Surah Al-Haaqqa — The Reality
Surah Al-Haaqqa (The Reality) is chapter 69 of the Quran, with 52 verses. This page presents the Arabic text with a Sesotho translation, verse by verse.
ٱلۡحَآقَّةُ
‘Nete ea sebele
Ayah 1مَا ٱلۡحَآقَّةُ
‘Nete ea sebele ke eng
Ayah 2وَمَآ أَدۡرَىٰكَ مَا ٱلۡحَآقَّةُ
Ke eng se tlang ho le hlokomelisa hore na ‘nete ea sebele ke eng
Ayah 3كَذَّبَتۡ ثَمُودُ وَعَادُۢ بِٱلۡقَارِعَةِ
Ba-Thamud le Ba-’Ad ba ile ba latola kotlo e tlang
Ayah 4فَأَمَّا ثَمُودُ فَأُهۡلِكُواْ بِٱلطَّاغِيَةِ
Empa Ba-Thamud ba ile ba ripitloa ka sefefo sa lehalima le ‘mane, se ts`abehang
Ayah 5وَأَمَّا عَادࣱ فَأُهۡلِكُواْ بِرِيحࣲ صَرۡصَرٍ عَاتِيَةࣲ
Ba-`Ad, ba ripitliloe ka setsokotsane se bohale bo ts’abehang
Ayah 6سَخَّرَهَا عَلَيۡهِمۡ سَبۡعَ لَيَالࣲ وَثَمَٰنِيَةَ أَيَّامٍ حُسُومࣰ اۖ فَتَرَى ٱلۡقَوۡمَ فِيهَا صَرۡعَىٰ كَأَنَّهُمۡ أَعۡجَازُ نَخۡلٍ خَاوِيَةࣲ
U ile A etsa hore se puputle masiu a supileng le matsatsi a robileng meno e ‘meli ka tatellano: kahoo u ka be u bone mofela oa batho ba tjapaletse, joaloka ha eka ke metso ea lifate tsa lipalema tse hlokang ‘moko li oele
Ayah 7فَهَلۡ تَرَىٰ لَهُم مِّنۢ بَاقِيَةࣲ
Na u sa bona moneketsana feela oa bona
Ayah 8وَجَآءَ فِرۡعَوۡنُ وَمَن قَبۡلَهُۥ وَٱلۡمُؤۡتَفِكَٰتُ بِٱلۡخَاطِئَةِ
Le Faro, le ba bileng teng pele ho eena, le metse-moholo e repitliloeng, ka lebaka la Sebe
Ayah 9فَعَصَوۡاْ رَسُولَ رَبِّهِمۡ فَأَخَذَهُمۡ أَخۡذَةࣰ رَّابِيَةً
Ba se mamele moromuoa oa Mong`a bona, kahoo A ba neha kotlo e matla
Ayah 10إِنَّا لَمَّا طَغَا ٱلۡمَآءُ حَمَلۡنَٰكُمۡ فِي ٱلۡجَارِيَةِ
Re ile Ra u jara ka Areka mohlang metsi a neng a roaletse
Ayah 11لِنَجۡعَلَهَا لَكُمۡ تَذۡكِرَةࣰ وَتَعِيَهَآ أُذُنࣱ وَٰعِيَةࣱ
Hore Re etse molaetsa ho uena, hore litsebe li-utloe, kelello e hopole
Ayah 12فَإِذَا نُفِخَ فِي ٱلصُّورِ نَفۡخَةࣱ وَٰحِدَةࣱ
Joale, mohla Terompeta e letsoang hang
Ayah 13وَحُمِلَتِ ٱلۡأَرۡضُ وَٱلۡجِبَالُ فَدُكَّتَا دَكَّةࣰ وَٰحِدَةࣰ
Lefats’e le tsitsingoang le lithaba tsa lona, li fetohang lerole hang, –
Ayah 14فَيَوۡمَئِذࣲ وَقَعَتِ ٱلۡوَاقِعَةُ
Letsatsing leo, ketsehalo e tla phethahala
Ayah 15وَٱنشَقَّتِ ٱلسَّمَآءُ فَهِيَ يَوۡمَئِذࣲ وَاهِيَةࣱ
Leholimo le tla aroha ka lehare, hobane letsatsing leo le tla be le fokola
Ayah 16وَٱلۡمَلَكُ عَلَىٰٓ أَرۡجَآئِهَاۚ وَيَحۡمِلُ عَرۡشَ رَبِّكَ فَوۡقَهُمۡ يَوۡمَئِذࣲ ثَمَٰنِيَةࣱ
Manyeloi a tla be a le mahlakoreng a lona, a robeli a jarile terone ea Mong`a ka holim’a ona
Ayah 17يَوۡمَئِذࣲ تُعۡرَضُونَ لَا تَخۡفَىٰ مِنكُمۡ خَافِيَةࣱ
Letsatsing leo le tla biletsoa kahlolong, ha ho ketso le e ng`oe ea hau eo u e patang, e tlang ho pateha
Ayah 18فَأَمَّا مَنۡ أُوتِيَ كِتَٰبَهُۥ بِيَمِينِهِۦ فَيَقُولُ هَآؤُمُ ٱقۡرَءُواْ كِتَٰبِيَهۡ
Joale ea tla nehoa tlaleho ea hae ka letsohong la molema, o tla re: “Nka, ba la tlaleho ea ka
Ayah 19إِنِّي ظَنَنتُ أَنِّي مُلَٰقٍ حِسَابِيَهۡ
“Ruri ke ile ka utloisisa hore tlaleho ea ka e tla mphihlela!”
Ayah 20فَهُوَ فِي عِيشَةࣲ رَّاضِيَةࣲ
Joale, o tla ba bophelong ba khotso
Ayah 21فِي جَنَّةٍ عَالِيَةࣲ
Serapeng se phahameng
Ayah 22قُطُوفُهَا دَانِيَةࣱ
Seo litholoana li leng haufi, li fihleleha
Ayah 23كُلُواْ وَٱشۡرَبُواْ هَنِيٓـَٔۢا بِمَآ أَسۡلَفۡتُمۡ فِي ٱلۡأَيَّامِ ٱلۡخَالِيَةِ
“Ejang le noe, ka khotsofalo; ka lebaka la tseo le lirometseng nale, matsatsing a fetileng
Ayah 24وَأَمَّا مَنۡ أُوتِيَ كِتَٰبَهُۥ بِشِمَالِهِۦ فَيَقُولُ يَٰلَيۡتَنِي لَمۡ أُوتَ كِتَٰبِيَهۡ
Ea tlang ho nehoa tlaleho ea hae letsohong la ntsohohlo, o tla re: “Jonna! Hoja ka se ke ka nehoa tlaleho ea ka
Ayah 25وَلَمۡ أَدۡرِ مَا حِسَابِيَهۡ
“Le hona ho hlokomela hore na tlaleho ea ka e eme joang
Ayah 26يَٰلَيۡتَهَا كَانَتِ ٱلۡقَاضِيَةَ
“Hoja lefu ha lea ka la ntsometsa
Ayah 27مَآ أَغۡنَىٰ عَنِّي مَالِيَهۡۜ
“Leruo la ka ha lena thuso ho `na
Ayah 28هَلَكَ عَنِّي سُلۡطَٰنِيَهۡ
“Matla a ka a felile!”
Ayah 29خُذُوهُ فَغُلُّوهُ
(Taelo e tla re)“Mo ts’oare, le mo tlame
Ayah 30ثُمَّ ٱلۡجَحِيمَ صَلُّوهُ
“Le mochese Khanareng ea Mollo
Ayah 31ثُمَّ فِي سِلۡسِلَةࣲ ذَرۡعُهَا سَبۡعُونَ ذِرَاعࣰ ا فَٱسۡلُكُوهُ
“Le mo-khoantise a tlang`oe ka ketane, e bolele ba limitara tse mashome a supileng
Ayah 32إِنَّهُۥ كَانَ لَا يُؤۡمِنُ بِٱللَّهِ ٱلۡعَظِيمِ
“Enoa kea neng a sa kholoe ho Allah Ea Matla Oohle
Ayah 33وَلَا يَحُضُّ عَلَىٰ طَعَامِ ٱلۡمِسۡكِينِ
“A sa khothaletse phepo ea mafutsana
Ayah 34فَلَيۡسَ لَهُ ٱلۡيَوۡمَ هَٰهُنَا حَمِيمࣱ
“Kahoo ha ana motsoalle kajeno
Ayah 35وَلَا طَعَامٌ إِلَّا مِنۡ غِسۡلِينࣲ
“Kapa tsona lijo, ntle le ts’ila e hlatsoitseng maqeba
Ayah 36لَّا يَأۡكُلُهُۥٓ إِلَّا ٱلۡخَٰطِـُٔونَ
“E sa jeoeng ke ope haese baetsalibe.”
Ayah 37فَلَآ أُقۡسِمُ بِمَا تُبۡصِرُونَ
“Ke le biletsa bopaking ka tseo le li bonang”
Ayah 38وَمَا لَا تُبۡصِرُونَ
“Le tseo le sa li boneng
Ayah 39إِنَّهُۥ لَقَوۡلُ رَسُولࣲ كَرِيمࣲ
“Hore Ruri lena ke lentsoe la morumuoa ea hlomphehang
Ayah 40وَمَا هُوَ بِقَوۡلِ شَاعِرࣲۚ قَلِيلࣰ ا مَّا تُؤۡمِنُونَ
“Ha se lentsoe seroki: le kholoa hanyane
Ayah 41وَلَا بِقَوۡلِ كَاهِنࣲۚ قَلِيلࣰ ا مَّا تَذَكَّرُونَ
“Kapa lona lentsoe la senohe: khalemo eo le e fumanang ke e fokolang
Ayah 42تَنزِيلࣱ مِّن رَّبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ
“Molaetsa o rometsoeng ho tsoa ho Mong`a Mafats’e
Ayah 43وَلَوۡ تَقَوَّلَ عَلَيۡنَا بَعۡضَ ٱلۡأَقَاوِيلِ
“Haeba morumuoa u ne a ka iqapela lipuo Ka lebitso la Rona
Ayah 44لَأَخَذۡنَا مِنۡهُ بِٱلۡيَمِينِ
Ruri re tla moshakarela ka letsoho la hae la molema
Ayah 45ثُمَّ لَقَطَعۡنَا مِنۡهُ ٱلۡوَتِينَ
Ruri Re tla mo khaola mothapo oa pelo
Ayah 46فَمَا مِنكُم مِّنۡ أَحَدٍ عَنۡهُ حَٰجِزِينَ
Ha ho mang oa lona ea ka mo sireletsang
Ayah 47وَإِنَّهُۥ لَتَذۡكِرَةࣱ لِّلۡمُتَّقِينَ
Empa ruri! Sena ke Molaetsa ho ts’abang Allah
Ayah 48وَإِنَّا لَنَعۡلَمُ أَنَّ مِنكُم مُّكَذِّبِينَ
Re’a tseba hore har’a lona ho na le ba o hanyetsang
Ayah 49وَإِنَّهُۥ لَحَسۡرَةٌ عَلَى ٱلۡكَٰفِرِينَ
Empa ruri Ke sehlabi ho Mahana-tumelo
Ayah 50وَإِنَّهُۥ لَحَقُّ ٱلۡيَقِينِ
Empa ruri ke ‘Nete ea sebele
Ayah 51فَسَبِّحۡ بِٱسۡمِ رَبِّكَ ٱلۡعَظِيمِ
Kahoo, tlotlisang lebitso la Mong`a lona Ea Matla Oohle
Ayah 52