ea e mong eo Re mo sitsitseng ka boipheliso bo tsoang ho Rona, e be o sebelisa boipheliso boo lekunutung kapa ponts’eng. Na bobeli ba ea lekana? Lithoriso li be ho Allah! Empa bongata ba bona habana tsebo

Ayah 75

وَضَرَبَ ٱللَّهُ مَثَلࣰ ا رَّجُلَيۡنِ أَحَدُهُمَآ أَبۡكَمُ لَا يَقۡدِرُ عَلَىٰ شَيۡءࣲ وَهُوَ كَلٌّ عَلَىٰ مَوۡلَىٰهُ أَيۡنَمَا يُوَجِّههُّ لَا يَأۡتِ بِخَيۡرٍ هَلۡ يَسۡتَوِي هُوَ وَمَن يَأۡمُرُ بِٱلۡعَدۡلِ وَهُوَ عَلَىٰ صِرَٰطࣲ مُّسۡتَقِيمࣲ‏

Allah U boetse o behile papiso e ‘ngoe hape ea banna ba babeli, e mong oa bona ke setholo se se nang taolo holim’a eng kapa eng, ke moroalo oa Mong`a hae; hohle moo Mong`a hae a mo laelana ho ea teng, ha ho molemo oa letho oo a tlang le oona. Na monna ea joalo o lekana le’a sebetsang ka Toka a bile a latela Tsela e Otlolohileng

Ayah 76

وَلِلَّهِ غَيۡبُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۚ وَمَآ أَمۡرُ ٱلسَّاعَةِ إِلَّا كَلَمۡحِ ٱلۡبَصَرِ أَوۡ هُوَ أَقۡرَبُۚ إِنَّ ٱللَّهَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءࣲ قَدِيرࣱ‏

Ruri Masabonoeng tsohle tse maholimong le tse lefats’eng ke tsa Allah le eona Hora ea Timelo ke ho panya ha leihlo, kapa ho feta moo. Allah U Matla holima tsohle

Ayah 77

وَٱللَّهُ أَخۡرَجَكُم مِّنۢ بُطُونِ أُمَّهَٰتِكُمۡ لَا تَعۡلَمُونَ شَيۡـࣰٔ ا وَجَعَلَ لَكُمُ ٱلسَّمۡعَ وَٱلۡأَبۡصَٰرَ وَٱلۡأَفۡـِٔدَةَ لَعَلَّكُمۡ تَشۡكُرُونَ

Ke Allah Ea le nts’itseng lipopelong tsa bo-’ma lona ha le ne le sa tsebe letho, A le neha kutlo le pono le bohlale le maikutlo, e le hore le tle le fane ka liteboho

Ayah 78

أَلَمۡ يَرَوۡاْ إِلَى ٱلطَّيۡرِ مُسَخَّرَٰتࣲ فِي جَوِّ ٱلسَّمَآءِ مَا يُمۡسِكُهُنَّ إِلَّا ٱللَّهُۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتࣲ لِّقَوۡمࣲ يُؤۡمِنُونَ

Na ha bae s’o bone ha linonyana li ithapalalitse molaong oa Allah li tsitsitse lipakeng tsa moea le maru? Ha ho letho le li khakelelitseng haese Allah. Ruri ho sena ke sesupo ho ba kholoang

Ayah 79

وَٱللَّهُ جَعَلَ لَكُم مِّنۢ بُيُوتِكُمۡ سَكَنࣰ ا وَجَعَلَ لَكُم مِّن جُلُودِ ٱلۡأَنۡعَٰمِ بُيُوتࣰ ا تَسۡتَخِفُّونَهَا يَوۡمَ ظَعۡنِكُمۡ وَيَوۡمَ إِقَامَتِكُمۡ وَمِنۡ أَصۡوَافِهَا وَأَوۡبَارِهَا وَأَشۡعَارِهَآ أَثَٰثࣰ ا وَمَتَٰعًا إِلَىٰ حِينࣲ‏

Ke Allah Ea le nehileng matlo ho ba malapa a bolulo le phomolo, A le neha matlalo a likhomo hore le etse matlo ao le a fumanang a le bobebe ha le’a kuka nakong ea bohahlauli, ha le khefutsa bohahlauling ba lona, ebe le hloma litente tsa lona; ka boea le bolitse ba tsona le be le etse masela a bonolo a le futhumatsang ha nakoana

Ayah 80

وَٱللَّهُ جَعَلَ لَكُم مِّمَّا خَلَقَ ظِلَٰلࣰ ا وَجَعَلَ لَكُم مِّنَ ٱلۡجِبَالِ أَكۡنَٰنࣰ ا وَجَعَلَ لَكُمۡ سَرَٰبِيلَ تَقِيكُمُ ٱلۡحَرَّ وَسَرَٰبِيلَ تَقِيكُم بَأۡسَكُمۡۚ كَذَٰلِكَ يُتِمُّ نِعۡمَتَهُۥ عَلَيۡكُمۡ لَعَلَّكُمۡ تُسۡلِمُونَ

Ke Allah Ea le nehileng ho tsoa linthong tseo a li hlolileng, moriti; A le neha libaka tsa bots’abelo lithabeng, le hona ho le neha liaparo tse le ts’ireletsang lebatameng esitana le eona kobo-khulu ho le ts’ireletsa lintoeng tse bakoang ke lona. Ke kamoo A phethahatsang melemo Ea Hae kateng ho lona; e le hore le tle le ithapalatse ho Eena

Ayah 81

فَإِن تَوَلَّوۡاْ فَإِنَّمَا عَلَيۡكَ ٱلۡبَلَٰغُ ٱلۡمُبِينُ

Haeba ba u furalla, mosebetsi oa hau ke ho fetisa molaetsa o hlakileng

Ayah 82

يَعۡرِفُونَ نِعۡمَتَ ٱللَّهِ ثُمَّ يُنكِرُونَهَا وَأَكۡثَرُهُمُ ٱلۡكَٰفِرُونَ

Ba tseba molemo ea Allah, empa ba ea e latola. Ruri bongata ba bona ha bana teboho

Ayah 83

وَيَوۡمَ نَبۡعَثُ مِن كُلِّ أُمَّةࣲ شَهِيدࣰ ا ثُمَّ لَا يُؤۡذَنُ لِلَّذِينَ كَفَرُواْ وَلَا هُمۡ يُسۡتَعۡتَبُونَ

Ka letsatsi le leng Re tla tsosa Paki khahlanong le sechaba ka seng: ke moo ho se nang hoba le monyetla ho amohela kopo ea ts’oarelo ho mahana – tumelo, kapa oona molemo

Ayah 84

وَإِذَا رَءَا ٱلَّذِينَ ظَلَمُواْ ٱلۡعَذَابَ فَلَا يُخَفَّفُ عَنۡهُمۡ وَلَا هُمۡ يُنظَرُونَ

Ha ba etsang liphoso ba bona Kotlo, ha eke ke ea bebofatsoa hohang, kapa hona ho fumana nyehlisetso

Ayah 85

وَإِذَا رَءَا ٱلَّذِينَ أَشۡرَكُواْ شُرَكَآءَهُمۡ قَالُواْ رَبَّنَا هَٰٓؤُلَآءِ شُرَكَآؤُنَا ٱلَّذِينَ كُنَّا نَدۡعُواْ مِن دُونِكَۖ فَأَلۡقَوۡاْ إِلَيۡهِمُ ٱلۡقَوۡلَ إِنَّكُمۡ لَكَٰذِبُونَ

Ha ba neng ba maneha Allah batlatsetsi ba bona bo-mphato’a bona, Ba tla re: “Mong`a rona! Bana ke bo-mphato’a rona bao re neng re tloaetse ho memetsa ho bona kathoko ho uena.” Empa batlatsetsi ba bona ba tla ba tjolietsa ka hore: “Ruri le mashano!”

Ayah 86

وَأَلۡقَوۡاْ إِلَى ٱللَّهِ يَوۡمَئِذٍ ٱلسَّلَمَۖ وَضَلَّ عَنۡهُم مَّا كَانُواْ يَفۡتَرُونَ

Letsatsing leo ba tla totobatsa boinehelo ba bona ho Allah, tsohle tseo ba neng ba li qapa li ba lahlile kherehloa

Ayah 87

ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَصَدُّواْ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِ زِدۡنَٰهُمۡ عَذَابࣰ ا فَوۡقَ ٱلۡعَذَابِ بِمَا كَانُواْ يُفۡسِدُونَ

Ba latolang Allah, ba sitisa batho ho kena tseleng ea Allah, Ruri Re tla ba phaella kotlo holim’a kotlo hobane ba ne ba tloaetse ho baka pherekano

Ayah 88

وَيَوۡمَ نَبۡعَثُ فِي كُلِّ أُمَّةࣲ شَهِيدًا عَلَيۡهِم مِّنۡ أَنفُسِهِمۡۖ وَجِئۡنَا بِكَ شَهِيدًا عَلَىٰ هَٰٓؤُلَآءِۚ وَنَزَّلۡنَا عَلَيۡكَ ٱلۡكِتَٰبَ تِبۡيَٰنࣰ ا لِّكُلِّ شَيۡءࣲ وَهُدࣰ ى وَرَحۡمَةࣰ وَبُشۡرَىٰ لِلۡمُسۡلِمِينَ

Ka letsatsi le leng Re tla tsosa Paki khahlanong le sechaba ka seng e tsoang har’a bona, Re tla u tlisa u le paki khahlanong le bana. Re senotse Lengolo le hlalosang lintho tsohle, e le Tataiso le Mohau le Litaba tse Molemo ho Mamuslim

Ayah 89

۞إِنَّ ٱللَّهَ يَأۡمُرُ بِٱلۡعَدۡلِ وَٱلۡإِحۡسَٰنِ وَإِيتَآيِٕ ذِي ٱلۡقُرۡبَىٰ وَيَنۡهَىٰ عَنِ ٱلۡفَحۡشَآءِ وَٱلۡمُنكَرِ وَٱلۡبَغۡيِۚ يَعِظُكُمۡ لَعَلَّكُمۡ تَذَكَّرُونَ

Allah U laetse toka, ho etsa botle, le ho ba mosa ho mehaeno, o hanetse liketso tsohle tse tlontlollang le lehloeo le bokhopo. O le eletsa ho amohela khalemo

Ayah 90

وَأَوۡفُواْ بِعَهۡدِ ٱللَّهِ إِذَا عَٰهَدتُّمۡ وَلَا تَنقُضُواْ ٱلۡأَيۡمَٰنَ بَعۡدَ تَوۡكِيدِهَا وَقَدۡ جَعَلۡتُمُ ٱللَّهَ عَلَيۡكُمۡ كَفِيلًاۚ إِنَّ ٱللَّهَ يَعۡلَمُ مَا تَفۡعَلُونَ

Phethahatsang Selekane sa Allah ha le se le itlamme ka sona, le se koenehele likano tsa lona kamor’a hoba le ikane, le kamor’a hoba le etse Allah molisa holim’a lona. Ruri Allah U Tseba Tsohle tseo le li etsang

Ayah 91

وَلَا تَكُونُواْ كَٱلَّتِي نَقَضَتۡ غَزۡلَهَا مِنۢ بَعۡدِ قُوَّةٍ أَنكَٰثࣰ ا تَتَّخِذُونَ أَيۡمَٰنَكُمۡ دَخَلَۢا بَيۡنَكُمۡ أَن تَكُونَ أُمَّةٌ هِيَ أَرۡبَىٰ مِنۡ أُمَّةٍۚ إِنَّمَا يَبۡلُوكُمُ ٱللَّهُ بِهِۦۚ وَلَيُبَيِّنَنَّ لَكُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ مَا كُنتُمۡ فِيهِ تَخۡتَلِفُونَ

Le se ts’oane le mosali ea pomang likhoele kamor’a hoba a lits’ohle hore li be matla. Kapa ho etsa likano tsa lona thetso lipakeng tsa lona, ka lebaka la sechaba se sengata haholo ho feta se seng. Hobane Allah U tla le beha tekong ka sena, Ruri o tla le hlalosetsa seo le neng le sa lumellane ka sona mohla Letsatsi la Kahlolo

Ayah 92

وَلَوۡ شَآءَ ٱللَّهُ لَجَعَلَكُمۡ أُمَّةࣰ وَٰحِدَةࣰ وَلَٰكِن يُضِلُّ مَن يَشَآءُ وَيَهۡدِي مَن يَشَآءُۚ وَلَتُسۡـَٔلُنَّ عَمَّا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ

Hoja e bile thato Ea Allah, A ka be a le entse sechaba se le seng kaofela ha lona, empa U lesa bao A ikhethelang bona ho kheloha le ho tataisa bao A Ikhethelang bona; empa le tla botsoa tsohle tseo le neng le li etsa

Ayah 93

وَلَا تَتَّخِذُوٓاْ أَيۡمَٰنَكُمۡ دَخَلَۢا بَيۡنَكُمۡ فَتَزِلَّ قَدَمُۢ بَعۡدَ ثُبُوتِهَا وَتَذُوقُواْ ٱلسُّوٓءَ بِمَا صَدَدتُّمۡ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِ وَلَكُمۡ عَذَابٌ عَظِيمࣱ‏

Le se fetole likano tsa lona thetso lipakeng tsa lona, esere ka mohlomong leoto la e mong la thella kamor’a hobale setlele ka tieo, la tlameha ho latsoa litholoana tse babang tsa ketso ea ho sitisa batho ho kena tseleng ea Allah, eaba kahlolo e ts’abehang e oela holim’a lona

Ayah 94

وَلَا تَشۡتَرُواْ بِعَهۡدِ ٱللَّهِ ثَمَنࣰ ا قَلِيلًاۚ إِنَّمَا عِندَ ٱللَّهِ هُوَ خَيۡرࣱ لَّكُمۡ إِن كُنتُمۡ تَعۡلَمُونَ

Le se rekise selekane sa Allah ka theko e eisehang! Bonang! Ruri moputso o ho Allah ke o babatsehang sebakeng sa lona, hoja feela le ne le tseba

Ayah 95

مَا عِندَكُمۡ يَنفَدُ وَمَا عِندَ ٱللَّهِ بَاقࣲۗ وَلَنَجۡزِيَنَّ ٱلَّذِينَ صَبَرُوٓاْ أَجۡرَهُم بِأَحۡسَنِ مَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ

Seo se ho lona ha se na thuso, empa haele se ho Allah se tla sala e le seemahale. Ruri Re tla putsa ba tsitlaletseng ka moputso o babatsehang ho latela makhabane ao ba neng ba a etsa

Ayah 96

مَنۡ عَمِلَ صَٰلِحࣰ ا مِّن ذَكَرٍ أَوۡ أُنثَىٰ وَهُوَ مُؤۡمِنࣱ فَلَنُحۡيِيَنَّهُۥ حَيَوٰةࣰ طَيِّبَةࣰۖ وَلَنَجۡزِيَنَّهُمۡ أَجۡرَهُم بِأَحۡسَنِ مَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ

Motho ofe kapa ofe ea etsang toka, ekaba monna kapa mosali, e bile e le molumeli, Ruri Re tla mo neha bophelo bo ntlafetseng, Re tlaba putsa ka moputso o babatsehang ho latela makhabane ao baneng ba a etsa

Ayah 97

فَإِذَا قَرَأۡتَ ٱلۡقُرۡءَانَ فَٱسۡتَعِذۡ بِٱللَّهِ مِنَ ٱلشَّيۡطَٰنِ ٱلرَّجِيمِ

Nakong eo le phetang Qura’n, le kope ts’ireletso ho Allah khahlanong le Satane oa ho nenoa

Ayah 98

إِنَّهُۥ لَيۡسَ لَهُۥ سُلۡطَٰنٌ عَلَى ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَلَىٰ رَبِّهِمۡ يَتَوَكَّلُونَ

Bonang! Ruri ha a na matla holim’a ba kholoang ba behileng ts’epo ea bona ho Mong`a bona

Ayah 99

إِنَّمَا سُلۡطَٰنُهُۥ عَلَى ٱلَّذِينَ يَتَوَلَّوۡنَهُۥ وَٱلَّذِينَ هُم بِهِۦ مُشۡرِكُونَ

Bolaoli ba Satane bo holim’a ba thehileng setsoalle le eena feela le ba manehang Allah ka batlatsetsi

Ayah 100

وَإِذَا بَدَّلۡنَآ ءَايَةࣰ مَّكَانَ ءَايَةࣲ وَٱللَّهُ أَعۡلَمُ بِمَا يُنَزِّلُ قَالُوٓاْ إِنَّمَآ أَنتَ مُفۡتَرِۭۚ بَلۡ أَكۡثَرُهُمۡ لَا يَعۡلَمُونَ

Nakong eo Re nyokolang ts’enolo sebakeng sa e ‘ngoe, – ‘Allah U tseba ka botlalo seo A se senolang, – Ba re: “Uena u mpa u iqapetse.” Ruri bongata ba bona ha bo na tsebo

Ayah 101

قُلۡ نَزَّلَهُۥ رُوحُ ٱلۡقُدُسِ مِن رَّبِّكَ بِٱلۡحَقِّ لِيُثَبِّتَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَهُدࣰ ى وَبُشۡرَىٰ لِلۡمُسۡلِمِينَ

E re: “Moea o Halalelang o tlisitse ts’enolo e tsoang ho Mong`a hae ka ‘nete, ho tla hlapants’a tumelo ea ba kholoang, e le tataiso le tsona litaba tse monate ho ba inehetseng ho Allah.”

Ayah 102

وَلَقَدۡ نَعۡلَمُ أَنَّهُمۡ يَقُولُونَ إِنَّمَا يُعَلِّمُهُۥ بَشَرࣱۗ لِّسَانُ ٱلَّذِي يُلۡحِدُونَ إِلَيۡهِ أَعۡجَمِيࣱّ وَهَٰذَا لِسَانٌ عَرَبِيࣱّ مُّبِينٌ

Re bile Re tseba hantle hore ba re: “Ke motho ea u rutang.” Leleme leo ba mo supang ka lona ke la balichaba, athe leleme lena ke la se-Arabia se hlakileng

Ayah 103

إِنَّ ٱلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِ لَا يَهۡدِيهِمُ ٱللَّهُ وَلَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمٌ

Haele ba sa kholoeng lits’enolong tsa Allah, Ruri Allah a ke ke a ba tataisa, kahlolo e mahlonoko ke’a bona

Ayah 104

إِنَّمَا يَفۡتَرِي ٱلۡكَذِبَ ٱلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِۖ وَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡكَٰذِبُونَ

Ke ba sa kholoeng lits’enolong tsa Allah, ba iqapelang mashano, ke bona ba leshano

Ayah 105

مَن كَفَرَ بِٱللَّهِ مِنۢ بَعۡدِ إِيمَٰنِهِۦٓ إِلَّا مَنۡ أُكۡرِهَ وَقَلۡبُهُۥ مُطۡمَئِنُّۢ بِٱلۡإِيمَٰنِ وَلَٰكِن مَّن شَرَحَ بِٱلۡكُفۡرِ صَدۡرࣰ ا فَعَلَيۡهِمۡ غَضَبࣱ مِّنَ ٱللَّهِ وَلَهُمۡ عَذَابٌ عَظِيمࣱ‏

Mong le mong ea sa tl’o lumela ho Allah kamor’a hoba a be le tumelo, ntle le ea tla hatelloa, pelo ea hae eona e sale e sataletse tumelong, – empa ba koenehelang tumelo ha bobebe: khalefo ea Allah e holim’a bona. Ruri kahlolo ea bona ke e ts’abehang

Ayah 106

ذَٰلِكَ بِأَنَّهُمُ ٱسۡتَحَبُّواْ ٱلۡحَيَوٰةَ ٱلدُّنۡيَا عَلَى ٱلۡأٓخِرَةِ وَأَنَّ ٱللَّهَ لَا يَهۡدِي ٱلۡقَوۡمَ ٱلۡكَٰفِرِينَ

Sena ke ka lebaka la hobane ba ikhethetse bophelo ba lefats’e lena ho ena le bo-tlang, etsoe ke hobane Allah ha A tataise batho ba hlokang tumelo

Ayah 107

أُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ طَبَعَ ٱللَّهُ عَلَىٰ قُلُوبِهِمۡ وَسَمۡعِهِمۡ وَأَبۡصَٰرِهِمۡۖ وَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡغَٰفِلُونَ

Bana ke bao Allah A kabileng lipelo, litsebe le mahlo a bona. Ke maoatla

Ayah 108

لَا جَرَمَ أَنَّهُمۡ فِي ٱلۡأٓخِرَةِ هُمُ ٱلۡخَٰسِرُونَ

Kantle ho khoao, ba tla timela ho Bo-tlang

Ayah 109

ثُمَّ إِنَّ رَبَّكَ لِلَّذِينَ هَاجَرُواْ مِنۢ بَعۡدِ مَا فُتِنُواْ ثُمَّ جَٰهَدُواْ وَصَبَرُوٓاْ إِنَّ رَبَّكَ مِنۢ بَعۡدِهَا لَغَفُورࣱ رَّحِيمࣱ‏

Empa ruri Mong’a Hau,-Haele ba phaphathehang kamor’a likotlo qobello tse bileng teng holim’a bona, hamorao e be ba a loanela Tumelo le hona ho ba le mamello, – Ruri kamor’a mona Mong`a hau malebana le bona U Ts’oarela-joalo-joalo, U Khaphatseha Mohau

Ayah 110

۞يَوۡمَ تَأۡتِي كُلُّ نَفۡسࣲ تُجَٰدِلُ عَن نَّفۡسِهَا وَتُوَفَّىٰ كُلُّ نَفۡسࣲ مَّا عَمِلَتۡ وَهُمۡ لَا يُظۡلَمُونَ

Ka letsatsi le leng moea o mong le o mong o tla ipuelella ka bo-ona, moea ka mong o tla putsuoa seo o se entseng, e ke ke ea qhekelloa

Ayah 111

وَضَرَبَ ٱللَّهُ مَثَلࣰ ا قَرۡيَةࣰ كَانَتۡ ءَامِنَةࣰ مُّطۡمَئِنَّةࣰ يَأۡتِيهَا رِزۡقُهَا رَغَدࣰ ا مِّن كُلِّ مَكَانࣲ فَكَفَرَتۡ بِأَنۡعُمِ ٱللَّهِ فَأَذَٰقَهَا ٱللَّهُ لِبَاسَ ٱلۡجُوعِ وَٱلۡخَوۡفِ بِمَا كَانُواْ يَصۡنَعُونَ

Allah U fana ka papiso: ea motse o phelang ka ts’ireletso le khutso, nala ea ona e hlaha likhutlong tsohle, empa o nyefola melemo ea Allah, eaba Allah U etsa hore o ke o latsoe tlala le tsitsipano ka lebaka la mekhoa e mebe eo batho ba oona ba entseng

Ayah 112

وَلَقَدۡ جَآءَهُمۡ رَسُولࣱ مِّنۡهُمۡ فَكَذَّبُوهُ فَأَخَذَهُمُ ٱلۡعَذَابُ وَهُمۡ ظَٰلِمُونَ

Eaba ho fihla Moromuoa har’a bona ea hlahetseng har’a bona, empa ba ile ba mo latola ka bohata, ba ripitloa ke khalefo nakong eo ba sa ntseng ba le har’a lits’ito tseo tsa bona

Ayah 113

فَكُلُواْ مِمَّا رَزَقَكُمُ ٱللَّهُ حَلَٰلࣰ ا طَيِّبࣰ ا وَٱشۡكُرُواْ نِعۡمَتَ ٱللَّهِ إِن كُنتُمۡ إِيَّاهُ تَعۡبُدُونَ

Ejang lijo tse hloekileng tseo le lumeletsoeng ho lija, tseo Allah a le sitsitseng ka tsona; le lebohe nala ea Mong`a lona haeba ke Eena eo le mo sebeletsang

Ayah 114

إِنَّمَا حَرَّمَ عَلَيۡكُمُ ٱلۡمَيۡتَةَ وَٱلدَّمَ وَلَحۡمَ ٱلۡخِنزِيرِ وَمَآ أُهِلَّ لِغَيۡرِ ٱللَّهِ بِهِۦۖ فَمَنِ ٱضۡطُرَّ غَيۡرَ بَاغࣲ وَلَا عَادࣲ فَإِنَّ ٱللَّهَ غَفُورࣱ رَّحِيمࣱ‏

Allah U le hanetse feela ka nama ea phoofolo e shoeleng, bobete, nama ea kolobe le nama eo eitseng ha e hlajoa eaba ho bitsoa lebitso le leng le ntle ho la Allah; ntle le ea tla khannoa ke boemo, eseng ho tlola molao kapa hona ho tlola meeli, – Ruri Allah U Ts’oarela ka Mehla, U Tletse Mohau

Ayah 115

وَلَا تَقُولُواْ لِمَا تَصِفُ أَلۡسِنَتُكُمُ ٱلۡكَذِبَ هَٰذَا حَلَٰلࣱ وَهَٰذَا حَرَامࣱ لِّتَفۡتَرُواْ عَلَى ٱللَّهِ ٱلۡكَذِبَۚ إِنَّ ٱلَّذِينَ يَفۡتَرُونَ عَلَى ٱللَّهِ ٱلۡكَذِبَ لَا يُفۡلِحُونَ

Le se ke la buoa khahlanong le seo maleme a lona a sa se tsebeng, empa ka leshano le re: “Sena se molaong, sena ha se molaong,” le qapa leshano mabapi le Allah. Ruri haele ba qapang leshano khahlanong le Allah ba ke ke ba atleha

Ayah 116

مَتَٰعࣱ قَلِيلࣱ وَلَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمࣱ‏

Boithabisonyana bo fokolang e tla ba ba bona; le kahlolo e mahlonoko ke’a bona

Ayah 117

وَعَلَى ٱلَّذِينَ هَادُواْ حَرَّمۡنَا مَا قَصَصۡنَا عَلَيۡكَ مِن قَبۡلُۖ وَمَا ظَلَمۡنَٰهُمۡ وَلَٰكِن كَانُوٓاْ أَنفُسَهُمۡ يَظۡلِمُونَ

Ho Ma-Juda Re ba hanetse ka lintho tseo Re seng Re u phetetse tsona. Ha se Rona ba ba foSelitseng, empa ba ne ba atisa ho iketsetsa liphoso ka bo-bona

Ayah 118

ثُمَّ إِنَّ رَبَّكَ لِلَّذِينَ عَمِلُواْ ٱلسُّوٓءَ بِجَهَٰلَةࣲ ثُمَّ تَابُواْ مِنۢ بَعۡدِ ذَٰلِكَ وَأَصۡلَحُوٓاْ إِنَّ رَبَّكَ مِنۢ بَعۡدِهَا لَغَفُورࣱ رَّحِيمٌ

Ba etsang sebe tlas’a ho hloka tsebo, hamorao ba inyatse le hona ho etsa tefelo, – – Ruri Mong`a hau U Ts’oarela ka Mehla, U khaphatseha Mohau

Ayah 119

إِنَّ إِبۡرَٰهِيمَ كَانَ أُمَّةࣰ قَانِتࣰ ا لِّلَّهِ حَنِيفࣰ ا وَلَمۡ يَكُ مِنَ ٱلۡمُشۡرِكِينَ

Abrahama e bile mohlala, a le mamello ho Allah le ho ba le tumelo e tiileng tlhahong, a sa kopanye Allah le melingoana

Ayah 120

شَاكِرࣰ ا لِّأَنۡعُمِهِۚ ٱجۡتَبَىٰهُ وَهَدَىٰهُ إِلَىٰ صِرَٰطࣲ مُّسۡتَقِيمࣲ‏

O ile a bonts’a teboho melemong ea Allah; Ea mokhethileng, a mo tataisetsa Tseleng e Otlolohileng

Ayah 121

وَءَاتَيۡنَٰهُ فِي ٱلدُّنۡيَا حَسَنَةࣰۖ وَإِنَّهُۥ فِي ٱلۡأٓخِرَةِ لَمِنَ ٱلصَّٰلِحِينَ

Eaba Re mo neha tse molemo lefats’eng lena, ho Bo-tlang o tlaba har’a ba lokileng

Ayah 122

ثُمَّ أَوۡحَيۡنَآ إِلَيۡكَ أَنِ ٱتَّبِعۡ مِلَّةَ إِبۡرَٰهِيمَ حَنِيفࣰ اۖ وَمَا كَانَ مِنَ ٱلۡمُشۡرِكِينَ

Kamorao ho moo eaba Re A u nyenyeletsa: “Latela tsela ea Abrahama, ea bileng le ‘nete Tumelong, o ne a sa kopanyanye Allah le melingoana

Ayah 123

إِنَّمَا جُعِلَ ٱلسَّبۡتُ عَلَى ٱلَّذِينَ ٱخۡتَلَفُواْ فِيهِۚ وَإِنَّ رَبَّكَ لَيَحۡكُمُ بَيۡنَهُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ فِيمَا كَانُواْ فِيهِ يَخۡتَلِفُونَ

Sabata sona se ile sa etsetsoa feela ba neng ba phehisana khang ka sona, Empa Allah U tla ahlola lipakeng tsa bona mohla Letsatsi la Kahlolo malebana le phapang ea bona

Ayah 124

ٱدۡعُ إِلَىٰ سَبِيلِ رَبِّكَ بِٱلۡحِكۡمَةِ وَٱلۡمَوۡعِظَةِ ٱلۡحَسَنَةِۖ وَجَٰدِلۡهُم بِٱلَّتِي هِيَ أَحۡسَنُۚ إِنَّ رَبَّكَ هُوَ أَعۡلَمُ بِمَن ضَلَّ عَن سَبِيلِهِۦ وَهُوَ أَعۡلَمُ بِٱلۡمُهۡتَدِينَ

Memela bohle Tseleng ea Mong`a hau ka bohlale le boshomaeli bo hlakileng; u supisane mabaka le bona ka mokhoa o babatsehang. Hobane Mong`a hau o tsebisisa hantle eo ea khelohang tseleng ea Hae, le ba amohelang tataiso

Ayah 125

وَإِنۡ عَاقَبۡتُمۡ فَعَاقِبُواْ بِمِثۡلِ مَا عُوقِبۡتُم بِهِۦۖ وَلَئِن صَبَرۡتُمۡ لَهُوَ خَيۡرࣱ لِّلصَّٰبِرِينَ

Haeba u fana ka kotlo, u fane ka kotlo e ts’oanang le eo le uena u kileng oa ahloloa ka eona. Empa haeba u mamella ka ts’iamo, Ruri seo se molemo ho ba mamellang

Ayah 126

وَٱصۡبِرۡ وَمَا صَبۡرُكَ إِلَّا بِٱللَّهِۚ وَلَا تَحۡزَنۡ عَلَيۡهِمۡ وَلَا تَكُ فِي ضَيۡقࣲ مِّمَّا يَمۡكُرُونَ

Mamella. Mamello ea hau e tsoa ho Allah; U se ikutloese bohloko ka bona; u se ke ua ituba ka merero ea bona

Ayah 127

إِنَّ ٱللَّهَ مَعَ ٱلَّذِينَ ٱتَّقَواْ وَّٱلَّذِينَ هُم مُّحۡسِنُونَ

Hobane Allah U na le ba bolokang its’oarang, le ba etsang toka. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Ayah 128