Surah An-Naml — The Ant
Surah An-Naml (The Ant) is chapter 27 of the Quran, with 93 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.
طسٓۚ تِلۡكَ ءَايَٰتُ ٱلۡقُرۡءَانِ وَكِتَابࣲ مُّبِينٍ
Ta. Sin. Tsena ke lits’enolo tsa Qura’n, Lengolo le totobatsang lintho
Ayah 1هُدࣰ ى وَبُشۡرَىٰ لِلۡمُؤۡمِنِينَ
Tataiso; le tsona litaba tse molemo ho Ba-kholoang
Ayah 2ٱلَّذِينَ يُقِيمُونَ ٱلصَّلَوٰةَ وَيُؤۡتُونَ ٱلزَّكَوٰةَ وَهُم بِٱلۡأٓخِرَةِ هُمۡ يُوقِنُونَ
Ba phethang lithapelo le ho fana ka linyehelo, ba nang le bo- ’nete ka bophelo Bo-tlang
Ayah 3إِنَّ ٱلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ بِٱلۡأٓخِرَةِ زَيَّنَّا لَهُمۡ أَعۡمَٰلَهُمۡ فَهُمۡ يَعۡمَهُونَ
Ha ele ba sa kholoeng Bophelong Bo-tlang, Re entse hore mesebetsi ea bona e bonahale e khahleha mahlong a bona, hore kaofela ha bona ba tle ba hlahlathele
Ayah 4أُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ لَهُمۡ سُوٓءُ ٱلۡعَذَابِ وَهُمۡ فِي ٱلۡأٓخِرَةِ هُمُ ٱلۡأَخۡسَرُونَ
Bao ke bona ba loketsoeng ke kahlolo e ts’abehang, e bile Bophelong Bo-tlang ke bona bao e tlang ho ba bona ba lahlehetsoeng ka hofetisisa
Ayah 5وَإِنَّكَ لَتُلَقَّى ٱلۡقُرۡءَانَ مِن لَّدُنۡ حَكِيمٍ عَلِيمٍ
Ruri! u amohetse Qura’n ho tsoa ho Ea Mong, Ea Seli, Ea Tsebang Tsohle
Ayah 6إِذۡ قَالَ مُوسَىٰ لِأَهۡلِهِۦٓ إِنِّيٓ ءَانَسۡتُ نَارࣰ ا سَـَٔاتِيكُم مِّنۡهَا بِخَبَرٍ أَوۡ ءَاتِيكُم بِشِهَابࣲ قَبَسࣲ لَّعَلَّكُمۡ تَصۡطَلُونَ
Bona! Moshe a re ho lelapa la hae: “Ke bona mollo thokoana mane; mohlomong ke tla le tlela le molaetsa ho ona, kapa ke le okhela ona, hore le tle le fumane mofuthu.”
Ayah 7فَلَمَّا جَآءَهَا نُودِيَ أَنۢ بُورِكَ مَن فِي ٱلنَّارِ وَمَنۡ حَوۡلَهَا وَسُبۡحَٰنَ ٱللَّهِ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ
Empa eitse hoba a atamele haufi le ona, ho’a utloahala lentaoe: “Ba hlohonolofetseng ke ba har’a mollo ona le ba haufi le ona! Tlotlo e be ho Allah, Mong`a Mafats’e
Ayah 8يَٰمُوسَىٰٓ إِنَّهُۥٓ أَنَا ٱللَّهُ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ
“Oho Moshe! Ruri! Ke ‘Na Allah, Ea Matla Oohle, Ea Seli
Ayah 9وَأَلۡقِ عَصَاكَۚ فَلَمَّا رَءَاهَا تَهۡتَزُّ كَأَنَّهَا جَآنࣱّ وَلَّىٰ مُدۡبِرࣰ ا وَلَمۡ يُعَقِّبۡۚ يَٰمُوسَىٰ لَا تَخَفۡ إِنِّي لَا يَخَافُ لَدَيَّ ٱلۡمُرۡسَلُونَ
“Lahlela lere la hau fats’e!” Empa Moshe ha a bona le meneka joaloka noha, a furalla a baleha; empa lentsoe le ile la re ho eena: “Oho Moshe! Se ts’abe letho! Ruri! Haele baromuoa ha ba na letsoalo ho bo teng ba Ka
Ayah 10إِلَّا مَن ظَلَمَ ثُمَّ بَدَّلَ حُسۡنَۢا بَعۡدَ سُوٓءࣲ فَإِنِّي غَفُورࣱ رَّحِيمࣱ
Empa haele ba entseng phoso, kamor’a moo eaba ba ea sokoloha. Hobane Ruri! Ke ‘Na Ea Ts’oarelang-joalo-joalo, Ea Tletseng Mohau
Ayah 11وَأَدۡخِلۡ يَدَكَ فِي جَيۡبِكَ تَخۡرُجۡ بَيۡضَآءَ مِنۡ غَيۡرِ سُوٓءࣲۖ فِي تِسۡعِ ءَايَٰتٍ إِلَىٰ فِرۡعَوۡنَ وَقَوۡمِهِۦٓۚ إِنَّهُمۡ كَانُواْ قَوۡمࣰ ا فَٰسِقِينَ
Joale, beha letsoho la hau lehlakoreng la likhopo tsa hau, le tla khutla le le lesoeu, empa le se na kotsi. Sena e tla ba se seng sa lits’upiso tse robong tseo u tla ea le tsona ho Faro le sechaba sa hae. Hobane Ruri! Haesale e le batho ba tetebetseng sebeng.”
Ayah 12فَلَمَّا جَآءَتۡهُمۡ ءَايَٰتُنَا مُبۡصِرَةࣰ قَالُواْ هَٰذَا سِحۡرࣱ مُّبِينࣱ
Empa eitse hoba lits’upiso tsa Rona li finyelle ho bona li hlakile ponts’eng, ba re: “Sena ke boloi bo pepenene.”
Ayah 13وَجَحَدُواْ بِهَا وَٱسۡتَيۡقَنَتۡهَآ أَنفُسُهُمۡ ظُلۡمࣰ ا وَعُلُوࣰّ اۚ فَٱنظُرۡ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلۡمُفۡسِدِينَ
Ba li latola ka boikhomoso le boikakaso, le hoja meea ea bona e ne e na le khohelo holim’a tsona: bona kamoo pheletso ea baetsalibe e bileng ka teng
Ayah 14وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَا دَاوُۥدَ وَسُلَيۡمَٰنَ عِلۡمࣰ اۖ وَقَالَا ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ ٱلَّذِي فَضَّلَنَا عَلَىٰ كَثِيرࣲ مِّنۡ عِبَادِهِ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ
Re ile ra fana ka tsebo ho Davida le Solomone; Ba re: “Lithoriso li be ho Allah, Ea re khethileng har’a makhabunyane a mangata a kholoang ho Eena!”
Ayah 15وَوَرِثَ سُلَيۡمَٰنُ دَاوُۥدَۖ وَقَالَ يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ عُلِّمۡنَا مَنطِقَ ٱلطَّيۡرِ وَأُوتِينَا مِن كُلِّ شَيۡءٍۖ إِنَّ هَٰذَا لَهُوَ ٱلۡفَضۡلُ ٱلۡمُبِينُ
Solomone e ne e le mojalefa oa Davida. A re: “Oho lona batho! Ruri! Re rutiloe puo ea linonyana, e bile re filoe nala ea lintho tsohle. Ruri! Sena ke molemo o hlakileng.”
Ayah 16وَحُشِرَ لِسُلَيۡمَٰنَ جُنُودُهُۥ مِنَ ٱلۡجِنِّ وَٱلۡإِنسِ وَٱلطَّيۡرِ فَهُمۡ يُوزَعُونَ
Mabotho a Masabonoeng le a batho le’a linonyana a kile a khobokana ‘moho kapel’a Solomone, eaba a hloptjoa ka mekhahlelo
Ayah 17حَتَّىٰٓ إِذَآ أَتَوۡاْ عَلَىٰ وَادِ ٱلنَّمۡلِ قَالَتۡ نَمۡلَةࣱ يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّمۡلُ ٱدۡخُلُواْ مَسَٰكِنَكُمۡ لَا يَحۡطِمَنَّكُمۡ سُلَيۡمَٰنُ وَجُنُودُهُۥ وَهُمۡ لَا يَشۡعُرُونَ
Ho fihlela a atametse haufinyane le phula ea bohloa, eaba bohloa bo le bong bo re: “Oho bohloa! Kenang ka matlung a lona esere mohlaope Solomone le mabotho a hae a tloha a le ripitla a sa le hlokomele.”
Ayah 18فَتَبَسَّمَ ضَاحِكࣰ ا مِّن قَوۡلِهَا وَقَالَ رَبِّ أَوۡزِعۡنِيٓ أَنۡ أَشۡكُرَ نِعۡمَتَكَ ٱلَّتِيٓ أَنۡعَمۡتَ عَلَيَّ وَعَلَىٰ وَٰلِدَيَّ وَأَنۡ أَعۡمَلَ صَٰلِحࣰ ا تَرۡضَىٰهُ وَأَدۡخِلۡنِي بِرَحۡمَتِكَ فِي عِبَادِكَ ٱلصَّٰلِحِينَ
Eaba salomone o’a bososela, a qaboloa ke puo ea bona, a re: “Mong`a ka! Ak’u ntaele hore ke be le teboho ka tlhohonolofatso eo U ntlhohonolofalitseng ka eona esita le batsoali ba ka, ke be ke etse tse lokileng tse ka U khahlisang, U be U nkenyeletse palong ea makhabunyane a Hau a lokileng.”
Ayah 19وَتَفَقَّدَ ٱلطَّيۡرَ فَقَالَ مَالِيَ لَآ أَرَى ٱلۡهُدۡهُدَ أَمۡ كَانَ مِنَ ٱلۡغَآئِبِينَ
Eaba o talima har’a linonyana, a nto re: “Ho tla joang hore e be ha ke bone hoopoe (mofuta o mong oa nonyana), kapa e be e har’a tse sieo
Ayah 20لَأُعَذِّبَنَّهُۥ عَذَابࣰ ا شَدِيدًا أَوۡ لَأَاْذۡبَحَنَّهُۥٓ أَوۡ لَيَأۡتِيَنِّي بِسُلۡطَٰنࣲ مُّبِينࣲ
Ruri! Ke tla e otla ka kotlo ea masisapelo, kapa ke e bolae, kantle leha eba e tla ntlela ka lebaka le totobetseng.”
Ayah 21فَمَكَثَ غَيۡرَ بَعِيدࣲ فَقَالَ أَحَطتُ بِمَا لَمۡ تُحِطۡ بِهِۦ وَجِئۡتُكَ مِن سَبَإِۭ بِنَبَإࣲ يَقِينٍ
Empa ha ea ka ea senya nako ho ea pitsong, eaba e re: “ke fumane ntho eo uena u neng u sa e lemohe ho hang, ke tla ho uena ka litaba tse molemo tse tsoang Sheba
Ayah 22إِنِّي وَجَدتُّ ٱمۡرَأَةࣰ تَمۡلِكُهُمۡ وَأُوتِيَتۡ مِن كُلِّ شَيۡءࣲ وَلَهَا عَرۡشٌ عَظِيمࣱ
“Ke fumane mosali a busa sechaba sa moo, e bile o nehiloe nala ea lintho tsohle, terone ea hae ke e makhabane
Ayah 23وَجَدتُّهَا وَقَوۡمَهَا يَسۡجُدُونَ لِلشَّمۡسِ مِن دُونِ ٱللَّهِ وَزَيَّنَ لَهُمُ ٱلشَّيۡطَٰنُ أَعۡمَٰلَهُمۡ فَصَدَّهُمۡ عَنِ ٱلسَّبِيلِ فَهُمۡ لَا يَهۡتَدُونَ
“Ke fumane eena le sechaba sa hae ba khumamela letsatsi ntle ho Allah; Satane o entse hore mesebetsi ea bona e bonahale e khahleha mahlong a bona, e bile o ba sitisa ho kena tseleng ea ‘nete, hore ba tle ba tsamae ka nepo
Ayah 24أَلَّاۤ يَسۡجُدُواْۤ لِلَّهِ ٱلَّذِي يُخۡرِجُ ٱلۡخَبۡءَ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَيَعۡلَمُ مَا تُخۡفُونَ وَمَا تُعۡلِنُونَ
Ka ho ba khelosa ho se khumamele Allah, Eena Ea hlahisang Masabonoeng tsa maholimo le lefats’e, Ea bileng A tsebang tseo le li patang le tseo le li pepesang
Ayah 25ٱللَّهُ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ رَبُّ ٱلۡعَرۡشِ ٱلۡعَظِيمِ۩
Ke Allah; ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena! – Eena Mong`a Terone e Hloahloeng
Ayah 26۞قَالَ سَنَنظُرُ أَصَدَقۡتَ أَمۡ كُنتَ مِنَ ٱلۡكَٰذِبِينَ
Eaba Solomone o re: “Re tla bona haeba feela u buoa ‘nete, kapa leshano
Ayah 27ٱذۡهَب بِّكِتَٰبِي هَٰذَا فَأَلۡقِهۡ إِلَيۡهِمۡ ثُمَّ تَوَلَّ عَنۡهُمۡ فَٱنظُرۡ مَاذَا يَرۡجِعُونَ
“Tsamaea le
Ayah 28قَالَتۡ يَٰٓأَيُّهَا ٱلۡمَلَؤُاْ إِنِّيٓ أُلۡقِيَ إِلَيَّ كِتَٰبࣱ كَرِيمٌ
Mofumahali oa Sheba a re: “Oho lona matona! Ruri! Ke amohetse Lengolo le hlomphehang
Ayah 29إِنَّهُۥ مِن سُلَيۡمَٰنَ وَإِنَّهُۥ بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
Le tsoa ho Solomone, le baleha joana: “Ka lebitso la Allah, Ea Tletseng Lereko, Ea Mohau o Khaphatsehang
Ayah 30أَلَّا تَعۡلُواْ عَلَيَّ وَأۡتُونِي مُسۡلِمِينَ
“Se ikhohomose khahlano le ‘na, empa atamela ho ‘na joaloka ba ithapalatsang.”
Ayah 31قَالَتۡ يَٰٓأَيُّهَا ٱلۡمَلَؤُاْ أَفۡتُونِي فِيٓ أَمۡرِي مَا كُنتُ قَاطِعَةً أَمۡرًا حَتَّىٰ تَشۡهَدُونِ
A re: “Oho lona matona! nkeletseng tabeng ena. Ha ke’a s’o ka ke iketsetsa liqeto ntle ho lona.”
Ayah 32قَالُواْ نَحۡنُ أُوْلُواْ قُوَّةࣲ وَأُوْلُواْ بَأۡسࣲ شَدِيدࣲ وَٱلۡأَمۡرُ إِلَيۡكِ فَٱنظُرِي مَاذَا تَأۡمُرِينَ
Ba re: “Re marena a nang le matla esita le bona bohlale bo ts’abehang, empa ke uena ea lokelang ho fana ka taelo; kahoo nahana seo o ts’oanelang ho se laela.”
Ayah 33قَالَتۡ إِنَّ ٱلۡمُلُوكَ إِذَا دَخَلُواْ قَرۡيَةً أَفۡسَدُوهَا وَجَعَلُوٓاْ أَعِزَّةَ أَهۡلِهَآ أَذِلَّةࣰۚ وَكَذَٰلِكَ يَفۡعَلُونَ
A re: “Marena nakong eo a kenang naheng, baa e ripitla le hona ho nyelisa hlompho ea baahi ba eona. Ke kamoo ba tla etsa kateng
Ayah 34وَإِنِّي مُرۡسِلَةٌ إِلَيۡهِم بِهَدِيَّةࣲ فَنَاظِرَةُۢ بِمَ يَرۡجِعُ ٱلۡمُرۡسَلُونَ
“Empa ke tla mo romella mpho, ke tla bona karabo ea seo baromuoa ba tlang ho khutla le sona
Ayah 35فَلَمَّا جَآءَ سُلَيۡمَٰنَ قَالَ أَتُمِدُّونَنِ بِمَالࣲ فَمَآ ءَاتَىٰنِۦَ ٱللَّهُ خَيۡرࣱ مِّمَّآ ءَاتَىٰكُمۚ بَلۡ أَنتُم بِهَدِيَّتِكُمۡ تَفۡرَحُونَ
Joale, eitse hoba moromuoa a finyelle ho Solomone, a re: “Eng! Na u lakatsa ho ka nthusa ka thepa? Empa seo Allah a ‘nehileng sona se molemo ho feta seo a u nehileng sona. Che, ke uena ea tla imona menoana ka mpho ea hau eseng ‘na
Ayah 36ٱرۡجِعۡ إِلَيۡهِمۡ فَلَنَأۡتِيَنَّهُم بِجُنُودࣲ لَّا قِبَلَ لَهُم بِهَا وَلَنُخۡرِجَنَّهُم مِّنۡهَآ أَذِلَّةࣰ وَهُمۡ صَٰغِرُونَ
“Boela ho bona. Ruri! Re tla ba hlsela ka mabotho ao ba ke keng baits’ireletsa ho oona, re tla ba phalalisa moo ka tlotloloho, etsoe ba tla be ba soabile.”
Ayah 37قَالَ يَٰٓأَيُّهَا ٱلۡمَلَؤُاْ أَيُّكُمۡ يَأۡتِينِي بِعَرۡشِهَا قَبۡلَ أَن يَأۡتُونِي مُسۡلِمِينَ
Solomone a re: “Oho matona! Ke mang har’a lona ea tla ntlisetsa terone ea hae pele ba e tla ho ‘na ba ithapalalitse?”
Ayah 38قَالَ عِفۡرِيتࣱ مِّنَ ٱلۡجِنِّ أَنَا۠ ءَاتِيكَ بِهِۦ قَبۡلَ أَن تَقُومَ مِن مَّقَامِكَۖ وَإِنِّي عَلَيۡهِ لَقَوِيٌّ أَمِينࣱ
E mong har’a li-jinn a re: “‘Na nka e tlisa kapel’a hau pele u ema setulong sa hau. Ruri! Ke na le matla esita le bona bots’epehi ts’ebetsong e joalo.”
Ayah 39قَالَ ٱلَّذِي عِندَهُۥ عِلۡمࣱ مِّنَ ٱلۡكِتَٰبِ أَنَا۠ ءَاتِيكَ بِهِۦ قَبۡلَ أَن يَرۡتَدَّ إِلَيۡكَ طَرۡفُكَۚ فَلَمَّا رَءَاهُ مُسۡتَقِرًّا عِندَهُۥ قَالَ هَٰذَا مِن فَضۡلِ رَبِّي لِيَبۡلُوَنِيٓ ءَأَشۡكُرُ أَمۡ أَكۡفُرُۖ وَمَن شَكَرَ فَإِنَّمَا يَشۡكُرُ لِنَفۡسِهِۦۖ وَمَن كَفَرَ فَإِنَّ رَبِّي غَنِيࣱّ كَرِيمࣱ
E mong ea neng a sitsitsoe ka tsebo ea Lengolo a re: “‘Ke tla e tlisa ho uena ka ho panya ha leihlo. Eitse hoba a e bone e lutse kapel’a hae, eaba Solomone o re: “Sena ke ka mohau oa Mong`a ka, e le hore A tle A mphehe tekong ea hore ebang ke na teboho kapa e be ke tla ikhohomosa. Mong le mong ea nang le teboho, o etsa joalo molemong oa moea oa hae: mong le mong ea hlokang teboho, o etsa joalo molemong oa ho utloisa moea oa hae bohloko. Hobane Ruri! Mong`a ka U tsepame pusong, ha A Hloke Letho, U Tlotlehile,.”
Ayah 40قَالَ نَكِّرُواْ لَهَا عَرۡشَهَا نَنظُرۡ أَتَهۡتَدِيٓ أَمۡ تَكُونُ مِنَ ٱلَّذِينَ لَا يَهۡتَدُونَ
A re: “Fetolang maemo a terone ea hae, e le hore re tle re bone haeba o tla tsepama tataisong, kapa ebang o tlaba har’a ba sa amoheleng tataiso.”
Ayah 41فَلَمَّا جَآءَتۡ قِيلَ أَهَٰكَذَا عَرۡشُكِۖ قَالَتۡ كَأَنَّهُۥ هُوَۚ وَأُوتِينَا ٱلۡعِلۡمَ مِن قَبۡلِهَا وَكُنَّا مُسۡلِمِينَ
Hoba a fihle, o ile a botsoa: “Ana ke terone ea hau ee?” A re: “E batlile e ts’oana le eona; re nehiloe tsebo pele ho eona, re ile ra inehela ho Allah.”
Ayah 42وَصَدَّهَا مَا كَانَت تَّعۡبُدُ مِن دُونِ ٱللَّهِۖ إِنَّهَا كَانَتۡ مِن قَوۡمࣲ كَٰفِرِينَ
O ile a mo tlosa khumamelong ea tsohle ntle ho Allah, hobane o tsoetsoe ke batho ba hlokang tumelo
Ayah 43قِيلَ لَهَا ٱدۡخُلِي ٱلصَّرۡحَۖ فَلَمَّا رَأَتۡهُ حَسِبَتۡهُ لُجَّةࣰ وَكَشَفَتۡ عَن سَاقَيۡهَاۚ قَالَ إِنَّهُۥ صَرۡحࣱ مُّمَرَّدࣱ مِّن قَوَارِيرَۗ قَالَتۡ رَبِّ إِنِّي ظَلَمۡتُ نَفۡسِي وَأَسۡلَمۡتُ مَعَ سُلَيۡمَٰنَ لِلَّهِ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ
Eaba ho thoe ho eena a kene paleising. Eitse hoba a e bone, a hopola hore ke letamo, eaba o phetla liaparo tse neng li koahetse maoto a hae. Solomone a re: “Ena ke paleisi e ahiloeng ka bokhabane ea khalase.” Eaba o re: “Mong`a ka! Ruri! Ke foselitse moea oa ka, ke inehela le Solomone ho Allah, Mong`a Mafats’e.”
Ayah 44وَلَقَدۡ أَرۡسَلۡنَآ إِلَىٰ ثَمُودَ أَخَاهُمۡ صَٰلِحًا أَنِ ٱعۡبُدُواْ ٱللَّهَ فَإِذَا هُمۡ فَرِيقَانِ يَخۡتَصِمُونَ
Re ile Ra romella ho Ba-Thamud Salih ngoana bo bona: “Sebeletsang Allah.” Le hoja ba ile ba khaoha likoto tse peli tse ngangisanang
Ayah 45قَالَ يَٰقَوۡمِ لِمَ تَسۡتَعۡجِلُونَ بِٱلسَّيِّئَةِ قَبۡلَ ٱلۡحَسَنَةِۖ لَوۡلَا تَسۡتَغۡفِرُونَ ٱللَّهَ لَعَلَّكُمۡ تُرۡحَمُونَ
A re: “Oho batho ba heso! Hobaneng ha le potlakela sebeng ho fapana le se molemo?” Ke hobaneng ha le sa kope ts’oarelo ea Allah, hore le tle le fumane mohau.”
Ayah 46قَالُواْ ٱطَّيَّرۡنَا بِكَ وَبِمَن مَّعَكَۚ قَالَ طَٰٓئِرُكُمۡ عِندَ ٱللَّهِۖ بَلۡ أَنتُمۡ قَوۡمࣱ تُفۡتَنُونَ
Ba re: “Re u lakaletsa bobe le ba nang le uena. A re: “Takaletso ea lona ea bobe e ho Allah. Lona le mpa le le batho ba behiloeng tekong.”
Ayah 47وَكَانَ فِي ٱلۡمَدِينَةِ تِسۡعَةُ رَهۡطࣲ يُفۡسِدُونَ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَلَا يُصۡلِحُونَ
Ho ne ho le teng batho ba robong ba lelapa ba neng ba etsa litlolo tsa molao lefats’eng, ba sa sokolohe
Ayah 48قَالُواْ تَقَاسَمُواْ بِٱللَّهِ لَنُبَيِّتَنَّهُۥ وَأَهۡلَهُۥ ثُمَّ لَنَقُولَنَّ لِوَلِيِّهِۦ مَا شَهِدۡنَا مَهۡلِكَ أَهۡلِهِۦ وَإِنَّا لَصَٰدِقُونَ
Ba re: “Re hlapanya ka Allah re tla mo tsometsa hammoho le lelapa la hae bosiu, e be kamor’a moo re re ho metsoalle ea hae: “Re ne re le sieo ho fenethoeng ha batho ba habo, re bua ‘nete e tsoileng matsoho.”
Ayah 49وَمَكَرُواْ مَكۡرࣰ ا وَمَكَرۡنَا مَكۡرࣰ ا وَهُمۡ لَا يَشۡعُرُونَ
Ba ile ba rera ba loha mano: Eaba le Rona Rea rera, baes’o elelloe letho
Ayah 50فَٱنظُرۡ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ مَكۡرِهِمۡ أَنَّا دَمَّرۡنَٰهُمۡ وَقَوۡمَهُمۡ أَجۡمَعِينَ
Joale, ak’u bone seo e bileng pheletso ea morero oa bona, – Re ile Ra ba ripitla hammoho le baetsana ba bona kaofela
Ayah 51فَتِلۡكَ بُيُوتُهُمۡ خَاوِيَةَۢ بِمَا ظَلَمُوٓاْۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةࣰ لِّقَوۡمࣲ يَعۡلَمُونَ
Matlo a bona ke lithako le lesupi – hobane ba ne ba etsa liphoso. Ruri! Ka har’a sena ke sesupo ho batho banang le tsebo
Ayah 52وَأَنجَيۡنَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَكَانُواْ يَتَّقُونَ
Re ile Ra pholosa ba neng ba kholoa, ba etsa tse lokileng
Ayah 53وَلُوطًا إِذۡ قَالَ لِقَوۡمِهِۦٓ أَتَأۡتُونَ ٱلۡفَٰحِشَةَ وَأَنتُمۡ تُبۡصِرُونَ
Lota! a re ho batho ba habo: “na le sa tla etsa linyonts’a ka tsebo
Ayah 54أَئِنَّكُمۡ لَتَأۡتُونَ ٱلرِّجَالَ شَهۡوَةࣰ مِّن دُونِ ٱلنِّسَآءِۚ بَلۡ أَنتُمۡ قَوۡمࣱ تَجۡهَلُونَ
Na le sa tla robalana le banna feela basali ba ntse ba le teng? Eu, empa le batho hlokang kelello.”
Ayah 55۞فَمَا كَانَ جَوَابَ قَوۡمِهِۦٓ إِلَّآ أَن قَالُوٓاْ أَخۡرِجُوٓاْ ءَالَ لُوطࣲ مِّن قَرۡيَتِكُمۡۖ إِنَّهُمۡ أُنَاسࣱ يَتَطَهَّرُونَ
Empa karabo ea batho ba habo e bile feela hore; ba re: “Lelekang balateli ba Lota motseng oa lona, hobane Ruri! Ke banna ba labalabelang bohloeki!”
Ayah 56فَأَنجَيۡنَٰهُ وَأَهۡلَهُۥٓ إِلَّا ٱمۡرَأَتَهُۥ قَدَّرۡنَٰهَا مِنَ ٱلۡغَٰبِرِينَ
Empa Re ile Ra mo pholosa le lelapa la hae ntle feela le mosali oa hae; Re ile Ra mo behella kathoko hore a tle a be har’a ba saletseng morao
Ayah 57وَأَمۡطَرۡنَا عَلَيۡهِم مَّطَرࣰ اۖ فَسَآءَ مَطَرُ ٱلۡمُنذَرِينَ
Eaba Re ba nesetsa majoe a lengetane. Pula e nyonyehang holima batho ba ileng ba khalengoa
Ayah 58قُلِ ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ وَسَلَٰمٌ عَلَىٰ عِبَادِهِ ٱلَّذِينَ ٱصۡطَفَىٰٓۗ ءَآللَّهُ خَيۡرٌ أَمَّا يُشۡرِكُونَ
E re: “Lithoriso li be ho Allah, khotso e be ho makhabunyane A Hae ao A a khethileng! Ana ke Allah Ea molemo, kapa ba molemo ke batlatsetsi ba ba manamisang ho Eena
Ayah 59أَمَّنۡ خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ وَأَنزَلَ لَكُم مِّنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءࣰ فَأَنۢبَتۡنَا بِهِۦ حَدَآئِقَ ذَاتَ بَهۡجَةࣲ مَّا كَانَ لَكُمۡ أَن تُنۢبِتُواْ شَجَرَهَآۗ أَءِلَٰهࣱ مَّعَ ٱللَّهِۚ بَلۡ هُمۡ قَوۡمࣱ يَعۡدِلُونَ
Ana ha se Eena Ea Molemo Ea hlotseng maholimo le lefats’e le hona ho le romella pula e tsoang marung, eo ka eona Re hlahisang lirapa tsa litholoana tse hlabosang, seo lifate tsa sona li sa kang tsa lengoa ke lona. Ana ho teng `Mopi e mong kathoko ho Allah? Eu, empa batho ba maneha ba tlatsetsi ho Eena
Ayah 60أَمَّن جَعَلَ ٱلۡأَرۡضَ قَرَارࣰ ا وَجَعَلَ خِلَٰلَهَآ أَنۡهَٰرࣰ ا وَجَعَلَ لَهَا رَوَٰسِيَ وَجَعَلَ بَيۡنَ ٱلۡبَحۡرَيۡنِ حَاجِزًاۗ أَءِلَٰهࣱ مَّعَ ٱللَّهِۚ بَلۡ أَكۡثَرُهُمۡ لَا يَعۡلَمُونَ
Kapa, ha se Eena Ea entseng lefats’e hoba lehae le tsepameng, A ba A theha linoka ho lona, le hona ho theha lithaba holim’a lona le hona ho tsepamisa moeli lipakeng tsa maoatle a mabeli? Ana ho teng `Mopi e mong ntle ho Allah? Che bongata ba bona ha bo tsebe letho
Ayah 61أَمَّن يُجِيبُ ٱلۡمُضۡطَرَّ إِذَا دَعَاهُ وَيَكۡشِفُ ٱلسُّوٓءَ وَيَجۡعَلُكُمۡ خُلَفَآءَ ٱلۡأَرۡضِۗ أَءِلَٰهࣱ مَّعَ ٱللَّهِۚ قَلِيلࣰ ا مَّا تَذَكَّرُونَ
Ana ha se Eena Ea arabelang ea bohlokong nakong eo a bitsang ho Eena, e be U mo imolla bothateng, A etse majalefa a lefats’e? Joale, ana ho teng `Mopi e mong ntle ho Allah? Ruri! ba nahana hanyenyane
Ayah 62أَمَّن يَهۡدِيكُمۡ فِي ظُلُمَٰتِ ٱلۡبَرِّ وَٱلۡبَحۡرِ وَمَن يُرۡسِلُ ٱلرِّيَٰحَ بُشۡرَۢا بَيۡنَ يَدَيۡ رَحۡمَتِهِۦٓۗ أَءِلَٰهࣱ مَّعَ ٱللَّهِۚ تَعَٰلَى ٱللَّهُ عَمَّا يُشۡرِكُونَ
Ana ha se Eena Ea le tataisang har’a lefifi la naha le leoatle, Ea romellang liphefo tse phatlalatsang Mohau oa Hae? Ana o teng `Mopi e mong ntle ho Allah? Ea hloahloeng ke Allah kahofetisisa ho batlatsetsi bohle ba ba manehang ho Eena
Ayah 63أَمَّن يَبۡدَؤُاْ ٱلۡخَلۡقَ ثُمَّ يُعِيدُهُۥ وَمَن يَرۡزُقُكُم مِّنَ ٱلسَّمَآءِ وَٱلۡأَرۡضِۗ أَءِلَٰهࣱ مَّعَ ٱللَّهِۚ قُلۡ هَاتُواْ بُرۡهَٰنَكُمۡ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ
Kapa, Ea hlahisang tlholeho, A boele A e phete hape, Eena Ea le nehang nala ho tsoa leholimong le lefats’eng? Joale, ana ho teng `Mopi e mong ntle ho Allah? E re: “Hlahisang bopaki ba lona haeba le hlile le buoa ‘nete!”
Ayah 64قُل لَّا يَعۡلَمُ مَن فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ ٱلۡغَيۡبَ إِلَّا ٱللَّهُۚ وَمَا يَشۡعُرُونَ أَيَّانَ يُبۡعَثُونَ
E re: “Ha ho ope ea ka tsebang ka tse patiloeng tsa maholimo le tsa lefats’e haese Allah; ha ba tsebe letho ka letsatsi leo ba tlang ho tsosoa ka lona
Ayah 65بَلِ ٱدَّٰرَكَ عِلۡمُهُمۡ فِي ٱلۡأٓخِرَةِۚ بَلۡ هُمۡ فِي شَكࣲّ مِّنۡهَاۖ بَلۡ هُم مِّنۡهَا عَمُونَ
Ana tsebo ea bona e pharaletse hoo ba ka fihlelang bophelo bo-tlang? Ba na le khoao. Ke lifofu.”
Ayah 66وَقَالَ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ أَءِذَا كُنَّا تُرَٰبࣰ ا وَءَابَآؤُنَآ أَئِنَّا لَمُخۡرَجُونَ
Mahana-tumelo ba re: “Eng! Ha re se re fetohile lerole,-rona le bo-ntata rona, – ana re sa tla hlola re tsosoa hape
Ayah 67لَقَدۡ وُعِدۡنَا هَٰذَا نَحۡنُ وَءَابَآؤُنَا مِن قَبۡلُ إِنۡ هَٰذَآ إِلَّآ أَسَٰطِيرُ ٱلۡأَوَّلِينَ
“Ke `nete re ile ra ts’episoa sena.-rona le bo-ntata rona. Empa tsena tsohle ha se letho haese lits’omo tsa mehleng ea khale.”
Ayah 68قُلۡ سِيرُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَٱنظُرُواْ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلۡمُجۡرِمِينَ
E re: “Hahlaulang le lefats’e le tle le bone seo ebileng pheletso ea ba bileng molato!”
Ayah 69وَلَا تَحۡزَنۡ عَلَيۡهِمۡ وَلَا تَكُن فِي ضَيۡقࣲ مِّمَّا يَمۡكُرُونَ
U se ke oa ikutloisa bohloko ka bona, le hona ho touta ka lebaka la merero ea bona
Ayah 70وَيَقُولُونَ مَتَىٰ هَٰذَا ٱلۡوَعۡدُ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ
Ba bile ba re: “Ke neng ts’episo ena e tlang ho phethahala haeba u hlile u buoa ‘nete?”
Ayah 71قُلۡ عَسَىٰٓ أَن يَكُونَ رَدِفَ لَكُم بَعۡضُ ٱلَّذِي تَسۡتَعۡجِلُونَ
E re: “Mohlomong karolo ea seo le ka se potlakelang se haufi le lona.”
Ayah 72وَإِنَّ رَبَّكَ لَذُو فَضۡلٍ عَلَى ٱلنَّاسِ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَهُمۡ لَا يَشۡكُرُونَ
Empa ruriMong`a hau U Khaphatseha mohau ho batho, le hoja bongata ba bona bo hloka teboho
Ayah 73وَإِنَّ رَبَّكَ لَيَعۡلَمُ مَا تُكِنُّ صُدُورُهُمۡ وَمَا يُعۡلِنُونَ
Ruri Mong`a hau o tseba ka botlalo lintho tsohle tseo lipelo tsa bona li li patileng le tsohle tseo ba li pepesang
Ayah 74وَمَا مِنۡ غَآئِبَةࣲ فِي ٱلسَّمَآءِ وَٱلۡأَرۡضِ إِلَّا فِي كِتَٰبࣲ مُّبِينٍ
Ha ho letho le patehileng leholimong le lefats’eng, empa se ngoliloe ka har’a buka e hlakileng
Ayah 75إِنَّ هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانَ يَقُصُّ عَلَىٰ بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ أَكۡثَرَ ٱلَّذِي هُمۡ فِيهِ يَخۡتَلِفُونَ
Ruri! Qura›n ena e manolletse bana ba Israele boholo ba lintho tseo ba hohlanang ka tsona
Ayah 76وَإِنَّهُۥ لَهُدࣰ ى وَرَحۡمَةࣱ لِّلۡمُؤۡمِنِينَ
Ke Tataiso le Mohau ho ba kholoang
Ayah 77إِنَّ رَبَّكَ يَقۡضِي بَيۡنَهُم بِحُكۡمِهِۦۚ وَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡعَلِيمُ
Ruri Mong`a hau o tla ahlola lipakeng tsa bona ho latela Bohlale ba Hae, Eena Ea Matla Oohle, Ea Tsebang-Tsohle
Ayah 78فَتَوَكَّلۡ عَلَى ٱللَّهِۖ إِنَّكَ عَلَى ٱلۡحَقِّ ٱلۡمُبِينِ
Kahoo beha ts’epo ea hau ho Allah, hobane u tsepame ‘neteng e hlakileng
Ayah 79إِنَّكَ لَا تُسۡمِعُ ٱلۡمَوۡتَىٰ وَلَا تُسۡمِعُ ٱلصُّمَّ ٱلدُّعَآءَ إِذَا وَلَّوۡاْ مُدۡبِرِينَ
Ruri! U ke ke ua etsa hore bafu ba utloe le tsona litholo hore li utloe pitso nakong eo li seng li menotse tlhabela
Ayah 80وَمَآ أَنتَ بِهَٰدِي ٱلۡعُمۡيِ عَن ضَلَٰلَتِهِمۡۖ إِن تُسۡمِعُ إِلَّا مَن يُؤۡمِنُ بِـَٔايَٰتِنَا فَهُم مُّسۡلِمُونَ
Kapa hona ho tataisa lifofu ho se hlahlathele. Kantle le ba kholoang lits’enolong tsa Rona, ba inehetse Islam
Ayah 81۞وَإِذَا وَقَعَ ٱلۡقَوۡلُ عَلَيۡهِمۡ أَخۡرَجۡنَا لَهُمۡ دَآبَّةࣰ مِّنَ ٱلۡأَرۡضِ تُكَلِّمُهُمۡ أَنَّ ٱلنَّاسَ كَانُواْ بِـَٔايَٰتِنَا لَا يُوقِنُونَ
Mohla lentsoe le phethahatsoang khahlanong le bona, Re tla hlahisa Sebatana sa lefats’e ho buoa le bona, hobane batho ba hlokile tumelo lits’enolong tsa Rona
Ayah 82وَيَوۡمَ نَحۡشُرُ مِن كُلِّ أُمَّةࣲ فَوۡجࣰ ا مِّمَّن يُكَذِّبُ بِـَٔايَٰتِنَا فَهُمۡ يُوزَعُونَ
Ka letsatsi le leng Re tla khobokanya mabotho har’a lichaba tsohle mabotho a latolang lits’enolo tsa Rona, a tla hloptjoa ka mekhahlelo
Ayah 83حَتَّىٰٓ إِذَا جَآءُو قَالَ أَكَذَّبۡتُم بِـَٔايَٰتِي وَلَمۡ تُحِيطُواْ بِهَا عِلۡمًا أَمَّاذَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ
Ho fihlela ba atamelang kapel’a Mong`a bona, U tla re: “Le Latotse lits’enolo tsa Ka le hoja tsebo ea lona e ne e fokola malebana le tsona, kapa ke eng seo le neng le se etsa?”
Ayah 84وَوَقَعَ ٱلۡقَوۡلُ عَلَيۡهِم بِمَا ظَلَمُواْ فَهُمۡ لَا يَنطِقُونَ
Lentsoe le tla phethahatsoa khahlanong le bona ka lebaka la ketso-phoso, etsoe ba ke ke ba eba le puo
Ayah 85أَلَمۡ يَرَوۡاْ أَنَّا جَعَلۡنَا ٱلَّيۡلَ لِيَسۡكُنُواْ فِيهِ وَٱلنَّهَارَ مُبۡصِرًاۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتࣲ لِّقَوۡمࣲ يُؤۡمِنُونَ
Ha ba es’o bone kamoo Re entseng hore ba phomole kateng bosiu, e be mots’eare U ba neha pono? Ruri! ho sena ke Lits’upiso ho batho ba kholoang
Ayah 86وَيَوۡمَ يُنفَخُ فِي ٱلصُّورِ فَفَزِعَ مَن فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَن فِي ٱلۡأَرۡضِ إِلَّا مَن شَآءَ ٱللَّهُۚ وَكُلٌّ أَتَوۡهُ دَٰخِرِينَ
Letsatsi leo Terompeta e tlang ho letsoa – bohle ba maholimong le lefats’eng ba tla simolla ho ts’oha, haese feela bao Allah A ka khahloang ke bona. Bohle ba tla tla ho Eena ba tseba bofokoli ba bona
Ayah 87وَتَرَى ٱلۡجِبَالَ تَحۡسَبُهَا جَامِدَةࣰ وَهِيَ تَمُرُّ مَرَّ ٱلسَّحَابِۚ صُنۡعَ ٱللَّهِ ٱلَّذِيٓ أَتۡقَنَ كُلَّ شَيۡءٍۚ إِنَّهُۥ خَبِيرُۢ بِمَا تَفۡعَلُونَ
Na u bona lithaba tseo u nahanang hore li tsepame ka tieo, empa tsatsing leo li tla tsamaea joaloka maru: seo ke mosebetsi oa Allah ea phethahatsang lintho tsohle. Ruri! U Tseba ka botlalo tseo le li etsang
Ayah 88مَن جَآءَ بِٱلۡحَسَنَةِ فَلَهُۥ خَيۡرࣱ مِّنۡهَا وَهُم مِّن فَزَعࣲ يَوۡمَئِذٍ ءَامِنُونَ
Mang kapa mang ea etsang toka, o tla fumana moputso o molemo ho feta kamoo e neng e le kateng; ba joalo bats’ireletsehile matsoalong a Letsatsi leo
Ayah 89وَمَن جَآءَ بِٱلسَّيِّئَةِ فَكُبَّتۡ وُجُوهُهُمۡ فِي ٱلنَّارِ هَلۡ تُجۡزَوۡنَ إِلَّا مَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ
Mang kapa mang ea etsang sebe, ba tla khothomeletsoa ka har’a mollo ka lifahleho. “Etsoe ha ho seo le ka putsoang ka sona haese seo le se entseng
Ayah 90إِنَّمَآ أُمِرۡتُ أَنۡ أَعۡبُدَ رَبَّ هَٰذِهِ ٱلۡبَلۡدَةِ ٱلَّذِي حَرَّمَهَا وَلَهُۥ كُلُّ شَيۡءࣲۖ وَأُمِرۡتُ أَنۡ أَكُونَ مِنَ ٱلۡمُسۡلِمِينَ
E re: “‘na ke laetsoe feela ho sebeletsa Mong`a motse ona Eo A entseng hore o halalele, Eena Mong`a lintho tsohle. Etsoe ke laetsoe hoba har’a bohle ba inehetseng thatong Ea Hae
Ayah 91وَأَنۡ أَتۡلُوَاْ ٱلۡقُرۡءَانَۖ فَمَنِ ٱهۡتَدَىٰ فَإِنَّمَا يَهۡتَدِي لِنَفۡسِهِۦۖ وَمَن ضَلَّ فَقُلۡ إِنَّمَآ أَنَا۠ مِنَ ٱلۡمُنذِرِينَ
Le hona ho pheta Qura’n. Mang, kapa mang ea amohelang tataiso, o etsa seo molemong oa moea oa hae; Ha e mong a hlahalthela – e re: “‘Ke mohlokomelisi feela.”
Ayah 92وَقُلِ ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ سَيُرِيكُمۡ ءَايَٰتِهِۦ فَتَعۡرِفُونَهَاۚ وَمَا رَبُّكَ بِغَٰفِلٍ عَمَّا تَعۡمَلُونَ
U be u re: “Lithoriso li be ho Allah Ea tla le bonts’a Lits’upiso tsa Hae, e le hore le tle le li tsebe. Etsoe Mong`a hau ha se hore ha A hlokomele tseo le li etsang
Ayah 93