Surah Al-Mutaffifin — Defrauding

Surah Al-Mutaffifin (Defrauding) is chapter 83 of the Quran, with 36 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.

وَيۡلࣱ لِّلۡمُطَفِّفِينَ

Sekhobo se be holim’a baqhekanyetsi

Ayah 1

ٱلَّذِينَ إِذَا ٱكۡتَالُواْ عَلَى ٱلنَّاسِ يَسۡتَوۡفُونَ

Bao e reng ha ba amohela tekanyo ho batho, ba e batla e felletse

Ayah 2

وَإِذَا كَالُوهُمۡ أَو وَّزَنُوهُمۡ يُخۡسِرُونَ

Empa ha ba lokela ho bekha ka tekanyo kapa ho bekhela batho; ba fana ka boima bo tlase

Ayah 3

أَلَا يَظُنُّ أُوْلَٰٓئِكَ أَنَّهُم مَّبۡعُوثُونَ

Ha ba nahane hore ba tla biletsoa boikarabelong

Ayah 4

لِيَوۡمٍ عَظِيمࣲ‏

Mohla Letsatsi la Tonanahali

Ayah 5

يَوۡمَ يَقُومُ ٱلنَّاسُ لِرَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ

Letsatsi leo batho ba tlang ho ema kapel’a Mong`a mafats’e

Ayah 6

كَلَّآ إِنَّ كِتَٰبَ ٱلۡفُجَّارِ لَفِي سِجِّينࣲ‏

Che! Ruri tlaleho ea baetsalibe e kahar’a sijjin –

Ayah 7

وَمَآ أَدۡرَىٰكَ مَا سِجِّينࣱ‏

Keng se tla o hlalosetsa hore sijjin ke eng? –

Ayah 8

كِتَٰبࣱ مَّرۡقُومࣱ‏

Tlaleho e ngoliloeng

Ayah 9

وَيۡلࣱ يَوۡمَئِذࣲ لِّلۡمُكَذِّبِينَ

Sekhobo letsatsi leo se be ho ba latolang

Ayah 10

ٱلَّذِينَ يُكَذِّبُونَ بِيَوۡمِ ٱلدِّينِ

Ba latolang Letsatsi la Kahlolo

Ayah 11

وَمَا يُكَذِّبُ بِهِۦٓ إِلَّا كُلُّ مُعۡتَدٍ أَثِيمٍ

Leo ho seng ea ka le latolang ntle le motloli oa molao, moetsalibe

Ayah 12

إِذَا تُتۡلَىٰ عَلَيۡهِ ءَايَٰتُنَا قَالَ أَسَٰطِيرُ ٱلۡأَوَّلِينَ

Ha a pheteloa Lits’enolo tsa Rona, a re: “Lits’omo tsa mehleng ea khale.”

Ayah 13

كَلَّاۖ بَلۡۜ رَانَ عَلَىٰ قُلُوبِهِم مَّا كَانُواْ يَكۡسِبُونَ

Che! Empa lipelong tsa bona ke mabali a tseo ba li etsang

Ayah 14

كَلَّآ إِنَّهُمۡ عَن رَّبِّهِمۡ يَوۡمَئِذࣲ لَّمَحۡجُوبُونَ

Ruri! Letsatsing leo ba tla siroa ho bona khanya e tsoang ho Mong`a bona

Ayah 15

ثُمَّ إِنَّهُمۡ لَصَالُواْ ٱلۡجَحِيمِ

Khabareng ba tla kena mollong oa Lihele

Ayah 16

ثُمَّ يُقَالُ هَٰذَا ٱلَّذِي كُنتُم بِهِۦ تُكَذِّبُونَ

Ho tla thoe ho bona: “Sena ke nnete eo le e latotseng le re ke leshano!”

Ayah 17

كَلَّآ إِنَّ كِتَٰبَ ٱلۡأَبۡرَارِ لَفِي عِلِّيِّينَ

Ruri tlaleho ea ba lokileng e bolokiloe ‘iliyin –

Ayah 18

وَمَآ أَدۡرَىٰكَ مَا عِلِّيُّونَ

Keng se tla le hlalosetsa hore ‘iliyin ke eng

Ayah 19

كِتَٰبࣱ مَّرۡقُومࣱ‏

Tlaleho e ngoliloeng

Ayah 20

يَشۡهَدُهُ ٱلۡمُقَرَّبُونَ

E pakelang ba haufinyane le Allah

Ayah 21

إِنَّ ٱلۡأَبۡرَارَ لَفِي نَعِيمٍ

Ruri ba lokileng ba tla ba nyakallong (paradeising)

Ayah 22

عَلَى ٱلۡأَرَآئِكِ يَنظُرُونَ

Literoneng, ba tla talima lintho tsohle

Ayah 23

تَعۡرِفُ فِي وُجُوهِهِمۡ نَضۡرَةَ ٱلنَّعِيمِ

U tla ba tseba ka khanya e phatsimang lifahlehong

Ayah 24

يُسۡقَوۡنَ مِن رَّحِيقࣲ مَّخۡتُومٍ

Lenyora la bona le tla kholisoa ka seno sa morara, o bitieletsoeng

Ayah 25

خِتَٰمُهُۥ مِسۡكࣱۚ وَفِي ذَٰلِكَ فَلۡيَتَنَافَسِ ٱلۡمُتَنَٰفِسُونَ

Sekoahelo sa teng e tla ba “musk”: molemong oa sena ba lakatsang tlhonolofatso ha ba hahabelle teng

Ayah 26

وَمِزَاجُهُۥ مِن تَسۡنِيمٍ

Ba tla e fuoa le motsoako oa tasnim

Ayah 27

عَيۡنࣰ ا يَشۡرَبُ بِهَا ٱلۡمُقَرَّبُونَ

Seliba seo ho noang ba atametseng haufi le Allah

Ayah 28

إِنَّ ٱلَّذِينَ أَجۡرَمُواْ كَانُواْ مِنَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ يَضۡحَكُونَ

Baetsalibe ba ne ba tloaetse ho soma ba-kholoang

Ayah 29

وَإِذَا مَرُّواْ بِهِمۡ يَتَغَامَزُونَ

Ha ba ne ba feta pela bona ba ne ba panyetsana

Ayah 30

وَإِذَا ٱنقَلَبُوٓاْ إِلَىٰٓ أَهۡلِهِمُ ٱنقَلَبُواْ فَكِهِينَ

Nakong eo ba boelang ho mehahabo bona, ba khutla ba soma

Ayah 31

وَإِذَا رَأَوۡهُمۡ قَالُوٓاْ إِنَّ هَٰٓؤُلَآءِ لَضَآلُّونَ

Ha ba ba bona, ebe ba re: “Bonang bana ke ba khelohileng Ruri.”

Ayah 32

وَمَآ أُرۡسِلُواْ عَلَيۡهِمۡ حَٰفِظِينَ

Empa ha ba ea romelloa ho ba balebeli ba bona

Ayah 33

فَٱلۡيَوۡمَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ مِنَ ٱلۡكُفَّارِ يَضۡحَكُونَ

Letsatsi leo ba-kholoang ba tla ts’eha mahana-tumelo

Ayah 34

عَلَى ٱلۡأَرَآئِكِ يَنظُرُونَ

Literoneng, ba tla talima lintho tsohle

Ayah 35

هَلۡ ثُوِّبَ ٱلۡكُفَّارُ مَا كَانُواْ يَفۡعَلُونَ

Na mahana-tumelo a ke keng a lefshoa ho latela liketso tseo a neng a li etsa

Ayah 36