Surah Al-Mursalaat — The Emissaries
Surah Al-Mursalaat (The Emissaries) is chapter 77 of the Quran, with 50 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.
وَٱلۡمُرۡسَلَٰتِ عُرۡفࣰ ا
Ka liphefo tse romelloang ka tatellano
Ayah 1فَٱلۡعَٰصِفَٰتِ عَصۡفࣰ ا
Tse foqohang ka matla
Ayah 2وَٱلنَّٰشِرَٰتِ نَشۡرࣰ ا
Lijala hole le haufi
Ayah 3فَٱلۡفَٰرِقَٰتِ فَرۡقࣰ ا
Li arole se seng ho se seng
Ayah 4فَٱلۡمُلۡقِيَٰتِ ذِكۡرًا
Li phatlalatse molaetsa hoohle
Ayah 5عُذۡرًا أَوۡ نُذۡرًا
Oa topollo kapa oa temoso
Ayah 6إِنَّمَا تُوعَدُونَ لَوَٰقِعࣱ
Ruri! Seo le se ts’episitsoeng se tla phethahala
Ayah 7فَإِذَا ٱلنُّجُومُ طُمِسَتۡ
Mohla linaleli li fifalang
Ayah 8وَإِذَا ٱلسَّمَآءُ فُرِجَتۡ
Leholimo le petsoha ka lehare
Ayah 9وَإِذَا ٱلۡجِبَالُ نُسِفَتۡ
Lithaba li qhalahangoa se ka lerole
Ayah 10وَإِذَا ٱلرُّسُلُ أُقِّتَتۡ
Le baromuoa ba khobokang’oang pallong ea bona –
Ayah 11لِأَيِّ يَوۡمٍ أُجِّلَتۡ
Ke letsatsi lefe la tsee tse boleloang
Ayah 12لِيَوۡمِ ٱلۡفَصۡلِ
Ke tsa Letsatsi la Tlhopho
Ayah 13وَمَآ أَدۡرَىٰكَ مَا يَوۡمُ ٱلۡفَصۡلِ
Ke`ng se tla le hlalosetsa hore na letsatsi la tharollo ke eng! –
Ayah 14وَيۡلࣱ يَوۡمَئِذࣲ لِّلۡمُكَذِّبِينَ
Sekhobo se be ho balatoli ba ‘nete letsatsing leo
Ayah 15أَلَمۡ نُهۡلِكِ ٱلۡأَوَّلِينَ
Ha Re ea ka Ra ripitlila meloko ea mathomo
Ayah 16ثُمَّ نُتۡبِعُهُمُ ٱلۡأٓخِرِينَ
Le ka e latelang ho moo Re tla etsa joalo
Ayah 17كَذَٰلِكَ نَفۡعَلُ بِٱلۡمُجۡرِمِينَ
Re sebetsa joalo ka baetsalibe
Ayah 18وَيۡلࣱ يَوۡمَئِذࣲ لِّلۡمُكَذِّبِينَ
Sekhobo se be ho balatoli ba ‘nete letsatsing leo
Ayah 19أَلَمۡ نَخۡلُقكُّم مِّن مَّآءࣲ مَّهِينࣲ
Ha Re’a u hlola ka lero le eisehang
Ayah 20فَجَعَلۡنَٰهُ فِي قَرَارࣲ مَّكِينٍ
Ra le beha sebakeng sa phomolo ka tsepamo
Ayah 21إِلَىٰ قَدَرࣲ مَّعۡلُومࣲ
Ka nako e baliloeng
Ayah 22فَقَدَرۡنَا فَنِعۡمَ ٱلۡقَٰدِرُونَ
Hobane Re ea hlopha; Re hlopha ka pabatseho
Ayah 23وَيۡلࣱ يَوۡمَئِذࣲ لِّلۡمُكَذِّبِينَ
Sekhobo se be ho balatoli ba ‘nete letsatsing leo
Ayah 24أَلَمۡ نَجۡعَلِ ٱلۡأَرۡضَ كِفَاتًا
Ha Re ea hlola lefats’e ho ba tulo
Ayah 25أَحۡيَآءࣰ وَأَمۡوَٰتࣰ ا
Ho tse phelang le tse shoeleng
Ayah 26وَجَعَلۡنَا فِيهَا رَوَٰسِيَ شَٰمِخَٰتࣲ وَأَسۡقَيۡنَٰكُم مَّآءࣰ فُرَاتࣰ ا
Ra hlola lithaba ho tsepama, tse phahameng; Ra le sitsa ka metsi a hlabosang
Ayah 27وَيۡلࣱ يَوۡمَئِذࣲ لِّلۡمُكَذِّبِينَ
Sekhobo se be ho balatoli ba ‘nete letsatsing leo
Ayah 28ٱنطَلِقُوٓاْ إِلَىٰ مَا كُنتُم بِهِۦ تُكَذِّبُونَ
[ho tla thoe] “Tlohang mona ho seo le neng se latola ka ho se shanofatsa
Ayah 29ٱنطَلِقُوٓاْ إِلَىٰ ظِلࣲّ ذِي ثَلَٰثِ شُعَبࣲ
“E eang moriting o menahaneng ha raro
Ayah 30لَّا ظَلِيلࣲ وَلَا يُغۡنِي مِنَ ٱللَّهَبِ
“Oo ho senang ho phola, o se nang thuso lebataneng la mocheso
Ayah 31إِنَّهَا تَرۡمِي بِشَرَرࣲ كَٱلۡقَصۡرِ
“Ruri! O tlola mollo e le qhobosheane
Ayah 32كَأَنَّهُۥ جِمَٰلَتࣱ صُفۡرࣱ
“Joaloka ha eka ke likamele tse ts’ehla.”
Ayah 33وَيۡلࣱ يَوۡمَئِذࣲ لِّلۡمُكَذِّبِينَ
Sekhobo se be ho balatoli ba ‘nete letsatsing leo
Ayah 34هَٰذَا يَوۡمُ لَا يَنطِقُونَ
Ke letsatsi leo ho senang ea tla beng a tseba ho buoa
Ayah 35وَلَا يُؤۡذَنُ لَهُمۡ فَيَعۡتَذِرُونَ
Kapa ho lumelloa ho ipuella
Ayah 36وَيۡلࣱ يَوۡمَئِذࣲ لِّلۡمُكَذِّبِينَ
Sekhobo se be ho balatoli ba ‘nete letsatsing leo
Ayah 37هَٰذَا يَوۡمُ ٱلۡفَصۡلِۖ جَمَعۡنَٰكُمۡ وَٱلۡأَوَّلِينَ
Leo e tla be e le letsatsi la tlhopho! Re tla le khobokanya ‘moho le meloko e tlileng pele ho lona
Ayah 38فَإِن كَانَ لَكُمۡ كَيۡدࣱ فَكِيدُونِ
Joale, haeba le na le leqheka, nqhekanyetseng
Ayah 39وَيۡلࣱ يَوۡمَئِذࣲ لِّلۡمُكَذِّبِينَ
Sekhobo se be ho balatoli ba ‘nete letsatsing leo
Ayah 40إِنَّ ٱلۡمُتَّقِينَ فِي ظِلَٰلࣲ وَعُيُونࣲ
Haele ba lokileng, ba tlaba tlasa moriti le pela liliba
Ayah 41وَفَوَٰكِهَ مِمَّا يَشۡتَهُونَ
Le litholoana, – sohle seo ba se labalabelang
Ayah 42كُلُواْ وَٱشۡرَبُواْ هَنِيٓـَٔۢا بِمَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ
“E jang le noe le khotsofale: seo le se sebelelitseng.”
Ayah 43إِنَّا كَذَٰلِكَ نَجۡزِي ٱلۡمُحۡسِنِينَ
Ke kamoo Re putsang ba etsi ba tse ntle kateng
Ayah 44وَيۡلࣱ يَوۡمَئِذࣲ لِّلۡمُكَذِّبِينَ
Sekhobo se be ho balatoli ba ’nete letsatsing leo
Ayah 45كُلُواْ وَتَمَتَّعُواْ قَلِيلًا إِنَّكُم مُّجۡرِمُونَ
Ejang le nyakalle ha nakoana. Ruri! Leba etsalibe
Ayah 46وَيۡلࣱ يَوۡمَئِذࣲ لِّلۡمُكَذِّبِينَ
Sekhobo se be ho balatoli ba ‘nete letsatsing leo
Ayah 47وَإِذَا قِيلَ لَهُمُ ٱرۡكَعُواْ لَا يَرۡكَعُونَ
Ha ho thoe ho bona: “Khumamang!” Ha ba etse joalo
Ayah 48وَيۡلࣱ يَوۡمَئِذࣲ لِّلۡمُكَذِّبِينَ
Sekhobo se be ho balatoli ba nnete letsatsing leo
Ayah 49فَبِأَيِّ حَدِيثِۭ بَعۡدَهُۥ يُؤۡمِنُونَ
Ke molaetsa ofe ka morao ho moo, ba tlang ho o kholoa
Ayah 50